Dithuso tsa ditjhelete tsa Boqhwala

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka dithuso tsa ditjhelete tsa boqhwala

Haebe o qhwadile mmeleng kapa kelellong mme seo se baka hore o se kgone ho itshebeletsa bakeng sa nako e fetang dikgwedi tse tsheletseng, ha ho le jwalo o ka etsa kopo ya dithuso tsa ditjhelete tsa boqhwala.

O fumana dithuso tsa ditjhelete tsa boqhwala tsa dinako tsohle haebe boqhwala ba hao bo tswelella ho feta nako ya selemo le dithuso tsa ditjhelete tsa boqhwala tsa nakwana haebe boqhwala ba hao bo tswelella nako e sa feteng dikgwedi tse tsheletseng mme e seng dikgwedi tse leshome le metso e mmedi. Dithuso tsa boqhwala ba dinako tsohle ha di bolele hore o tla fumana thuso bophelo bohle empa e le hore fela e tla tswelella bakeng sa nako e teletsana ya dikgwedi tse 12.

O tseba jwang hore o tshwanetswe ke ho fumana thuso?

Ho tshwanelwa ke thuso, o tlamehile hore o

  • be moahi wa Aforika Borwa kapa moahi wa dinako tsohle kapa mophaphathehi mme o dule Aforikaborwa nakong eo o etsang kopo
  • be mahareng a dilemo tse 18 le 59.
  • o se be tlasa tlhokomelo ya mokgatlo/lehae la mmuso
  • be le tokomane ya boitsebiso ya dinomoro 13
  • se amohele tjhelete e ka hodimo ho R86 280 haebe ha o a nyala kapa R 172 560 haebe o nyetse.
  • Letlotlo la hao ha le a tlameha ho ba ka hodimo ho R1 227 600 haebe o sa nyala kapa   R2 455 200 haebe o nyetse.
  • kenele dihlahlobo tsa bongaka moo o hlahlobuwang ke ngaka e hiruweng ke mmuso ho lekola boqhwala ba hao
  • tle le direkoto kapa diraporoto tsa nako e fetileng tsa bongaka nakong eo o etsang kopo le ha ho etswa dihlahlobo.

Ngaka e tla tlatsa raporoto ya bongaka mme e e fetisetse ho SASSA (Boemedi ba Tshireletso ya Setjhaba Aforika Borwa).

Raporoto eo e nepahetse fela bakeng sa dikgwedi tse tharo ho tloha mohla o neng o hlahlobuwa.

Ela hloko: Haebe o le ka tlase ho dilemo tse 18 mme o hloka tlhokomelo ya dinako tsohle ka lebaka la boqhwala ba hao, mohlokomedi wa hao wa bohlokwa a ka etsa kopo ya Thuso ya motho ya Itshetlehileng ka e Mong. Haebe o hloka tokomane ya ID, o lokela ho tlatsa afidafiti mme o hlahise bopaki ba hore o entse kopo ya tokomane Lefapheng la Ditaba tsa Ka Hara Naha. Haebe ha o a etsa kopo ya tokomane eo, o lokela ho kenya kopo Lefapheng la Ditaba tsa Ka Hara Naha nakong ya dikgwedi tse tharo tsa ho etsa kopo ya dithuso.

Na o tla fumana bokae?

Thuso ya tjhelete e hodimo ke R2 180 ka kgwedi.

Na o tla lefuwa jwang?

O tla fumana thuso ya tjhelete ka o mong wa mekgwa e latelang:

  • tjhelete letsohong setsing sa ditefello ka letsatsi le hlwauweng
  • ka ho kenya tjhelete ka mokgwa wa eleketeroniki akhaontong ya hao ya banka, ho kenyeletswa Banka ya Posong (banka e ka o lefisa bakeng sa tshebeletso eo)
  • mekgatlong e sa fumaneng matlole Mmusong – mohlala, lehae la diqhwala.

Na thuso ya hao e ka fanyehwa nakwana?

Dintlha tse latelang di ka baka hore thuso ya hao e fanyehwe nakwana:

  • ha maemo a hao a fetoha
  • sepheto tsa ho lekolwa botjha
  • haebe o hloleha ho sebedisana le mmuso nakong ho ntseng ho lekolwa thuso ya hao botjha
  • ha o itshunya bothetsing kapa o sa fane ka dintlha tse nepahetseng ka bowena
  • haebe ho etsahetse phoso nakong eo thuso ya hao e amohelwang.

Na thuso ya hao e ka emiswa neng?

Thuso ya hao e ka emiswa ha o

  • hlokahetse
  • amohetswe mokgatlong wa mmuso
  • sa late tjhelete ya ho dikgwedi tse tharo tse latellanang
  • le siyo naheng.

Ha motho ya amohelang thuso a ka amohelwa institjhusheneng e nang le konteraka le mmuso bakeng sa tlhokomelo le ho fetjwa, thuso ya setjhaba e tla fokotswa ho ya ho 25% (R285) ya boholo ba palo ya thuso ya setjhaba ho tloha kgweding ya bo-4 ka mora ho ba motho eo ya amohelang thuso a kene institjhusheneng eo. Thuso eo e fokoditsweng e tla boela palong e felletseng hape ka potlako ho tloha letsatsing leo motho eo ya amohelang thuso a ntshwa institjhusheneng.

Sesotho disability grant

O lokela ho etsang

  • Tlatsa foromo ya kopo ya dithuso tsa ditjhelete ofising e haufinyane ya Boemedi ba Tshireletso ya Setjhaba Aforika Borwa (SASSA) pontsheng ya mohlanka wa SASSA
  • Tlisa tse latelang:
    • Tokomane ya hao ya boitsebiso ya dinomoro tse 13 (ID). Haebe o hloka ID:
      • o tlamehile ho tlatsa afidafiti foromong ya maemo a  SASSA pontsheng ya Mokhomishenara wa Dikano eo e seng mohlanka wa SASSA
      • o tlamehile ho tlisa seteitemente sa kano se saenetsweng ke motho ya nang le boikarabelo (jwaloka mokhanselara, moetapele wa setho, mosebeletsi wa setjhaba, moruti kapa hloho ya sekolo) ya ka netefatsang hore mabitso le dilemo e fela e le tsa hao
      • mohlanka wa SASSA o tla hatisa menwana ya hao. O tla fetisetswa Lefapheng la Ditaba tsa Ka Hara Naha ho etsa kopo ya ID le ha ho ntse ho sebetsanwa le kopo ya hao. Haebe o sa fumane bukana ya ID, thuso ya hao e tla fanyehwa.
    • raporoto ya bongaka le raporoto ya dihlahlobo e netefatsang/tiiseletsang boqhwala ba hao
    • bopaki ba maemo a lenyalo (haebe ho tshwanetse)
    • bopaki ba boahi
    • bopaki ba lekeno, dikarolelano (haebe di le teng)
    • bopaki ba letlotlo, ho kenyeletswa boleng ba ntlo ya hao ho hlaha masepaleng
    • bopaki ba penshene ya poraefete (haebe e le teng)
    • diteitemente tsa bankeng tsa dikgwedi tse tharo
    • tokomane ya boitsebiso (ID) ya dinomoro tse 13
    • phemiti ya maemo a bophaphathehi le tokomane ya bophaphathehi ya dinomoro tse 13 hammoho le tokomane ya Letlole la Inshorense ya ba hlokang Mosebetsi (‘bukana e bolou’) kapa setefikeite sa ho lokollwa mosebetsing se hlahang ho ramosebetsi wa hao wa mehleng haebe o ne o sebetsa
    • khopi ya karolo ya mafa hammoho le dikoloto tsa pele le tsa mafelo tse kwetsweng le diakhaonto tsa kabelano haebe molekane wa hao a hlokahetse dilemong tse hlano tse fetileng.

Kamora hoba o romele kopo ya hao o tla fuwa setlankana seo o tla se boloka e le bopaki ba kopo.

Na ho tla etsahalang haebe kopo ya hao ha e ya amohelwa?

Ofisi ya tshireletso ya setjhaba e tla o tsebisa ka ho o ngolla hore na kopo ya hao e amohetswe kapa ha e ya amohelwa. Haebe kopo ya hao ya thuso e sa amohelwa, ofisi ya tshireletso ya setjhaba e tla fana ka mabaka hobaneng kopo ya hao e sa atleha mme o ka ipelaetsa ka ho ngolla Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba moo o hlalosang hore hobaneng o hanana le qeto eo.

Ipelaetse matsatsing a 90 kamora hore o fumane tsebiso ka sephetho sa kopo ya hao.

Nako ya tshebetso

  • Ho ka nkuwa ho isa dikgweding tse tharo ho ntse ho sebetsanwa le kopo ya hao.
  • Haebe kopo ya hao e amohetswe, o tla lefuwa ho tloha mohla o neng o kenya kopo.

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ena ke mahala.

Diforomo tse tlatswang

Foromo ya ho etsa kopo ha e fumanehe webosaeteng, empa o ka e fumana ofising e haufinyane ya tshireletso ya setjhaba (SASSA).

Dintlha tsa ho iteanya

 

SASSA Toll free: 0800 60 10 11
Email:  GrantEnquiries@sassa.gov.za  

Share this page