Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya
Mabapi le bo ngodisa tlhokomelo e theilweng baahing mmoho le tshebeletso ya tshehetso bakeng sa maqheku
Ha o batla ho fana ka tlhokomelo e theilweng baahing mmoho le tshebeletso ya tshehetso maqhekung a haufi le moo o dulang, o ka etsa kopo ho Molaodi Kakaretso Ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
Tlhokomelo e theilweng baahing e netefatsa hore maqheku a fumana tlhokomelo le tshehetso ka boiketlo malapeng a bona hara baahi ka ho ya ka moo ho ka kgonahalang.
O lokela ho etsang
- E ya ofising e haufi ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
- Tlatsa Foromo ya 2
- Romela ho latelang:
- morero wa kgwebo wa mokgatlo le lenane la ditshebeletso tseo mokgatlo wa hao o fanang ka tsona
- mabitso le dikhopi tse tiiseditsweng tsa di-ID tsa ditho tsa mokgatlo
- molao wa motheo wa mokgatlo
- setifikeiti sa ngodiso ya Mokgatlo o sa Etseng Diprofiti (NPO), haebe o ngodisitse jwalo ka NPO
- ditifikeiti kapa ditokomane dife kapa dife tse ding tsa ngodiso tse ka tshehetsang kopo
- ditatemente tsa ditjhelete tse hlakisitsweng bakeng sa bonyane dikgwedi tse tsheletseng
- mabitso le dintlha tsa moo o ka iteangwang le Bahlakisi ba dibuka tsa ditjhelete
- tlhahisoleseding ya boitshetleho ha ho fumanwe dineelo tsa nakong e fetileng tsa ditjhelete
- fana ka referense le dintlha tsa ho iteanya tsa batho/mokgatlo o tshehetsang kopo
- bolela mehlodi yohle ya thuso tsa ditjhelete/kuno
- ngodisa lenane la baamohedi. Ngodisa mabitso a ditho tsohle tse fanang ka ditshebeletso.
- Mosebeletsi wa setjhaba o tla le etela ho tla etsa bonnete ba hore o kgotsofaditse ditebello tsa Molaodi Kakaretso tsa hore mokgatlo wa hao o tla tsamaiswa le ho tshwarwa ka ho latela melawana le maemo a amohelehileng
- Ha o tshwaneleha, o tla nehwa setifikeiti sa ngodiso – Foromo ya 3.
- Ha o ngodisitswe e be o hloleha ho latela melawana le maemo a amohelehileng a naha, Molaodi kakaretso a ka fedisa le ho ngololla mokgatlo wa hao nakong efe kapa efe ka mora tsebiso ya kgwedi e le nngwe e fuweng mokgatlo wa hao mmoho le baamohedi ba tshebeletso eo o fanang ka yona.
Re kopa hore o ele hloko: Tlhokomelo yohle e theilweng baahing mmoho le dtshebeletso tsa tshehetso di behwa leihlo le ho lekolwa selemo le selemo ho etsa bonnete ba hore ho laelwa melawana le maemo a amohelehileng a naha ka tsela e tswelang pele.
Nako ya tshebetso
Ho ka nka matsatsi a mahlano ho sebetsa kopo ya hao.
Ditjeo ke bokae
Ha ho na tjeho.
Diforomo tse tlatswang
Diforomo tsohle di fumaneha ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
Dintlha tsa ho iteanya