Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya
Mabapi le laesense ya ho kganna ya nakwana
O ka etsa kopo ya laesense ya ho kganna ya nakwana ha o entse kopo ya ntjhafatso ya laesense ya hao e felletsweng ke nako kapa o lahlehetswe ke laesense ya hao ya ho kganna.
Laesense ena e sebetsa bakeng sa dikgwedi tse tsheletseng feela mme o ka e fuwa setsing sefe kapa sefe sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna.
- Leba DLTC e haufi le dintho tse latelang:
- Khophi e tiiseleditsweng ya tokomane ya hao ya boitsebiso (ID) kapa ID ya nakwana
- Bopaki ba aterese ya poso le ya moo o dulang; mohlala, lengolo la akhaonte ya tshebeletso. Haeba lengolo la tshebeletso le se lebitsong la hao, monga lengolo o tlameha ho etsa lengolo le hlapanyeditsweng le hlalosang hore wena o dula atereseng eo, mme lengolo la tshebeletso le tlameha ho qhwaellwa lengolong leo le hlapanyeditsweng.
- Haeba o dula sebakeng sa baipei, o tlameha ho tla le lengolo le nang le setempe sa semmuso le tswang ho molekgotla wa tikoloho, le netefatsang aterese ya hao ya poso le ya moo o dulang teng
- Dinepe tse nne tse tshwanang tse tlwaelehileng. O tlameha ho netefaletswa pele ke DLTC hore na ba tla batla dinepe tse kae pele o ka etsa dinepe tseo.
- Sekepele se batlehang sa tjhelete.
- Tlatsa foromo ya kopo ya phapanyetsano ya laesense ya ho kganna (DL1).
- Tlatsa foromo ya tsebiso ya phetolo ya aterese kapa dintlha tsa motho kapa tsa mokgatlo (NCP).
- O tla ya ditekong tsa mahlo hona moo DLTC kapa o ka nna wa etswa diteko tsa mahlo ke ngaka ya mahlo e nang le mangolo ebe o isa foromo DLTC.
Laesense ya ho kganna ya nakwana o e fuwa hona letsatsing leo.
Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.
Kopo ya laesense ya ho kganna, DL1. Tlatsa foromo ya kopo e fumanehang setsing sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna.
- City of Johannesburg
- City of Tshwane
- City of Cape Town
- Nelson Mandela Bay
- Eastern Cape municipalities
- Free State municipalities
- Gauteng municipalities
- KwaZulu-Natal municipalities
- Limpopo municipalities
- Mpumalanga municipalities
- North West municipalities
- Northern Cape municipalities
- Western Cape municipalities