Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 13 Loetse 2017

Kabinete e kopane ka Laboraro, la 13 Loetse 2017, Tuynhuys, Motse Kapa.

1.  Dintlha tsa hajwale

1.1.  Moruo

1.1.1.  Kabinete e amohela kgolo e ntle ya Palohohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP) ya 2.5% kotareng ya bobedi ya selemo sa 2017, e leng e ntshitseng naha ka hara ho putlama ha moruo wa setekginiki. Bekeng e fetileng, Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (Stats SA) le lokolotse dipalo, tse bontshang kgolo ya selemo-ka-selemo ya 1.1%.

1.1.2. Leha re shebile ka leihlo le tjhatsi le tshepisang, Kabinete e kgodisehile hore naha e bona matshwao a pele a matle ao e tshepang hore sena ke qalo ya ho iphumana ha moruo wa naha a ahilweng hodima ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Dintlha tse Robong, oo morero wa ona e leng ho hodisa moruo wa Aforika Borwa le ho hlahisa mesebetsi e batlehang haholo. Sena se bakile hore ho thakgolwe diphaka tse nne tsa diindaseteri le ho phahama ha dihlahiswa tsa temo tse tala tse rekisetswang dinaha tsa ka ntle kgahlanong le tse kenang ka hara naha ka palohare ya 14.6% ka selemo ho tloha ka selemo sa 2012.

1.1.3.   Lenaneo la Boradiindaseteri ba Batho ba Batsho Ie se le tsheheditse diporojeke tse 62 tse hohetseng R26 bilione matseteng a lekala la poraefete le ho bopa mesebetsi e 19 859 ho fihlela kajeno. Ho tshehetsa tlhahiso ya lehae, dihlahiswa le makala a 21 di rerilwe bakeng sa tlhahiso ya lehae.

Operation Phakisa ho fihlela mona e se e butse matsete a akanngwang ho R24.6 bilione moruong wa mawatle, moo mmuso o nyehetseng R15 bilione ya tjhelete ena. Leha matsete haholo e le a ntshetsopele ya meralo ya motheo ya maemakepe, tlhahiso ya dihlahiswa tsa thepa ya lewatleng ka ho qolleha kaho ya dikepe, diphedi tsa lewatle le diphuputso tsa saense lekaleng la oli le kgase, mafapha a mmalwa a Mmuso a entse dinyehelo tse bonahalang ho netefatsa kgolo ya lekala lena. Palo ka kakaretso ya mesebetsi e 6 517 e hlahisitswe makaleng a fapafapaneng.

1.1.4.  Kabinete e boeletsa kgoeletso ya yona ho mafapha kaofela a setjhaba, ka ho qolleha mmuso, dikgwebo le setjhaba ka kakaretso, ho ahella hodima lebelo le letle le unnweng nakong ya kotara ya bobedi ho tsitlallela sekgahla se phahameng sa kgolo ya moruo le ntshetsopele, le ho thusa ka ho baballa mesebetsi.

1.1.5.  Letona la Ditjhelete, Monghadi Malusi Gigaba, o tswela pele ho buisana le makala a fapafapaneng mabapi le moralo wa tshebetso wa kgolo ya moruo e kenyeletsang, e rerilweng ho hlohleletsa tshepo ka hara naha. Letona le tla boela le hlopholla sena ha le fana ka Pehelo ya Leano la Ditekanyetso la Nako e Bohareng Palamenteng, Motse Kapa, ka la 18 Mphalane 2017.

1.2.  Lebenkele le Abelanang ka Ditshebeletso Tsohle la InvestSA – Kapa Bophirima

1.2.1.   Kabinete e thoholeditse ho thakgolwa ha Lebenkele le Abelanang ka Ditshebeletso Tsohle la InvestSA la pele ka hara porofense.
Moporesidente Jacob Zuma o thakgotse semmuso Lebenkele le Abelanang ka Ditshebeletso Tsohle la InvestSA ho la Kapa Bophirima le ho tiisa boitlamo ba mmuso ba ho ntlafatsa maemo a botsetedi ka hara Aforika Borwa, e leng sebaka se hohelang sa batsetedi ba ka bang teng.

1.2.2.  Lebenkele le Abelanang ka Ditshebeletso Tsohle la InvestSA Ie fokotsa ditjeho tsa ho etsa kgwebo le ho bebofatsa ho etsa kgwebo ka hara naha ka ho fana ka mawa a tataiso, ho fokotsa dikgaello tsa melawana le ho fokotsa mehato e mengata ya semolao bakeng sa batsetedi.

1.2.3.  Lebenkele la Mmuso le Abelanang ka Ditshebeletso Tsohle la InvestSA le Thakgotswe ka Hlakubele selemong sena mme ka Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri (dti), Lebenkele le Abelanang ka Ditshebeletso Tsohle la InvestSA le tla thehwa diporofenseng kaofela tse robong – pele le tla thakgolwa ho la Kapa Bophirima mme e latelwe ke KwaZulu-Natal le Gauteng ka tatelano.

1.3.  Sehopotso sa bo-5 sa Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP)

1.3.1.   Kabinete e imatahanya le maAforika Borwa mabapi le ho keteka Sehopotso sa bo-5 sa NDP, eo e ileng ya amohelwa ke Palamente ka la 12 Loetse 2012 jwaloka moralo wa naha wa ntshetsopele ya moruo wa kahisano bakeng sa ho tobana le diphephetso tse tharo tsa bofuma, tlhokeho ya mesebetsi le ho se lekalekane ka selemo sa 2030.

1.3.2.   Jwaloka mmapa wa naha o lebisang mononong, NDP ke ya maAforika Borwa kaofela mme e emela ditakatso le ditabatabelo ho tswa Makaleng kaofela a setjhaba, bakeng sa Aforika Borwa e betere.

1.3.3.  Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho tshehetsa Tjhebelopele ya 2030 ya NDP.

1.4.  Seboka sa BRICS

1.4.1.  Kabinete e lemohile Seboka sa bo-9 se atlehileng sa Brazil, Russia, India, China le Aforika Borwa (BRICS), se neng se tshwaretswe  Xiamen ka hara Riphabliki ya Batho ba China (PRC) ho tloha ka la 3 ho isa ka la 5 Loetse 2017 tlasa mookotaba: “BRICS: Bolekane bo Matla, bolekane bakeng sa Bokamoso bo Kganyang”.

1.4.2.  Seboka se theha mokolokotwane wa bohlokwa o lebisitseng kahong ya kopano e matla le tshebedisano-mmoho hara mebaraka e ntseng e runya le dinaha tse ntseng di tswela pele ho kenya tshebetsong Lenaneo la 2030 bakeng sa Ntshetsopele ya Moshwelella.

1.4.3.  Bolekane ba Aforika Borwa le BRICS bo thehilwe hodima ntshetsopele ya ditabatabelo tsa naha, ho hodisa kopano ya lebatowa le ho kgothaletsa tsamaiso e kenyeletsang ya taolo lefatsheng.

1.4.4.  Kgwebisano ka botlalo ya dinaha tse pedi pakeng tsa Aforika Borwa le dinaha tse ding tsa BRICS e fihlile ho US$29 bilione selemong se fetileng. Sebaka sa thomello ya kantle ya thepa se seholo ka ho fetisisa sa Aforika Borwa ka hara BRICS e dutse e le China, e latelwa ke India, Brazil le Russia. Paterone e tshwanang le ena hape e bonahala tabeng ya thepa e kenang ka hara naha, moo China e dutseng e le mohlodi o moholo wa thepa e rekisetswang ka Aforika Borwa. Leha Aforika Borwa e na le mehlodi ya tlhaho e mengata, ho hlokolosi ho kenya tshebetsong mananeo a bokgolamolemo ho tshehetsa leano la rona la kaho ya diindaseteri.

1.4.5.  Ho amohelwa ha Tumellano ya BRICS ya Xiamen le Moralo wa Tshebetso ho hlakisitse motheo o matla oo BRICS e o entseng mabapi le ho thehwa ha mekgwa ya dikaho bakeng sa tshebedisano-mmoho e tiileng.

1.4.6.  Kabinete e hlomphehile ka hore Aforika Borwa ke Modulasetulo ya tla tshwara marapo wa BRICS le ho tiiselletsa sepheo sa yona sa ho ba ka pele bakeng sa ho ahella hodima lenaneo la BRICS la ntshetsopele le monono bakeng sa dinaha tsa selekane, jwaloka ha e itokisetsa ho tshwara Seboka sa bo-10 sa BRICS ka selemo sa 2018.

1.5.  forika Borwa le Russia di saena tumellano

1.5.1.  Kabinete e boela e amohela tumellano e saennweng pakeng tsa Aforika Borwa le Russia Sebokeng sa bo-9 sa BRICS, e tla hlahisa tjhelete e lakanang le US$400 milione e tla tsetelwa bakeng sa ntshetsopele ya lekala la oli le kgase la Aforika Borwa.

1.5.2.  Khamphani ya oli ya naha ya Aforika Borwa, PetroSA, le khamphani ya Federeishene ya Russia ya diphuputso tsa sebopeho sa mobu, Rosgeo, di dumellane ho ntshetsapele dibaka tsa ho fuputsa tsa diboloko tsa 9 le 11a Lebopong le ka Borwa la Aforika Borwa.

1.5.3.  Ho batlana le mehlodi ya oli le kgase ka hara Aforika Borwa ke ntlha e kgolo ya lewa la polokeho ya eneji ya naha.

1.5.4. Rosgeo ya Russia e tla etsa mosebetsi wa diphuputso tsa mobu hammoho le ho tjheka didiba tsa diphuputso. Porojeke ena e ka baka hore ho be le ho epollwa ha dikhubiki mithara tse dimilione tse nne tsa kgase ka letsatsi mme qetellong e tla romellwa tlhwekisong ya PetroSA Gas-To-Liquids maane Mossel Bay, Lebopong le ka Borwa.

1.6.  Mebaraka ya Aforika Borwa ya thepa e romellwang ka ntle

1.6.1.  Kabinete e thoholetsa dti mabapi le ho etella pele moifo wa dikhamphani tse 20 tsa Aforika Borwa dipontshong tsa selemo sa 2017 tsa Moscow tsa Dijo tsa Lefatshe, tse ntseng di tswela pele ho fihlela ka la 15 Loetse 2017.

1.6.2.  Ha re ntse re hodisa indaseteri ya tswelliso ya dihlahiswa tsa temo tsa Aforika Borwa, bonkakarolo ba dikhamphani tsena tsa lehae ho tswa lekaleng la tswelliso ya dihlahiswa tsa temo, bo matlafatsa le ho theha boteng ba Aforika Borwa ka hara mmaraka ona ho la Russia.

1.6.3.  Bonkakarolo ba bona bo kgonne ho ba teng ka lebaka la Sekema sa Mebaraka ya ka ntle le Thuso ya Matsete sa dti, e leng se thusang haholo mabapi le ho ntshetsapele mebaraka ya thomello ya thepa dinaheng tsa ka ntle bakeng sa dihlahiswa tsa Aforika Borwa le ditshebeletso, hammoho le ho thaotha matsete a otlolohileng ho tla ka hara naha.

1.6.4. Kgwebisano pakeng tsa Aforika Borwa le Russia e eketsehile ka bokgabane ho tloha ho R5 bilione ka selemo sa 2012 ho ya ho se batlang se etsa R8 bilione ka selemo sa 2016. Thepa e kgolo e romellwang ka ntle ya Aforika Borwa e kenyeletsa ditholwana le matokomane, manya a mankanisi, dino, dispiriti le asene, veine, metjhini ya motlakase le thepa.

1.7.  Tshebediso ya bana

1.7.1.  Kabinete e tshwenyehile ka diketsahalo tsa haufinyana tjena tsa tshebediso ya bana moo ho fumanweng bana ba sebetsa mapolasing ka hara Leboya Bophirima le Foreistata. Kabinete e tshwela ka mathe tshebediso e mpe le tshotlo ena e sa amoheleheng ya bana ba kotsing.

1.7.2.  Kabinete e thoholetsa ditho tsa setjhaba tse lemositseng Lefapha la Mesebetsi leo, hammoho le Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, ba sebeditseng ka potlako ho sebetsana ka toka le mokgwa ona o sisimosang wa tshebediso e mpe ya bana.

1.7.3.   Kabinete e thabisitswe ke hore bana ba amehang ba falliseditswe dibakeng tsa polokeho le hore Lefapha la mesebetsi le tla matlafatsa ditlhatlhobo le ho sebetsa mmoho le makala a qobello ya molao ho tshwara baetsi ba sena ba molato.

1.7.4 .  Bana ba rona ke bokamoso ba naha. Kabinete e tshwela ka mathe dibopeho kaofela tsa tshebediso ya bana le ho ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho dula ba fadimehile ka dinako tsohle le ho tlaleha ba tlolang dipehelo tsa Molaotheo wa rona.

1.7.5 .  Molao wa Dikolo wa Aforika Borwa, 1996 (Molao wa bo-84 wa 1996), hammoho le Molao wa Bana, 2005 (Molao wa bo-38 wa 2005), o laela ka ho hlaka hore bana bohle ba dipakeng tsa dilemo tse supileng le tse 15 ba qobelletswe ho kena sekolo. Ho ya ka molao, batswadi le bahlokomedi ba lokela ho netefatsa hore baithuti ba dilemong tsena ba ngodisitswe le ho ba sekolong kamehla kapa ba tobane le ditlamorao tsa ho se ikobele molao.

1.8.  Komello

1.8.1.  Kabinete e lebohela bohle ka hara Aforoka Borwa ba mametseng kgoeletso ya ho baballa metsi.

1.8.2.  Aforika Borwa ke naha e nang le kgaello ya metsi mme maemo a komello a ntseng a tswela pele dikarolong tse ding tsa naha ke kgopotso ho batho bohle ya ho baballa lerothodi ka leng ka ho sebedisa metsi ka bohlale le ka paballo.

1.8.3.  Leha mekutu ya ho baballa metsi e thusa ho fokotsa kgatello hodima mohlodi wa metsi a pula ya sehla e tlase ho feta tlwaelo ka hara Kapa Bophirima le KwaZulu-Natal ke bopaki ba hore ho lokelwa ho etswa ho hongata bakeng sa ho baballa metsi.

1.8.4. Moifo wa Tshebetso wa Kopanelo wa Matona mabapi le komello, o eteletsweng pele ke Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Setso, o tswela pele ho beha leihlo maemong a komello le ho fana ka tshehetso e hlokahalang ka makala a mafapha ho bebofatsa boemo bona.

1.8.5.  Mmuso o beheletse ka thoko R74 milione e le letlole la pebofatso bakeng sa ho arabela mabapi le komello e ntseng e tswela pele ka hara Kapa Bophirima.

1.8.6.  Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le lona le hatetse pele ka boitokisetso ba ho kenngwa tshebetsong ha Sekema sa Thusetso sa ho tloha Berg River ho ya Voelvlei. Rekoto ya qeto ya Tekolo ya Kgahlamelo ya Tikoloho e lokelwa ho fumantshwa mafelong a Loetse. Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, Mofumahadi Nomvula Mokonyane, o se a laetse Bolaodi ba Tonele ya Trans-Caledon ho tla ka ditjhelete le ho kenya tshebetsong porojeke ena. Ba se ba qadile ho buisana le basebedisi ba baholo mme haufinyana ba tla buisana le Letona bakeng sa tumellano le Letona la Ditjhelete mabapi le ditekanyo tsa dikadimo bakeng sa porojeke ena.

1.8.7.  Kabinete e boeletsa dikgoeletso ho bohle ba ka hara Aforika Borwa ho netefatsa hore paballo ya metsi e ba teng jwaloka karolo ya bophelo ba bona ba letsatsi ka leng.

1.9. Lesotho

1.9.1. Kabinete e imatahanya le Mopresidente Zuma mabapi le ho tshwela ka mathe dipolao tse hlokang kelello tsa Molaodi wa Lebotho la Tshireletso la Lesotho, Mokgenerale Khoantle Motšomotšo.

1.9.2.  Ketsahalo ena ya morao-rao ya dikgoka ha e amohelehe. Jwale ho matsohong a batho le boetapele ba Lesotho ho netefatsa hore kgutso le maemo a tlwaelehileng a kgutlisetswa ka hara Borena e le taba e potlakileng.

1.9.3.  Re dula re na le tshepo ya hore Ketapele ya Matona e Batlisisang Dinnete ya Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC) e tla kgona ho thusa Lesotho ho teka maitshunyako a nepahetseng. SADC e dula e tiile mererong ya yona ya ho matlafatsa, ho tshireletsa le ho baballa demokerasi, kgotso, polokeho le botsitso ka hara lebatowa mme e sebedisana le boetapele ba Lesotho.

1.10.   Libya

1.10.1.  Kabinete e amohela diphetho tsa Komiti ya Boemo bo Phahameng ya Kopano ya Aforika (AU) e mabapi le Libya Boemong ba Dihlooho tsa Dipuso le Mebuso e neng e tshwaretswe Brazzaville, ho la Riphabliki ya Congo.

1.10.2. Moporesidente Zuma o ne a nkile karolo Komiting ya Boemo bo Phahameng, e tshohlileng le ho sheba botjha mekutu e lebisitseng ho tholeng tharollo ya moshwelella mabapi le diqabano tse tswellang ho ba teng ka hara Libya.

1.10.3. Jwaloka setho sa Komiti ya Boemo bo Phahameng e mabapi le Libya, Aforika Borwa e tshehetsa mekutu kaofela ya AU e reretsweng ho tlisa tharollo ya kgotso bakeng sa koduwa ya Libya.

1.10.4.  Kabinete e boeletsa maikutlo a Moporesidente Zuma a hore Aforika Borwa e malala-a-laotswe ho thusa Libya mekutung ya Kamora Kaho Botjha le Ntshetsopele le ho arolelana le yona boiphihlelo ba naha ya bo rona ho tsa poelano, kaho ya molaotheo le phethoho ya demokerasi ya puso.

1.10.5. Kabinete hape e boeletsa bohlokwa ba dipuisano tsa matjhaba tse hokahaneng tse nang le kutlwano ka hara Libya.

1.11. Pitso ya Mekga (CoP13)

1.11.1. Kabinete e ananela hore Aforika Borwa, jwalo ka mosaenedi ho Khonvenshene ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) ya Twantsho ya Mahwatata, e nka karolo Tulong ya bo-13 ya COP13 e ntseng e tswela pele hajwale Ordos, PRC ho tloha ka la 6 ho isa ka la 16 Loetse 2017.

1.11.2.  Ho lebeletswe hore pitso ena e tla phethela le ho amohela moralo o motjha wa lewa bakeng sa 2018-2030 e hlophisitsweng tlasa mookotaba “Re Lebisa Lefatsheng le Itekanetseng bakeng sa Meloko ya Hajwale le ya Kamoso”. Aforika Borwa e tla sebetsa ka matla ho netefatsa hore maano a fetolwa ho ba diketso tse phethahalang.

1.11.3.  Aforika Borwa e tla sebetsa le dinaha kaofela ka hara Aforika mabapi le ho ntshetsapele maemo a naha le a kontinente. Karolo ya Boemo bo Phahameng ba pitso ena bo tla sekaseka le ho fana ka tataiso ya sepolotiki mabapi le diphephetso tsa dintlha tse ntseng di runya mabapi le mahwatata, ho theoha ha maemo a mobu le komello.

1.11.4.  Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho tshireletsa le ho hlokomela tikoloho bakeng sa ho e baballa bakeng sa meloko ya kamoso.

1.12.  Beng ba dipalangwang tsa setjhaba

1.12.1.  Kabinete e tshwela ka mathe diketsahalo tsa dikgoka, ho tjheswa ha makoloi a beng ba thepa le diketso tsa ditshoso pakeng tsa Beng ba Ditekesi tsa Dimithara le Balekane ba E-Hailing tse etsahetseng Sandton, Johannesburg.

1.12.2. Kabinete e ipiletsa ho makala a qobello ya molao ho sebetsana le baetsi ba dikgoka le ditshoso ka hara dipehelo tsa Molaotheo.

1.12.3. Diketsahalo tsena di sutha mekutung ya naha ya ho bopa maemo a kgwebo e lokolohileng le tlhodisano e hlokang leeme.

1.13.  Balekgotla

1.13.1.1. Kabinete e tshwela ka mathe ditlhaselo le dipolao tsa balekgotla ka hara diporofense tse ding le ho fetisetsa matshediso a yona ho malapa le metswalle ya ba bolauweng. Sena se kgahlanong le dipehelo tsa boitshwaro tsa Molaotheo, le ho sutha demokerasing ya rona ya tswelopele le tokelo ya batho ya ho kgetha baemedi ba bona ba setjhaba.

1.13.2. Esale ho tloha qalong ya selemo, ho bile le mafu a mmalwa ka hara KwaZulu-Natal, mme haufinyana tjena, ho tlalehilwe mafu ka hara Kapa Botjhabela.

1.13.3. Dikgoka tsena di nkile maphelo a balwanedi ba tokoloho ba batjha, ho kenyeletswa le Mongodi Kakaretso wa mehleng wa Liki ya Batjha ya ANC (ANCYL) Sindiso Magaqa, ya neng a sa ntsane a na le se sengata seo a ka se nyehelang mabapi le ho aha Aforika Borwa e tswetseng pele.

1.13.4. Re ipiletsa ho mekga ya dipolotiki ho kgothaletsa mamellano hara ditho tsa yona le ho ipiletsa ho badudi ho tshehetsa ba Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS) diphuputsong tsa bona.

1.14. Kgwedi ya Botjhaba

1.14.1. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa kaofela ho tswela pele ho ananela Kgwedi ya Botjhaba ya selemong sena tlasa mookotaba: “Selemo sa Oliver Reginald Tambo: Re keteka Lefa la Tokoloho ya rona”.

1.14.2. Kgwedi ena e tsamaelana le dilemo tse lekgolo tsa letsatsi la tswalo la OR Tambo, Morati wa naha ya habo ya Aforika, ya bontshitseng boitelo bo sa thekeseleng ba ho sebeletsa batho ba Aforika Borwa, kontinente le lefatshe. Hape re tshwaile sehopotso sa bo-40 sa lefu la Steve Bantu Biko, ya ileng a bolawa ka sehloho ke mmuso wa kgethollo.

1.14.3. Letona la Bonono le Botjhaba, Monghadi Nathi Mthethwa, o lokolotse lenaneo la mekete ya kgweding ena.

2.  Diqeto tsa Kabinete

2.1.  Kabinete e tsebisitswe ka ditlaleho tsa pele tsa tshebetso tsa kgatelopele ya kotara ka nngwe bakeng sa 2017/18 mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha diphetho tsa dintlha tse ka sehlohlolong bakeng sa nako e dipakeng tsa Mmesa le Phuptjane 2017.

2.2.  Mmuso o tswela pele ho etsa kgatelopele e bonahalang mabapi le ho kenya tshebetsong diphetho tsa dintlha tse 14 tse ka sehlohlolong, tse itshetlehileng hodima Moralo wa Lewa wa Nako e Bohareng (MTSF) 2014-2019, o re atametsang tabeng ya ho fihlella Tjhebelopele ya 2030 ya NDP.

2.3.  Kabinete hape e ile ya tsebiswa ka dibaka tse ileng tsa ba le ditiehiso mabapi le ho kenngwa tshebetsong le ho tsebiswa ka mehato e batlehang ho akofisa phano.
Dikopano tsa boraditaba tsa Matona a Dikarolo ka ho fapana di tla tshwarwa ho tsebisa ka diphetho tsa ditlaleho tsena bekeng ya la 6 ho fihlela ka la 15 Mphalane 2017. Sekejule se tla lokiswa kgafetsa le ho manehwa ho www.gov.za.

2.4.  Kabinete e tjhaelletse monwana tshisinyo ya hore Aforika Borwa e tshware Dipontsho tsa Lefatshe tsa Kopano ya Telecom tsa Matjhaba tsa Meralo ya Motheo ya Dikgokahanyo tsa Mehala ka Loetse 2018. Tsena ke dipontsho tsa selemo ka seng le foramo bakeng sa mmuso le baetapele ba diindaseteri ho fuputsa diphephetso, dilekane le ditharollo, le ho hlwaya menyetla ya matsete le ditlwaelo tse ntle ka ho fetisisa bakeng sa ntshetsopele ya moruo wa kahisano ka Dithekenoloji tsa Tlhahisoleseding le Dikgokahanyo (di-ICT).

Sena e tla be e le lekgetlo la pele ketsahalo ena e tshwarelwa Aforika. Nakong ya ketsahalo ena, indaseteri ya ICT ya Aforika Borwa e tla thola monyetla wa ho pepesa dihlahiswa tsa yona ka ho latelana. Lekala la naha la bohahlaudi le lona le tla kgola molemo nakong ena.

3.  Diketsahalo tse tlang

3.1. Moporesidente Zuma o tla etella pele kemedi ya Aforika Borwa ho Tulo ya bo-72 e Tlwaelehileng ya Kopano Kakaretso ya UN tlasa mookotaba “Re Tsepamisa Maikutlo Bathong: Re Tsitlallela Kgotso le Bophelo bo Khabane bakeng sa Bohle Polaneteng ya Moshwelella” ho la New York, Amerika. Aforika Borwa e tla tswela pele ho sebeletsa ho fihlella diphetho ho UN ha e tla be e nka karolo Tulong ya bo-72.

3.2.    Moporesident Jacob Zuma jwaloka Modulasetulo wa SADC, o tla bitsa Seboka sa Double Troika sa Dihlooho tsa Dipuso le Mebuso ka la 15 Loetse 2017 Pretoria.
Seboka sa Double Troika se tla tshwarwa ka lebaka la diketsahalo tsa haufinyana tjena tsa dipolotiki le polokeho ka hara Borena ba Lesotho.

3.3    Kemedi ya boemo bo phahameng ya Aforika Borwa e tla teka boiketo ba yona ba pele ba ho tshwara Mohope wa Lefatshe wa Rakbi wa 2023 London ka la 25 Loetse 2017. Aforika Borwa e na le rekoto e matla e nang le bopaki ya ho tshwara diketsahalo tse kang eno. Kabinete e lakatsa ho boeletsa tshehetso ya yona e matla ya Boiketo bona le ho ipiletsa ho maAforika Borwa ho tshehetsa Boiketo bona bo tla nyehela haholo mabapi le momahano ya setjhaba le kaho ya setjhaba le ho sebetsa hape jwaloka sethusi bakeng sa ntshetsopele ya dipapadi.

4.  Melaetsa

4.1.  Kabinete e lakaletsa baahi ba Jeremane katleho yohle ha ba itokisetsa dikgetho tsa Bofederale ka la 24 Loetse 2017 ho kgetha ditho tsa Bundestag ya bo-19, eo ka nqa e nngwe e tla kgetha Motjhanselara le ho bopa mmuso o motjha. Jeremane ke motsetedi e moholo ka hara Aforika Borwa, ya ikemiseditseng dikamano tse tswelang pele, tshebedisano le bolekane.

4.2.  Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho Caribean hammoho le dikarolo tsa Cuba le Amerika ho latela tshenyo e bakuweng ke Sefefo sa Irma. Re fetisetsa matshediso a tswang botebong ba dipelo ho baratuwa ba ba lahlehetsweng ke maphelo le thepa ya bona koduweng ena.

4.3. Kabinete e imatahanya le setjhaba mabapi le ho thoholetsa Kevin Anderson mabapi le ho fihlella makgaolakgang a US Open. Ke sebapadi sa pele sa moAforika Borwa ho fihlella makgaolakgang a bompodi bo boholo ba thenese esale ho tloha ka selemo sa 1994. Re na le tshepo ya hore o tla tswela pele ho ahella hodima phihlello ya hae e kganyang le ho kgothatsa batjha ba bang ba nang le talente ba MaAforika Borwa.

4.4.  Kabinete e thoholetsa Trevor Noah ka ho hapa Kgau ya Emmy mokgahlelong wa Best Short Form Variety Series bakeng sa ho ikgetha ha lenaneo la hae le bapalang ho YouTube, la The Daily Show: Between the Scenes.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Motsamaisi-Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo (GCIS)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore