Kopo ya phemiti ya ho tlisa koloi e sebedisitsweng kantle ho naha

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha mabapi le ho etsa kopo ya phemiti ya ho tlisa koloi e sebedisitsweng kantle ho naha 

O ka tlisa koloi e sebedisitsweng Aforika Borwa ha feela o filwe phemiti ya ho etsa jwalo.

Ho tliswa ha dikoloi tse sebedisitsweng ho behetswe moedi/thibetswe ho tshireletsa indaseteri ya ho etsa/hlahisa dikoloi ya lehae kgahlanong le tshitiso ya ho tliswa ha dikoloi tse sebedisitsweng mme diphemiti di ntshwa feela tlasa maemo a hlalositsweng ka ho totobala.

Ho tliswa ha dikoloi tse sebedisitsweng ho itshetlehile ho ya ka mehato ya taolo ho ya ka Karolo ya 6 ya Molao wa 71 wa 2002 wa Tsamaiso ya Kgwebisano Matjhabeng.

Ke baahi ba Aforika Borwa ba kgutlang le bafalli ba nang le bodulo ba nako tsohle feela ba dumelletsweng ho tlisa dikoloi tse ngodisitsweng ka mabitso a bona ka hare ho naha.

Dikoloi tse ka tliswang di kenyelletswa dikoloi tsa mabelo, dikoloi tsa bapalami tsa boholoholo, dikoloi tsa moetso o ikgethileng le dikoloi tsa mafa.

O lokela ho etsang

  • Tlatsa foromoya ya kopo ya ho Application for importation of a second hand or used vehicle form, IE462 , IE462 (tliswa ha koloi e sebedisitsweng, IE462).
  • Isa ditokomane tse latelang:
    • bukana ya boitsebiso kapa phasepoto
    • lengolo le tswang ho ramosebetsi wa hao le tiisang ho sebetsa mose nako tsohle, le bontshang nako e seng e sebeditswe (pampitshana ya bopaki ba moputso, mesebetsi eo ho fanweng ka yona, dikonteraka tsa mosebetsi, diforomo tsa lekgetho, diphemiti tsa mosebetsi, jj. ha di nkwe e le bopaki ba mosebetsi)
    • khopi e netefaditsweng ya setefikeiti sa boingodiso ba koloi ya kantle semmuso
    • bafalli ba nnete ba tlameha ho isa khopi ya setefikeiti sa bodulo ba nako tsohle sa Aforika Borwa, phasepoto ya kantle ho naha (leqephe le nang le senepe le dintlha), Khopi ya setefikeiti sa boingodiso ba koloi ya kantle
    • bopaki ba ho bala kapa phuputso e lokelwang ho phethelwa moo ho hlokehang.

Nako ya tshebetso

Ho ka nka nako e ka fihlang ho dibeke tse hlano ho qeta tshebetso ha ho amohetswe ditokomane kaofela tse hlokehang.

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ke mahala.

Diforomo tse tlatswang

Application for importation of a second hand or used vehicle form, IE462  (Kopo ya H462 ya Ho tliswa ha Koloi e Sebedisitsweng)

Dintlha tsa ho iteanya

 

ITAC national office - Import and Export Control

Tel: 0861 834 384, 012 394 3590, 012 394 3591
City/town: Pretora
Province: Gauteng
Physical address: International Trade Administration Commission, 77 Meintjies Street, Block D, Sunnyside, Pretoria, 0001
Postal address: Private Bag X753 Pretoria, 0001
Web address: http://www.itac.org.za

Share this page