Puo ya Mopresidente Cyril Ramaphosa mabapi le Kgatelopele Boitekong ba Naha Twantshong ya sewa sa COVID-19

Maafrika Borwa a heso, 

Ke bua le lona phirimaneng ena re kena mokgahlelong o motjha wa ntwa kgahlano le kokwanahloko ena ya corona. 

Pejana kajeno, nna le Motlatsa Mopresidente David Mabuza, Letona la tsa Bophelo Ngaka Zwelini Mkhize mmoho le letona Khumbudzo Ntshavheni, re amohetse mokgahlelo wa pele wa ente ya COVID-19.

Mokgahlelo ona wa pele wa ente tse milione tsa Covishield, o hlahiswang ke Serum Institute ya India, o fihletse mane Boemafofaneng ba Matjhaba ba OR Tambo mantsiboya.

Ente ena e hlahisitswe ka kopanelo ke khamphane e hlahisang meriana AstraZeneca, mmoho le Yunivesithi ya Oxford. Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tseo ho tsona ho etseditsweng diteko tsa ente ena teng. 

Ho fihla ha ente ena, ho tlisa tshepo ntweng kgahlano le bohloko bona bo seng bo bakile mathata a maholo naheng ena le lefatsheng ka bophara. 

Ho hlahiswa ka bongata bo bokana ha ente ena ka nakwana e kgutshwane hakana, ke katleho e babatsehang haholo, e bontshang hore ha setjhaba se tshwarisane, se ka fihlela leholo. 

Afrika Borwa haesale e le karolo ya letsholo lena la matjhaba la ho fumana tharollo ntweng kgahlano le sewa sena sa COVID-19. 
 
Ke rata ho leboha Maafrika Borwa ohle a ileng a ithaopa a nka karolo ditekong tse fapafapaneng tsa ente ena, mme hape ke rata ho rolela boradipatlisiso bohle ba neng ba eteletse dipatlisiso tsena pele kgaebana. 

Boradipatlisiso ba rona ba bangata ba ile ba nka karolo mofuteng o ikgethang wa dipatlisiso lekaleng la dithuto tsa lefutso la motho mme ba kgonne ho fumana dintlha tse ntjha ka kokwanahloko ena eo ba ileng ba qetella ba bitsa dikarolwana tsa yona 501Y.V2.

Jwalo ka ha ente e se e fihlile, mokgatlo wa Naha wa Taolo ya Dilaboratori o tla e beha ditekong ho lekola hore boleng ba yona ha bo a thotofala nakong ya leeto la ho tla kwano. 

Ka mora diteko tseo, ente ena e tla tsamaiswa ho phatlalla le naha ho ya ho diketekete tsa basebeletsi ba rona ba tsa bophelo bo botle, ba dulang ba beha maphelo a bona kotsing molemong wa ba bang. 

Re tlameha ho netefatsa polokeho ya bona ha ba ntse ba re pholosa. 

Leano la rona la kabo ya ente ena, le tla qala ka bona basebeletsi ba rona ba tsa bophelo bo botle, ba mmuso le ba lekala le ikemetseng. 

Mafapha a tsa bophelo diprofensing kaofela, a se a re nehile maano ao a tla a sebedisa ho aba ente ena mme re se re bile re hlwahile ditse tse ka bang 200 moo ente ena e tla abelwa teng. 

Ha re se re qetile ka basebeletsi ba tsa bophelo bo botle, jwale re tla fetela mokgahlelong wa bobedi oo ho ona re tlang ho enta basebeletsi bohle ba ditshebeletso tsa bohlokwa, batho ba baholo ba dilemo di fetang 60, batho ba nang le mahloko a sa alafeheng mmoho le ba dulang ditseng tsa kokelo le dihoseteleng. 

Mokgahlelo wa boraro ona o tla kenyeletsa batho bohle ba baholo. 

Ke a tseba hore bongata ba lona le ipotsa potso e tshwang: ke tla e fumana jwang ente ena jwalo ka ha ke wela ho o mong wa mekgahlelo ena eo ke seng ke e badile.
 
Se kgathatsehe, Lefapha la Bophelo le thakgotse Leano la Boingodisetso ba Ente ena Disebedisweng tsa Ileketroniki . Ka lona, le tla kgona ho bokeletsa dintlha tsohle tse hlokahalang ho laola kabo ya ente ena.
 
Leano lena le tla thusa batho hore ba phakise ho ipeheletsa sebaka ditseng tse haufi le bona ha nako ya ho enta e qala. Leano lena le tla kgona ho boloka dintlha tsohle tsa batho ba entuwang. 

Jwalo ka ha ke ile ka bolela dipuong tsa ka tsa nako e fetileng, re rekile diente tse dingwe ho bahlahisi ba fapafapaneng. 

  • Ntle le ente tsena tse milione tsa Covishield tseo re di fumaneng kajeno; re lebeletse tse ding tse 500 000 ho tswa Serum Institute ya India mafelong a Hlakola.
  • Re rekile ente tse ding tse dimilione di 12 mokgatlong wa matjhaba wa COVAX, o hakantseng ho qala ka ho re tlisetsa tse dimilione di pedi ka Hlakubele. 
  • Re boetse hape re rekile tse dimilione di robong khamphaneng ya Johnson & Johnson, e tla qala ho re neha tsona kotareng ya bobedi ya selemo sena. Johnson & Johnson, e kene tumellanong le Aspen, e nngwe ya dikhamphane tsa rona tse hlahisang meriana, ho hlahisa ente ena mona Afrika Borwa. 
  • Ho feta moo, Pfizer le yona e tshepisitse ho fana ka ente tse dimillione di 20, tseo le bona ba tla qala ho re neha tsona kotareng ya bobedi ya selemo. 

Re boetse hape re ntse re buisana le bahlahisi ba bang ho fumana tse ding hape. 

Afrika Borwa e tla boela e fumana ente tse ding Mokgatlong wa Dinaha tsa Afrika, oo le ona o buisaneng le bahlahisi ba bangata ho rekela dinaha tsohle tsa kontinente ena ka kopanelo. 

Mokgatlo ona wa Dinaha tsa Afrika, o thehile Komiti e Shebaneng le ho Rekwa ha Ente ena mme ho fihlela jwale, komiti ena e se e reketse kontinente ena ente tse bilione. 
Dimilione tse 700 ho tsona, di tla tswa mokgatlong wa matjhaba wa COVAX mme tse dimilione di 300 tsona, di bokeleditswe ke yona komiti ena. 

Re tla boela hape re amohela le dinehelo ho tswa dikhamphaneng tse ikemetseng ho eketsa ente tseo kontinente ya rona e di hlokang.

MTN, e nngwe ya dikhamphane tsa kwano e hwebang dinaheng tse ngata kontinenteng ena, e nehetse ka ditolara tse dimilione tse 25 ho reka ente tse dimilione di supa tse tla fuwa dinaha tsa Afrika nakong e etsang dibeke feela. 

Ke rata ho leboha MTN haholo ka mpho ena, mme ke ntse ke etsa kgoeletso dikhamphaneng tse ding ho hata mehlaleng ya yona.
 
Tema e seng e kgathilwe e kgolo haholo mme ho a nthabisa ho bona hore re sebedisana hantle haholo le dikhamphane tse ikemetseng letsholong lena la naha la kabo ya ente. Tshebedisano ena e kenyeletsa tshehetso ya ditjhelete, ho tsamaiswa ha ente, esitana le taolo ya kabo ya yona. 

Tsena kaofela ke ditholwana tse ntle tsa mosebetsi wa mmuso le dikhamphane tse ikemetseng, ba dutseng ba kopana ka mehla le matsatsi, ho rala maano a kabo ya ente ena. 

Re ikemiseditse ho fumana ente e lekaneng ho ka enta karolo e kgolo ya setjhaba. 

Ha re ka fihlela sena, re tla be re kgonne ho sireletsa setjhaba sa rona ho kokwanahloko ena hobane le ba sa entwang ho keke ha ba bobebe hore ba tshwaetsehe. Ka mokgwa ona, re tla kgona ho laola kokwanahloko ena. 

Borasaense ba rona ba hakanya hore ha re ka kgona ho enta bonyane dipersente tse 67 tsa setjhaba, re tla be re kgonne ho fihlela phehelo ya rona. 

Dipersente tsena ke palo e ka bang dimilione tse 40 tsa Maafrika Borwa. 

Re tla etsa matsapa ohle ho fumana ente e lekaneng ho enta palo e kgolo ya setjhaba sa rona. 

Ente ena eo re e rekang, e fetile ditekong tse ngata ho kenyeletsa le tse entsweng bathong. 

Hodima ho hlahisa molemo wa tsona, tsela eo diteko tsena di entsweng ka yona, e kgona le ho fumana kotsi ya ditlamorao tsa diente tsena. Ho na le bahlahlobi ba ikemetseng, ba shebisisang dintlha tsohle ho netefatsa hore ha e kotsi. 

Ente ena eo re e rekang, e fetile ditekong tse ngata tsa bongaka dinaheng tse fapafapaneng. 

Kaofela ha rona re batla ho arohana le kokwanahloko ena. Re batla ho bolokeha mmoho le baratuwa ba rona. 

Maikemisetso a maholo a rona ke ho enta batho bohle ba baholo ho sa natsehe hore ke matswallwa a naha ena kapa tjhe. 

Re tlo rala le leano la ho tobana le pharela ya melata e naheng ena ntle le mangolo, e le hore re tle re tsebe ho tseba ba entilweng le ba sa entwang ho bona. 

Ho tla ba molemong wa batho kaofela ha bongata ba rona re ka phallela ho fumana ente ena.

Leha ho le jwalo, ke batla ho hlakisa taba ena. Ha ho motho ya tla qobellwa ho entwa. Ha ho motho ya tla hanelwa ho eta, ho ingodisa sekolong kapa ho nka karolo diketsahalong tsa setjhaba hobane feela a sa entwa. 

Ha ho motho ya tla entwa a sa batle kapa hona ho entelwa sephiring. 

Menyenyetsi ya sena ha se nnete, athe hape e kotsi. 

Maafrika Borwa a heso,

Karolo ya pele ya ditaba tse monate, ke ya ho fihla ha ente. 

Ya bobedi, ke ya hore ho tloha maqalong a Tshitwe ngwahola, palo ya batho ba tshwaetsehang ka letsatsi e theohile haholo. 

Hantlentle ka kakaretso nkare sekgahla sa tshwaetso haesale se ntse se theoha dibekeng tsena tse tharo tse fetileng, e leng se bolelang hore re fetile jwale sehlohlolong sa leqhubu lena la bobedi. 

Palo kakaretso ya tshwaetso ya letsatsi matsatsing ana a supileng a fetileng, e ballwa ho 5 500, ha e bapiswa le e fetang 10 000 ya matsatsing a supileng a peleng.

Ka mantswe a mang, ditshwaetso tsa letsatsi di theohile ka halofo kaofela. 

Palo ya batho ba amohelwang dipetlele e theohile le yona. 

Ha re ne re le sehlohlolong sa leqhubu lena la bobedi, re ne re amohela batho ba ka bang 2 300 ka letsatsi dipetleleng tsa rona. Palo ena jwale e theohetse ho 295 ka letsatsi mohla la 29 Pherekgong. 

Jwalo ka ha dintho di bontsha di tla hantle, re sa ntse re na le ditshwaetso tse batlang e le tse ngata. 

Re motlotlo e le ka nnete ho bona hore bongata ba batho ho phatlalla le naha, bo ikobela dipehelo tseo re di behileng le ho latela melawana ya bophelo bo botle ho lwantshana le tshwaetso. 

Ke batla ho rolela dimilione tsa Maafrika Borwa kgaebana ka ho hlompha ka mamello ho kginwa ha metsamao le mesebetsi ya ona boitekong ba ho lwantsha tshwaetso le ho pholoseng maphelo. 

Le ile la mamela ha ho thwe ha ho hlokahale motho ya tla otlolla maoto lewatleng, ya tla etsa pikiniki phakeng esitana le meketjana ya bosiu molemong wa ho pholosa maphelo. 

Re tlameha ho tseba hore ho kginwa hona ke ntho ya nakwana, empa ha bophelo bo lahleha, bo lahlehetse ruri. 

Leha ho le jwalo, re a tseba hore mehato ena eo re e nkileng ho lwantsha kokwanahloko ena, e tlisitse maima le mathata maphelong a batho. 

Re hlokometse hore ho kginwa hona ha ditshebeletso ho thefutse dikgwebo tse ngata, mme ha lahleha le mesebetsi e mengata makaleng a kang la kamohelo ya baeti, bohahlaodi le indastering tse ding tse kang tseo. 

Leha re ntse re batla ho lwantsha sewa sena, le ho pholosa maphelo a batho, empa re bone hore ha ho sa hlokahala hore re tswelepele le ho kginwa hona. 

Ka lebaka lena, re tlameha ho tswelapele ho sebedisana mmoho le lekala la tsa kgwebo le la basebetsi ho theha leano la nakwana le la nako e telele la ho tsoseletsa dikgwebo le ho theha menyetla ya mesebetsi botjha. 

Matsatsing a mmalwa a fetileng, re hlahlobile maemo a sewa sena. Re ile ra fumana le keletso ya ditsebi, ra buisana le kemedi ho tswa diprofensing, bomasepala esitana le ntlong ya marena. 

Jwalo kaha re bone dipalo tsa tshwaetso ya ba amohelwang dipetlele le ya ba lahlehelwang ke maphelo e theoha, Khabinete e nkile qeto ya ho nyehlisa e meng ya melawana ya ho kginwa ha ditshebeletso Maemong ana a Boraro. 

  • Dihora tsa ho thibelwa ha ho tsamaya ha batho ke hora ya leshome le motso o le mong bosiu ho ya ho hora ya bone mesong.
  • Dikgwebo di tlameha ho kwala ka hora ya leshome bosiu ho fa basebeletsi monyetsa wa ho fihla malapeng pele dihora tsa thibelo di qala.
  • Dikereke di se di ka qala ho sebetsa jwale, empa di latela melwana ya tsa bophelo bo botle. 
  • Dikerekeng mona ho dumelletswe palo e sa feteng 50 haeba ba le ka hara moaho, ha ba le kantle e be e sa feteng 100. Haeba moaho o le monyane, palo ha e a tlameha ho feta halofo ya palo e amohelwang ke moaho oo. Sena se etsetswa ho kgona ho fihlela molawana wa ho qaqolohana ha batho.
  • Dibaka tsa setjhaba tse kang mawatle, matsha, dinoka, diphaka le matamo a ho sesa, di tla sebetsa, empa di latela melawana ya tsa bophelo bo botle. 
  • Ho kginwa ha thekiso ya jwala ho tla nyehliswa.
  • Dibaka tse rekisang jwala tse nang le mangolo, di tla dumellwa ho rekisa ho tloha ka Mantaha ho ya ho Labone, ho tloha ka hora ya leshome hoseng ho ya ho hora ya botshelela phirimaneng bakeng sa ba rekang ba sa nwele mono.
  • Mabenkele a bahahlaodi, bahlahisi ba veine ba nang le mangolo le borapolasi ba bona, dikhamphane tse nnyane le tse kgolo tse ritelang biri le jwala ba sekgowa, kaofela ba tla dumellwa ho rekisetsa ba rekang ba nwele mono ka dinako tsa bona tse tlwaelehileng tsa tshebetso. 
  • Ditamene le dibaka tsa ho jela tse nang le mangolo, di ka rekisetsa ba nwelang sebakeng seno beke kaofela ho tloha ka hora ya leshome hoseng ho ya ho hora ya leshome bosiu .

Re entse diphetoho tsena hobane re bone ho theoha ka matla ha palo ya ba amohelwang dipetlele ka lebaka la COVID-19 diprofensing kaofela, e leng se fokoditseng kgatello dipetleleng le basebeletsing ba tsona. 

Ke etsa thapedi ho lona kaofela hore le nwe ka boikarabelo, ha re batle ho bona palo ya tshwaetso e nyoloha hape ka lebaka la boitshwaro bo hlephileng. 

Jwalo ka ha re boela re nyehlisa dipehelo tsa ho kginwa ha ditshebeletso hape, boikarabelo le bona, bo ntse bo hola ho e mong le e mong wa rona. 

Leha re bona kgatelopele, empa palo ya tshwaetso yona e ntse e le teng, le monyetla wa hore e mpefale o moholo. 

Ka lebaka lena, re tlameha ho se fetole ho kginwa ha ditshebeletso ka lebaka la kokwanahloko ena ya corona maenong ana a boraro, ho bontsha hore kotsi ya tshwaetso e sa le teng. 

Melawana e mengata ya thibelo ha e na ho fetoha.

  • Dikopano tsa boithabiso, tsa dipolotiki, dipitso tsa marena le tsa mabaleng a dipapadi, ha di so dumellwe. 
  • Sena ha se kenyeletse dikereke le mafu le tse ding tse kang dibaka tsa ho jela le tsa boikwetliso, tse nang le dipehelo tsa tsona. 
  • Mafung ho dumeletswe batho ba sa feteng 50, ba tlamehang ho qaqolohana, ho apara semonkwana le ho hlwekisa matsoho ka sebolaya dikokwanahloko. 
  • Motho ohle o ntse a lebeletswe hore a apare semonkwana ha a le setjhabeng.

Leha re tla tswelapele le letsholo la ente selemo ho pota, ho leka ho fokotsa palo ya tshwaetso, empa re ntse re tlameha hoba sedi ho thibela ho ata ha tshwaetso. 

Sena se bohlokwa haholo jwalo ka ha mofuta ona wa kokwanahloko o bitswang – 501Y.v2 – o phatlalletse le naha.

Re a tseba hore o kotsi haholo ho feta wa pele mme e ka nyolla le palo ya ba tla hloka ho amohelwa dipetlele. 

Jwale re se re tseba hore tshwaetso e tsamaya jwang. 

Haeba ka lapeng ho ena le ya nang le COVID-19, mme maemo a tlhweko a se matle, ho ba bobebe hore ditho tse ding tsa lelapa di tshwaetsehe. 

Ke lebaka lena, batho ba ileng ba kopana le ba tshwaetsehileng kapa ba iphumanang ba na le corona, ba tlameha ho ipoloka thoko le ba bang. Haeba sena se sa kgonahale lapeng, motho a ka ya setsing sa mmuso sa boipoloko. 

Ho ba mokgoping kapa sebakeng se sa keneng moya nako e telele, ho nyolla menyetla ya tshwaetso haholo. 

Ke ka lebaka lena le tlamehang ho qoba dibaka tse sa keneng moya, bonyane bulang defenstere ho kenya moya o lekang ho fokotsa tshwaetso. 

Dipatlisiso di bontshitse hore menyetla ya tshwaetso e phetaphetahane ha 20 ka tlung ho feta ha o le kantle. 

Re ipiletsa ho Maafrika Borwa ohle hore a qaqolohane le ba bang ka mitara le halofo ka dinako tsohle. 

Re ipiletsa le ho bahiri hore ha ho kgoneha, ba dumelle basebeletsi ba bona ho sebeletsa malapeng ho qoba tshwaetso tse sa hlokahaleng. 

Hopola, leha o ka se bontshe matshwao, empa o ka kgona ho tshwaetsa ba bang. 

Ka hoo, hopola ho apara semonkwana sa hao se kwahelang nko le molomo ka dinako tsohle ha o le setjhabeng. 

Haeba o tlameha ho kopana le metswalle le balelapa, kopanelang kantle. 

Maafrika Borwa a heso,

Haesale ho tloha re fumane motho wa pele ya nang le corona naheng ena, re entse matsapa ohle ho pholosa maphelo a Maafrika Borwa le ho sireletsa dibaka tseo a phelang ho tsona. 

Re bile lehlohonolo e le ka nnete ho fumana tshehetso lefatsheng ka bophara. 

Phirimaneng ena, ke rata ho leboha ka mokgwa o kgethehileng thuso ya mmuso le batho ba Cuba.

Naha ena e nyane e sehlekehlekeng, e tumme haholo ka thuso ya yona. Le hona jwale e rometse dingaka tsa yona tse fetang 3 700 dinaheng tse thefulehileng haholo ke sewa sena sa corona lefatsheng ka bophara. 

Ka lebaka la mosebetsi ona wa bona o kgabane, Kabinete ya Afrika Borwa e bile ntsweleng ho thonya sehlopha sena sa dingaka se bitswang Henry Reeve International Contingent of Doctors Specialised in Disaster Situations and Serious Epidemics – se tlwaelehileng ka la Cuban Medical Brigade – ho tlotlwa ka Kgau ya Kgotso ya Nobel ya selemo sa 2021.

Mafelong a Pudungwana ngwahola, sehlopha sena se ne se se se alafile batho ba fetang 38 000 mona Afrika feela mme ba ntse ba tswelapele dinaheng tse ngata tse kenyeletsang le Afrika Borwa. 

Re leboha haholo setjhabeng sa Cuba ka ho bontsha botho le kutlwelo bohloko. 

Jwalo ka dinaha tsohle lefatsheng ka bophara, le rona re bile le tahlehelo e kgolo mme hape ra etsa le boitelo bo boholo. 

Maphelo a rona a fetohile mme ra tlameha ho phela maemong a matjha, a boima. 

Re boetse re leboha basebeletsi ba tsa bophelo bo botle le borasaense ka sebete le ho sebetsa ha bona ka boitelo. Re boetse hape re leboha le boitshepo ba Maafrika Borwa ohle. A ko nahane feela re se re phela fatsheng le se nang kokwanahloko ena. 

Boikgethelo ke ba rona, ba ho fetola naha ya rona fatshe le jwalo.

Ho boetse ho matsohong a rona ho ba hlokolosi hore re thibela leqhubu la boraro la tshwaetso. 

Ho ipaballa le ho baballa ba malapa le setjhaba sa rona ho matsohong a rona. 
Ho matsohong a rona hape hore ha nako e fihla, re entwe ho thibela ho ata ha kokwanahloko ena. 

Ho feta tsohle, ke boikgethelo ba rona ho boloka mollo ona wa tshepo o tuka, le boitelo ba rona e mong ho e mong, esitana le ho naha ya rona. 

Ha re tshwarisane, re tla kgona ho itsoseletsa botjha. 

E se e ka Modimo a ka hlohonolofatsa le ho baballa Afrika Borwa le setjhaba sa yona.

Ha e lale.

Share this page

Similar categories to explore