Ngodisa setheo sa poraefete sa thuto e phahameng

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha mabapi le ho ngodisa setheo sa thuto e phahameng

Na o batla ho fana ka thuto e phahameng naheng ya Aforika Borwa? O lokela ho qala o ngodise jwaloka setheo sa poraefete sa thuto e phahameng le Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello (DHET) ho ba le bolaodi ba semolao ba ho fana ka mananeo a thuto e phahameng.

Ditheo tsa poraefete tsa thuto e phahameng di fana ka maemo a tshwanang (Maemo a 5 ho isa ho 10) a Moralo wa Naha wa Mangolo a Thuto (NQF) le a diyunivesithi tsa setjhaba kapa diyunivesithi tsa thekenoloji.

Sepheo sa boingodiso ke ho netefatsa hore:

  • ditheo tsa poraefete di fana ka thuto ya boleng
  • setjhaba se sireleditswe kgahlanong le batho ba qhekanyetsang le ho ja batho
  • moithuti o fumana mangolo a imatahanyang le Moralo wa Mangolo a Thuto a Thuto e Phahameng (HEQF) le ho ngodiswa ho NQF
  • tsamaiso ya thuto e kgema le merero ya ho fetola Aforika Borwa ho ya ka leano la mmuso le molao
  • ditheo tsa poraefete di imatahanya le Molao wa Thuto e Phahameng, wa selemo sa 1997 (Molao 101 wa 1997).

Mananeo a ditheo tsa poraefete a lokela ho ngodiswa le DHET, a tjhaellweng monwana ke Komiti ya Boleng ba Thuto e Phahameng (HEQC) ya Lekgotla la Thuto e Phahameng (CHE) le ho ngodiswa ho NQF ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto ba Aforika Borwa (Saqa). Mananeo a lokela ho ananelwa ka hara naha hammoho le matjhabeng.

Bonyane dikgwedi tse 18 pele setheo sa hao se sebetsa o lokela ho fana ka kopo ya boingodiso ho Morejisetara wa Ditheo tsa Thuto e Phahameng ya Poraefete. Kopo ya ho Fetolelwa e lokela ho kenngwa ka letsatsi le tla behwa ke Morejisetara (Molaodikakaretso (DG)).

Seo o lokelang ho se etsa

  1. Tlatsa foromo ya kopo e laetsweng.
  2. Kenya foromo kantorong ya Morejisetara wa Thuto e Phahameng ya Ditheo tsa Poraefete.
  3. Kenya ditokomane tse latelang le foromo ya kopo:
    • ditatemente tsa ditjhelete tse hlahlobuweng tsa selemo ka seng kapa bolepi bo hlahlobuweng ba ditjhelete
    • moralo wa kgwebo
    • tumellano ya tiisetso
    • ditokomane tsa boingodiso ba khamphani
    • ditlaleho tsa tlhahlobo ya boimatahanyo le boitekanelo le polokeho
    • setifikeiti sa boingodiso ba kgwebo
    • tsebahatso ya kopo ya ho tjhaellwa monwana
    • boitlamo ba bokgoni ba setheo
    • tsebahatso ya peho leihlo le tekolo
    • ditumellano tsa kopanelo le ditheo tse ding, haeba di le teng
    • ditokomane tsa baithuti, khalendara kapa boroutjhara
    • diforomo tsa boingodiso, dikonteraka tsa baithuti le melao le melawana
  4. Baikopedi ba melata ba lokela ho fana ka tse latelang:
    • boitlamo ba tekatekano ya mangolo a thuto
    • bopaki ba kananelo naheng eo setheo sena se qadileng ho yona
    • bopaki ba ho tjhaellwa monwana ha setheo sena bo tswang naheng eo se qadileng ho yona
    • setifikeiti sa ho tjhaellwa monwana ho tswa HEQC le boingodiso ba Saqa
    • boitlamo ba hore setheo se keke sa kgetholla ka mokgwa ofe kapa ofe
    • haeba ho na le diphethoho, dintlha tse ngodisitsweng tse lokelang ho fetolwa
    • boitlamo ba peho leihlo le tekolo, hammoho le boitlamo ba ho sebedisa lengolo la semmuso le nang le letshwao la setheo, le hlahisa letsatsi mme le saennwe.
  5. Lefa tjhelete e laetsweng.

 

Temoso: O koptjwa ho ikopanya le Morejisetara ka diphetho tseo o batlang ho di etsa nakong ya motjha wa ho etsa kopo.

 

Ho nka nako e kae?

  • Boingodiso ba pele: dikgwedi tse18 pele setheo se bulela boingodiso.
  • Bakeng sa sehlomathiso: dikgwedi tse 12 pele phethoho e kena tshebetsong.
  • Bakeng sa ho fetolelwa: jwalo ka ha ho laetswe ke Morejisetara.

Ho bitsa bokae

R500.

Diforomo tse lokelwang ho tlatswa

Diforomo di teng ho Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello:

  • Kopo ya boingodiso jwalo ka Setheo sa Thuto e Phahameng ya Poraefete, foromo APX -01
  • Kopo ya Sehlomathiso, foromo APX-02
  • Kopo ya Phethoho, foromo APX-03

Eo o ka ikopanyang le yena

 

National office

Telephone

012 312 5253/5320

Fax

012 324 6343

City/Town

Pretoria

Province

Gauteng

Physical address

National Department of Education: Directorate: Private Higher Education Institutions, Sol Plaatje House, 123 Schoeman Street, Pretoria

Postal address

Private Bag X895, Pretoria, 0001

Published Date

Share this page