Molaetsa wa Moporesidente Cyril Ramaphosa mabapi le karabelo ya Afrika Borwa Seweng sa kokwanahloko ya Corona

Molaetsa wa Moporesidente Cyril Ramaphosa mabapi le karabelo ya Afrika Borwa Seweng sa kokwanahloko ya Corona, 17 Phuptjane 2020


Batho ba heso,

E se e le matsatsi a kahodimonyana ho 100 jwale haesale tshwaetso ya pele ya kokwanahloko ya corona e ne e hlwauwe Afrika Borwa.

Ka matsatsi a 100 re ne re ntse re phela katlasa leru la enngwe ya dikoeyoko tse kgolohadi bophelong bo botle ba lefatshe lohle, nakong ya dilemo tse kahodimo ho 100.

Lefu lena, le mehato eo re e nkileng ho le lwantsha, di bakile tshenyo e kgolo maphelong a batho ba habo rona, tsa emisa moruo wa rona kgekgenene tsa ba tsa bea mesebetsi ya batho ba dimilione tsietsing.

Ho fihlela jwale, lefu lena le se bolaile batho ba 1 674 setjhabeng sa habo rona.

Kahara morearea wa sewa sena se ruthuthang maphelo, re kgothatswa ke ditaba tseo re di utlwileng bekeng ena tsa katleho ya ho fumana kalafo ya COVID-19.

Diphuputso tse entsweng ke Yunivesithi ya Oxford kwana Borithane di fumane hore moriana wa dexamethasone, o hlahiswang le kwano Afrika Borwa ke enngwe ya dikhamphane tsa rona tsa tlhahiso ya meriana ya bongaka ebile e fumaneha ka bongata, e fokoditse sekgahla sa ho shwa ha bakudi ba neng ba sebedisa dithusaphefumoloho, ka sekepele sa karolo ya boraro.

Lefapha la Bophelo bo Botle le Komiti e Eletsang Matona di kgothalleditse hore dexamethasone e nkelwe hloohong bakeng sa hore e sebediswe bakuding ba sebedisang dithusaphefumoloho le ba fepelwang oxygen.

Re kgolwa hore sena se tla ntlafatsa taolo ya rona ya lefu lena ho bao ba amehileng hampe ka ho fetisisa.

Haesale ho ne ho ropohe sewa sena, ho bile teng ditshwaetso tsa kokwanahloko ya corona tse 80 412 tse netefaditsweng Afrika Borwa. Ditshwaetsong tsena, batho ba 44 331, kapa ba ka etsang 55%, ba se ba hlaphohetswe. Seo se bolela hore ha jwale ho na le ditshwaetso tse 34 407 tse phelang naheng ena. Empa, jwaloka ha re tseba, manane a ho shwa ha batho a ka be a le hodimo le ho feta.

Re ile ra nka qeto ho sa kganya tshimolohong ya lefu lena Afrika Borwa, ka ho thibela maeto a matjhaba le dikopano, ka ho phatlalatsa Maemo a Koduwa ya Naha yaba kamorao ho moo re kgina metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara, e le ho sisithehisa ho ata ha kokwanahloko ena.

Ka ho etsa jwalo, re ne re habile ho ‘batalatsa’ ditshwaetso ho etsetsa hore tsamaiso ya rona ya bophelo bo botle e tle e be le bokgoni bo betere ba ho hlokomela lenane le leholo la batho ba tla be ba hloka tlhokomelo.

Ka lebaka la qeto e ntle eo re ileng ra e nka ka nako eo, haholoholo le ka lebaka la tshebedisanommoho ya lona, boikitlaetso le boitelo ba lona le le setjhaba, re ile ra atleha ho sisithehisa ho ata ha kokwanahloko ena.

O mong wa mekgwa ya ho lekanya sekgahla sa ditshwaetso ke ntho e bitswang ‘menahanyo ya nako’. Lena ke lenane la matsatsi a fetang bakeng sa palo yohle ya ditshwaetso hore di menahane.

Dibekeng tse tharo pele ho kenngwa tshebetsong ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara, lenane la ditshwaetso le ne le menahane ka matsatsi a mang le a mang a mabedi.

Nakong ya boemo ba bohlano ba ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, nako ena e menahaneng e ile ya eketseha ka matsatsi a 15, ho bolelang hore ho nkile nako e teletsana hore kokwanahloko ena e ate.

Nako ena e menahaneng e ne e ka ba matsatsi a 12 nakong ya boemo ba bone le ba boraro.
Re sebedisitse nako ya ho kginwa ha metsamao le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho hlophisa le ho ntlafatsa tsamaiso ya rona ya bophelo bo botle esita le ho kenya tshebetsong mehato ya bophelo bo botle ba setjhaba e le ho fokotsa ditshwaetso.

Mosebetsi wa ho matlafatsa tsamaiso ya rona ya bophelo bo botle, o kenyeletsang ho thewa ha ditsi tsa tshekelo tse kahodimo ho 100, ho eketsa lenane la diyuniti tsa ba kulang haholo le dibethe dipetleleng tse thokwana le metse esita le ho hlwaya basebetsi ba ekeditsweng ba tsa bophelo bo botle, o ntse o tswela pele diprovenseng tsohle.

Empa hee, leha re sebedisitse ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho batalatsa makukuno, mosebetsi ona o sa le hole le ho phethelwa. Esita le kamora matsatsi a 100, re tla be ntse re le haufi le qalehong ya sewa sena ebile se tla nne se phele kahara rona ka dikgwedi tse ding tse ngata, mohlomong ka dilemo.

Mosebetsi wa ho henahenana le sewa sa kokwanahloko ya corona o tshwana le ho matha lebelo la mokoka e seng la ho paraketsa, mme re ile ra tlameha ho bopa karabelo ya rona ho ya ka bonnete boo.

Dibekeng tse mmalwa tse fetileng, lenane la ditshwaetso le ne le hola ka potlako.
Ditshwaetso tse ka etsang karolo ya boraro ya tsohle tse netefaditsweng, di ngodisitswe bekeng e fetileng feela mme tse kahodimo ho halofo di ngodisitswe dibekeng tse pedi tse fetileng.

Ho fihlela jwale Kapa Bophirimela ke yona e thefutsweng ke lefu lena ka ho fetisisa, mme e ikarabella ditshwaetsong tse ka bang 60% tsa naha ka bophara.

Leha ditshwaetso di nnile tsa ba tlase boholo ba naha ka dibeke tse tharo tse fetileng, di ne di nyoloha ka potlako provenseng eno.

Ho na le matshwao a hore jwale ditshwaetso di qala ho eketseha ka bongata Kapa Botjhabela, mme e ka nna ya ba di kamoraonyana ho tsa Kapa Bophirimela ka dibeke tse mmalwa.

Ho ba bangata ba rona, seo e kileng ya eba lefu leo re neng re le shebela hojana jwale le ntse le re atamela. Boholo ba rona jwale re tseba motho e mong ya tshwaeditsweng, le haeba e le mosebetsing kapa sekolong kapa kerekeng ya rona. E ka nna ya eba e mong wa metswalle ya rona kapa setho sa leloko.

Ba bangata ba lona le ngongorehile ka keketseho ya ditshwaetso ebile le tshohile ka polokeho le boiketlo ba baratuwa ba lona.

Le ngongorehile ka kgonahalo ya hore lona ka bolona le tshwaetsehe, ka tekesing kapa ka beseng, mosebetsing kapa mabenkeleng, sekolong kapa yunivesithing, ho ya tleliniking kapa sepetlele.
Dingongoreho tsena di fela di utlwahala.

Ka hobane ha naha e bula moruo hanyanehanyane, ha re tswela pele ka diketsahalo tse ngatanyana, kotsi ya ditshwaetso le yona e a eketseha.
Empa, leha kotsi ya ditshwaetso e le kgolwanyane, ha ho ka moo re ka e qobang ka teng.

Ka boitshwaro ba rona re le batho ka bomong, re ka fokotsa kgonahalo ya hore re tshwaetsehe kapa re tshwaetse ba bang. Ke ka diketso tsa rona ka bonngwe le ka kopanelo moo re ka tswelang pele ho diehisa sekgahla sa ditshwaetso setjhabeng sohle.

Diphuputso di bontsha hore ho kenya sekwahelanko le molomo sa lesela kapa lesela le leng le kang leo le kwahelang nko le molomo ka dinako tsohle ha o le moo ho phetheselang batho, ke o mong wa mehato e fokotsang sekgahla sa ditshwaetso tsa kokwanahloko ena.

Dimilione tsa Maafrika Borwa, ho akga le bana ba banyane, jwale ba kenya dikwahelanko le molomo kgafetsa ha ba tloha malapeng.

Leha ho le jwalo, ho na le Maafrika Borwa a ntseng a e so itlwaetse ho kenya dikwahelanko le molomo.

Re batla ho kgothaletsa e mong le e mong ya naheng ya rona hore a kenye sekwahelanko le molomo ha a le moo ho phetheselang batho.

Ha re netefatseng hore ha re adimane ka dikwahelanko le molomo tsa rona le hore re di hlatswisisa ka sesepa le metsi kgafetsa kamora ho di sebedisa.

Leha ho le jwalo, ho kenngwa ha dikwahelanko le molomo ha ho nke sebaka sa ho hatlela ka sesepa le metsi kapa sebolayadikokwanahloko, le ho qaqolohana ha batho ka bonnyane ba mithara le halofo.

Ha re hopoleng bohle hore re se ke ra itshwaratshwara difahlehong ka matsoho a sa hlatsuwang, le hore kgafetsa kgafetsa re nne re hlwekise re be re bolaye dikokwanahloko dibakeng tseo re dulang re itshwarelletsa ho tsona.

Re tshwanela ho dula re hopola hore ho qaqolohana ha batho ke o mong wa mekgwa e metle ka ho fetisisa wa ho fokotsa ho ata ha kokwanahloko ena.

Ditlwaelo tsena tsa mantlha jwale di ba bohlokwa le ho feta ha re ntse re nolofatsa ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha re bile re kena mokgahlelong o motjha wa karabelo ya rona kokwanahlokong ya corona.

Ena e sa ntse e le mekgwa e metle ka ho fetisisa ya ho thibela ho ata ha kokwanahloko ena.

Ditsebi tsa rona tsa bongaka di re eleditse ka hore bokenadipakeng bo kang ba ho etsa ditonnoro tse nyanyatsang dibolayadikokwanahloko esita le ho nyanyatsa mmele, ha bo a tshwanela ho sebediswa kaha ho se bopaki ba thuso ya bona mme di ka nna tsa ba kotsi.

Di sa tloha feela, re ile ra tseba hore ho ne ho hlokeha mehato e matla ya ho sisithehisa ditshwaetso setjhabeng.
Empa re ne re tseba le hore ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara ho ke ke ha sebetsa ka ho sa feleng.

Ka ho fetela boemong ba boraro ho tloha ka la 1 Phuptjane, karabelo ya rona ya boipaballo jwale e tsepamisitse maikutlo haholo dinthong tse bobebe tsa letsatsi le letsatsi, tseo e mong le e mong a ka kgonang ho di etsa e le ho re tshireletsa hammoho le ho tshireletsa setjhaba sa habo rona.

Ho ho e mong le e mong wa rona hore a nke boikarabelo ka bophelo ba hae, kae kapa kae moo re leng teng ho sa natsehe hore re na le bomang, bakeng sa ho fedisa ho ata ha lefu lena.

Matla a ho hlola kokwanahloko ya corona a diatleng tsa rona.

Karabelo ya rona jwale e boetse e tsepame haholwanyane dibakeng tseo e jeleng setsi ka ho fetisisa ho tsona, tse nang le sekgahla se hodimodimo sa ditshwaetso esita le ho romeleng dihlopha tsa mekgahlelo e mengata ya tsa bophelo bo botle, e le ho thibela ho ropoha ha yona le ho netefatsa hore bao ba tshwaetsehileng ba fumana tlhokomelo e hlokehang.

Ka ho tshwanang, re ekeditse tlhahlobisiso ya matshwao a kokwanahloko ya corona ka sekgahla se hodimo naha ka bophara, sebakeng se seng le se seng seo ho sebeletswang ho sona, dikolong, diyunivesithing, ditsing tsa mabenkele, dikerekeng, direnkeng tsa ditekesi kapa dibakeng tse ding tse phetheselang moo ho kgobokanang batho ba bangata.

Jwaloka dinaha tse ding tse ngata, Afrika Borwa e ile ya angwa ke kgaello ya lefatshe lohle ya disebedisuwa tsa ho etsa diteko tsa kokwanahloko ya corona hammoho le disebediswa tse ding.

Kahoo re ile ra tshwanela ho tsitsa saleng ka ho etsa diteko tsa rona, ra bea ka sehloohong bakudi ba dipetlele, basebeletsi ba tlhokomelo ya bophelo bo botle, batho ba tlokotsing ba jwalo ka metsofe le ba dibakeng tseo kokwanahloko ena e jeleng setsi ka ho fetisisa ho tsona.

Leha e le hore maemo a ntse a ntlafala, re ntse re tswelapele ho thulana le ditiehiso ho etsuweng ha diteko.

Sena se na le ditlamorao tse mpehadi bakeng sa ho laola ka bokgabane basebetsi ba nang le tshwaetso ena esita le ho fofonela bao ba ileng ba teana le batho ba tshwaeditsweng.

Kahoo re sebedisa mapatlelo ohle a teng hore re fumane diphepelo tseo re di hlokang re be re eketse bokgoni ba rona ba ho etsa diteko le ho ntlafatsa nako ya ho ntsha diphetho.

Hara dikgato tseo re hahamalletseng pele ka tsona hammoho le dinaha tse ding tsa khontinente ya rona, ke lepatlelo le letjha la ho etsa dintho la Kgoro ya Diphepelo tsa Bongaka Afrika.

Ona ke mmaraka o inotshi wa khontinente moo dinaha tsa Afrika di ka fihlellang diphepelo tsa bohlokwa tsa bongaka teng, tse kang disebedisuwa tsa ho etsa diteko, tse tswang ho bafepedi le baetsi ba tsona mona Afrika esita le lefatsheng ka bophara, ka dikepele tse hlokehang le ka ditheko tse ntle.

Lepatlelo lena le tla thusetsa mosebetsing o etswang wa ho netefatsa hore re ba le disebedisuwa tsa bongaka, disebedisuwa tsa boitshireletso le disebediswa tsa sepetlele e le ho laola keketseho e lebelletsweng ya bakudi ba COVID-19.

Maafrika Borwa a heso,

Sewa sa kokwanahloko ya corona ha se koduwa ya lefatshe ya bophelo bo botle feela. E boela e ba koduwa ya moruo wa lefatshe lohle ya sekepele se dulang se eketseha. 

Ha ho naha e sa amehang, ha ho indasteri e sa amehang ebile ha ho motho ya sa amehang.

Kwano Afrika Borwa, sewa sena se thefutse mesebetsi ya dimilione tsa batho.

Jwaloka ha le tseba hore dikgwebo tse ngata tse tlohetseng tshebetso ya tsona ka la 27 Tlhakubele ha ho ne ho kenngwa tshebetsong ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, ha di e so ka di kgona ho bula hape katlasa dithibelo tsena tse renang.

Tsena di kenyeletsa dikhamphane tse kgolo tse nang le diketekete tsa basebetsi le dikhamphane tse ding tse ngata tse nyenyane tse nang le basebetsi ba mmalwa.

Sena se bolela hore ho na le dikgwebo tse so ka di fumana pokello ya tjhelete ho hang, le batho ba e so ka ba fumana lekeno ka matsatsi a kahodimo ho 80.

Esita le ka mehato eo re e etsang ya ho tshehetsa dikhamphane, basebetsi le malapa a bahloki e le karolo ya pakana ya kimollo ya R500 bilione, ho na le moolwane wa hore na ebe dikgwebo tsena di ka kwalwa ka nako e telele hakae.

Ha ke ne ke etsa tsebiso ya hore naha ena e tla fetela boemong ba boraro ho tloha ka la 1 Phuptjane, ke ile ka re re tla e nkela hloohong taba ya ho bulwa botjha ha makala a mang a moruo haeba ho ka kenngwa ho be ho bolokwe mehato e hlokehang ya polokeho.

Kamora metshetshetho le baemedi ba diindasteri ka ditsamaiso tse matla tsa thibelo, le kamora keletso ya borasaense esita le pontshano le Ditonakgolo, Kabinete e qetile ka ho nolofatsa dithibelo diketsahalong tse itseng tsa moruo.

Diketsahalo tsena di kenyeletsa:

  • Mabenkele a dijo ao ho jellwang ho ona
  • Dibaka tsa kamohelo ya baeti tse ngodisitsweng di bile di na le dilaesense, ntle le dibaka tsa kamohelo ya baeti tse kopanelwang ke batho ba bangata ntlong e le nngwe jwaloka di-BnB.
  • Diboka tse kgolo le dikopano ka mabaka a kgwebo mme ho ipapisitswe le dithibelo tsa dikopano tsa setjhaba.
  • Ditsi tsa dibaesekopo le tsa dipapadi tsa kalaneng, ho ikamahanngwe le meolwane ya ho kgobokana ha batho.
  • Dikhasino.
  • Ditshebeletso tsa boitlhokomelo, ho akga le ditshebeletso tsa ho henahenana le meriri le tsa botle
  • Dipapadi tseo ho sa thetsathetsanweng ho tsona tse kang kolofo, tenese, kerikete le tse ding. Dipapadi tseo ho thetsathetsanwang ho tsona di tla dumellwa bakeng sa boikwetliso le diketsahalo tse hlokotsweng feela, le teng ho ipapisitswe le dithibelo tse itseng tsa tshebediso ya mabala ao.
     

Lekgetlong ka leng, ho ile ha dumellanwa ka ditlhokahalo tse matla tse tsepameng tsa polokeho, mme di tla tlameha ho kenngwa tshebetsong pele kgwebo e ka bulwa hape, athe le ditsamaiso tsa teng di tla tshwanela ho tsitlallelwa bakeng sa hore dikgwebo di dule di butswe.

Ditsebiso di tla etsuwa ha mmela o ntse o puta mabapi le dikateng tsa mehato ena, ho be ho totobatswe le letsatsi leo ka lona diketsahalo tsena di tla qala ho dumellwa.

Re nkile qeto ena ka bosedi le bohlokolotsi, re ntse re ananela dikotsi tse amanang le ketsahalo ka nngwe hammoho le mehato e hlokehang ya ho laola dikotsi tseo.

Ka kakaretso, diindasteri tsena di ne di hirile batho ba kahodimo ho 500 000 pele ho kgino ya metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha.

Re ile ra tshwanela ho nahana ka batho bana esita le ka bao ba tshepetseng ho bona ka maphelo a bona a kamehla le mehla.

Ka ho nolofatsa ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, re ntse re tswelapele ho tsitsisa sepheo sa rona se ka sehloohong sa ho pholosa maphelo esita le ho baballa mesebetsi.

Ho bohlokwa ho hopola hore sena ke sewa sa lefatshe lohle mme boholo ba dinaha bo tobane le diqholotso tse tshwanang, ebile di tlameha ho rarolla diqhaqhangqhang tse tshwanang.

Kahoo, re sebetsa ka katamelano haholo le diakgente tsa matjhaba esita le dinaha tse ding karabelong ya kokwanahloko ya corona.

Jwaloka Modulasetulo wa Dinaha tse Kopaneng tsa Afrika, re etsa tsoho la monna ka mokgwa wa bohlokwa ho tsomaneng le mothati o tshwanang khontinenteng ka bophara, re ntse re netefatsa hore re bokella mehlodi re bile re etsa mawala a ho netefatsa hore ha ho naha e tla salla kamorao.

Ha jwale ho na le ditshwaetso tse kahodimo ho 250 000 tse netefaditsweng Afrika mme ho se ho shwele batho ba kahodimo ho 6 700.

Lenane lena le tlase haholo papisong le lenane la ditshwaetso tsa lefatshe lohle, leo jwale le seng le fetile dimilione tse robedi, haholoholo hobane dinaha tsa Afrika di ile tsa phahamela mapoqo ka ho kenya tshebetsong dikgino tsa naha tsa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha.

Leha ho le jwalo, re ka lebella hore ditshwaetso di phahame Afrika ha dinaha di ntse di nolofatsa dithibelo ka lebaka la dikgatello tse matla tsa moruo, mme re sebetsa mmoho re le khontinente hore re lebahanye thebe le qholotso eo.

Ho bile bohlokwa haholo ho rona hore re bulele ditshebeletso tsa boitlhokomelo kaha ena e le indasteri eo ka kakaretso e hirang basadi.

Dikgwedi tse tharo tse fetileng di ile tsa nyolosetsa haholo ho dimilione tsa basadi bao mesebetsi ya bona e leng ho lokisa meriri, ho sidila mmele ho di-spa, e le bahlabolli ebile e le baipabodi.

Boholo ba beng ba dikgwebo tsena ke basadi mme tsona ke mohlodi wa lekeno lekaleng la baitshokodi.

Ho fa basadi tshehetso e hlokehang ya hore ba be le boikemelo ho tsa ditjhelete ke tse ding tsa dintho tse kgolokgolo tse ka sehloohong, haholoholo hona jwale.

Ke ka maswabi a maholo moo ke emang kapele ho basadi le banana ba Afrika Borwa phirimaneng ena mme ke bua ka sewa se seng hape se ruthuthang naheng ya rona, e leng sa ho fenethwa ha basadi le bana ba fenethwa ke banna ba naha ya habo rona.

Nna ke le monna, ke le molekane ke bile ke le ntate, ke nyarositswe ke sena seo e leng ntwa e fonokwang kgahlanong le basadi le bana ba naha ya habo rona.

Ka nako ena eo kaofela ha rona sewa sena se re beileng maemong ao re ikutlwang re le kotsing re bile re se na tshepo, ditlhekefetso tsona di saeletswa basading le baneng ka bokgopo bo sa utlwisiseheng ho hang.

Dibeti le babolai bana ba ntse ba robaka kahara rona.

Ba dula dibakeng tsa habo rona.

Ke bontate ba rona, ke boabuti ba rona, ke bara ba rona ebile ke metswalle ya rona; ke banna ba soro ba se nang kgauhelo ho hang ka bohlokwa ba bophelo ba motho.

Dibekeng tse mmalwa tse fetileng, ke basadi le bana ba seng katlase ho 21 ba seng ba fenethilwe.

Babolai ba bona ba ne ba nahana hore ba ka ba kgutsisa.

Empa ha re ka ke ra ba lebala ebile re tla ba buella moo ba ke keng ba ipuella teng.

Re tla buella Tshegofatso Pule, Naledi Phangindawo, Nompumelelo Tshaka, Nomfazi Gabada, Nwabisa Mgwandela, Altecia Kortjie le Lindelwa Peni, kaofela ha bona ke basetsana ba bolailweng ke banna.

Re tla buella nkgono ya dilemo di 89 ya bolaetsweng lehaeng la metsofe Queenstown, nkgono ya dilemo di 79 ya bolailweng Brakpan esita le leqhekwana le ileng la betwa KwaSwayimane KwaZulu-Natal.

Re tla buella meya e se nang dikodi ya moradi wa Tshegofatso Pule ya neng a e so tswalwe empa o ne a se a reilwe le lebitso, le Raynecia Kotjie ya dilemo di tsheletseng esita le ngwana e mong ya dilemo di tsheletseng ya fumanweng a shwelletse thoteng KwaZulu-Natal.

Bona ha se dipalopalo feela. Ba na le mabitso ebile ba na le ba leloko le metswalle.

Phirimaneng ena, menahano ya rona le dithapelo tsa rona di ho bona.

Ke batla ho thoholetsa Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa ka mosebetsi wa bona o babatsehang wa ho tshwara boholo ba batlatlapi bana ba belaellwang.

Jwaloka ha babelaellwa bana ba tla etsa dikopo tsa beile bekeng ena, ke na le tshepo e tiileng ya hore makgotla a rona a dinyewe a tla romela melaetsa e matla ya hore ditlhekefetso tse jwalo ha di batlehe ho hang setjhabeng.

Kopanong ya Matlo a mabedi a Palamente ngwahola ka Lwetse, ke ile ka etsa tsebiso ka Morero wa Karabelo ya Tshohanyetso wa ho fedisa ditlhekefetso tse amanang le bong (GBV) le phenetho ya basadi le hore R1.6 bilione eo mmuso o tla fana ka yona e tla faposetswa tshehetsong ya ho kenngwa tshebetsong ha morero ona ho fihlela mafelong a selemo sa ditjhelete.

Jwale re na le Morero wa Lewa la Naha wa ho tataisa mekutu ya rona e kgahlanong le GBV.

Nakong ya ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, re ile ra netefatsa hore mahlatsipa a GBV a fumana tshehetso le ditshebeletso, ho akga le mohala wa GBV, dibaka tsa bodulo tseo ho tshabelwang ho tsona le ditsi tse fanang ka tshehetso mahlatsipeng a ditlhekefetso tsa motabo.

Haesale ho tloha ka Tshitwe ngwahola, meaho e 10 ya mmuso e se e neelanwe Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba hore e sebediswe e le ya bodulo boo ho tshabelwang ho bona, e le ho rarolla enngwe ya diqholotso tse kgolohadi tseo mahlatsipa a batlang ho tswa dikamanong tse nang le tlhekefetso a tobanang le tsona.

Dikgweding tse 18 tse fetileng, re entse kgatelopele e bonahalang katolosong ya phihlello ya ditshehetso tse fuwang mahlatsipa.

Makgotla a dinyewe tsa mabatowa a 13 a se a ntlafaditswe hore e be makgotla a dinyewe tsa ditlolo tsa molao tsa motabo.

Ho tshehetseng mosebetsi wa qobello ya molao, disebedisuwa tse 7 000 tsa ho bokella bopaki di nnile tsa ajwa kgafetsa ho ya seteisheneng se seng le se seng sa sepolesa naheng ena, mme jwale ho se ho e na le diphaposi tse sebedisehang habobebe ho mahlatsipa tse kahodimo ho 1 000 diteisheneng tsa sepolesa.

Mapolesa a mangata, batjhutjhisi, bomaseterata le baetsi ba maano ba ile ba ya kwetlisong ya bosedi le tlhokomediso, mme basebetsi ba mmuso ba kahodimo ho 3 000 ba sebetsang ka bana le batho ba nang le bokowa ba kelello ba se ba hlahlobilwe Rejistareng ya Naha ya Batlodi ba molao wa Motabo.

Hara tse ding, dihlomathiso tsa melao di se di hlophiseditswe hore dikahlolo di se ke tsa e ba katlase ho sekepele sa mathomo dinyeweng tsa GBV, dipeelong tsa beili ya babelaellwa, le tshireletso e tomanyana bakeng sa basadi bao e leng mahlatsipa a ditlhekefetso tse etswang ke balekane ba haufiufi le bona.

Ke kopa baetsi ba melao Palamenteng hore ba di sebetse ntle le tiehiso ya letho.

Makgotla a habo rona a dinyewe a ile a lomahanya meno ha a sebetsana le dinyewe tsa GBV esita le nakong ena ya ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, a diya dikahlolo tsa ho hlola bophelo bohle tjhankaneng esita le dikahlolo tse menahaneng tsa ho hlola bophelo bohle tjhankaneng ho batlatlapi bao.

Ke batla ho netefaletsa basadi le bana ba Afrika Borwa hore tsamaiso ya rona ya toka ditlolong tsa molao e tla dula e tsepamisitse maikutlo dinyeweng tsa GBV le hore re ka lebella hore ho tshwarwe ba bang ba bangatanyana mme ho be le botjhutjhisi bo tomanyana kgahlanong le batlatlapi ba tla latela.

Batlatlapi ba hlekefetsang basadi le bana ba tlameha ho fumana dikahlolo tse nyalanang le ditlolo tsa molao tse soro tseo ba di etsang.

E utlwisa bohloko haholo taba ya hore ho ja setsi ha ditlolo tsa molao kgahlanong le basadi le bana e nepane le nolofatso ya kgino ya metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ya kokwanahloko ya corona.

Ho ya ka ditlaleho tsa sepolesa, ditlolo tsa molao tsa dikgoka, haholoholo tsa dipolao le tsa diteko tsa polao, di eketsehile haholo haesale ho qadile boemo ba boraro ho tloha ka la 1 Phuptjane.

Dinyewe tsa tlhekefetso ya basadi le bana le tsona di eketsehile haholo.

Re tshwanela ho ipotsa dipotso tse ding tse thata ka rona re le setjhaba.

Ntho e kgolokgolo ke ya hore, re tlameha ho hlahlobisisa ditlamorao tsa botahwa, e seng boemong ba ditlhekefetso feela, empa le dikotsing tsa mebileng esita le boitshwarong bo hlephileng.

Diphuputso tse ngatanyana tsa matjhaba le tsa kwano lapeng di bontsha dikamano tse totobetseng dipakeng tsa botahwa le GBV.
Ehlile, ha se jwala bo betang kapa bo bolayang mosadi kapa ngwana.

Empa, ke diketso tsa banna ba soro.

Empa haeba ho tahwa ke jwala ho susumetsa ditlolo tsena tsa molao, ho bolela hore ntho ena e tlameha ho rarollwa ka potlako.

Re tshwanela ho ithuta ho hong ho kginweng hona ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, re be re nke qeto ya hore na re ka se tshireletsa ha jwang setjhaba sa habo rona botahweng bona.

Hantlentle, re tshwanela ho fana ka tshehetso e tomanyana bathong ba nang le bothata ba ho nwa, ho kenyeletsa le ka ho ba thusa ho tlohela jwala le ka kalafo.

Re tshwanela ho kgothaletsa hore ho nowe ka boitekanyetso, haholoholo batjheng.

Re tshwanela ho tiisa letsoho dibakeng tse rekisang jwala tse thunthetsang dipeelo tsa dilaesense tsa tsona di bile di rekisetsa bana ba dilemong tse tlase jwala.

Empa re tla boela re tshwanela le ho sheba mehato e meng e matla le ho feta ya ho laola botahwa.

Kgabareng, katleho ya ntwa ya rona ya ho fedisa GBV e tla hloka bokenadipakeng le tshehetso ya setjhaba sohle.

Haeba re fela re lomahantse meno ka hore re fedisa ditlolo tsena tsa molao, ha re ka ke ra hlola re kgutsa.

Batlatlapi bana re a ba tseba ebile le setjhaba se a ba tseba.

Ka ho iphapanya, ka ho se kgothaletse mahlatsipa hore a ilo qosa, ka ho hlabisa basadi dihlong ka bophelo boo ba ikgethelang ho bo phela kapa ka meaparo ya bona, re fetoha bahlohleletsi ditlolong tsena tsa molao.

Ke boela ke etsa kgoeletso ho Moafrika Borwa e mong le e mong ya mametseng phirimaneng ena hore a nahane ka ditlamorao tsa ho kgutsa ha hae.

Re le naha re iphumana re le tebetebeng, e seng ya sewa se le seng se sisimosang, empa tse pedi.

Leha di fapane haholo ka sebopeho le sesosa, empa ka bobedi ba tsona di ka hlolwa haeba re le ngatana nngwe, haeba bohle re nka boikarabelo ka diketso tsa rona le haeba re hlokomelana ka borona.

Tsela e kapele ho rona e tla lelefala e be e thatafale.

Mosebetsi wa tsosoloho o tla ba tomanyana.

Empa haeba ho na le ho hong hoo re ithutileng hona matsatsing a 100 a fetileng, ke ya hore re batho ba matla, ba tjhatsi ba bile ba na le boikitlaetso.

Re tla hlola.

A Modimo o hlohonolofatse Afrika Borwa o be o boloke le setjhaba sa yona.

Ke a leboha.
 

Share this page

Similar categories to explore