Reka disampole tsa phatholoji kapa dintho tsa bayoloji kantle ho naha mme o di tlise ka hare ho Aforika Borwa

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho reka disampole tsa phatholoji kapa dintho tsa bayoloji kantle ho naha mme o di tlise ka hare ho Aforika Borwa

Haeba o batla ho reka dihlahiswa tsa diphoofolo, dintho tse ka bang le tshwaetso kantle ho naha mme o di tlise Riphaboliking ya Aforika Borwa, molao o o tlama hore o etse kopo mme o fuwe phemiti ya ho reka diphoofolo kantle ho naha ho tswa ho Motsamaisi wa Bophelo ba Diphoofolo.
 
O tlameha ho fumana phemiti ya ho reka diphoofolo kantle ho naha ho reka disampole tsa phatholoji kapa dintho tsa bayoloji kantle ho naha, tse jwaloka:

  • madi kapa seramo e tswang diphoofolong
  • disampole dife kapa dife tsa tlhahlobo tse tswang diphoofolong, tse jwaloka moroto, lebese, mantle, diteko tsa bongaka tsa letlalo kapa setho sa ka hare, jj
  • baketheria, divaerase kapa disosa dife kapa dife tsa malwetse diphoofolong tse ka sebedisetswang diphuputso kapa lebaka lefe kapa lefe le leng

Diphemiti tsa ho reka kantle di molaong nako e behetsweng feela le bakeng sa thomelo ya phahlo e le nngwe feela. O tlameha ho fumana phemiti ena pele sehlahiswa se kenngwa sekepeng ho tloha naheng e rekisetsang kantle.

Ho ka nna haeba le molao o mong o sebetsang bakeng dihlahiswa tse itseng mme o tlameha ho netefatsa hore o kgotsofatsa ditlhoko kaofela tsa molao.

O lokela ho etsang

  1. Tlatsa foromo ya kopo Kopo ya ho reka disampole tsa phatholoji kantle ho naha mme o di tlise Riphaboliking ya Aforika Borwa. Iteanye le Botsamaisi ba Bophelo ba Diphoofolo haeba o se na bonnete ba hore o tlatsa foromo efe.
  2.  Hlomathisa melao ya phuputso, kapa lengolo le hlalosang lebaka la ho reka kantle le ho fana ka tsebiso mabapi le ho tshwarwa ha sehlahiswa se rekilweng kantle, ho tiisetsa tse latelang:
    • Dintho kaofela tse tshwaetsang di tlameha ho romelwa laboratering
    • Laborateri e tlameha ho amohelwa mme tshireletso e loketseng (ho itshetlehile kotsing e teng) e tlameha ho ba teng. 
    • Dintho kaofela tse rekilweng kantle di tlameha ho tjheswa kamora ho phethela diteko kapa phuputso. 
    • Ho tlameha ho bolelwa hore na diphoofolo tse phelang di tla kopana le dintho tse rekilweng kantle kapa tjhe.
    • Ebang diphoofolo tse phelang di kopana le tsona, di tlameha ho bolawa mme ditopo di tjheswe kamora ho phethela diteko kapa phuputso.
    • Dintho kaofela tse ka beng di tshwaeditswe ke bolwetse ba maoto le molomo, hammoho le disebediswa dife kapa dife tse sa tlwaelehang tsa malwetse di ka ya Transboundary Animal Diseases,  Onderstepoort.
  3. Ngaka ya mmuso Botsamaising ba Bophelo ba Diphoofolo e tla iteanya le wena ebang tsebiso e nngwe e hlokeha mme e tla etsa tlhahlobo ya kotsi ho sheba kopo ya hao.
  4. O tlameha ho lefa tschelete bakeng sa phemiti. 
  5. Kenya tjhelete ya phemiti akhaonteng ya banka ya Lefapha:
    Lebitso la banka: Standard Bank South Africa
    Lebitso la monga akhaonte: National Department of Agriculture
    Nomoro ya akhaonte: 011219556 International Band
    Lekala: 010845
    IB brand 0001982 Khoutu ya Senthara
    Khoutu ya Swift: SBZA-ZAJJ
    Lebitso la lekala: Arcadia.
  6. Hape o ka lefa ka tjheke, e ngotsweng hore e leshwe ho Motsamaisikakaretso: Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi.
  7. Hape o ka lefaditefello di ka etswa dikantorong tsa Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi.
  8. O jara boikarabelo ba ditjeho tsa banka hammoho le ditjeho tsa Banka ya Matjhabeng; Lefapha le ke ke la fana ka phemiti ebang tjhelete e felletseng ya R120 e sa amohelwe.
  9. Tsebiso ya bohlokwa: Tshupiso e tlameha ho ba lebitso le sefane sa moreki wa kantle
  10. Romela foromo e tlatsitsweng le bopaki ba tefo ho:
    Motsamaisi: Bophelo ba Diphoofolo
    Yuniti ya Molao wa Ho reka le Ho rekisetsa kantle ho naha
    Poso ya poraevete ya X138
    Pretoria
    0001
    Aforika Borwa
    kapa Fekesetsa ho 012 329 8292 / e-mail: VetPermits@daff.gov.za.
  11. O kotjwa ho bolela foromong ya kopo hore  na phemiti e tla latwa kapa e romelwe ho wena.
  12. Kamora ho amohela foromo e tlatsitsweng ya kopo le bopaki ba tefo, Botsamaisi ba Bophelo ba Diphoofolo bo tla fana ka Phemiti ya Ho reka Diphoofolo kantle ho naha le thempoleiti ya Setefekeiti sa Bophelo ba Diphoofolo.
  13. Ngaka ya diphoofolo e dumelletsweng ke Bolaodi ba Bongaka ba diphoofolo ba naha e rekisetsang ntle e tlameha ho tlatsa Setefekeiti sa Bophelo ba Diphoofolo ka Sekgowa pele phahlo e tsamaiswang e tloha.  
  14. Ka dinako tse ding Setefekeiti sa Bophelo ba Diphoofolo ha se hlokehe bakeng sa ho reka disampole tsa phatholoji kantle ho naha, empa ngaka ya diphoofolo ya semmuso ya naha e rekisetsang ntle e tlameha ho hlwaya le ho kwala phahlo ka thata.
  15. O tlameha ho hlahisa Phemiti ya sethato ya Ho reka Diphoofolo kantle ho naha (le Setefekeiti sa sethato sa Bophelo ba Diphoofolo ebang se hlokeha) ho Ofisiri ya Taolo ya Ho reka Diphoofolo Kantle ho naha ya Aforika Borwa Boemakepeng.
  16. Ebang o hloka tsebiso efe kapa efe ka ditlhoko tsa nnete tsa  sampole e itseng ya phatholoji kapa sehlahiswa sa bayoloji, o ka fumana dikhopi tsa sampole tsa Phemiti ya Ho reka Diphoofolo kantle ho naha le Setefekeiti sa Bophelo ba Diphoofolo ho Ofisiri ya Diphemiti ya Botsamaisi ba Bophelo ba Diphoofolo.
  17. Moo o etsetsang motho e mong kopo, o kotjwa ho netefatsa hore o lefa lebitsong la motho kapa khamphani eo.

Ela Hloko: Ha ho na kopo e tla sebetswa kantle ho bopaki ba tefo. Bopaki ba tjhelete e kentsweng bankeng bo tlameha ho fekesetswa ho: 012 329 8292 bo lebiswe ho: Ina Labuschagne.

Nako ya tshebetso

Hang ha ngaka ya diphoofolo ya mmuso, kantorong ya Naha e se e amohetse ho reka kantle, ho nka matsatsi a mararo ho isa ho a mahlano a mosebetsi ho sebetsa kopo le ho ntsha phemiti.

Ditjeo ke bokae

R220

Dintlha tsa ho iteanya

 

Share this page