Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 5 Tshitwe 2018

Kabinete e kopane ka Laboraro, 5 Tshitwe 2018, Tuynhuys e Motse Kapa. 

A. Dintlha tsa ha Jwale
1.  golo ya moruo

Kabinete e amohela 2.2% ya kgolo moruong wa Afrika Borwa nakong ya kotara ya boraro, e thusang ho ntsha naha putlamong ya moruo ka tatelano dikotareng tse pedi. Dipalo tsa kgolo di ile tsa susumetswa ke keketseho e lekaleng la temothuo (6.5%), lekala la ditjhelete (2.3%), lekala la tlhahiso (7.5%) ha mmoho le thekiso e kgolo le thekiso ya bohwebi (3.2%). Dipalo tsa kgolo di bontsha nyoloho ya moruo ha mmoho le dikgwebo tse hlahileng ho tswa Kopano ya Mesebetsi le Seboka sa Letsete sa Afrika Borwa, di tla tswella ho ntlafala. 

Kabinete e boela e amohela ho theoha ha ditjeo tsa mafura kgweding ena mme sena se imolla haholo, haholoholo jwang ha e le mona re ya nakong ya matsatsi a phomolo. Ho ipiletswa ho makala ohle a setjhaba hore a ahelle hodima kgatelopele ena e matla nakong ya kotara ya boraro ho thusa ho kenya moruo wa Afrika Borwa tseleng e ntjha ya kgolo.

2. Bonnyane ba Moputso wa Naha (NMW)

Kabinete e boela e amohela ho tekenwa ha Bili ya Bonnyane ba Moputso wa Naha hore e fetolelwe molao ke Mopresidente Cyril Ramaphosa. Bili e bapatsa mohlala o motle mabapi le ho tshireletsa basebetsi ba kgolang meputso e tlase le ho fokotsa tlhokeho ya tekatekano setjhabeng. Bonnyane ba Moputso wa Naha ba pele bo tlo phahamisa meputso ya basebetsi ba maAfrika Borwa ba ka bang milione tse tsheletseng ba kgolang meputso e tlase. Ho tla ba le nako ya ho kenyeletsa basebetsi ba mapolasing, basebetsi ba meru le basebetsi ba malapeng.

Le ha Bonnyane ba Moputso wa Naha bo se na ho fedisa tlhokeho ya tekatekano ya makeno, Kabinete e dumela hore e tla fihlela tse ngata ha ho tla ho tsa bophahamo ba tlhokeho ya tekatekano le bofuma bo tsitlalletseng.

3. Institjhuti yaToyota Wessels ya Dithuto tsa Tlhahiso (TWIMS)

Kabinete e amohela ho thakgolwa ha TWIMS e ntjha ya boleng ba R56 milione. Institjhuti e tla matlafatsa lekala la tlhahiso la Afrika Borwa, e ntshetsepele bokgoni ba maemo a lefatsheng le ho tsamaisa ho thehwa ha diindastri Afrika. E tla boela e potlakisa kaho ya setso sa diindasteri e leng seo naha e se hlokang ho tsamaisa ditlhoko tsa yona tsa ka hara naha le ho theha mesebetsi e meng e mengata. 

Ke setheo se ikemetseng se sa etseng phaello se thehilweng ka dithuso tsa ditjhelete ke Traste ya Thuto ya Toyato e Afrika Borwa. E thihilwe ka bolekane le Institjhuti ya Dithuto tsa Kgwebo ya Gordon ya Yunivesithi ya Pretoria ho nyehelana ka dikgarata ya Masters ya Tsamaiso ya Kgwebo (MBA) e shebaneng le tsa tlhahiso. 

4. Merero ya Mekgatlho ya Setjhaba

Kabinete e ananela katleho ya Seboka sa Merero ya Mekgatlho ya Setjhaba se ile sa tshwarwa ke mmuso ka bolekane le Mokgatlo wa Basebetsi wa Matjhaba (ILO) le Mmuso wa Flanders ka Labohlano la 30 Pudungwana 2018. Seboka se ile sa etelwapele ke Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo le ho tshehetswa ke Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane.

Merero ya Mekgatlho ya Setjhaba o kenyeletsa dikgwebo le ditheo tse tsepameng ho fihlella maikemisetso a maano a setjhaba a jwalo ka ho theha mesebetsi, dikgwebo tse kgolo tse sa kenyeletswang, le ho tlisa dihlahiswa le ditshebeletso ho baahi ba mahaheng. Se na le bokgoni ba ho tshehetsa moruo o kenyeletsang bohle le ho theha mesebetsi ya tlatsetso. Seboka sena se kopantshitse borakgwebo, baradi ba maano, bafuphutsi le mekgatlo e seng ya mmuso, mme e tla thusa ntshetsopeleng ya Sengolwa sa Dikeletso sa Merero ya Mekgatlho ya Setjhaba ka 2019.

5. Ngodiso ya Mokgethi

Ho lokisetsa dikgetho tsa 2019, Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa ho sebedisa tokelo ya bona jwalo ka baahi ka ho netefatsa hore ba na le tokomane ya Boitsebiso e tala e nang le bakhoutu, Karete ya Boitsebiso kapa ditokomane tsa boitsebiso tsa nakwana mme ba ngodisitswe ho kgetha diterekeng tsa bona. Komishene e Ikemetseng ya Dikgetho e tla ba le mafelo a beke a ngodiso ya bakgethi ka la 26 le 27 Pherekgong 2019 mme maAfrika Borwa a kgothaletswa ho sebedisa monyetla ona ho ingodisa ho kgetha kapa ho hlahloba maemo a bona a boingodiso. 

Kabinete e ipiletsa ho ba kentseng kopo ya Ditokomane tsa Dikarete tsa Boitsebiso ho ya lata ditokomane tsa bona Makaleng a Lefapha la Merero ya Lehae (DHA). 

6. Molaodi wa Naha wa Botjhotjhisi ba Setjhaba (NDPP)

Kabinete e theoletsa Mopresidente Ramaphosa ka ho thonya Moadvokheiti Shamila Batohi jwalo ka Molaodi wa Naha wa Botjhotjhisi ba Setjhaba. Sena se tla ka mora hore Mopresidente a thuise lenane la bathonngowa ba bahlano ba ile ba thongwa ke phanele ya baeletsi. Thonyo ena e tlisa botsitso ketapeleng ya Baloadi ba Naha ya Botjhotjhisi ba Setjhaba le ho kgothaletsa naha twantshong e kgahlano le tlolo ya molao le bobodu. 
Kabinete e atolosa kananelo ya yona ho Letona la Matla, Jeff Radebe le phanele ka seabo sa bona tsamaisong ya thonyo ena e bohlokwa.

7. Basebetsi ba Bophelo bo Botle ba Limpopo

Kabinete e tshwela ka mathe ditlhaselo tsa dingaka dipetleleng tse Limpopo. Basebetsi ba Bophelo bo Botle le ditsha tse nehelang ka ditshebeletso tsena di sebeletsa setjhaba, haholoholo ditho tsa setjhaba tse kotsing e kgolo tse yang ho ya fumantshwa thuso ditsheng tsena. Ho hlasela ba pholosang maphelo a batho ke tlolo ya molao mme sena se keke sa dumellwa. Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Aaron Motsoaledi, o etetsepele sehlopha sa tshebetso ya makala a fapaneng – se kenyeletsang baemedi ba bohlwela, ditshebeletso tsa dipatlisiso, maponesa a laolang setjhaba, balaodi ba batshireletsi ba poraefete le basebetsi ba Lefapha la Merero ya Lehae – ho hlahloba tshebetso ya tshireletso ditsheng tsa phano ya ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle.

Kabinete e ipiletsa ho setjhaba hore se sebedisane le baemedi ba tsa taolo ya molao ho netefatsa hore baetsi ba ketso tsena tse soto tsa tlolo ya molao ba ya kwalla le ho fumanwa ba le molato. 

8. Matsatsi a phomolo a bolokehileng 

Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa ohle ho dula a bolokehile nakong ya matsatsi a phomolo a Tshitwe. Basebedisi ba ditsela ba kopuwa hore ba ikamahantshe le melao ya tsela, ba se kganne bohlaswa kapa ntle le kelahloko, haholoholo ba le tlasa tahi. Ho boela ho ipiletswa ho ditaso hore le tsona di dule di le hlwahlwa tseleng. Sehlopha sa Toka, Thibelo ya Tlolo ya Molao le Tshireletso (JCPS) se tiisitse matsholo a kgahlano le tlolo ya molao le polokeho naheng ka bophara. Lefapha la Merero ya Lehae le ekeditse dipalo tsa basebetsi ba lona mafelong a ho kena le ho tswa ka naheng ho netefatsa hore le kgona ho laola dipalo tse tla eketseha tse lebeletsweng tsa bahahlaudi nakong ya ho keteka. Le boela le rerile ho atolosa dinako tsa lona tsa tshebetso mafelong a ho kena le ho tswa ka naheng a sephethephethe haholo, ho kenyeletsa maeto a pele ho nako ya keteko, nako ya keteko le ho bula ha dikolo selemong se setjha.

9. Sehopotso sa bohlano sa ho hlokahala ha Madiba 

Kabinete ha mmoho le maAfrika Borwa e keteka sehopotso sa bohlano sa ho hlokahala ha mopresidente wa rona wa pele ya kgethilweng tlasa demokrasi Nelson Rolihlahla Mandela, ya ileng a hlokahala ka la 5 Tshitwe 2013. Mopresidente Ramaphosa o phatlaladitse 2018 e le Selemo se tshwayang mongwahakgolo wa Mandela. Lefa la hae le ile la ketekwa selemong sena kaofela ke maAfrika Borwa mekgahlelong ya bona e fapaneng, keteko ya ha mmamorao tjena ke ya mokete wa Global Citizen Festival Mandela 100 o ileng wa tshwarwa mafelong a beke a fetileng. Kabinete e ipiletsa ho bohle ho dula ba ipapisitse le mehopolo ya Madiba, ho kenyeletsa boitlamo bo sa qeqeng ho tsa toka, tekatekano le tlhokeho ya kgethollo ya morabe.

10. Global Citizen Festival Mandela 100

Kabinete e leboha bohle ba bileng le seabo Moketeng wa Global Citizen Festival Mandela 100 o neng o tshwaretswe Johannesburg ka Sontaha, ka la 2 Tshitwe 2018. Mokete ona e bile karolo ya diketsahalo tsa keteko ya mongwahakgolo wa Ntate Nelson Mandela mme o bapetse diraleng tsa kgaso tsa dinaha tse ding tse fetang 180. O tla kopantse diketekete tsa baahi ba lefatsheng, baitseki, baetapela ba lefatshe, dibini le ba nang le kgahlamelo ho potlakisa Maikemisetso a Ntshetsopele ya Mokoka ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) a ho tlotla sehopotso sa Mandela. 

Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho bohle ba ileng ba hlekefetswa ka dikgoka nakong eo ba neng ba tsamaya lebaleng la dipapadi. E tshwela ka mathe diketso tsena tsa tlolo ya molao mme ipiletsa ho baemedi ba tsa taolo ya molao ho tlisa batludi bana ba molao molaong. 

11. Letsatsi la AIDS la Lefatshe

Afrika Borwa e tshwaile Letsatsi la AIDS la Lefatshe ka la 1 Tshitwe ka tlasa mookotaba wa: “Cheka Impilo. Know Your Status.” Kabinete e ananela lenaneo la mmuso la mekgahlelo e fapaneng ya HIV le AIDS le nkileng qeto e tsepameng ya ho fedisa koduo ena. Lenaneo lena le se le ekeditse ka palo ya batho ba dimilione tse pedi ba lenaneong la ho fumantshwa pheko ya meriana ya ARV.

Afrika Borwa e na le batho ba fetang 4,2 milione ba nkang pheko ya meriana ena, mme sena se etsa lenaneo lena e be le leng la mananeo a pheko a maholo ka ho fetisisa lefatsheng. Letsholo la HIV le AIDS le tswella ho lebisa tshebetso phetolong maitshwaro, pheko ya meriana le ho fedisa sekgobo hara setjhaba. Kabinete e tiisitse pitsong ya yona ho maAfrika Borwa hore a lo etsa diteko tsa madi mabapi le maemo a bona a HIV, eleng se tla thusa ho etsa diqeto tse nang le tlhahisoleseding e nepahetseng ka mekgwa ya ho thibela tshwaetso, ho mka pheko ya meriana, ho itlhokomelo le ho thola tshehetso. 

12. Letsatsi la Matjhaba la Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba a Kopaneng (UN) la Batho ba Holofetseng 

Afrika Borwa ha mmoho le baahi ba matjhabeng e ile ya ana keteko ya selemo le selemo ya Letsatsi la Matjhaba la Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba a Kopaneng la Batho ba Holofetseng ka Mantaha, wa la 3 Tshitwe.

 Mmuso o ntse o tswella ho itlama ka ho kenyeletsa le ho tshireletsa batho ba holofetseng ka ho sebedisa mananeo le bonamodi ho netefatsa hore ba fumantshwa menyetla e lekanang le ya ba bang, jwalo ka ho tobekeditswe ka hara Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996. 

B. Diqeto tsa Kabinete
13.Sebaka sa Moruo o Ikgethileng sa Nkomazi (SEZ) 


Kabinete e tjhaetse monwanana qeto ya Letona la Kgwebisano le Indasteri, Ngaka Rob Davies, ho hlwaya Sebaka sa Moruo o Ikgethileng sa Nkomazi le ho nehelana ka laesense ya Sebaka sa Moruo o Ikgethileng sa Nkomazi ho Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo le Bohahlaudi la Mmuso wa Porofense ya Mpumalanga. 

Sebaka sa Moruo o Ikgethileng sa Nkomazi se tla sebetsa jwalo ka “Setsi sa Tlhahiso ya Dihlahiswa tsa Temothuo, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi” ka tshebediso ya matla a mehlodi ya tlhaho. Se tla tshehetswa ke ditshebeletso tse jwalo ka polokeho e kgolo le tlhophiso ya moralo le disebediswa. Sena e ba karolo ya leano la Phaseitjhe ya Kgwebisano ya Ntshetsopele ya Maputo, eo e leng phaseitjhe e kgolo ya kgwebisano e kopantshang Gauteng, Limpopo le Mpumalanga le Maputo e Mozambique. E kenyeletsa, ho tse ding tsa dintho, ditsela, maemakepe le diporo tsa terene. 

E tla tswella ho phakisa kgolo, ho hohela botsetedi ba kantle le ba lehae ka kotloloho, ho atolosa lekala la tlhahiso le ho theha mesebetsi lebatoweng. 

14. Kabinete e amohetse ho tekenwa ha Tumellano ya Bolekane ba Moruo ya katoloso ya sekoloto (EPA) le Dinaha tsa Yuropa ka Kopanelo (UK) hang ha mathata a tshebetso a ntseng a saletse morao a se a lokisitswe mme le tsamaiso ya ka hare e se e phethetswe. Kabinete e boetse e ananetse ho tjhaelwa ka monwanana ha phehiso ena Palamenteng, Tumellano ya ho theha Tumellano ya Bolekane ba Moruo ya katoloso ya sekoloto dipakeng tsa Mokgatlo wa Dinaha tse Borwa ba Afrika wa Lekgetho la Direkwantle le Mozambique le Dinaha tsa Yuropa ka Kopanelo.

15.  Kabinete e amohetse phatlalatso ya ho phatlalatsa Tokomane ya Tataiso ya Lefapha la Merero ya Lehae mabapi le ho thola maikutlo a setjhaba. Tokomane ya Tataiso e ngangisa hore Afrika Borwa hore e ntshe bokgoni ba yona ka Phetolo ya Bone ya Indasteri, Lefapha la Merero ya Lehae le tlameha ho bapala karolo e bohlokwa haholo mabapi le ho matlafatsa baahi, ntshetsopele e kenyeletsang bohle, mmuso o sebetsang le tshireletso ya setjhaba. 

E boela e itshetlehile ho thomo ya mantlha ya Lefapha la Merero ya Lehae ya taolo ya boitsebiso le maemo a semmuso, phallo ya matjhaba, bakopi ba tshireletso le baphaphathehi. Tokomane ya Tataiso e sisinya mekgwa ya ho fokotsa ditransekshene tsa banka tse tletseng bobodu le ho elelwa dipoloko tse bakwang ke ho eketseha ha tshebetso e seng hantle. 

16. Kabinete e ananetse hore phehiso ya Tumellano ya Ditokelo tsa Kgatiso (WCT) ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Ditokelo tsa Thepa ya Bonono (WIPO) ya 1996 e phahamise maemo Palamenteng.

Ena ke tumellano ya mmeso ya dinaha tse fapaneng e boelang e le tumellano e ikgethileng ka tlasa Seboka sa Berne se shebaneng le tshireletso ya mosebetsi le ditokelo tsa bangodi tikolohong ya dijithale. Ho phahamisa Tumellano ya Ditokelo tsa Kgatiso ho tla boela ho tswela molemo indasteri ya bonono ya Afrika Borwa, haholoholo bangodi ba dingolwa le mesebetsi ya bonono. Tumellano ya Ditokelo tsa Kgatiso e molemong wa Afrika Borwa ka ha e netefatsa hore molao wa ditokelo tsa kgatiso o tla latelwa o ipapisitse le diphetoho tsa thekenoloij. Sena se tla nehelana ka tshireletso e bohlokwa kgahlano le boshudu ba dikgatiso ho beng ba ditokelo tsa kgatiso Makaleng a mananeo a dikhomphyutha le dipolokelo tsa dintlha.

17. Kabinete e ananetse hore phehiso ya Tumellano ya Ketsahatso le Difonokgamo ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Ditokelo tsa Thepa ya Bonono ya 1996 e phahamiswe maemo Palamenteng. 

Ena ke tumellano ya mmeso ya dinaha tse fapaneng e shebaneng le ditumellano tsa ditokelo tsa baetsahatsi le bahlahisi ba difonokgamo, haholoholo tikolohong ya dijithale. Tumellano ena e tla tshireletsa batho kapa mekgatlo e tlatseletsang kgolo ya bonono, tsebo le bokgoni ba tshebetso tsamaisong ya ho tlisa mosebetsi setjhabeng le ho atolosa lekeno molemong wa bona. 

18. Kabinete e amohetse hore phehiso ya Tumellano ya Beijing e phahamiswe maemo Palamenteng. Ena ke tumellano ya mmeso ya dinaha tse fapaneng, e laolang ditokelo tsa kgatiso tsa ketsahatso ya kutlo-le-pono le ho atalosa ditokelo tsa baetsahatsi ba kutlo-le-pono. E ananela tokelo ya thepa ya bonono ya baetsahatsi ba kutlo-le-pono mosebetsing wa bona wa kutlo-le-pono le ho ba etsetsa melemo ya moruo. E nehela baetsahatsi ba kutlo-le-pono ka ditokelo tsa maitshwaro a matle mabapi le mosebetsi wa bona le ho ananela ditokelo tsa baetsahatsi ba kutlo-le-pono tikolohong ya dijithale. 

19. Kabinete e amohetse ho thehwa ha Komiti ya Matona ka Kopanelo (IMC) ho etelapele hlahlobo ya nako ya moloko wa bobedi wa Mekgwa ya ho Hlahloba Balekane ba Afrika (APRM). Hlahlobo e tla etswa ka mora Dikgetho tsa Kakaretso tsa 2019. Komiti ya Matona ka Kopanelo e tla tshehetswa ke ho thehwa ha Lekgotla la Mmuso wa Naha wa Mekgwa ya ho Hlahloba Balekane ba Afrika. Tsamaiso ya hlahlobo ya Hlahloba Balekane ba Afrika e nehela dinaha tsa ditho sebaka sa ho tshwara dipuisano ka matshwao a tshebetso a puso Merero ya Mekgatlho ya Setjhaba le monyetla wa ho theha tumellano ka tsela ya ho ya pele. 

20.  Kabinete e amohetse hore Afrika Borwa e tekene tokomane ya Seboka sa ho theha, tlasa molao wa matjhaba, mokgatlo wa mmeso ka kopanelo o bitswang Obseferatori ya Dipontsho tsa Sekwere sa Kilomithara (SKA), eo e tla ikarabellang ho aha le mekgahlelong ya tshebetso ya leano la radiyo ya theleskoupo SKA, se tla fumaneha Afrika Borwa le Australia.

Ho tekenwa ha tumellano ho tla ba bohlokwa ho neheleng balekane ba matjhabeng ka mekgwa ya puso e tshwanetseng, e tla netefatsa katleho ya ho phethisa leano lena. Afrika Borwa e tla boela e kgona ho sebedisa ditjhelete ya kadimo ho eketsa botsetedi ba ka hare ho naha, ha mmoho le bokgoni le melemo ya ditheo tsa ntshetsopele tse amanang le leano la SKA.

21. Kabinete e ananetse phethahatso ya Moralo wa Naha wa Sebaka se le Seng sa Ditshebeletso tsa Moedi wa Boemakepe (OSBP). Sena re nehelana ka tataiso ho potlakiseng ho thehwa ha Dibaka tse leng ding tsa Ditshebeletso tsa Moedi wa Boemakepe dipakeng tsa Afrika Borwa le dinaha tsa yona tsa boahisane. Sebaka sa Ditshebeletso tsa Moedi wa Boemakepe se tla atolosa taolo ya kgwebisano ntle le ho beha tshireletso kapa pokello ya lekeno la naha ka mosing ka tsamaiso ya dihlahiswa e hantle, batho le ditshebeletso dipakeng tsa Afrika Borwa le dinaha tse arolelanang meedi tsa Botswana, Lesotho, Namibia, Mozambique le Zimbabwe.

Sena se tla boela se baka hore lebatowa le nehelane ka bohlakisi ba meeding bo potlakileng le ho fokotsa phetapheto ya bonamodi ba baemedi ba meeding, mme sena se tla ntlafatsa tlhodisano ya kgwebisano le taolo ya maeto a batho ka ho fokotsa ditjeo le nako.

22. Kabinete e ananetse hore Lefapha la Ditjhelete la Naha le Setsha sa Bohlwela sa Ditjhelete (FIC) di tla hokela boitukisetso ba Afrika Borwa mabapi le tsamaiso ya hlahlobo ya dikotsi tsa naha le tekolo ka bobedi tse tlang tse tla qala mahareng a Mmesa ka 2019.
Tekolo ka bobedi ke tsamaiso ya ho hlahloba balekane e etswang ke ditsebi tsa matjhaba ho tswa ho dinaha tsa ditho tsa lekgotla la puso ka kopanelo, ke Lekala la Tshebetso ya Tshebediso ya Ditjhelete, ho hlahloba tshebetso e hantle ya lekgotla le kgahlano le kadimano ya ditjhelete (AML) le ho thibela mokgwatshebetso ya thuso ya ditjhelete ho tsa boferekanyi (CFT) mona Afrika Borwa. Diphetho tsa tsamaiso di tla thusa ho matlafatsa seriti sa mokgwatshebetso wa ditjhelete tsa Afrika Borwa ka ho hlwaya mekgwa e tla nkuwa ho lokisa bofokodi bo teng mokgwatshebetsong wa lekgotla le kgahlano le kadimano ya ditjhelete kapa thuso ya ditjhelete ho tsa boferekanyi. 

23. Kabinete e ananetse ditshitshinyo tse hlahisitsweng ke Lefapha la Merero, Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso (DPME) ho Lefapha la Thuo ya Motheo (DBE). Ditshitshinyo di tswa ho Tekolo ya sekgahla sa Diphuphutso tsa Ho Bala ha bana ba Dihlopheng tse Tlase ka mora bonamodi ba dilemo tse pedi. DBE le ile la qala Diphuphutso tsa Ho Bala ha Bana ba Dihlopheng tse Tlase ka kopanelo le diyunivesithi tse mmalwa. Ena ke tekolo ya thuto ya sekgahla se seholo e ikemiseditseng ho aha bopaki ka hore ke eng se sebetsang mabapi le ho ntlafatsa ho ruta le ho ithuta ho bala dihlopheng tse tlase ka maleme a dipuo tsa bathobatsho tsa ka naheng. Pehelo e tla phatlalatswa wepsaeteng ya DPME.

24. Kabinete e ananetse Moralo wa Leano la Dimusiamo tsa Naha. Maikemisetso ke ho ntlafatsa taolo le ditshebetso tsa dimusiamo ho ya ka phumaneho, kabobotjha, tekatekano, kaho le kopano ya setjhaba. Leano le sisinya ho kopantshwa ha dimusiamo dibopehong tsa taolo tse ntjha le ho fihlella poloko ya ditjeo ka ho fokotsa palo ya makgotla.

E boela e nehelana ka ho tshwaya dimusiamo ho ya ka boleng ba tsona, tshebetso, le bohlokwa ho dumella hore matlole a nehelanwe ka tekatekano. 

25.Kabinete e ananetse Mosupatsela wa Naha wa Ho Thonya Batho ba Makgotla le Bahlanka ba Baholo ba Phethahatso (di-CEO) le Diinstitjhuti tsa Mmuso le tse Laolwang ke Mmuso. Mosupatsela o nehelana ka tataiso ya melao le maitshwaro a matle a kgothaletsang mokgwa o tshwanang wa ho thonya batho. E arabela Komiti ya Hlahlobo ya Kantoro ya Moporesidente ka Dikgwebo tsa Mmuso mabapi le hore ho kgothaletswe botshepehi, boikarabelo le maitshwaro a puso e ntle makaleng ohle a mmuso.

26. Kabinete e ananetse pehelo ya bo6 ya kgatelopele ya Leboya Bophirima ho tswa ho Sehlopha sa Tshebetso ya Matona ka Kopanelo. Kabinete e thabetse kgatelopele e bonahalang e entsweng ho tsitsisa mafapha a porofense ya Leboya Bophirima le nehelo ya ditshebeletso tsa mantlha e potlakisitswe. Bonamodi bo fetsisitse 90% ya ho eketseha ha tswalla ya dipatele tsa ba nehelanang ka ditshebeletso mme sena se kgonne ho ntlafaditse phano ya meriana le disebediswa tse ding. Tse nne ho tse hlano tsa diphaphosi tsa diopereishene tsa Sepetlele sa Mafikeng di se di sebetsa hape. Boholo ba dikgeo tsa mesebetsi di tlatsitswe ka hoo mafapha a amehang a se a kgona ho sebetsa. Tshebetso e tobaneng le tlhokomelo ya meaho e se ntse e qadile mme baemedi ba tsa taolo ya molao ba tla tswella ho netefatsa hore ba tshwara ba ikarabellang ho diketso tsa bobodu. 

27. Ka tshebedisano mmoho le ketapele ya Leboya Bophirima Batsamaisi ba tla tswella ho fihlela kgatelopele ho kenyeng tshebetso ya puso e ntle. Lekgotla la Naha la Diporofense le ile la etela Leboya Bophirima ka Mphalane mme la nehelana ka pehelo ya lona e tshehetsang hore mmuso wa Naha o namole Porofenseng eo.
 
28. Kabinete e ile ya boela ya ananela ho tshwarwa ha diketsahalo tse latelang:

  • Dikopano tsa bone tsa selemo le selemo tsa Banka e Ntjha ya Ntshetsopele (NDB), nakong ya kotara ya pele ya 2019. Banka e Ntjha ya Ntshetsopele e thihilwe ke sehlopha sa Brazil, Russia, India, China le Afrika Borwa (dinaha tsa BRICS) ho sebedisa disebediswa tse tla tshehetsa meaho le mananeo a ntshetsopele ya mokoka dinaheng tsa BRICS, le dimaraka tse ding tse thuthuhang le dinaha tse moruo o thuthuhang.
  • Mokgahlelo wa Mehla wa Seboka sa bo7 sa Matona a Afrika a tsa Tikoloho (AMCEN) ka Phuptjane/Phupu ka 2019. Mokgahlelo wa Mehla wa Seboka sa bo7 sa Matona a Afrika a tsa Tikoloho ke foramo ya moshelella moo Matona a Afrika a tsa Tikoloho a buisanang le ho nka diqeto ka ditaba tsa tikoloho le seabo sa tsona Kontinenteng. Afrika Borwa e tla qala ho ba modulasetulo ho tloha ka 2019 ho isa ho 2021. 
     

C. Dibili

29. Kabinete e amohetse phatlalatso ya Bili ya Boeletsa Kamoho e le ho thonya maikutlo a setjhaba. Bili ya boeletso e tlatseletsa mokgahlelong o nehelanang ka maemo a totobetseng ao tlasa ona kamoho ya mobu e ka phethiswa ntle le ditlhapiso molemong wa setjhaba. Mokgahlelo o matlafatsa Bili ya Kamoho ya pele e ileng ya holwa tsamaisong ya palamente. Bili e tla thusa ho potlakisa kabobotjha ya mobu ka hara moralo wa melawana ya molaotheo. 

30. Kabinete e amohetse phatlalatso ya Bili ya Boitshwaro ba Diinstitjhuti tsa Ditjhelete ya 2018 e le ho thonya maikutlo a setjhaba. Sena ke karolo ya mmuso ya ho rala botjha taolo ya lekala la ditjhelete ho ya ho mokgwa o taolo ya ditjhelete o bitswang Twin Peaks le ho latela Molao wa Lekala la Taolo ya Ditjhelete, wa 2017 (Molao wa 9 wa 2017) oo, ho tse ding, o ikemeseditseng ho netefatsa hore maemo a maraka le tshwaro ya bareki di ya ntlafala lekaleng la ditjhelete. Taolo ya tsamaiso ya maraka e ikemiseditse ho thibela le ho laola ha thibelo e sa atlehe, diphetho tse mpe tse ka phahamang ho tswa ho diinstitjhuti tsa ditjhelete tsamaisong ya kgwebo ya tsona ka mekgwa e seng hantle ho bareki kapa e nyedisang serithi sa dimaraka tsa ditjhelete le tshepo ya mokgwatshebetso ya ditjhelete.

Bili e tla matlafatsa tshireletso ya moreki ka ho beha molao o le mong o akaretsang tsamaiso ya maraka tsohle. Sena se tla baka tshebetso e tshwanang ya tshireletso ya melawana ya moreki lekaleng la ditjhelete ka bophara. E nehelana ka mokgwa o le mong, o ikamahantshang le tshebetso ho isa ho nehelaneng ka dilaesense ho diinstitjhuti tsohle tsa ditjhelete, le ho netefatsa ho kenyeletsa taolo le bolebedi. 

Sena se dumella hore Bolaodi ba Boitshwaro ba Lekala la Ditjhelete bo sa tswa thehwa bo kgone ho ikamahantsha le thomo ya yona ya ho tshireletsa bareki ba ditjhelete ka ho netefatsa tshwaro e tshwanang. Bili eo e tla sebediswa diinstitjhuti tsohle tsa ditjhelete, e tla boela e tshehetsa ntlafatso ya lekala la ditjhelete ka ho kenya Molao wa Lekala la Ditjhelete o ntshitsweng tlasa Molao wa Matlafatso ya Batho ba Batsho Moruong ka Kotloloho, wa 2003 (Molao wa 53 wa 2003) ka ho kopa hore maano a kenyeletswe ho ikamahantsha le molao ha mmoho le ho lebella kenyo tshebetsong ya maano ao.

31. Kabinete e ananetse tsebahatsa Bili ya Sehlomathiso sa Merero ya tsa Ditjhelete Palamenteng.
Diphetoho di amanana le tse latelang:
a) Molao wa Putlamo ya Kgwebo wa 1963, ho matlafatsa taolo ya dikonteraka tseo ho utlwanweng ka tsona, ho ya ka boitlamo ba G20;
b) Molao wa Dipenshene tsa Masole wa 1976, ho rarolla karolo ya kgethollo le ho netefatsa bosiyo ba tshekamelo ya bong, e le ho amohela mefuta e fapaneng ya dikamano;
c) Molao wa Dibanka wa 1990, ho dumella dikhamphane tseo e leng tsa mmuso tse tshwanelehileng ho etsa kopo ya dilaesense tsa dibanka, haeba ba Phethahatso ba ananela; 
d) Molao wa Dipenshene tsa Basebetsi ba Mmuso wa 1996, ho fetola mokgwa wa ditefo tlhalanong, ho netefatswe hore ditefo tsa penshene ya ditho ho balekane ba mehleng ha di fetolwe ho ba sekoloto; le 
e) Molao wa Porofeshene ya Bohlahlobi ba Dibuka wa 2005, ho rarolla diphephetso le dithibelo tseo Boto e Ikemetseng ya Taolo ya Bahlahlobi ba Dibuka e tobaneng le tsona ha e etsa mesebetsi ya yona ya taolo le tekolo.

D. Diketsahalo tse Tlang
32. Tsebahatso ya Bonnyane ba Moputso wa Naha (NMW)


Moporesidenete Ramaphosa o tla tsebahatsa Bonnyane ba Moputso wa Naha moketeng o tla tshwarelwa Kliptown Soweto ka Labohlano, la 7 Tshitwe 2018. Bonnyane ba Moputso wa Naha bo tla bo sentse bo tswela molemo basebetsi ba fetang Dimilione tse tsheletseng le ho thusa ho lokisa boemo ba tlhokeho ya tekatekano le bofuma Afrika Borwa. Phatlalatso ena ya seemahale sena e tla atolosa moputso wa setjhaba le ho batho ba kotsing haholo. 

33. Letsatsi le Kgahlano le Bobodu la Matjhaba 

Ka keteko ya Letsatsi le Kgahlano le Bobodu la Matjhaba la Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba ka Kopanelo (UN) ka Sontaha, 9 Tshitwe 2018, Kabinete e hatella twantsho ya Naha kgahlano le bobodu Makaleng a poraefete le a mmuso bobedi. Sehlopha sa Toka, Thibelo ya Tlolo ya Molao le Tshireletso (JCPS) se potlakisitse ntwa e kgahlano le sewa sena ka ho ikamahantsha le boemo ba mmuso bo kgahlano le bobodu ho hang. 
Bobodu ke bothata ba setjhaba mme botlameha hore bo lwantshwe ke bohle ka ha bo thibela ntshetsopele ya moruo le ho eketsa bofuma ka ho tlosa disebediswa moo di hlokehang ka ho fetisisa.

34.  Letsatsi la Ditokelo tsa Botho la Matjhaba 

Afrika Borwa e tla keteka le setjhaba sa matjhabeng ha ho hopolwa Letsatsi la Ditokelo tsa Botho la Matjhaba ka Mantaha, 10 Tshitwe 2018. Letsatsi lena le tshwaya sehopotso sa ho ananelwa ha Boitlamo ba Lefatshe ba Ditokelo tsa Botho ka 1948 ke Seboka sa Kakaretso sa Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba ka Kopanelo (UN). Mmuso o tswella ho netefatsa hore maAfrika Borwa ohle a natefelwa ke ditokelo tsa botho tse jwalo ka ditokelo tsa bophelo, tetekano le seriti sa botho. Moahi e mong le e mong o na le boikarabelo ba ho netefatsa hore ditokelo le seriti tsa botho di tshireletsehile naheng ya rona. 

35. Komishene ya Lefatshe ya Bokamoso ba Mesebetsi 

Pehelo e tswang ho Komishine ya Lefatshe ya Bokamoso ba Mesebetsi e tla phatlalatswa ka la 22 Pherekgong 2019. E thehilwe ke Mokgatlo wa Basebetsi wa Matjhaba (ILO) ka 2017 ho hlahloba ntlafatso e etsahalang moruong wa lefatshe le mokgahlelong wa mesebetsi, le ho hlwaya diphephetso tse ka sehloohong le ditshitshinyo. Komishene ya Boemo-Bo-Kahodimo ya Lefatsheng e dulasetulo ka kopanelo ke Moporesidente Ramaphosa ha mmoho le Tonakgolo Stefan Löfven wa Borena ba Sweden. 

E. Melaetsa
36. Matshediso


Kabinete ha mmoho le Moporesidente Ramaphosa e fetisetsa matshediso a yona ka ho hlokahala ha Molwanedi wa Tokoloho le Mokomishenara ya Moholo wa mehleng naheng ya Yuropa ka Kopanelo, Monghadi Mendi Msimang, ka Mantaha, ka la 3 Tshitwe 2018, ka mora ho kula ka nako e telele. Kabinete e fetisetsa matshediso ho ba lelapa, metswalle, makhomorete le ba amanang le Monghadi Msimang. Monghadi Msimang o tla bolokwa ho ya ka mokgahlelo wa 1 wa Lepato la Semmuso le Ikgethileng le tla kenyeletsa dikarolo tsa tshebeletso ya tlotla ya sesole e ikamahantshang le leano la mapato a semmuso a Naha le a Porofense.

37. Ditebohiso
37.1 Kabinete e lebohisa Banyana Banyana ka ho fihlela mokgahlelo wa ho qetela wa Mohope wa Dinaha tsa Afrika wa Basadi wa 2018. Ka ho etsa jwalo ba tla be ba sentse ba fetela ho Mohope wa Lefatshe selemo se tlang wa FIFA wa Basadi mane Fora. 
37.2 Kabinete e theholetsa Ngaka Lindiwe Sidali, ya entseng nalane e ntjha ka ho ba motho e motshehadi wa moAfrika wa pele wa ho ba ngaka ya mahloko a pelo le matshwafo naheng. 

F.  Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang. 

38.    Koporasi e Ikemetseng ya Ntshetsopele (IDC)
Monghadi Tshokolo Nchocho jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) ka konteraka ya dilemo tse hlano.

39. Ditho tsa Lekgotla la Ditshebeletso tsa Boemo ba Lehodimo tsa Afrika Borwa:
a.  Mme Nana Magomola (Modulasetulo);
b.    Ngaka Phillip David Dexter (Motlatsamodulasetulo);
c.    Monghadi David Lefutso;
d.    Moadvokheiti Derek Jeffrey Block;
e.    Mme Sowbakiam Mudly-Padayachie;
f.    Ngaka Mphekgo Patrick Maila;
g.    Mme Feziwe Yolanda Renqe;
h.    Monghadi Itani Phaduli;
i.    Ngaka Owen Peter Muller Horwood;
j.    Mme Kelebogile Shirley Moroka-Mosia;
k. Monghadi Jerry Lengoasa (CEO); le
l.  NgakaTsakani Ngomane (moemedi wa Molaodikakaretso wa Lefapha)

40. Moadvokheiti Sandile Nogxina jwalo ka Malaodi eo e Seng wa Phethahatso le Modulasetulo wa Lekgotla la Khamphani ya Maemofofane a Afrika Borwa. 

41.    Lekgotla la Dipalopalo la Afrika Borwa: 
a.    Ntate Ian Assam – o thonngwe botjha;
b.    Monghadi Faldie Esau – o thonngwe botjha;
c.    Ngaka Jacky Galpin – o thonngwe botjha;
d.    Monghadi Ettienne le Roux – o thonngwe botjha; 
e.    Ngaka Ariane Neethling – o thonngwe botjha ; 
f.    Ngaka Thabi Leoka;
g.    Mme Reshoketswe Mokobane;
h.    Monghadi Thapelo Molahloe;
i.    Mme Blanche Motsosi;
j.    Mme Nompumelelo Nzimande;
k.    Monghadi Wandile Sihlobo;
l.    Mme Vuyelwa Mantyi (moemedi wa Kapa Botjhabela);
m.    Mme Zeenat Ishmail (moemedi wa Kapa Bophirima);
n.    Monghadi Kuberin Packirisamy (moemedi wa Kapa Leboya);
o.    Monghadi Thulani Bhengu (moemedi wa KwaZulu-Natal);
p.    Monghadi Thuso Ramaema (moemedi wa Foreisetata);
q.    Ngaka David Everatt (Modulasetulo le moemedi wa Gauteng);
r.    Moporofesa Andries Monyeki (moemedi wa Leboya Bophirima);
s.    Ngaka Nomuso Mlondo (moemedi wa Mpumalanga); le
t.    Ngaka Modjadji Malahlela (moemedi wa Limpopo).

42.    Komishene ya Ditshebeletso tsa Tshireletso ka Sesole:
a.    Ngaka Siphelele Zulu;
b.    Ngaka Ziyaad Essop;
c.    Moadvokheiti Nokuzola Gloria Khumalo; le
d.    Monghadi Ian Hugh Robertson.

43.    Lekgotla la Koporasi ya Matla a Nutleleya ya Afrika Borwa
a. Ngaka Robert Adam;
b. Ngaka Ramatsemela Masango;
c. Monghadi Aadil Patel;
d. Monghadi Bishen Singh;
e. Mme Pulane Kingston;
f. Mme Matlhodi Ngwenya;
g. Monghadi Jabulani Ndlovu; le
h. Mme Pulane Molokwane;

44.    Lekgotla la Metsi la Mhlathuze
a.    Mme Thabi Agatha Shange (Modulasetulo)
b.    Monghadi Silas Zwelakhe Hlophe (Motlatsamodulasetulo)
c.     Ngaka Purshottamma Sivanarain Reddy
d.    Mofumahadi Nica M Gevers
e.    Ngaka Mosidi Makgae
f.    Monghadi Musa Moses Xulu
g.    Monghadi Bonginkosi Vincent Mshengu
h.    Mofumahadi Amita Badul
i.    Mme Nothando Nonkululeko Mkhize
j.    Mme Gloria Dumisile Biyela
k.     Monghadi Petros Mzothule Zikalala

45.    Bahlanka ba Baholo ba Phethahatso (di-CEO) ba Lekala la Balaodi ba Thuto le Thupello (di-SETA):
a. Lekala la Dibanka la SETA (BANKSETA) – Monghadi Trevor Rammitlwa;
b. Lekala la Dijo le Dinwamaphodi la SETA (FOODBEV SETA) – Mme Nokuthula Selamolela;
c. Lekala la Tsamaiso le Tlhahiso ya Faeba la SETA (FP&M SETA) – Mme Felleng Yende;
d. Lekala la Dinshorense la SETA (INSETA) – Mme Nadia Starr;
e. Lekala la Ditshebeletso la SETA – Mme Amanda Buzo-Gqoboka;
f. Lekala la Temothuo la SETA (AGRISETA) – Monghadi Zenzele Gilbert Myeza;
g. Lekala la Diindasteri tsa Dikhemikhale la SETA (CHIETA) – Monghadi Mike Khathutshelo Ramukumba;
h. Lekala la Setso, Bonono, Bohahlaudi, Kamohelo le Dipapadi la SETA (CATHSSETA) – Mme Keitumetse Lebaka;
i. Lekala laThuto, Thupello le Ntshetsopele ya Ditshebetso la SETA (ETDP SETA) – Mme Nombulelo Nxesi;
j. Lekala la Ditjhelete le Tsamaiso ya Ditjhelete la SETA (FASSET) – Mme Ayanda Pearl Zinhle Mafuleka;
k. Lekala la Bophelo bo Botle le Thekolohelo la SETA (HWSETA) – Mme Elaine Brass;
l. Lekala la Ditshebeletso tsa Setjhaba la SETA (PSETA) – Mme Bontle Portia Lerumo; le
m. Lekala la Thekiso e kgolo le Kgwebisano la SETA (W&RSETA) – Monghadi Blessing Tom Mkhwanazi.

Dipotso:
Mme Phumla Williams – Mmueli wa Kabinete ya Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 083 501 0139
 

Share this page

Similar categories to explore