Setsi se Sebetsanang le Tsamaiso ya Dikopo tsa Dibaka Ditsing tsa Thuto (CACH)

Setsi se Sebetsanang le Tsamaiso ya Dikopo tsa Dibaka Ditsing tsa Thuto (CACH) e thusa baithuti ba sa fumanang dibaka yunivesithing kapa koletjheng tseo ba entseng dikopo ho tsona, hore ba fumane dibaka yunivesithing kapa koletjheng tse ding.

Haeba o batla ho ithutela setsing sa thuto e phahameng, etsa kopo ho diyunivesithi le dikoletjhe ka kotloloho tseo o nang le kgahleho ho tsona hang ha di bula nako ya dikopo.

Tshebeletso ya CACH e tla romella tlhahisoleseding ya eo e ka bang moithuti ho diyunivesithi, dikoletjhe tsa setekgeniki le mosebetsi wa matsoho le thupelo (TVET) le ho ditheo tsa thuto ya lekala le thupelo (di-SETA) bakeng sa menyetla ya ho ithuta. Moo dibaka di leng teng mme o kgotsofatsa ditlhoko, ditsi di tla iteanya le wena ho o fa sebaka.

Diyunivesithi le dikoletjhe ha di amohele dikopo tse batho ba itlisetsang tsona ka letsoho.

Ingodise inthaneteng ho webosaete ya CACH kapa o letsetse tshebeletso ya CACH ho tloha ka Pherekgong ho isa Hlakola pakeng tsa hora ya 08:00 le ya 20:00 ho 0800 356 635. Hoseng jwalo, o ka romela lebitso la hao le nomoro ya ID ka SMS ho 49200.

Published Date

Share this page