Bootli ba bana kapa ho beha bana tlasa tlhokomelo ya semolao

Dintlha ka 
O lokela ho etsang 
Nako ya tshebetso 
Ditjeo ke bokae 
Diforomo tse tlatswang 
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le ho etsa kopo ya ho adoptha boemong ba naha

Haeba o nahana ho adoptha ngwana mona Afrika Borwa, o lokela ho ya ejensing ya ho adoptha bana e tla ho lekola e be e ho thusa ho sheba ngwana ya leng teng bakeng sa ho adopthiwa.

O ka etsa kopo feela bakeng sa ho adoptha boemong ba naha ha o le moahi wa Afrika Borwa ya dulang mona Afrika Borwa mme o batla ho adoptha ngwana wa Afrika Borwa.

O lokela ho etsang

  1. E ya ejensing efe kapa efe ya ho adoptha e provinseng eo o tla ikgethela yona e be o etsa kopo.
  2. Ejensi ya ho adoptha e tla etsa tekolo / e shebe le thuto ya lapeng ho bona haeba o a tshwaneleha ho adoptha ngwana.
  3. Ha ejensi e kgotsofetse ka diphetho, ba tla ho kenya Rejistareng ya bana ba ka Adopthiwang le Batswadi ba ka Adopthang e tsejwang ka Register of Adoptable Children and Adoptive Parents (RACAP) ha ba ntse ba o thusa ho batla ngwana ya leng teng bakeng sa ho adopthiwa.
  4. Ha ngwana a le teng, ba tla o bitsa hore o tle diofising tsa bona o tlilo bona ngwana e be ba o botsa hore na o kgahlwa ke ho adoptha ngwana eo.
  5. Ha o dumela, ba tla o romela raporoto ya hao lekgotleng la dinyewe tsa Bana ho ya phethahatsa adopshene e be o fuwa taelo ya molao ya ho adoptha.
  6. Raporoto ya lekgotla e tla romelwa Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba hore ba tle ba hlahlobe hore na ho latetswe mokgwatshebetso le ho ngola dintlha tsa hao le dintlha tsa ngwana.

Nako ya tshebetso

E fapana ka ho ya ka taba ka nngwe.

Ditjeo ke bokae

O lokela ho lefa mokgatlo o ananetsweng ka molao wa tshireletso ya bana bakeng sa ho adoptha ngwana wa naha e nngwe ho ya ho e nngwe hape.

Diforomo tse tlatswang

Diforomo tsohle di fumaneha ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.

 

Share this page