Tlaleho ho Latela Kopano ya Kabinete ka Mokgwa wa Vidiyo ka Laboraro, 1 Lwetse 2021

A.    Maemo a Renang ha Jwale

1.    Ho Entela Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19) 

1.1.    Kabinete e fumane tlaleho ho tswa Lefapheng la Bophelo bo Botle mabapi le kgatelopele Letsholong la ho Entwa ha Setjhaba mmoho le ditlhakisetso mabapi le diketsahalo, ho tsamaiswa mmoho le ho laolwa ha tshwaetso tsa dikokwanahloko le dintlha tse ding tse mabapi le tsa bophelo bo botle ho kenyeletsa le dipatlisiso ka tsona. Kabinete e hlokometse ho fokotseha ha palo ya batho ba tshwaetsehang botjha, ba amohelwang dipetlele mmoho le ba shwang ka lebaka la kokwanahloko ena.  
1.2.    Leha ho le jwalo, Kabinete e ntse e elelletswe le taba ya sekgahla seo tshwaetso di etsahalang ka sona. Lefapha la Bophelo bo Botle le netefaleditse Kabinete hore le se le hatetse pele ka mosebetsi wa ho fumana sesosa sa ditshwaetso dikolong, haholoholo tsa Kapa Botjhabela ha mmoho le ho lwantsha tshwaetso tsena.  
1.3.    Ho sa le jwalo, Kabinete e ipiletsa haholo ho batswadi, baithuti mmoho le mekgatlo e laolang dikolo hore ba netefatse hore dimonkwana di a atjarwa, bana ba qaqolohana ka nepo, ba hlapa matsoho le ho netefatsa hore ba sebedisa diphaposi tse kenelang moya hantle. Ho ikamahanya ka nepo le mekgwa ena eo e seng ya bongaka ke yona tsela ya mantlha twantshong ya kokwanahloko ena. 
1.4.    Ka la 31 Phato 2021, e ne e se e le dibotlolwana tse fetang tse 12 568 525 tsa ente ya COVID-19 tse neng di se di sebedisitswe naheng ka bophara. Ho eketswa ha palo ya ditsi tsa ho entela, le matsatsi a ho enta, ha mmoho le ho thothwa mahala ha batho ho ya ditsing tsa ho entelwa ke diprofensi, ho eketsa palo ya batho ba entang. 
1.5.    Kabinete e kgothaletsa batho ba so kang ba enta naheng ena, haholoholo ba kulang haholo hore ba ente ka potlako. 
1.6.    Ente e na le molemo o moholo jwalo ka ha e thibela ho kula haholo, ho amohelwa sepetlele ha mmoho le ho shwa. Ha re tshwaraneng twantshong ya kokwanahloko ena ka hore re tsamaiseng melaetsa e nepahetseng e ntshitsweng ke Mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle mabapi le diente. 

2.    Dipalopalo tsa Kotara tsa Batho ba Sebetsang (QLFS)

2.1.    Sephetho sa moraorao sa QLFS sa kotara ya bobedi ya 2021 se sa tswa phatlalatswa ke Setsi sa Dipalopalo sa Afrika Borwa, se bontshitse hore palo ya batho ba sa sebetseng e nyolohile ka persente tse 1.8 se tloha ho persente tse 32.6 kotareng ya pele ya 2021 ho ya ho persente tse 34.4 ho ya bobedi. 
2.2.    Dipalopalo tsena di ntse di tswela pele ho bontsha tlhokeho ya ho potlakiswa ha ho kengwa tshebetsong ha Leano la Tsoseletso le Kahobotjha ya Moruo (ERRP) ke dikhamphane tse sebedisanang le mmuso ka lebaka la maemo a bakilweng ke COVID-19. Mmuso o behile leano lena la ERRP pele ho ka tsoseletsa le hona ho aha moruo botjha ka maikemisetso a ho theha menyetla ya mesebetsi, haholoholo bakeng la batjha. 
2.3.    Kabinete e thabisitswe ke mehato ya makala a kang la kaho, dikgwebo le la tsamaiso ya thepa le ho thothwa ha batho ka ho theha menyetla e metjha ya mesebetsi nakong eo ho ntseng ho lekolwa maemo botjha. Sena se paka taba ya hore tsoseletso le kahobotjha ya moruo ke boikarabelo ba rona bohle le hore ha re tshwarisane sena re ka se fihlela ka potlako. 

3.    Tlhekefetso le Dipolao tsa Basadi (GBVF)

3.1.    Kabinete e lebisa matshidiso le kutlwelo bohloko ho malapa le metswalle ya basadi bana ba sa tswa bolawa ka sehloho. Bona ba kenyeletsa Mme Nosicelo Mtebeni; Mme Palesa Maruping, Mme Pheliswa “Dolly” Sawutana le ba basadi ba bang ba se nang molato bao ho sa kang ba behwa ka bona ditabeng. 
3.2.    Dipolao tsena tse sehloho di etsahetse kgweding ya Phato eo ka yona ho Tlotlwang Basadi le ho thabela boiteko ba naha ena ba ho kwala sekgeo sa ho se lekalekane ho tsa bonng setjhabeng.  
3.3.    Diketso tsena di re hopotsa taba ya hore tlhekefetso le dipolao tsa basadi ke pharela e kgolo naheng ena. Ho hlokahala hore re sebetse mmoho ho sireletsa basadi naheng ena. 
3.4.    Kabinete e etsa kgoeletso ho mekgatlo e qobellang molao hore e netefatse hore malapa a basadi bana a fumana toka e tshwanelang. 
3.5.    Mmuso o beheletse ka thoko tjhelete e ballwang ho dibilione tse 21 tsa diranta mabapi le ho kenya Leano la Naha la twantsho ya pharela ena tshebetsong. Ho se ho na le mekgwa e mengata e kentsweng tshebetsong ho matlafatsa mafapha a lwantshang botlokotsebe le a tlisang toka. Yona e kenyeletsa ho eketswa ha makgotla a dinyewe a mabatowa a tla shebana le dinyewe tse mabapi le ditaba tsa thobalano, ho tihiswa ha melao e lwantshang ketso tsa thobalano ha mmoho le ho tjhoriswa ha kwetliso e hlokahalang ho sepolesa se sebetsang ka ditlolo tsena tsa molao. Ho na le meaho e mengata ya mmuso e fetotsweng ditsi tse bolokang basadi ba hlekefeditsweng. 
3.6.    Kabinete e etsa kgoeletso ho rona bohle ho tshwarana ka matsoho ho sireletsa basadi bohle naheng ena. Ho ka fumana thuso ya ho thojwa maikutlo mabapi le tlhekefetso tsa bonng, o ka letsetsa Setsi sa Thuso ka Tlhekefetso tsa Bonng ho 0800 428 428 (0800 GBV GBV). Ya hlokang thuso a ka nna a kopa mosebeletsi wa ntshetsopele ya setjhaba ho mo letsetsa ka ho tobetsa *120*7867# (mahala) selefounung leha e le efe.

4.    Letsholo la Twantsho ya Bobodu 
4.1.    Kabinete e thabetse ho tshwarwa ha babelaellwa ba supileng mabapi le ho bolawa ha Mme Babita Deokaran, eo e neng e le Molaodi wa mokobobo wa Ditjhelete Lefapheng la Bophelo bo Botle la Gauteng. Mme Deokaran e ne e le mosebeletsi ya inehetseng, ya neng a sa batle le ho utlwa ka taba ya bobodu. E ne e boetse e le paki diphuputsong tsa Lekala le Ikgethileng la Diphuputso mabapi le diketso tsa bobodu ho rekweng ha thepa ya tshireletso lefapheng lena la bophelo bo botle le diketso tse ding tse seng molaong. 
4.2.    Kabinete e rata ho hatella taba ya hore batho ba tlalehang diketso tsa bobdu ke batho ba bohlokwa ho demokrasi ya rona le ho buseng ka nepo. Kabinete e boetse e ipiletsa ho setjhaba hore se tswele pele ho pepesa ketso tsa bobodu ntle le ho kgetholla.

B.    Diqeto tsa Kabinete

1.    Tlaleho ya Financial Action Task Force Assessment (FATF) 

1.1.    Kabinete e ile ya tlalehelwa ha kgutshwane ka sephetho sa diphuputso tsa Afrika Borwa mabapi le Leano la yona la Thibelo ya Phapanyetsano e seng Moalong ya Ditjhelete le Tshehetso ya Botshosetsi ka Ditjhelete.  
1.2.    Diphuputso tsena di entswe ke FATF, e leng mokgatlo wa mmuso o boemong ba matjhaba o thehetsweng ho shebana le taba tsa ho fapanyetsana ho seng molaong ka tjhelete le ho thusa ketso tsa botshosetsi ka ditjhelete. Afrika Borwa haesale e le setho sa FATF ho tloha ka 2003.
1.3.    Tlaleho e feletseng e tla fumaneha ho websaete ya FATF (www.fatf-gafi.org), mme ho tla fumaneha le lengolo le hlalosang dikarabelo tsa mmuso dintlheng tse boletsweng tlalehong mabapi le bofokodi ba mmuso le mehato eo mmuso o ikemiseditseng ho e nka ho matlafatsa dikarolo tseo o fokolang ho tsona. Kabinete e thabetse tlaleho ena haholo. 

2.    Ho Qhalwa ha Boto e Laolang Boingodiso ba Kaho ya Matlo (NHBRC)

2.1.    Kabinete e dumellane le qeto ya Letona la Lefapha la Bodulo ba Setjhaba, Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere Letona Mmamoloko Kubayi ya ho qhala Boto ya NHBRC nakong eo Lefapha la hae le ntseng le itokisetsa ho kgetha Boto e ntjha. Nako ya tshebetso ya Boto ya ha jwale e fedile ka la 31 Phupu 2021 mme e ile ya ekeletswa nako ka la 1 Phato 2021 hore e sebetse ho fihlela ho kgethwa boto e ntjha. 
2.2.    Kabinete e boetse ya dumellana le ho hirwa ha Ntate Mphedziseni Alfred Radzilani jwalo ka motsamaisi wa NHBRC. 

3.    Ho Otlollwa ha Nako ya Koduwa Naheng

3.1    Kabinete e tjhaetse monwana ho otlollwa ha Nako ya Koduwa Naheng ho fihlela ka la 15 Mphalane 2021, ho ya ka Karolo ya bo 27(5) (c) ya Molao wa Taolo ya Dikoduwa wa, 2002 (wa bo 57 wa 2002). 

C.    Ketsahalo e e Tlang
1.    Kgwedi ya Bohahlaudi


1.1.    Naha ena e nka kgwedi ena ya Lwetse e le Kgwedi ya Bohahlaudi mme Mantaha wa la 27 Lwetse e tla be e le Letsatsi la Matjhaba la Bohahlaudi mme tsena tsohle di tla ketekwa tlasa lepetjo le reng “Bohahlaudi bo Kenyelletsang Kgolo – Tsoseletso ho latela COVID-19 – le Kaho Botjha.”  
1.2.    Kgweding ena ya Bohahlaudi ho kgothaletswa Maafrika Borwa ho nka karolo paballong ya mesebetsi ka ho hahlaula naheng ena ka sepheo sa ho tshehetsa Leano la Tsoseletso ya Lekala la Bohahlaudi. 
1.3.    Kabinete e kgothaletsa Maafrika Borwa ho enta e le hore a tle a tsebe ho hahlaula ho potoloha le naha a bohe botle ba naha ya rona a ntse a sa lebale ho ikamahanya le dipehelo tsa bophelo tse kenyelletsang ho apara dimonkwana setjhabeng, ho hlapa matsoho kgafetsa ha mmoho le ho qaqolohana le ba bang.  

D.    Melaetsa

1.    Re lebohisa

Kabinete e lebohisa le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho: 

  • sehlopha sa Afrika Borwa sa Mabelo sa ba Dilemo di ka Tlase ho tse 20, ka tshebetso e ntle Tlhodisanong tsa Bompodi ba Matjhaba tsa Mabelo tsa ba Dilemo di ka Tlase ho tse 20 tse neng di tshwaretswe Nairobi, Kenya ho tloha ka la 17 ho ya ho la 22 Phato 2021. Sehlopa sa rona se kgutlile le dimetale tse robong kaofela, ho kenyeletsa le ya ho roba rekoto ya matjhaba ya dilemo tse nne ya lebelo la dimitara tse 100 la banna ba Dilemo di ka Tlase ho tse 20.
  • sehlopha sa Afrika ka tshebetso e ntle Tlhodisanong tsa Di-paralympics mane Tokyo. Ntando Mahlangu o fumane metale wa kgauta ho Long Jump ya banna, a theha rekoto e ntjha ya banna ya ho tlola sebaka sa dimitara tse 7.17. Anrune Weyers yena o hapile metale wa kgauta lebelong la Basadi la dimitara tse 400. Pieter du Preez le yena o hapile metale wa kgauta dibaesekeleng. Louzanne Coetzee (le motataise wa hae Erasmus Badenhorst) o hapile metale wa silifera lebelong la Basadi la dimitara tse 1 500. 
  • sebapadi sa difilimi Thuso Mbedu, ka ho hapa Kgau ka karolo ya hae ho Dikgau tsa The Underground Railroad ho Hollywood Critics Association TV tsa 2021.
  • Ho Mopresidente e motjha wa naha ya Zambia, Ntate Hakainde Hichilema. Ho tshwarwa ka katleho ha dikgetho tsa ho kgetha mopresidente ho tswetse pele le ho bontsha botsitso naheng ya Zambia le lebatoweng le ka borwa ho Afrika. 
     

2.    Matshidiso

Kabinete e lebisa matshidiso le kutlwelobohloko malapeng le metswalleng ya:

  • Ntate Kebby Maphatsoe (59), Motlatsi wa mehleng wa Letona la Tshireletso le Mekaubere ya Sesole eo ha jwale e neng e le setho sa Palamente. E ne e boetse e le Modulasetulo wa Naha wa Mokgatlo wa Mekaubere ya Sesole sa uMkhonto we Sizwe (MK). Bophelong bohle ba hae o ne a inehetse ntshetsong pele ya naha ena. 
  • Sebini le setho sa pele sa Mahotella Queens, Nobesuthu Mbadu. Mokaubere ona wa sebini o hlokahalletse sepetleleng sa Thelle Mogoerane, Vosloorus, Gauteng a le dilemo di 76. 
     

E.    Kgiro

Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1.    Mme Andiswa Oyama Jass ke Molaodi ya ka Sehloohong wa Ditjhelete Lefapheng la Tikoloho, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi (DFFE).
2.    Moadvokheiti Dinkie Portia Dube ke Molaodi Kakaretso kantorong ya Komeshene ya Tshebeletso tsa Setjhaba. 
3.    Mme Devinagie Bendeman ke Motlatsi wa Molaodi Kakaretso: Lekaleng le shebaneng le Bolaodi, Boikamahanyi le ho Behwa leihlo ha Lekala lena ho DFFE. 

Ditlhakisetso: Mme Phumla Williams – Sebuelli sa Kabinete 
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore