Pehelo ya Kopano ya Kabinete e neng e Tshwerwe ka Tshebediso ya Marangrang mohla la 24 Phuptjane 2020

1.   Morero wa Kinolo ya Kgwebo ya Tshebeletso ya Difofane ya Afrika Borwa (SAA) Mathateng

1.1    Kabinete e amohetse tlaleho ya kgatelopele e mabapi le mothati wa kinolo ya kgwebo ya SAA ho tswa Komitiing e Kopanetsweng ya Matona (IMC), eo modulasetulo wa yona e leng Letona la Dikgwebo tsa Mmuso Pravin Gordhan.

1.2    Kabinete e tsitlallela hore kananelo e nepahetseng ya boramekitlane ya ho phethela mothati wa kinolo ya kgwebo e ntse e le ona mokgwa o motle o bile o potlaka ka ho fetisisa, bakeng sa hore bofofisi ba naha bo hlophe botjha merero ya bona e kenyeletsang le kgwebo ya yona, dikoloto le maikarabelo a mang. Kabinete e dumela hore tshebeletso ya difofane e hlophilweng botjha e tla hahamalla pele ka lenaneo la diphetoho le kang kgaello ya menyetla ya ntshetsopele ya bafofisi ba batho ba batsho kamora dilemo tse 26 tsa demokerasi ya habo rona.  

1.3    E tshehetsa tshisinyo ya tshebeletso e ntjha ya difofane le mawala a kopanetsweng a ho tsoma ditjhelete mehloding e fapaneng, ho kenyeletsa le ho tswa ho balekane ba tekatekano ba bonahalang ba e na le bokgoni bakeng sa tshebeletso e ntjha ya difofane.  Ona ke ona feela mothati wa sebele oo ka ona tshebeletso e ntjha ya difofane e tshepahalang, e tla itjara ka nako e telele ebile e le e nang le bokgoni ba ho qothisana lehlokwa le tse ding, e ka fanang ka ditshebeletso tse momahantsweng tsa kwano lapeng, tsa lebatowa le tsa matjhaba.


2.   Moruo

2.1    Kabinete e ananela ditokiso tsa tlatsetso tsa ditekanyetso tsa ditjhelete tsa selemo sa 2020/21 tse tekilweng ke Letona la tsa Ditjhelete Tito Mboweni ka Laboraro, mohla la 24 Phuptjane 2020. Sena se susumeditswe ke sewa sa Lefu la kokwanahloko ya Corona (COVID-19) le ho putlama ho teng ha moruo. Ditekanyetso tsa Ditjhelete tsa Tlatsetso di rala moralo wa ho tsitsisa mekitlane ka ho ntlafatsa mekgwa eo re sebedisang tjhelete ka yona esita le ho aha motheo wa tsosoloso ya moruo.

2.2    Kabinete e na le tshepo ya hore boikitlaetso bo tsebisitsweng ke Letona Mboweni bo tla bea moruo wa rona motjheng o tsitsitseng ebile e le wa nako e telele, haholoholo haeba e mong le e mong a ipapisa le mmuso bakeng sa ho bo kenya tshebetsong.

3.  Tsa moraorao mabapi le COVID-19

3.1    Kabinete e amohetse tlaleho ya kgatelopele e tswang Lekgotleng la Naha la Twantsho ya Kokwanahloko ya Corona. E le karolo ya ho arabela Mohatong wa Boraro wa ho nyehlisa ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara, ho ile ha tekwa dihlomathiso tsa melawana ho ya ka dipeelo tsa Molao wa Taolo ya Dikoduwa, wa 2002 (Molao wa 57 wa 2002).

3.2    Leha Kabinete e ananetse mosebetsi o mongata o ntseng o etsuwa wa ho boloka botsitso dipakeng tsa ho baballa boiphediso le ho pholosa maphelo, e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha dihlomathiso tse amanang le ho bulwa ha mabenkele a dijo, dihotele le dikhasino koranteng ya mmuso.

3.3    Kabinete e boela e etsa kgoeletso ya hore bohle re sebetse mmoho ho kgina ho ata ha ditshwaetso kahara metse ya habo rona ka ho ikobela ditsamaiso tsa bophelo bo botle tse kang ho hatlela matsoho kgafetsa, ho qaqolohana ha batho le ho kenya dikwahelanko le molomo ha re le moo ho phetheselang batho.

4.    Dikgoka tse Kgahlanong le Bong (GBV)

4.1    Kabinete e ngongorehile haholo ka ho phahama ha diketsahalo tsa Tlhekefetso e Amanang le Bong (GBV) ho phatlalla le naha. Kamora diketsahalo tsa moraorao tsa diphenetho tsa basadi le bana, e ipileditse ho batho bohle ba Afrika Borwa hore ba be ngatana nngwe ho fedisa ho harinya hona. Kabinete e thoholetsa makala a qobello ya molao ka tshebetso ya ona e potlakang ya ho tshwara ba bang ba babelaellwa mme e kgothaletsa makala ana hore a tswele pele ka ho sebetsa ka thata bakeng sa ho tshwara bohle ba amehang diphenethong tsena tse sisimosang.

4.2    Kabinete ha e qeaqeye boikitlaetsong ba yona ba ho kenya tshebetsong lethathama la bokenadipakeng le hlahisitsweng ke Morero wa Lewa la Naha la GBV le Diphenetho tsa Basadi. IMC eo modulasetulo wa yona e leng Letona la Boporesidenteng la Basadi, Batjha le Batho ba Qhwadileng, Mme Maite Nkoana-Mashabane, e tswela pele ho susumetsa bokenadipakeng ba mmuso bo ntlha di ngata. Leha ho le jwalo, bokenadipakeng bo botle ka ho fetisisa ke bo hlokang hore Maafrika Borwa ohle a be le seabo mabapi le ho fedisa tlwaelo ya dikgoka kgahlanong le ditho tsa setjhaba tse kotsing ka ho fetisisa.

5.    Simphosiamo ya Ntshetsopele ya Meralo ya Motheo ya Nako e Telele ya Afrika Borwa (SIDSSA)

5.1    Kabinete e amohela ho kgakolwa ha SIDSSA ho neng ho tshwerwe ka tshebediso ya marangrang bekeng ena, tlasa mookotaba o reng: “Ho tsetela meralong ya motheo bakeng sa katleho e abelanwang: kajeno, hosane le kamoso”.  

SIDSSA ke lepatlelo le kgobokanyang bankaseabo ba bohlokwa sebayeng sa botsetedi meralong ya motheo, ba thokoletsweng morero wa bohlokwa wa ho akofisa morero wa tsosoloso ya moruo o etelletsweng pele ke meralo ya motheo. Bokenadipakeng ba meralo ya motheo bo tla dula e le sehotetso sa tsosoloso ya moruo wa Afrika Borwa.

5.2    Ka mothati ona, ho se ho lekotswe diporojeke tse 276.  Tsena di bopa diporojeke tse thusang tsa matsete a meralo ya motheo tse nang le monyetla wa katiso bakeng sa ho hlahisa menyetla ya mesebetsi le ho matlafatsa moruo.  

5.3    Tse  88 tsa diporojeke tsena ke tse seng di le malalaalaotswe bakeng sa matsete mme di kenyeletsa diindasteri tse ipabotseng ka bokgoni ba tsona ba katiso ho tsa eneji; tsa metsi; tsa dipalangwang; tsa meralo ya motheo ya theknoloji ya lesedi le dikgokahanyo; bodulo ba batho; temo le tswelliso ya dihlahiswa tsa temo.

5.4    Diporojeke tsena di tla tshehetswa ka matlole ao boholo a tswang ho e meng ya mehlodi e meraro – dikgwebong, ditjheleteng tsa dithuso tsa baithaopi le tse ajwang ke mmuso. E le karolo ya letsete la tsosoloso ya moruo, tjantjello ya naha ya tshebedisanommoho ya lekala la setjhaba le la poraefete e tswela pele ho tsepamisa maikutlo tharollong ya tlhokeho ya tekano ya dibaka, ho fetola moruo le ho hlahisa mesebetsi e hlokehang haholo.

Dithonyo

Dithonyo kaofela di di emetse ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang ya tlhatlhobisiso

1.     Ditho tsa Boto ya Boto e Ikemetseng ya Taolo ya Bahlahlobi ba Ditjhelete:
1.1.    Mme Martie Janse van Rensburg (O thontswe hape);
1.2.    Monghadi Iqbal Motala (O thontswe hape);
1.3.    Monghadi Madoda Petros (O thontswe hape);
1.4.    Mme Nombulelo Gumata;
1.5.    Mme Thembeka Semane;
1.6.    Monghadi Roy Andersen;
1.7.    Monghadi Preston Speckmann;
1.8.    Mme Jesmane Boggenpoels;
1.9.    Monghadi Shauket Fakie; le
1.10     Profesara Nirupa Padia.


2.    Ditho tsa Boto tsa Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Inshorense ya Dikotsi tse Ikgethang:
2.1.    Monghadi Moss Ngoasheng (Modulasetulo);
2.2.    Mme Priscilla Mokonyane (Motlatsi wa Modulasetulo);
2.3.    Mme Moipone Ramoipone;
2.4.    Monghadi Desmond Marumo;
2.5.    Mme Japhtaline Mantuka Maisela;
2.6.    Monghadi Christiaan Johannes van Dyk;
2.7.    Monghadi Enos Ngutshane;
2.8.    Monghadi Reginald Haman;
2.9.    Monghadi Sathie Gounden;
2.10.    Mme Margret Mosibudi Phiri;
2.11.    Mme Refilwe Moletsane; le
2.12.    Mme Nolwandile Mgoqi-Mbalo.


Dipotso: Mme Phumla Williams – Radiphatlalatso wa Kabinete
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore