Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 15 Hlakola 2017

1. Ho kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Mmuso

1.1. Kabinete e ananela Puo ya Boemo ba Naha (SoNA) ya Moporesidente Jacob Zuma ya 2017 tlasa mookotaba "Phethoho e Matla ya Moruo”. Sena se ne se tshwaya nako bohareng ya sehla sa Bohlano sa Tsamaiso ena moo ho bonahetseng ha selemo sa 2017 se phatlaladitswe jwaloka Selemo sa Oliver Reginald Tambo le selemo sa ho tebisa bonngwe.

Moporesidente Jacob Zuma o tekile kgatelopele eo re e etsang bakeng sa ho fihlella tjhebelopele ya rona ya Setjhaba sa Naha ya Demokerasi mme diketso tsa bohlokwa tse batlehang bakeng sa ho re atametsa haufinyana le ka potlako ho setjhaba se kopaneng, se hlokang semorabe, se sa kgetholleng ka bong, sa demokerasi le se tswetseng pele.

Moporesidente o buile ka ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a Mmuso le ho tsebahatsa meralo e bonahalang, e sebetsehang bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ka bokgabane ha Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), o tshehetsang Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF) 2014-2019.

SoNA ya selemo sa 2017 e bontshitse ka ho hlaka hore mekutu e kopanetsweng ya mmuso le mekgatlo ya basebetsi mabapi le ho kenya tshebetsong Moralo wa Dintlha tse Robong e qala ho ba le kgahlamelo. Kabinete e boeletsa kgoeletso ya Moporesidente ya ho matlafatsa mekutu e reretsweng ho kganna phethoho e matla ya moruo le mekutu ya ho akofisa ho kenngwa tshebetsong ha yona.

Dihlopha tsa Matona di motjheng wa ho bitsa dikopano tsa kamora SoNA ho hlakisa Lenaneo la Tshebetso la Mmuso (PoA) la 2017/18. Puo ya Ditekanyetso ya 2017/18 e tla boela e supa kabo ya mehlodi ho mananeo a fapafapaneng a mmuso jwaloka ha a hlakisitswe ke Moporesidente.

1.2. Diphetho tsa Pitso ya ho Tsetela Merafong ya Aforika e neng e tshwaretswe Motse Kapa di bontsha monyetla wa phehisano wa naha dibakeng tsa merafo le mapatlelong a amanang le tsa merafo.

Lekala la merafo e dula e le lejwe la motheo la moruo wa Aforika Borwa le nyehelang ho 8% ya Palohohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP) ya naha, le hirileng batho ba ka bang 460 000 le ho una phapanyetsano ya ditjhelete tsa matjhaba.

Aforika Borwa e tswela pele ho ba sebaka se nang le bokgoni ba tlhahiso le ho putsa bakeng sa batsetedi ho tsa merafo ka ho akanngwang ho $2.5 ho isa ho 3 trilione ho diresefe tsa diminerale tseo e seng tsa eneji tse ntseng di le maemong a nepahetseng.

Dihlomathiso ho Molao wa Ntshetsopele ya Mehlodi ya Diminerale le Petroliamo ya ka Phuptjane 2017 le ho kenya koranteng ya mmuso Tjhata ya Merafo e lekotsweng botjha ya Hlakubele 2017 di nyehela mabapi le tlhahiso ya tikoloho ya bolaodi e thusang ho kgothaletsa matsete, ntshetsopele ya kgwebisano le dikgwebo ka tsela ya tekatekano le e nang le boikarabelo ho tsa kahisano.

1.3. Indaba ena e ile ya matlafatswa ke Tsetela ho Aforika e leng lepatlelo la baetapele ba dikgwebo, batsetedi le beng ba dikgwebo bakeng sa ho fumana tsebo le phumantsho ya tlhahisoleseding le menyetla ho tswa Aforika.

1.4. Kabinete e ananela Tumellano ya Kutlwano e fihlelletsweng pakeng tsa indaseteri ya kaho le Mmuso, eo hape e tsebahalang jwaloka Lenaneo la Boithaopo la Kaho-botjha (VRP).

Tumellano ena e teka dipheo tsa diphethoho boemong ba dikhamphani, ka thekiso ya diabo tse fihlang bonyane ho 40% ho maAforika Borwa a batho ba batsho kapa ka semphato le dikhamphani tse nyenyane tsa batho ba batsho, ho thusa ho phahamisa dithekiso tsa bona ho ya ho 25% ya thekiso ya khamphani, bakeng sa nako ya dilemo tse supileng.

Sena ke tumellano e tla fihlang hole ka ho fetisisa ya diphethoho e fihlelletsweng le mmuso ho fihlela mona e tla thusa ho fana ka tshusumetso ho tjhebelopele ya Mmuso ya phethoho e matla ya moruo. Hape ke motlolo o ka sebediswang bakeng sa diphethoho makaleng a mang.

Kabinete e thoholetsa ba saenetseng tumellano ena mme e kgothaletsa dikhamphani tse ding kaofela tsa kaho ka hara lekala lena tseo hajwale di leng siyo tumellanong ena, ho latela mohlala ona le ho itahlela ka setotswana semphatong sena se ntseng se ahuwa, ka ho etsa maitlamo a tshwanang le ana bakeng sa ho tswela pele ho matlafatsa lekala lena.

1.5. Kabinete e thoholetsa balekane ba kahisano bohle ho Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Basebetsi (Nedlac) ka tumellano e etsang nalane ya ho tsebahatswa ha Sekepele sa Naha sa Meputso e Tlase (NMW) sa R20 ka hora ho tloha eseng kamora Motsheanong 2018.

Tumellano mabapi le NMW le mekgwa e meng ya ho matlafatsa botsitso mesebetsing le ditherisano tse kopanetsweng ke mohato wa bohlokwa bakeng sa ho bopa setjhaba se kopaneng, sa toka le se tswelang pele jwaloka ha ho labalabelwa ho NDP.

NMW, e leng moputso o tlase moo ho seng mosebetsi ya lokelang ho lefuwa ka tlase ho ona, o tla ntlafatsa maphelo a dimilione tsa basebetsi ba lefuwang meputso e tlase le ho qala ho sebetsana le diphephetso tsa ho se lekalekane ha meputso.

Moputso o behilwe boemong ba sethathong bo tla etsa phapang ya nnete maphelong a maAforika Borwa a setlwaeding ha ka nqa e nngwe o tla bebofatsa kgahlamelo efe kapa efe e sa batleheng ho tsa kgiro. Dikgwebo tse sa kgoneng ho fihlella NMW di ka etsa kopo ya nakwana ya ho kotelwa, ha ho ntse ho sekasekwa mekgwa ya ho thusa makala a fokolang a moruo.

1.6. Phephetso ya tlhokeho ya mesebetsi e dula e le ntlha e ka sehlohlolong ho mmuso mme mananeo kaofela le boitshunyako di reretswe bakeng sa ho fetola maemo, haholoholo hara tikoloho ena e thata ya moruo.

Kabinete e ananela keketseho ya mesebetsi moruong nakong ya kotara ya bone ya selemo sa 2016 moo ho hlahisistsweng mesebetsi e 235 000, ho ya ka Diphuputso tsa Kotara ka nngwe tsa Lebotho la Mesebetsi. Keketseho e bakilwe boholo ke kgiro ka hara lekala la ditshebeletso la naha, le latelwa ke a dipalangwang le tlhahiso.

Kgolo ntlheng ya mesebetsi kotareng e fetileng e bakile hore ho be le phokotseho e seng kae ho sekgahla sa tlhokeho ya mesebetsi ka 26.5%.

1.7. Kabinete e leboha batswadi kaofela, matitjhere, barupelli le batsamaisi ka ho qala ho atlehileng ha selemo sa dithuto sa 2017. Thuto ke e nngwe ya dintlha tse ka sehlohlolong le e bohareng ya ho fihlella Tjhebelopele ya 2030 ya NDP.

1.8. Kabinete e thoholetsa boitelo ba Sehlopha sa Materiki sa 2016 ha re keteka keketseho ya sekgahla sa katleho sa ho tloha ho 70.7% ka selemo sa 2015 ho isa ho 72.5% ka selemo sa 2016. Kabinete e lakaletsa baithuti bohle tse ntle le ho lebella ntlafalo e nngwe ho sekgahla sa katleho ho tswa ho Sehlopha sa Materiki sa 2017.

Kabinete hape e thoholetsa baithuti ba tla beng ba ngola dihlahlobo tsa tlatsetso tsa materiki pakeng tsa la 11 Hlakola 2017 le 18 Hlakubele 2017 bakeng sa mamello ya bona.

1.9. Jwaloka karolo ya mekutu ya mmuso ya ho kgothaletsa setjhaba ho sireletsa tokelo ya thuto, Lefapha la Merero ya Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso le tla epa Izimbizo tsa NDP tsa Ha re Boeleng Sekolong ka la 25 Hlakola 2017 diporofenseng kaofela. Thuto ke motheo wa mananeo kaofela a mmuso mme Ditho kaofela tsa Phethahatso di tla nka karolo.

Ditho tsa badudi di memelwa ho imatahanya le ditho tsa Kabinete, Ditho tsa Palamente, Ditonakgolo le baetapele ba mebuso ya lehae ha ba etela dikolo, ditsha tsa thuto e phahameng le ditsi tse ding tsa thuto.

1.10. Ho imatahantswe le dipehelo tsa Tjhata ya Tokoloho tsa hore “thuto e phahameng le thupello ya mesebetsi di tla bulelwa bohle ka mokgwa wa dithuso tsa puso le ditjhelete tsa dithuto tse tla fanwa ho itshetlehuwe hodima tshwaneleho”, Mmuso ka Sekema sa Naha sa Dithuso tsa Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS) o thusa ka matlole baithuti ba fetang 20 000 ba batjha diyunivesithing tse 23.

Sena ke tlatsetso ho baithuti ba kgutletseng ba 107 000 ho tswa diyunivesithing tse 25 le baithuti ba 737 747 ba kgutletseng ho tswa dikoletjheng tsa Thuto le Thupello ya Mosebetsi wa Setegeniki (TVET) tse 35.

1.11. Mmuso wa rona o tswela pele ho fatisisa dimotlolo tse fapafapaneg tsa ho fumana ditharollo tsa moshwelella tsa matlole le ho bula menyetla bakeng sa ba futsanehileng le maemo a bohareng a ho tswela pele ka thuto le thupello tsa kamora materiki.

Lenaneo la Ikusasa la Dithuso tsa Ditjhelete tsa baithuti (ISFAP) ke semphato sa dintlafatso tsa setjhaba le tsa poraefete tse eteletsweng pele ke Lefapha la Thuto le Thupello e Phahameng (DHET) le thusang “ba mahareng ba sa lokelweng ke dithuso tsa NSFAS”.

Porojeke ena e etswa ya teko diyunivesithing tse tsheletseng le ho koletjheng ya TVET e le nngwe mme le tla thusa ka ditjhelete tsa dithuto ho baithuti ba ka etsang 1 500 ba ithutelang mangolo a mangata a dikgerata tse tlwaelehileng, hammoho le mangolo a seporofeshenale a supileng le le leng la diathisene bakeng sa nako ya bona ya dithuto.

Hape ba tla fumana tshehetso ya thuto, tshehetso ho tsa kahisano, thupello ya maitsebelo a tsa bophelo, tataiso le tshehetso ya tsa kalafo moo e batlehang. Se ka fetang R200 milione se tla hlokahala ho thusa hore teko e atlehe mme boholo ba tjhelete bo tla tholwa ho tswa ho lekala la poraefete.

1.12. Tlhodisano ya bobedi ya Maitsebelo a Lefatshe ya Aforika Borwa e tshwerweng ke DHET Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Inkosi Albert Luthuli ho la Durban ho tloha ka la 13 ho isa la 17 Hlakola 2017, e keteka talente ya diathisene le boratekginiki ba thaka e tshesane ka hara naha.

Hape e sebetsa jwaloka lenaneo la pepeso ho hlakisa bohlokwa ba lekala la boathisene moruong wa naha. Bahlodi ba tla tswela pele ho emela Aforika Borwa ho Tlhodisano ya Matjhaba ya Maitsebelo ho la Abu Dhabi, United Arab Emirates ka Mphalane 2017.

1.13. Leeto la Moporesidente Jacob Zuma le sa tsebiswang la ho ya seteisheneng sa Sepolesa sa Nyanga ho la Motse Kapa le ile la tjhaisana le ho lokollwa ha Diphuputso tsa Mahlatsipa a Botlokotsebe tsa 2015/16 ke Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa. Leeto lena le atlehileng, jwaloka karolo ya lenaneo la Moporesidente la Bodisa la Siyahlola, le unne ho iponela ka mahlo mosebetsi o etswang ho lwantsha botlokotsebe sebakeng seo. Mafapha ho tloha ho la Sehlopha sa Toka, Thibelo ya Botlokotsebe le Tshireletso (JCPS) a motjheng wa ho sebetsana le diphephetso tsa Seteishene sena sa Sepolesa.

1.14. Diphuputso tsa Mahlatsipa a Botlokotsebe di bohlokwa kaha di tataisa mmuso mabapi le ho bopa maano a ona mabapi le ntwa kgahlanong le botlokotsebe. Sena se kgema le ntlha e ka sehlohlolong ya mmuso ya hore Batho bohle ka hara Aforika Borwa ba Bolokehile le ho Ikutlwa Jwalo.

Sephetho se a thusa bakeng sa ho supa mosebetsi o lokelang ho etswa ho ya pele, bakeng sa ho kgema le ditaba tse monate tse mabapi le dikatleho dilemong tse hlano tse fetileng, le mehopolo le maiphihlello a baahi.

2. Diqeto tsa Kabinete

2.1. Ho Kenngwa Tshebetsong le Tekolo ya Bohlwahlwa ba Taolo ya Tikoloho ka hara Lekala la Merafo, ho kenyeleditse karabelo ya botsamaisi le moralo wa ntlafatso ke Lefapha la Merero ya Tikoloho.
Molao wa Naha wa Taolo ya Tikoloho, wa 1998 o hlalosa katamelo ya taolo ya tikoloho e tshwanelang ho kopanelwa ho phatlalla le makala kaofela, ho kenyeletswa lekala la merafo.

Morero ke ho netefatsa hore dikgahlamelo tsa mesebetsi ya merafo tikolohong di bebofatswa kapa ho laolwa ka bokgabane. Tekolo e hlahlobile tsamaelano le bohlwahlwa ba molao le ho kenngwa tshebetsong ha ona bakeng sa ho fihlella morero ona.

Kabinete e tshehetsa ‘Mokgwa wa Tikoloho e le Nngwe’ jwaloka ha o sisintswe ho Moralo wa Ntlafatso ka thomo ya ho sekaseka mekgwa ya hlohlomiso ya tlatsetso e kang ho tswela pele ho matahanya Melao e Phethahetseng ya Taolo ya Tikoloho.

Kabinete hape e tshehetsa dipuisano tse mabapi le ho kwalwa ha merafo le ho netefatsa tshireletso ya tikoloho le ho fokotsa kotsi ya moruo wa kahisano bakeng sa metse e haufi.

2.2. Tlaleho ya 2015/16 ya Diphuputso le Ntshetsopele (R&D) ya Selemo ka seng ya Ditsiane tsa Lekgetho e kentsweng Palamenteng, e bontsha kamoo lenaneo la R&D la Ditsiane tsa Lekgetho le kgothaletsang matsete a R&D e eketsehileng a lekala la poraefete.

Sena se batleha bakeng sa ho eketsa bokgoni ba moruo ba ho matlafatsa tlhahiso ya mesebetsi, hammoho le ho eketsa masalla a nepahetseng ka phethisetso ya tsebo le ntshetsopele ya maitsebelo.

Ho tloha ka selemo sa 2015 ho isa ho Hlakola 2016, Lefapha la Saense le Thekenoloji le amohetse dikopo tse 189 tsa R&D tsa ditsiane tsa lekgetho ho tswa dikhamphaning tse 147. Sena se ekeditse palo kaofela ya dikhamphani tse nkang karolo lenaneong la ditsiane esale le thakgolwa ka Pudungwana 2006, ho fihla ho 962.

Nakong ena Lefapha la Matlotlo a Naha le akanya hore se ka bang ka hodimo feela ho R6 bilione ya lekeno la lekgetho e ne e le se phethehileng ka lebaka la ditsiane tsa R&D. Ka nako e tshwanang ditsiane di tsheheditse ho ka etsang R36.1 bilione ya ditjeho tsa R&D.

Ho dikhamphani tse 962, 47% ke Dikgwebo tse Nyenyane le tse Mahareng, 12% ke dikgwebo tse kgolo (phaello ya R41 milione ho isa ho R100 milione); 32% ke dikgwebo tse kgolohadi (R100 milione le ho feta); mme 8% ha e a pepesa boholo ba phaello ya tsona.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tsebahatswa ha motjha bakeng sa tsamaiso ya bohokedi ba ditekanyetso tsa mmuso mabapi le mesebetsi ya R&D.

NDP e ananela hore R&D le ntjhafatso di na le karolo e kgolo eo di ka e bapalang mabapi le ho ntlafatsa bokgoni ba phehisano ba moruo wa Aforika Borwa le mabapi le ho tshehetsa ntshetsopele ya moruo wa kahisano le mesebetsi.

Meralo ya motheo ya naha e hlokolosi ha e sa sebediswa mme e hloka ntlafatso ya tsa thekenoloji e potlakileng le ho ntjhafatsa ho baballa phano ya ditshebeletso e hlwahlwa ya tsa saense. Meralo ya motheo e kang eno e meholo haholo le ho ba theko e thata, mme e tla hloka matsete a hokahantsweng ho phatlalla le mafapha.

Kgokahano e sisintsweng ya ditekanyetso e tla kenngwa nakong e bohareng ya 2016/17 le 2019/20.

2.4. Kabinete e ile ya tsebiswa ka kgatelopele e entsweng ho diporojeke tsa Square Kilometre Array (SKA) le MeerKAT, ho thehwa ho rerilweng ha ho kopanngwa ha Sebaka sa tekolo ya Radio ya Thuto ya Dinaledi sa Aforika Borwa, le ho tshwarwa ha thelesekhoupu ya Hydrogen Epoch of Re-ionisation Array (HERA) setsheng sa SKA.

SKA le MeerKAT ke tse ding tsa Diporojeke tsa Mawa a Meralo ya Motheo ya Khomishene ya Moporesidente ya Bohokahanyi ba Meralo ya Motheo. Diporojeke tsena tse kgolohadi tsa meralo ya motheo di nyehela ho NDP ka bokgoni ba tsona ba ho hodisa ntshetsopele ya moruo, ho bula menyetla ya moruo le ho hodisa tlhahiso ya mesebetsi.

Kgatelopele e babatsehang e entswe mabapi le boitokisetso ba SKA-1 Aforika Borwa ho kenyeletswa le ho fumanwa ha mobu le ditherisano mabapi le tumellano ya matjhaba le motjha wa thekiso. Dilemong tsa yona tse leshome Lenaneo la SKA SA la Ntshetsopele ya Bokgoni ba Batho le se le abile dibasari tse fetang 800, ka tshehetso e matla ho dikolo tsa Carnarvon.

Setshwantsho sa “kganya ya pele” ya MeerKAT sa radio ya sepakapaka se hlahiswang feela ka dianthena tse 16 le hlahisa dinaledi tsa radio tse fetang 13003 lefatsheng le hole se bontsha hore ke thelesekhoupu e hlwahlwa ka ho fetisisa ka borwa ho mola wa Ikhweita mme e tshwanela ho ba thelesekhoupu e hlwahlwa ka ho fetisisa ya mofuta wa yona lefatsheng, hang ha e se e phethetswe.

Palo e felletseng ya dianthena tse 64 e tla hokelwa mme e tla qala ho sebetsa ka Hlakubele 2018, mme e ahuwa ka 75% ya disebediswa tsa lehae e le ho lokisetsa diindaseteri bakeng sa bonkakarolo bo tebileng.

HERA ke teko ya tlatsetso ya saense ya ho ntshetsapele kutlwisiso ya popo ya dinaledi tsa kgale mme e tshehetswa ka ditjhelete boholo ke Mokgatlo wa Naha wa Saense wa Amerika ka semphato le Yunivesithi ya Cambridge.

Mohopolo wa radio e le nngwe wa sebaka sa tekolo ya thuto ya dinaledi, se tla tsejwa jwaloka Sebaka sa Tekolo sa Radio ya Thuto ya Dinaledi sa Aforika Borwa o tla matlafatsa diporojeke le mesebetsi e fapaneng ya lepatlelo la radio ya thuto ya dinaledi la Aforika Borwa. Ho na le dikuno tsa bohlokwa tse tla etswa ka Sebaka se le seng sa Naha tlasa Mokgatlo wa Diphuputso wa Naha.

2.5. Sengolwa sa ho Lokisetsa Leano la Naha la Bofofisi ba Badudi, e kgothaletsang le ho matlafatsa polokeho ya badudi ho tsa bofofisi, tshireletso le boimatahanyo le tsa tikoloho, e ile ya tjhaellwa monwana. Hape e hodisa tabatabelo ya naha ya Aforika Borwa le ho thusa ka katoloso ya kgwebisano le bohahlaudi.

Ho fetafeta moo e hodisa ntshetsopele ya indaseteri ya bofofisi e hlwahlwa le e nang le bokgoni ba tlhahiso, e kgonang ho ba maemong a phehisano ka bobedi ka lapeng le matjhabeng.

2.6. Kabinete hape e tjhaelletse monwana Moralo wa Naha wa Ntshetsopele ya Maemafofane o ileng wa qalwa ka Pampiri e Tshweu e mabapi le Leano la Bofofisi ba Naha ba Setjhaba bakeng sa ho sebetsana le dikgeo pakeng tsa marangrang a hajwale le boemo bo labalabelwang ba kamoso.

E tla tataisa le ho tshehetsa ka bobedi moralo wa marangrang ka kakaretso le ntshetsopele ya maemafofane ka bo mong ka hara dikateng tsa ona tse kopanetsweng tsa sebaka le dipalangwang ka ho phatlalla, ka ditherisano le bankakarolo ba ka sehloohong ba maemafofane.

Meralo ya motheo ya maemafofane ke karolo ya tsamaiso ya dipalangwang ya Aforika Borwa le ho nyehela ho ntshetsopele ya kahisano ya naha ka ho thusa bohahlaudi le kgwebisano.
2.7. Moralo wa Leano la Dipalangwang tse Pharaletseng tsa Lewatle la 2016, le ile la tjhaellwa monwana, bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba.

Sena se fana ka moralo wa naha wa ho tataisa taolo e kopanetsweng, kgolo, ntshetsopele le diphethoho ho lekala la tsa mawatle, ka morero wa ho bula bokgoni ka botlalo ba lekala la tsa mawatle le ho matlafatsa nyehelo ya lona ho merero ya ntshetsopele ya moruo wa kahisano ya naha, ha ka ho le leng le nyehela ho kgwebisano ya matjhaba.

Sena se tsamaelana le dintlha tse ka sehlohlolong tsa Mmuso tse amanang le Operation Phakisa e mabapi le ho hodisa Moruo wa Mawatle le dipheo tse phatlaletseng ho tswa ho NDP 2030 le Moralo wa Naha wa Meralo ya Motheo ho kgothaletsa kgolo ya moruo le ho matlafatsa tlhahiso ya mesebetsi.

3. Dibili

3.1. Ho kenngwa ha Moralo wa Bili ya Moralo wa Dibaka tsa Mawatle, ya 2016 Palamenteng. Bili e fana ka moralo wa semolao bakeng sa ntshetsopele ya tsamaiso ya moralo wa dibaka tsa mawatle o kgothaletsang kgolo ya moruo; le e thuswang ke moralo o hokahantsweng ho phatlalla le makala a mangata.

E tla kgothaletsa taolo e hlwahlwa ya mawatle ka ho netefatsa ho itahlela ka setotswana ha makala kaofela ka bolaodi le meralo e kopanetsweng sebakeng sa mawatle. Hape e tla thusa ka: tharollo ya diqabang (hara basebedisi ba sebaka le ba ka sehloohong ba bolaodi); matlafatso ya tlhahisoleseding; tsebo le bolaodi ba sebaka sa mawatle a Aforika Borwa.

Bili e tla sebetsa e lebisitse ho ntshetsopele ya moshwelella, ho na le feela paballo kapa tshireletso ya tikoloho, ka morero wa ho nyehela ho merero e batlang e le ka kakaretso ya kahisano le moruo. Hape ke boikitlaetso ba bohlokwa ba Operation Phakisa (Moruo wa Mawatle) ya pele ba ho bula bokgoni ba rona ba moruo.

3.2. Ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Maemo a Dihlahiswa tsa Temo Palamenteng. Bili e fetola Molao wa Maemo a Dihlahiswa tsa Temo, wa 1990 (Molao wa bo-119 wa 1990)
Bili e rerile ho matlafatsa moralo wa taolo bakeng sa tlhahiso ya temo, bophelo bo botle le tlhahiso e sa haelleng ya dijo ya dihlahiswa tse itseng tsa temo. Moralo wa taolo o jwalo o kgothaletsa tlhahiso e sa haelleng ya dijo le ho bopa tikoloho e kgontshang bakeng sa tlhahiso e eketsehileng le ya moshwelella.

Sena se tla eketsa diketso tse hlokang leeme tsa kgwebisano le tshireletso ya basebedisi.

3.3. Phatlalatso ya Moralo wa Bili ya Ditsamaiso tsa Boingodiso ba Mangolo a Matlo ka Mokgwa wa Elektroniki, ya 2016, bakeng sa tshwaelo ya setjhaba.

Bili e thusa ka ntshetsopele, ho thehwa le ho baballwa ha tsamaiso ya boingodiso ba mangolo a matlo ka mokgwa wa elektroniki e tla fana ka, hara dintho tse ding, boingodiso bo hlwahlwa ba methamo e mengata ya mangolo a matlo ka lebaka la ditsela tsa Mmuso wa rona tsa tlhabollo ya mobu, dinako tse ntlafetseng tsa ho sebetsana le ho fana ka mangolo a matlo a ngodisitsweng le ditokomane ho beng; e fana ka phihlello ya naha ka bophara ya ditshebeletso tsa boingodiso ba mangolo a matlo; nepahalo e matlafetseng ya tlhatlhobo le boingodiso; bokgoni ba ho fumaneha ha tlhahisoleseding ke setjhaba; le mehato ya tshireletso e kenyeletsang lekunutu.

Sena hape se tshehetsa kgoeletso ya mehato ya NDP e tla kenngwang tshebetsong mafapheng kaofela a mmuso le makaleng a laolang tlhahisoleseding le thekenoloji ho netefatsa hore Aforika Borwa ha e be lehlatsipa la ‘kgethollo ho tsa dijithale’.

4. Dintlha mabapi le Maemo a Hajwale

4.1. Kabinete e imatahanya le Moporesidente Jacob Zuma mabapi le ho fetisetsa matshediso ho malapa le metswalle ya bakudi ba kelello ba hlokahetseng Gauteng. Mmuso, le setjhaba ka kakaretso, o na le boikarabelo ba ho sireletsa le ho hlokomela ba kotsing.

Kabinete e thoholetsa Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Aaron Motsoaledi bakeng sa ho thonya Mosireletsi wa tsa Kalafo ho fuputsa diketso tsohle tse fosahetseng tse entsweng ke dikaho tsa kalafo le dingaka.

Ho fetafeta moo, bohato bo nkuweng ke Tonakgolo ya Gauteng, David Makhura, ho itshetlehilwe hodima tlaleho ya Mosireletsi wa tsa Kalafo, bo a amohelwa. Kabinete hape e etsa kgoeletso ho Tonakgolo Makhura ho netefatsa hore bohato ba kgalemo bo nepahetseng bo a nkuwa kgahlanong le bohle bao e ka nnang yaba ba sebeditse ka tsela e sa nepahalang kapa ka bohlaswa.

4.2. Kabinete e ngongorehile ka boitshwaro bo bohlaswa bo bontshitsweng Pulong ya Palamente bo sa hatikelang feela hodima ditokelo tsa ba bang ka hara Palamente, empa hodima ditokelo tsa maAforika Borwa kaofela.

Palamente ke se seng sa ditulo tsa motheo wa demokerasi tsa Aforika Borwa, tse thehilweng ho ya ka Molaotheo, ho baballa Bili ya Ditokelo le ho ikarabella ho batho ba Aforika Borwa – bao kaofela ba re tshepetseng boikarabelo ba ho ba etella pele ho lebisa bophelong bo betere. Ditho tsa Palamente, jwaloka baemedi ba batho di lokela ho beha ditabatabelo tsa maAforika Borwa ka pele le ho tiisetsa mosebetsi wa setheo sena sa bohlokwa.

4.3. Kabinete e ile ya tsebiswa ka Sefefo sa Ditropiking sa Dineo, moo Aforika Borwa e lebeletseng ho hlaselwa ke difefo tse matla le dipula tse ngata ho tloha kajeno, Labone, la 16 Hlakola 2017 ho fihla mafelong a beke – Sontaha sa la 19 Hlakola 2017.

Sefefo sena se tla ama Mpumalanga, dikarolo tse hole tse leboya ho Kwa Zulu-Natal le Limpopo. Sena se tla ama ka ho fetisisa – Kruger National Park, Enhlanzeni, Vhembe, Mopani le ditereke tsa Bomasepala ba Waterberg. Dikarolo tse ka botjhabela tsa Limpopo le tsona di ka nna tsa fumana dipula tse matla ka Labohlano, tse akanngwang ho 200 mm nakong ya dihora tse 24.

Setsi sa Naha sa Taolo ya Dikoduwa (NDMC) le Setsi sa Naha sa Kopanelo ya Ditshebetso (NATJOC) se thehilweng ka mafapha a fapafapaneng le ditheo tse ding di hlahlobile boemo le ho qala Ditsi tsa Kopanelo tsa Tshebetso tsa Diporofense (PROVJOC) tse tharo tsa Limpopo, Mpumalanga le KwaZulu-Natal. Katamelo ena ya makala a mangata e tla thusa moo tlhoko e ka hlahellang ho netefatsa polokeho ya badudi le ho bebofatsa kgahlamelo ya sefefo sena.

Mmuso o ipiletsa ho badudi kaofela ba amehang ho ba sedi pele sefefo sena se fihla. Badudi ba eletswa hore ba se ke ba tshela ditsela, marokgo le dinoka tse tletseng metsi. Hape re kgothaletsa batswadi, bahlokomedi le ba salang le bana ho netefatsa polokeho ya bana ba bona nakong ya difefo.

Badudi ba tshwanela ho sebetsa mmoho ho netefatsa polokeho ya setjhaba. Le koptjwa ho mamela ditemoso le tlhahisoleseding ka sefefo sa Dineo tse ntseng di haswa diteisheneng tsa radio kaofela tsa lehae.

4.4. Kabinete e tshehetsa ka botlalo boitshunyako le dipuisano le badudi ke kemedi ya mmuso, e eteletsweng pele ke Letona la Merero ya Lehae, Malusi Gigaba, le Mohlanka wa Phethahatso (MEC) wa Polokeho ya Badudi wa Gauteng Sizakele Nkosi-Malobane ho buisana ka dintlha tse amang badudi ba sebaka seo, ka ho qolleha dintlha tse amang sepolesa le dipelaelo tsa mesebetsi e seng molaong ya bafalli.

Kabinete e tshehetsa kgoeletso ya Letona ya “kgato e nkuwang ke puso kaofela” dintlheng tsena tse nang le mooko tse hlahisitsweng ke badudi, tseo ho tla sebetsanwa le tsona ka: ho thehwa ha Boetapele ba Bolaodi ba Madiboho bo tla thusa ka ho laolwa hantle ha madiboho a rona, tlhophiso ya ditokomane tsa batho bohle ba dulang Aforika Borwa, tshebetso e hlwahlwa ya sepolesa le ho netefatsa boimatahanyo le melao le Molaotheo wa Rephabliki ke baahi le melata.

Kabinete e fana ka tshehetso ka botlalo ho lekala la polokeho, ho netefatsa hore dintlha tsena di rarollwa ka mokgwa o kgotsofatsang bakeng sa setjhaba sa Aforika Borwa. Sena se tla hloka dipuisano tse betere mabapi le tshebetso ya sepolesa pakeng tsa badudi le ba ka sehloohong.

Kabinete hape e lakatsa hore ho be le boipiletso bakeng sa ditshwaelo tsa pepeneneng tse nang le boikarabelo ke baetapele kaofela le baemedi, dintlha di batla hore ho sebetsanwe le tsona ka tsela e nang le boikarabelo.

4.5. Ketsahalong e arohaneng, Kabinete e tshwela ka mathe ditlhaselo tsa balatedi, dibapadi le bahlanka nakong ya papadi ya bolo ya Liki e Kgolo ya Absa pakeng tsa Mamelodi Sundowns le Orlando Pirates ho la Loftus Versfeld e siileng batho ba 13 ba lemetse.

Boitshwaro bo jwalo le diketso tsa botlokotsebe di senya lebitso la dipapadi, bo hlahisa naha hampe mme bo batla kgalemo e matla ho tswa ho ba ka sehloohong ba papadi ya bolo ba tshwanelang ho sebetsa ka potlako ho netefatsa hore diketso tse jwalo ha di etsahala hape.

5. Melaetsa ya matshediso le ya thoholetso

5.1. Kabinete e romela matshediso ho lelapa, metswalle le barati ba papadi ya rakbi ka ho hlokahala ha mokapotene wa mehleng wa di-Springbok Joost van der Westhuizen. Moporesidente Jacob Zuma hape o ile a phatlalatsa Lepato le Ikgethang la Porofense bakeng sa ho hopola mohale enwa wa papadi ya rakbi wa Aforika Borwa.

5.2. Kabinete e ananela ho kgethwa ha Letona la Matjhaba la Chad, Moussa Faki Mahamat, jwaloka Modulasetulo e motjha wa Khomishene ya Kopano ya Aforika, ya nkang sebaka sa Ngaka Nkosazana-Dlamini Zuma wa Aforika Borwa.

5.3. Kabinete e ananela thonyo ya Letona Jeff Radebe, jwaloka moambasadara wa Aforika Borwa bakeng sa Baahi ba Lefatshe, mme o tla bopa karolo ya mokgatlo wa Baahi ba Lefatshe ba dimilione tse robedi ho phatlalla le lefatshe. Sena ke marangrang a dikgalala, baetsi ba maano, baetapele ba dikgwebo, balwanedi ba ditokelo le bankakarolo ba itlametseng ho tobana le diphephetso tse kgolohadi tsa lefatshe le ho fedisa bofuma bo matla.

Mosebetsi wa ona o amahane le dipheo tsa NDP ho fedisa bofuma le ho fokotsa ho se lekalekane, le ho tswela molemo moralo wa ntshetsopele bakeng sa kontinente – Lenaneo la 2063.

5.4. Letona la Saense le Thekenoloji, Naledi Pandor, le yena o tlotluwe ke Mokgatlo wa Amerika wa Ntshetsopele ya Saense bakeng sa karolo eo a e bapetseng ho bodipolomate ba Saense ho la Boston, Amerika, kajeno.

5.5. Kabinete e thoholetsa bahlodi ba Dikgau tsa selemo ka seng tsa Ubuntu, tse neng di tshwerwe ke Lefapha la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba ho keteka baahi ba Aforika Borwa ba bapalang karolo e matla bakeng sa ho pepesa setshwantsho se setle sa Aforika Borwa matjhabeng. Bana ba kenyeletsa: Winnie Madikizela-Mandela; Siyabulela Xuza; Pretty Yende; Esther Mahlangu;Gertrude Shope; le Moambasadara wa China Tian Xuejun. Sasol, Babies Behind Bars le Mokgatlo wa Desmond Tutu wa HIV le tsona di ile tsa ananelwa.

5.6. Kabinete hape e thoholetsa sehlopha sa Aforika Borwa sa Sevens se tsebahalang hape jwaloka di-Blitzbok bakeng sa ho hapa thonamente ya Letoto la Mohope wa Lefatshe wa Rakbi wa Sevens. Ena ke tlholo ya bona ya bobedi esale selemo se qala kamora hoba di-Blitzbok di hape HSBC Wellington Sevens ka Pherekgong.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

6.1. Mofumahadi Claire Busetti ho Boto ya Naha ya Mokgatlo wa Diphuputso
6.2. Monghadi KW Vukela jwaloka Motlatsi wa Motsamaisi-Kakaretso: Phano ya Ditshebeletso ho Lefapha la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso.
6.3. Mofumahadi JL Meyer jwaloka Mohlanka e Moholo wa Ditjhelete ho Mesebetsi ya Dikgatiso tsa Mmuso.

Dipotso: Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766

Share this page

Similar categories to explore