Moporesidente Cyril Ramaphosa: Keketso ya nako ya ho kginwa ha ditshebeletso ka lebaka la kokwanahloko ya Corona ya COVID-19 ho isa mafelong a Mmesa

Maafrika Borwa a heso,

Ka kgitla bosiung bona, e tla be e le dibeke tse pedi hantle haesale naha ya rona e kene ho kginweng ho neng ho sa lebellwa ha ditshebeletso naha ka bophara, e le ho thibela ho ata ha kokwanahloko ya corona.

Nakong ya dibeke tsena tse pedi tse fetileng, maphelo a lona a ile a sitiseha haholo, le ile la sotleha haholo la ba la mamella tlhokeho ya botsitso.

Re kwalletse lefatshe lohle meedi ya rona, bana ba rona ha ba ye dikolong, dikgwebo di kwetse ditshebetso tsa tsona, ba bangata ba lahlehetswe ke lekeno la bona, mme moruo wa rona o eme kgekgenene.

Leha ho le jwalo, lona batho ba Afrika Borwa, hara diqholotso tse sisimosang hakaalo, le arabetse ka mamello le sebete se tsotehang.

Le hlomphile ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho la ba la ikobela le melawana ya teng.
Le amohetse dithibelo tse matla metsamaong ya lona, esita le ditokoloho tseo bohle re di nkang hanyane.
Le entse jwalo hobane le ne le utlwisisa ditlamorao tse mpe tseo bohloko bona bo tla tla le tsona bophelong bo botle le boitekanelong ba Maafrika Borwa ohle, ntle le haeba re ka nka dikgato tsena tse matla.

Le ile la boela la utlwisisa hore re tlameha ho etsa makgobonthithi ohle ao re ka a kgonang, ho thibela ho shwa larita ho neng ho tla etsahala haeba re ne re sa nka dikgato tsena.

Ke batla ho le leboha ka bonna ka tshebedisano mmoho ya lona, ka boitelo ba lona esita le ka mamello ya lona.

Ke batla ho le leboha le ka ho boela le netefatsa, e mong ho e mong, esita le lefatsheng lohle hore rona Maafrika Borwa re setjhaba se momahanang le se kopaneng ka dinako tsa dikoduwa tse kgolo.

Pejana kajeno ke bile le kopano e behileng ditholwana tse ntle ka ho fetisisa le Ditonakgolo tsa rona mabapi le mosebetsi oo di o etsang diprovenseng le diterekeng, e le ho kgina ho ata ha kokwanahloko ena.

Ke ile ka boela ka ba le dipuisano le baetapele ba mekga yohle ya dipolotiki e nang le boemedi Palamenteng, mme bohle ba ile ba tshepisa hore ba tla tshehetsa matsapa a ntseng a etsuwa a ho lwantsha sewa sena.

Ka letsholo lena re a bontsha hore re a kgona ho sebetsa mmoho re le mekga yohle, ho lwantshana le bothata bo le bong.

Haesale ke ne ke etse tsebiso ya ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho ka hodimo ho dibeke tse pedi tse fetileng, kokwanahloko ena ya corona e mpefetse le ho feta lefatsheng lohle.

Dibekeng tse pedi tse fetileng, ho ne ho e na le manane a ditshwaetso tse 340,000 a netefaditsweng lefatsheng lohle.

Empa jwale re na le manane a netefaditsweng a ka hodimo ho 1.5 milione lefatsheng ka bophara.

Bohloko bona bo se bo bolaile batho ba ka hodimo ho 90,000 lefatsheng lohle.

Mekgwatsamaiso ya tsa bophelo bo botle e imetswe dinaheng tse ngata.
Esita le dinaha tse tswetseng pele lefatsheng, ha di e so kgone ho alafa diketekete tsa batho ba tshwaeditsweng.

Le tsona di sokotse hore di fumane phepelo ya tsa bongaka hammoho le basebeletsi ba hlokehang ho sebetsana le sewa sena.

Taba e mahlonoko ke hore batho ba bangata ba shwele.
Bopaki bo bonahetseng lefatsheng lohle bo a tshosa.
Bo netefatsa hore qeto ya rona ya ho phatlalatsa boemo ba koduwa ya naha esita le ho kenya taba ya ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho tshebetsong, e ne e le e nepahetseng ebile e nkilwe ka nako e nepahetseng.

Leha e le hore ha ho e so be le ntho e kaalo eo ho ka manollwang kgatelopele ya bohloko bona ka yona Aforika Borwa, ho na le bopaki bo lekaneng ba hore ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho ho a sebetsa.

Haesale ho ne ho kenngwe ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho tshebetsong, sekgahla seo ditshwaetso tse ntjha di eketsehileng ka sona se fokotsehile kwano Afrika Borwa.

Ho tloha lenaneng la 1,170 le netefaditsweng ka la 27 Tlhakubele, lenane la ditshwaetso tse netefaditsweng kajeno le eme ho 1,934.

Dibekeng tse pedi pele ho kginwa ditshebeletso le metsamao ya batho, keketseho e tlase ya ditshwaetso tse ntjha tsa letsatsi le letsatsi e ne e ka ba ho 42%.

Haesale ho ne ho qale ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho, keketseho e tlase ya ditshwaetso tsa letsatsi le letsatsi e ne e ka ba ho 4%.

Leha re ananela hore ho na le tlhokeho ya katoloso ya ho etsuwa ha diteko e le ho fumana sephetho se setle sa sekgahla sa ditshwaetso, manane ana a bontsha kgatelopele ya sebele.

Dikgato tseo re di nkileng, jwaloka ho kwala meedi le ho fedisa dikopano, le diphetoho tseo re ileng ra tshwanela ho di etsa boitshwarong ba rona ka bo mong, di fela di diehisitse ho ata ha kokwanahloko ena.

Empa twantsho ya kokwanahloko ya corona e sa le hole le ho fela.
Re sa le qalong ya ntwa ena e boima, e hlokang mehlodi yohle ya rona le matsapa ohle a rona.

Re keke ra qhanolla. Re keke ra kgotsofala.

Dibekeng le dikgweding tse tlang, re tlameha ho etsa kgorola koqo ya ho eketsa sekgahla sa karabelo ya rona, re be re pharalatse phihlello ya boitshunyako ba rona.

Re a ithuta ka malebela a dinaha tse ding le ka bopaki boo re nang le bona ka ho hola ha sewa sena Aforika Borwa.

A fana ka sebopeho se hlakileng se bile se qobella hore re tswelepele ka mokgwa o sedi, o laolehang ka bokgabane.

Ka mantswe a mang, haeba re fedisa ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho ka potlako kapa hanghang, re ipea kotsing ya ho ropoha botjha ho toma ho sa laoleheng ha bohloko bona.

Re ipea kotsing ya ho busetsa morao dikatleho tseo re di fihletseng dibekeng tse mmalwa tse fetileng, ebile re etsa hore sehlabelo seo bohle re se entseng e be lefeela.

Maafrika Borwa a heso,
Phirimaneng ena, ke ema kapele ho lona e le ho le kopa hore le mamelle ha leletsana.

Ke tshwanela ho le kopa hore le etse sehlabelo se toma le ho feta, ho etsetsa hore naha ya rona e hlole koduwa ena le hore ho pholoswe maphelo a dikete tse balwang ka mashome.

Kamora ho shebisisa bopaki boo re nang le bona ka hloko, Lekgotla la Naha la Taolo ya Kokwanahloko ya Corona le nkile qeto ya ho eketsa nako ya ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho ka dibeke tse ding tse pedi ka nqane ho matsatsi a 21 a sethathong naha ka bophara.

Sena se bolela hore boholo ba dikgato tse teng tsa ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho,di tla dula di ntse di sebetsa ho fihlela mafelong a Mmesa.

Re tla sebedisa matsatsi ana a tlang ho sekaseka kamoo re tla tsitlallela ka teng dikgatong tse fetofetotsweng hore di se ke tsa eba mpe hakaalo, tse ka thusang mokgahlelong wa tsosoloso ya moruo, ho dumella ho boela tshebetsong ha makala a itseng empa e le ka tlasa maemo a laolwang ka tlhoko e kgolo.

Re tla boela re sebedisa nako ena ho ntlafatsa boitshunyako ba rona ho tsa bophelo bo botle ba setjhaba.

Qeto ena ya ho atolosa nako ya ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho ha re a e nka hanyane.

Ke le Moporesidente wa lona, ke a tseba ka morwalo o boimahadi oo kgato ena e tla o belesa mahetleng a lona.

Ke elelletswe le ka ditlamorao tse tla ba teng moruong wa rona.

Empa ke a tseba, jwaloka ha le lona le tseba, hore haeba re sa nke dikgato tsena tse boima hona jwale, haeba re sa tsitlallele kgatong ena haleletsana, kgabareng sewa sena sa kokwanahloko ya corona se tla imela se be se metse naha ya rona.

Bohle re batla hore maemo a moruo a kgutlele setlwaeding, re batla hore batho ba boele mesebetsing, re batla hore bana ba rona ba boele dikolong, mme bohle re batla hore re boele re kgone ho tsamaya ka bolokolohi.

Empa tabataba e ka sehloohong e tlameha ho dula e ntse e le ya ho diehisa ho ata ha kokwanahloko ena, le ho thibela ho shwa larita ha batho.

Re tlameha ho etsa sena re ntse re thibela ho putlama ha moruo wa rona, re bile re thusa batho ba habo rona hore ba se ke ba bolawa ke tlala.

Re ikemiseditse ho hahamalla pele ka motjha o bolokang o bile o sireletsa maphelo.
Lewa la rona le bopilwe ka dintlha tse tharo:

- Ya pele, ke karabelo e matlafaditsweng haholo ya bophelo bo botle ba setjhaba, le ho fokotsa ditshwaetso.
- Ya bobedi, ke dikgato tse phethahetseng tsa ngatana ya tshehetso ya moruo, ho thusa dikgwebo le batho ka bo mong ba anngweng ke sewa sena.
- Ya boraro, ke lenaneo la tshehetso e ekeditsweng ya setjhaba ho sireletsa malapa a bahloki le ba tlokotsing.
Re le mmuso, hammoho le balekane ba rona ba bangata, re sebedisitse nako ena ya ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho ho ntlafatsa le ho matlafatsa lewa la rona la bophelo bo botle ba setjhaba, e le ho laola kokwanahloko ena ya corona.
Katamelo eo re e latelang ke ya ho hlahlobisisa dibaka tseo ho dulwang ho tsona esita le ho etsa diteko dipetlele, ditleliniking le ditleliniking tsa hloma o hlomolle, ho kgethela ba tshwaeditsweng, le ho hlokomela ba kulang ditsing tsa rona tsa kokelo.

Re tshwanela ho etsa sena ka botebo le ka bohlale.
Re sebedisitse beke ena e fetileng ho ntlafatsa mokgwa wa rona wa ho etsa tlhahlobisiso le diteko dibakeng tse fapaneng tsa naha ena.

Nakong ya dibeke tse pedi tse tlang, re tla atolosa lenaneo la ho etsa tlhahlobisiso le diteko diprovenseng tsohle, re tsepamisitse maikutlo haholo dibakeng tse tlokotsing.

Bao diteko di ba fumanang ba tshwaeditswe mme ba sa kgone ho itsheka malapeng, ba tla tshekelwa ditsing tse kgethehileng tse hlwailweng, tseo ha jwale di seng di kenyetswa thepa ya kalafo.

Ka dinako tsohle, re tla hlompha ditokelo tsa botho tsa batho bohle.

Ha re se ke ra kgethollang batho bao diteko di ba fumanang ba tshwaeditswe.

Ho netefatsa hore mawa a rona a hlophisitswe ka bokgabane le ho netefatsa hore a susumetswa ke manane a phethahetseng a kgemang le dinako, re se re theile Setsi sa Lesedi le amanang le COVID-19 se Lekgotleng la Diphuputso tsa Saense le Diindasteri (CSIR).
Setsi sena sa maemo a hodimo se tla sala morao ditaba tsohle tsa ho etswa ha tlhahlobisiso, diteko, tshekeho le ho kenngwa dipetlele naha ka bophara.

Setsi sena se se se qadile ka ho hlwaya dibaka tseo tshwaetso e jeleng setsi ho tsona.

Se beile leihlo taba ya ho ata le ho mpefala ha bohloko bona, mme se re thusa ho lebisa tjhadimo ya rona le mehlodi moo di hlokehang ka ho fetisisa.
Re sebedisana le dikhamphani tsa difonofono tsa letsoho le ditheo tse ding ho fofonela batho bao diteko di ba fumaneng ba tshwaeditswe ke kokwanahloko ena, hammoho le ba ileng ba atamelana le bona.

E le karolo ya mokgahlelo wa bobedi wa lewa la rona, re se re kentse mekgwa e mmalwa tshebetsong e le ho fana ka tshehetso dikgwebong tse tebetebeng, ho basebetsi ba tobaneng le mathata a ho se fumane meputso, ho borakgwebo ba mathateng esita le dikgwebong tseo e seng tsa semmuso.

Boholo ba mekgwa ena e nkelwa hloohong bakeng sa dikgwebo tse kgolo le tse nyenyane.

Letlole la Inshorense ya Tlhokeho la Mesebetsi le se le behelletse ka thoko R40 bilione ho thusa basebetsi ba sa tlo kgona ho sebetsa, e le karolo ya matsapa a ho thibela ho fela ha mesebetsi ka lebaka la ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho.

Ho fihlela kajeno, le se le lefile R356 milione.

Ke batla ho thoholetsa bahiri bohle ba tswetseng pele ka ho lefa basebetsi ba bona dinakong tsena tse boima, esita le bahiri ba sebedisanang le mekgatlo ya basebetsi le mmuso ho thusa basebetsi ba bona ho fumana ditsiane tsena.

Ke batla ho etsa kgoeletso dikgwebong tsohle hore di tswelepele ka ho lefa bafepedi ba tsona kahohle kamoo di ka kgonang ka teng, ho netefatsa hore bafepedi bao ba kgona ho lefa basebetsi ba bona hammoho le bafepedi ba bang ba bona.

Ntlheng ena, ke batla ho ipiletsa dikgwebong tsohle tse kgolo hore di se ke tsa kgetha ho ipapisa le molao o di dumellang ho tlola melawana ya ditumellano ebe di lesa ho lefa bafepedi ba tsona le dirente, kaha mokgwa o jwalo o na le ditlamorao tse mpe dikgwebong tse ding tsohle tse tshepetseng letotong leo la bofepedi.

Re tlameha ho etsa kahohle kamoo re ka kgonang, ho netefatsa hore motheo wa moruo o tswelapele ho sebetsa re be re lebise tshehetso ya rona dikgwebong tseo tse nyenyane tse e hlokang ka sebele.

Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri (IDC) e behelletse ka thoko R3 bilione bakeng sa phumantsho ya disebediswa tse hlokehang tsa bongaka.

E se e ntshitse R130 milione mme e habile ho ntsha tjhelete e nngwe hape e kaalo ka R400 milione nakong ya beke e tlang, ho ya dikhamphaning tse entseng kopo ya ho thuswa ka tjhelete ka tlasa maemo ana a kgethehileng.

Lekgotla la tsa Ditjhelete tsa Dikgwebo tse Nyenyane (SEFA) le ananetse taba ya ho tjhetjhiswa ha ditefo tsa ditjhelete tse adimilweng ka nako ya dikgwedi tse tsheletseng.

Kimollo ya dikoloto ya dikgwebo tse nyenyane le ditsi tsa kgodiso ya dikgwebo jwale di sekaseka dikopo tsa dithuso.

Ho na le palo yohle ya tjhelete e kaalo ka R500 milione e teng bakeng sa tshehetso.

Mmuso o se o behile ka sehlohlolong tjhelete e kaalo ka R1.2 bilione hore e ilo imolla borapolasi ba banyenyane e be e nanabetse letsoho kanetsong le phepelong ya dijo.

Ho eketseng mekgweng ena ya tshebediso ya tjhelete, Banka ya Resefe e se e theotse sekgahla sa tswala ebile e nkile dikgato tsa ho kenya tjhelete ya kontane e fumanehang ka potlako moruong.

E nngwe ya diqholotso tse kgolokgolo tseo dinaha tsohle di tobaneng le yona lefatsheng, ke kgaello ya disebediswa tsa bongaka tsa ho lwantsha kokwanahloko ena ya corona.

Re le naha, re ile ra tshwanela ho tshepela makgabaneng a rona ho fepela thepa ena, empa re ile ra boela ra tshwanela ho tsoma phepelo dinaheng tse ding.

Dibekeng tse sa tswa feta, re ile ra bona ho ngokwa ho toma ha dikgwebo tsa Aforika Borwa, basebetsi, barutehi le makala a mmuso; ho hlahisa thepa ya bongaka le disebediswa tse ding tse hlokehang ho lwantsha kokwanahloko ena ya corona.

Ho tea mohlala, re se re theile Porojeke ya Naha ya Difehlamoya ho kgobokanya ka potlako mehlodi ya diindasteri tsa naha ya rona hore di hlahise difehlamoya tse seng kotsi, tse ka sebedisetswang ho thusa bakudi ba hlasetsweng ke bohloko bona.

Diporojeke tse ding di tsepamisitse maikutlo keketsong ya tlhahiso ya kwano lapeng ya dimaske tsa ho sireletsa sefahleho,dibolayadikokwanahloko tse hlwekisang matsoho le dihlahiswa tsa meriana tse ka sebediswang ke basebeletsi ba tlhokomelo ya kalafo le setjhaba ka kakaretso.
E le karolo ya boraro karabelong ya rona kokwanahlokong ena ya corona, re nnile ra sebeletsa ho fana ka ditlhoko tsa mantlha tse kang metsi hammoho le ho boloka botshepehi ba phepelo ya dijo ho Maaforika Borwa a futsanehileng ka ho fetisisa.

Re boetse re atolositse phano ya dipakana tsa dijo ra ba ra fana ka tshehetso ya ditjhelete mabenkeleng a disphaza.

Ho fihlela kajeno, mmuso o se o fane ka ditanka tsa poloko ya metsi tse ka hodimo ho 11,000 dibakeng tse di hlokang ka ho fetisisa ho phatlalla le naha, mme boholo ba tsona di se di kentswe.

Hodima moo, dilori tsa ditanka tsa metsi tse 1,000 di se di fanwe bakeng sa ho isa metsi dibakeng tse fapaneng.

Batho ba bangata ba hlokang bodulo ba se ba filwe bodulo dibakeng tse 154.

Ke motlotlo ho tlaleha hore Letlole la Tshehetsano le ileng la thehelwa ho bokella mehlodi e tswang dikhamphaning, mekgatlong le bathong ka bo mong ho lwantsha sewa sena sa kokwanahloko ya corona, le se le nyollotse mokotla ka tjhelete e ka bang R2.2 bilione ho fihlela jwale.

Letlole le se le abile tjhelete e ka bang R1 bilione ho reka dihanskune tse thibelang dikokwanahloko, dikwahela sefahleho, dimaske tse thibelang dikokwanahloko, disebediswa tsa ho etsa diteko le difehlamoya.
Ho eketsa ho R400 milione e behelletsweng ka thoko ke mmuso bakeng sa Kimollo ya Setjhaba ya dithuso tsa ditjhelete tsa Dithuso, letlole le tla boela le aba tjhelete ya ho imolla batho malapeng a tlokotsing.

Matsapa ana ohle, leha a hlokeha a bile a tlotleha, a ke ke a lekana ka bowona ho tshehetsa bahloki sefuthong sa sewa sena.

Ebile a keke a fana ka kimollo e hlokwang ke dikgwebo le basebetsi ba tsona.

Mekgwa e meng e eketsehileng e tswileng matsoho e tla tlameha ho kenngwa tshebetsong dibekeng le dikgweding tse tlang, ho fokotsa ka hanyane tahlehelo ya hanghang ya lekeno la dikgwebo le batho ka bo mong.

Re boemong bo hlokang hore ho nkuwe dikgato le mekgwa e tswileng matsoho hanghang, boemo bo hlokang ntjhafatso le pokello ya mohlodi o mong le o mong oo re nang le wona.
Kabinete e tla bopa lewa le phethahetseng la mekgwa e potlakileng ya moruo, ho arabela koduweng ena e teng le diqholotsong tse mpehadi tsa moruo tseo re tla tlameha ho tobana le tsona dikgweding tse tlang.

Ditsebiso tse ding mokgahlelong o latelang wa lewa la rona la tshehetso ya moruo le ya kahisano, di tla etswa kgabareng.

Karolo e hlokehang karabelong ya rona boemong bona ba tshohanyetso ke leano la tshehetsano.
Ho tswa hohle setjhabeng, dikhamphani le batho ka bo mong ba itlhahisitse bakeng sa ho fana ka dithuso tsa ditjhelete le tse ding.

Ho tshehetseng matsapa ana, re qetile ka hore Moporesidente, Motlatsi wa Moporesidente, Matona le Batlatsi ba Matona ka bo mong ba tla hulelwa nngwe borarong meputsong ya bona bakeng sa dikgwedi tse tharo tse tlang.

Karolo ena ya meputso ya bona e tla nyehelwa Letloleng la Tshehetsano.

Re etsa kgoeletso le ho bahlanka ba bang ba baholo ba mmuso esita le ba phethahatso ba dikhamphani tse kgolo, hore ba hate menyabuketsong ena ba be ba eketse bobatsi ba moo matsapa ana a tla fihlella teng.

Ntlheng ena, re amohela nyehelo ya Vodacom ya difonofono tsa letsoho tse 20,000 bakeng sa basebeletsi ba tsa bophelo bo botle ba tla kena kgabong ya tlhahlobisiso le ho fofonela babelaellwa dibakeng tse fapaneng.

Jwaloka ha re ile ra toboketsa pele mme re tla toboketsa hape, hore twantsho ya kokwanahloko ya corona e hloka diphetoho tse hlokolosi ho rona bohle ka boitshwaro ba rona.

Ho fihlela re hlola kokwanahloko ena ya corona, melawana yona eo e tla dula e dutse.

Ho tshwarana ka matsoho, ho akana, ho dula ho atamelanwe haholo le mekgwa e meng ya ho thetsana ka mmele, di thusa kokwanahloko ena ho tshwaetsa, mme tseo tsohle di tlameha ho qojwa.

Re tlameha ho tswelapele ho hatlela ka botlalo kgafetsa, re sebedisa metsi le sesepa kapa sebolayadikokwanahloko.

Ho dula re bolokehile le ho boloka ba bang ba bolokehile, re tlameha ho hlompha dithibelo dife kapa dife tse kentsweng tshebetsong metsamaong ya rona le maphelong a rona a letsatsi le letsatsi.

Nakong ya dibeke tse pedi tse fetileng, ke ne ke buisana le baetapele ba Afrika mabapi le matsapa a kontinente ena a hlophiseditsweng ho lwantsha kokwanahloko ya corona le ho tshehetsa batho ba habo rona hammoho le meruo ya habo rona.

Re theile Letlole la Karabelo la AU COVID-19 e le ho bokella mehlodi e hlokehang ho tshehetsa matsapa ana.

Re buisane le baetapele ba lefatshe, leha le bona ba hula ka thata ka sewa sena dinaheng tsa bona, hore ba thuse kontinente ena ka disebediswa tsa bongaka tse hlokehang ba be ba tshehetse thuso e pharalletseng ya lewa la Afrika.

Jwaloka ha re lwantshana le bohloko bona naheng ya rona, re karolo ya matsapa a maholo a lefatshe lohle a ho kgobokanya setjhaba ka mekgwa eo ba bangata ba neng ba sa nahane hore e ka etsahala.

Ho dibilione tsa batho ho phatlalla le lefatshe, le ho rona kwano Afrika Borwa, sewa sa kokwanahloko ya corona se fetotse ntho e nngwe le e nngwe.

Re keke ra hlola re sebetsa ka mokgwa o tshwanang le oo re neng re sebetsa ka ona pele.

Re le mmuso, re le mekgatlo eo e seng ya mmuso (di-NGO), re le mekga ya dipolotiki, re le difeme tse kgolo le dikgwebo tse nyenyane, re le ditheo tsa ditjhelete, re le mekgatlo ya setjhaba ebile re le Maaforika Borwa, re tla tlameha ho tlwaela mekgwa ena e metjha.

Ha re bitoha koduweng ena, naha ya rona e tla tlameha ho latela motjha wa bohlokwa wa kahobotjha.

Ho etseng jwalo, re tla ipapisa le matla a rona a fapaneng: a moqeqekohadi wa dihlodilweng tsa rona, a meralo ya motheo ya rona e tswetseng pele, a mebaraka ya rona e tebileng ya tsa ditjhelete, a makgabane a rona a pakahaditsweng thekenolojing ya tlhahisoleseding le dikgokahanyo, esita le a botebo ba dineo setjhabeng sa habo rona.

Re tla ipapisa le bokgoni ba rona bo pakahaditsweng bakeng sa ntjhafatso le boiqapelo, bokgoni ba rona ba ho momahana dinakong tsa mathata, le boitlamo ba rona ba e mong ho e mong hammoho le bokamoso ba rona bo tshwanang.
Re tla ithuta malebeleng a lefatshe lohle le bopaki bo botle ka ho fetisisa ba saense, empa re tla loha karabelo e qollehileng ya Afrika Borwa e sebedisang makgabane a rona re le setjhaba.

Mafelo a beke ena ke nako e halalelang ho Maafrika Borwa a mangata.

Ho ba bangata, ho tla ba boima ho qeta nako ena ntle le metswalle le ba lelapa.

Ke kopa hore phirimaneng ena le behe bohle ba tlokotsing, ba futsanehileng ba bile ba dutse ba le bang, menahanong ya lona.

Ke le kopa hore le fane ka eng kapa eng eo le ka e kgonang ho ba imolla merwalo ya bona.

Le hore le nyehele Letloleng la Tshehetsano ka mokgwa ofe kapa ofe oo le ka o kgonang.

Ena ke nako e boima ho rona bohle.

Empa molaetsa wa Paseka ke oo re o jereng dipelong tsa rona phirimaneng ena.

Ke molaetsa wa tshepo, wa tsosoloso le ho tswalwa botjha.

Ha re ntse re tsamaisana tsela ena, ha re ntse re lwanela ho hlola sewa sena, re dula re le matla re bile re kopane mme re tsitsitse.

Ho koptjwa tse kgolo ho lona, haholwanyane ho feta kamoo ho neng ho tshwanela ho koptjwa ka teng.
Empa re a tseba hore taba ena ke ya lefu le bophelo, mme re keke ra hloleha.
Re tla phahama.
Re tla hlola.
A Modimo o hlohonolofatse Afrika Borwa o be o sireletse setjhaba sa yona.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore