Tekolo ya disampole tsa semmuso tsa peo

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha mabapi le ho etsa diteko disampoleng tsa semmuso tsa dipeo

Ho etsa diteko disampoleng tsa semmuso tsa dipeo, bakeng sa physical purity, ho mela le/kapa ho ikgolela ka bo tsona, basebetsi ba disampole ba Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi ba tlameha ho ntsha disampole.

Disampole tsa semmuso tsa dipeo di tlameha ho ba ho ya maemo a Molao wa Ntlafatso ya Dimela (PIA). Ha dipeo di sa be ho ya ka Molao, di tlameha ho ntshwa thekisong kapa ho leibolwa hape.

O lokela ho etsang

  1. Basebetsi ba disampole ho tswa dikantorong tsa Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi ba tla ntsha disampole feela ba sa latele mokgwa o itseng, ho tswa taolong ya kgwebisano (TC) le dipeo tse rekilweng kantle ho naha (IS) ho tswa bathong, k.h.r mekgatlong, dikhamphaning, dikoporasing le borapolasing ba rekisang dipeo.
  2. seed lots kaofela tse fumanehang, commercial and certified seed, di a nkelwa hloohong.
  3. Seed lots tse lokelwang ho etswa diteko di kgethwa ka tsela e latelang:
    • Kgetho e sa lateleng mokgwa o itseng ya seed lots
    • suspect seed lots
    • mefuta ya dijalo e nang le bothata.
  4. Disampole di etswa diteko bakeng sa ho phethahatsa ho ya ka Molao wa Ntlafatso ya Dimela.

Ela Hloko:

Ditlaleho tsa diteko tse entsweng di romelwa ho mosebeletsi wa disampole ya amehang ya ntshitseng sampole. Haeba o hloka diphetho tsena, Tlaleho ya Tlhahlobisiso ya Peo e tla ntshwa mme tjhelete e loketseng ho etsa seo e tla leshwa.
Dintlha tsa ho banka ke:

Banka: Standard Bank
Lebitso la Lekala: Arcadia
Khoutu ya lekala: 01-08-45
Nomoro ya akhaonte: 011244887
Lebitso la akhaonte: NDA- Ditshebeletso tsa Diteko tsa Peo.

Hopola ho kenyeletsa nomoro ya invoese bakeng sa tshupiso.

Lefa tjhelete ya ho etsa diteko tsa peo mme o romele bopaki ba tefo ho OSTL ka fekese kapa imeili bakeng sa ho lokolla tlaleho.

Nako ya tshebetso

Mefuta e fapafapaneng ya dijalo e na le maemo a fapaneng a teko le nako ya teko e ka fapafapana ho tloha matsatsing a mmalwa ho ya dibekeng tse mmalwa.

Ditjeo ke bokae

Ditefiso tsa 2024/25

Diforomo tse tlatswang

Ha ho na diforomo tse tlatswang.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Tel: 012 3196262/6311
Fax: 012  319 6372 
E-mail: BeckyM@daff.gov.za / AngelMab@daff.gov.za

Physical address: Official Seed Testing Laboratory, Directorate: Plant Production, Plant genetic Resource Centre, Kwamhlanga Road

Postal Address: Private Bag x250, Pretoria 0001

Share this page