Teko ya phathenithi

Haeba o batla ho fumana hore na o amana ka tlhaho le motho e mong kapa tjhe, o ka etsa teko ya phathenithi Tshebeletsong ya Naha ya Laboratori ya Bophelo bo Botle.

Teko ya phathenithi e manolla sehlopha sa hao sa madi ho fumana hore na o amana ka tlhaho le motho e mong na. Diphetho tse nekethifi di paka hore ha le amane empa tse posethifi di bontsha feela hore ekanna yaba lea amana. Motho ka mong, leqhwetha kapa maseterata a ka etsa kopo ya teko ya phathenithi.

Bala haholwanyane ka diteko tsa phathenithi kapa o iteanye le Tshebeletso ya Naha ya Laboratori ya Bophelo bo botle ho 011 489 9470.

 

Share this page