Pehelo ya Moporesidente Cyril Ramaphosa ka Kgatelopele e Mabapi le Matsapa a Naha a ho Lwantsha Sewa sa COVID-19

Maafrika Borwa a heso,

E se e le dikgwedi tse hlano jwale haesale re ne re phatlalatse maemo a koduwa ya naha a ho lwantsha sewa sa kokwanahloko ya corona.

Jwaloka ha ke ile ka hlalosa ka nako eo, ebile le jwaloka ha ke pheta hona jwale, ha e so ka e etsahala ho hang ntho ya hore naha ya habo rona e tobane le koeyoko e mpe hakana nalaneng ya demokrasi ya habo rona, e leng maemo a qobelletseng karabelo e hlollang esita le boitelo bo boholo.

E bile dikgwedi tse hlano tse boima ruri, mme le sewa sena se thefutse bophelo ba batho ba habo rona haholo, malapa le setjhaba, tsamaiso ya bophelo bo botle, moruo esita le maphelo a batho a letsatsi le letsatsi.

Nakong ena e boima haholo, seo rona bohle re neng re se labalabela ka ho fetisisa re le Maafrika Borwa ke ho phela hantle, ho tsosolosa mesebetsi ya rona esita le ho aha moruo wa rona botjha.

Ke bua le lona phirimaneng ena ke ipapisitse le matshwao a tshepo.

Re etsa kgatelopele twantshong ya rona ya COVID-19.

Dibekeng tse tharo tse fetileng, lenane la ditshwaetso tse ntjha tse netefaditsweng le theohile ho tloha sekepeleng se kahodimo ho 12 000 ka letsatsi ho ya kakaretsong e ka bang 5 000 ka letsatsi, nakong ya beke e fetileng.

Sekgahla sa ho hlaphohelwa kokwanahlokong ya corona se nyolohile ho tloha ho 48% nakong ya ha ke ne ke bua le lona lekgetlo la ho qetela, mme jwale se eme ho 80%.

Keketseho ya lenane la ditshwaetso naheng ya habo rona le ntse le le hodimo haholo mme le ho 583 653.

Leha ho le jwalo, lenane la ditshwaetso tse phelang le a fokotseha letsatsi le letsatsi, mme jwale le ka ba ho 105 000.

Kokwanahloko ena e bonahala e nyolohile haholo diprovenseng tse ngatanyana, ho akga le Kapa Bophirimela, Kapa Botjhabela, Gauteng, mohlomong le KwaZulu-Natal.

E se e le batho ba mmalwa ba itlalehang ditsing tsa rona tsa kokelo ba e na le matshwao.

Re boetse re elelletswe hore ke batho ba mmalwa ba hlokang ho amohelwa dipetleleng tsa habo rona, ebile le tlhokeho ya ho etsa diteko tsa kokwanahloko ya corona e theohile.

Lenane la bakudi ba amohetsweng sepetlele le fokotsehile ho tloha ho 10 000 maqalong a kgwedi ho ya ho le ka etsang 4 000 jwale.

Sena se fokotsa kgatello haholo ditsing tsa habo rona tsa bophelo bo botle.

Ho fihlela kajeno, ke batho ba 11 667 ba netefaditsweng hore ba bolailwe ke COVID-19 Afrika Borwa.

Re ilela e mong le e mong ya hlokahetseng esita le ba bang ba bangata bao re so kang re tseba ka bona.

Ho shwa ha batho ba bangata hakana ka nako e kgutshwane ka lebaka la kokwanahloko e jwaana, ke koduwa e hlahetseng batho ka sekgahla seo re neng re sa se lebella hore se ka hatikela setjhaba sa habo rona nakong ena ya kgotso le demokrasi.

Jwale ho totobetse hore haeba re ne re sa phahamela mapoqo ho sa kganya jwaloka ha re entse, le haeba re ne re sa nkela koeyoko ena hloohong jwaloka ha re entse, ho ka be ho hlokahetse batho ba bangata le ho feta.

E tla dula e ntse e le ngongoreho ya rona e ka sehloohong dibekeng le dikgweding tse tlang, taba ya hore re nne re tswelepele ho pholosa maphelo.

Ha ke ne ke etsa tsebiso ka ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara mohla la 23 Tlhakubele 2020, e ne e le ho thibela ho ropoha ho sa laoleheng ha ditshwaetso le ho lokisa tsamaiso ya habo rona ya tsa bophelo bo botle hore e ye ka theko.

Ha re hetla morao re sheba dikgweding tse hlano tse fetileng, matshwao ohle a bontsha hore Afrika Borwa e fihlile sehlohlolong mme e se e tloletse ka nqane ho mothinya.

Boholo ba ditsi tsa rona tsa kokelo di bontshitse hore di matla, di na le bokgoni ebile di kgona le ho lebahanya thebe le ho ropoha ha sewa sena.

Dipalopalo tse lebelletsweng tsa ditshwaetso, tsa ho amohelwa sepetlele esita le tsa ho shwa ha batho di ile tsa tshwanela hore di fetofetolwe ka mokgwa wa hore di ballwe tlasana, jwaloka ha re ntse re bona kgatelopele taolong ya lefu lena.

Kgatelopele eo re e etsang taolong ya rona ya COVID-19 e ne e ke ke ya kgoneha ntle le boikitlaetso le boporofeshenale ba dingaka tsa habo rona, baoki le basebetsi ba bang ba tsa bophelo bo botle ba ileng ba tshwanela ho lebahanya thebe le lefu lena le neng le sa lebellwa, ebile hangata e ne e le katlasa maemo a boima ka ho fetisisa.

Re lebisa tlotla ho bona, bao boholo ba bona ba ileng ba tshwaetseha esita le ba bang ba ileng ba hlokahala ba ntse ba hlokomela batho ba bang.

Tsena tsohle di ne di ke ke tsa kgonahala ntle le basebetsi ba bang bohle ba tshwereng teu, banna le basadi ba mapolesa, ba masole, ba balaolasephethephethe hammoho le ba baithaopi ba bang ba neng ba le moleng o kapele karabelong ya rona ya naha.

Re boela re lebisa tlotla ho ditsebi tsa habo rona tsa bongaka tse ditheong tse fapaneng tsa bophelo bo botle, tse kang Tshebeletso ya Laboratori ya Naha ya Bophelo bo Botle, Setheo sa Naha sa Mafu a Tshwaetsang, Lekgotla la Diphuputso tsa Bongaka le Komiti ya Boeletsi ya Matona, tse ntseng di tswelapele ho nka seabo sa bohlokwa taolong ya rona ya COVID-19.

Kgabareng, kgatelopele eo re e entseng e ne e ke ke ya atleha ntle le boitelo boo le bo entseng, lona batho ba Afrika Borwa.

Ke lona ba ileng ba amohela la ba la ikamahanya le dithibelo tse amanang le ho kenngwa ha dikwahelanko le molomo, ho qaqolohana le bohlweki, ya eba teng moo le thusang le ho pholosa maphelo.

Empa, leha ho e na le matshwao a tshepo, ha re ka ke, ebile ha re a tlameha ho itebala.

Ha re ntse re tswelapele ho nolofatsa dithibelo tsena, kotsi ya tshwaetso yona ha e nyotobele.

Ha e le hantlentle, kotsi ya tshwaetso e ba tomanyana ha batho ba bangata ba ntse ba kgutlela mesebetsing, jwaloka ha ba phethesela haholwanyane le jwaloka ha ho e na le menyetla e tomanyana ya ho kopakopana.

Kahoo, ha re ka ke ra kgotsofala kapa ra nyahlatsa diqhobosheane tsa bophelo bo botle tseo re di tsebang hore re a di hloka.

Esita le sekgeo se senyenyane phadimehong ya rona mothating ona, se ka lebisa ho ropoheng ha ditshwaetso ka sekgahla se kahodimo le ho feta seo re seng re se bone ho fihlela hona jwale.

Re bone sena se etsahala dinaheng tse ding, moo dithibelo tse matla di ileng tsa tlameha ho kenngwa tshebetsong hape, le teng e le ka tsebiso ya nako e kgutshwane kaha sekgahla sa ditshwaetso se ile sa nyoloha kamora ho qhanolla.

Re qetile ka hore sekgahla se fokolang sa ditshwaetso seo re se bonang jwale, se tshwanela ho lebisa nyehlisong ya dithibelo tseo re bileng le tsona ho fihlela jwale.

Leha ho le jwalo, ena ke nako ya ho fadimeha le ho feta esita le ya ho ba sedi le ho feta.

Bohle re tshwanela ho tswelapele hore re nne re kenye dikwahelanko le molomo ka dinako tsohle ha re tloha malapeng.

Re tlameha ho sireletsa metsofe le bao ba nang le mafu a diqebo hore ba se ke ba pepeseha kokwanahlokong ena.

Re tlameha ho tswelapele ka tlwaelo ya ho qaqolohana le ya ho netefatsa hore ho ba le ho fokaela ho hotle ha moya ka matlung.

Re tlameha ho tswelapele ka ho fokotsa maeto a rona hore e be ao a hlokehang ka sebele feela, le ho qoba kgobokano ya setjhaba esita le ho hopola ho hatlela kgafetsa kapa ho nyanyatsa matsoho a rona ka sebolayadikokwanahloko.

Jwale re se re tseba hore sekepele se seholwanyane sa batho ba tshwaetsehileng ke kokwanahloko ena ha ba bontshe matshwao, ebile e ka nna ya ba ha ba itsebe le hore ba tshwaetsehile.

E ka nna ya ba ke tshwaetsehile. Le ho wena ho ka nna ha eba jwalo.

Ka hona, e mong le e mong wa rona o tshwanela ho ipona eka o na le tshwaetso ya kokwanahloko ena, mme a nne a tswelepele ho itshwara ka mokgwa o nang le boikarabelo ho etsetsa hore re se ke ra e fetisetsa ho ba bang.

Ke a tseba hore dikgwedi tse hlano tse fetileng di bile boima ka ho fetisisa setjhabeng sa habo rona, esita le ho e mong le e mong wa rona.

Ho e mong le e mong, lefu lena ebile tshitiso bophelong ba letsatsi le letsatsi.

Empa ho dimilione tsa batho, e bile maima le tlala.

E bakile mahlonoko, pherekano le ho hlora tseo ho seng motho ofe kapa ofe ya tshwanelang ho feta ho tsona.

Ho ne ho hlokeha botsitso bo botle dipakeng tsa ho pholosa maphelo le ho sireletsa mesebetsi, dipakeng tsa sewa se ruthuthang le ho nyotobela ho hobe ha moruo.

Ho ne ho hlokeha hore ho kgethwe maemo a boima a nang le ditlamorao tse tla thefula ka nako e telele.

Leha dikgato tseo re ileng ra di nka di bakile maima a maholo, re a tseba hore mokgwa o mong osele, wa ho ropoha ho sa laoleheng ha ditshwaetso le tsamaiso ya bophelo bo botle e sa kgoneng ho itjarela morwalo, o ne o tla ruthutha le ho feta.

Jwale, ka matshwao ana a tshepo, re malalaalaotswe hore re kene mokgahlelong o motjha karabelong ya rona ya sewa sena.

Ka lebaka la dikgato tseo re di nkileng ka kopanelo le ka bomong, dikgweding tse mmalwa tse fetileng, re fokoditse sekgahla sa ditshwaetso.

Re imollotse boholo ba kgatello e tsamaisong ya rona ya bophelo bo botle.

Re ntse re tataiswa ke keletso ya ditsebi tsa habo rona ho tsa bophelo bo botle esita le kamora dipontshano le mebuso ya diprovense le ya dibaka, Kabinete e nkile qeto ya ho bea naha yohle boemong ba bobedi, ho tloha ka kgitla ya Mantaha wa la 17 Phato 2020.

Boemo bona ba bobedi, ho ya ka lewa la rona la kotsi le fetofetotsweng ha ho sebetsanwa le sewa sena, bo bolela hore ho na le ho ata ho fokolang ha kokwanahloko ya COVID-19 esita le tsamaiso ya bophelo bo botle ya maemo a hodimo e leng malalaalaotswe.

Ho tshelela boemong bona ba bobedi ho bolela hore re ka nna ra batla re tlosa dithibelo tsohle ebe re tswelapele hape ka diketsahalo tsa moruo ho boholo ba diindasteri.

Diketsahalo tsa moruo di tla dumellwa empa ho ntse ho ipapisitswe le tsamaiso e hlokolotsi ya bophelo bo botle esita le polokeho ya basebetsi.

Kahoo, diphetoho tse latelang di tla etsahala katlasa boemo ba bobedi:

Dithibelo tsohle tsa maeto dipakeng tsa diprovense di tla fediswa.

Dibaka tsa bodulo, tsa kamohelo ya baeti esita le ho hahlaula, di tla dumellwa ho ntse ho ipapisitswe le ditsamaiso tse netefatsang tsitlallelo ya ho qaqolohana ha batho.

Mabenkele a dijo, dibara le ditamene di tla dumellwa ho sebetsa, le teng ho ntse ho ipapisitswe le ditsamaiso tse ananetsweng tsa dinako tsa tshebetso le manane a batho a dumelletsweng.

Dithibelo tsa thekiso ya kwae di tla fediswa.

Ho kwalwa ha thekiso ya jwala nakwana ho tla fediswa empa ho ntse ho ipapisitswe le dithibelo tse itseng.

Ho tla dumellwa hore jwala bo nwellwe moo bo rekiswang teng, empa e le dibakeng tse nang le dilaesense feela, le teng e tla ba ho fihlela ka hora ya leshome bosiu.

Mabenkele a jwala a tla dumellwa ho rekisa jwala empa e seng hore bo nwellwe moo, ho tloha ka Mantaha ho isa ho Labone mme e tla ba ho tloha ka hora ya borobong hoseng ho fihlela ka hora ya bohlano mantsiboya feela.

Dithibelo tsa diketelo tsa ba lelapa le metswalle di tla fediswa, leha e le hore e mong le e mong o ntse a koptjwa hore a be sedi haholo mme a kene maetong a jwalo ha feela ho hlokeha.

Ditshwaetso di atisa ho etsahala nakong ya diketelano tsa ba malapa, ebe di bea ba malapa kotsing mme ka dinako tse ding di be di bake le ho hlokahala ha ditho tse ding tsa lelapa.

Ho qaqolohana ho tshwanela ho hlomphuwa, dikwahelanko le molomo di tshwanela hore di nne di kenngwe ebile ho tshwanela le hore ho be le tlhokomelo e kgethehileng ya ho sireletsa metsofe le batho ba nang le mafu a diqebo.

Ho tlwaelana ha rona ha ho a tshwanela ho re etsa hore re lebale boitlhokomelo bona.

Ha re ntse re nyehlisa dithibelo tsena, ho a hlokeha hore dikgato tse ding di dule di ntse di le tshebetsong e le ho kgina tshwaetseho le ho sireletsa bokgoni ba rona ba bophelo bo botle.

Kahoo, dithibelo tse renang jwale maetong a matjhaba di tla dula di ntse di le jwalo.

Ha ho dikgobokano tsa batho ba kahodimo ho 50 tse tla dumellwa. Hara tse ding, tsena di akga diketsahalo tsa mapato le tsa dikereke.

Batshehetsi ba dipapadi ha ba ka ke ba dumellwa ho ya mabaleng a dipapadi.

Qomatsi e tla dula e ntse e le teng dipakeng tsa hora ya leshome bosiu le hora ya bone hoseng.

Re tswelapele ho kgothaletsa batho hore ba dule malapeng haeba ba kgona, mme haeba ho kgonahala ba sebeletse malapeng, haholoholo haeba ba le kahodimo ho dilemo tse 60 kapa haeba ba e na le mafu a diqebo.

Hore re boloke dithibelo tsena tse setseng di ntse di le tshebetsong esita le ho boloka tse ding tsa dikgato tsa karabelo ya rona ho tsa bophelo bo botle, ho a hlokeha hore re boele re atolle maemo a koduwa ya naha, ho fihlela ka la 15 Lwetse 2020.

Ka mokgahlelo ona o motjha wa karabelo ya rona, re tshwanela ho kenya tshebetsong ditlwaelo le mekgwa ya boitshwaro, tseo re tla tlameha ho tswelapele ho di phela ka nako e teletsana e tlang.

Kokwanahloko ena e tla phela kahara rona ka dikgwedi tse ngata tse tlang, mme ke tlameha ho thoholetsa Maafrika Borwa a mangata a ileng a fetola mekgwa ya ho phela e le ho kgahlametsana le bonnete bo renang.

Ke tlameha le ho boela ke ama taba ena, haholoholo, ya seabo sa baetapele ba setso le baetapele ba ditumelo tse fapaneng ba ileng ba fana ka tataiso ya kamoo ho hlompha bodumedi le botjhaba ho ka fetofetolwang ka teng nakong ya kokwanahloko ya corona.

Re amohela seabo sa mekgatlo ya setjhaba naha ka bophara, e etsang tlhokomediso mabapi le lefu lena ebile e kgothaletsa setjhaba hore se nke dikgato tsa ho thibela ho ata ha kokwanahloko ena.

Tsena di akga mekgatlo ya tsa dipapadi, mekga ya dipolotiki, mekgatlo ya basebetsi, disetokofele, mekgatlo ya mpate sheleng, mekgatlo ya basadi, mekgatlo ya dikgwebo tse nyenyane, mekgatlo ya setjhaba le mekgatlo ya batjha.

Ke ka makgabane ana moo karabelo ya rona kokwanahlokong ena ya corona e tla ba ntle ka ho fetisisa.

Re ntse re ipapisitse le bosedi boo bohle re ka bo etsang, re matlafatsa bokgoni ba bophelo bo botle ba setjhaba ho etsetsa hore re kgone ho hlwaya, ho kgethela, ho etsa diteko le ho alafa tshwaetso enngwe le enngwe esita le ho sala morao le ho tsheka e mong le e mong ya ileng a atamelana le motshwaetsuwa.

Matsatsing a tlang, re tla etsa tsebiso ka sesebediswa sa rona se setjha se matla, sa ho tshehetsa matsapa a rona a mokgwa wa dijithale wa ho sala morao ba ileng ba atamelana le batshwaetsuwa.

Ho eketsa hodima mokgwa ona o teng wa ho sala morao esita le wa kanale ya naha ya WhatsApp, sesebedisuwa sa fonofonong se tla sebedisetswa ho tsebisa ba ileng ba atamelana le batshwaetsuwa ka potlako, ha ka ho le leng ho ntse ho baballetswe boikunuto ba bona le hore ba se ke ba tsebisahala hore na ke bomang.

Letona la tsa Bophelo bo Botle, le emetse mmuso wa habo rona, le kopile Mookamedi e Moholo wa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO), Ngaka Tedros Ghebreyesus, ho romela ditsebi Afrika Borwa hore di tlo matlafatsa matsapa a rona kgahlanong le kokwanahloko ya corona.

Re amohela tshehetso ya WHO ka diatla tse pedi, e tlisitseng ditsebi tse 43 Afrika Borwa ho tla thusa baporofeshenale ba habo rona ba tiisitseng meqheleba twantshong ya sewa sena.

Ba se ba qadile ka ho fana ka thuso mabapi le tshekatsheko ya ditsohle tse amanang le bophelo bo botle ba setjhaba, taolo ya ditshwaetso, bolaodi ba diketsahalo esita le ho dula majwana le setjhaba.

Re tlameha ho tswelapele ho fokotsa kotsi ya ho ropoha ha kokwanahloko ena dibakeng tse tlokotsing e kgolo, haholoholo mahaeng a metsofe, ditsing tsa bophelo bo botle ba kelello esita le ditheong tse ding.

Re tla boela re matlafatsa matsapa a rona a ho qobella dikgato tsa bophelo bo botle le tsa polokeho mesebetsing, mabenkeleng le dipalangweng tsa setjhaba, e le ho sireletsa basebetsi le bapalami esita le ho thea tikoloho e bolokehileng bakeng sa hore dikgwebo di sebetse.

Leha koduwa ena e re momahantse re le setjhaba, re bile re tshwarane ka matsoho kgahlanong le koeyoko e re amang bohle, e boetse e utollotse e meng ya mekgwa e mebe ka ho fetisisa setjhabeng sa habo rona.

Re bone diketso tse soto tsa batho ba bang ba habileng ho sebedisa sewa sena ho ithuisa ka mekgwa ya bonyofonyofo.

Re nkile qeto e matla ya ho fedisa ntho ena esita le ho nka dikgato kgahlanong le bao ba amehang, mme re tla dula re ntse re bea naha leseding ka kgatelopele eo re e etsang.

Re tswelapele ho henahenana le sewa se seng sa ditlhekefetso kgahlanong le basadi.

Re tswelapele ka mosebetsi wa ho matlafatsa karabelo ya tsamaiso ya toka ditlolong tsa molao, re be re fane ka tshehetso e ntlenyana mahlatsipeng a ditlhekefetso tse amanang le bong, mme ya bohlokwa ka ho fetisisa, re matlafatse le dikgato tsohle tsa thibelo ya tsona.

Kamora dikgato tseo re di kentseng tshebetsong e le karolo ya R500 bilione ya sekepele sa kimollo ya setjhaba le ya moruo, re tswelapele ho dula majwana le balekane ba rona kgwebong le bosebetsing ka mokgwa oo re ka tsitsisang ka teng re be re ntlafatse tshehetso e fuwang dikhamphane, basebetsi le malapa.

Ho nyehliswa le ho feta ha dithibelo tsena ho re fa monyetla o moholoholo wa ho budulela bophelo moruong wa habo rona, o hulang ka falese haesale ho ne ho qale sewa sena.

Jwaloka ha re bulela diketsahalo tsa moruo, ho tla nka nako e teletsana hore diindasteri le dikgwebo di boele di iphumane, mme ho ntse ho e na le mosebetsi o mong o mongata o tshwanelang ho etsuwa.

Ka Labone ke ile ka epa pitso ya balekane bohle ba ho NEDLAC, e leng mmuso, bosebetsi, dikgwebo le setjhaba.

Jwale re sebetsa mmoho lenaneong le potlakileng haholo la tsosoloso ya moruo, le beang tshireletso le tlhahiso ya mesebetsi setsiketsing sa lona.

Re tla etsa tsebiso ka sephetho sa mosebetsi ona dibekeng tse mmalwa tse tlang.

Re tla sebedisa monyetla ona e seng feela ho busetsa Afrika Borwa moo e neng e le teng pele, empa le ho fetola naha ya habo rona ka hohlehohle hore e be le tekano e tomanyana, le toka e tomanyana esita le moruo o tomanyana.

Ba heso,

Matsatsi a boima a fela a re emetse kapele.

Leha ho le jwalo, dikgweding tse hlano tse fetileng re bontshitse sebete sa rona re le naha.

Mosebetsi o kapele ho rona jwale ke wa hore re nke sona sefutho seo re lwantshitseng sewa sena ka sona, re ilo se sebedisa matsapeng a rona a tsosoloso ya moruo.

Re lwantshana le sefefo se boima sa nako e telele.

Re tsukutlwa ke maima a maholo ebile re sotlwa le ke ditahlehelo tse sa mamelleheng.

Empa re tswelapele ho ema re tiile kgahlanong le tlhaselo ena.

Re nkile kgato ya ho itshireletsa, le setjhaba sa habo rona esita le naha ya habo rona.

Mafube a se a hlahile.

Ha re tsweleng pele ho ba sedi le ho ba le tlhokomelo, mme re dule re fadimehile le ho feta.

Ha re tsweleng pele ho tshwarana ka matsoho boikitlaetsong ba rona ba ho hlola kokwanahloko ena.

Ha re hahamalleng pele, re be setjhaba se le seng, se tiileng, se nang le tshepo le sebete.

Morena boloka setjhaba sa heso, Setjhaba sa Afrika Borwa.

A Modimo o hlohonolofatse Afrika Borwa o be o boloke le setjhaba sa yona.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore