Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya
Dintlha ka ho ngodiswa o le motshwai
Ha o batla ho tshwaya diphoofolo bakeng sa ho etsa tjhelete, o tlameha ho etsa kopo ho ba Lefapha la Temothuo, Meru le Botshwasi (Mongodisi: Tshebahatso ya Diphoofolo) hore o ngodiswe jwaloka motshwai.
Hore o ngodiswe o tlameha ho phetha dithuto tse latelang:
- Dibuka le mekgwa ya tshebetso:
- ho tshwaya ka tshepe e tjhesang
- ho sebedisa mohatsela
- ho taka
- ho thibela le ho tshwaya diphoofolo
- Molawana o mabapi le tsebahatso le tlhokomelo ya diphoofolo.
Jwaloka motshwai, o lebelletswe ho boloka lenane la diphoofolo tsohle tseo o ditshwahileng.
O lokela ho etsang
- Letsetsa Mongodisi wa Tshebahatso ya Diruwa ya Pitoria nomorong ena ya mohala (012) 319 6000 bakeng sa lenane la ditheo tsa thuto moo o ka phethelang dithuto teng.
- Ha o atlehile ho phethela dithuto tsa hao, setheo sa thuto se tla o fa foromo eo o tlamehang ho e tlatsa.
- Setheo sa thuto se tla tsebisa Mongodisi hore o atlehile phethelong ya dithuto tsa hao le hore o ka ngodiswa jwaloka ka motshwai.
- Mongodisi o tla o ngodisa Registareng ya Naha ya Batshwai.
Tel: 012 319 6000
Fax: 012 319 7551
E-mail: makokom@daff.gov.za
Physical address: Delpen Building, Cnr Annie Botha Avenue and Union Street, Riviera, Pretoria
Postal address: Registrar: Animal Identification, Private Bag X138, Pretoria 0001