Kopo ya ho fihlella tlhahisoleseding

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

 

 

Tlhaloso

Sepheo sa Molao wa Ntshetsopele ya Phihlello ya Tlhahisoleseding ke ho netefatsa hore batho ba ka sebedisa tokelo ya bona ya molaotheo ya ho fihlella tlhahisoleseding efe kapa efe e tshwerweng ke Mmuso, hammoho le ho tlhahisoleseding e tshwerweng ke motho e mong, e hlokehang bakeng sa ho sebedisa kapa ho tshireletsa tokelo efe kapa efe. Lebaka la ho etsa hore tokelo ya ho fihlella tlhahisoleseding e sebetse ke ho tlisa/kenya tlwaelo/moetlo wa ponaletso le boikarabelo mekgatlong ya setjhaba le ya poraevete ka bobedi, le ho ntshetsapele setjhaba seo ho sona batho ba Aforika Borwa ba nang le phihlello e sebetsang hantle tlhahisoleseding hore ba kgone ho sebedisa  le ho tshireletsa ditokelo tsa bona kaofela ka botlalo.

Phihlello e ka fumaneha ho tlhahisoleseding efe e tshwerweng ke Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo kapa mokgatlo ofe kapa ofe wa setjhaba?

O ka kopa ho fihlella ditokomane kaofela le/kapa direkoto tse tshwerweng ke Lefapha, bahlanka ba lona ba mmuso kapa mokgatlo ofe kapa ofe wa setjhaba. Ha ho kgathalatsehe hore tlhahisoleseding eo ke ya neng. Tsena di kenyeletsa tse latelang:

  • direkoto tsa motho tse tshwerweng ke Lefapha kapa mokgatlo wa setjhaba
  • tlhahisoleseding kapa direkoto tsa mokga wa boraro, ka tumello e tswang ho mokga o tshwanelang feela, haholoholo ha ditokomane di na le tlhahisoleseding ya sephiri kapa ya poraevetelhahisoleseding eo ho yona phihlello e sa thibelwang/behelwang meedi ke Molao wa Ntshetsopele ya Phihlello ya Tlhahisoleseding
  • direkoto tsa Kabinete le dikomiti tsa yona
  • direkoto tse amanang le tshebetso ya molao ya lekgotla la dinyewe.
  • tlhahisoleseding e:
    • fumanweng ke lekgotla la dinyewe le kgethehileng le thehilweng ho ya ka molao
    • tshwerweng ke mohlanka wa molao wa lekgotla la dinyewe le jwalo le
    • tshwerweng ke setho sa palamente kapa sa ketsamolao ya porovense.

Molao wa Ntshetsopele ya Phihlello ya Tlhahisoleseding ha o a tshwanela ho sebediswa ha:

  • rekoto e kotjwa ho sebediswa diketsahalong tsa bosenyi kapa boahi/lehae kapa
  • ketsahalo ya bosenyi kapa boahi/lehae e se e qadile.

Le ha ho le jwalo, Molao wa Phihlello ya Tlhahisoleseding o ka hodimo ho molao ofe kapa ofe o mong o ka o thibelang ho fihlella tlhahisoleseding efe kapa efe.

Mehato e latelwang

  1. Kopa Motlatsa Mohlanka wa Tlhahisoleseding wa lefapha le tshwanetseng la mmuso ho o thusa ho fihlella tlhahisoleseding kapa ditokomane tseo o di hlokang.
  2. Tlatsa Form 2 : Kopo ya phihlello rekotong ya mokgatlo wa setjhaba. O ka e fumana kantorong ya Lefapha kapa wa e kopolla ka tlase.
  3. Haeba tlhahisoleseding eo o e batlang ha e fumanehe ntle le tefo, o tla tlameha ho lefa tjhelete e kotjwang (ka mokgwa wa ditempe tsa lekgetho). O ka boela wa lokela ho lefa tjhelete ya phihlello le ya ho phenyekolla (sheba shejule ya ditefello ka tlase).
  4. Ha o batla tlhahisoleseding ho mokgatlo wa setjhaba, ha o a hapeletseha ho bolela lebaka leo o batlang ho sebedisa kapa ho tshireletsa tokelo ya hao.

Maemo a tshebeletso

  • Motlatsa Mohlanka wa Tlhahisoleseding o tlameha ho araba matsatsing a 30 a ho amohela kopo ya hao.
  • Haeba Mohlanka wa Tlhahisoleseding kapa Motlatsa Mohlanka wa Tlhahisoleseding a hana ho o dumella ho fihlella tlhahisoleseding eo o e kopileng, o ka etsa boipiletso le Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo kapa Letona le loketseng la mokgatlo wa setjhaba o amehang..
  • Haeba o ntse o sa kgotsofatswa ke sephetho, o ka isa taba lekgotleng la dinyewe.
  • Mohlanka wa Tlhahisoleseding kapa Motlatsa Mohlanka wa Tlhahisoleseding o tla o thusa ka tswelletso ena.
  • Haeba tlhahisoleseding eo o e kopileng ha e a tshwarwa ke Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo, empa e tshwerwe ke mokgatlo o mong wa setjhaba, Motlatsa Mohlanka wa Tlhahisoleseding o tla fetisetsa kopo ya hao ho Mohlanka wa Tlhahisoleseding wa mokgatlo wa setjhaba o tshwanetseng nakong ya matsatsi a 14.
  • Mokgatlo wa setjhaba o tshwanetseng o tlameha ho araba kopo ya hao matsatsing a 30 jwaloka ha ho balletswe. O tla tsebiswa ka ho fetisetswa ha kopo ya hao ho mokgatlo o tshwanetseng wa setjhaba.

Diforomo tse tlatsuwang

PAIA Forms

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Haeba o hloka thuso kapa o na le dipotso tse tswelang pele ka hore ho ka fihlellwa jwang tlhahisoleseding efe kapa efe e tshwerweng Lefapheng la rona kapa ke mokgatlo ofe kapa ofe wa setjhaba, o kotjwa ho iteanya le Motlatsa Mohlanka wa Tlhahisoleseding kapa Mohlanka wa Tlhahisoleseding wa lefapha le loketseng kapa mokgatlo wa setjhaba.

Share this page