Pehelo ka Kopano ya Kabinete ya la 27 Motsheanong 2015

1. Letsatsi la Aforika

1.1. Kabinete e leboha maAforika Borwa kaofela a ileng a nka karolo meketeng ya Letsatsi la Aforika 2015, le bontshitseng boitlamo ba rona ba ho aha Aforika e kopaneng, ya kgotso le tswelopele.

1.2. Kabinete e boeletsa boipiletso ba Moporesidente Jacob Zuma ho dikaho le dikhamphani kaofela tsa Aforika Borwa ho fofisa folakga ya Kopano ya Aforika (AU) mmoho le ya Aforika Borwa. Sena se tsamaelana le tlhokeho ya ho imatahanya le pono ya Aforika e kopaneng, ya tswelopele le kgotso.

2. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a bohlokwa a mmuso

2.1. Kabinete e hopotsa maAforika Borwa le melata e etang le bana hore Molao wa Dipaseporoto le Ditokomane tsa Maeto o tla qala ho sebetsa ho tloha ka la 1 Phuptjane 2015.

2.2. Tlasa molao o motjha, batswadi ba etang le bana ba ka tlase ho dilemo tse 18 ba tshwanela ho hlahisa mangolo a bona a tlhaho a sa kgutsufatswang. Sena ke karolo ya boitlamo ba mmuso ho tshireletsa dikgahleho tsa bana le ho thibela kgwebisano ka bana.

3. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Leano la Naha la Dipalangwang tsa Baithuti, le fanang ka ditataiso mabapi le phano ya ditshebeletso tsa dipalangwang tsa setjhaba tse hlwahlwa, tse kgabane le ho bolokeha bakeng sa baithuti. Ho kenngwa tshebetsong ha lona ho tla baka tshebeletso e kopanetsweng ya dipalangwang tsa baithuti e fanang ka maemo a mefuta ya dipalangwang tse lokelang ho sebediswa le dibopeho tsa ditefello tse tla sebediswa ho ditshebeletso tsa dipalangwang tsa baithuti. Leano lena hape le matahantswe le Molao wa Dikolo wa Aforika Borwa, 1996 (Molao 84 wa 1996).

3.2. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Tlaleho ya Aforika Borwa ya 1994 ho isa ho 2014 mabapi le Kgatelopele ya ho Kenngwa tshebetsong ha Boitlamo bo Kgethehileng ba Dihlooho tsa Dipuso tsa Kopano ya Aforika (AU) mabapi le Tekatekano ya Bong ka hara Aforika ho Bongodi ba AU. Tlaleho ena ke boitokisetso ba Seboka sa Dihlooho tsa Dipuso tsa AU se tla tshwarwa ka Phuptjane 2015.

Tlaleho ena, e akaretsang nako ya ho tloha ka 1994 ho isa ho 2014, e hlahloba le ho lekola bohlwahlwa ba melao ya rona, maano le mananeo a ileng a hlahiswa bakeng sa ho eketsa boemedi, phano ya ditshebeletso tsa mantlha, tlhahiso ya mesebetsi, phokotso ya bofuma, phediso ya dikgoka, le tshireletso ya ditokelo tsa botho tsa basadi le banana.

3.3. Kabinete e tjhaelletse monwana Leano la Batjha la Naha la 2015-2020 (NYP2020). Leano lena le nkile sebaka sa Leano la Batjha la Naha la 2009-2014 leo nako ya lona e seng e fedile. Leano lena le ile la hlahiswa kamora ditsamaiso tsa ditherisano tse matla le batjha ba Aforika Borwa ho tswa diporofenseng kaofela tse robong. Le tla bopa motheo bakeng sa ntshetsopele ya Lewa la Ntshetsopele ya Batjha le kopanetsweng.

3.4. Kabinete e ile ya tsebiswa ka kgatelopele e entsweng bakeng sa ho theha Mokgatlo wa Bolaodi ba Kgwebisano ya Thepa (PMTE). Mokgatlo ona o netefatsa bokgabane le bohlwahlwa ho tsa ditjeho bolaoding ba dipotefolio tsa thepa ya Puso. Kabinete e kgotsofetse ka ntshetsopele le ho lokiswa botjha ha motlolo wa kgwebo wa PMTE, o tla ntlafatsa boleng ba meaho ya setjhaba.

Kabinete hape e tjhaelletse monwana botlatsetsi ba Monghadi P Serote ho sebetsa jwaloka hlooho ya PMTE, Monghadi M Govender jwaloka hlooho ya Dikaho le Bolaodi ba Meaho le Mofumahadi BS Mathews jwaloka hlooho ya Ditshebeletso tsa Boingodiso ba Meaho.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Aforika Borwa e tla tshwara Seboka sa AU Setsing sa Dikopano sa Sandton ho tloha ka la 7 ho isa ka la 15 Phuptjane 2015 tlasa mookotaba: “Selemo sa Matlafatso ya Basadi le Ntshetsopele ho lebisa ho Lenane la Aforika la 2063”. Diketsahalo tsa beke di tla qetella ka Kopano ya Dihlooho tsa Dipuso ho tloha ka la 14 ho isa ka la 15 Phuptjane 2015.

Riphaboliki ya Zimbabwe, jwaloka ka modulasetulo wa AU bakeng sa 2015, e tla ba modulasetulo wa seboka le dikopano tsa yona tse amehang. Se tla tsepamisa maikutlo ho kenngweng tshebetsong ha diqeto tse nkilweng sebokeng sa Pherekgong 2015, tse kenyeletsang Lenane la 2063 le Moralo wa ho le kenya Tshebetsong la dilemo tse 10 tsa Pele; Maemo a Kgotso le Tshireletso a Kontinente, ho kenyeletswa Boferekanyi; Matlafatso ya Basadi le Ntshetsopele; Mehlodi e fapaneng ya Dithuso tsa Ditjhelete bakeng sa AU; Kopano ya kontinente le ho etsa hore Setsi sa Aforika sa Taolo ya Mahloko le Thibelo se be se sebetsa ka 2015.

Moporesidente Zuma o tla kenela ho behwa setulong ha Moporesidente ya sa tswa kgethwa wa Nigeria Moporesidente Mohammadu Buhari Abuja, Nigeria ka la 29 Motsheanong 2015.

4.2. Foramo ya Moruo wa Lefatshe mabapi le Aforika e tla tshwarwa Motse Kapa ho tloha ka la 3 ho isa ho la 5 Phuptjane 2015 tlasa mookotaba: “Maoba le Kajeno: Re Hopola Botjha Bokamoso ba Aforika.”

Kabinete e amohela baetapele bohle ba dipolotiki le kgwebo ho tswa kontinenteng ya Aforika ka bophara le dikarolong tse ding tsa lefatshe jwaloka ha kopano e tshwaya dilemo tse 25 tsa diphethoho ka hara Aforika.

Aforika Borwa e ikemiseditse ho nka karolo dipuisanong tse mabapi le ho akofisa kgolo ya moruo e kenyeletsang le ntshetsopele ya Aforika. Kontinente e dula e le le leng la mabatowa a holang ka potlako e fetisisang lefatsheng le ho ba sebaka se hohelang matsete

4.3. Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa, jwaloka Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Aforika Borwa la AIDS, o tla tshetlehela puo pulo ya bo-7 ya Seboka sa Aforika Borwa sa AIDS Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Morena Albert Luthuli Durban ho tloha ka la 9 ho isa ho la 12 Phuptjane 2015 tlasa mookotaba: “Tjhebelomorao, Tjhebobotjha le Ntlafatsobotjha”.

Seboka sena, se tshwarwang dilemong tse ding le tse ding tse pedi, e se e le sekala sa mmuso bakeng sa mmuso le maAforika Borwa ho metha dikatleho tse entsweng mabapi le ho laola ditshwaetso tsa HIV. Hape se fana ka monyetla ho batho ba sebetsang ka HIV le AIDS, Ditshwaetso tse tsamaiswang ka Thobalano (di-STI) le Lefuba (TB) ho arolelana diphihlello le mahlale.

Aforika Borwa e na le lenaneo le leholohadi la ARV lefatsheng, ka batho ba dimilione tse tharo ba sebedisang di-ARV ho tloha ka Tshitwe 2014. Sena se nyehetse ka matla bakeng sa ho fokotsa ditshwaetso tse ntjha tsa HIV le ho hlokahala ka lebaka la AIDS, le ho netefatsa ho pholoha ha bana le bophelo bo bolelele. Meralo e hlwahlwa ke karolo e kgolo ya katleho ya lenaneo lena le tswang pele, le netefatsang ho ba teng ho lekaneng ha di-ARV dikahong tsa setjhaba tsa kalafo.
Aforika Borwa, ka Lefapha la Saense le Thekenoloji (DST), esale e tsetela diphuputsong tsa HIV ka dilemo tse ngata. Ho tsetela ha DST diphuputsong tsa HIV ho qadile ka 1999 ha mmoho le Lefapha la Bophelo bo Botle, re thehile Boikitlaetso ba Aforika Borwa ba Kentelo ya AIDS.

Ka 2009, tshehetso ya DST bakeng sa diphuputso tsa HIV di ile tsa atoloswa hore di kenyeletse boitshunyako bo bong bo kang dipopolo, di-ARV, dibolaya dikokwanahloko, ho phaella hodima diente. Re hlahisitse Lepatlelo la Ntlafatso le Diphuputso tsa HIV la Aforika Borwa (SHARP) bakeng sa ho tshehetsa ka matlole diphuputso tsa ho qala tsa HIV le AIDS le ho thusa ka ntshetsopele ya ditharollo tse ntlafetseng bakeng sa sewa sena.

Hajwale re tshehetsa diporojeke tse ngatanyana tse amanang le HIV mehatong e fapafapaneng ya ntshetsopele ka lenaneo le bitswang Bomphato ba Lewa la Ntlafatso ya Kalafo, bo kenyeletsang SHARP tlasa bodisa ba Lekgotla la Diphuputso tsa Kalafo la Aforika Borwa. Mosebetsi wa lenaneo lena ke ho thusa ka ho kopanya bafuputsi ba Aforika Borwa ba HIV le AIDS, le ho hlahisa Ditsi tsa Naha tsa Marangrang a Tshebedisano mmoho a Diphuputso mabapi le HIV le AIDS.

Hajwale, palo e ngata ya dikaho tse fapaneng, mekgatlo e fapaneng, diporojeke tsa ntshetsopele tse akaretsang mesebetsi ya ho popola, diente le dibolaya dikokwanahloko di a latelwa bakeng sa ho ntlafatsa dipheo tsa SHARP. Aforika Borwa e behile bohlokwa bo itseng bakeng sa ho lwantsha AIDS, mme thibelo e le motsong wa Moralo wa Lewa la Naha bakeng sa HIV, di-STI le TB (2012-2016).

4.4. Lenaneo la Kgwedi ya Tikoloho

Ka Phuptjane Aforika Borwa e tla keteka matsatsi a bohlokwa a tikoloho. Re eteletswe pele ke Lefapha la Merero ya Tikoloho, ka la 5 Phuptjane, re tla keteka Letsatsi la Lefatshe la Tikoloho Kimberley, ho la Kapa Leboya.

Letsatsi la Lefatshe la Mawatle ka la 8 Phuptjane le tla tshwarwa Bloemfontein, ho la Free State le balekane ba fapafapaneng ho kenngweng tshebetsong ha Moruo wa Mawatle wa Operation Phakisa ho arolelwana tlhahisoleseding le badudi ba lehae ka menyetla hara moruo wa mawatle le dibaka tse amehang.

Ka la 17 Phuptjane Aforika Borwa e tla keteka Letsatsi la Lefatshe la ho Lwantsha Kgoholeho motseng wa Nqutu, KwaZulu-Natal. Matsatsi oohle ana a bohlokwa a tikoloho a reretswe ho phahamisa temoso ka tikoloho mme ka nqa e nngwe a tsebisa batjha diporofenseng tsohle tse tla tshwara mekete ena ka menyetla lekaleng lena.

4.5. Ho thakgolwa ha Dibaka tse Tharo tse Kgwebisanang Ntle le ho Lefisana Lekgetho la Kgwebisano (FTA) ho la Sharm-el-Shaik

Dibaka tse Tharo tsa COMESA-EAC-SADC Dinaheng tse Kgwebisanang Ntle le ho Lefisana Lekgetho la Kgwebisano (TFTA) tse tla thakgolwa ka la 10 Phuptjane 2015 Sharm-el-Shaik, Egepeta. TFTA e tla hlahisa mmaraka wa dinaha tse 26, ka setjhaba se kopaneng se ka fetang 625 milione le Seelokaofela sa Dihlahiswa tsa Naha mo Selemong (GDP) se fetang $1 trilione.

Thakgolo ena e tshwaya ho phethelwa ha ditherisano mabapi le Tumellano ya Kgwebisano e sa Lefisaneng Lekgetho la Kgwebisano e tekang melawana le moralo oo ka hara wona ho tla dumellanwang ka ditefello dife le boitlamo bofe tse tla kenngwang tshebetsong. Ditherisano mabapi le ditefello le melawana ya sethathong di tla tswela pele jwaloka karolo ya lenane le ahelletsweng ka hara ditherisano.

Thakgolo ya TFTA ke phihlello ya bohlokwa bakeng sa Kontinente ya Aforika le ho thehwa hodima Moralo wa Tshebetso wa Lagos wa AU le Tumellano ya Abuja tseo sepheo sa tsona e leng ho theha Kopano ya Moruo wa Aforika. Re dumela hore sena se romela molaetsa o matla wa hore Aforika e itelletse lenane la yona la ho kopanngwa ha moruo le ho bopa tikoloho e lokileng bakeng sa kgwebisano le matsete.

Ditherisano tse lebisitseng ho TFTA di thakgotswe ka Phuptjane 2011 Sebokeng se neng se tshweretswe Aforika Borwa, Sandton.

4.6 Thakgolo ya ditherisano bakeng sa FTA Sebokeng sa AU ka Phuptjane.

Ho thakgolwa ha dipuisano tsa Kontinente mabapi le ho Kgwebisana Ntle le ho Lefisana Lekgetho la Kgwebisano (CFTA) ke Seboka sa AU ho tla etsahala ka la 15 Phuptjane 2015 Johannesburg, Aforika Borwa.

CFTA e tla hlahisa mmaraka wa batho ba fetang 1.3 bilione ka GDP e kopanetsweng e fetang $2 trilione. E tla thehwa hodima TFTA le kgatelopele e fihlelletsweng ka hara mabatowa a moruo wa badudi. Hape e tla neha bahwebi le boramatsete sebaka sa ho fihlella mmaraka o holang le ho fana ka motheo bakeng sa kgwebisano e ntlafetseng ka hara Aforika.

5. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.

5.1. Baemedi ho tswa ho Lefapha la Dikgwebo tsa Setjhaba ho Boto ya Boeletsi ya Dibaka tsa Kgwebo tse Ikgethileng:

a) Mofumahadi Jacky Molisane (setho se ikgethileng);
b) Mofumahadi Nontsikelelo Rose Mbono (setho sa nakwana).

5.2. Ngaka Reginald Cassius Lubisi – Motsamaisi e Moholo ho Kantoro ya Moporesidente e leng hape Mongoledi wa Kabinete (konteraka e ntjhafaditswe bakeng sa dilemo tse tlang tse hlano).

5.3. Monghadi Christopher Kobla Gavor – Mohlahlobi Kakaretso: Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Naha.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore