Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 7 Phato 2019

Kabinete e kopane ka Laboraro, mohla la 7 Phato 2019 Union Buildings Pretoria

A.  Dintlha tsa Moraorao
1.  Boikitlaetso ba Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Basebetsi (NEDLAC)

1.1.  Kabinete e dula e ngongorehile ka sekgahla se hodimo sa leqeme la mesebetsi esita le manane a tlase a kgolo ya moruo naheng ya rona. Sephetho sa Diphuputso tsa Bosebetsi tsa Kotara le Kotara (QLFS) bakeng sa kotara ya bobedi ya 2019 se ntshitsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (Stats SA), se bontsha hore sekgahla sa semolao sa leqeme la mesebetsi se eketsehile ka 1,4% ho ya fihla ho 29,0%, papisong le kotareng ya pele ya 2019.

1.2.  Kabinete e dula e ikemiseditse ho rarolla diqholotso tsa sebopeho se tswelang pele ho ama tshebetso ya moruo wa rona, esita le bokgoni ba wona ba ho arabela diqholotsong tsa tswelopele.

1.3.  Tumellano ya karabelo e potlakileng e tekennweng ke mekgatlo yohle ho NEDLAC e ikitlaelletsa ho kopana le ba amehang kgwedi le kgwedi, ho sala morao boitlamo bo ntlha di mashome a supileng a metso e supileng (77) tsa Mmoka wa Mesebetsi. Modulasetulo wa dikopano tsa kgwedi le kgwedi e tla ba Moporesidente Cyril Ramaphosa ho tloha ka Loetse 2019.

1.4.  Boikitlaetso ba bohle ba amehang – ba akgang mmuso, bosebetsi, dikgwebo, mekgatlo ya setjhaba – bo tsetselela mananeo a tlhahiso ya mesebetsi, mekgwa ya ho katolla dikgoro e le ho thakgola kgato ya ho a kenya tshebetsong, hammoho le ditumellano tsa ho boloka mesebetsi esita le mekgwa ya ho thibela tahleho ya mesebetsi. Tse ding tse kenyeleditsweng boikitlaetsong bona ke dikgato tse totobetseng tse tsetselelang ho hodisa moruo.

2.  Tshebedisano mmoho dipakeng tsa Aforika Borwa le Japane

2.1.  Kabinete e amohela tshebedisano mmoho dipakeng tsa Aforika Borwa le Japane ho lwantsha tshilafatso ka dipolaseteke, ka ho tshehetsa ho fetolwa ha indasteri ya lapeng ya dipolaseteke ho tloha ho ya dipolaseteke tse tlwaelehileng ho ya mekgweng e meng e batlang e sa senye tikoloho.

3.  Foramo ya bo18 ya Molao wa Kgolo le Menyetla ya Aforika (AGOA)

3.1.  Aforika Borwa e sa tswa ba le seabo Foramong ya bo18 ya AGOA e neng e tshwaretswe Côte d'Ivoire tlasa mookotaba o reng: “AGOA le Bokamoso: Popo ya Mmotlolo o Motjha wa Kgwebisano wa ho Tataisa Botsetedi le Kgwebisano ya Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika (US) mmoho le Aforika”.

3.2.  AGOA ke lenaneo le le leng feela la kgwebisano le ratwang ke US, le fanang ka kamohelo ya dithepa tse sa lefellweng lekgetho di bile di sa lekanyetswe sekepele, bakeng sa metjha e kahodimo ho 6 400 e tswang dinaheng tse Aforika e ka Borwa ba Sahara tse tshwanelehileng tse 40 tsa AGOA, ho akga le Aforika Borwa.
3.3.  Dipuisano tse ntle tse ahang tsa Aforika Borwa le Moemedi wa Kgwebisano wa US, di fana ka kgonahalo ya phihlello mebarakeng ya US esita le botsetedi ba Amerika moruong wa rona, e leng mekgwa ya bohlokwa ya ho rarolla taba ya tlhahiso ya mesebetsi le phediso ya bofuma.

4.  Ditlhaselo tsa ditho tsa Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS)

4.1.  Ditlhaselo tsa moraorao tsa ditho tsa SAPS di le mosebetsing Toropong ya Johannesburg, ha di a tshwanela ho mamellwa. Kabinete e tshwela ditlhaselo tseo ka mathe ebile e laetse sepolesa sa rona le makgotla a mang a qobello ya molao hore ba seohele babelaellwa bao ntle le tshabo ya letho kapa hona ho kgetha nku ka pere.

4.2.  Molaotheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa wa 1996 o laela hore makgotla a qobello ya molao, ho akga le tshebeletso ya rona ya sepolesa, a tlameha ho thibela, ho lwantsha le ho batlisisa ditlolo tsa molao, a boloke botsitso ba setjhaba, a tshireletse baahi ba naha le dithepa tsa bona, a sikare a be a qobelle molao.
4.3.  Tlhaselo efe kapa efe ho bahlanka ba rona ba qobello ya molao ke tlhaselo naheng ya rona le boipuso ba yona, mme ditlhaselo tse jwalo ha di ka ke tsa tlohellwa ntle le dikotlo. Re etsa kgoeletso setjhabeng sohle hore se tshehetse makgotla a mmuso wa rona, haholoholo ao a qobellang melao ya rona, se be se momahane kgahlanong le diketso tsena tse soto tse reretsweng ho hlasela bahlanka ba sepolesa.
4.4.  Kabinete e etsa kgoeletso makgotleng a qobello ya molao, hore a tswele pele ho qobella molao a be a nke dikgato tse matla kgahlanong le bao ba thunthetsang melao ya naha ya rona. Melawana ya bomasepala ya taolo e tlameha ho hlomphuwa ka dinako tsohle, mme re etsa kgoeletso bomasepaleng bohle ba rona hore ba qobelle tsitlallelo ya melawana ya bomasepala ya taolo. Re dula re ntse re le naha e ikokobeletsang melao, e tla tswela pele ho netefatsa boteng ba kgotso, botsitso le katleho bakeng sa baahi ba yona.

4.5.  Kabinete e lebelletse hore bohle ba dulang ba bile ba sebetsa Aforika Borwa, ba sebedisane mmoho le makgotla a rona a qobello ya molao e le ho fedisa ditlolo tsa molao le diketso tse seng molaong.

4.6.  Kabinete e boela e netefaletsa setjhaba hore makgotla a qobello ya molao a naha ena a tla nka dikgato tse matla a be a tshware batho ba hlohleletsang ditlolo tsa molao le merusu.

5.  Tshenyo ya thepa ya setjhaba

5.1.  Kabinete e amohela ho fela ha boipelaetso Toropong ya Tshwane. Leha ho le jwalo, ke bomadimabe taba ya hore bakganni ba dibese ba ile ba kwala mebila ya bohlokwa e kenang toropong ka dibese tsa masepala, athe ba bang ba baipelaetsi ba ile ba senya meralo ya motheo, ebile ho tlalehwa hore ba ile ba tshosa ditho tsa setjhaba.

5.2.  Kabinete e ngongorehile ka diketsahalo tse eketsehang tsa tshenyo ya thepa ya setjhaba tse amanang le diketso tsa boipelaetso naheng ena. Tokelo ya ho ipelaetsa e tshireleditswe ebile e fuperwe ke Molaotheo, mme ho na le mekgwa e mengata ya ho rarolla dillo tsa setjhaba ka kgotso, ntle le tshenyo ya ditshebeletso le dithepa tsa setjhaba. Tokiso ya meralo ya motheo e senyehileng e na le ditlamorao tse mpehadi tsa ditjhelete le kahisanong, tse thefulang baahi ba sebedisang disebedisuwa tseo kamehla.

6.  Tumellano ya tefo mabapi le lefuba la silikhosisi

6.1.  Kabinete e elelletswe ka tumellano ya tefo ya R5-bilione e ananetsweng ke Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Borwa ba Gauteng, e leng ntho e romelang molaetsa o matla dikhamphaneng tsa merafo hore di bee polokeho ya basebetsi ka sehloohong, ho thibela mafu a ka nnang a ropoha kamora nako e telele motho a se a beile meja fatshe.

6.2.  Kahlolo ena ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe, e tla thusa hore diketekete tsa basebetsi ba mehleng ba merafong ba fumantshwe ditlhapiso bakeng sa mahlonoko le ditshotleho tseo ba phetseng le tsona kamora ho tshwarwa ke mafu a amanngwang le ho sebetsa merafong ya gauta ka nako e telele.

6.3.  Kabinete e thoholeditse dihlopha tsa boramolao, ho akga le thuso ya molao, tse ileng tsa buella mahlakore a fapaneng nyeweng e nkileng nako e telele, moo ho fihlelletsweng tumellanong ya hore ho hlapiswe basebetsi ba mehleng ba merafong kapa bajalefa ba bona ba tshwanelehileng, lehlakoreng la basebetsi ba merafong ba seng ba le siyo ka lebaka la ho tshwarwa ke lefuba la silikhosisi kapa mefuta e itseng ya lefuba e ileng ya ba tshwara merafong e itseng ya gauta, kamora la 12 Tlhakubele 1965.

6.4.  Dikhamphane tse tsheletseng tsa merafo - African Rainbow Minerals, Anglo American, AngloGold Ashanti, Gold Fields, Harmony le Sibanye-Stillwaters – hammoho le boramolao ba batseki, ba tla thea Letlole la Tshiamiso, le tla netefatsa hore basebetsi ba merafong ba loketseng kapa bajalefa ba bona ba tshwanelehileng, ba fumana ditlhapiso.

7.  Tumellano ya Mozambique

7.1.  Kabinete e amohela taba ya ho tekenwa ha Tumellano ya Kgotso le Poelano Mozambique ka Labobedi, mohla la 6 Phato 2019, e le letshwao la kopano le batho ba Mozambique, esita le ho tshehetseng kgotso le botsitso naheng eo.

7.2.  Tumellano ena ke sephetho sa dipuisano tsa sepolotiki tse atlehileng dipakeng tsa Mmuso wa Mozambique le Mokgatlo wa Kgano wa Naha wa Mozambique, tse thusitseng hore ho tekenwe tumellano tlhalosong ya kemiso ya dikgohlano tsa dintwa ka la 1 Phato 2019.

7.3.  Aforika Borwa le Mozambique di abelana ka setswalle le dikamano tsa dinaha tsena tse pedi, ho tsa sepolotiki, tsa moruo le kahisano tse tsheheditsweng ke kopano e matla ya nako e fetileng ya ho tloha dilemong tsa ntwa ya tokoloho. Moporesidente Ramaphosa le Dihlooho tse ding tse ngata tsa Dinaha tsa SADC, ba ne ba le teng moketjaneng oo wa ho tekena.

8.  Caster Semenya

8.1.  Kabinete e swabile ka hore kgalala ya rona ya semathi, Caster Semenya, ha a no dumellwa ho sireletsa sekola sa hae sa lefatshe sa dimithara tse 800 Ditlhodisanong tsa Lefatshe Doha, Qatar. Sena se etsahala ka lebaka la kahlolo ya lekgotla la dinyewe la Switzerland, e tsheheditseng molawana wa Mokgatlo wa Matjhaba wa Setlamo sa Diatleletiki o tla hloka hore a sebedise meriana e fokotsang lero la botona mmeleng.

8.2.  Kabinete e tshehetsa Mofumahatsana Semenya kahohlehohle jwaloka ha a ipiletsa mme a lwanela ditokelo tsa hae tsa mantlha tsa botho. Jwaloka baatlelete ba bang bohle, o na le tokelo ya ho hlodisana le ba bang ntle le hore a qobellwe ho fetola mmele wa hae ka mekgwa efe kapa efe ya meriana.

9.  Dikgau tsa Naha
9.1.  Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa hore a thonye batho bao a nahanang hore ba tshwanelehile hore ba fuwe ditlotlo tsa boemo bo hodimodimo tsa naha, e leng Dikgau tsa Naha.

9.2.  Dikgau tsena di tlotla maAforika Borwa le melata e tshwanelehileng e ileng ya kenya letsoho ka mekgwa e fapaneng phihlellong ya Aforika Borwa e lokolohileng, e momahaneng, e se nang semorabe, e se nang kgethollo ya bong, e atlehileng ebile e le ya demokrasi.

9.3. Dithonyo tsa Dikgau tsa Naha tsa 2020 di tla kwala ka la 31 Phato 2019 mme moketjana wa kabo ya dikgau tsena o tla tshwarwa ka Mmesa 2020. Diforomo tsa dithonyo di a fumaneha websaeteng ya Boporesidenteng: www.thepresidency.gov.za. Ditho tsa setjhaba di kopjwa ho qhwaella molaetsa o matlafatsang thonyo eo ya motho ya itseng.

B. Diqeto tsa Bohlokwa
1.1 Ho ropoha ha lefu la vaerase ya Ebola


Letona la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba, Ngaka Naledi Pandor le Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Zweli Mkhize, ba hlabile Kabinete malotsana ka ho ropoha hona esita le ka ho shwa ho bakwang ke Ebola Democratic Republic of Congo, esita le kotsi ya yona dinaheng tsa boahisane.

1.2. Lefu lena le a tshwaetsa ho tloha mothong e mong ho ya ho e mong, ka ho thetsa madi le maro a mmele wa motho ya nang le lona. Ho ya ka Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO), Aforika Borwa e nkuwa e le enngwe ya dinaha tse seng kotsing hakaalo mona Aforika.
1.3. Kabinete e ile ya boela ya hlajwa malotsana ka boemo ba ho lokela ho lwantshana le maemo a Ebola a ka nnang a ropoha naheng ya rona. Maemo a mararo a arohaneng a tshekatsheko ya kotsi a netefaditse kotsi e fokolang haholo ya boemo ba Ebola ba Aforika Borwa. Mehato ya bohlokwa ya ho phahamela mapoqo ho tsa bophelo bo botle e se e kentswe tshebetsong naheng ya rona, ho akga le tikoloho ya dipetlele tse hlwailweng diprofenseng tsohle tsa rona haeba re ka iphumana re tlameha ho lwantshana le Ebola. Ntle le dipetlele tse hlwailweng, mehato ena ya ho phahamela mapoqo e akga disebedisuwa tsa ho lekodisisa madibohong a rona a kenang, dikgokahanyo le tlhophiso esita le dilaboratori tse qollotsweng.
1.4. Kabinete e ananetse mehato ya ho phahamela mapoqo e seng e le motjheng, ho netefatsa hore naha ya rona e a itwanela haeba ho ka bonwa lefu lena. Leha ho le jwalo, re batla ho netefaletsa setjhaba hore Aforika Borwa e dula e le kotsing e fokolang haholo ya Ebola.

C. Diketsahalo tse Tlang

1. Letsatsi la Naha la Basadi

1.1.  Ka Labohlano, mohla la 9 Phato, naha e tla keteka sehopotso sa Letsatsi la Naha la Basadi, le tshwayang ntwa ya naha e se nang ditlhekefetso tsa bong, e se nang semorabe le kgethollo ya bong, katlasa mookotaba o reng: “Dilemo tse 25 tsa Demokrasi: Ho hodisa Aforika Borwa molemong wa Tokoloho ya Basadi”.
1.2. Moporesidente Ramaphosa o lebelletswe hore a tshetlehe puo ya bohlokwa Mabaleng a Vryburg, Seterekeng sa Dr Ruth Segomotsi Mompati, Leboya Bophirimela.
1.3.  Kgweding ena ya basadi ho se ho bonahetse boitokisetso ba diketsahalo tse tsetselelang matlafatso le tshireletso ya basadi, ho akga le ketso ya Moporesidente Ramaphosa ya ho thonya ditho tsa Khomishene ya Tekano ya Bong (GCE). GCE ke setheo sa molao se theetsweng ho kgothaletsa tlhompho ya tekano le tshireletso ya bong, ntshetsopele le phihlello ya tekano ya bong.
1.4.  Basadi ba na le seabo sa bohlokwa kahong ya moruo wa naha, ho theeng mesebetsi le ho inoleng malapa bofumeng. Matlafatso ya basadi e bohlokwa ho kgaoleng diketane tsa tlhekefetso tse sithabetsang setjhaba sa habo rona sa Aforika Borwa. Kabinete e etsa kgoeletso ho bohle ba amehang hore ba bee matlafatso ya basadi ka sehloohong, ba be ba ikamahanye le diketsahalo tsa ho keteka letsatsi la naha la Basadi hosane.

2.  Mmoka wa Ntshetsopele ya Dinaha tsa Borwa ba Aforika (SADC)

2.1.  Moporesidente Ramaphosa o tla etella moifo wa Aforika Borwa pele o ilo ba le seabo Mmokeng wa bo39 wa Dihlooho tsa Dinaha le Mebuso ya SADC, o tla tshwarelwa Tanzania ka la 17 le la 18 Phato 2019.
2.2.  Nakong ya mmoka ona, Moporesidente wa Tanzania John Magufuli o tla nka bodulasetulo ba SADC ho mphato wa hae wa Namibia, Moporesidente Hage Geingob.
2.3.  Mmoka wa SADC o boetse o lebelletswe hore o tshetshethe ka dintho tse ngatanyana, ho akga le ho kenngwa tshebetsong ha merero ya tshebetso ya lebatowa e kang kaho ya diindasteri, kgwebisano, ntshetsopele ya meralo ya metheo, ho thewa ha palamente ya lebatowa, esita le momahanyo ya kgotso le tshireletso lebatoweng lena.

D. Melaetsa

1. Matshediso

Kabinete e rometse matshediso:
1.1.  bathong ba Riphaboliki ya Tunisia kamora ho hlokahala ha Moporesidente Beji Caid Essebsi.
1.2.  lelapeng le metswalleng ya Toni Morrison, mongodi ebile e le moamohedi wa Nobel Prize, ya hlokahetseng a le dilemo di 88. Mongodi enwa ya tswileng matsoho o ngotse ka malebela a Aforika le Amerika dingolweng tsa boiqapelo nakong e kahodimo ho dilemo tse mashome a mahlano, dipading tse akgang Beloved le The Bluest Eye.
1.3.  bathong ba India kamora ho hlokahala ha mokaubere wa radipolotiki wa India Sushma Swaraj, a le dilemo di 67 kwana New Delhi. Swaraj e ne e le Letona la naha la Merero ya Kantle ho tloha ka 2014 ho ya ka 2019. E ne e le mosadi wa bobedi wa ho kena kantorong eo nalaneng ya India.

2. Dithoholetso le Ditakaletso tsa Mahlohonolo

Kabinete e:
2.1. babatsa sehlopha sa setlamo sa Ditimamollo tse 45 le baokamedi ba bona ba baholo, se qetileng matsatsi a ka bang 30 se lwantshana le mello Profenseng ya Alberta ka Bophirimela ba Canada. Sehlopha sena se rometswe ho ya thusa twantshong ya ho tjha ha hlaha Chuckegg Creek moo ho tjheleng dihekthara tse kahodimo ho 350 000 haesale ho tloha ka Motsheanong 2019, kamora kopo e ileng ya etswa ke Setsi sa Canada sa Twantsho ya ho Tjha ha Meru.
2.2.  thoholetsa disesi tsa habo rona tse entseng hore naha e ikgantshe kwana Ditlhodisanong tsa Lefatshe tsa FINA tsa 2019 Korea Borwa. Zane Waddell o hapile gauta dimithareng tse 50 tsa moseso o bitswang backstroke, Chad le Clos o hapile mathose a mabedi dimithareng tse 100 le dimithareng tse 200 tsa moseso o bitswang butterfly, athe Tatjana Schoenmaker o hapile silifera dimithareng tse 200 tsa moseso o bitswang breaststroke.
2.3.  lakaletsa sehlopha sa Aforika Borwa sa baseball ya ba katlase ho dilemo tse 18 mahlohonolo ha ba phahamisetsa folakga ya rona hodimo thonamenteng ya Mohope wa Lefatshe Korea Borwa, ho tloha ka la 30 Phato ho ya ho la 8 Loetse 2019.
2.4.  thoholetsa Khanyisile Mthetwa, seletsi sa phala se nang le neo, eo e leng moAforika wa pele wa ho kgethwa ho ba moamohedi wa (2019) Myrna Brown International Scholarship, e fanwang ke Mokgatlo wa Diphala wa Naha wa Amerika.

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Radiphatlalatso wa Kabinete ya Tshwereng Molepo
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore