Ditshenyehelo tsa dipapatso tsa mmuso tse fapafapaneng ka Letona Faith Muthambi

Jwaloka Letona la Dikgokahanyo, ke hloka ho teka rekoto ka kotloloho mabapi le taba eo e seng nnete  eo DA e phehelletseng ho  e phetapheta  hore e be potso ya palamente selemo le selemo dilemong tse tharo tse fetileng. Hona ho amana le ditshenyehelo tsa dipapatso tsa mmuso tse tsamaiswang ke Lefapha la Dikgokahanyo.

DA e belaella hore Mmuso o putsa boraditaba ba kgemang le ona. Ka Labone la di 29 tsa Pherekgong, kamora hore ke fane ka tlaleho ya ditshenyehelo tsa dipapatso tsa Mmuso ka Lefapha la Dikgokahanyo, puo ena e seng nnete e kgutlile, e khopilwe mme e mamareditswe ka tlasa ditaba tsa Gavin Davis.

Ho hlakile hore Mohlomphehi Davis, eo e leng Setho sa Palamente, o na le kutlwisiso e fokolang ya papatso ya dikgokahanyo hape ha a tshepahale mme o na le moya o kgesang kgahlanong le dikhamphani tsa boraditaba tse tsamaiswang ke batho ba batsho bakeng sa ho phethahatsa merero ya hae. Tsebo e seng kae ya phatlalatso ya dikoranta, hore babadi ke bo mang le dikahare tsa bohlophisi nkabe e ile ya thibela diphoso tse totobetseng diqosong tsa setho se hlomphehang.

Ha e le hantle, The New Age e haufinyane haholo le Business Day tekanyong ya teng ya bohlophisi ha ho itshetlehilwe hodima boleng ba phatlalatso. Phuputso e entsweng ke khamphani e tummeng ya matjhaba, Media Tenor, e hlahisitse tlaleho e hlophollang ditlaleho tse ntle ka Moporesidente Zuma nakong ya Phupu 2014 – Pherekgong 2015.

Tlaleho e bontsha hore 10% ya di atikele tsa The New Age di tlaleha ka bokgabane ka Moporesidente Zuma ka 9% ya tlaleho ya Business Day e nang le dikahare tse tsitsitseng ka Moporesidente. Na re tlo dumela hore Business Day ke lepatlelo la dipapatso kapa e rata Moporesidente Zuma?

Ho nka diqeto tikolohong e hlwahlwa ya boraditaba, sehlopha sa karolo ya ditheko tsa boraditaba tsa Lefapha la Dikgokahanyo tse tsamaisa morero wa theko ya boraditaba ba mmuso ka ho reka disebediswa tse hlwahlwa tsa dinolo tsa khompyutha lefatsheng ka bophara tsa papatso ya boratitaba ya Telmar Media le ditshebeletso tse sebediswang ho fihlella palo e itseng le ho hodisa phatlalatso. 

Basebedisi ba Telmar ba 10 000 dinaheng tse 85 ba kenyeletsa makala a lefatshe a dipapatso a ka sehlohong, baphatlalatsi ba dijithale le kgatiso, bahasi le makala a dipapatso Basebeletsi ba lekala la ditheko la boraditaba ba kenela thupello e molaong ya SAARF le Telmar kamehla, mme ke ditho tsa Mokgatlo wa Boraditaba ba Dipapatso wa Aforika Borwa.

The New Age – koranta e fumanehang naheng ka bophara e bapiswa ka phoso le dikoranta tsa metsemeholo (The Herald – Nelson Mandela Bay, The Mercury – Durban, Pretoria News – Pretoria) tse hlodisanang le mebaraka ya mabatowa e hlakileng.Haeba re ne re latetse ngangisano ya Mohlomphehi Davis, Setho sa Palamente, re ne re tla elellwa hore mmuso o tla hloka ho bapatsa boholong ba dikoranta tsa metsemeholo – diporofenseng kaofela ho lebahanya thebe le phatlalatso  ya The New Age, ka theko e hodimo hona le ho bapatsa ho The New Age.

Bonneteng, The New Age e tsamaiswa diporofenseng kaofela tse robong, ka diphatlalatso tse tshelela tsa lebatowa. Phatlalatso ka nngwe ya letsatsi le letsatsi ya The New Age ena le leqephe le kgethehileng la porofense le tsepamisang maikutlo ditabeng tsa lehae ho kenyeletsa kakaretso ya ditaba tsa naha le botjhaba. 

Mmuso o sebedisa dikgokahanyo tse phatlaletseng haholo ho fihlella thomo ya ona ya ho buisana le maAforika Borwa a mangata kamoo o ka kgonang. Ka tumello ya hae, Mohlomphehi Davis o dumela hore mmuso o sebedisa dikoranta tse 248 ho tsebisa setjhaba ka lenaneo la ona, empa o tlohela taba ya hore mmuso ke motshehetsi e moholo wa boraditaba ba tsa kgatiso e fapafapaneng ka dipapatso.Ho a makatsa hore setho se hlomphehileng se tswelapele ho phehella nnete e sa fellang ka palo ya babadi ba The New Age.

Sesupo sa babadi ba yona sa 153 000 ha se kenyeletse babohi ba bang ba 621 000 ba lekantsweng ka AMPS bakeng sa Ditaba tsa TNA – ketsahalo e haswang ka kotloloho e kopanyang dikgokahanyo tsa bankakarolo, bobadi ba yona ba dikoranta le dikgokahanyong tsa disebediswa tsa kahisano ka inthanete mme sena se latelwa ke kgaso ya theleveshene naha ka bophara.

Ke mema Mohlomphehi Davis, Setho sa Palamente,hore a etele Tshedimosetso House; lentswe la Setswana le hlalosang kutlwisiso, ho ithuta, tlhahisoleseding, kapa tsebo (sesomo sa lebitso se ka mo lahlehela) a tlo rutwa ke talente e rupelletsweng lapeng e hirilweng Lefapheng la Dikgokahanyo tsamaisong ya ditheko tsa boraditaba. Mohlomong hona ho tla mo thusa hore a bulehe kelello mme a bone dintho tseo eseng nnete ntle le hore a jwetswe.

Dipotso:
Ayanda Hollow
Nomoro ya Mohala: 061 488 0634

Share this page

Similar categories to explore