Puo ya Moporesidente Cyril Ramaphosa e mabapi le Matsapa a Naha a ho Laola Sewa sa COVID-19

MaAforika Borwa a heso,

Ka Labohlano lena le re yang re le lebile, re tla be re qeta selemo ha esale ho ba le tlaleho ya pele ya kokwanahloko ya corona ka hara Aforika Borwa.

Ho tloha ka nako eo, batho ba fetang miliyone le halofo ba ile ba ba le tshwaetso Aforika Borwa mme ho tlalehilwe hore ba palo e ka bang 50 000 ba bolailwe ke lefu lena.

Dintho tse ngata di fetohile naheng ya rona le bophelong ba rona.

Le ha ho le jwalo, moya wa setjhaba sa rona ha se so fetohe.

Le fetile maimeng a tonanahadi, empa ha le a tsitsinyeha, le ngatana nngwe mme le na le tshepo.

Jwale, ka mora selemo naha ya rona e qadile ho hlaselwa ke sewa sa kokwanahloko ya corona, re na le mawa a hlakileng a ho e lwantsha, le hore qetellong re e hlole.

Le pele selemo se kodumela, borasaense ba lefatshe lohle ba sibollotse mefuta e mmalwa ya diente tse bolokehileng le ho ba hlwahlwa kgahlano le sewa sena, ba di fetisa ditekong mme ba di hlahisa. 

Borasaense ba Aforika Borwa le ditheo tsa dipatlisiso ba entse phehiso ya bohlokwa matsapeng ana mme ba kentse letsoho tsebong ya lefatshe lohle ya lefu lena, ho kenyeletsa le ho ropoha ha mefuta e metjha.

Kgale re bolela hore ente e tla ba mohato wa rona wa makgaolakgang wa ho lwantsha COVID-19, ka hoo, re thehile metjha ya ho hlophisa hore ho be le ente e hlwahlwa boemong ba kontinente le ba naha. 
Jwalo ka dinaha tse ding tse ngata, le rona re se re qadile lenaneo la rona la ho enta.

Matsatsing a leshome ho tloha ha re ne re thakgola lenaneo la rona la ho entela kokwanahloko ya corona, e se e le basebeletsi ba bophelo ba fetang 67 000, ba ka pele twantshong ya COVID-19, ba seng ba entilwe.

Moqeqeko o motjha wa marothodi a 80 000 a ente ya Johnson & Johnson a fihlile ka hara naha maobane, mme re ntse re eketsa palo ya batho ba entwang letsatsi ka leng. 

Qalo ya letsholo la rona la ho enta e tsamaile hantle haholo.

E bontshitse seo re ka se fihlellang ha re sebetsa mmoho jwalo ka mmuso, setjhaba sa boramahlale le makala a poraefete.

Diporofense tsohle di thehile ditsha tsa ho entela mme di entse meralo ya keketso ya lenaneo ha le ntse le fumana morethetho.

Palo ya ditsha tsa ho enta e tla eketswa ho tloha ho ditsha tse 17 ho ya ho tse 49 bekeng e tlang.

Ditsheng tseo tse 49, tse 32 di tla ba dipetleleng tsa mmuso mme tse 17 di tla ba dipetleleng tsa poraefete.
Tsona di kenyeletsa le ditsha tse mahaeng bakeng sa ho ntlafatsa phihlello ho basebeletsi ba tlhokomelo ya bophelo ba mahaeng.
Hang ha basebeletsi ba tlhokomelo ya bophelo ba se ba qetile ho entwa, re tla qala ka mokgahlelo wa bobedi wa ho enta mafelong a Mmesa kapa mathwasong a Motsheanong.

Mokgahlelo wa bobedi o tla kenyeletsa batho ba baholo, basebetsi ba ditshebeletso tse ka sehlohlolong tsa bohlokwa, batho ba dulang kapa ho sebetsa dithehong tse itseng le batho ba phelang le mafu a sa phekoleheng.

Mokgahlelong ona, re tla be re eketsa ditsha tse ding tse ngata tsa ho enta ditheong tsa tlhokomelo ya bophelo tsa mmuso le tsa poraefete hore re kgone ho enta batho ba bangata nakong e kgutshwane.

Re sa tswa saena tumellano ya ho reka marothodi a ente a dimiliyone tse 11 le Johnson & Johnson.

Marothoding ana, marothodi a dimiliyone tse 2.8 a tla tliswa kotareng ya bobedi mme tse ding di tla tliswa ho phatlalla le selemo.

Re boetse ra reka marothodi a mang hape a dimiliyone tse 20 ho Pfizer, a tla tliswa ho tloha kotareng ya bobedi.

Ho feta moo, re rekile hape marothodi a mang a ente a dimiliyone tse 12 setheong sa COVAX mme re mothating wa ho phethela kabelo ya rona ya marothodi hotswa ho Mokgatlo wa Dinaha tsa Aforika (AU).

Re dula re buisana le bahlahisi ba fapaneng ba diente ho etsa bonnete ba hore re na le diente tse bongata bo hlokahalang ha re di hloka.

MaAforika Borwa a heso,

Qalong ya kgwedi ena, ha ke ne ke qetela ho bua le setjhaba, Aforika Borwa e ne e se e fetile sehlohlolo sa leqhubu la bobedi la ditshwaetso tsa kokwanahloko ya corona.

Ka lebaka la mofuta o motjha wa kokwanahloko, leqhubu la bobedi le ne le sisimosa pelo haholo mme le bolaile batho ba bangata ho feta la pele.

Ho hlakile hajwale hore Aforika Borwa e se e fetile leqhubu la bobedi. 

Ditshwaetso tse ntjha, palo ya batho ba amohelwang dipetlele le mafu di theohile haholo mme di sa tswella ho theoha ka ho tsitsa.

Bekeng e sa tswa feta, Aforika Borwa e bile le ditshwaetso tse ntjha tse tsejwang tse ka tlasa dikete tse leshome.

Bekeng ya ho qetela ya kgwedi e fetileng ya Pherekgong, Aforika Borwa e ile ya ba le ditshwaetso tse ntjha tse tsejwang tse fetang dikete tse mashome a mane. 
Mme kgwedi pele ho moo, bekeng ya ho qetela ya Tshitwe, Aforika Borwa e ile ya ba le ditshwaetso tse ntjha tse tsejwang tse ka bang dikete tse mashome a robong.

Ho theoha hona ho ho kana ha palo ya ditshwaetso nakong ya dibeke tse fetang tse robedi ho entswe ke metjha e kopaneng e hlahisitsweng ke ba bophelo, ho fetoha ha boitshwaro le ho tiya ha masole a mmele a batho ba metseng ya rona ba kileng ba tshwaetseha.

Re kgonne ho phonyoha leqhubu la bobedi hobane batho ba bangata ba ile ba ikobela dithibelo tse thata mme ba mamela dipehelo tse bobebe tsa bophelo, tse akgang ho apara semonkwana ha o le bathong le ho siya sebaka pakeng tsa hao le motho e mong.

Mehato eo re ileng ra tlameha ho e nka ka Tshitwe e ne e hlokahala bakeng sa ho laola ditshwaetso le ho thibela hore dipetlele di tlale haholo. 

E ne e hlokahala bakeng sa ho pholosa bophelo.

Re ile ra tlameha ho nka mehato ena re tseba hore e thibela batho bohle ba ka hara naha ena ho phela bophelo boo ba bo tlwaetseng ba letsatsi ka leng. E bile tshita e kgolo ho ba bangata.

Le ha re lekile ka hohlehohle ho dula re butse moruo, re ne re tseba hore hona le dikarolo tse ding tsa moruo tse tla ameha mme di se kgone ho sebetsa ka botlalo.

Mokgwa wa rona wa tshebetso o dula e le hore dithibelo tsa mofuta ona ha di a tlameha ho kenngwa tshebetsong nako e telele ho feta ka moo ho hlokahalang ka teng bakeng sa ho laola kokwanahloko.

Ka lebaka la ho theoha ha ditshwaetso, Aforika Borwa e se e ka nyehlisa dithibelo tse ding tsa metsamao le diketso.

Ke sa pheta hape, re tla etsa sena re le hlokolosi.

Le ka mora nako e telele ditshwaetso di le tlase, re bone ka moo palo ya ditshwaetso tse ntjha e ka nyolohang ka potlako ntle le ho rerisa. 

Ho latela tekolo ya boemo ba hajwale ba sewa ka hare ho naha, Kabinete e nkile qeto ya ho tlosa naha ho Mokgahlelo wa boraro wa dithibelo tsa metsamao le diketsahalo tse ding; ho ya ho Mokgahlelo wa pele.

Mokgahlelo o motjha o tla qala ha morao mantsiboheng ona ana hang ha melawana e se e ngotswe koranteng ya mmuso.
Sena se bolela hore:

  • - Dihora tsa thibelo ya ho ba mmileng e se e tla ba ho tloha ka 12 hara mpa ya bosiu ho fihla ka hora ya bone hoseng.
  • - Dikopano di tla dumellwa ka ho latela boholo bo dumelletsweng, ho ikobela pehelo ya ho siya sebaka mahareng a hao le motho e mong, le dipehelo tse ding tsa bophelo. 

Tsona di kenyeletsa dikopano tsa bodumedi, tsa setjhaba, tsa dipolotiki le tsa setho.

  • - Palo e kgolo ya batho e dumelletsweng kopanong efe kapa efe e ka hara moaho ke batho ba lekgolo kapa ba makgolo a mabedi le metso e mashome a mahlano ka ntle. Moo sebaka se leng senyane haholo bakeng sa ho amohela palo ena ka mokgwa o nepahetseng wa ho siya sebaka dipakeng tsa batho, ha ho a dumellwa ho sebedisa boholo bo ka bang halofo ya palo kaofela eo sebaka sena se ka kgonang ho e nka.
  • - Ditebelo kapa dikopano tse ding pele kapa ka mora lefu di ntse di sa dumellwa.
  • - Dibaka tse rekisang nnotahi bosiu fela, mme di na le sebae sa tantshe; di tla dula di sa kwetswe.
  • - Thekiso ya jwala e tla dumellwa ho latela dipehelo tse tlwaelehileng tsa laesense. Le ha ho le jwalo, ha ho jwala bo ka rekiswang ka nako eo batho ba sa tlamehang ho ba mmileng.
  • - E ntse e le setlamo ho rwala semonkwana dibakeng tsa setjhaba, mme ho se rwale semonkwana ha ho hlokahala e ntse e le tlolo ya molao. 
  • - Meedi e 33 e neng e ntse e kwetswe nakong ena yohle e tla dula e ntse e kwetswe, ha e meng e 20 e tla dula e butswe.
  • - Ke ditsi tsa boemafofane tse hlano fela tse tla bulelwa maeto a dinaha tsa mose ka tshebediso ya mehato e tlwaelehileng ya ho laola tshwaetso. Tsona ke boemafofane ba OR Tambo, Cape Town, King Shaka, Kruger Mpumalanga le Lanseria.

Jwalo ka ha re nyehlisa dithibelo, re ke ke ra tlohela ho itshireletsa.

Dithibelo tse mmalwa tse setseng tsa Mokgahlelo wa pele wa dithibelo, di behetswe ho thusa hore ditshwaetso di dule di le tlase, haholoholo ho thibela diketsahalo tse ka etsang hore kokwanahloko e name. 

Mofuta o motjha wa COVID-19 – o bitswang 501Y.v2 – e se e le ona o mongata ka hara naha.

Mofuta ona o motjha o tshwaetsa ha bobebe, ka hoo, o ka kgona ho tshwaetsa batho ba bangata, mme wa imetsa ditheo tsa rona tsa bophelo le ho bolaya batho ba bangata.

Ka hoo, ho siya sebaka pakeng tsa hao le motho e mong ho bohlokwa haholo.
Ho apara semonkwana le ho qoba letshwele ho molemo ka ho fetisisa.

Mme hajwale ho bohlokwa haholo ho ba le sesebediswa se re thusang ka lesedi la kokwanahloko ena se tsejwang ka COVID Alert SA mobile app difonofonong tsa rona. 

MaAforika Borwa a ka bang miliyone a se ntse a sebedisa sesebediswa sena se re thusang ka lesedi la COVID-19 se tsejwang ka COVID Alert SA mobile app bakeng sa ho ba tsebisa ha ba bile moo kokwanahloko ena e leng teng.

Ka kopo tsamaya o ilo etsa diteko ebang o na le matshwao afe kapa afe a COVID-19.

Dipehelo tsena ha di tshireletse rona fela empa di tshireletsa le batho bao re ba ratang le ho ba tsotella.

Molemo wa ho latela dipehelo tsena ke ho itshireletsa, ho tshireletsa ba lelapa la hao le setjhaba ka kakaretso.

Ke ho ba le maikarabelo le ho tsotella.

Re tlameha ho tswele ka ho latela dipehelo tsena le ha batho ba bangata ba ntse ba entwa.

Ente e fokotsa monyetla wa hore motho a be le matshwao mme a kule, e fokotsa le sekgahla sa tshwaetso ka kakaretso setjhabeng.

Ka hoo, re hloka ho nka ente jwalo ka e meng ya metjha eo re nang le yona ya ho lwantsha le ho laola sewa sa kokwanahloko ya corona.

Jwalo ka ha re boletse nakong e fetileng, ente ke motjha o hlwahlwa oo re nang le ona.

Empa, re tla qetella re hlotse sewa sena ha fela re ka tswela pele ka ho ikobela dipehelo tsohle tsa ho thibela.

Re tlameha ho etsa tsena tsohle hore re hlole sewa sena mme re potlakise ho iphumana ha moruo wa rona.

Re tlameha ho etsa tsena bakeng sa ho kgutlisa kgolo ya naha ya rona le ho kgutlisetsa batho mesebetsing. 

Le ha dikgwebo di kgutlela tshebetsong, le ha re ntse re kenya mananeo a susumetsang mesebetsi le meralo ya motheo ya matsete, le ha re ntse re ntlafatsa moruo ka potlako e kgolo, dikgwebo tse ngata di hula ka thata. Batho ba bangata bantse ba lahlehetswe ke mesebetsi mme malapa a mangata a ntse a utlwa bohloko ba ho lahlehelwa ke karolo e kgolo ya lekeno la bona.
Jwalo ka ha ke boletse Puong ya Boemo ba Naha, re ekeditse nako ya Tjhelete e Ikgethileng ya Diphallelo tsa COVID-19 ka dikgwedi tse ding tse tharo, ho fihlela mafelong a Mmesa.

Re ekeditse le nako ya ho fumana tjhelete e ikgethileng ya COVID-19, ya inshorense ya tshehetso ya ka mora ho fellwa ke mosebetsi (UIF) ho fihlela ka di 15 Tlhakubele 2021 bakeng sa makala a moruo a neng a ntse a sa kgone ho sebetsa. 

Mehato ena e bonahetse e sebetsa hantle bakeng sa ho fokotsa maqakabetsi a aparetseng setjhaba sa rona ka lebaka la koduwa e tlisitsweng ke sewa sena moruong. 

Le ha ho le jwalo, matlole a naha ya rona a thefulehile haholo, mme re ke ke ra kgona ho fana ka dithuso tsa mofuta ona ka hosafeleng.

Ho kgutlela ho Mokgahlelo wa pele wa thibelo ya metsamao le diketsahalo tse ding ho bolela hore dithibelo tse ngata tse neng di setse tse amang moruo di tlositswe. 

Re lebeletse hore sena se lebise tshebedisong e phahameng ya tjhelete, ho matlafaditsweng ke ho iphumana ho tsitsitseng ho tsa mesebetsi.

Re lebelletse hore dikgwebo di kenye tshebetsong maano a tsona ao e ka nnang ya ba di ileng tsa a emisa. 

Ha re ntse re etsa diphetoho tse ding tsa moralo, hona ho tla matlafatsa matshwao a kgolo moruong jwalo ka ha re se re qadile ho bona.

Ke ka hona matla le matsapa ohle a rona a tlamehang ho ya kgodisong ya moruo hajwale – mme hona ho kenyeletsa le ho etsa hore ditshwaetso di dule di le tlase. 

Ka lebaka lena, hara a mang, ho nyehliswa ha dithibelo ha ho a tlameha ho tadingwa jwalo ka lebaka la ho nyahlatsa mehato ya tshireletso.

Kgonahalo ya leqhubu la boraro e dula e le teng, jwalo fela ka kgonahalo ya mefuta e meng e metjha.
Jwalo ka ha re bone ngwahola, diketso tsa rona bonngweng kapa re le sehlopha di tla bontsha hore na ebe kokwanahloko ena e tla ata hape, le hore e tla ata neng. 

Ho sa le jwalo, kokwanahloko e tswela pele ho pota malapeng a rona, mesebetsing le metseng ya rona.
Jwalo ka ha letsholo la rona la ho enta le ntse le tshwara morethetho, re tlameha ho tswela pele ho ba hlokolosi ka ho itshireletsa le ho tshireletsa ba bang. 
Rona mmoho le borasaense le ditsebi tsa rona, re tla tswela pele ho beha maemo leihlo re sa panye mme re tsamaisa metjha ya rona ya tshebetso ka mokgwa o tjhatsi.

Sena sewa se re amohile tse ngata, empa ha se a re qeta matla, ha se a re nyahamisa moko kapa ho re phemisa ho momahana jwalo ka setjhaba. 

Ha e a silafaditsa meya ya rona kapa hona ho thefula diqeto tsa rona. 

Moya o ikgethileng wa rona MaAforika Borwa o re thusitse ho dula re le matla kgahlano le sewa sena se tshosang se soto, e leng se tla tswelapele ho re kgothatsa ha re ntse re kgatha tema ya ho iphumana. 

Ha re duleng re le ngatana nngwe, re na le tshepo mme re tsitlalletse ho fedisa qaka ena ka nako tsohle.

Modimo a tswelle ho hlohonolofatsa Aforika Borwa le ho tshireletsa setjhaba sa hae.

Ke a leboha.
 

Share this page

Similar categories to explore