Pehelo ka Kopano ya Kabinete ya la 15 Mmesa 2015

1.Letoto la ditlhaselo tsa moraorao tjena tsa Melata

1.1 Kabinete e tshwela ka mathe ka matla diketso tsa merusu ya moraorao tjena kgahlanong le melata. Ha jwale, Kabinete e rata ho fetisa matshediso a yona a tebileng ho malapa a bohle ba lahlehetsweng ke bophelo le pholo e potlakileng ho ba lemetseng. Ha ho boholo ba ho teneha le ho kgena bo ka dumellang ditlhaselo tsena le kgapo ya thepa ka mahahapa mabenkeleng. Le ha re ananela mabaka a hlahiswang ke badudi, merusu kgahlanong le batho ba bang di keke tsa rarolla dintlha tsena. Empa, sena se re hlahisa hampe jwaloka batho, re le kgahlanong le mehopolo le metheo ya demokerasi ya rona. Aforika Borwa e lwanne kgahlanong le bokoloniale le Kgethollo mmoho le maAforika a bo rona hore batho bohle ka hara kontinente ya rona ba hlomphuwe le ho tshwarwa ka seriti.

1.2 Kgahlamelo ya ditlhaselo tsena e na le ditlamorao tse matla hodima moruo wa rona, kahisano le ho dikamano tsa rona tsa sepolotiki kontinenteng le lefatsheng. Dikhamphani tsa Aforika Borwa tse nang le dikgwebo tse atlehileng ka hara kontinente tse thusang ka ho nyehela lekenong la rona le ho tsitsisa moruo wa rona di ka tloha tsa iphumana di le maemong a tshwanang le ana. Moraorao tjena, dibini tsa Aforika Borwa tse neng di lokela ho ya bontsha makgabane a tsona ka ntle ho meedi ya rona, tse kang BigNuz ho la Zimbabwe, Kelly Khumalo le Casper ho la London, dikonsarete tsa bona di phumutswe ka lebaka la ditlhaselo tsena. Boholo ba badudi ba rona ba tshepileng mabenkele a melata bakeng sa ditlhoko tsa bona tsa letsatsi ka leng jwale ba tlaletswe ke naha.

Kajeno, maAforika Borwa a thabela ho ba naha e lokolohileng, e fihlelletsweng ka lebaka la nyehelo ya dinaha tse ngatanyana tsa Aforika. Mofu eo e neng e le qhoku ya rona, Moporesidente Oliver Tambo o dutse nako e ka etsang dilemo tse 30 Zambia le maAforika Borwa a mang a mangata a neng a le palehong. Dinaha tsa habo rona tsa Aforika ha di a fella feela ka ho amohela batho ba rona, hape di ile tsa nyehela ka mehlodi mme tse ding di ile tsa phehisa ha bohloko ka ho lahlehelwa ke baahi ba tsona tseleng ya Aforika Borwa ya ho fihlella demokerasi. Aforika Borwa e keke ya kgeloswa ho fihlella pono ya BoAforika bo Tiileng jwaloka ha e kenyeleditswe ho Lenane la Kopano ya Aforika la 2063, eo esale e tsitlallelwa ke baholoholo ba rona ba kang Kwame Nkrumah, Nnamdi Azikiwe, Mwalimu Julius Nyerere le Nelson Mandela.

Moporesidente Jacob Zuma o laetse Moifo wa Matona a Toka ya Thibelo ya Botlokotsebe le Tshireletso mmoho le Matona e leng la Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane, la Lefapha la Kgwebo le Indaseteri le la Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ho kenyeletsa mekga yohle e amehang bakeng sa ho batla tharollo. Matona a boetse a laetswe ho sebetsana le maemo a moruo wa kahisano a bonahalang eka a motsong wa ditlhaselo tsena, hore taba ena e sebetswe ka matla le ka botlalo. Moporesidente o ile a tswela pele ho phatlalatsa ditsela tse nkuweng ke Lebotho la Naha la Tshireletso la Aforika Borwa bakeng sa ho tlisa maemo tlasa taolo meeding ya rona.

Kabinete e ipiletsa ho badudi bohle, mekgatlo le batho ka bo mong ho ipopa kgahlanong le ditlhaselo tsena. Aforika Borwa ha se naha ya merusu mme kahoo methwaela e seng mekae e keke ya dumellwa ho kenya naha yohle ditlamong. Meruru ha e ya tloha e le tharollo bakeng sa mathata setjhabeng sefe kapa sefe mme ho keke ha ba jwalo le ka hara Aforika Borwa. E seng lebitsong la rona!

2. Diemahale

2.1 Kabinete e lemohile qeto ya bolaodi ba yunivesithi ya ho tlosa seemahale sa Rhodes khamaphaseng ya Yunivesithi ya Motse Kapa. Aforika Borwa dilemong tse mashome a mabedi tse fetileng e entse menyabuketso e meholo bakeng sa ho netefatsa hore matshwao a rona a nalane a bontsha maemo a baahi ba naha ya rona le tsamaiso ya demokerasi. Kabinete le ha ho le jwalo, e ananetse hore leeto la ho tlosa matshwao a nalane a nyenyefatsang le mabitso ka hara naha ya rona ha le ya potlaka ho ya kamoo ho lebeletsweng. Kabinete e lemohile le ho kgothaletsa dingangisano tsa hajwale tse batsi tse qadileng mabapi le diphethoho ka hara setjhaba, le ho lemoha hore diphethoho ha di so ka di potlaka kamoo ho lebeletsweng mme re utlwisisa ho nyahama ha baithuti. Kahoo re ba kgothaletsa ho latela ditsamaiso tse hlaloswang melaong ya rona.

2.2 Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ho itahlela ka setotswana ditsamaisong tse ntseng di tswela pele tse eteletsweng pele ke Lefapha la Bonono le Botjhaba mabapi le botjhaba le kaho ya setjhaba. MaAforika Borwa a hopotswa hore Molao wa Naha wa Mehlodi ya Setso wa 1999 o totobatsa ditsamaiso tsa ditherisano tse lokelang ho latelwa moo ho tshwanelang ho tloswa kapa ho iswa ha diemahale sebakeng se seng.

3. Leeto la Puso la Zimbabwe

3.1 Kabinete e amohela leeto la puso la Zimbabwe le neng le eteletswe pele ke Moporesidente Robert Gabriel Mugabe. Aforika Borwa le Zimbabwe, di na le nalane e telele ya bosemphato ba lebatowa le maqhama a botjhaba. Batho ba Zimbabwe ba bapetse karolo ya bohlokwa nalaneng ya ho tshehetsa ntwa ya tokoloho ka hara Aforika Borwa. 

Leeto le ntlafaditse dikamano tsa dinaha ka bobedi ka ho theha Khomishene ya Naha tse pedi mmoho le ho saena ditumellano tse tharo le Dimemorandamo tse pedi tsa Kutlwisisano (MoU).

  • Tumellano mabapi le Theho ya Khomishene ya Naha tse pedi e ntlafatsa tshebedisano ya rona ho ya maemong a phahameng ka ho fetisisa ka ho kopana ha Dihlooho tse pedi tsa Puso bakeng sa ho sheba botjha kgatelopele mabapi le ditumellano tsa bobedi bona tsa tshebedisanommoho tse ananetsweng.
  • Tumellano mabapi le Tshebedisanommoho ho Bolaodi ba Mehlodi ya Metsi le ho thehwa le ho sebetsa ha Khomishene e Kopanetsweng ya Metsi e tla ntlafatsa tshebedisanommoho meralong ya mehlodi ya metsi, ntshetsopele le bolaodi ka moya wa kutlwano le molemo. Dinaha tsena tse pedi ka kopanelo di tla etsa diphuputso mabapi le ho utlwisisa bokgoni ba ditsi tsa metsi ho la Zimbabwe bakeng sa ho fana ka metsi ho Rephaboliki ya Aforika Borwa; mme ka kopanelo di thehe diporojeke tsa metsi, tse tla bang le molemo mabapi le tlhahiso ya mesebetsi, diphethoho ho tsa moruo le ntshetsopele ya bokgoni le phethisetso. 
  • Tumellano mabapi le Thusano pakeng tsa Ditsamaiso tsa Madiboho- E ala motheo bakeng sa ho theha lediboho le nang le tsohle. Sena ke boemo ba motheo wa matjhaba o kgothaletswang ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Madiboho. Sepheo ke ho kgontsha ditsamaiso tse pedi tsena ho fapanyetsana ka tlhahisoleseding, ho tshehetsana ka thuso ya setekginiki, le ho sebetsa ka peho-leihlo, maeto le diphuputso mmoho le ho sebedisana mmoho mabapi le ho ntlafatsa bohlwahlwa ba ditshebetso. 
  • MoU mabapi le Dipuisano tsa Bodipolomate o tla theha mokgwa bakeng sa dipuisano tsa kamehla tsa bodipolomate mabapi le dintlha tse ka hara Aforika le dintlha tse ding tsa dikgahleho tse tshwanang. Sepheo se seholo sa MoU ke ho theha mokgwa bakeng sa dipuisano tsa bodipolomate kamehla mabapi le dintlha tsa ho matlafatsa dikamano tsa bobedi bona, tshireletso le tshebedisanommoho ka hara Aforika.
  • MoU mabapi le Tshebedisanommoho ya Kgwebisano o reretswe ho fana ka lepatlelo bakeng sa dinaha tse pedi ho buisana le ho arolelana diphihlello mabapi le ho hodisa ntshetsopele ya moruo. Bobedi bona bo dumellane ka ho sebedisana mmoho ka kgodiso ya kgwebisano, tharollo ya ditshita tsa ho hweba le ho ahuwa ha bokgoni ba setekginiki dibakeng tse hlwauweng mmoho le ntshetsopele ya bokgoni le boitsebelo.

4. Yunivesithi ya Disaense tsa Kalafo ya Sefako Makgatho (SMU)

4.1 Kabinete e amohela ho thakgolwa ha SMU ke Moporesidente Jacob Zuma Ga-Rankuwa, ho la Gauteng ka la 14 Mmesa 2015. Yunivesithi ena, e kenyeletsang khamphase ya mehleng ya MEDUNSA ya Yunivesithi ya Limpopo, e qadile selemo sa yona sa pele sa dithuto ka selemo sa 2015 ka baithuti ba 5 000.

Ho thehwa ha SMU ho fana ka monyetla o hlwahlwa bakeng sa ntshetsopele le thupello ya moloko o motjha wa ditsebi ho tsa kalafo o tla fanang ka kgahlamelo e kgabane bophelong le boitekanelong ba maAforika Borwa a mangata a ntseng a kotetswe ke bofuma le kgaello ya ho fihlella ditshebeletso tsa kalafo. SMU ke yunivesithi ya pele e ikemetseng ya tsa kalafo ya ho thehwa ka hara naha. Mmuso o tla tswela pele ho tsetela thutong le ntshetsopeleng ya bokgoni jwaloka mokgwa wa bohlokwa wa ho hotetsa kgolo ya moruo le ntshetsopele.

5. Beke ya Naha ya Imbizo ya Tsepamiso ya Maikutlo

5.1 Kabinete e hlahisitse teboho ya yona ho maAforika Borwa oohle a tlileng ka bongata bakeng sa ho nka karolo dipuisanong tse otlolohileng le baemedi ba setjhaba nakong ya Beke ya Naha ya Imbizo ya Tsepamiso ya Maikutlo eo mookotaba wa yona e neng e le “Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa pele”. Sena ke pontsho ya demokerasi e holang moo baahi ba nkang karolo ka matla boikitlaetsong boo sepheo sa bona e leng ho etsa hore mmuso o ikarabelle jwaloka ha ho lebeletswe ho ya ka Morero wa Naha wa Ntshetsopele. Boradipolotiki ba ka sehloohong ba ile ba buisana le badudi le ho phahlolla ditsebiso tse entsweng ke Moporesidente Jacob Zuma nakong ya Puo ya Pulo ya Palamente ya 2015.

5.2 Imbizo hape e fane ka monyetla ho boradipolotiki ba ka sehloohong ho arolelana le badudi merero ya mmuso ya ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso le ho mamela dintlha tse tobileng badudi. Diketsahalo tse fetang 70 tsa di-Imbizo di etsahetse ho tloha ka la 07 Mmesa ho ya ka la 12 Mmesa 2015. Diketsahalo di fihlile sehlohlolong ka la 12 Mmesa, ka ntjhafatso ya “Imbizo Lounge”, e neng e tshwerwe ka nako e le nngwe ke boradipolotiki ba bararo ba ka sehloohong diporofenseng tse tharo.

6. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

6.1 Kabinete e amohela diphetho tsa diphuputso tse entsweng mabapi le ditletlebo le dipatlisiso tse 161 091 tse amohetsweng ho Mohala wa Boporesidente ho tloha esale o thehwa mafelong a Hlakubele 2013. Diphuputso di hlahlobile mofuta wa dinyewe tse kentsweng ke baahi, tsa hlwaya meokotaba e hlahellang le mekgwa ya tsamaiso ho parola le mafapha oohle a mmuso. Diphuputso di hlwaile dintlha tse ngatanyana tse ngongorehisang baahi tse tshwanang ho parola jwalo le mafapha a mmuso.

Diphetho tsa diphuputso di tla thusa mafapha ho utlwisisa betere dintlha tse ngongorehisang badudi, le tlhahisoleseding e hlokahalang e batlwang ke badudi. Boitshunyako bona bo tla ntlafatsa mokgwa oo re sebeletsang badudi ka ona.

6.2 Kabinete e fumane tlaleho ya moraorao mabapi le mohlophollo wa tefo ya bafani ba ditshebeletso nakong ya matsatsi a 30 a ho thola setlankana se molaong sa tefo. Kabinete e lemohile kgatelopele e entsweng, empa e ile ya hlahisa dingongoreho mabapi le mafapha a mang a ntseng a tobane le diphephetso.

Mohlophollo wa papiso mabapi le Mafapha a Naha pakeng tsa 2013 Pherekgong ho ya ho Mphalane le 2014 Pherekgong ho ya ho Mphalane o bontshitse ntlafalo ya 39% mabapi le palohare ya palo ya dintlankana tsa tefo tse lefilweng nakong ya matsatsi a 30 le ntlafalo ya 32% mabapi le palohare ya palo ya ditlankana tsa tefo tse lefilweng kamora matsatsi a 30.

Mafapha a Naha a tlalehile ditlankana tsa tefo tse 155 572 tsa boleng ba R3,8 bilione tse lefilweng kamora matsatsi a 30 mme ka nako eo, ditlankana tsa tefo tse 62 887 tsa boleng  ba R2,1 bilione tse fetang matsatsi a 30 di ne di so lefuwe.

Mafapha a diporofense bakeng sa nako e tshwanang a bontsha ntlafalo e seng kae ya 5% ho palohare ya palo ya ditlankana tsa tefo tse lefilweng nakong ya matsatsi a 30. Diporofense di tlalehile ditlankana tsa tefo tse 241 332 tsa boleng ba R13,4 bilione tse lefilweng kamora matsatsi a 30 ditlankana tsa tefo tse 356 079 tsa boleng ba R21,8 bilione tse fetang matsatsi a 30 tse neng di so lefuwe.

Sena ke putlamo ya 52% ho palohare ya palo ya ditlankana tsa tefo tse fetang  matsatsi a 30 le tse neng di so lefuwe.

Bakeng sa ho thusa mafapha a ntseng a sokola, Kabinete e tjhaelletse monwana ho thehwa ha lekala le ikgethang ka hara Lefapha la Merero, Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso ho shebana le mafapha a ntseng a tswella ho sokola. Lekala lena le tla sebetsa mmoho le Lefapha la Matlotlo a Setjhaba le Lefapha la Tshebeletso ya Mmuso le Taolo (DPSA).

Ho phaella hodima moo ho tla phatlalatswa mohala wa naha o tla ba teng bakeng sa bafani ba ditshebeletso ho tlaleha maemo moo ditefello di diehisitsweng. Sena se tla iswa ho lefapha le amehang mme dikarabelo di tla tlalehwa.

6.3 Kabinete e lemohile tlaleho mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la Ditsiane la Tlhatlhobo ya Thekiso ya ka Ntle le Thuso ya Matsete (EMIA) le ho boela e amohela karabelo le moralo wa bolaodi wa Lefapha la Kgwebo le Diindaseteri. Sena se entse karolo ya Morero wa Naha wa Tlhahlobo wa 2013/14 ho lekola bohlwahlwa ba Lenaneo bakeng sa ho tshehetsa bahlahisi ba Aforika Borwa le ba romelang thepa mafatsheng a ka ntle.

EMIA e thusitse dikgwebo tse 6 766 tse romelang thepa mafatsheng a ka ntle ho parola le diporofense le ho ho lefa ditseko tsa palo ya boleng ba R510 milione ho tloha ka 2009/10 ho ya ka 2012/13. Dikgwebo tsena tse tsheheditsweng di hlahisitse mesebetsi e 24 802. Tekolo ya bankakarolo ba EMIA e bontsha tshebediso e kgabane ya ditsiane tsa EMIA ke bongata ba batho ba neng ba Tinngwe Menyetla ho ya ka Nalane le difeme tseo beng ba tsona e leng basadi.

6.4 Kabinete e tjhaelletse monwana moralo wa Tokomane ya Leano la Naha la ho Betjha e tla phatlalatswa ho Koranta ya Mmuso bakeng sa dipuisano tse pharaletseng le setjhaba. Sepheo sa yona ke ho ntlafatsa bohlwahlwa ba ho laola ho betjha, ho ntlafatsa kgokahano le tshebedisanommoho le diporofense le ho fetola maemo botjha a Boto ya Naha ya ho Betjha jwaloka molaodi bakeng sa sebetsana ka bokgabane le ho betjha ho seng molaong.

6.5 Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya moralo wa Leano la Tahi bakeng sa dipuisano tse pharaletseng le setjhaba. Moralo wa Leano la Tahi o tla ntlafatsa bohlwahlwa ba ho laola kgwebo ya tahi le ho thibela kgwebo e seng molaong. Hara dintlha tse ding, ditshisinyo di tobane le kgahlamelo ya tahi ho moruo wa kahisano le ditholwana tsa tshebediso e mpe ya tahi mmoho le diphethoho indasetering ya tahi.

6.6 Kabinete e ile ya tsebiswa ka diphetho tsa tlhatlhobo e tebileng ya Ntlafatso ya Kgodiso ya Bana moo ditlhatlhobo tse tebileng di ileng tsa etswa bakeng sa Kereiti ya R le boitshunyako ba tsa phepo bakeng sa bana ba ka tlasa dilemo tse hlano.

Kabinete e tjhaelletse monwana ntshetsopele ya Moralo o Kopanetsweng wa Naha wa Phepo bakeng sa Aforika Borwa, oo ka kakaretso o sebetsanang le phepo, ho kenyeletsa nako ya pele ho tswalo, matsatsi a 1 000 a pele a ho phela, ntlafatso ya kgodiso ya bana le Kereiti ya R. Moralo wa ntlafatso ho tloha ho tekolo mabapi le “Kgahlamelo ya ho Hlahiswa ha Kereiti ya R hodima Diphetho tsa ho Ithuta” o toboketsa ho ntlafatswa ha boleng ba Kereiti ya R bakeng sa ho phahamisa kgahlamelo ya ona ho bana ba futsanehileng le diporofense tse sa sebetseng hantle. Sena se kenyeletsa thupello le ntshetsopele ya matitjhere a Kereiti ya R le ho nkela hloohong thonyo ya batho ba nang le mangolo a phahameng (maemo a NQF a bo5) a amehang bakeng sa morero ona.

7. Dibili

7.1 Kabinete e tjhaelletse monwana ho lokollwa ha Bili ya Inshorense, ya 2015 bakeng sa dipuisano le setjhaba.

Bili ena e matahantswe le Morero wa Ntshetsopele ya Naha, e netefatsa lekala le hlwahlwa le laolwang hantle la inshorense, le ho hodisa botsitso ho tsa ditjhelete bo tla tshehetsa kgolo ya moruo ya moshwelella ka ho fana ka kgahlamelo ho maemo a phahameng a toka a hlahisitsweng ha ho shejwa koduwa ya ditjhelete ya 2008. E fana ka kgahlamelo ho moralo o lokileng o motjha bakeng sa lekala la inshorense.

Bolaodi ba Tekolo ya Bokgoni ba Paballo ya Tjhelete le Taolo bo batla ho hlahisa katamelo e ntjha, e nang le tjhebelopele e itshetlehileng hodima dikotsi tsa ho tjhona ka ho matahanya ditlhoko tsa tjhelete tse teng le dikotsi tsa ya fanang ka inshorense. Hape e fana ka ditsiane ho beng ba inshorense ho imatahanya le mekgwa e hlwahlwa ya ho beha leihlo le ho laola. Mekgwa ena e batla ho netefatsa tshireletso e betere ya beng ba dipholisi le bakgolamolemo le ho nyehela ho botsitso ho tsa ditjhelete.

7.2 Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya moralo wa Sehlomathiso sa Bili ya Setsi sa Merero ya Mautlwela a tsa Ditjhelete, sa 2014 bakeng sa dipuisano le setjhaba. Sehlomathiso sa Bili se sisinya dihlomathiso ho Molao wa Setsi sa Merero ya Mautlwela a tsa Ditjhelete (Molao wa 38 wa 2001). Sena ke ho sebetsana le ditshoso tsa botsitso ba tsamaiso ya rona ya tsa ditjhelete tse hlahiswang ke dikadimo tse bohlaswa tsa ditjhelete le thuso ya boferekanyi ka ditjhelete ka ho netefatsa boimatahanyo le mekgwa ya matjhaba le dipehelo, ka hara moralo wa melao ya Aforika Borwa.

8. Maemo a Kabinete mabapi le Dintlha tsa Hajwale

8.1 Kabinete e lemohile ka ngongoreho keketseho e bohale ya mafu a mebileng nakong ya mafelo a beke ya Paseka, moo re boneng dikotsi tse 208 tse bakileng mafu a 287, ha ho bapiswa le palo ya mafu ya selemo se fetileng, e neng e eme ho mafu a 193 ho tswa dikotsing tse 148.

Boipaballo mebileng ke boikarabelo ba maAforika Borwa oohle mme katleho ya matsholo a rona a boipaballo mebileng a itshetlehile ho basebedisi bohle ba mebila ba bapalang karolo ya bona. Bakganni ba lokela ho latela melawana ya tsela, ba seke ba nwa le ho kganna, ba imatahanye le lebelo le lekanyeditsweng le ho netefatsa hore dipalangwang tsa bona di loketse tsela.

8.2 Lebitsong la batho ba Aforika Borwa, Kabinete, e hlahisa matshediso a yona a tebileng ho mmuso le batho ba Rephaboliki ya Kenya, haholoholo malapa a mahlatsipa a hlokahetseng tlhaselong e hlokang kelello Kholetjheng ya Yunivesithi ya Garissa ka la 2 Mmesa 2015.

Kabinete e kgema le Moporesidente Jacob Zuma tabeng ya ho tshwela ka mathe ketso ena ya boferekanyi le ho boeletsa hore Aforika Borwa e tshehetsa Kenya le mekutu ya baahi ba matjhaba ya kgotso, botsitso le demokerasi le kaho ya setjhaba ka hara Somalia.

8.3 Kabinete e thoholetsa batho ba Nigeria bakeng sa ho tshwara dikgetho tse nang le kgotso, ponaletso, botshepehi le tse lokolohileng ka la 28 Hlkubele 2015, jwaloka ha di tiiseditswe ke Khomishene ya Naha ya Dikgetho ya Nigeria.  Lebitsong la maAforika Borwa, Kabinete e thoholetsa Mokgenerale Muhammad Buhari ho kgethweng ha hae jwaloka Moporesidente wa Rephaboliki ya Bofederale ya Nigeria.

8.4 Kabinete e thoholetsa Marlene van Niekerk bakeng sa ho ba moAforika Borwa wa pele ho ba letotong le lekgutshwane bakeng sa Moputso wa Matjhaba wa Man Booker. O ananetswe bakeng sa phihlello e ipabotseng ya nako tsohle bongoding ba dipale, tse kenyeletsang mesebetsi e jwaloka Triomf le Agaat. Hape o amohetse Kgau ya Ikhamanga ka 2011 bakeng sa “nyehelo ya hae e ipabotseng ho bonono le botjhaba ho tsa dingolwa”.

9. Diketsahalo tse tlang

9.1 Kabinete e ananetse hore Moporesidente Jacob Zuma o tla be a araba dipotso Palamenteng ka Labone, 16 Mmesa 2015.

9.2 Kabinete e amohela Leeto la Puso ho ya Jakarta, Indonesia la Moporesidente Jacob Zuma ho tloha ka la 19 ho isa ho la 21 Mmesa 2015, le tla sheba botjha maemo a dikamano tsa bobedi bona ho netefatsa phihlello ya dilemo tse hlano tsa ‘Morero wa Tshebetso’, jwaloka ha o ile wa tshohlwa ke mahlakore ka bobedi Pretoria ka Pudungwana 2014.

Moporesidente Jacob Zuma hape o tla kenela Seboka sa Asia-Aforika mahareng a la 22 ho isa ho la 23 Mmesa ho la Jakarta, se tla matlafatsa tshebedisanommoho ya dinaha tse ka borwa ba ekhweita e tla lebisa kgolong ya moruo wa kahisano bakeng sa mabatowa ka bobedi.

Leeto lena le tla phethelwa ka Sehopotso sa bo60 sa Seboka sa Bandung sa 1955 le Sehopotso sa bo10 sa Bosemphato se Setjha sa Mawala (NAASP) ka la 24 Mmesa 2015, se tla tshwarwa Bandung, ho la West Java. E ne e le Bandung moo baetapele ba mokgatlo wa rona e leng Moses Kotane le Maulvi Cachalia ba ileng ba tlisa dipehelo tsa ho hloka semorabe le boikemelo lenaneong la lefatshe.

9.3 Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa oohle ho kenela Mekete ya Kgwedi ya Tokoloho, e tlisang dilemo tse mashome a mararo tsa tokoloho ka ho kgothaletsa seriti sa botho le ho tsitlallela mohopolo o tshwanang o tla lebisa kahong ya Aforika Borwa e kopaneng le ho atleha.

Mokete wa rona wa naha o tla phethelwa ka Letsatsi la Tokoloho, 27 Mmesa 2015 tlasa mookotaba: “Re Keteka Qalo ya Dilemo tse Mashome a Mararo tsa Tokoloho ya rona ka ho Akofisa Diphethoho tse Matla tsa Moruo”.

MaAforika Borwa a boela a hopotswa ka ho intsha sehlabelo ka matla ha batho ba bo rona le basadi ntweng kgahlanong le tsamaiso e soto ya kgethollo hore re tle re thabele tokoloho eo re nang le yona kajeno.

Bakeng sa ho hlompha maAforika Borwa a nyehetseng ntshetsopeleng ya demokerasi ya rona, Moporesidente Jacob Zuma ka Letsatsi la Tokoloho o tla fana ka Dikgau tsa Naha moketeng o tla beng o tshwaretswe Meahong ya Kopano. Kabinete e fetisa thoholetso ho baamohedi bohle le ho etsa teboho ya yona bakeng sa nyehelo ya bona.

9.4 Kabinete e tjhaelletse monwana hore Aforika Borwa e tla tshwara Ho dula ho Setlwaeding ha bo25 ha Kopano ya Aforika ho Lefapha la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba le Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Sandton Johannesburg, ho tloha ka la 7-15 Phuptjane 2015. Aforika Borwa e ithaopile ho tshwara seboka sena kamora hoba Rephaboliki ya Chad e ikgule.

Sepheo se seholo sa seboka e tla ba ho sheba botjha kgatelopele e entsweng ho fihlellweng ha dipheo tsa kontinente, ho tsepamisitswe maikutlo haholo hodima mookotaba wa 2015, “Selemo sa Matlafatso ya Basadi le Ntshetsopele e lebisang ho Lenane la Aforika 2063”. Dintlha tse ding tsa bohlokwa e tla ba maemo a kgotso le tshireletso ka hara Aforika, twantsho ya Lefu la Kokwanahloko ya Ebola le kgahlamelo ya moruo wa kahisano ho kontinente, mehlodi e meng ya matlole a ho tshehetsa AU, ho amohelwa ha Moralo wa ho kenya Tshebetsong Dilemo tse Leshome tsa Pele tsa Lenane la AU 2063 le tlhabollo ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng Sehopotsong sa ona sa bo70.

10. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.

10.1 Ngaka Diane Cecile Parker jwaloka Motlatsi wa Molaodikakaretso: Thuto ya Yunivesithi ho Lefapha la Thuto e Phahameng.

10.2 Monghadi Abel Makalene Mawela, jwaloka Molaodi eo e seng wa Phethahatso ho Boto ya Koporasi ya Inshorense ya Mekitlane ya Diyantle.

10.3 Monghadi Tefetso Bernard Phitsane jwaloka setho seo e seng sa phethahatso bakeng sa Boto ya Lekala la Bapalami ba Diterene ya Aforika Borwa.

10.4 Boto e Ikemetseng ya Bolaodi ba Bahlakisi:
a)    Mofumahadi Lise Keech;
b)    Monghadi Abel Dlamini;
c)    Monghadi Thiru Pillay;
d)    Monghadi Zola Luxolo Fihlani;
e)    Mofumahadi Amanda Lethukuthula Mazibuko;
f)     Mofumahadi Noluphumzo Leonora Noxaka;
g)    Mofumahadi Rene Aloise Kenosi (o thontswe hape);
h)   Monghadi Alexander Van der Watt (o thontswe hape); le
i)     Monghadi Michael Sass (o thontswe hape).

10.5 Lekgotla la Aforika Borwa la Dikamano tsa Matjhaba (SACOIR):
a)    Moporofesara Maxi Schoeman (Thuto e phahameng);
b)    Moporofesara Anthoni Van Nieuwkerk (Thuto e phahameng);
c)    Ngaka Siphamandla Zondi (Thuto e phahameng);
d)    Moporofesara Shamil Jeppie (Thuto e phahameng);
e)    Moporofesara Sekgothe Mokgoatsana (Thuto e phahameng)
f)     Mofumahadi Chichi Maponya (Kgwebo);
g)    Mofumahadi Danisa Baloyi (Kgwebo);
h)   Ngaka Thandi Cynthia Ndlovu (Kgwebo);
i)     Mofumahadi Nonhlanhla Mjoli-Mncube (Kgwebo);
j)      Monghadi Billy Masetlha (Kgwebo);
k)    Mongahdi Dennis George (Mekgatlo ya Basebetsi);
l)     Monghadi Joel Mfingwana (Mekgatlo ya Basebetsi);
m)  Ngaka Somadoda Fikeni (Mekgatlo ya setjhaba);
n)   Mokgenerale Moyo Mudau (Mekgatlo ya setjhaba);
o)    Monghadi Aziz Pahad (Mekgatlo ya setjhaba);
p)    Monghadi Tshepo Mashiane (Mekgatlo ya setjhaba);
q)    Moambasadara Griffiths Mandlenkosi Memela (Mekgatlo ya setjhaba);
r)     Monghadi Jimmy Gotyana (Mekgatlo ya setjhaba); le
s)    Monghadi Kenny Morolong (Mekgatlo ya setjhaba).

10.6 Khomishene ya Tshebeletso ya Lebotho la Tshireletso:
a)    Mofumahadi Sebina Hlapolosa;
b)    Moporofesara Malegapuru William Makgoba; le
c)    Monghadi Joseph Maselele Jongile.

10.7 Monghadi Kevin Wakeford jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Koporasi ya Dihlomo ya Aforika Borwa (Armscor).

10.8 Moporofesara Ntomb’fikile Mazibuko jwaloka Modulasetulo wa Phethahatso wa Lekgotla la Bolaodi ba Indaseteri ya Batshireletsi ba Poraefete.

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se tshwereng Mokobobo)
083 501 0139
 

Share this page

Similar categories to explore