Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya
Mabapi le ho etsa teko ya boimana
Haeba o belaela hore o imme, o lokela ho ya tleliniking ya heno e haufi kapa ho mosebeletsi wa profeshenale wa bongaka bakeng sa teko ya boimana. O boetse o ka reka khiti ya lapeng ya teko ya boimana khemisting.
Haeba o na le matshwao a ho kula a jwalo ka:
- ho se bone matsatsi a hao
- ho nyekelwa ke pelo
- matswele a bohloko
- mokgathala
teko ya boimana e ka netefatsa dipelaelo tsa hao.
Hlokomela: Teko ya boimana e boetse e etswa ha kgetsi ya peto e tlalehwa.
Seo o lokelang ho se etsa
- Eya tleliniking ya heno e haufi kapa ho mosebeletsi wa profeshenale wa bongaka
- Tlatsa foromo ya mokudi
- Haeba o thabela:
- teko ya madi, ngaka ya hao e tla hula sampole ya madi mme e e romele laboratoring bakeng sa manollo
- teko ya mosese, ngaka ya ho e tla o fa kopi hore o fane ka mosese wa sampole.
Hlokomela: O boetse o ka reka khiti ya lapeng ya teko ya boimana khemisting.
Ho nka nako e kae
- Diphetho tsa teko ya mosese – hanghang
- Diphetho tsa teko ya madi – dihora tse mmalwa kapa matsatsi
Ho bitsa bokae
Tshebeletso ke mahala ditleliniking le dipetleleng tsa mmuso. Dibaka tsa poraefete tsa bongaka di tla o lefisa tefiso e nyane.
Hlokomela: O boetse o ka reka khiti ya lapeng ya teko ya boimana khemisting.
Diforomo tse tlatswang
Foromo ya mokudi.
O ka iteanya le mang
Etela tleliniki e haufi le wena kapa sebaka sa profeshenale sa bongaka.