Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya
Dintlha mabapi le ho etsa kopo ya ho tlisa thepa ya motho ka mong
Haeba o batla ho tlisa dithepa tse laotsweng kapa tse sebedisitsweng kahara Aforika Borwa, o hloka tumello ho tswa ho Khomishene ya Tsamaiso ya Kgwebisano Matjhabeng (ITAC).
Lenane la thepa e itshetlehileng mehatong ya taolo ya ho tliswa le ho romelwa ha thepa le fumaneha ho www.itac.org.za. Ha o isa dintlha tsa hao tseo ho ka iteanywang le wena ka tsona, lenane le ka boela la poswa, la fekeswa kapa la imeilelwa ho wena.
O lokela ho etsang
- Leba Sars mme o ingodise jwaloka motho ya tlisang thepa.
- Leba ITAC kapa fumana foromo ya kopo inthaneteng.
- Isa foromo ya kopo le khopi e netefaditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso kapa phasepotso e amohelehang ya Aforika Borwa ho ITAC .
Nako ya tshebetso
Ho ka nka nako e ka fihlang ho matsatsi a mararo ho phethela tshebetso.
Ditjeo ke bokae
Khomishene ya Tsamaiso ya Kgwebo ya Matjhaba ha e lefise ditjeho dife kapa dife tsa tshebeletso empa o tla lokela ho lefa lekgetho la madiboho ho Ditshebeletso tsa Lekeno la Aforika Borwa (Sars). Lekgetho la madiboho le sebetswa e le phesente ya boleng ba thepa( e behilweng ho disekejule tsa Molao wa Lekgetho la Madiboho le Ditefello). Ha o batla ho tseba haholwanyane ka Lekgetho la Madiboho etela webosaete ya Sars.
Diforomo tse tlatswang
- Application to import goods for personal use, IE 463 (Kopo ya IE463 ya ho tlisa thepa ya motho mme o e tlatse)
- Annexure to IE 463 application to import goods for personal use (Kopo ya IE463 ya ho tlisa thepa ya motho mme o e tlatse)
Dintlha tsa ho iteanya
ITAC national office - Import and Export Control
Tel: 0861 834 384, 012 394 3590, 012 394 3591
City/town: Pretora
Province: Gauteng
Physical address: International Trade Administration Commission, 77 Meintjies Street, Block D, Sunnyside, Pretoria, 0001
Postal address: Private Bag X753 Pretoria, 0001
Web address: http://www.itac.org.za