Ntjhafatso ya laesense ya ho kganna

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho ntjhafatsa karete ya laesense

O tlameha ho ntjhafatsa karete ya laesense ya hao ya ho kganna dibeke tse nne pele ho letsatsi leo e fihlang pheletsong ka lona. Ebang o e ntjhafatsa kamora letsatsi leo e felang ka lona, o tla tlameha ho etsa kopo ya laesense ya ho kganna ya nakwana ka ditjeho tse eketsehileng ha o ntse o emetse hore ho fanwe ka laesense ya hao ya ho kganna.

Ela hloko: Ho ntjhafatsa laesense ya hao, o ke ke wa hlokeha ho etsa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna, empa o tla etsa tlhahlobo ya mahlo le ho etsa dikgatiso tsa menwana. Ho seng jwalo, o ka hlahloba mahlo a hao ngakeng ya mahlo mme wa romela foromo setsing sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna. Ebang mahlo a hao a mpefetse ho tloha letsatsing leo laesense ya hao e ntshitsweng ka lona, maemo a matjha a tla hlomathiswa laesenseng ya hao.

O lokela ho etsang

  • Leba setsing se haufi sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna o tshwere tse latelang:
    • bukana ya boitsebiso (ID) le khopi ya ID ya hao, karete ya kgale ya laesense ya ho kganna kapa phasepoto ya Aforika Borwa e molaong
    • dinepe tse nne tsa ID tsa mmala o motsho le o mosweu
    • tjhelete e balletsweng ya kopo.
  • Tlatsa foromo ya DL1, Kopo ya ntjhafatso ya karete ya laesense ya ho kganna.
  • O tla etsa tlhahlobo ya mahlo kapa o ka e etsa ngakeng ya mahlo ya kgetho ya hao mme wa tlisa sephetho sa hao ho DLTC.

Nako ya tshebetso

Laesense ya hao e ntjha ya ho kganna e tla be e loketswe ho latwa dibekeng tse nne ho isa ho tse tsheletseng.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

Foromo ya kopo ya ntjhafatso ya laesense ya ho kganna, DL1. Foromo e fumaneha setsing sefe kapa sefe sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna le ho eNatis.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Contact the relevant municipality

Share this page