Ditswantle tsa diente

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho etsa kopo ya ho reka meriana ya diphoofolo kantle ho naha

O ka reka kantle ho naha, wa aba kapa wa rekisa meriana bakeng sa ho sebediswa diphoofolong Aforika Borwa hang ha di ngodisitswe ho ya ka Molao wa Menontsha/Manyolo, Phepo ya Diphoofolo tsa Polasing, Ntlafatso ya Temothuo le Ntlafatso Thuong wa 1947 (Molao wa 36 wa 1947).

Haeba o batla ho reka moriana o ngodisitsweng kantle ho naha ho o sebedisa diphoofolong, o tlameha ho boela o fumana phemiti ya ho reka diphoofolo kantle ho naha ho tswa Botsamaising ba Bophelo ba Diphoofolo. Phemiti ena ya ho reka kantle e molaong nako e behetsweng le bakeng sa phahlo e le nngwe feela. Ho na le melao ya ho reka diphoofolo kantle ho naha e sebetsang. Kaha ditlhoko tsa bophelo di fetoha kgafetsa, o kotjwa ho iteanya le Botsamaisi ba Bophelo ba Diphoofolo (Mohala 012 319 7507/7684/7700/7673/7456, Fekese 012 329 6892, VetPermits@daff.gov.za) ho fumana ditlhoko tsa moraorao.

Haeba o batla ho reka moriana o sa ngodiswang kantle ho naha bakeng sa ho etsa teko Aforika Borwa, o hloka diphemiti tse pedi. Phemiti e nngwe e tswa ho Mongodisi wa Molao wa 36 wa 1947 mme e nngwe e tswa Botsamaising ba Bophelo ba Diphoofolo. Kopo ya phemiti e tswang ho Mongodisi wa Molao wa 36 wa 1947 e tlameha ho felehetswa ke molao o felletseng wa teko o sisintsweng.

Botsamaisi ba Bophelo ba Diphoofolo bo ntsha phemiti ya ho reka kantle ho naha ha feela bo amohela khopi ya phemiti e ntshitsweng ke Mongodisi wa Molao wa 36 wa 1947. Moriana o rekilweng kantle ho naha bakeng sa ho etsa diteko ha o a lokela ho rekiswa.

Boemong ba tshohanyetso moo sewa sa lefu se bang teng mme ho sa fumanehe moriana o ngodisitsweng naheng, ho ka nna ha hlokahala hore ho sebediswe moriana o sa ngodiswang.

Ebe wena, jwaloka ha o tla ba moreki wa kantle, o tlameha ho etsa kopo Lekgotleng la Taolo ya Meriana bakeng sa mokgelo wa Karolo ya 21 ho ya ka Molao wa Taolo ya Meriana le Dintho tse Amanang le yona (Molao wa 101 wa 1965, jwaloka ha o lokisitswe ke Molao wa 90 wa 1997). Hape, Bolaoding ba Bophelo ba Diphoofolo, o hloka phemiti ya ho reka kantle ho naha hore moriana o kene naheng. Ba ntsha phemiti ena ya ho reka kantle ho naha ha feela o fumane tumello Lekgotleng la Taolo ya Meriana mme o isitse bopaki ho bona. Tabeng ena, moriana o sa ngodiswang o ka rekiswa nako e behetsweng ho fihlela boingodiso bo fumanwa.

O lokela ho etsang

  1. O tlameha ho qala ka ho fumana boingodiso kapa tumello ho Mongodisi wa Molao wa 36 wa 1947, kapa ho kgeloswa ho ya ka Karolo ya 21 ya Molao wa 101 wa 1965, ho reka moriana wa diphoofolo kantle ho naha.
  2. Ha o fumana phemiti ya ho reka kantle ho tswa ho Mongodisi wa Molao wa 36 wa 1947, kapa mokgelo ho ya ka Karolo ya 21 ya Molao wa 101 wa 1965, romela khopi ya yona le kopo ya hao ya phemiti ya ho reka diphoofolo ho Bolaodi ba Bophelo ba Diphoofolo.
  3. Haeba moriana o se o ngodiseditswe ho sebediswa Aforika Borwa ho ya ka Karolo ya 21 ya Molao wa 36 wa 1947, o hloka phemiti e le nngwe feela ya ho reka kantle ho naha, ho tswa Bolaoding ba Bophelo ba Diphoofolo. Romela khopi ya boingodiso ho ya ka Molao wa 36 wa 1947 le kopo ya hao.
  4. Tlatsa foromo ya kopo ya Kopo ya phemiti ya ho reka meriana kantle ho naha mme o e tlise ka hara Riphaboliki ya Aforika Borwa. Iteanye le Bolaodi ba Bophelo ba Diphoofolo ebang o se na bonnete ba hore o tlatse foromo efe.  
  5. Ngaka ya diphoofolo ya mmuso Bolaoding ba Bophelo ba Diphoofolo e tla iteanya le wena ebang tsebiso e nngwe e hlokeha mme e tla etsa tlhahlobo ya kotsi ho shebisisa kopo ya hao.
  6. Kenya tjhelete ya phemiti akhaonteng ya banka ya Lefapha:
    Lebitso la banka: Standard Bank of South Africa
    Lebitso la monga akhaonte: National Department of Agriculture
    Nomoro ya Akhaonte: 011219556 International Band
    Lekala: 010845
    IB brand 0001982 Khoutu ya Senthara
    Khoutu ya Swift: SBZA-ZAJJ
    Lebitso la lekala: Arcadia
    Tsebiso ya bohlokwa: Tshupiso e tlameha ho ba lebitso le sefane sa moreki wa kantle. Moo o etsetsang motho e mong kopo, o kotjwa ho netefatsa hore o lefa lebitsong la motho eo kapa la khamphani eo.
  7. Hape o ka lefa ka tjheke e ngotsweng ho lefa ho Motsamaisikakaretso: Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi.
  8. Ditefello di ka boela tsa etswa dikantorong tsa Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi.
  9. O jara boikarabelo ba ditjeho tsa banka hammoho le ditjeho tsa Banka ya Matjhabeng. Lefapha le ke ke la fana ka phemiti ebang tjhelete e felletseng e sa amohelwe.
  10. Romela foromo e tlatsitsweng le bopaki ba tefo ho:
    Motsamaisi: Bophelo ba Diphoofolo
    Yuniti ya Molao wa ho Reka le ho Rekisetsa kantle ho naha
    Poso ya Poraevete ya X138
    Pretoria
    0001
    Aforika Borwa
    kapa Fekesetsa ho 012 329 8292 / VetPermits@daff.gov.za.
  11. O kotjwa ho bolela foromong ya kopo hore na phemiti e tla latwa kapa e romelwe ho wena.
  12. Kamora ho amohela foromo e tlatsitsweng le bopaki ba tefo, Phemiti ya Ho reka diphoofolo kantle ho naha e tla ntshwa mme e romelwe ho wena ka ho toba.

Ela hloko: Ha ho kopo e tla sebetswa ntle le bopaki ba tefo. Bopaki ba tjhelete e kentsweng bankeng bo tlameha ho fekesetswa ho: 012 329 8292 / VetPermits@daff.gov.za.

Nako ya tshebetso

Ho nka matsatsi a mararo ho isa ho a mahlano a mosebetsi ho sebetsa kopo le ho ntsha phemiti ya ho reka meriana ya diphoofolo kantle ho naha hang ha ngaka ya diphoofolo ya mmuso kantorong ya Naha e amohetse ho reka kantle.

Ditjeo ke bokae

Ditefiso tsa 2023/24

Dintlha tsa ho iteanya

 

Share this page