Puo ya Mopresidente Cyril Ramaphosa ka Kgatelopele e Seng e Fihletswe ke Naha Mehatong ya ho Lwantsha Koduwa ya COVID-19

Maafrika Borwa a heso,

Phirimaneng ena ke tla qala ka ho le qoqela ka se re etsahalletseng jwalo ka naha nakong ya beke mosebetsing ona oo re o etsang ho tsa bophelo bo botle ho e nngwe ya diprofensi tsa rona naheng ena.

Pakeng tsa la 14 le la 20 Phato hona selemong sena, Lefapha la Bophelo bo Botle la Kapa Bophirima le ile la bokeletsa dipalopalo tsa batho ba dilemo tse fetang tse 60 ba neng ba tshwaeditswe ke COVID-19.

Palong eo ba neng ba e fumane ya batho bao ba neng ba tshwaeditswe, ba 729 ho bona ba ne ba amohelwe dipetlele. Ho bao ba neng ba amohelwe dipetlele, ke ba 30 feela ho bona ba neng ba entile.

Sena se bolela hore ba 699 kaofela ha bona ba ne ba sa enta.

Ho ba 292 ba dilemo tsena tse fetang tse 60 ba ileng ba hlokahala ka lebaka la COVID-19 bekeng eo, ba 287 ba bona ba ne ba sa enta, e ne e le ba bahlano feela ba neng ba entile.

Ka mantswe a mang sena se bolela hore bathong ba dilemo di fetang tse 60 ba ileng ba amohelwa dipetlele profensing eo, ke persente tse 96 tsa bona tse neng di sa enta, le ho ba hlokahetseng ba dilemong tseo, ke persente tse 98 tsa bona tse neng di sa enta.

Ho etsahetse ntho e tshwanang dipetleleng tsa rona ho phatlalla le naha.

Re a tseba teng hore motho ya entileng a ka tshwaetseha mme hape a ka tshwaetsa le ba bang ka kokwanahloko ena.

Leha ho le jwalo, bopaki bo bontsha hore ba mmalwa batho ba entetseng COVID-19 bao e ba kudisang haholo, ba mmalwa ba amohelwang phaposing tsa ba kulang haholo, ba mmalwa hape le ba hlokang ho hema ka metjhini.

Sa bohlokwa le ho feta ke hore menyetla ya ho bolawa ke COVID-19 e tlase ha o entile.

Afrika Borwa e fetohile lepatlelo la ho entela.

Hona jwale kotara ya palo ya batho bohle ba baholo e se e fumane tekanyetso ya pele ya ente mme ba dimilione di fetang tse supileng bona ba se ba entile ka botlalo.

Kapa Botjhabela, Limpopo le Kapa Bophirima teng, bathong ba fetang motho e moholo a le mong ho ba bahlano ba entile ka botlalo.

Palo ya dibotlolwana tsa ente tse seng di sebedisitswe naheng ena ke tse dimilione di 14.6.

Jwale re se re sebedisa dibotlolwana tse milione matsatsing a mane ho isa ho a mahlano.

Ente ha e sa haella jwale, mmuso o kgonne ho fumana ente e lekaneng ho enta batho bohle ba baholo naheng ena.

Leha ho le jwalo, re ntse re tlameha ho fetisa moo.

Re etsa betere ka ho ntlafatsa tshebetso ya rona.

Re potlakisa sekgahla sa ho enta re bile re netefatsa hore re fihlella haholoholo ba kulang haholo le ba kotsing ya kokwanahloko ena.

Leha motho ohle ya dilemo di 18 le ho feta a dumelletswe ho enta, empa re tsepamisitse tshebetso ya rona haholo ho ba dilemo di fetang tse 60 le ba nang le mafu a sa alafeheng.

Ho fihlela ha jwale, re se re entile persente tse fetang tse 57 tsa ba dilemo di fetang tse 60.

Ena ke tshebetso e tswileng matsoho, empa re tlameha ho fihlella ho bona kaofela.

Re hlokomela hore basadi ke bona ba entelang COVID-19 ka bongata ho feta banna.

Leha palo ya ba entang e ntse e eketseha, empa ya banna ba entang yona e sa fokola.

Re phatlalatsa molaetsa ka dipuo tsohle ho netefatsa hore batho ba a utlwisisa hore ente tsena di bolokehile, di a sebetsa di bile ha di lefellwe.

Batho ba bangata lefatsheng ka bophara ba entile, mme ke dibotlolwana tse fetang dibilione tse hlano le halofo tse seng di sebedisitswe lefatsheng ka bophara ho fihlela jwale.

Ho na le bopaki bo boholo ho tswa dinaheng tse balwang ka makgolo bo bontshang hore ente di bolokehile di bile di a sireletsa.

Re se re bebofaditse dintho ra etsa hore batho ba fumane ente hohle moo ba leng teng.

Re na le ditsi tse fetang tse 3 000 tsa mmuso le tse ikemetseng naheng ka bophara mme bongata ba tse ikemetseng di enta motho ohle le haeba o se na medical aid.

Ke ba tla ho toboketsa taba ya hore lenaneo la ho enta le buletswe motho ohle ya Afrika Borwa, ho sa natsehe hore o moahi wa Afrika Borwa kapa tjhe.

Re tlameha ho hopola hore ena ke kokwanahloko e ntjha eo lefatshe le so kang le e bona.

Leha ho se mang ya tsebang hore kokwanahloko ena e ka iphetola jwang, empa borasaense ba se ba kgonne ho ithuta ka mefuta e metjha ya yona.

Haeba ho na le batho ba bangata ba sa entang, ba kotsing ya tshwaetso, seo se bolela hore menyetla ya ho hlaha ha mefuta e metjha ya kokwanahloko ena e mengata.

Ke ka hona ente e leng yona thebe e matla twantshong ya koduwa ena.

Ha re ka potlaka ra enta kaofela, reka phakisa ra dumella balatedi mabaleng a dipapadi.

Ha re ka potlaka ra enta kaofela, re tla kgona ho amohela bahahlaudi naheng ya rona e ntle.

Ha re ka potlaka ra enta kaofela, re ka phakisa ho boela re kopana le metswalle ya rona, le ba malapa a rona, ra kgona le ho kutlela diofising le dibakeng tse ding tsa tshebetso.

Ha re ka enta kaofela, re ka kgona ho bula moruo wa rona ka botlalo mme ra theha le mesebetsi eo naha ena ya rona e e hlokang.

Sa bohlokwa le ho feta ke hore, ha re entile, re ka kgona ho busetsa mekgwa ena e meng ya tsa bophelo bo botle tshebetsong mme ra imolla le basebeletsi ba tsa bophelo bo botle.

Ho matleng ha e mong le e mong wa rona ho kgodisa ba malapa a rona, metswalle le bomphato ba rona hore ente e bolokehile le hore e ka pholosa maphelo a bona.

Ha ke ne ke qetela ho bua le setjhaba, re ne re lebile sehlohlolong sa leqhubu la boraro la ditshwaetso le neng le laolwa haholo ke mofuta wa Delta.

Mofuta ona wa Delta o tshwaetsa ha bobebe ho feta mefuta yane ya pele, mme ho tshwaetsa hona ha bobebe ha yona ho beha dipetleleng tsa rona tlasa kgatello e kgolo.

Re ile ra lepa hore leqhubu lena la boraro le tla ba matla mme le nke nako e telele ho feta a mabedi a pele ho lona, mme ho bile jwalo.

Leha re so fete ka botlalo leqhubung lena la boraro, empa sekgahla sa tshwaetso se fokotsehile naheng ka bophara dibekeng tse mmalwa tse fetileng.

Ha re akaretsa, bekeng ya ho feta ditshwaetso tsa letsatsi le letsatsi di fokotsehile ka persente tse 29 ha di bapiswa le tsa matsatsi a supileng a fetileng, mme di fokotsehile ka persente tse 48 ha di bapiswa le tsa matsatsi a 14 a fetileng.

Leha leqhubu lena la boraro le phakisitse ho nyoloha le ho theoha Gauteng, empa le diprofensing tse ding kaofela dipalo tsa teng di bonahetse di fokotseha.

Diprofensi tse ngongorehisang ha jwale ke ya Kapa Leboya le ya Foreisitata, dipalo tsa tshwaetso tsa teng di bonahala di nyolohile haholo ha di bapiswa le palo ya setjhaba sa teng mme e se le dikgwedi jwale sena se etsahala.

Re tsepamisitse tshebetso ya rona profensing tsena tse pedi ho leka ho fumana sesosa sa ho eketseha hona ha palo tsena le ho fumana mekgwa ya ho di theola.

Jwalo ka ha tshwaetso di fokotsehile diprofensing kaofela, Komiti ya Matona ya Dikeletso ka COVID-19 e entse kgothaletso ya ho nyehliswa ha dipehelo tsa metsamao le ho kopana ha batho.

Dikgothaletso tsena, ho ile ha buisanwa ka tsona le Komiti ya Naha e Shebaneng le taba tsa Khorona, ditonakgolo, boramotse, marena mane Moifong wa Kgokahanyo wa Mopresidente. Taba ena ho boetse ha boisanwa ka yona le baetapele ba mekga ya tsa dipolotiki e nang le kemedi Palamenteng mmoho le dikereke.

Ka lebaka la dikgothaletso tsena, Kabinete e nkile qeto ya ho tlosa naha ena Maemong a Boraro a Lekotsweng Botjha a ho kginwa ha ditshebeletso ho e isa ho a Bobedi a Lekotsweng Botjha ho tloha hosane ka Mantaha wa la 13 Loetse 2021.

Sena se bolela hore:

  • Nako ya ho kgaotsa ho tsamaya bosiu jwale e se e tla qala ka hora ya 11 bosiu ho ya ho ya bone kameso.
  • Ditsi tseo e seng tsa bohlokwa tse kang direstjuarente, dibara, dibaka tsa boikwetliso, di tla tlameha ho kwala ka hora ya leshome bosiu. Sena se tla neha basebetsi le bareki ba tsona monyetla wa ho fihla lapeng pele ho qala nako ya ho kgaotsa ho tsamaya bosiu.
  • Dikopanong tsa ka hara meaho teng ho tla dumellwa batho ba sa feteng ba 250 mme ha ba le kantle ho moaho ba se fete ba 500.

Ha palo ena e sa lekane ka moahong oo batho ba qaqolohane hantle, ho tla dumellwa halofo ya palo e tlatsang moaho oo.

Tsena di kenyeletsa dikopano tsa dikereke, tsa dipolotiki, tsa boithabiso, direstjuarente, dibara, ditamene le dibaka tse ding tse jwalo.

  • Thekiso ya jwala ho ba rekang ba tsamaya, e tla dumellwa ho tloha ka hora ya leshome hoseng ho isa ho ya botshelela mantsiboya ho tloha ka Mantaha ho isa ho Labohlano.
  • Bakeng sa ba rekang ba nwella teng, thekiso ya teng yona e tla dumellwa ho ya ka dipehelo tsa laesense ho fihlela ka hora ya leshome bosiu.

Jwala bo ntse bo sa dumellwa dibakeng tsa setjhaba.

Dipehelo tsena di tla boela di lekolwa nakong ya dibeke tse pedi, empa ho tla ya ka maemo a koduwa.

Re tla nne re tswele pele ho fana ka lesedi mabapi le mangolo a bopaki ba ho entwa a tla sebediswa jwalo ka bopaki ba hore o entile bakeng sa ditshebeletso le mesebetsi e fapafapaneng.

Dipehelo tse ding tsona ha di a fetoha.

E ntse e le setlamo ho motho ohle ho apara semonkwana se kwahelang nko le molomo ha a le setjhabeng.

Ho se etse jwalo ke tlolo ya molao, ka lebaka lena, batsamaisi ba mabenkele le direstjuarente le bakganni ba ditekesi le dibese ba tlameha ho netefatsa hore bareki le bapalami ba bona meahong le makoloing a bona ba apere dimonkwana le hore ba qaqolohane ka nepo dibakeng tsa bona.

Mafung teng ho ntse ho dumelletswe batho ba sa feteng ba 50, mme jwalo ka pele tebelo le meketjana ya ka mora mafu ha di a dumellwa.

Re a kgona jwale ho nyehlisa dipehelo, re leboha boiteko ba Maafrika Borwa ba ho ikamahanya le dipehelo tsa bophelo bo botle.

Re leboha le mamello ya makala ohle ao e sa leng a ameha nako e telele ke dipehelo tsena mesebetsing ya ona.

Ke bua ka dikereke tsohle tseo e sa leng di ameha mme ditho tsa tsona di sa kgone ho rorisa ka tsela eo di tlwaetseng ka yona.

Ke bua ka dibini, dibapadi tsa dipale, dibapatsi, basebeletsi ba tsa setso ba ileng ba tlameha ho fumana e meng mekgwa ya ho etsa mesebetsi ya bona ka lebaka la mathata ana.

Ke bua ka beng ba direstjuarente, dibara, ditamene, dihotele, dibaka tsa dikopano le dibaka tse ding lekaleng lena la kamohelo ya baeti le thefulehileng haholo.

Re a a tseba mathata a bona mme re tla tswela pele ho etsa matsapa ohle a hore re tshehetse makala ana hore a kgone ho tsoseletseha.

Ho enta hona ho tla re fa monyetla wa hore re kgone ho bula dibaka tsena tse so kang di bulwa, mme re ntse re tswela pele le ho sebetsa le mahlahana ohle a rona ho fumana tsela e betere ya ho etsa sena.

Re tlameha ho hopola taba ena, leqhubu la boraro la ditshwaetso ha le so fete, mme e tla ba ka lebaka la diketso tsa rona – ka ho arohana le ka ho tshwarisana – hore re kgone ho ntshetsa pele ho fokotseha ha palo ya batho ba tshwaetsehang.

Ha re se re qetile ka seo, jwale re tla tlameha ho thibela ho ropoha ha ditshwaetso hape.

Mosebetsi o potlakileng oo re shebaneng le ona ha jwale, ke ho enta setjhaba ka bongata e le hore batho ba se kule haholo kapa ba bolawe ke tshwaetso.

Ha re ka kgona ho enta batho ba bangata pele ho Tshitwe, re ke ke ra ba le mathata a maholo a leqhubu la bone nakong ya matsatsi a phomolo ya Keresemese.

Ka lebaka lena, bohle ba so kang ba enta, ba tlameha ho ya dibakeng tsa ho enta mme ba ente hore le bona ba bolokehe.

Re tlameha ho netefatsa hore moo batho ba kopaneng teng ho kenela moya hantle ho sa natsehe hore ke malapeng, mosebetsing kapa leha e le kae feela.

COVID-19 e tsamaya moyeng, ka lebaka leo, re tlameha ho kgathatseha ha re iphumana re le dibakeng tse sa keneleng moya hantle.

Ha batho ba hlophisa dikopano tse ka hara meaho, ba tlameha ho netefatsa hore dibaka tseo tsa kopano di kenela moya hantle.

Matsatsing a 50 ho tloha kajeno, Maafrika Borwa a tla be a le dikgethong tsa bommasepala.

Ho bohlokwa haholo hore ha re sebedisa tokoloho ena ya rona ya demokrasi, re e sebedise ka hloko hore e se be yona sesosa sa ho ropoha botjha ha tshwaetso tsa COVID-19.

Ka mokgwa o tshwanang, re tlameha ho netefatsa hore koduwa ena ha e phatsamise Maafrika Borwa ho sebedisa tokelo ya ona ya demokrasi ya ho kgetha makhanselara a ona ka bolokolohi

Ena ke taba eo ke boisaneng ka yona le baetapele ba mekga yohle ya dipolotiki mme bohle ba ikanne ho boloka dipehelo tsa maemo a koduwa naheng le a tsa bophelo bo botle mosebetsing ohle wa bona wa ho thaothela dikgetho.

Re kopa le Maafrika Borwa ohle hore a thaothele dikgetho ka hloko a ntse a hlokometse taba ya polokeho ya ona le ya batho ba bang.

Jwalo ka ha re tiisa ntwa ya rona kgahlano le COVID-19, re ke se iphapanyetse koduwa e nngwe e ferekanyang setjhaba sa rona.

Re sa tswa phethela Kgwedi ya Basadi mme re ne re hlophisitse ho hlompha basadi bohle ba atlehileng makaleng a fapafapaneng.

Bakeng sa seo, naha ena e tobana le dipolao tse sehloho tsa basadi ba bolawang ke banna.

Kgweding ena feela, ho bile le botlokotsebe bo tshabehang kgahlano le basadi le banana.

Ho na le moithuti wa dithuto tsa molao wa Yunivesithi ya Fort Hare, Mofumahatsana Nosicelo Mtebeni, ya ileng a bolawa ka sehloho mane East London; ho na le moithuti wa Kereiti ya Pele ho tswa Sekolong sa Poraimari sa Khensani mane Soshanguve, ya ileng a betelwa matlwaneng a sekolo; re bala le Mofumahatsana Palesa Maruping, ya fumanweng a leketlile marulelong a ntlo Lekeisheneng la Khuma mane Leboya Bophirima; ha mmoho le Mofumahatsana Pheliswa Sawutana, ya bolailweng ka ho kgangwa mane sebakeng sa mekhukhu ya Kosovo, Kapa.

Tsena ke diketsahalo tse ileng tsa hlahella ditabeng; ho ntse ho na le tse ding tse sa kgonang ho hlahella ditabeng.

Dikweta tsa diketso tsena di tlameha ho fumana kotlo e di tshwanelang.

Re tlameha ho tiisa matsholo a rona a ho qeta tlhekefetso ya basadi.

Re tlameha ho tiisa matsholo a rona mahlakoreng ohle.

Palamente ya rona e sa tswa pasisa melao e meraro e tla kgona ho matlafatsa tshebetso ya tshebeletso tsa rona tse lwantshang botlokotsebe hore di tle di kgone ho fana ka dikahlolo tse boima ho ba fumanehang ba le molato wa tlhekefetso ya basadi.

Makgotla a rona a dinyewe a fana ka kahlolo ya ho hlola bophelo bohle tjhankaneng ka dinyewe tse kang peto ya bana le ho tlatlapa le kahlolo e boima haholo bakeng sa peto bathong ba baholo.

Re ntse re tswela pele ho kenya tshebetsong dikarolo tsohle tsa Leano la Naha la Twantsho ya Tlhekefetso le Dipolao tsa Basadi.

Leha ho le jwalo, katleho ya tsena tsohle e tla fihlelleha ha re sebedisana kaofela ho hlola koduwa ena ya tlhekefetso ya basadi le bana.

Ke batla ho etsa kgoeletso ho banna bohle ba naha ena hore ba utlwisise hore ditokelo le tokoloho tseo re di fumanang ho Molaotheo wa rona, ke tsa banna le basadi ka ho tshwana.

Re ntse re tswela pele le ho thusa malapa, basebetsi le dikgwebo tse ileng tsa angwa ke merusu e neng e etsahale dikarolong tsa KwaZulu-Natal le Gauteng ka Phupu.

Haesale re bula botjha dikopo tsa Tjhelete ya Thuso ya Setjhaba ka lebaka la COVID-19, re fumane dikopo tse ka bang dimilione tse 13 bekeng ya pele feela ya Phato.

Ho dikopo tseo, tse dimilione di 8.3 ho tsona di se di dumetswe mme le tjhelete e se e qadile ho lefuwa.

Ke dikopo tse fetang dimilione tse 3.7 tse hannweng hobane ho fumanehile hore beng ba tsona ho na le tjhelete eo ba e fumanang kae kae mmusong jwalo ka ya UIF le NSFAS.

Dikopo tse ka bang 845 000 tsona di sa ntsane di hlahlojwa.

Tjhelete ena mmoho le dithuso tse ding, di tswela Maafrika Borwa a mangata a sa sebetseng molemo nakong ena ya mathata.

Maafrika Borwa a heso,

Haesale koduwa ena e qala, haesale re hlokomelana re bile re tshireletsana.

Jwalo ka ha e se e le batho ba balwang ka dimilione ba seng ba entile, re bile re ntse re na le ente e lekaneng, ho se ho le haufi le hore re hlole koduwa ena.

Le tla fihla letsatsi e se kgale leo ka lona re tlang ho kopana ntle le dipehelo, re tlatse mabala a dipapadi, a meketjana ya mmino, re kgone ho eta, re tsamaye le ka bolokolohi ntle le tshabo ya tshwaetso ya letho kapa hona ho tshaba ho lahlehelwa ke wa heno.

Hore letsatsi leo le tla fihla neng, ho tla ya ka ntho e le nngwe feela: ba ba kae ho rona ba entileng, le hore ba potlaka ho le ho kae ho ya enta hoo.

Ka lebaka la ho tshwarisana ha rona le ho ikamahanya le dipehelo tsa bophelo bo botle, re kgonne ho hlola maqhubu a mararo a ditshwaetso.

Ho batleha e hle e be tlwaelo ho rona ho enta batho ka bongata ka moo re ka kgonang e le hore re tle re kgone ho tswela pele ho aha moruo le maphelo a rona botjha.

Modimo hlohonolofatsa Afrika Borwa mme o baballe le setjhaba sa yona.

Ha e lale.

Share this page

Similar categories to explore