Reka dijo tsa diphoofolo tsa polasing le dijo tsa diphoofolo

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Reka dijo tsa diphoofolo tsa polasing le dijo tsa diphoofolo tse ruuwang lapeng kantle ho naha

Ho reka dijo tsa diphoofolo tsa polasing kapa dijo tsa diphoofolo tse ruuwang lapeng kantle ho naha o di tlise Aforika Borwa, o tlameha ho etsa kopo ya phemiti ya ho reka kantle le setefekeiti sa ngodiso ho Mongodisi wa Molao wa 36.

O tlameha ho reka kantle ka dibaka tse ka tlase tsa boemakepe:

Border posts

  • Beitbridge
  • Caledonspoort
  • Ficksburg
  • Golela
  • Groblersburg
  • Kapfontein
  • Jeppestreef
  • Lebombo
  • Mahamba
  • Mananga
  • Maseru Bridge
  • Nakop
  • Nerston
  • Oshoek
  • Qachas’ Nek
  • Ramatlabana
  • Skilpadshek
  • Van Rooyenshek
  • Vioolsdrif

Boemafofane ba Matjhabeng

  • Cape Town
  • Durban
  • Gateway (Polokwane/Pietersburg)
  • OR Tambo
  • Lanseria
  • Port Elizabeth
  • Richards Bay
  • Upington
  • Bloemfontein
  • Mahikeng

Boemakepe ba Matjhabeng

  • Cape Town
  • Durban
  • East London
  • Mossel Bay
  • Port Elizabeth
  • Richards Bay
  • Saldanha Bay

Inland

  • Johannesburg
  • Kimberley
  • Pretoria
  • Mmabatho
  • Pietermaritzburg
  • Upington
  • Bloemfontein
  • Stellenbosch
  • Germiston

Haeba o na le setefekeiti sa ngodiso, ha o hloke phemiti ya ho reka kantle ho naha. O ka sebedisa setefekeiti sa ngodiso ho reka kantle. Tobetsa kgoketsane e ka tlase ho fumana hore o ka etsa kopo ya setefekeiti sa ngodiso jwang.

Ditshelo tseo o tla beng o di sebedisa ho reka kantle ka tsona, di tlameha ho tshwauwa le ho leibolwa ka tlhaloso ya sehlahiswa seo o se rekang.           

O lokela ho etsang

  1. Isa sampole ya dijo tsa diphoofolo tsa polasing kapa dijo tsa diphoofolo tse ruuwang lapeng laboratering e amohelehileng  bakeng sa tlhahlobiso ho fumana setefekeiti sa laborateri.
  2. Ngolla Mongodisi lengolo le felehetsang pampiring e nang le letshwao la khamphani  ya hao o bolela hore o batla ho reka kantle ho naha.
    • Tsebiso e tlameha ho kenyeletsa
    • Lebitso la dijo tsa diphoofolo tsa polasing kapa dijo tsa diphoofolo tse ruuwang lapeng
    • Palo ya dijo tsa diphoofolo tsa polasing kapa dijo tsa diphoofolo tse ruuwang lapeng tseo o batlang ho di reka
    • Bopaki ba hore o phethahatsa ho ya ka mokgatlo wa bolaodi o amehang wa naha (o tlameha ho fumana sena naheng eo o rekang sehlahiswa ho yona)
    • Nomoro ya ngodiso ya dijo tsa diphoofolo tsa polasing kapa dijo tsa diphoofolo tse ruuwang lapeng , ebang di se di ngodisitswe fana ka lebaka la ho kenya kopo (hore na ke kopo e ntjha kapa o eketsa dijo tse ding tsa diphoofolo tsa polasing kapa dijo tsa diphoofolo tse ruuwang lapeng ho sehlahiswa se ngodisitsweng)
    • Tumello e ngotsweng, ebang dijo tsa diphoofolo tsa polasing kapa dijo tsa diphoofolo tse ruuwang lapeng di se di ngodisitswe ke motho e mong
    • Setefekeiti sa tlhahlobiso se nang le dintlha tsa phepo ya sehlahiswa ho tswa laboratering
    • Boemakepe boo o tla beng o reka kantle ka bona
    • Mabaka a ho reka kantle
    • Sephuthelo kapa leibole ya sehlahiswa
  3. Bakeng sa setefekeiti sa ngodiso, fumana foromo ya kopo e ka tlase inthaneteng mme o e tlatse. Foromo e tlameha ho saenwa ke Mokomishenara wa Dikano. Ha ho na foromo ya setefekeiti sa ho reka kantle
  4. Hlomathisa lengolo le felehetsang, leibole ya sehlahiswa le setefekeiti sa tlhahlobiso se tswang laboratering  foromong ya kopo.
  5. Lefa tjhelete e behetsweng ka tjhelete e tsamaiswang ka poso kapa tjheke lebitsong la Motsamaisikakaretso wa Temothuo. Kenya tsebiso e tshwanang le e ho Tlhwekiso ya sebaka. Tshupiso ya: 11FF1 le lebitso la khamphani.
  6. Isa diforomo tsa kopo (e le nngwe ya sethato le khopi) le ditokomane tse hlomathisitsweng ho: Mongodisi: Molao wa 36 wa 1947, Poso ya poraevete ya X343, Pretoria, 0001.

Nako ya tshebetso

Phemiti ya ho reka kantle ho naha e nka beke e le nngwe. Setefekeiti sa ngodiso se nka dikgwedi tse nne.

Ditjeo ke bokae

Ditefiso tsa 2024/25

Diforomo tse tlatswang

Application for registration of farm feed (Diforomo tsa dihlahiswa tse fapaneng)

Dintlha tsa ho iteanya

 

Directorate Agriculture Inputs Control

Tel: 012 319 7103/7847 
E-mail address: AICHelpdesk@daff.gov.za
Physical address: 20 Steve Biko Street, Arcadia, Pretoria
Postal address:  Department of Agriculture, Land Reform and Rural Development, The Registrar: Act No. 36 of 1947, Private Bag X343, Pretoria 0001

 

Share this page