Sekema sa Thuso ya Maraka wa Thepa e rekiswang kantle ho Naha & Matsete (EMIA)

EMIA e hlabolla maraka e rekisang thepa kantle ho naha bakeng sa dihlahiswa le ditshebeletso tsa Aforika Borwa hape le ho batla batsetedi ba batjha ba dinaha tse kantle hore ba tsetele ka hara naha ya rona.

Dikgwebo tse dumelletsweng ke:

  • Bahlahisi le barekisi ba romellang thepa kantle ho naha ba Aforika Borwa
  • Matlo a boemedi a Aforika Borwa a hwebang ka ho romella thepa kantle bonyane kgwebo e nyane, e mahareng kapa e kgolonyana (di-SMME) kapa dikgwebo tsa batho ba neng ba sena menyetla nakong tse fetileng (di-HDI)
  • Di-eijente tsa dikomishene tsa Aforika Borwa tse emelang bonyane dikgwebo tse tharo tsa di-SMME kapa tsa batho ba di-HDI.
  • Dikhansele tsa Aforika Borwa tsa thepa tse rekiswang kantle, mekgatlo ya diindasteri le di-JAG tse emelang bonyane dikgwebo tse hlano tsa Aforika Borwa.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le lenaneo lena ho tswa ho Lefapha la Kgwebisano le Indaseteri.

 

the dtic Customer Contact Centre
Tel: 0861 843 384

Share this page