A Erwin: Public Enterprises Dept Budget Vote 2007/08 (Sesotho)

Lefapha La Dikgwebo Tsa Mmuso, Voutu Ya 30 Puo Ya Letona Alec
Erwin Lekgotleng La Ketsamolao La Naha

17 May 2007

Kgutsufatso

Dikgwebo tsa mmuso tse fihlelang sepheo seo di se reretsweng di bohlokwa
haholoholo naheng e ntseng e tswela pele. Marangrang le fetofetoha ha moruo
lefatshe ka bophara, matla a dimaraka, le ho thefuha ha mefuta ya tsa matsete
dinaheng tse fapaneng di fetoha phepetso mebusong ya dinaha ka ho fapana ha di
shebane le maano a ho ntshetsapele meruo ya tsona pele. Ke ka hoo re nkileng
qeto ya ho sebedisa kgwebo tsena tseo mmuso o nang le tsona dikarolong tsa
moruo tse ka sehlohong ho netefatsa merero e kgonehang.

Kgwebo ya mmuso e lokela hore e se thekesele ditjheleteng hore e tle e kgone
ho sebedisa mehlodi ya mebaraka ya ho hweba ya naha le ya lefatshe ka bophara.
Le ha mmuso e tla bang ona o fanang ka tjhelete ho thusa kgwebo ya ona qalong
le ka nako tse ding tse itseng ha ho hlokeha, kgwebo e lokela ho kgona ho
itjara ka bokgoni ba yona bo nepahetseng ba tsamaiso ya ditjhelete le ho hweba
dimarakeng. Hona ho hloka balance sheet e matla le bokgoni ba ho sebetsa mmoho
le khampani tsa poraefete ka katleho.

Tsamaiso e nepahetseng ke ntho e nngwe ya bohlokwa e hlokehang bakeng sa
khampani tsa mmuso. Tsela e jwalo ya tsamaiso e hloka botsamaisi, basebetsi le
disebediswa tsa theknoloji tse maemong a hlwahlwa ka ho fetisa ha a bapiswa le
a khampani tse tswetseng pele ka ho fetisa ka tshebetso. Ha khampani ya mmuso e
kgona ho fihlela tseo, e ka kgona ho matlafatsa moruo wa naha haholo ka matsete
a yona, basebetsi le ka mananeho a yoa a dipatlisiso le ntshetsopele.

Alexkor

Alexor ke yona khampani eo mmuso o ikemiseditseng ho e sebedisa ho fihlela
maikeisetso a ona a ho netefatsa hore ho folwa molemo ditaemaneng naheng ya
Afrika Borwa. Empa ntle le moo, khampani ena e na le karolo tse ding tse pedi
tseo e lokang ho ba le seabo tsona. Karolo tseo ka bobedi di seng bonolo mme e
le tsa bohlokwa. Karolo ya pele e ka ba khampani e ka thusang baahi ba
Richtersveld ka ditjhlete tsa ho intshetsapele. Karolo ya bobedi ke ya moraorao
tjena, e tsamaellanang le maikemisetso a mang, eleng ya ho rekisa kapa ho
tsamaisa merafo ya ditaemane ya Namaqualand. Empa ho se be le nnete ya maemo a
ditaba, ho bakilweng ke dikopo tsa ho busetswa naha tse amang tikoloho ena, ho
behile Alexor maemong a ditjhelete le a tsamaiso a thekeselang. Ho hlokeha hore
ho fihlelwe diqeto kapele, ho seng jwalo re tla lokela ho kgaotsa ho etsa tse
ding tsa dintho tse ntseng di etswa moo le hona ho rekisa mafapha kapa makala a
mang a sa amaneng le tsa merafo ya taemane hakalo, ho fumana tjhelete.

Broadband Infraco

Infraco e thehilwe ka sepheo sa ho netefatsa hore re hlahisa tsela ya
kgokahano ya motheo, e leng bohlokwa haholo. Ho batla ho se ho sa kgonehe ho
hlahisa tsebo ya tsa moruo jwaloka naha tse ding, ntle le ho ba le motjha,
marangrang a metjha ya kgokahano, bandwidth, a sa bitseng, a tshepahalang a
nammeng. Ho na le dikgwebo tse ka nnang tsa atleha moruong wa rona, empa di sa
kgone ho ka ba teng ka baka la hobane hobane di sa kgone ho ka lefella theko
tsa rona tsa maangrang a dikgokahano. Kgolo ya moruo wa Afrika Borwa e dula e
ntse e kginwa ke marangrang a dikgokahano, bandwidth, a sa namelang hohle, a
theko e hodimo a sa fumaneheng ka botlalo.

Infraco, tshebetsong mmoho le di-partner tse ding tse kang South African
Research Network le South African Square Kilometre Array (SKA) yeo eleng
khonsotiamo ya tshebeletso tsa telescope, e tla hahisa lethathama la menyetla e
metjha ya keketso ya marangrang a kgokahano a leng teng le ho netefatsa hore a
fumaneha ka theko e kgnehang.

Denel

Mmuso o fumane R400 million ka ho rekisa mafapha le ding tsa khampani ena
tseo e neng e se karolo ya mohlodi wa tlhahiso. Ho rekisa mafapa le ding tseo e
seng karolo ya mohlodi wa tlhahiso tsa Denel tse setseng ho tla phethelwa
lemong sa ditjhelete sa 2007/2008. Ho tswela pele ka ho kopanya mafapha kapa
dikhampani tse fapaneng tsa Denel e sa le ona maikemisetso a ka sehlohong a
lefapha la ka, mme denel e sebetsa mmoho le Lefapha la Tshireletso mabapi le
sena. Mabapi le molao o laolang tse rekwang ke naha bakeng sa Lefapha la
Tshireletso, diindaseteri tsa tikoloho di filwe dikonteraka tse mmalwa, ho
kenyeletsa konteraka ya Hoefyster Infantry Fighting Vehicle le ntshetsopele ya
5th generation A-Darter missile. Ntlafatso ya Oryx e hlokehang ka nako e
itseng, le yona e mererong ya rona. Dikonteraka tsa tlatsetso, off-set
contracts, tse welang tlasa A400M le tsona di tswela pele ho hlahisa menyetla
indasetering ya difofane ka kakaretso.

Bakeng sa merero ya bokamoso, Denel e tla hatella ho thehwa ha mafapha kapa
kapa mathathama a dikhampani tsa tlhahiso tseo e tla bang tsona tse tla qalang
tsela ya tshebetso ya phetisetso ya mekgwa ya tlhahiso ya ditheknoloji le tsebo
e tswetseng pele indasetering ya tlhahiso ka kakaretso.

Matla a motlakase, Eskom, PBMR

Eskom e phatlaladitse lenaneho la yona la matsete a dibilione tsa diranta
tse 150 la lemo tse hlano tse latelang. Ka kgwedi ya Phupjane lemong sena, moo
di-power station tse neng di ntse di kwetswe di tla beng di qala ho sebetsa
hape, Eskom e tla ba le bokgoni ba ho fepela motlakase o fetang 38 000 MW, le
ha mothmo oo wa phepelo o keke wa feta matla ao a akantsweng hakalo. Hona ho
tla etsa hore e kgone ho ba le motlakase bakeng sa nako eo o hlokehang haholo,
mariha. Lefapha la ka le tla tswela pele ho beha lenaneho lena la kaho leihlo,
le maemo a polokeho ya phepelo ya motlakase. Re ntse re buisana le Eskom, DME
le NERSA hore di qale ho phatlalatsa raporoto ya bokgoni ba tsela ya tshebetso
ya phepelo ya motlakase.

Nakong e tlang PBMR e tla etela setsha sa kaho ya Pilot Fuel Plant mane
Pelindaba mmoho le ho beha leihlo diraporoto tsa ka moo ho ahwa ha power plant
ya pele mane Kapa Botjhabela ho tswelang pele ka teng.

Tjantjello ya dinaha tsa matjhaba e ntse e eketseha mme mona Sasol e
bontshitse hore e ntse e buisana le PBMR mabapi le tsela ya tshebetso e
tsejwang ka hore ke process heat applications. Ho bile le tswelopele e kgolo
bakeng sa ho amahanya lenaneho la morero la Eskom PWR mmoho le merero ya rona
ya Generation IV. Hona ho matlafatsa leano la ho tlisa tshebediso ya theknoloji
tsa bohlokwa naheng ena tse tla thusa Afrika Borwa hore e kgone ho ba maemong a
tshebetso a lekanang le a matjhaba mehleng ena e metjha ya matla a nuclear.

Ho tlo thehwa mafapha a matjha Eskom a tla sebetsanang le matla a nuclear,
basebetsi ba tsa boenjenere ba bokgoni bo ntlafaditsweng mmoho le ho amahanya
bokgoni le botsebi ba dipatlisiso le DME, DST le NECSA. Thulane Gcabashe o
etella pele sehlopha sa projeke e tla sebetsang le Lekgotla la tsamaiso la
Eskom le DPE ho ntshetsa pele mosebetsihadi ona o moholo.

SAA/SAX

Mosebetsi o moholo oo ho shejwaneng le ona ha jwale tjena ke ho phethela
ditlhokeho tsa phumano ya tjhelete bakeng sa leano la ho fetola maemo a tsa
ditjhelete a sa kgotsofatseng a SAA, eleng ho tla etsang hore SAA e kgone ho
tshepa balance sheet ya yona. Le ha ho le jwalo ho tlo hlokeha le hore ho
fetolwe sebopeho sa yona. Hona ho tla kenyeletsa le ho nolofatswa ha sebopeho
sa khampani, ho tlisa dikhampani tse ding tsa ka ntle ho tla sebetsa mmoho le
SAA, ho rekisa le hona ho fedisa mafapha a tshebeletso tse ka thoko, tse sa
ameng tshebeletso ya khampani ena hakalo. Ho ntse ho buisanwa le mekgatlo ya
basebetsi bakeng sa hona.

Lemong sena lefapha le tla tlosa South African Express (SAX) dibukeng tsa
Transnet, le e fetole khampani e ikemetseng ka boyona. Ha SAA mmoho le khampani
ysa maeto a moyeng ya yona ya ditheko tse tlase, Mango, di tla tsepamisa
tshebetso mebileng e nang le baeti ba bangata, SAX yona e tla fana ka maeto a
hlokehang bakeng sa mebila e memng e se nang baeti ba bangata.

Safcol

Le ha khampani ena e na le diabo tse etsang 30% tlhahisong ya dikutu tse
sakgwang, e na le sefutho sa 2,5% feela moruong, karolong ena ya indaseteri,
mme hira feela 3,5% ya basebetsi. Ke ka hoo lekgotla la ketsamolao le dumetseng
hore dikarolo tse setseng tsa Safcol, le meru ya Komatiland di rekiswe.

Transnet

Ka 2006/07 Lekgotla la Batsamai, Board of Directors le ile la tjhaela
monwana leano la matsete la dilemo tse hlano la R64,5bn. Leano lena le
tswellang lekotswe hape bakeng sa 2007/8 mme tjhelete e tsetetsweng e se e le
R78 bn. Sepheo sa ho tsetela tjhelete ena ke ho bo baballa le hona ho eketsa
ditshebeletso ka ho eketsa bokgoni ba basebetsi le disebediswa merafong ya rona
ya manyatshepe le ya mashala, ho ntlafatsa meaho le disebediswa
(infrastructure) dikoung tsa rona, le hona ho ntlafatsa phaephe e lopaletseng
mahareng a Durban le Johannesburg.

Re sebetsa mmoho le Lekgotla la Tsamaiso mabapi le ho rala tsela ya
tshebedisanommoho le khampani ya poraefete mabapi le tsamaiso ya theminale e
ntjha ya di-container e ntseng e ahwa mane koung ya Ngqura, mme re tla
phatlalatsa tsebiso e nang le dintlha tse feletseng haufinyane.

Diprojeke Tse Kopanetsweng

Ho hlokeha ha dihlahiswa tse rekiswang, ho eketsehileng dinaheng tse
fapaneng lefatshe ka bophara, ho baka mathata a ho haella ha tlhahiso. Re
ikemiseditse ho thusa ho ntshetsapele indaseteri ya Afrika Borwa ya tlhahiso ka
thuso ya lenaneho le itlhommeng pele la ntshetsopele ya tlhahiso, supplier
development programme (CSDP).

Re lokela hore re hlokomele hore tsela tsa rona tsa di maemong a loketseng
bakeng sa disebediswa tsa bohlokwa, mme re ka etsa sena feela ka ho netefatsa
hore re na le bokgoni bo loketseng naheng ena. Le ha ho le jwalo, tlhahiso ya
rona naheng ena e lokela ho ba ya boemo bo lekanang le ba dinaheng tse ding tsa
matjhaba mabapi le ditshenyehelo le khwalithi. Boiteko ba ho sebetsa mmoho
mahareng a JPF, Lefapha la Thuto, Lefapha la mesebetsi mmoho le di-SETA tse
tsamaelanang le SOE ya rona bo tswela pele ho leka ho thonya di-course,
dikholeje le baithuti ba seng ba qetile dithuto tsa bona, ba tla kgonang ho
phethela bokgoni ba bona ba mosebetsi ka ho kwetliswa ho SOE ya rona, pele ba
tswela pele ho ya nka teko ya tsebo ya mosebetsi wa matsoho, trade test.
Ho ntse ho hlahlojwa ho ahwa ha phaephe ya seretse e tswang Phalaborwa.
Projeke ya Afrika Borwa e tla thonya menyetla ya bohlokwa kontinenteng moo SOE
ya Afrika Borwa e ka thusang.

Issued by: Department of Public Enterprises
17 May 2007
Source: Department of Public Enterprises (http://www.dpe.gov.za)

Share this page

Similar categories to explore