Ho rejisetara sekolo sa thuto e phahameng

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha mabapi le ho rejisetara sekolo sa thuto e phahameng

Na o lakatsa ho fana ka thuto ya sekolo se phahameng Aforika Borwa? O tlamehile hore o rejisetare pele jwaloka sekolo sa poraefete sa thuto e phahameng le Lefapha la Thuto hore o be le bookamedi ba semolao.

Thuto e phahameng e fana ka mehato e tshwanang mme e na le maemo a tshwanang (mehato ya NQF ya 6-8) jwaloka ao diyunivesithi tsa setjhaba le diyunivesithi tsa thekenoloji di fanang ona.

Sepheo sa ho rejisetara ke ho etsa bonnete ba hore:

  • dikolo tsa poraefete di fana ka thuto e nang le boleng
  • setjhaba se sireletsehile kgahlano le batho ba sebetsang ka bonokwane ebile ba sebedisang batho hampe
  • moreki o fumana mangolo a thuto a ikamahanyang le Mokgwa wa Tshebetso ya Naha ya Mangolo a Thuto (NQF)
  • tsamaiso ya thuto e ikamahanya le sepheo sa ho fetola Aforika Borwa ho latela leano le molao wa puso, mme le
  • dikolo tsa poraefete di ikamahanya le Molao wa Thuto e Phahameng wa 1997 (Molao wa 101 wa 1997).

Mananeo a dikolo tsa poraefete a tlamehile ho rejisetaruwa le Lefapha la Thuto, a dumellwe semolao ke Komiti ya Boleng ba Thuto e Phahameng (Higher Education Quality Committee (HEQC) mme a rejisetaruwe ho NQF ke Bookamedi ba Mangolo a Thuto e Phahameng Aforika Borwa (South African Qualifications Authority (SAQA). Mananeo a tlamehile ho ananelwa naheng hammoho le dinaheng tsa matjhaba.

O tlamehile ho tlisa kopo bakeng sa ho rejisetara ka botlalo bonyane dikgwedi tse 18 pele sekolo sa hao se qala ho sebetse. Tlisa kopo bakeng sa tlatsetso le diphetoho Morejisetareng wa Dikolo tsa Thuto e Phahameng dikgwedi tse 12 pele tlatsetso le diphetoho tseo di ka kengwa tshebetsong. Bakeng sa ho fetola, kopo ya hao e tlamehile ho tliswa letsatsi le behilweng ke Morejisetara (Molaodikakaretso).

Morejisetara a ke ke a sebetsana le kopo e sa fellang.

O lokela ho etsang

  • Etsa kopo Morejisetareng sa Dikolo tsa Thuto tse Phahameng.
  • Tlatsa foromo ya kopo e hlakisitsweng/boletsweng.
  • Tlisa kopo ya foromo Morejisetareng.  
  • Tlisa ditokomane tse latelang hammoho le foromo ya kopo:
    • diteitemente tsa ditjhelete tsa selemo le selemo tse lekotsweng kapa tjhebelopele ya ditjhelete tse lekotsweng
    • leano la kgwebo
    • tumellano ya tiiseletso
    • ditokomane tse bontshang hore khamphani e rejisetarile
    • diraporoto tsa tekolo le ho ikamahanya le maemo a bophelo bo botle le tshireletso mosebetsing
    • setefikeite se bontshang hore kgwebo e rejisetarile
    • phatlalatso ya kopo bakeng sa ho amohelwa semolao
    • boitlamo ba bokgoni ba sekolo
    • boitlamo ba ditekolo le dihlahlobo
    • ditumellano tsa tshebedisano le dikolo tse ding, haebe di le teng
    • bukana ya tsamaiso ya mananeo bakeng sa baithuti, khalendara kapa boroutjhara
    • diforomo tsa boingodiso, dikonteraka tsa baithuti le melao le melawana.
  • Batho ba etsang kopo ba hlahang dinaheng tsa matjhaba ba tlamehile ho tlisa tse latelang:
    • boitlamo ba tekano ya mangolo a thuto
    • bopaki ba ho ananelwa naheng ya sethatho
    • bopaki ba ho ananelwa naheng ya sethatho
    • setefikeite sa ho ananelwa ho hlaha ho HEQC le ho rejisetaruwa ke SAQA
    • boitlamo bo saennweng ba hore sekolo se ke ke sa sebedisa kgethollo ka tsela efe kapa efe
    • ntlheng ya ditlatsetso le diphetoho, tlisa dintlha ka botlalo tse hlokang ho fetolwa
    • boitlamo ba ho lekola le ho hlahloba hammoho le boitlamo bo ngotsweng hodima  lengolong le nang le letshwao la semmuso la sekolo mme le behwe letsatsi le be le saenwe.
  • Lefa tjhelete e hlokwang.

Ela Hloko: Ka kopo iteanye le Morejisetara mabapi le diphetoho dife kapa dife tseo o lakatsang ho di etsa nakong eo ho sebetsanwang le kopo. 

Nako ya tshebetso

  • Ho rejisetara lekgetlo la pele: dikgwedi tse 18 pele sekolo se bula bakeng sa ho rejisetara.
  • Bakeng sa ditlatsetso: dikgwedi tse 12.
  • Bakeng sa ho fetola sekolo: jwaloka ha ho behilwe ke Morejisetara.

Ditjeo ke bokae

R1 500

Diforomo tse tlatswang

Diforomo di fumaneha ofising ya Lefapha la Thuto.

  • Kopo bakeng sa ho rejisetara jwaloka Sekolo sa Poraefete sa Thuto e Phahameng, foromo ya APX -01
  • Kopo bakeng sa Ditlatsetso, foromo ya APX-02
  • Kopo bakeng sa ho Fetola sekolo, foromo ya APX-03

Dintlha tsa ho iteanya

 

National Office

Tel: 012 312 5253/5320
Fax: 012 324 6343
City/town: Pretoria
Province: Gauteng
Physical address: Department of Education: Directorate: Private Higher Education Institutions, Sol Plaatje House, 123 Schoeman Street, Pretoria
Postal address: Private Bag X895, Pretoria, 0001

Share this page