Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 18 Mphalane 2017

Kabinete e kopane ka Laboraro, la 18 Mphalane 2017, Tuynhuys, Motse Kapa.

A. Dintlha tsa Hajwale

1. Letsatsi la Tokoloho ya Boraditaba

1.1. Kabinete e imatahanya le maAforika Borwa mabapi le ho hopola Letsatsi la Tokoloho ya Boraditaba ka Labone, 19 Mphalane 2017.
1.2. Boraditaba ba bapetse karolo e hlokolosi ntweng e neng e le kgahlano le mmuso wa kgethollo, ba pepesa sehloho le bokgopo bo entsweng ke mmuso wa kgethollo. Selemo sena se tshwaya dilemo tse 40 esale mmuso wa kgethollo o thibela dikoranta tse neng di pepesa kgethollo tse kang the World, the Weekend World le the Voice.
1.3. Kajeno, tokoloho ya boraditaba e kenyeleditswe ka matla ka hara Molaotheo wa Aforika Borwa le ho dula e le letshwao la motheo la setjhaba sa bo rona se tswelang pele.
1.4. Kabinete ho feta moo e kgothaletsa maAforika Borwa ho tswela pele ho kgothaletsa phumantsho ya tlhahisoleseding le ho sebedisa tokelo ya tokoloho ya boraditaba ka boikarabelo ho thusa ho aha Aforika Borwa e kopaneng, e hlokang semorabe, e sa kgetholleng ho ya ka bong, ya demokerasi le e tswang pele bakeng sa bohle.

2. Moruo wa Mawatle

2.1. Kabinete e thoholetsa Moporesidente Jacob Zuma mabapi le ho fana ka tlaleho ya kgatelopele ho bankakarolo ka ho kenngwa tshebetsong ha Operation Phakisa bakeng sa Moruo wa Mawatle le ho ipiletsa ho bankakarolo bohle ho tswela pele ho aha selekane le mmuso bakeng sa ho bula bokgoni ba moruo ba mawatle a rona.
2.2. Moruo wa Mawatle o se o nyehetse se ka etsang 4.4% ho Palohohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP) tsa Aforika Borwa mme tlaleho ya Moporesidente ho bankakarolo e bontsha ka matla mekutu e kopanetsweng le tshehetso bakeng sa balekane bohle ba mmuso ba itahletseng ka setotswana ka hara bokgoni bona bo batsi.
2.3. Diporojeke tsa Moruo wa Mawatle ho fihlela mona di se di butse matsete a kopaneng a R24.6 bilione ho tswa mmusong le lekaleng la poraefete, le ho bopa mesebetsi e fetang 6 500.
2.4. Matsete a maholo ka ho fetisisa Moruong wa Mawatle, a hlahisitsweng ka ditsiane tsa mmuso, a lebisitswe ho ntshetsopele ya meralo ya motheo, haholo maemakepe, ho tsa tlhahiso, kaho ya dikepe, kgodiso ya diphedi tsa lewatle le diphuputso tsa saense le lekala la kgase.
2.5. Mmuso o rera ho theha sebaka se le seng se seholohadi sa kaho ya dikepe ka hara Aforika e ka borwa. Phaka ya Kaho ya Dikepe ya KwaZulu-Natal ka hara Boemakepe ba Durban e tla kotula bokgoni ho tswa matseteng a matjha, diyantle le tlhahiso ya mesebetsi.

3. Leeto la Puso ho ya Zambia

3.1. Kabinete e amohela diphetho tsa Leeto la Puso la Mopresidente Zuma la ho etela Riphabliki ya Zambia ho tloha ka la 12 ho isa ka la 13 Mphalane 2017.
3.2. Dipuisano pakeng tsa Moporesidente Zuma le wa mphato wa hae wa Zambia Edgar Lungu di matlafaditse dikamano tse ntle tse ntseng di le teng tsa sepolotiki, tsa moruo le tsa botjhaba pakeng tsa dinaha ka bobedi, tse hlakiswang ke maqhama a matla a nalane ya dilemo tsa ntwa ya tokoloho.
3.3. Dihlooho tsa Dipuso tse pedi tsena di butse semmuso setsha sa Naha sa Bojalefa sa OR Tambo Chelstone, ho la Lusaka, mabapi le ho tlotla nyehelo ya OR Tambo ntweng ya tokoloho ya Aforika e ka borwa.
3.4. Zambia e dula e le e nngwe ya balekane ba ka sehloohong ba kgwebisano le Aforika Borwa ka hara lebatowa le ka hara kontinente. Tshebedisano ho tsa moruo pakeng tsa Aforika Borwa le Zambia e tswela pele ho hola, ka diyantle tsa Aforika tse yang Zambia tse akantsweng ho fihla ho R30 bilione ka selemo sa 2016. Dinaha tsena tse pedi di sebedisana mmoho dibakeng tse fapafapaneng, ho kenyeletswa kgwebisano le matsete, saense le thekenoloji, tshireletso, temo, tikoloho, eneji le bophelo bo botle.

4. Leeto la tshebetso ho ya Nigeria

4.1. Kabinete e thoholetsa Moporesidente Zuma mabapi le ho tlotlwa ka seemahale le hore mmila o rehellwe ka yena Nigeria, nakong ya leeto la tshebetso bakeng sa ho matlafatsa dikamano tsa moruo wa kahisano le mabaka a mang a tshebedisano.
4.2. Mmusisi wa Puso ya Imo, Rochas Okorocha, o tlotlile Moporesidente Zuma ka Kgau ya Tlhompho ya Imo, e leng kgau e kgolo ka ho fetisisa Pusong eo le ho abelwa ba entseng phapang ntshetsopeleng ya badudi ba habo bona.

5. Kopano ya bo-17 ya Rim ya Lekgotla la Matona a Dikgaolo tsa Lewatle la India (IORA)

5.1. Aforika Borwa e nkile Bodulasetulo ba IORA nakong ya kopano ya bo-17 o tshwaretsweng Durban ho tloha ka la 14 ho isa ka la 18 Mphalane 2017.
5.2. Mookotaba wa Aforika bakeng sa nako ya yona ya bodulasetulo o re “Re kopanya Batho ba Aforika, Asia, Australasia le Botjhabela bo Hare ka Tshebedisano e Matlafetseng bakeng sa Kgotso, Botsitso le Ntshetsopele ya Moshwelella”.
5.3. Kabinete e boeleditse boitlamo ba yona ka bodulasetulo bona ho ntshetsa pele tshebedisano ya lebatowa mabakeng a kang a moruo wa mawatle; matlafatso ya basadi moruong; kgodiso ya dikgwebo tse nyenyane, tse mahareng le tse kgolo; matlafatso ya batjha, le tshebedisano ho tsa thuto, saense le thekenoloji.

6. Dikopano tsa selemo ka seng tsa Letlole la Matjhaba la Ditjhelete (IMF) le Banka ya Lefatshe

6.1. Kabinete e tsebisitswe ke Letona la Ditjhelete, Monghadi Malusi Gigaba, ho latela bonkakarolo ba Aforika Borwa dikopanong tsa selemo ka seng tsa 2017 tsa IMF le Banka ya Lefatshe, tse neng di tshwerwe ho tloha ka la 13 ho isa ka la 15 Mphalane 2017.
6.2. Dikopano di fane ka monyetla wa ho lekola kgatelopele ya matjhaba mabapi le dintlha tsa tswelopele le ho hlakisa maikitlaetso a Aforika Borwa bakeng sa ntshetsopele ya moruo wa kahisano, kgolo e kenyeletsang, tlhahiso ya mesebetsi le phediso ya bofuma.
6.3. Kabinete hape e tsebisitswe mabapi le kopano e neng e tshwerwe ke Letona Gigaba le makala a ikemetseng a tekolo ya mekitlane le batsetedi ho tiisetsa botjha maano a hajwale a Aforika Borwa le katamelo ya boitshwaro bo botle ba tshebediso ya ditjhelete tsa mmuso.
6.4. Kabinete e kgotsofetse ka tiisetso botjha e fuweng batsetedi mabapi le meralo ya mmuso ya ho hodisa moruo le boitlamo ba mmuso ba ho sebetsana le dintlha tsa taolo dikgwebong tsa rona tsa mmuso.
6.5. Pehelo ya Leano la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng (MTBPS) e tla tekwa Palamenteng, Motse Kapa, ka la 25 Mphalane mme e tla hlakisa meralo ya mmuso ya tshebediso ya ditjhelete dilemong tse tharo tse tlang.

7. Ntshetsopele ya Meralo ya Motheo

7.1. Kabinete e thoholeditse matlafatso e kgolo mabapi le ntshetsopele ya mmuso ya meralo ya motheo ka ho nehelana semmuso ka marokgo a mararo Botlokwa ho la Limpopo ke Moporesidente Zuma ka la 17 Mphalane 2017.
7.2. Lekala la Mebila ya Naha la Aforika Borwa le ahile marokgo a Botlokwa, e leng borokgo bo le bong ba makoloi le a mabedi a ditaaso hodima mmila wa N1 pakeng tsa Polokwane le Makhado.
7.3. Kabinete e dumela hore porojeke ena e tla ntlafatsa haholo maemo a ho tsamaya le polokeho bakeng sa basebedisi kaofela ba mebila sebakeng seo.

8. Dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng

8.1. Kabinete e thoholetsa Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane bakeng sa ho tshwara mmoho Dipontsho tsa Matjhaba tsa Tjhaena tsa Dikgwebo tse Nyenyane le tse Mahareng (SME) tsa selemong sena, kaha di nyehela bakeng sa ho bula mmaraka wa Tjhaena bakeng sa dikgwebo tse nyenyane le dikoporasi tsa Aforika Borwa. Dipontsho tsa di-SME di tshwaretswe Guangzhou, ho la Tjhaena ho tloha ka la 10 ho isa ka la 27 Mphalane 2017.
8.2. Dikgwebo tse nyenyane ke motso wa moruo wa rona le motjhini bakeng sa kgolo ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi ka hara Aforika Borwa, mme bonkakarolo ba rona dipontshong tsena tsa kgwebo bo kgothaleditse phihlello ya mmaraka le menyetla ya ho hodisa dikgwebo.
8.3. Kabinete e na le tshepo ya hore sena se bontsha boitlamo ba mmuso morerong wa ho kgothaletsa le ho baballa moshwelella boetapele ba dikgwebo. Ho tsetela dikgwebong tse nyenyane ho tla thusa naha ho arabela diphephetso tsa hajwale tsa moruo wa kahisano.

9. Bohahlaudi

9.1. Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Lenaneo la Naha la Balebedi ba Bohahlaudi Soweto, ka Labobedi, 17 Mphalane 2017, le reretsweng ho matlafatsa boiphihlelo ba baeti hammoho le ho matlafatsa polokeho ya bahahlaudi.
9.2. Lefapha la Bohahlaudi, ka bomphato le Bolaodi ba Bohahlaudi ba Gauteng, le thakgotse lenaneo lena Seterateng sa Vilakazi, e leng sona feela seterata lefatsheng se ikgantshang ka bodulo ba Baamohedi ba babedi ba Kgau ya Kgotso ya Nobel – Moporesidente wa mehleng Nelson Mandela le Archbishop Emeritus Desmond Tutu.  
9.3. Lenaneo lena le matahantswe le maikemisetso a Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) mme le rerile ho hlahisa mesebetsi bakeng sa batjha ba 200, ba tla rupellwa ho ba balebedi ba dibaka tsa bohahlaudi bakeng sa nako ya dikgwedi tse 36.
9.4. Kabinete e kgothaletsa beng ba dikgwebo le badudi ba Gauteng ho sebetsa mmoho le balebedi ho ntlafatsa polokeho ya bahahlaudi le ho qhaneha bokgoni ba moruo ho tswa indasetering ena.

10. Saense le Thekenoloji

10.1. Kabinete e amohela le ho thoholetsa borasaense ba nkileng karolo ho diphuputso tsa ditheleskhoupu tsa Bolekodi ba Dinaledi ba Aforika Borwa (SAAO) le Thelesekhoupu e Kgolo ya Aforika e Borwa (SALT). Sena se bakile tshebedisano ya matjhaba e so kang e ba teng esale ho batlisisa motso wa temoho ya pele ya maqhubu a lefatshe a hlahisitsweng ke dinaledi tse pedi tsa dinyotrone ha di thulana. Ho thulana hape ho bakile ho phatloha ha kganya ha kilonova. Kilonova ke ketsahalo ya dinaledi e etsahalang mokgweng wa maemo a mabedi ha dinaledi tse pedi tsa nyotrone kapa naledi ya nyotrone le lesoba le letsho di kopana.
10.2. Tshibollo ena e tshwaya tswalo ya sehla se setjha ho tsa astrofisiksi, e leng ketsahalo ya pele ya sepakapakeng e kileng ya lekolwa ho ka bobedi maqhubu a lefatshe le kganya. Ditheleskhoupu tsa SALT le SAAO di fanne ka datha e nngwe ya pele ho seo se bonahalang e le ketsahalo eo ho ithutwang ka yona ka ho fetisisa ya astrofisiksi.
10.3. SALT le SAAO di hara dibaka tsa tekolo ya dinaledi tse fumanwang fatshe le sebakeng tse 70 tse kileng tsa lekola ho phatloha ha sebakeng ha dinaledi tse pedi tsa nyotrone, hang feela kamora maqhubu a tsona a ho thothomela ha lefatshe a ne a lemohuwa ke Laser Interferometer Gravitational-Wave Observatory ya Amerika le Virgo detector ya Yuropa.

11. Mokete wa Lefatshe wa Batjha le Baithuti

11.1. Russia e tla tshwara Mokete wa Lefatshe wa Batjha le Baithuti wa 2017 ho tloha ka la 14 ho isa ka la 22 Mphalane 2017, e kenetsweng ke batjha ba fetang 20 000 ba tswang dinaheng tse 150.
11.2. Sepheo sa mokete ke ho bokella mmoho batjha ba lefatshe mabapi le mohopolo wa toka, ho matlafatsa dikamano tsa matjhaba, le ho ntshetsapele dikamano tsa merabe e kopaneng le botjhaba bo kopanetsweng.

12. Tshireletso ya bana

12.1. Kabinete e hlahisitse matshwenyeho a yona ho latela ditlaleho tse nyarosang tsa ditlolo tsa molao kgahlanong le bana, tsa moraorao ka ho fetisisa e leng moo ho belaellwang tlhekefetso ka motabo ya baithuti ba fetang 80 ba Sekolo sa Poraemari sa AB Xuma Orlando, ho la Soweto ke molebedi wa sekolo. Lefapha la porofense le thoholetswa bakeng sa karabelo e potlakileng ka ho tlosa hanghang, bolaodi bo ka sehloohong ba sekolo seo, ho tlisa basebeletsi ba setjhaba le ho etsa dipatlisiso ka tshebediso ya lekala le ikemetseng.
12.2. Kabinete e ipiletsa ho badudi bohle ka hara Aforika Borwa ho sebetsa mmoho bakeng sa ho sireletsa bana bohle kgahlanong le sebopeho sefe kapa sefe sa kotsi kapa tlhekefetso, le ho sebetsa le sepolesa bakeng sa ho etsa hore metse ya rona e bolokehe.

13. Ditlhatlhobo

13.1. Kabinete e na le tshepo ya hore ditlhatlhobo tsa mafelo a selemo tsa dikolo di tla tswela pele ntle le tshitiso ho latela boipilaetso ba bongata bo neng bo eteletswe pele ke Mokgatlo wa Basebetsi wa Matitjhere wa Aforika Borwa (SADTU).
13.2. SADTU e fanne ka memorandamo ho Letona la Thuto ya Motheo, Mofumahadi Angie Motshekga, ya itlammeng ho rarolla dintlha tsa ngongoreho kapele kamoo ho ka kgonehang. Ho bohlokwa hore bankakarolo kaofela ba sebetse mmoho bakeng sa ho bopa tikoloho e nepahetseng e tla thusa baithuti ho tsepamisa maikutlo thutong le ditlhatlhobong tsa bona.

14. Difefo

14.1. Kabinete e fetisa matshediso a yona a tebileng ho baratuwa ba ba hlokahetseng nakong ya difefo tsa haufinyana tjena dikarolong tse ding tsa naha.
14.2. Kabinete hape e fetisetsa diteboho tsa yona ho baithaopi bohle, mekgatlo ya setjhaba, badudi, basebeletsi ba dithuso le dihlopha tsa Taolo ya Dikoduwa bakeng sa ho thusa ba amehileng.
14.3. Letona la Puso e Kopanetsweng le Merero ya Botjhaba, Monghadi Des van Rooyen, boemong ba hae jwaloka hlooho ya Setsi sa Naha sa Taolo ya Dikoduwa ka hara Aforika Borwa, o etetse dibaka tse anngweng ke difefo le dipula tse matla ka hara Masepala o Moholo wa eThekwini KwaZulu-Natal ka la 13 Mphalane 2017 le Masepala wa Lehae wa Mogale City Gauteng ka la 16 Mphalane 2017.

Ka lebaka la dipula tse matla le difefo tse ruthuthileng dikarolo tse ngata tsa naha, ho hlokahetse batho ba19 mme batho ba fetang 20 ba lemetse. Letona van Rooyen hape le etetse sebaka sa diketsahalo tsa Philippi ho la Kapa Bophirima moo ditho tse tsheletseng tsa lelapa, ho kenyeletswa bana ba bararo, di ileng tsa hlokahala ka lebaka la mollo o haitseng mekhukhu e meraro le lebenkele.

15. Life Esidimeni

15.1. Kabinete e ananela ho qala ha motjha wa tharollo ya dikgang wa Life Esidimeni jwaloka se ka nnang ya ba qalo ya ho qeta taba ena bakeng sa malapa a bakudi ba hlokahetseng.
15.2. Kabinete e hlahisa tshepo e felletseng ho Motlatsi wa Moahlodi e Moholo wa Lekgotla la Molaotheo ya behileng meja fatshe Dikgang Moseneke, eo e leng modulasetulo wa taba ena le ho lakaletsa ditho tsa malapa matla ho tswa botebong ba dipelo jwaloka ha e lemoha seo e tlamehang e le bopaki ba boima ba masisapelo ana.
15.3. Dipatlisiso ha di a lokela feela ho thusa ba malapa a amehang hore ba thobehe maikutlo empa hape di lokela ho hlahisetsa mmuso dintho kaofela tseo o lokelang ho ithuta tsona. Mmuso o itlametse ho fana ka ditshebeletso tsa boleng ho maAforika Borwa kaofela.

16. Ntaramane ya Avian

16.1. Kabinete e netefaleditswe hore Lefapha la Temo, Meru le Ditlhapi (DAFF) le ikitlaeditse ho etsa tekolo ya ka dinako tsohle mapolasing ho phatlalla le naha e le mokutu wa ho thibela ho nama ha ho runya ha Ntaramane ya Avian (HPAI) H5N8.
16.2. Melatsitsi ya ntaramane ya avian e sibollotswe dinonyaneng. Kabinete e kgothaletsa setjhaba ho tlohela ho tshwarana le dinonyana tse kulang kapa tse shweleng mme se se leke ho fepa dinonyana tse hlaha empa ba ka mpa ba tlaleha dinonyane tseo ba belaelang hore di a kula ho balaodi ba lehae.

17. Ditlhaselo tsa Mapolesa

17.1. Kabinete e tshwela ka mathe tlhaselo ya ditho tse tsheletseng tsa ditho tsa Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS) Vanderbijlpark ho la Gauteng ka la 10 Mphalane 2017 ke ditho tsa badudi.
17.2. Makala a qobello ya molao a fuwe thomo ya ho sireletsa setjhaba ketsong efe kapa efe ya botlokotsebe. Kahoo, ha ho kgalefo e ngata hakae e ka dumeletsehang ya hore mang kapa mang o lokela ho hlasela makala a qobello ya molao.
17.3. Kabinete e kgothaletsa ditho tsa badudi ho sebetsa mmoho le sepolesa ho tshwara ditlokotsebe le ho thusa ho etsa Aforika Borwa e bolokehe bakeng sa bohle.
 
B. Diqeto tsa Kabinete

18. Lenaneo la Matlo la Setjhaba

18.1. Kabinete e tsebisitswe ka diphetho le dikgothaletso tsa Tekolo ya Dikgahlamelo le ho Kenngwa Tshebetsong ha Lenaneo la Matlo a Setjhaba le moralo wa ntlafatso, ka morero wa ho lwantsha dipaterone tsa phano ya dibaka tsa mmuso wa kgethollo ka ho ntlafatsa maemo a dibaka le ho kopanya bodulo ba metse ya ditoropo ba diporojeke tsa matlo.
18.2. Lenaneo lena le fana ka bodulo bo kgonehang ba kgiro bakeng sa malapa a lekeno le tlase le le mahareng dibakeng tseo maemo a mmaraka a neng a tla ba qhelela ka thoko kapa ho ba abela bodulo bo sa lokang.
18.3. Lena ke lona lenaneo feela le thusang ka ditjhelete tsa mokitlane; le nkelang hloohong ho ba teng ha nako e telele bokgoni ba moshwelella ba diporojeke; mme le bopa motsamao o motle wa tjhelete moo bahiri ba lefang rente le moo ditheo tsa matlo di lefang sekgahla sa tshebediso, makgetho le ditefello tsa tshebeletso ho bomasepala.
18.4. Tlaleho ena e thusa mafapha a amehang ho ya pele ho ntlafatsa meralo ya yona ya tshebetso ka ho latelana. Tlaleho e felletseng e tla manehwa websaeteng ya Lefapha la Merero, Bodisa le Tekolo ya Tshebetso (www.dpme.gov.za).

19. Tshebeletso ya Naha ya Batjha (NYS)

19.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Lenaneo la Moralo la NYS le shebuweng botjha le ho ntlafatswa jwaloka karolo ya ho ntshetsa pele batjha jwaloka badudi ba mahlahahlaha ba Aforika Borwa.
19.2. NYS ke sethusi bakeng sa batjha ka hara Aforika Borwa hore e be baahi ba mahlahahlaha ba naha le ho nyehela ka bokgabane ntshetsopeleng ya naha ka ho le leng ba fihlella ntshetsopele ya bo bona le ya seporofeshenale. Sena se tla kenyeletsa batjha hore ba nke karolo mesebetsing e tswelang badudi ba lehae molemo ha e ntse e ntshetsa pele bokgoni ba bona ka tshebeletso le ho ithuta hore menyetla ya bona ya ho kenella mebarekeng ya mesebetsi le ho ba baetapele ba dikgwebo e matlafale.

20. Foramo ya bo-3 ya Aforika ya Beke ya Katoloso ya Ditshebeletso tsa Boeletsi tsa Temo

20.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tshwarwa ha Foramo ya bo-3 ya Aforika ya Katoloso ya Ditshebeletso tsa Boeletsi ba Temo, e tla tshwarelwa KwaZulu-Natal ho tloha ka la 30 Mphalane ho isa ka la 3 Pudungwana 2017.
20.2. Ketsahalo e matahantswe le NDP le ho hlwaya kanetso ya dijo jwaloka tsela ya ho sebetsana le diphephetso tse tharo tsa tlhokeho ya mesebetsi, bofuma le ho se lekalekane.
20.3. Mookotaba o re: “Re ntlafatsa mokgwa wa temo wa tlelaemete wa maemo: ho kopanya batjha, basadi, le diphethoho ho tsa dijithale”, mme ketsahalo eo e tla tshwarwa tlasa boetapele ba DAFF, ka tshebedisano le Mokgatlo wa Aforika Borwa wa Katoloso ya Temo le Foramo ya Aforika ya ditshebeletso tsa Boeletsi ba tsa Temo.
20.4. Marangrang ana a kontinente bakeng sa Katoloso ya Temo le Ditshebeletso tsa Boeletsi (AEAS) ka hara Aforika a fana ka lepatlelo bakeng sa ho ithuta ho kopanetsweng le ntlafatso hara bafani ba AEAS ho phatlalla le Aforika le lefatshe.
20.5. NDP hape e kgothaletsa ntlafatso ya ntshetsopele ya maitsebelo le thupello lekaleng la temo, ho kenyeletswa le thupello ya lebotho le letjha la balemisi ba tla arabela ka bokgabane ditlhokong tsa dihwai tse nyenyane.

21. Sehlopha sa Lefatshe sa Kgwebisano ya Veine

21.1. Bakeng sa ho nyehela ho tlosweng ha ditshita tsa kgwebisano, Kabinete e tsebisitswe ka bodulasetulo ba Aforika Borwa ba Sehlopha sa Lefatshe sa Kgwebisano ya Veine ho tloha ka Mmesa 2017 ho isa Motsheanong 2018. Jwaloka modulasetulo, Aforika Borwa e tla tshwara kopano ya selemo ka seng ya Sehlopha sa Lefatshe sa Kgwebisano ya Veine Motse Kapa ho tloha ka la 1 ho isa ka la 3 Pudungwana 2017.
21.2. Sehlopha se rerile ho thusa ka kgwebisano ya matjhaba ka veine ka ho arolelana tlhahisoleseding, ho buisana ka dintlha tsa taolo mebarakeng ya veine le diketso tse kopanetsweng tsa ho tlosa ditshita tsa kgwebisano. Bahlahisi ba ntseng ba runya le diyantle tsa indaseteri ya veine ya Aforika Borwa ba kgola molemo bonkakarolong ba Aforika Borwa.
21.3. Sena se nyehela ho Moralo wa Dintlha tse Robong le NDP, tse rerileng ho hlasimolla botjha lethathama la boleng la temo le tswelliso ya dihlahiswa tsa temo. Lekaleng la temo, sepheo ke ho eketsa sebaka se tlasa tlhahiso ya veine, ho tshehetsa bahlahisi ba banyenyane le ho sheba mebaraka e itseng bakeng sa kgolo ya diyantle.

22. Kopano ya bo-5 ya Selemo ka Seng ya Mokgatlo wa ID4Africa

22.1. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Aforika Borwa e tshware Kopano ya bo-5 ya Selemo ka Seng ya Mokgatlo wa ID4Africa ka selemo sa 2019.
22.2. ID4Africa ke mokgatlo wa bankakarolo ba bangata o kgothaletsang kamohelo e bonaletsang le e nang le boikarabelo ya boitsebiso ba dijithale bakeng sa ho kganna ntshetsopele ya moruo wa kahisano ka hara Aforika.
22.3. Dipuisano di reretswe ho ntlafatsa tsela eo boingodiso ba setjhaba le datha ya dipalopalo tsa bohlokwa di bokellwang, di hokahangwang le ho hlophollwa ka yona, ho etsa hore ho be le tlhahisoleseding e tshepahalang bakeng sa baetsi ba maano.
22.4. Ho tshwara pitso ena ho tla thusa Aforika Borwa ho fihlella merero e meng ya NDP le ho bopa temoso ya molemo wa lewa bakeng sa ditsamaiso tsa Aforika Borwa tsa boitsebiso tse kang tsamaiso ya ho sebetsana le diphasepoto le ditokomane tsa dikarete tsa thekenoloji tsa boitsebiso (ID). Hape e tla hlokomedisa dinaha tse ding ka hara lebatowa ho ananela melemo ya dikarete tsa tsa boitsebiso.

23. Dipalopalo tsa Naha tsa Botlokotsebe

23.1. Kabinete e tsebisitswe ka dipalopalo tsa naha tsa botlokotsebe bakeng sa nako ya la 1 Mmesa 2016 ho isa ho la 31 Hlakubele 2017.
23.2. Dipalopalo tsa selemo ka seng di thusa mmuso ho beha leihlo dibaka tse ka sehloohong tsa botlokotsebe tse lokelang ho lwantshwa, jwaloka ha ho tekilwe ho Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF) wa 2014-2019. Dipalopalo tsa botlokotsebe di sebediswa jwaloka mokgwa wa temoso wa pele ho matlafatsa ditshebetso tsa thibelo ya botlokotsebe le mawa a mafapha a fapafapaneng.
23.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho lokollwa ha tlaleho ya Letona la Sepolesa, Monghadi Fikile Mbalula.

C. Diketsahalo tse tlang

24. Mokete wa Dilemo tse Lekgolo wa OR Tambo

24.1. Kabinete e thabisitswe ke hore boitokisetso ba mokete wa dilemo tse lekgolo tsa tswalo ya OR Tambo bo se bo le pele le ho ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho tswela pele ho itlwaetsa lefa la qhoku ya rona ya Ntwa ya tokoloho, karolo eo a e bapetseng tokolohong ya rona, le dipehelo tsa hae tse ntseng di re tataisa le kajeno.
24.2. Moporesidente Zuma o tsebisitse selemo sa 2017 e le Selemo sa OR Tambo tlasa mookotaba: “Bophelo le Lefa la OR Tambo” mme, ka Labone, la 19 Mphalane 2017, o tla bula seemahale sa boholo bo lekanang le bophelo ba nnete ba OR Tambo Boemafofaneng ba Matjhaba ba OR Tambo Ekurhuleni, ho la Gauteng.
24.3. MaAforika Borwa a kgothaletswa ho kenela mekete ya dilemo tse lekgolo, e tla fihlella sehlohlolo ka la 27 Mphalane Mbizana, ho la Kapa Botjhabela, e leng tulo ya tswalo ya qhoku ena ya Ntwa dilemong tse 100 tse fetileng.
24.4. Mmuso o tswela pele ho ahella hodima lefa la OR Tambo ho tloha ka selemo sa 1994, le dikuno tse ngata tsa rona jwaloka maAforika Borwa di lokela ho ketekwa le ho tshireletswa.
24.5. Komiti e Kopanetsweng ya Matona e fuweng mosebetsi wa ho lokisetsa mekete ya dilemo tse lekgolo, tlasa bodulasetulo ba Letona Jeff Radebe, e tla tsebisa boraditaba ka boemo ba boitokisetso ka Labohlano, 20 Mphalane 2017.

D. Melaetsa

25. Tlhaselo Somalia

25.1. Kabinete e tshwela ka mathe ka matla tlhaselo ya bomo haufinyana tjena ka ntle ho hotele ya Mogadishu, ho la Somalia. Ho tlalehilwe hore bonyane batho ba 300 ba hlokahetse mme ba bang ba balwang ka makgolo ba lemetse. Kabinete e fetisetsa matshediso ho baratuwa ba batho ba hlokahetseng tlhaselong ena e sehloho ya batho ba se nang molato.

26. Matshediso ho lelapa la Lubisi

26.1. Kabinete hape e fetisetsa matshediso a yona a tswang boteng ba pelo ho Motsamaisi-Kakaretso Kantorong ya Moporesidente, Ngaka Cassius Lubisi, ho latela ho hlokahala ha mohatsae, Mofumahadi Lumka Lubisi, pejana kgweding ena. Kabinete e lakaletsa lelapa matla nakong ena e boima ya mahlomola.

E. Dithonyo
Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.
(a) Motlatsi wa Motsamaisi-Kakaretso (DDG): Bolaodi ba Thupello le Phano, Sekolothupello sa Naha sa Mmuso, Monghadi S Manana;
(b) Mohlanka e Moholo wa Ditjhelete, Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba (DPW), Mofumahadi R Sadiki;
(c) Hlooho ya Lekala: Bolaodi ba Kaho ho DPW, Monghadi B Mokhothu;
(d) DDG: Ditjhelete tsa Mmuso ho Lefapha la Matlotlo a Naha, Ngaka MP Modise;
(e) DDG: Ntshetsopele ya Ditshebeletso tse Phahameng tsa Ditshebeletso tsa Kalafo tsa Dipetlele le Kgiro ya Basebetsi, Lefapha la Bophelo bo Botle, Ngaka WW Chitha;
(f) Motsamaisi wa Phethahatso wa Setsi sa Ntjhafatso sa Tshebeletso ya Mmuso, Mofumahadi TE Rabebe;
(g) Boto ya Nakwana ya Lekala la Bapalami ba Diterene la Aforika Borwa (Prasa):

  • Moatefokate Tintswalo Annah Nana Makhubele (SC) – (Modulasetulo);
  • Ngaka Natalie Skeepers;
  • Moporofesara John Maluleke; le
  • Mofumahadi Magdelene Cheryl Reddy.

(h) Boto ya Tshebeletso ya Difofane ya Aforika Borwa:

  • Monghadi JB Magwaza – (Modulasetulo);
  • Mofumahadi Nolitha Fakude – (Motlatsi wa Modulasetulo);
  • Monghadi Geoff Rothschild;
  • Mofumahadi Tinyiko Mhlari;
  • Monghadi Ahmed Bassa; le
  • Monghadi Martin Kingston.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Motsamaisi-Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo (GCIS)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore