Mopresidente Cyril Ramaphosa: Tlhahisoleseding ka boemo ba polokeho ka hare ho naha

Maafrika Borwa a heso

Mesong ya kajeno, ke etetse dibaka tsa KwaMashu, Springfield, Mobeni le Umlazi provinseng ya KwaZulu-Natal, e leng dibaka tseo matsatsing a moelana a sa tswa feta, di ileng tsa fetoha lepatlelo la merusu le tshenyo eo re qalang ho e bona.

Diterata mmoho le meaho eo ke e boneng di bontsha mehwabadi ya ditlatlapo le meferefere.

Empa ho tetetsang maikutlo le ho feta ke bohloko boo diketsahalo tsena di bo entseng maphelong, le boiphedisong ba batho esita le polokehong ya bona.

Mathata a jwale ao batho ba tobaneng le ona a tla nka nako e telele ho lokiswa.

Ho hlakile jwale hore diketsahalo tsa beke ena e fetileng ha e a ba tsa tshohanyetso, empa ke tlhaselo ya moruo wa rona ya ka boomo, e hlophisitsweng hantle, ya ba ya ralwa hantle.

Botsitso ba puso ya naha ya rona bo tsietsing.

Tlhokeho ena e teng ya botsitso le ho roteletswa hona ho tswelang pele ha merusu ka ho toba ke tlolo ya Molao wa Motheo le ya puso ya molao.

Diketso tsena di reretswe ho thefula moruo, le ho hlokisa setjhaba botsitso, hape le ho hlotsisa puso ya rona ya demokrasi, kapa le hona ho e phutsisa.

Ka ho sebedisa monyetla wa boipelaetso ba sepolotiki, bahlohleletsi ba diketso tsena ba ratile ho fehla tsohelo matla e tlwaelehileng ya puso.

Ba nkile monyetla wa ho sebedisa maemo a renang a setjhaba le a moruo ao Maafrika Borwa a mangata a phelang tlasa wona – maemo ao a mpefaditsweng haholo ke ho kena ha sewa sa kokwanahloko ya khorona – hape le ho susumeletsa baahi ba rona le maqulwana a ditlokotsebe ho kena diketsong tsa boramenyetla tsa ditlatlapo.

Pherekano ena e etsahalang e sebediswa e le moritaoke wa ho ntshetsa pele tshenyo ya moruo ka ditlhaselo tse lebisitsweng dikoloing tse thothang thepa, difeme, matlo a polokelo ya thepa le dibopeho tsa metheo tse thusang hore moruo wa rona o sebetse hantle, hape e leng tse thusang batho ba rona ka phepelo ya ditshebeletso.

Ka marangrang a dikgokahanyo tsa setjhaba, le ka ho hasanya ditabammotwane, le ka ho thetsa setjhaba, ba kgonne ho fehla dikgohlano tsa merabe le merusu.

Ntho e mpe ka ho fetisisa, ke hore ba batle ho sebedisa ba futsanehileng le ba fokolang morerong oo e leng wa bona.

Empa, kantle ho tshenyo ena e nammeng, teko ena ya ho tsohela puso matla e hlolehile ho fumana tshehetso e anenetseng.

E hlolehile ka lebaka la matsapa a mabotho a rona a tshireletso, hape e hlodisitswe ke hobane Maafrika Borwa a e rahile a ba a ema ka maoto ho tshireletsa demokrasi ya rona eo re e fumaneng ka thata.

Ke bone boikemisetso bona bo phela kajeno ha ke ntse ke tsamaya diterateng tsa eThekwini.

Ke bone sena bathong ba neng ba hlwekisa diterata, ba aha botjha maphelo a bona, ba eme mmoho ba bontsha bonngwe le ha ba fapafapane – e le ba banyenyane le ba baholo, banna le basadi, ba batsho le ba basweu.

Ba ne ba le motlotlo ka tshehetso ya mabotho a tshireletso, ba ba ba ntlhakisetsa hore ba moyamong le hore ba tla sebedisana le mmuso ho kgutlisetsa botsitso naheng ya rona.

Maafrika Borwa a heso,

Haesale merusu ena e qaleha, bonyane batho ba 212 ba hlokahetse.

Ba 180 ba bona ba ne ba le KwaZulu-Natal, ha ba 32 ba ne ba le Gauteng.

Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa e fuputsa dinyewe tse 131 tsa polao, hape se butse didokethe tsa dipatlisiso bakeng la mafu a 81.

Maikutlo a rona le dithapelo tsa rona di lebiswa ho batho bao ba hlokahetseng ka lebaka la merusu ena e soto. Bona ke bohloko bo neng bo sa tshwanela ho utluwa ke lelapa kapa motse le ha e le ofe.

Haesale meferefere ena e qala, Lekala la Naha le Kopantseng tsa Tshebetso le tsa Mautlwela (NATJOINTS) le ngodisitse diketsahalo tse fetang 118 tsa merusu e etswang setjhabeng,tsa ho tjhesa thepa, tsa tlatlapo le tse ding hape diketsahala tse amanang le merusu.

Bongata ba diketsahalo tsena bo etsahatse Gauteng le KwaZulu-Natal.

Haesale ho tloha ha merusu e fihlella sehlohlolong ka Mantaha le Labobedi, ho bile teng ho fokotseha ha diketsahalo tsena mme maemo a kgutso a boetse a teng boholong ba dibaka tsena.

Batho ba fetang 2 550 ba tshwerwe malebana le merusu ena, mme ditlhophiso tse ikgethang di hlophisetswa ho netefatsa hore dinyewe tsena di bewe lenaneng le ka pele makgotleng a dinyewe.

Tshenyo ya thepa le boshodu ba phahlo bo qositse dikgwebo, bareki le naha ka kakaretso tahlehelo e balwang ka dibilione tsa diranta.

Ho latela ditlaleho tsa pele tse hlophisitsweng ke NATJOINTS, tshenyo e kgolo e entswe dimolong le dibakeng tsa mabenkele tse 161, matlong a polokelo ya thepa a 11, difemeng tse 8, le dibakeng tsa thekiso le kabo ya jwala tse 161.

Mona ha ho a kenyeletswa tshenyo ya mebila le dibopeho tse ding tsa metheo ya moruo.

Maafrika Borwa a heso,

Re le mmuso ona, re tlameha ho amohela hore re ne re sa itokisetsa hantle ho emelana le letsholo lena le hokahantsweng hantle la merusu e etswang setjhabeng, la tshenyo le sabotasi ya mofuta ona.

Ha re thoholetsa diketso tsa bonatla tsa mabotho a rona a tshireletso a iponahaditseng setjhabeng, re tlameha ho dumela hore re ne re se na bokgoni le meralo e tshwanelang ho arabela ka ho potlaka le kantle ho ho qeaqea.

Sepolesa sa rona se ne se tjamelane le maemo a boima empa sa sebatsa ka boikgino bo babatsehang ho thibela mafu a neng a ka ba teng kapa ho mpefala ha maemo.

Le ha ho le jwalo, hang feela hoba re eketse basebeletsi ba tshireletso, kgutso e ile ya busetswa dibakeng tse ngata tse neng di amehile.

Hang feela ha mathata ana a hlobaetsang a se a fetile, re tla nka bohato bo matla, hape bo hlwahlwa ba tekolo ya boitokisetso ba rona ba ho emelana le maemo ana, le seo re tlamehang ho se etsa.

Ha jwale, dintlha tsa rona tsa sehlooho ke tsena:

Ntlheng ya pele, re tla tsitsisa naha,

Ntlheng ya bobedi, re tla batla thepa ya bohlokwa le dibopeho tsa metheo ya moruo,

Ntlheng ya boraro, re tla fana ka diphallelo le tshehetso, tsoseletso le kahobotjha,

Ntlheng ya bone, re tla kgothaletsa matsapa a bonahalang a baahi a ho sireletsa maphelo, boiphediso le demokrasi.

Ho tsitsisa naha, re ekeditse haholo manane a basebeletsi ba phethahatso ya molao le ba tshireletso setjhabeng provinseng ya Gauteng le ya KwaZulu-Natal.

Ke fane ka tumello ya hore ho romelwe ditho tse 25 000 tsa Lebotho la Tshireletso la Naha (SANDF) ho ya tshehetsa mosebetsi wa sepolesa.

Ho bona, dikete tse leshome di se di le ka hara setjhaba, ha palo e setseng ya mabotho ana e tla fihla dibakeng tseo ba tla sebetsa ho tsona mafelong ana a beke.

Tswelopele e tsitsitseng e se e ntse e qadilwe mosebetsing wa ho lokisa dibopeho tsa motheo tsa ho thothwa ha thepa:

  • Mmila o bulehileng wa N3 o pakeng tsa eThekwini le Gauteng o se o butswe, hape mabotho a tshireletso a se a le teng bakeng la ho boloka ditsela tsa bohlokwa tsa phepelo ya thepa di butswe.
  • Mabotho a tshireletso a sebetsa mmoho le lekala la kgwebo ho netefatsa tsamaiso e bolokehileng ya mafura, dijo, oksijene, meriana, dikhemikale le phahlo e nngwe feela ya bohlokwa.
  • Ditshebeletso madibohong a Durban le Richards Bay di busetswa maemong a tsona molemong wa ho boela ho qalwa mosebetsi wa ho amohela thepa e kenang ka hare ho naha le e romellwang dinaheng tse ding.
  • Melawana e se e amanang le Competiton Act e se e ntshitswe ho thusa hore difeme tse amehang ho phepelong ya phahlo ya bohlokwa di tsebe ho abelana tlhahisoleseding ka tlhokeho le phepelo ya phahlo e itseng. Hona ho tla thusa ho thibela kgaello ya phahlo ya bohlokwa, hape ho tla kgothaletsa kabo e lekanang ya phahlo ya bohlokwa e qabileng.


Mehato ena e tla netefatsa hore phepelo dikgwebong ha e sitisehe.

Ke rata ho totobatsa hore ha ho kgaello ya dijo le phahlo boholong ba dikarolo tsa naha ya rona, le hore ho reka ka mokgwa wa ho phaella thepa ho tla mpefatsa maemo.

Ka hodima ho tshehetsa sepolesa mosebetsing wa ho boloka kgutso, ditho tsa SANDF di rometswe ho ya tshireletsa ditshebetso tsa bohlokwa le ditsha tsa kgwebo tseo e leng tsa bohlokwa tshebetsong ya moruo wa rona, le ho ya netefatsa hore setjhaba se fumana phepelo e sa kgaokgaoheng ya ditshebeletso.

Dikarolo tse ikgethang tsa makala a rona a phethahatso ya molao di sebetsa bosiu le motsheare hore di tle di fumane di be di tshware batho ba bileng le boikarabelo ba ho rala le ho hlophisa meferefere ena.

Re tla etsa tsohle hore batho bana ba tlo ikarabella makgotleng a dinyewe.

Ho tswa makgalong a mangata, ho bile le kgweheletso e kgothaletsang hore mmuso o phatlalatse boemo ba qomatsi molemong wa ho fedisa meferefere le tshenyo ena.

Boipiletso bona bo a utlwahala ho latela maemo le boholo ba pherekano ena.

Kutlwisiso ya rona e bile ya hore boemo ba qomatsi bo ka phatlalatswa ha feela mekgwa e meng yohle ya ho tsitsisa maemo ana e hlolehile.

Boemo ba qomatsi bo ne bo tla tlisa tshitiso e kgolo ditokelong tsa motheo tse fuperweng ke Molao wa rona wa Motheo, e leng seo ho seng mmuso o nang le boikarabelo o ka ratang ho se etsa, kantle ho haeba ho ne ho se ho hong ho ka etsuwang.

Ha jwale, re dumela ka botlalo hore ho tliswa ha mabotho a rona a tshireletso setjhabeng, moo ka ho sebetsa mmoho le setjhaba le balekane ba kahisano,ho tla ba le bokgoni ba ho tlisa botsitso le ho thibela meferefere e meng hape.

Re tla tima hlaha ena e tukang, hape re tla nyametsa le masalla a yona.

Bohle ba ileng ba hotetsa hlaha ena le ba ileng ba e jala re tla ba fumana, mme re tla ba nkela bohato.

Re tla ba fumana batho ba ileng ba hlohleletsa meferefere ena. Ba tla ikarabella melato ya bona. Ha ho na motho eo re tla mo dumella ho hlokisa naha ya rona botsitso, a be a tswelelle.

Ha re tlo dumella motho le ha e le sehlopha sa batho ho qholotsa matla a mmuso wa rona o kgethilweng ka metheo ya demokrasi.

Le ha mabotho a rona a tshireletso a hloma taolo butlebutle setjhabeng, ditlamorao tsa meferefere ena di ntse di tla ama Maafrika Borwa matsatsing, dibekeng le dikgweding tse tlang.

Tshenyo e entsweng dibopehong tsa bohlokwa tsa metheo ya moruo di tla nka nako ho lokiswa.

Hona ho tla ba le tshusumetso ho fumaneheng ha dijo, meriana le phahlo e nngwe ya bohlokwa, e seng mona Afrika Borwa feela, empa lebatoweng lohle la rona.

Meferefere ena le tshenyo ya thepa e entse tshenyo e kgolo haholo moruong wa rona nakong eo re ntseng re leka ho phahama seweng sena sa kokwanahloko ya khorona.

E sentse dikgwebo, hape ho hlakile hore e tla ba le ditlamorao tsa tahlehelo ya mesebetsi.

Qetellong, e tla totisa bofuma, mme e eketse mathata hodima mathata ao dimilione tsa Maafrika Borwa di nang le wona.

Diketso tsa tlatlapo tse etsahetseng ka bongata bekeng ena e fetileng di ka nna tsa eketsa ditshwaetso tsa COVID-19.

Diketsahalo tsena di phatsamisitse lenaneo la rona la kentelo ya COVID-19 provinseng ya KwaZulu-Natal le Gauteng e leng nakong eo le neng le fumana matla.

Jwale ke moo re iphumanang re tlameha ho nka mehato e meng hape ya ho tshehetsa malapa le ho thusa dikgwebo hore di fumane thepa, le hore di ikahe botjha.

Re tshebetsong ya ho fumantsha malapa diphallelo tse potlakileng tsa dijo. Re shebile ho lebisa dithuso tsena dibakeng tse anngweng ke ditlatlapo, le moo batho ba sa kgoneng ho fumana dijo.

Mafapha a Ntshetsopele ya Setjhaba a diprovinseng mmoho le Lekala la Tshireletso ya Setjhaba (SASSA) a tla sebedisa karolo e setseng ya bajete ya wona lenanenong la Kopo ya Dithuso tsa Setjhaba mabapi le Tshotleho a tle a fane ka tshehetso ka mokgwa wa diphuthelwana tsa dijo, le tjhelete le ditlankane tsa dijo.

Re sebetsa ka thata ho busetsa diofisi tsa SASSA tshebetsong. Ho lebeletswe hore dibaka tsa tefo ya ditjhelete di tla boela di qala ho sebetsa mohla la 19 Phupu dibakeng tseo tse tlalehilweng di bolokehile bakeng la ho sebetsa.

Ho arabela ditlhoko tse potlakileng tsa metse e amehileng, Letlole la Kutlwelano le thehile Letlole la Diphofu tsa Koduwa molemong wa ho thusa batho ba hlokang thuso ho feta ba bang nakong ena. Re etsa boipiletso ba hore Maafrika Borwa wohle a tshehetse letlole lena.

Re ananela tshehetso ya dikhampani tse ngata, le ya mekgatlo le dihlopha tsa bodumedi tse seng di qadile ho fana ka tshehetso malapeng a mangata a boemong ba bohlomohi.

Balekane ba kahisano ba se ba ntse ba ile ba kopana ba buisana ka mehato e mengata e ka nkelwang ho fana ka diphallelo tse potlakileng tse ka kgonwang ke bajete ya rona.

Tsena di kenyeletsa phumantsho ya tshohanyetso ya diphallelo tsa dijo le ya dithuso tse ding ho batho ba boemong ba bohlomohi bo fetang ba ba bang.

Re tla boela re thusa dikgwebo tsa rona tse nyenyane, ho kenyeletswa tse malokeisheneng le metseng ya mahae, di tle di epholwe tshenyong eo di iphumanang di le ho yona.

Batho ba rona ba kgwebo ba fumantsha metse ya rona phahlo le ditshebeletso tsa bohlokwa, mme re tla ba thusa ho aha dikgwebo tsa bona botjha.

Sehlopha se theilweng ka batho ba tswang Lefapheng la Mopresidente leba tswang Lefapheng la Matlotlo a Setjhaba se sebetsa ka thata ho rala tokomane e batsi ya dithuso e tla romellwa Kabinete bakeng sa hore e nke qeto.

Re tla ba boemong ba ho etsa tsebiso e nngwe hape kapele malebana le ntlha ena.

Bakeng sa nako e kgutshwane, ke taba ya bohlokwa hore re busetse lenaneo la rona la kentelo motjheng wa tshebetso kapelepele, mme re ke ke ra dumella ho sitiswa ke letho morerong ona.

Maafrika Borwa a heso,

Le ha kgutso e boetse e le teng boholong ba dibaka tsa Gauteng le KwaZulu-Natal, diphephetso tse ka behang naha ya rona le demokrasi ya rona kotsing di ntse di le teng, di bile di a bonahala.

Batho bao ba nkileng boikarabelo ba ho hlophisa letsholo lena la merusu ha ba eso tshwarwe, mme le marangrang a bona ha a so qhalwe.

Re tlameha ho fadimehela mme re hanane le mekutu ya ho fehla merusu.

Re ananela tshehetso e sa thekeseleng eo re e fumaneng ho baetapele ba bodumedi, ho ba mekga ya dipolotiki, ho ba mekga ya basebetsi le ba dikgwebo.
Re thoholetsa batho, dikopano le baahi ba ileng ba ithaopa, ka mekgwa ya kgotso, ho hloma kgutso le ho sireletsa maphelo a batho, thepa le dibopeho tsa metheo ya moruo.

Re leboha batho bohle ba ileng ba tiisets mesebetsing ya bona tlasa maemo a boima, a bileng a le kotsi, ba fana ka ditshebeletso bathong ba rona le setjhabeng sa rona: basebeletsi ba phethahatso ya molao, basebetsi ba bophelo bo botle, basebetsi ba thekolohelo, balebedi, basebetsi ba mmasepala, le ba bang basebetsi ba ka pele ba mmuso.

Re leboha baqolotsi ba ditaba ba nnileng ba tlaleha hona nakong ya diketsahalo, ba thusa ho netefatsa hore Maafrika Borwa a fumane ditaba, hape a be le tsebo ya tse etsahalang.

Re ipiletsa setjhabeng sohle sa naha ya rona hore batho ba sebetse mmoho le sepolesa ka Diforamo tsa Baahi tse Sebedisanang le Sepolesa (di-CPF).

Ha ho motho ya tshwanelang ho inkela molao matsohong.

Re tlameha ho hlokomela maqulwana a ho ikahlolela batlodi ba molao, hape le ntho le ha e le efe e ka hotetsang tsitsipano hape.

Re ipiletsa ho Maafrika Borwa ohle hore a kgothaletse kgutso le boikgino, a kgaohane le ho abelana ditaba tsa mashano, le hore a tlalehe hanghang diketsahalo tsa meferefere sepoleseng.

Ka ho etsa diketso tsena tsa mantlha, bohle re tla sireletsa Afrika Borwa.

Sontaheng sena, Maafrika Borwa a tla ikopanya le lefatshe ho keteka Letsatsi la Nelson Mandela.

Ha re boetse re tiisa boitlamo ba rona pusong ya demokrasi, ha re sebediseng Letsatsi la Mandela ho fana ka dijo ho ba di hlokang haholo setjhabeng sa rona, re hlwekiseng diterata tsa rona, hape re qale mosebetsi wa kahobotjha.

Le ha mabotho a tshireletso e le a bohlokwa ho tliseng kgutso le botsitso, re a tseba hore tlhaselo ena ya demokrasi e tla qetella e hlolehile hobane batho ba Afrika Borwa le bona ba tla ema ka maoto ho lwantsha tlhaselo ena.

Ha re eme mmoho, ha ho diketso tsa ho tsohela mmuso matla kapa tsa merusu tse ka atlehang naheng ena.

Re ka hara boitseko ba ho sireletsa demokrasi ya rona, le Molao wa rona wa Motheo, le boiphediso ba rona mmoho le polokeho ya rona.

Ha re a tshwanela ho hlolwa ke ntwa ena.

Ha re akgela mahlo nalaneng ya rona re tadima motsotso ona, re tle re re re ile ra tjamelana le phephetso e kgolo haholo, mme, mmoho re ile ra e hlola.

Ha re beng dipaki tsa matla le mokoka wa demokrasi ya rona, e seng tsa bofokodi ba yona.

Ha re buweng ka tlholo ya Molao wa rona wa Motheo, e seng ka ho senngwa ha yona.

Ha re sa tla dumella hore projekte ena e kgolo ya setjhaba, e leng demokrasi ya Afrika Borwa, e hlolehe.

Ha ke diela dikgala, ke rata ho fetisetsa matshediso malapeng a Maafrika Borwa ana a latelang, a ileng a hlokahala matsatsing a moelana a fetileng:

Morena Sipho Mahlangu (Modulasetulo wa Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso), Tshepo Tshola (e mong wa dibini tsa rona tse hlaheletseng ka mahetla), Moprofesara Ben Ngubane (Tonakgolo ya mehleng ya KwaZulu-Natal), Aubrey Mokoena (Moetapele wa Letsholo la Lokolla Mandela, e bile e le Letona la mehleng la Palamente), Khehla Mthembu (moetapele wa tsa kgwebo), Ngaka Sam Gulube (Mongodi wa mehleng Sesole), Geoff Makhubo (Majoro wa Johannesburg), Ngaka Vanguard Mkosana (Mongodi wa mehleng wa Lefapha la tsa Basebetsi), le Michael Zuma (moena wa Mopresidente Zuma eo e leng Mopresidente wa mehleng).

Modimo a ke a hlohonolofatse Afrika Borwa, mme a tshireletse le baahi ba yona.

Ke a leboha.

 

Share this page

Similar categories to explore