Moporesidente Cyril Ramaphosa: Kgatelopele e Mekutung ya Naha ya ho Thibela Sewa sa Kokwanahloko ya COVID-19

Pehelo ka Moporesidente Cyril Ramaphosa mabapi le Kgatelopele e Mekutung ya Naha ya ho Thibela Sewa sa Kokwanahloko ya COVID-19, 14 Tshitwe 2020

Maafrika Borwa a heso,

Ke matsatsi a 11 feela ke qetetse ho bua le lona.

Nakong eo ke ile ka tlaleha ka matshwao a ho ropoha botjha ha ditshwaetso tsa kokwanahloko ya corona dikgutlwaneng tse fapaneng tsa naha.

Letsatsing leo, ka la 3 Tshitwe, naha ya habo rona e ne e ngodisitse ditshwaetso tse ntjha tse 4 400.

Maobane, ka la 13 Tshitwe, re ngodisitse ditshwaetso tse ntjha tse ka bang 8 000.

Lenane le kopantsweng la ditshwaetso tsa kokwanahloko ya corona Afrika Borwa jwale le eme ho 866 127.

Dipalopalo tsena di ngongorehisa haholo.

Ha ho ka ke ha hlola ho e ba le qeaqeo, naha ena e se e kene leqhubung la bobedi la ditshwaetso tsa kokwanahloko ya corona.

Ha re sheba sekgahla seo ditshwaetso tse ntjha di eketsehileng ka sona dibekeng tse pedi tse fetileng, ho na le kgonahalo ya hore haeba re sa phahamele mapoqo re bile re sa tshwarane ka matsoho, leqhubu la bobedi le tla mpefala haholo ho feta la pele.

Kakaretso ya ditshwaetso tse ntjha tsa letsatsi le letsatsi ya naha ka bophara matsatsing a supileng a fetileng, e kahodimo ho ya matsatsi a supileng a kapele ho ao ka 74%.

Mothating ona, lenane la ditshwaetso tse ntjha le eketsehile ho tloha kakaretsong ya 3 800 ya letsatsi le letsatsi ho ya kahodimonyana ho 6 600 ka letsatsi.

Kakaretso ya letsatsi le letsatsi ya mafu a COVID-19 e batlile e eketseha ka halofo ka yona nako eo, e tloha mafung a kahodimonyana ho 100 ho ya mafung a kahodimonyana ho 150.

Diprovense tse nne tse itlhommeng pele leqhubung lena la bobedi ke Kapa Botjhabela, Kapa Bophirima, KwaZulu-Natal le Gauteng.

Ka lekgetlo la pele seweng sena, boholo ba ditshwaetso tse ntjha di batjheng, haholoholo bao ba dilemong tse 15 ho ya ho tse 19.

Ka mohlomong ho na le mabaka a mangata a bakang sekgahlahadi sena sa ditshwaetso, empa a mang a mabaka a ka sehloohong jwale a ntse a hlaka le ho feta.

Dikgobokano, haholoholo dikgobokano tsa ho roba monakedi le tsa meketjana, ke tsona sesosa se seholoholo sa ditshwaetso tsena.

Ho boholo ba dikgobokano tsena, batho ha ba qaqolohane, dibaka tseo ho kgobokanelwang ho tsona di a subuhlellana ebile lephallo la moya ha le letle, dinyanyatsi tsa matsoho ha di dule di le teng mme batho ha ba rwale dimonkwana.

Batho ba bangata ba nwa dino tse tahang diketsahalong tsena tseo ho tsona kokwanahloko ‘e hasehang ka ho fetisisa’, ebile ba nyehlisa mokgwa wa ho nka dikgato tsa ho itshireletsa le ho thibela ditshwaetso.

Ketsahalo ya moraorao ya Monyanyako wa Rage wa kamora ho ngola ditlhahlobo tsa materiki o neng o tshwaretswe Ballito, ke sehopotso se mahlonoko sa kamoo dikgobokano tse kgolo di ka bang kotsi ka teng. 

Jwale re a tseba hore batjha ba ka bang 1 000 ba Gauteng ba neng ba ile monyanyakong oo, diteko di ba fumane ba e na le kokwanahloko ya corona. Seo re sa se tsebeng ha jwale ke hore na e be e mong le e mong wa bona o tshwaeditse batho ba bakae ka palo.

Ho thwe ke malapa a ka fihlellang ho 3 000 ao e ka nnang yaba a tshwaetsehile.

Nnete e bohloko ka sewa sena ke ya hore menyanyako, dikonsarete le meketjana, tse tshwanelang ho ba diketsahalo tsa thabo le monyaka, di bonahala e le tsona mehlodi ya ditshwaetso le mahloko hoo di ka nnang tsa lebisa ho shweng ha batho.

Ntlha enngwe e bonahalang e susumetsa keketseho ya ditshwaetso, ke keketseho ya maeto.

Batho ba bangata ha ba ikobele dikgato tsa boipaballo ha ba ntse ba tsamatsamaya kahara ditoropo tse kgolo, ditorotswana le dibaka tsa mahaeng, esita le dipakeng tsa dibaka tse fapaneng.

Re tshwanela ho ananela hore ha re eta haholo, ho ba le kgonahalo e kgolo ya ho hasa kokwanahloko ena.

Seo se bolela hore o rwale semonkwana ha o le sepalangweng sa setjhaba o be o netefatse hore difenstere di butswe ka dinako tsohle.

Se bile se bolela le hore o fokotse lenane la batho bao o robang monakedi le bona, haeba o etela ba lelapa le metswalle dikgutlwaneng tse ding tsa naha.

Ho batla ho bolokehile hore o robe monakedi le ba lelapa la hao ka tlung, ho e na le dikgobokano tse kgolwanyane tse ka nnang tsa baka ho haseha ha kokwanahloko ena.

Ka kakaretso, ho nyoloha ha ditshwaetso ka sekgahla se seholo ke sephetho sa batho ba sa ikobeleng ditlwaelo tsa motheo tseo ho leng bobebe haholo ho di etsa.

Dikgato tsena di bohlokwa haholo kaha phetisetsano e atisa ho bakwa ke batho ba tshwaetsehileng empa ba sa bontshe matshwao, haeba a le teng le ona matshwao ao, ebile ba ka nna ba se ke ba tseba hore ba na le kokwanahloko ena.

Sekgahla sa ditshwaetso se neng se batla se le tlase dikgweding tse mmalwa tse fetileng, se re entse hore re e nyehlise le ho feta tlwaelo ya ho rwala dimonkwana hodima nko le molomo ka dinako tsohle ha re ya moo ho phetheselang batho.

Ha re sa le bona lebaka la ho qoba dibaka tse subuhlellaneng, kapa ho sielana sebaka sa mithara le halofo dipakeng, kapa ho bula difenstere ha o eta ka dipalangwang tsa setjhaba, kapa ho bolaya dikokwanahloko ka ho nyanyatsa dibaka tse tshwarwang ke batho ba bangata.

Re phakile ho kena moyeng wa Keresemese ra ba ra mema metswalle le ba lelapa hore re tlo thaba mmoho.

Hantlentle ke ho hloleha ha rona hore re tsitlallele ditlhokomedisong tsena tsa motheo ka dinako tsohle, ho re tlisitseng leqhubung lena la bobedi.

Ditlhokomediso tsena tsa polokeho di ka nna tsa bonahala di se bohlokwa, ho fihlela motho e mong eo o mo ratang a tshwaetswa ke kokwanahloko ena ka lebaka la bohlaswa ba hao.

Sehla sa monyaka wa mafelo a selemo jwale se ka tlisa tshoso e kgolokgolo bophelong ba setjhaba sa habo rona.

Se tlisa tshoso e kgolokgolo esita le tsosolosong ya moruo wa habo rona.

Sena se etsahala ka lebaka la hobane ka tlwaelo sehla sa monyaka wa mafelo a selemo ke nako ya dikgobokano, ya ho eta, ya ho teana le metswalle le ba lelapa, esita le ya ho phomola kamora selemo se boima sa matshwenyeho.

Dintlheng tsena, sehla sa monyaka wa mafelo a selemo se batla se tshwana le nako ya Paseka.

Ho bohlokwa ho hopola hore nakong ya Paseka monongwaha, re ile ra kgona ho kgina lenane la ditshwaetso hobane bohle re ne re itshwere hantle, bohle re ne re ikobela dithibelo re bile re tsitlalletse dikgatong tsa motheo tsa bophelo bo botle.

Ntlheng ena, re ananela boitelo boo dikereke di bo entseng ka ho emisa ditshebeletso tsa Paseka, esita le seabo seo ditumelo tsohle di se entseng sa ho baballa bophelo nakong yohle ya selemo.

Jwaloka ha re ile ra etsa nakong ya Paseka, re boela re hloka hape hore re tsitlallele ditsamaiso tsa motheo tsa bophelo bo botle.

Haeba re sa etse dintho ka mokgwa o fapaneng sehleng sena sa monyaka wa mafelo a selemo, ha re na ho kena selemong se setjha ka nyakallo, empa re tla kena ka mahlonoko.

Boholo ba metswalle ya rona, beng ka rona le basebetsi mmoho ba tla tshwaetseha, ba bang ba tla kula haholo mme ba bang, ka bomadimabe, ba tla shwa.

Haeba re sa etse dintho ka mokgwa o fapaneng, Keresemese ena e tla ba ya ho qetela ho Maafrika Borwa a mangatangata.

Sena ha se seo re se batlang. Bohle re batla ho phela le ho thusa baratuwa ba rona hore ba phele.

Kahoo, ho a hlokeha hore re nke dikgato tse qollehileng haholo tsa ho kgina leqhubu lena la bobedi le ho baballa maphelo, ha ka ho le leng re ntse re sebeletsa ho sireletsa mesebetsi.

Maafrika Borwa a heso,

Matsatsing a 11 a fetileng, re phatlaladitse hore Nelson Mandela Bay ke hona teng moo kokwanahloko ena e jeleng setsi ka ho fetisisa, ho ya ka mokgwa wa rona wa ho sheba mahlakore a fapaneng taolong ya sewa sena.

Ho na le bomasepala ba bang ba bontshitseng keketseho e kgolo ya ditshwaetso.

Letona la Bophelo bo Botle Ngaka Zweli Mkhize o ile a di etela dibaka tsena mme kamora hore a dule majwana le ba amehang ka ho fapana ha bona, Kabinete e nkile qeto ya ho phatlalatsa le ditereke tse pedi tse latelang e le tseo ho tsona kokwanahloko ya corona e jeleng setsi ka ho fetisisa.

Tsona ke:

- Setereke sa Sarah Baartman le
- Setereke sa Garden Route.

Sena se bolela hore tsona dithibelo tseo tse ekeditsweng tseo re di sebedisitseng Nelson Mandela Bay, di tla sebetsa le diterekeng tsena ho tloha ka kgitla bosiung bona mme di tla tswelapele ho fihlela re bona phokotseho e hlakileng ya ditshwaetso ka nako e telele.

Leha dibaka tsena tseo e jeleng setsi ka ho fetisisa ho tsona di hloka tlhokomelo e itseng, sehla sa monyaka wa mafelo a selemo se tlisetsa naha yohle ditlokotsi tse kgolo.

Kahoo re ile ra ba le metshetshetho diprovenseng, ho akga le boemong ba bomasepala, mabapi le dikgato tse tshwanelang ho nkuwa ho kgina leqhubu lena la bobedi.

Ho bile le dipuisano tse tebileng kahare ho Lekgotla la Naha la Taolo ya Kokwanahloko ya Corona (NCCC) esita le Lekgotla la Bohokahanyi la Moporesidente (PCC), le kopanyang mmoho baemedi ba naha, ba diprovense le ba mebuso ya dibaka.

Ho itshetlehilwe ka dikgothalletso tse tswang dikopanong tsena, Kabinete e qetile ka hore dithibelo tse ding hape di tshwanela ho kenngwa tshebetsong naha ka bophara, ho tloha ka kgitla bosiung bona.

Ya pele, re tla netefatsa hore e tiiswa le ho feta qobello ya dithibelo tse seng di le teng tsa boemo ba pele ho pharalla le naha nakong ena ya sehla sa monyaka wa mafelo a selemo.

Sena se akga le tlhokeho ya hore bakganni le basebedisi ba mofuta ofe kapa ofe wa dipalangwang tsa setjhaba ba tlamehe ho netefatsa hore bapalami bohle ba rwala dimonkwana.

Baokamedi le beng ba meaho, dibaka tse itseng kapa dikampo, ho akga le mabenkele, ditsi tsa mabenkele le meaho ya mmuso, ba tlangwa ke molao hore ba netefatse hore bareki bohle ba kenang dibakeng tsa bona kapa meahong, ba rwala dimonkwana.

Monga mosebetsi o tlameha ho netefatsa hore basebetsi bohle ba rwala dimonkwana ha ba ntse ba phetha mesebetsi ya bona.

Sena se bea boikarabelo ho bohle beng ba meaho, baokamedi le beng ba mosebetsi, esita le rona bohle, ho netefatsa hore Maafrika Borwa a bolokehile neng kapa neng ha a le ho dife kapa dife tsa dibaka tsena.

Batho ka bomong ba ikarabellang mme ba sa netefatse hore bapalami ba bona, bareki kapa basebetsi ba ikamahanya le melawana ena, ba tla tshwanelwa ke ho fumantshwa kotlo kapa ho hlola tjhankaneng ka dikgwedi tse ka fihlellang ho tse tsheletseng.

Ya bobedi, re nka dikgato tsa ho fokotsa kotsi ya diketsahalo tseo ho tsona kokwanahloko ena e hasehang ka ho fetisisa.

Dithibelo tsa jwale mabapi le dikgobokano ha di thibele tshubuhlellano ka ho lekaneng maemong a jwale, moo ditshwaetso tse ntjha di phahamang ka potlako e kgolo.

Kahoo, dikgobokano tsena, ho akga le tsa dikereke, ha di a tshwanela ho ba le batho ba kahodimo ho 100 bakeng sa diketsahalo tse kahare ho meaho le ba 250 bakeng sa diketsahalo tse kantle ho meaho.

Ka dinako tsohle, haholoholo dibakeng tse batlang di le nyenyane, lenane la batho sebakeng ka seng ha le a tshwanela ho feta halofo ya mothamo wa sebaka seo.

Dikgobokano tsohle di tlameha ho ba le lephallo le letle la moya, batho ba qaqolohane, ho rwalwe dimonkwana ho be ho fanwe ka senyanyatsi sa matsoho se bolayang dikokwanahloko.

Ka lebaka la kgonahalo ya phetisetsano, dikgobokano tsohle tsa ha ho kgutluwa mabitleng, ho akga le meketjana e bitswang ‘tlhakola meokgo’, ha di a dumellwa.

Enngwe ya diphephetso tse kgolokgolo tseo re tshwanelang ho di thula phatla ntjhotjho, ke sekgakgatha sa batho ba subuhlellanang mawatleng le diphakheng tsa boithabiso ka matsatsi a phomolo ya setjhaba, sehleng sena sa monyaka wa mafelo a selemo.

Re bile le metshetshetho e batsi tabeng ena, ho etsetsa hore re fumane mokgwa o motle o fokotsang phetisetsano ya kokwanahloko ka sekgahla se hodimo, ha ka ho le leng re ntse re kgina hore ho se ke ha thefuleha dikgwebo tse dibakeng tse mabopong a lewatle.

Kahoo, re dumellane ka ho ananela mokgwa o mahlakore a fapaneng, o nkelang hloohong maemo a fapaneng dikgutlwaneng tse fapaneng tsa naha ena.

Dibakeng tse nang le sekgahla se hodimodimo sa ditshwaetso, mawatle le diphakha tsa setjhaba di tla kwalwa nakong yohle ya sehla sa monyaka wa mafelo a selemo ho tloha ka la 16 Tshitwe ho isa ho la 3 Pherekgong.

Sena se tla etsahala hohle Kapa Botjhabela, esita le seterekeng sa Garden Route Kapa Bophirima.

KwaZulu-Natal teng, mawatle le diphakha di tla kwalwa ka matsatsi a sehla ao ka tlwaelo a phetheselang ka ho fetisisa.

Matsatsi ao ke la 16, la 25, la 26 le la 31 Tshitwe 2020 le la 1, la 2 le la 3 Pherekgong 2021.

Mawatle le diphakha tsa setjhaba tsa Kapa Leboya le Kapa Bophirima, ntle le Garden Route feela, di tla dula di buletswe setjhaba nakong yohle ya sehla sena sa monyaka wa mafelo a selemo.

Menyanyako, dibini tse binang moo ka kotloloho, le diketsahalo tse ding tsa bonono tse etswang moo ka kotloloho, ha di a dumellwa mawatleng.

Mawatle le diphakha tse buletsweng setjhaba, di tla bulwa feela dipakeng tsa hora ya borobong hoseng le ya botshelela mantsiboya.

Maemo a tla bewa leihlo ke ba apesitsweng matla dibakeng tseo letsatsi le letsatsi, ho netefatsa hore ho ikamahanngwa le melawana ya dikgobokano le ho se dumellwe ha jwala.

Maemong ao ho nang le sekgakgatha sa batho kapa ho sa ikamahanngwe le dikgato tsa polokeho, mawatle a jwalo le diphakha tsa boithabiso di tla kwalwa.

Diphakha tsa naha le tsa diprovense esita le diphakha tse ding moo ho seng ho e na le dikgato tsa taolo ya ho kena le lenane le badilweng la ba kenang, tsona di ka nna tsa dula di buletswe setjhaba.

Ana ke maemo a boima ka ho fetisisa a hlokang ho elwa hloko kgafetsa.

Ke laetse hore ditho tsohle tsa NCCC le basebeletsi ba bohlokwa ba dule ba le malalaalaotswe e le ho netefatsa hore maemo a bewa leihlo a bile a sekasekwa kgafetsa naha ka bophara.

Haeba maemo a ka nyotobela, dikgato tse ding di tla nkuwa e le ho sireletsa setjhaba sa habo rona.

Ntho ya boraro eo ho tla tsepamiswa maikutlo ho yona nakong ena, ke ho thibela diketsahalo tsena tseo ho tsona kokwanahloko e hasehang ka ho fetisisa ho tsona, re be re fokotse morwalo o ditshebeletsong tsa bophelo bo botle ka lebaka la ho nowa ha jwala ka ho se itekanyetse.

Kahoo, dikgato tse latelang di tla kenngwa tshebetsong:

Dihora tsa qomatsi di tla ba teletsana, ho tloha ka hora ya leshome le motso o le mong bosiu ho fihlela ka hora ya bone hoseng.

Ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, ho akga le tsa mabenkeleng a dijo le tsa dibareng, di tla tlameha ho kwala ka hora ya leshome bosiu, ho etsetsa hore basebetsi le bathusetsi ba kgone ho fihla malapeng pele ho qala dinako tsa ho qobellwa ha qomatsi.

Qomatsi e reretswe ho thibela dikgobokano tsa motjhaotjhele ho ya ho rwalellaneng ha masiu, ha ka ho le leng ho ntse ho thuswa mabenkele a dijo, dibara le ditamene hore di nne di tswelepele ho sebetsa le ho fumana lekeno.

Kaofela ha rona re tshwanela ho hopola hore dihora tsa qomatsi di sebetsa le ka matsatsi a etellang pele la Keresemese le la ho kgaola Selemo. Sena se bolela hore re tla tlameha ho etsa diphetoho mokgweng oo re ketekang diketsahalo tsena ka ona.

Thekiso ya jwala mabenkeleng e tla dumellwa feela dipakeng tsa hora ya leshome hoseng le ya botshelela mantsiboya, ho tloha ka Mantaha ho isa ka Labone.

Dibaka tseo ho ritelwang veine ho tsona tse ngodisitsweng le mapolasi a veine, di ka nna tsa tswelapele ho latswisa le ho rekisetsa setjhaba veine bakeng sa hore ho nwellwe thoko, le teng ha e le mafelo a beke. Mokgelo ona o etswa ka lebaka la seabo sa bohlokwa sa ditheo tsena lekaleng la bohahlaudi dikgutlwaneng tse ngatanyana tsa naha ena.

Ho nowa ha jwala dibakeng tsohle tsa setjhaba tse kang mawatleng le diphakheng, ha ho a dumellwa ho hang hang.

Ha re ka ke ra dumella batho ba bangata haholo hore ba bokane nqa e le nngwe bosiyong ba ditaolo kapa ditsamaiso tse tshwanelehileng.

Dithibelo tsena tsa sehla sa monyaka wa mafelo a selemo di tla hlahlojwa botjha mathwasong a Pherekgong ho ipapisitswe le maemo a sewa sena naha ka bophara.

Maafrika Borwa a heso,

Ho sekasekeng karabelo ya rona leqhubung lena la bobedi la ditshwaetso, re habile ho tsitsisa ka hloko tlhokeho ya ho baballa maphelo le ho sireletsa mesebetsi.

Ho kginwa ha naha ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha hoo re ileng ra ho qobella qalehong ya sewa sena, ho ne ho ralletswe ho diehisa ho nama ha kokwanahloko ena ho etsetsa hore re kgone ho hlophisetsa tsamaiso ya bophelo bo botle hore e lebahanye thebe le keketseho ya ditshwaetso.

Mothating oo, re ne re se malalaalaotswe ho lebahanya thebe le keketseho ya hanghang ya ditshwaetso esita le dikamohelo tsa bakudi dipetlele.

Re ne re hloka ho fumana disebedisuwa le diphepelo tse lekaneng, le ho eketsa sebaka se seng ditsing tsa habo rona tsa kokelo, ho rupella basebeletsi ba habo rona ba tlhokomelo ya bophelo bo botle le ho kenya tshebetsong mekgwa ya ho disa le ho arabela diqholotsong tsa sewa sena.

Ho kginwa ho phethahetseng ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha ho ne ho hlokeha e le ho diehisa sewa sena, empa hona jwale ho ke ke ha etsa mosebetsi o tshwanang le oo.

Dikgweding tse mmalwanyana tse fetileng, re kentse tshebetsong lethathama la mekgwa ya ho ntlafatsa bokgoni ba rona ba ho arabela seweng sena.

Ka lebaka la ho tiisa meqheleba ha basebeletsi ba habo rona ba tlhokomelo ya bophelo bo botle, basebetsi ba setjhaba, ditsebi tsa bongaka le baeletsi ba tsa saense, re faposeditse mehlodi yohle ya rona hore e sireletse setjhaba sa Afrika Borwa e be e fane ka tlhokomelo ho bao ba e hlokang.

Dikgato tseo re di nkileng ha sewa sena se sa qala, le diketso tsa Moafrika Borwa e mong le e mong, di se di re thusitse ho pholosa maphelo a mangata.

Jwale, re tlameha ho sireletsa dikatleho tseo re seng re di entse re be re tshwarane ka matsoho hore re fedise sewa sena.

Jwaloka ha re entse ho tloha qalong, re tlameha ho nka dikgato re ipapisitse le bopaki bo botle ka ho fetisisa boo re nang le bona ba saense.

Jwaloka ha dingaka tsa habo rona, baoki hammoho le basebetsi ba tshwereng teu ba tiisitse meqheleba ho re sireletsa, le rona re tlameha ho tiisa meqheleba hore re ba sireletse.

Ho fihlela jwale, ke basebetsi ba bophelo bo botle ba kahodimo ho 38 000 bao diteko di ba fumaneng ba tshwaeditswe ke kokwanahloko ya corona lekaleng la setjhaba. Ho bona, ke ba ka bang 5 000 ba ileng ba amohelwa dipetlele.

Ka bomadimabe, basebetsi ba bophelo bo botle ba 391 ba ile ba hlokahala.

Re le setjhaba, re ba kolota tse kgolo batho bana ba sebete ba bile ba ikitlaeditse, esita le ba malapa a bona, hobane ntle le bona, re ka be re sa fihlella mona moo re leng hona teng.

Jwaloka ha leqhubu lena la bobedi la ditshwaetso re le thula phatla ntjhotjho, re tlameha ho etsa ka hohle kamoo re ka kgonang ka teng hore re sireletse basebetsi ba habo rona ba bophelo bo botle.

Haeba re sa itshware hantle hona jwale, re sa tsitlallele ditlhokomediso tsa motheo tseo bohle re di tsebang, ka dinako tsohle, re tla tobana le selemo se setjha se lerootho.

Leha ho na le dithibelo tse ngata tse diketsahalong tsa rona tse tlwaelehileng, sehla sena se ka ba monate se be se bolokehe.

Sehleng sena sa monyaka wa mafelo a selemo, ke le kopa hore le boloke mekete ya lona e le menyenyane le be le qobe sekgakgatha sa batho.

Haeba le roba monakedi le batho ba bang, ke le kopa hore le etse jwalo le dutse kantle, le nyakallele lehlabula le babatsehang la Afrika Borwa, kapa bonnyane le mpe le netefatse hore le dutse ka tlung e nang le lephallo le letle la moya.

Ke a le kopa hore le rwale dimonkwana tse kwahelang dinko tsa lona le melomo kgafetsa ha le le moo ho phetheselang batho, kapa ha le le mmoho le batho bao le sa duleng le bona.

Ha ho lebaka la hore o rwale semonkwana seledung sa hao, kapa o se boloke ka pokothong, kapa hona ho se theola ha o bua le motho e mong.

Hopola ho hatlela matsoho kgafetsa ka sesepa le metsi ka metsotswana e 20 bonnyane, kapa ka senyanyatsi se bolayang dikokwanahloko.

Fokotsa maeto a hao kahohle kamoo o ka kgonang ka teng. Haeba o tlameha ho eta, netefatsa hore o eta o bolokehile.

Haeba o tla etela metswalle le ba lelapa, iphe sebaka sa beke e le nngwe sa ho fokotsa makgetlo a katamelano le batho ba bang pele o kena leetong, mme o leke ho roba monakedi le ba lelapa la hao ba haufiufi feela, kapa batho ba mmalwa haholo.

Re a tseba hore COVID-19 e ama batho ka mekgwa e fapaneng.

Ho ya ka Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO), boholo ba batho ba ka nna ba kula hanyane ba be ba fole ba sa ka ba amohelwa dipetlele.

Matshwao a tlwaelehileng haholo ke feberu, ho hohlola ho sa tswe dihohlola, le mokgathala. Matshwao a sa tlwaelehang hakaalo ke mahlaba le mahloko, mmetso o bohloko le ho fellwa ke kutlo ya tatso le ya ho fofonela.

Haeba o na le matshwao ana, o tshwanela ho itsheka thajana ho ba bang.

Haeba o na le matshwao a mpefetseng haholo, jwaloka ho thatafallwa ke ho hema kapa ho fellwa ke moya, lehlaba sefubeng, ho se tsebe ho bua kapa ho tsamaya, o tshwanela ho batla thuso ya bongaka hanghang.

Hopola hore haeba diteko di o fumane o e na le kokwanahloko ya corona kapa haeba o ile wa atamelana le motho e mong eo diteko di mo fumaneng a e na le kokwanahloko ena, o tlameha ho itsheka thajana ho ba bang hanghang.

Jwaloka ha re ile ra bolela nakong e fetileng hore ente ke yona feela thibelo e ka sebetsang hantle.

Afrika Borwa e phethetse methati yohle e hlokehang ya ho netefatsa hore e ba le seabo Sesebedisuweng sa Lefatshe Lohle sa Phihlello ya Ente ya COVID-19 sa WHO.

Sesebedisuwa sena, se tsejwang ka hore ke COVAX, se kgobokanya mehlodi ebile se abelana ka kotsi ya ho etsuwa ha ente e le ho netefatsa boteng ba phihlello e lekanang ya diente, ha di se di le teng.

Jwaloka ha e le karolo ya sesebedisuwa sena, ho lebelletswe hore Afrika Borwa e tla fumana diente tsa sethathong tse tla lekana 10% ya setjhaba sa habo rona mathwasong a isao.

Re boetse re karolo ya Sehlopha sa Afrika sa Mosebetsi wa ho Fumana Ente (AVATT), se shebileng mekgwa e meng ya ho bokella tjhelete ya ho fumana diente tse eketsehileng bakeng sa dinaha tsa Afrika, le ka nqane ho COVAX.

Letona la Bophelo bo Botle ke karolo ya Sehlopha sa Mosebetsi ona mme o boetse o shebile le dilekane tse ding tsa tshibollo le lekala la poraefete, e le ho netefatsa hore Maafrika Borwa a fumana ente e sebetsang hantle e dumellanang le maemo a habo rona.

Dibeke tse mmalwa tse tlang di tla fetoha teko e kgolo ya boikitlaetso le boitshwaro ba rona.

Nako ena e tla hloka hore e mong le e mong wa rona a etse dintho ka mokgwa o fapaneng le wa dilemo tse fetileng hobane selemo sena ha se tshwane le dilemo tse ding tseo re fetileng ho tsona kapele.

Sona se tla re hloka hore re tele e meng ya menate ya nako e kgutshwane e le ho itshireletsa le ho sireletsa ba bang, le ho netefatsa hore re ka boela ra nyakallela dinako tse jwalo dilemong tse tlang.

Ke kgodisehile hore haeba e mong le e mong wa rona a kenya letsoho, haeba e mong le e mong a latela ditlhokomediso tsa motheo tse mmalwa, bohle re ka thabela sehla sa monyaka wa mafelo a selemo, mme ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa, ke ya hore bohle re ka ba le selemo se setjha se atlehileng, se monate ebile e le sa bophelo bo botle.

Ke le lakaletsa mahlohonolo a sehla sa monyaka wa mafelo a selemo, hore le dule le bolokehile le bile le phetse hantle, e se e ka re ka amohela selemo se setjha re le ngatana nngwe re bile re le setjhaba se matla.

A Modimo o hlohonolofatse Afrika Borwa o be o boloke le setjhaba sa yona.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore