Pehelo ka Moporesidente Cyril Ramaphosa mabapi le Kgatelopele e seng e entswe Matsapeng a Naha a ho Fedisa Sewa sa COVID-19

Maafrika Borwa a heso,

Ke lakatsa ho bua le lona phirimaneng ena ka maemo a renang jwale a sewa sa kokwanahloko ya corona Afrika Borwa.

Pele ke etsa jwalo, ke lakatsa ho leboha Maafrika Borwa ohle a ileng a ananela matsatsi a mahlano a ho ila ho tloha mohla la 25 ho isa ho la 29 Pudungwana, ha ho ne ho ilelwa bao ba lahlehetsweng ke maphelo ka lebaka la COVID-19 le ditlhekefetso tse amanang le bong esita le diphenetho tsa basadi.

Ha re ntse re ba hopola jwalo, ha re itlameng ka hore re tla etsa tsohle tse matleng a rona hore re fedise diwa tse pedi tsena re be re pholose maphelo.

Sewa sena sa lefatshe lohle se ntse se tswelapele ho ruthutha lefatsheng ka bophara, mme ho se ho tshwaeditswe ba kahodimo ho 64 milione hammoho le ba ka etsang halofo ya milione ba netefaditsweng hore ba shwele.

Re di bone dinaha tse ngata lefatsheng ka bophara di tobana le maemo a ho ropoha botjha ha kokwanahloko ya corona, mme ho tse ding tsa tsona leqhubu la bobedi le ile la mpefala le ho feta maemo a neng a le hodimo ka ho fetisisa ao ba fetileng ho ona.

Moo Afrika Borwa e neng e le boemong ba bohlano dinaheng tse kahodimodimo ka lenane la ditshwaetso lefatsheng, jwale re se re theohetse boemong ba 14 lefatsheng kaha ditshwaetso di ropohile botjha ka sekgahla se hodimo dinaheng tse ding.

Leha ho le jwalo, ntle le kgatelopele eo re seng re e entse, haesale re ntse re tseba hore e teng kgonahalo ya hore leqhubu la bobedi le be teng Afrika Borwa haeba re sa nke dikgato tse hlokehang tsa ho itshireletsa le ho sireletsa bao re phelang le bona.

Jwale ho na le bopaki bo totobetseng ba ho ropoha botjha ha ditshwaetso dikgutlwaneng tse ding tsa naha ya habo rona, tse ka nnang tsa lebisa tshotlehong e kgolo le ho shweng ha batho, haeba di sa thulwe phatla ntjhotjho.

Sewa sena se se se thefutse naha ya habo rona haholo.

Ke palo yohle e netefaditsweng ya batho ba 800 872 ba seng ba tshwaeditswe ke kokwanahloko ena Afrika Borwa haesale ho tloha ka Tlhakubele.

Ho bao ba tshwaetsehileng, ba seng ba fodile ba ka etsa 92%.

Ho fihlela kajeno, ke batho ba 21 803 ba tsejwang hore ba bolailwe ke COVID-19 Afrika Borwa.

Ka matsatsi a ka bang 100 haesale ho tloha mahareng a Phato, re kgonne ho boloka sekgahla sa ditshwaetso tse ntjha se tsitsitse, e le ditshwaetso tse ntjha tse katlase ho 2 000 ka letsatsi.

Leha ho le jwalo, seo se ile sa fetoha dibekeng tse tharo tse fetileng.

Ho bile le ho phahama ha sekgahla sa ditshwaetso tse ntjha hammoho le keketseho lenaneng la batho ba amohelwang dipetlele.

Bekeng ya pele ya Pudungwana, re ne re ngodisa kakaretso ya ditshwaetso tse ntjha tse 1 500 ka letsatsi.

Ho ella bekeng ya ho qetela ya Pudungwana, lenane lena le ile la iphetapheta ho ya kakaretsong ya ditshwaetso tse ntjha tse ka bang 2 900 ka letsatsi.

Maobane, Afrika Borwa e ngodisitse ditshwaetso tse ntjha tse kahodimo ho 4 400, e leng keketseho e hodimodimo ya ditshwaetso tsa letsatsi le letsatsi haesale ho tloha mahareng a Phato.

Palo yohle ya dikamohelo tsa dipetlele jwale e kahodimo ho 5 800 naha ka bophara ebile e ntse e eketseha.

Dibekeng tse tharo tse fetileng dikamohelo tsena di ne di eme ho 4 900.

Ho na le dibaka tse tharo tsa naha ena moo boholo ba ditshwaetso tsena tse ntjha di etsahalang teng.

Tsona ke Nelson Mandela Bay le Setereke sa Sarah Baartman Kapa Botjhabela, esita le Setereke sa Garden Route Kapa Bophirima.

Dikamohelo tsa dipetlele di phahama haholo diterekeng tsena, ka dinako tse ding di tshwana le tsane tsa nakong ya leqhubu la pele la ditshwaetso.

Kapa Botjhabela le Kapa Bophirima ho bile le keketseho ditlalehong tsa ho shwa ka lebaka la COVID-19 esita le ka mabaka a mang.

Sena se tlameha ho re ngongorehisa bohle.

Ho na le mabaka a mangatanyana a lebisang ho phahameng ha phetisetsano.

Batho ba bangata ba eta ka bongata bo boholo dipakeng tsa diprovense tse fapaneng esita le kahara provense ka nngwe, haholoholo ha ho atamela sehla sa monyaka wa mafelo a selemo.

Boemong ba Garden Route teng, sena se etsahala le metsamaong ya basebetsi ba sebetsang provenseng enngwe empa ba dula ho enngwe, ka dihla tse itseng tsa selemo.

Dikopano tsa setjhaba, tsa botjhaba le tsa dikereke di tshwarwa ka bongata bo boholo.

Hangata dikopanong tsena ho ya batho ba bangata ho feta lenane le dumelletsweng katlasa dithibelo tsa boemo ba pele. Se ngongorehisang ke hore hangata dikopano tsena di tshwarelwa kahara dibaka tseo ho tsona moya o sa fokaeleng hantle.

Sena se etsahala haholo mapatong, moo hangata ho etsuwang meketjana e bitswang “after tears” ha ho kgutluwa mabitleng.

Dipetlele tse ngatanyana tse Toropong e Kgolo ya Nelson Mandela Bay di tlalehile hore ho eketsehile lenane la ba amohelwang ka lebaka la ditemalo tse amanang le jwala.

Jwaloka ha re ile ra bolela nakong e fetileng, dikamohelo tsena tsa ditemalo tse amanang le jwala di faposa bokgoni bo hlokehang ba ho sebetsana le bokudi bo amanang le Covid.

Empa ntho eo e leng yona e bakang ditshwaetso tse ngata ka ho fetisisa ke ya hore batho ba bangata ha ba rwale dimonkwana, ebile ha ba ikamahanye le bohlweki ba sebele le ho qaqolohana.

Jwaloka ha ke ile ka bolela kopanong ya rona ya ho qetela ya lelapa, boemong ba pele, hore re na le dintho tsohle tseo re di hlokang ho laola kokwanahloko ena.

Empa bothata ba rona bo boholo ke ba hore ho na le dikgutlwana tsa naha ena moo batho ba sa ikamahanyeng le dithibelo tse renang hajwale, athe le dikgato tsa mantlha tsa boipaballo ha di latelwe.

Mosebetsi o potlakileng ka ho fetisisa oo re tobaneng le ona hona jwale, ke wa ho kgina keketseho ya ditshwaetso diterekeng tse amehileng tsa Kapa Botjhabela le Kapa Bophirima, re be re netefatse hore maemo a tshwanang le ao ha a etsahale dikgutlwaneng tse ding tsa naha.

Ho thibela sena, re kenya tshebetsong morero wa thibelo ya ho ropoha botjha, oo re o radileng le sehlopha sa phallelo sa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO).

Re etsa hore bokgoni bo tomanyana bo be teng dipetleleng le ditleliniking tsa dibaka tsena.

Re atolla bokenadipakeng ba bophelo bo botle ba setjhaba bo kang ba ho etsa diteko, ho fofonela katamelano, ho tshekwa thajana le ho qhelelwa thookwana.

Re boetse re tiisa matsholo a rona a tlhokomediso mabapi le melawana ya bophelo bo botle ba setjhaba.

Maafrika Borwa a heso,

Re tlameha ho fetola boitshwaro ba rona jwale e le ho thibela ho ropoha botjha ha kokwanahloko ena esita le ho laola ho ropoha ha yona kae kapa kae moo e ka ropohang teng.

Haeba re nahana ka sewa sena jwaloka ha eka ke mollo wa hlaha, re tlameha ho tima malakabe ana ka potlako pele a fetoha kganare.

Ka ho tshwanang, re tlameha ho etsa kahohle kamoo re ka kgonang ka teng hore re boloke moruo o ntse o sebetsa mme re nne re hahamalle pele ka matsapa a rona a kahobotjha le tsosoloso.

Re ipapisitse le mekgwa ya rona e fapaneng ya taolo ya sewa sena, re tla kenya tshebetsong dikgato tse ekeditsweng dibakeng tseo tse hlwailweng e le tseo kokwanahloko ya corona e jeleng setsi ho tsona.

Ha ho hlwauwa dibaka tseo e jeleng setsi ho tsona, ho nkelwa hloohong lenane la ditshwaetso tse ntjha tsa COVID-19 ka letsatsi, sekgahla sa ho etsuwa ha diteko setjhabeng, sekepele sa batho ba nang le tshebedisano mmoho setjhabeng, lenane la ditshwaetso tse phelang, lenane la ba amohetsweng sepetlele le lenane la ba shweleng.

Kamora kgothaletso ya Lekgotla la Naha la Taolo ya Kokwanahloko ya Corona (NCCC) esita le kamora ho dula majwana le Ditonakgolo, le bomajoro ba ditoropo tse kgolo le baetapele ba setso, Kabinete e nkile qeto ya ho phatlalatsa Masepala e Moholo wa Nelson Mandela Bay e le moo kokwanahloko ya corona e jeleng setsi teng.

Ho eketsa hodima melawana e renang ya boemo ba pele, dithibelo tse latelang tse ekeditsweng di tla sebetsa Toropong e Kgolo ya Nelson Mandela Bay ho tloha ka kgitla kajeno:
- Dihora tsa qomatsi di tla ba dipakeng tsa hora ya leshome bosiu le ya bone ka meso.
Sena se bolela hore, ntle le ha ho e na le maemo a ditshohanyetso, ha ho motho ya tshwanetseng ho tswa moo a dulang teng dipakeng tsa dihora tseo.

Sena ha se ame basebetsi ba ditshebeletso tsa mantlha ba dumelletsweng ho sebetsa nakong ya dihora tseo.

  • Thekiso ya jwala mabenkeleng e tla dumellwa feela dipakeng tsa hora ya leshome hoseng le ya botshelela mantsiboya, ho tloha ka Mantaha ho fihlela ka Labone.
  • Ho nowa ha jwala dibakeng tsa setjhaba tse kang mawatleng le diphakheng, ha ho a dumellwa ho hang. Sena se a hlokeha e le ho thibela dikgobokano tse kgolo tsa setjhaba.
  • Dikopano, ho akga le dikopano tsa dikereke, ha di a tshwanela ho ba le batho ba kahodimo ho 100 bakeng sa diketsahalo tse etsetswang kahare dibakeng tseo di tshwaretsweng ho tsona, esita le 250 bakeng sa diketsahalo tse kantle lepalapaleng.

Ka dinako tsohle, palo yohle ya lenane la batho ba sebakeng se itseng ha e a tlameha ho feta halofo ya mothamo kaofela o tlatsang sebaka seo.

  • Ya ho qetela, dikgobokano tsohle tsa ha ho kgutluwa mabitleng ha di a dumellwa.

Dikgato tsena tse ekeditsweng di a hlokeha e le ho kgina ho ropoha botjha ha kokwanahloko ena Nelson Mandela Bay, le ho thibela ho ropoha ho bakwang ke dikgobokano tsa setjhaba hammoho le ho sireletsa bokgoni ba tsamaiso ya bophelo bo botle ya ho fana ka tlhokomelo ho bao ba e hlokang.

Ho ipapiseng le dithibelo tsena, re habile ho nka dikgato tseo tse hlokehang ka ho fetisisa ho pholosa maphelo, ha ka ho le leng re notla ditshitiso moruong.

Kamora ho kgokgahanya puo le baetapele ba setso, re dumellane ka hore lebollo la lehlabula le ka tswela pele Kapa Botjhabela.

Sena se etsahala ka lebaka la hobane baetapele ba setso ba Kapa Botjhabela ba tlisitse leano le fetofetotsweng la ho thibela dikotsi le ananetsweng ke Lefapha la Bophelo bo Botle le la Puso ya Tshebedisanommoho le Merero ya Setso.

Leano lena le akga tsitlallelo e matla ditsamaisong tsa bophelo bo botle, ho akga le tlhahlobisiso ya bahwera, ho fana ka disebedisuwa tsa boitshireletso hammoho le phano ya metsi bakeng sa bohlweki le ho thibela ho fellwa ke metsi mmeleng.

Leha ho le jwalo, ka lebaka la sekgahla se hodimo sa ditshwaetso toropong eo e kgolo, ha ho mabollo a tla dumellwa Nelson Mandela Bay.

Dikgato tse nkuwang Nelson Mandela Bay ha di a rerelwa ho fumantsha badudi ba teng kotlo.

Ha di a rerelwa ho eketsa maima ao baahi ba habo rona ba seng ba fetile ho ona.

Dikgato tsena di a hlokeha e le ho kgina ho ata ha kokwanahloko le ho pholosa maphelo.
Matsatsing a tlang Letona la Bophelo bo Botle le tla etela Setereke sa Sarah Baartman le sa Garden Route, e le ho sekaseka maemo le ho bontshana le ba amehang ba fapafapaneng diprovenseng tseo.

Ho ya ka tshekatsheko ena hammoho le ho ata ha lefu lena dibakeng tsena, NCCC e tla nka qeto mabapi le kgato e tshwanelehileng e tla nkuwa.

Ho netefatsa hore re boloka maemo a renang a dikgato tsa thibelo, Maemo a Koduwa ya Naha a tla atollwa ho fihlela ka la 15 Pherekgong 2021, ho ipapisitswe le Molao wa Taolo ya Dikoduwa.

Dithibelo tsohle tse teng tsa boemo ba pele di tla dula di sebetsa naha ka bophara.

Re na le disebediswa tsohle tseo re di hlokang ho thibela ho ropoha botjha ha kokwanahloko ena naha ka bophara.

Re ka etsa jwaana ha feela e mong le e mong a etsa seo a tshwanelang ho se etsa.

Re ka kgona feela ho thibela leqhubu la bobedi haeba bohle re hlompha melawana e beilweng bakeng sa tshireletso ya e mong le e mong.

Molemong wa polokeho ya rona bohle, bao ba tlolang melawana ena ba tlameha ho le tjamela.

Re laetse bahlanka ba qobello ya molao hore ba netefatse hore ho ikamahanngwa le molao ke beng, ke balaodi le baokamedi ba mesebetsing, mabenkeleng, ditheong le meahong, e le ho netefatsa hore batho ba a qaqolohana ba bile ba rwala dimonkwana.

Balaodi ba ditekesi le bona ba lebelletswe hore ba netefatse hore bapalami ba bona ba rwala dimonkwana.

Ho eketsa moo, e mong le e mong wa rona o lebelletswe hore a ikamahanye le dinako tsa qomatsi.

Ha ho sebetswa ka dikgato tsa ho kgina ho ropoha botjha dibakeng tseo kokwanahloko e jeleng setsi ho tsona, matsapa a naha a tswela pele ho matlafatsa bokenadipakeng ba bophelo bo botle ba setjhaba bo kang tlhahlobisiso ya setjhaba, keketseho ya ho etswa ha diteko, ho fofonela katamelano le ho buisana ka diphetoho tsa boitshwaro.

Jwaloka ha re ile ra bolela nakong e fetileng, tshireletso e phethahetseng eo re tla ba le yona kgahlanong le COVID-19, e tla ba ente.

Mothating wa jwale ho na le dikgato tse ngata lefatsheng tsa ho akofisa ho etsuwa ha ente ena.

Re tswela pele ho sebedisana le balekane ba rona lepatlelong la matjhaba, e le ho netefatsa hore dinaha tsohle di kgona ho fumana ente e sebetsang ka bokgabane ebile e fihlelleha ka ditheko.

Le rona re kenya letsoho Letseteng la Phihlello ya Ente ya Lefatshe ya COVID-19 la WHO, le tsejwang ka hore ke letsete la Covax, le reretsweng ho bokella mehlodi le ho abelana ka tlokotsi ya ntshetsopele ya ente ena, ebe ho netefatswa hore ho ba le phihlello e lekanang ya diente hang ha di se di fumaneha.

Re kgothaditswe ke hore Letlole la Tshehetsano le tla kenya nyehelo ya pele ya R327 milione, e habileng phumantshong ya ente ena lebitsong la naha ya habo rona.

Re boela re kgothatswa ke diphetho tse tshepisang tsa diteko tse tharo tsa diente tsa boiketo, tse bontshitseng tshebetso e ntle e dipakeng tsa 70% le 90%.

Re emetse tiiseletso e tswang ho balaodi ba meriana ya hore diente tsena di bolokehile, di sebetsa hantle di bile di loketse ditlhoko tsa rona.

Kwano Afrika Borwa, Lekgotla la habo rona la Taolo ya Dihlahiswa tsa Bophelo bo Botle (SAHPRA) le tla hlopha botjha dikopo tsa kananelo ha di se di amohetswe ho tswa ho baetsi ba tsona, le be le tjhaelle tshebediso ya tsona monwana.

Empa ha re hopoleng hore, ho fihlela ente e jwalo e etsuwa ebile e nanabetswa setjhabeng, re tlameha ho dula re ntse re itshireleditse ka ho fetisisa kgahlanong le COVID-19.

Ke ka diketso tsa rona tsa letsatsi le letsatsi moo re tla ipoloka borona hammoho le ba bang.

Ke ka ho rwala semonkwana ka dinako tsohle ha o le kahara batho.

Ke ka ho ikamahanya le ho qaqolohana esita le ho qoba dikopano tse kgolo le bokahare ba dibaka moo moya o sa fokaeleng hantle.

Ke ka ho hatlela le ho bolaya dikokwanahloko kgafetsa matsohong a rona.

Re ka boela ra itshireletsa ka ho monyolla mobile app ya Covid Alert SA e re tsebisang haeba re pepesehile kokwanahlokong ena, mme e thuse le ho kgaola ketane ya phetisetsano.

E kgothatsa haholo taba ya hore app ya Covid Alert SA jwale e se e monyollotswe ke Maafrika Borwa a milione e le nngwe.

Haeba ho na le ntho eo sewa sena se re rutileng yona, ke kotsi ya boitshepo ba bowatla.

Ho pharalla le lefatshe, dinaha tseo ho tsona ditshwaetso di fokotsehileng, di ile tsa nyehlisa dithibelo athe di tla kopana le leqhubu la bobedi le mpefetseng le ho feta, yaba di qobelleha hore di boele di kgutlise dithibelo tsa metsamao ya batho, tsa dikopano le tsa diketsahalo tsa moruo.

Haeba ho kile ha eba le nako ya ho ba sedi, nako eo e hona jwale.

Sehla sa monyaka wa mafelo a selemo se ntse se atamela.

Dikolo le ditheo tsa thuto e phahameng haufinyana di tla kwala bakeng sa phomolo ya lehlabula.

Boholo ba lona le se le dihela dikgala mesebetsing mme haufinyane le tla be le le malapeng le ba malapa a lona.

Boholo ba lona le hlophisetsa ho eta hore le ilo kopana le metswalle le ba leloko.

Ho eta ho na le ditlokotsi tse kgolo tseo re ka di fokotsang ka ho qoba maeto a sa hlokeheng.

Re ka boela ra fokotsa kotsi ya ditshwaetso ka ho rwala dimonkwana ha re le dipalangweng tsa setjhaba, re dule re butse difenstere tsa koloi re be re tsitlallele dikgato tsa thibelo ha re fihla moo re yang.

Ka tlwaelo sehla sa lehlabula ke nako ya ho kopana ha setjhaba, ya ho ya menateng le diketsahalong tse ding, ya ho ja lekomo manyalong, ya dikopano tsa dikereke le ya dibakeng tsa setjhaba le tsa poraefete.

Dikgobokano tsena tsa setjhaba di ka fetoha diketsahalo tse ‘kgolo tsa ho hasa’ tse nang le kotsi e kgolo ya phetisetsano ya kokwanahloko ena.

E mong le e mong wa rona o tlameha ho netefatsa hore o nka boikarabelo ba ho qoba ho hasa kokwanahloko ho ba malapa a rona, haholoholo metsofe.

Re tshwanela ho etsa dikopano tse nyenyane mme re di tshwarele kantle kapa dibakeng tseo ho fokaelang moya hantle ho tsona, re netefatse hore re a qaqolohana ebile re rwala dimonkwana kahohle kamoo re ka kgonang ka teng.

Re tlameha ho hopola hore leha e le mona re batla ho qhanolla re kgatholohe, kokwanahloko yona ha e phomole.

Selemo sena se bile boima ho rona re le naha.

Se lekisitse botsitso ba rona hampehadi sa ba sa qobella e mong le e mong wa rona hore a intshe sehlabelo.

Empa leha matsatsi a phomolo a atamela, ha re ka ke ra itebala.

Haeba re sa nke boikarabelo ka maphelo a rona le maphelo a ba bang, batho ba bangata ba tla tshwaetseha. Batho ba bangata ba tla shwa.

Dikgweding tse robedi tse fetileng, batho ba bangata ba hlokahalletswe ke batswadi, ke bana babo bona, ke balekane, ke metswalle le basebetsi mmoho ka lebaka la COVID-19.

Re le setjhaba, re lahlehetswe ke basebetsi ba bangata ba sebete ba neng ba tshwere teu mme ba hlokometse bao ba neng ba le dipetlele le ditleliniking.

Re lahlehetswe ke basebetsi ba ditshebeletso tsa mantlha, ba neng ba thusa ho boloka naha ena e ntse e sebetsa nakong ya ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha.

Re lahlehetswe ke matitjhere a neng a e ya sekolong kamehla, a ilo tshehetsa baithuti ba rona ba materiki hore ba kgone ho ngola ditlhahlobo tsa bona tsa makgaolakgang.

Re tlamehile, ka lebaka la bohle bao maphelo a bona a kgutsufaditsweng ka sehloho ke kokwanahloko ena e bolayang, hore re se ke ra dumella tshotleho e kang eo le mahlonoko hore di etsahale malapeng a mang a mangata le ho feta.

Re tlamehile, ka lebaka la metswalle ya rona le ba leloko esita le bao re phelang le bona.

Re tlamehile, ka lebaka la naha ya habo rona, hobane ho ropoha botjha ha kokwanahloko ena ho tla thefula tsosoloso ya moruo wa habo rona, ho thefule matsapa a rona a ho kgutlisa le ho thea mesebetsi esita le phano ya rona ya ditshebeletso setjhabeng.

Empa haholoholo, re a tlameha ka lebaka la rona, e mong ho e mong, hobane kokwanahloko ena e re ama bohle.

Phirimaneng ena re ema re tshehetsa setjhaba sa Toropo e Kgolo ya Nelson Mandela Bay ha se ntse se sebetsa ka thata e le ho kgina ho ropoha hona.

Ke na le tshepo e kgolo ya hore boetapele ba Kapa Botjhabela bo tiisitse meqheleba ebile bo tla etsa tsohle tse hlokehang ho fokotsa sekgahla sa ditshwaetso hape.

Ke etsa kgoeletso ho e mong le e mong wa lona hore a hopole bao maphelo a bona a seng a lahlehile esita le maphelo a bohlokwa ao re ntseng re tshwanela ho a baballa.

Dikgweding tse robedi tse fetileng, re ile ra atleha ho bea kokwanahloko ena taolong ka ho tshwarana ka matsoho.

Re lwantshitse sewa sena ka dintho tsohle tseo re neng re e na le tsona.

Ka matsapa a rona a kopaneng, re pholositse diketekete tsa maphelo ao ka mohlomong a neng a ka lahleha ho sa hlokahale.

Jwale, kaha lenane la ditshwaetso le qala ho nyoloha hape, ha re ka ke ra nyahlatsa dikatleho tseo re ileng ra di fihlella.

Ha re ka ke ra kgutlela matsatsing a lerootho a Phuptjane le Phupu, ha phetisetsano ya kokwanahloko ena e ne e pharalletse mme le maphelo a ba malapa a rona le metswalle a le tlokotsing.

Jwaloka ha re tseba hore ho ka nna ha etsahala hore leqhubu la bobedi le fihle, re a tseba le hore le ka qobeha.
Kahoo, phirimaneng ena ke le kopa hore le boele le itahlela ka setotswana ntweng ena.
Re ka kgona ho thibela kokwanahloko ena hore e se ke ya ata le ho feta, ha feela re nka dikgato tse tshwanelehileng hona jwale.

Jwaloka ha re ile ra etsa matsatsing a pele a sewa sena, ha re momahaneng re be re tshwaraneng ka matsoho.

Re tla e feta nako ena ya mathata jwaloka ha le pele re ile ra di feta le tse ding.

A Modimo o hlohonolofatse Afrika Borwa o be o boloke le setjhaba sa yona.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore