Pehelo ya Kopano ya Kabinete e neng e tshwerwe ka Laboraro la 13 Hlakubele 2019

Pehelo ya Kopano ya Kabinete e neng e tshwerwe ka Laboraro la 13 Hlakubele 2019 Tuynhuys, Motse Kapa

A. Dintlha tsa Hajwale 
1. Diketso tse Ntle tsa Bohlweki


1.1.  Kabinete e leboha maAforika Borwa kaofela a ileng a ipapisa le Moporesidente Cyril Ramaphosa mabapi le ho thakgolwa ha letsholo la naha la Diketso tse Ntle tsa Bohlweki. Letsholo lena, le fana ka monyetla bakeng sa makala a fapafapaneng a setjhaba ho bapala karolo ya ona le ho tseba ka tikoloho ho feta. Aforika Borwa ke setho sa Tumellano ya Paris ya diphethoho tsa tlelaemete e leng e tataisang maiteko a matjhaba a ho sebetsana le ho ntshetswa moyeng ha dikgase tse kotsi. 

1.2. Ke mosebetsi le boikarabelo ba batho bohle ba Aforika Borwa ho netefatsa tikoloho e hlwekileng le e itekanetseng hajwale le bakeng sa meloko e tlang. Tikoloho e laolwang hantle e tla nyehela mabapi le ho fokotsa ho ntshetswa moyeng ha dikgase tse kotsi, ho nyehela mabapi le kanetso ya dijo, metsi, eneji le ho iphedisa ka kakaretso. 
1.3. Kabinete e ipiletsa ho mang le mang ho etsa hore letsholo la Diketso tse Ntle tsa Bohlweki e be tsela ya bophelo hore dibaka tsa rona, metse le naha e be mohlala wa lefatshe wa ho hlweka, ho ba tala le ho duleha. 

2.    Ditseko sa Mobu 

2.1.  Kabinete e thabetse lenaneo le ntseng le tswella la ditlhabollo tsa mobu le batlang ho lokisa diphoso tsa nako e fetileng le ho aha setjhaba se lekalekanang le ho tswela molemo maAforika Borwa kaofela. 

2.2. Ho ntshetsapele kabo ya mobu ka ho lekalekana, Moporesidente Ramaphosa o ile a etella pele phano e ileng ya rerwa le ho phethelwa ya ditseko tsa dihekthare tse 142 tsa mobu wa bohlokwa ho badudi ba Moretele, ba supileng hore ba tla sebedisa mobu oo bakeng sa ntshetsopele. 

2.3. Badudi bana ba lahlehetswe ke ditokelo tsa bona tsa thuo ya mobu ha ba ne ba tloswa ka lehlaphahlapha mobung wa bona ho latela ho kenngwa tshebetsong ha dipehelo tsa Molao wa Mobu wa Batala wa selemo sa 1913. Khomishene ya Pusetso ya Ditokelo tsa Mobu (CRLR) e sebedisitse se ka fetang R203 milione mabapi le ho rera le ho phethela ditseko.

3. Eskom

3.1.  Kabinete e fumane tlaleho e tswang ho Motlatsi wa Moporesident David Mabuza mabapi le mosebetsi wa Komiti e kopanetsweng e Ikgethang ya Kabinete ya Eskom e thehilweng ho arabela mabapi le ditshitiso tsa moraorao tsa phepelo ya motlakase le kgahlamelo e mpe ya tsona moruong. Maiteko a mmuso a ho tlisa botsitso ba moshwelella ba ditjhelete, tshebetso le sebopeho ka hara Eskom a tswela pele ka bokgabane.

3.2. Moifo wa Setekginiki wa Tjhebobotjha ya Eskom o thontsweng ke Letona la Dikgwebo tsa Mmuso le Boto ya Eskom o qadile mosebetsi wa ona bekeng ena. O lebeletswe ho hlahisa tlaleho ya sethathong nakong ya dibeke tse nne. Tshebetso ya dipolante tsa motlakase e ntse e sa tsitsa leha ho fokotswa ha phepelo ya motlakase ho e so kenngwe tshebetsong ho tloha ka la 15 Hlakola 2019. Ho bile le diketsahalo tse mmalwa tse kgolo dibakeng tsa phepelo tse nyehetseng mabapi le ditshitiso tsa phepelo ya motlakase.

3.3. Kabinete e ananetse kgatelopele e ntle e entsweng ka ho hlasimoloha ha pokello ya mashala ho phatlalla le diteishene tsa motlakase, empa Lethathama la Phepelo ya Mashala le lokela ho behwa leihlo. Kabinete leha ho le jwalo, e dula e tshwenyehile ka tshebetso ya diteishene tsa motlakase tsa Medupi le Kusile mme e romme Letona la Dikgwebo tsa Mmuso ho fana ka moralo o pharalletseng wa tlhasimollo ho itshetlehilwe hodima tekolo botjha ya disosa tse ka sehloohong tsa ho phahama ha ditjeho le tshenyo ya nako bakeng sa porojeke ena e ntjha.

4.  Khomishene ya Mokgatlo wa Matjhaba ya Mesebetsi (ILO) Mabapi le Bokamoso ba Mesebetsi le Tumellano ya Edcon

4.1. Kabinete e ananela tlaleho ya khomishene ya lefatshe e entseng dikgothaletso tse 10 tse hlophisitsweng ka ditshiya tse tharo: ho tsetela bokgoning ba batho, ho tsetela ditheong tsa lepatlelo la mesebetsi; le ho tsetela mesebetsing e hlwahlwa le ya moshwelella. Kgothaletso ena e tobane ka ho otloloha le diphephetso tse tharo tsa ho se lekalekane, bofuma le tlhokeho ya mesebetsi.

4.2. Ka mosebetsi wa Letona la Mesebetsi Mildred Oliphant, Aforika Borwa e entse kgatelopele mabapi le ho ntlafatsa maemo a dibaka tsa mosebetsi ka ditsela tsa tekatekano ya bong, ponaletso ho tsa meputso, phediso ya dikgoka, tlhekefetso mosebetsing le ditsela tse itseng tsa ho netefatsa menyetla e lekanang.

4.3.  Kabinete hape, e ananela maiteko a kopanetsweng a mmuso, Letlole la Inshorense ya Tahlehelo ya Mosebetsi (le kenyeletsang mekgatlo ya basebetsi) le lekala la poraefete (dibanka le beng ba ditsha tsa mabenkele tse kgolo) ho thusa ka ditjhelete lebenkele le leholo ka ho fetisisa la diaparo la Aforika Borwa – EDCON. Bakeng sa ho phethela tumellano ya ho boloka Edcon, mekga kaofela e lokela ho itela le ho sebetsa mmoho.

4.4. Motsong wa maiteko a ho netefatsa hore Edcon ha e putlame ke kgahlamelo ya yona hodima mesebetsi. Mesebetsi e otlolohileng e 40 000 le e meng e mengata e sa otlolohang e ka be e lahlehile haeba Edcon e ne e sa thuswa botjha ka ditjhelete. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ho tshehetsa kgoeletso e entsweng ho Seboka sa Mesebetsi ho reka dihlahiswa tse entsweng ka Motlotlo tsa Aforika Borwa le ho tshehetsa diindaseteri tsa ka naheng.

5. Sekwere Kilomithara sa Arei (SKA)

5.1. Nako e ntjha ya taolo ya saense ya lefatshe e ile ya sibollwa ha Letona la Saense le Thekenoloji, Mmamoloko Kubayi-Ngubane, lebitsong la mmuso wa Aforika Borwa, le ne le saena tumellano ya matjhaba (e bitswang Khonvenshene ya Roma) ho la Italy, ka la 12 Hlakubele 2019.

5.2. Sena se theha Sebaka sa Dipatlisiso tsa Sekwere Kilomithara sa Arei (SKAO), jwaloka mokgatlo wa kopanelo ya mebuso, o fuweng mosebetsi wa ho aha le ho sebedisa theleskhoupu e matla ka ho fetisisa lefatsheng ya radio ya tsebo ya dinaledi, e tla ba Aforika Borwa le Australia.

5.3. Kabinete e thoholetsa dinaha tsa balekane mabapi le mokolokotwane ona o etsang nalane le ho thathiselletsa boitlamo ba Aforika Borwa porojekeng ya SKA, e ahellang hodima ho thakgolwa ka katleho ha theleskhoupu ya rona ya MeerKAT le nyehelo e hlokolosi ya Aforika Borwa mabapi le ho ralwa ha theleskhoupu ya SKA. SKAO e tla ba mokgatlo wa pele wa matjhaba o itshetlehileng ho tsa saense, moo Aforika e tla ba le karolo e matla ya boetapele, mapatlelong a saense, boenjinere le maano.

6. Dikgohola tsa KwaZulu-Natal

6.1.    Kabinete e fetisetsa kananelo ya yona bakeng sa tshehetso ya mekgatlo eo e seng ya mmuso (di-NGO) tseo le tsona di ikamahantseng le mmuso mabapi le ho fana ka thuso nakong ya dikgohola tsa moraorao tse bileng teng dikarolong tse ding tsa naha.
6.2.    Bakeng sa ho fokotsa sekgahla sa dikgohola tsa moraorao KwaZulu-Natal, mmuso o tswela pele ho fana ka thuso le tshehetso malapeng a amehileng. Dihlopha tsa dikoduwa le bahlanka ba ntse ba lekola boholo ba tshenyo bo etsahetseng. 
6.3.    Kabinete e kgothaletsa setjhaba ho ba sedi haholo nakong ya difefo le ya maemo a befileng a lehodimo, mme ba se leke ho tshela mebila, marokgo le dinoka tse tletseng metsi. 

7. Dikgohola tsa Malawi le Mozambique

7.1. Aforika Borwa ka Moporesidente Ramaphosa e amohetse dikopo tsa dithuso tsa botho, tsa ho batla batho ba lahlehileng le ho ba pholosa ho tswa ho bomphato ba hae e leng Moporesidente wa Malawi Moporofesara Arthur Peter Mutharika le Moporesidente wa Mozambique Filipe Jacinto Nyusi ka ho latelana. 

7.2. Ho se ho rometswe sefofane se bobebe ka moifo wa ditsebi ho ya Malawi ho ya fatisisa hantle mofuta wa thuso ya botho e batlehang. Aforika Borwa e dula e itlametse ho fana ka thuso leha e le efe e bokgoning ba yona ho ditho tsa puso tsa Dinaha tsa Ntshetsopele tsa Borwa ba Aforika (SADC). 

B. Diqeto tsa Kabinete 

1.    Tokomane ya Tataiso ya Moralo wa Saense, Thekenoloji le Ntjhafatso (STI) ya selemo sa 2019

1.1.  Saense le ntjhafatso hangata di bidietsa tsela e fapaneng ya ho etsa dintho mme di etsa hore re sebetsane le diphephetso tsa nako e telele ka tsela e tiileng le ka mokgwa o bolokang ditjeho. Ho itahlela ka setotswana melemong ena, Kabinete e tjhaelletse monwana Tokomane ya Tataiso ya Moralo wa STI wa selemo sa 2019, e betlang tsela ya leano la nako e telele bakeng sa mosebetsi o holang wa STI. Ka boteng ba Diphetho tse ntjha tsa Thekenoloji STI e tla re beha hantle hore re nke monyetla wa dintshetsopele tse potlakileng tsa thekenoloji.

1.2. Ditshisinyo ka hara Pampiri e Tshweu ena di reretswe boimatahanyo le leano, ntshetsopele ya bokgoni ba botho, katoloso ya tsebo, ntjhafatso; tshebetso le matsete a eketsehileng. Ditshisinyo tsena tsa leano di tla bopa motheo wa meralo ya ntshetsopele ya dilemo ka ding tse leshome tse kenyeletsang bankakarolo kaofela. 

C. Diketsahalo tse Tlang
1.  Dikgoka tsa Bong (GBV)

1.1. Moporesidente Ramaphosa o tla bula Lekgotla la Maseterata la Booysen Gauteng ka Labone la 28 Hlakubele 2019. Moporesidente mmoho le di-NGO tse fapafapaneng o tla saena tumellano, e qalang ho kenya tshebetsong diqeto tsa mohla ho ne ho thakgolwa Seboka sa Boporesidente sa GBV le Polao ya Basadi se neng se tshwerwe ka Pudungwana 2018. 

1.2. Hape o tla thakgola Lekgotla la Maseterata la Plattenberg Bay ho la Kapa Bophirima le tla fana ka ditshebeletso bakeng sa Lekgotla la Dinyewe tsa Malapa, dinyewe tsa badudi (ho kenyeletswa mabaka a Makgotla a Ditseko tse Nyane), Lekgotla la Ditlolo tsa Molao tsa Motabo, makgotla a lebatowa le makgotla a setereke.

1.3. Mmuso o tsebahaditse maitshunyako a mangata ho tshehetsa diphofu tsa tlhekefetso. Palo e etsang 54 ya Ditsi tsa Tlhokomelo tsa Thuthuzela ho phatlalla le naha di sebetsa jwaloka ditsha tsa ntho tsohle bakeng sa ho fedisa tlhekefetso ya tlatsetso le nako ya ho phethela dinyewe tsa tlhekefetso ka motabo. 

1.4. Kabinete e tshwela ka mathe ka matla mokgwa leha e le ofe wa tlhekefetso, ho kenyeletswa le tlhekefetso ka dipuo kgahlanong le basadi le bana. Mmuso o dula o itlametse ho ba ka pelepele ntweng ya ho fedisa GBV. MaAforika Borwa a kgothaletswa ho tlaleha dinyewe kaofela tse belaellwang e le tsa peto, tlhekefetso ka motabo kapa mofuta leha e le ofe wa dikgoka sepoleseng nomorong ya mahala ya 0800 428 428. Diketso tsa tlhekefetso ya bana di ka tlalehwa mohaleng wa mahala wa Childline ya Aforika Borwa – 0800 055 555.

2. Puseletso ya Mobu

2.1. Ka CRLR Motlatsi wa Moporesidente, David Mabuza, jwaloka Modulasetulo wa Komiti e Kopanetsweng ya Matona ya Puseletso ya Mobu, mmoho le Letona la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Mobu, Maite Nkoana-Mashabane, ka Moqebelo, wa la 16 Hlakubele 2019, ba tla etella pele moketjana wa Phano wa Boporesidente bakeng sa ditseko tse rerilweng le ho phethelwa tsa mobu Empangeni, KwaZulu-Natal.

2.2. Tseko ya Mobu ya Badudi ba Ubizo e na le Dihekthare tse 2 548 tsa mobu mme e bopilwe ka malapa a 149 a ileng a hapelwa mobu ho ya ka nalane. Ho na le bakgolamolemo ba 894 ba puseletso ya mobu (30% ya bona ke basadi), bao e leng ditloholo tsa badudi ba motse ona ka kotloloho ba tla kgola molemo phanong ena. Boleng kaofela ba thepa ya moo ke R136 milione.

3. Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho

3.1. Aforika Borwa e tla tshwara sehopotso sa Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho tlasa mookotaba: “Selemo sa Dipuo tsa Lapeng: Re Hodisa le ho Tebisa Moetlo wa Ditokelo tsa Botho” ho tsepamisitswe maikutlo hodima dipuo tsa lapeng.

3.2. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho matlafatsa ditokelo tse bopelletsweng ho Molaotheo wa Riphabliki ya Aforika Borwa wa selemo sa 1996 le Bili ya Ditokelo, ka ho baballa le ho hodisa dipuo tsa lapeng. 

3.3. Ketsahalo ena ya naha e tla ketekwa ka Labone la 21 Hlakubele 2019 Sharpeville ho la Gauteng moo dilemo tse 67 tse fetileng badudi ba neng ba kene boipelaetsong ba kgotso kgahlanong le melao ya bohanyapetsi ya dipasa mme ba qetella ba thuntswe ke sepolesa sa mmuso wa kgethollo. 

3.4. Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho hape e kenyeletsa Beke ya ho ba Kgahlanong le Semorabe ho tloha ka la 14 ho isa ka la 21 Hlakubele 2019, mme e tla boela e sebediswa ho hlakisa ditlamorao tse kotsi tsa semorabe ka hara setjhaba. 

D.  Melaetsa
1. Dithoholetso


Kabinete e thoholetsa:
1.1.  Bankakarolo bohle ba ileng ba ipapisa le mmuso mabapi le ho tiisa hore Aforika Borwa e tshware Mohope wa Lefatshe wa Netebolo wa selemo sa 2023, oo e tla beng e le wa pele mobung wa Aforika. Kabinete e ananela tshepo e bontshitsweng ke Fedreishene ya Matjhaba ya Netebolo (INF). Naha e ikemiseditse ho fana ka kamohelo e mofuthu ya Ubuntu ho dinaha tse 16 tse tla bapala dipapadi tse 60 nakong ya thonamente ena ya matsatsi a 10 Setsing sa Matjhaba sa Diboka ho la Motse Kapa. 

1.2.  Mofumahadi Nomzamo Mbatha ya ileng a kgethwa jwaloka mohlodi wa Kgau ya Botle ba Kgosatsana ho Dikgau tsa Matjhaba tsa Basadi ba Matla Los Angeles, ho la Amerika. Mbatha o tla ananelwa bakeng sa ditalente tsa hae thelevisheneng jwaloka thatohatsi ya boraditaba le sebapadi, hammoho le ka mosebetsi wa hae le Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN).

1.3. Monghadi Vincent Cosa bakeng sa sebete sa ho pholosa ngwana nakong ya dikgohola Johannesburg. 

1.4. Mofumahadi Nosipho Mkhupheka bakeng sa ho hapa kgau ho Dikgau tsa Forbes tsa Mosadi wa Aforika Lekaleng la Ditshebeletso tsa Mmuso ka Labohlano, la 08 Hlakubele 2019. Mofumahadi Mkhupheka o hapile kgau bakeng sa boitelo ba hae ba ho sebeletsa batho ka seriti le kamora nako ya dihora tsa tshebetso mme o ananetswe bakeng sa ho sebeletsa batho ba Scottsburg ho la KwaZulu-Natal ka bokgabane.

1.5. Moporofesara Mashudu Tshifularo le Moifo wa hae wa Yunivesithi ya Tshwane ya qadileng ditsamaiso tsa pele tsa bongaka ba ho etsa oporeishene ho sebediswa masapo a tsebe e mahareng ka kgatiso ya 3D, bakeng sa ho hlabolla tahlehelo ya kutlo. Sena se entswe Sepetlele sa Dithuto sa Steve Biko ho la Tshwane, ka la 13 Hlakubele 2019.

2. Matshediso

Kabinete e fetisetsa matshediso ho lelapa le metswalle ya:
2.1. Letona la Kopanelo ya Puso le Merero ya Setso (COGTA) Ngaka Zweli Mkhize ya lahlehetsweng ke moholwane wa hae Monghadi Jabulani Gerald Mkhize ka Sontaha sa la 10 Hlakubele. O tla patwa ka la 16 Hlakubele lapeng habo Willowfountain Pietermaritzburg, KwaZulu-Natal.

2.2. Monghadi Sibusiso Khwinana ya neng a bapala karolo ya Lefa filiming ya mona hae ya moraorao ya Matwetwe. Hape e ne e le setho sa mantlha se thehileng Mokgatlo o Ikemetseng wa Dibapadi tsa Kalaneng, eo morero wa yona e leng ho theha moloko wa dibapadi tse ikemetseng ka ho ba kgothaletsa ho nka boikarabelo ba mosebetsi wa bona le ho ananela bokgoni ba bona.

2.3. Diphofu tsa ketsahalo e bohloko ya ho swahlamana ha sefofane sa Ethiopian Airlines se le tseleng e yang Nairobi ho la Kenya ho tswa Addis Ababa, Ethiopia, mme sa bolaya bapalami le moifo wa bathusi kaofela. 

2.4. Bohle ba lahlehetsweng ke maphelo a bona dikgoholeng tsa moraorao dikarolong tse ding tsa Aforika Borwa hammoho le Malawi le Mozambique.

E. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.

1. Monghadi Mandla Reginald Sithole: Mohlanka e Moholo wa Ditjhelete ho Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba;

2. Monghadi Enoch Godongwana le Mofumahadi Bongiwe Kunene: Batsamaisi ba e seng ba Phethahatso ho Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e Borwa (DBSA) Botong ya Batsamaisi bakeng sa nako ya dilemo tse tharo ho tloha ka la 1 Mmesa 2019;

3.    Ho thonngwa hape ha Mofumahadi Malijeng Theresa Ngqaleni le Mofumahadi Martie Jacoba Janse Van Ransburg: Batsamaisi bao e seng ba Phethahatso Botong ya DBSA bakeng sa dilemo tse tharo ho tloha ka la 01 Mmesa 2019;
4.    Ditho ho Boto ya Metsi ya Bloem:
a.    Monghadi Tefetso Bernard Phitsane (Modulasetulo);
b.    Moatefokate Tshepiso Doreen Segoe-Backward (Motlatsi wa Modulasetulo);
c.    Monghadi Zolani Mkiva;
d.    Monghadi James Jonathan Price;
e.    Mofumahadi Theda Ntikile Sandlana-Thebe;
f.    Mofumahadi Dipitseng Maropeng Manamela; 
g.    Monghadi Luvuyo Xola Ntoyi;
h.    Monghadi Louis Evelyn van Rheede van Oudtshoorn;
i.    Monghadi TM Manyoni; le
j.    Mofumahadi Mmathebe Annah Faith Moja. 

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Motsamaisi-Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo (GCIS) 
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore