Moporesidente Cyril Ramaphosa: Puo ya Boemo ba Naha 2018

Puo ya Boemo ba Naha ka Moporesidente wa Riphaboliki ya Aforika Borwa, Monghadi Cyril Ramaphosa

Motsamaisi wa Dipuisano wa Seboka sa Naha (NA), Mofumahadi Baleka Mbete,
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diporofense (NCOP), Mofumahadi Thandi Modise,
Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa NA le Motlatsi wa Modulasetulo wa NCOP,
Moporesidente wa Mehleng Thabo Mbeki,
Moporesidente wa Mehleng FW de Klerk,
Moahlodi e Moholo Mogoeng Mogoeng le ditho tsohle tse kgabane tsa boahlodi,
Matona le batlatsi ba Matona,
Ditonakgolo le Batsamaisi ba Dipuisano ba Makgotla a Ketsamolao a Diporofense,
Modulasetulo wa Lekgotla la Mmuso wa Dibaka la Aforika Borwa le Bomajoro bohle ba Phethahatso ba teng,
Dihlooho tsa Ditheo tse Tshehetsang Molaotheo,
Modulasetulo wa Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso,
Baetapele ba mekgatlo ya Ditumelo tse fapaneng,
Motsamaisi wa Dipuisano wa Mehleng Ngaka Frene Ginwala,
Motsamaisi wa Dipuisano wa Mehleng Monghadi Max Sisulu,
Baeti ba teng,
Mekaubere ya ntwa ya tokoloho,
Ditho tsa bodiplomate,
Ditho tse hlomphehang,
MaAforika Borwa a heso.

Ke tlotla e kgolo ho nna ho fumana sebaka le monyetla wa ho tshetleha Puo ena ya Boemo ba Naha (SoNA).
Puo ena e ne e lokela ho tekwa bekeng e fetileng, empa e ile ya diehiswa ho etsetsa hore re kgone ho laola dintlha tsa neeletsano ya sepolotiki ka nepo le ka hloko.

Ke lakatsa ho leboha Ditho tse Hlomphehang le batho ba Aforika Borwa ka mamello le boikokobetso ba bona.

Hape ke lakatsa ho fetisetsa lentswe la teboho ho Moporesidente wa mehleng Jacob Zuma ka mokgwa oo a ileng a sebetsana le tsamaiso ena e boima ebile e le hlokolosi.

Ke lakatsa ho mo leboha ka tshebeletso ya hae setjhabeng nakong ya dihla tsa hae tse pedi tseo e bileng Moporesidente wa Riphaboliki ka tsona, e leng nakong eo naha e entseng kgatelopele e bonahalang dinthong tse ngata tsa ntshetsopele. Ke buile le Moporesidente Jacob Zuma maobane mme o re lakaleditse mahlohonolo bakeng sa SoNA ena.

MaAforika Borwa a heso,

Ka matsatsi a ka hodima a 150 ho tloha jwale, batho ba lefatshe ba tla kopana ketekeng sehopotso sa selemo sa bo-100 sa tswalo ya Nelson Rolihlahla Mandela.

Ke letsatsi leo ka lona rona, re le MaAfrika Borwa, re tla hopola bophelo ba e mong wa baetapele ba kileng ba babatseha ka ho fetisisa bao naha ena le kontinente – bonneteng, eo lefatshe – le kileng la mo tseba.

Re tla ba le monyetla wa ho hetla morao leetong la Madiba le letelele la tokoloho, bohlale ba hae, boikokobetso bo sa thekeseleng, kutlwelobohloko le botshepehi ba hae bo batlehang.

Re nyehetse selemo sena sa 2018 ho mo hopoleng mme re tla tela tsohle, re etse mekutu yohle, esita le ntho e nngwe le enngwe eo re e buang, hore re fihlelle tjhebelopele ya hae ya setjhaba sa demokerasi, sa toka le tekano.

Re tataiswa ke mohlala wa hae, re tla sebedisa selemo sena ho matlafatsa boitlamo ba rona boitshwaro bo botle le boetapele bo botle.

Ha re keteka dilemo tse lekgolo tsa Nelson Mandela, ha re hlomphe tse fetileng feela, empa re aha bokamoso haholoholo bokamoso boo Mandela a neng a bo labalabela.

Re tswelapele ka leeto le letelele leo a le qadileng, ho aha setjhaba moo bohle ba ka lokolohang, moo bohle ba ka lekanang ka pela molao ebile e le moo bohle ba ka arolelanang maruo a naha ya rona mme re be le bophelo bo betere.

Re aha naha moo makgabane a motho a lekanngwang ho ya ka boikitlaetso ba hae esita le ho sebetsa ka thata, e seng ho ya ka mmala wa letlalo la hae, moo a hlahetseng teng, bong, puo kapa lekeno la batswadi ba hae.

Ke batla ho thasisetsa polelo ya ka le ka se Afrikaans.

[Ek wil dit ook in Afrikaans se:

Ons bou ’n land waarin ’n persoon se vooruitsigte bepaal word deur sy eie inisiatief en harde werk, en nie deur sy velkleur, geboorteplek, geslag, taal of sy ouers se inkomste nie.]

Monongwaha re boela re keteka dilemo tse lekgolo tsa mohale e mong wa ntwa ya rona, Albertina Nontsikelelo Sisulu.

Ka bophelo ba hae bo babatsehang le nyehelo e kgabane, o hlalositse hore na ho ba molwanedi wa tokoloho ke ho ba eng, moetapele eo e leng mosebeletsi wa batho ya ikitlaeditseng a bile a na le boitshwaro bo botle.

Ka boetapele ba hae, e bile lehokela la motheo dipakeng tsa tokoloho ya naha le tokoloho ya bong. Ha re tshwaya dilemo tsa hae tse lekgolo, re tiisa botjha hore ha ho tokoloho e ka phethahalang ebile ha ho setjhaba se ka lokolohang ho fihlela basadi ba sona ba lokolohile.

Re tlotla mora enwa, Nelson Rolihlahla Mandela le moradi enwa eo e leng letswallwa la Aforika, Albertina Sisulu, selemong sa diphetoho, selemong sa ntjhafatso, selemong sa tshepo. Ha re ba tlotle feela ka molomo, empa, haholoholo, ka mesebetsi e otlolohileng e lebisang phihlellong ya tjhadimo ya bona e tshwanang ya setjhaba se betere.

Re lokela ho tlotla Madiba ka ho lebala ka mehla ya diqhwebeshano, dikarohano le ho se tshepane. Re lokela ho lebala ka mehla ya ho nyotobela ha ditheo tsa setjhaba esita le boitshepo bo thefulehileng ba baetapele ba naha ya rona. Re lokela ho lebala ka tse mpe tseo e leng kgale di tshwenya naha ya rona hobane mahlasedi a matjha a re tjhabetse ebile mahlasedi a babatsehang a fihlile.

Ke mahlasedi a matjha a hahlametsweng ke menahano ya rona e kopanetsweng ya Nelson Mandela le diphetoho tse utollohang. Ha re ntse re tlhotlhora tsohle tse mpe dikellong tsa rona, re lokela ho tiisa botjha tumelo ya rona ya hore Aforika Borwa ke ya bohle ba phelang ho yona.

Hobane leha re le batho ba sa tshwaneng, re setjhaba se le seng.

Re 57 milione, e mong le e mong ka dinalane tse fapaneng, dipuo, botjhaba, malebela le ditabatabelo.

Empa re tlamahantswe mmoho ke sepheo se le seng sa hore re maAforika Borwa.

Kahoo, re lokela ho leboha baholoholo ba rona – batho ba kang Pixley ka Seme, Charlotte Maxeke le Morena Albert Luthuli – ba neng ba utlwisisa tlhokeho ya momahano le selekane sa batho bohle ba naha ena e kgabane.

Re setjhaba se le seng.

Re batho ba le bang, ba ikemiseditseng ho sebetsa mmoho ho fumanela batjha mesebetsi; ho aha difeme le mebila, matlo, le ditliliniki; ho hlophisetsa bana ba rona ho lokela lefatshe la diphetoho le kgatelopele; ho aha ditoropo tse kgolo le ditorotswana moo malapa a ka bolokehang, a be le tshebetso, le kgotsofalo.

Re ikemiseditse ho aha setjhaba se tsejwang ka tlhompho le seriti, se sa mamelleng ho utsuwa ha mehlodi ya setjhaba, kapa boshodu ba batlodi ba molao ba dikgwebo tse kgolo ba utswang dipoloko tse sebeleditsweng ka thata ke batho ba tlwaelehileng.

Leha e le hore ho na le dintho tse ngata tseo re ka nnang ra fapana ka tsona, empa ditabeng tsena tsa bohlokwa, re ntho e le nngwe.

Re a tseba hore ho ntse ho na le boholo bo re arohanyang.

Re dula re ntse re le setjhaba se sa lekaneng haholo, moo bofuma le monono di ntseng di hlaloswa ka morabe le bong.

Re fuwe boikarabelo jwaloka maAforika Borwa ba ho aha setjhaba se setjha, ho tobana le ditlhokeho tsa toka tsa nako e fetileng esita le ho se lekalekane ho renang jwale.

Re bileditswe ho etsa sena tlasa maemo a boima.

Boemo boo re leng ho bona re le setjhaba ke ba hore leha bofuma bo theohile haholo ho latela ho fihla ha demokerasi ka 1994, re bone re ntse fatela morao dilemong tsa moraorao tjena.

Sekgahla sa bofuma se ile sa phahama ka 2015, leqeme la mesebetsi le phahame athe le ho se lekane ho ntse ho tswela pele.
Ka dilemo tse ngatanyana, moruo wa rona ha o e so hole ka sekgahla se hlokehang bakeng sa ho thea mesebetsi e lekaneng, ho etsetsa hore re kgone ho inola batho ba habo rona bofumeng.

Ditjhelete tsa setjhaba di notlilwe, mme seo se kgina bokgoni ba mmuso ba ho atolla botsetedi ba ona ntshetsopeleng ya moruo le kahisano.
Ntle le maemo ana a qholotsang, re kgonne – re sebetsa mmoho – ho fihlella kgatelopele ya ho ntlafatsa maphelo a batho ba habo rona.

Esita le katlasa maemo a kgolo e fokolang, moruo wa rona o theile mesebetsi, empa e seng ka sekgahla se hlokehang sa ho kwenya ba batjha mesebetsing.

Sena se bolela hore ha re ntse re hahamallela maemo a hodimo a kgolo ya moruo le matsete, re lokela ho nka dikgato tsa tlatsetso ho fokotsa bofuma le ho kgahlanyetsana le ditlhoko tsa ba sa sebetseng naheng ya rona.

Haesale ho tloha qalong ya Palamente ya hajwale, mananeo a rona a kgiro setjhabeng a theile menyetla ya mesebetsi e kahodimo ho 3,2 milione.

Ha re sheba leqeme la mesebetsi le jeleng setsi, menyetla ena e tswela pele ho fana ka lekeno le hlokehang haholo, ka melebela a mosebetsi le thupello.

Re nkile dikgato tsa ho fokotsa ditjeo tsa maemo a ho phela a batho ba habo rona, haholoholo ba kojwana di mahetleng. Ditjeo tsa maemo a ho phela di ntse di hlwa mekwalaba.

Lenaneo la Mmuso la Ditshebeletso tsa Mantlha tsa Mahala hajwale le tshehetsa malapa a kojwana di mahetleng a kahodimo ho 3,5 milione.

Ditjhelete tsa dithuso tsa mmuso tse kahodimo ho 17 milione di a lefuwa kgwedi ka nngwe, mme di tswela molemo setjhaba se ka etsang karolo ya nngwe borarong. Ditjhuso tsena tsa ditjhelete di phahamisitse maphelo a batho ba habo rona ebile di ananelwa ke bona batho ba habo rona.

Re a tseba, leha ho le jwalo, hore haeba re batla ho kgaola tepo ya bofuma, re lokela ho ruta bana ba bahloki.

Haesale re ntse re tsitlalletse ho re sena se qale dikolong tsa dikonyana.

Kajeno re na le bana ba ka bang milione ditsing tsa ntshetsopele ya dikolo tsa dikonyana.

Re bona dintlafalo diphethong tsa tsamaiso ya rona ya thuto ya motheo.

Sekgahla sa katleho dithutong tsa materiki se eketsehile ho tloha ho 60,6% ka 2009 ho ya ho 75,1% ngwahola.

Hajwale ho na le baithuti ba ka fihlang ho milione ba ngodisitsweng boemong ba thuto e phahameng, lenane le nyolohileng ho feta la kahodimonyana ho 500 000 la ka 1994. Seo se bontsha kgatelopele.
    
Ha re kena lepatlelong le letjha, re ikitlaelleditse ho aha hodima dikatleho tsena, ho lwantshana le diphephetso tse re tobileng esita le ho akofisa kgatelopele mabapi le ho aha setjhaba se tswetseng pele se bile se lekana.

Re bone ho hlaphohelwa ho hotlenyana moruong wa rona esita le ho hlaphohelwa ho batsi, ho tsitsitseng moruong wa lefatshe lohle.

Ditheko tsa dihlahiswa di ntlafetse, mme di ntse di ntlafala ho ya pele athe le difeme di amohela dipeheletso tse ngata tsa ho reka dihlahiswa, mebaraka ya dithoto e phahame, ranta e matlafetse mme ho na le matshwao a hore tshepo ya batsetedi e ntse e phahama.

Re nkile dikgato tse matla tsa ho rarolla matshwenyeho a amanang le tlhokeho ya botsitso dipolotiking ebile re ikemiseditse ho netefatsa boteng ba botsitso le boitjaro ba maano.

Ho na le moya o matla wa tshepo ka hara batho ba habo rona.

Batho ba habo rona ba na le tshepo ka bokamoso.

Boitshepo ba kgwebo bo ntlafetse dikhamphaneng tsa Aforika Borwa mme batsetedi ba melata ba shebile botjha menyetla e teng naheng ya rona.

Ditheo tse ding tsa ditjhelete di hlwaile Aforika Borwa e le o mong wa mebaraka e matla e runyang bakeng sa selemo sa 2018.

Mosebetsi wa rona, re le maAforika Borwa, ke ho mamarela motsotso ona wa tshepo le ntjhafalo, esita le ho sebetsa mmoho ho netefatsa hore o etsa phapang e bonahalang maphelong a batho ba habo rona.

Monongwaha, re tla be re thakgola dikgato tsa ho beha naha tseleng e ntjha ya kgolo, mesebetsi le diphetoho.

Re tla etsa sena ka ho mema balekane ba rona ba kahisano ka hara naha ho kena kgabong le rona mabapi le ho aha kahisano e momahaneng eo ho yona re tla utolla basusumetsi ba tsosoloso ya moruo.

Re lokela ho aha ho ya pele momahano hammoho le bahwebi le bosebetsi ho kgutlisa boitshepo esita le ho thibela ho theolwa ha maemo a botsetedi hape.

Diqeto tse boima di tshwanela ho nkuwa bakeng sa ho kwala dikgeo ditjheleteng tsa mmuso, re tsitsise mekitlane ya rona re be re kgutlise maemo a matle a dikgwebo tsa mmuso.

Setsiketsing sa lethathama la lenaneo la rona la naha ka 2018, ke ho thea mesebetsi, haholoholo bakeng sa batjha.

Re tlilo sebetsana le dikgato tse mengata tsa ho rarolla phephetso ya leqeme la mesebetsi.

E nngwe ya dikgato tsena e tla ba ho epa Seboka sa Mesebetsi dikgweding tse mmalwa tse tlang, ho nyalanya bohlokwa ba tlhahiso ya mesebetsi le matsapa a lekala le leng le le leng esita le e mong le e mong ya amehang.

Seboka se tla tsepamiso maikutlo ho seo re tshwanelang ho se etsa ho netefatsa hore moruo wa rona o a hola ebile o ba le dihlahiswa tse tomanyana, hore dikhamphane di tsetela haholwanyane, hore basebetsi ba matlafatswa haholwanyane, le hore meralo ya rona ya motheo ya moruo le yona e a atollwa.

Re tla lebella hore seboka sena se tle le ditharollole dikgato tse tshwarehang tse tla kenngwa tshebetsong hanghang.

Re tla sututsa ka matla monogwaha ho kgothaletsa matsete a matjha a bohlokwa moruong wa rona.

Ho fihlela sena, re tla epa pitso ya botsetedi dikgweding tse tharo tse tlang, re tsepamisitse maikutlo ho batsetedi ba lapeng le ba matjhaba, ho bapatsa menyetla e hohelang e teng e tla fumaneha naheng ya rona, mme menyetla e jwalo e teng ka bongata.

Re tlo rarolla ho nyotobela ha dilemo tse ngata ha bokgoni ba rona ba tlhahiso, bo thefutseng mesebetsi le diyantle.

Re batla ho tsosolosa diindaseteri ka sekgahla le lebelo le tla hohela dimilione tsa ba tsomang mesebetsi hore ba kene moruong.

Re tla bapatsa matsete a maholo makaleng a ka sehloohong a tlhahiso, ka tshebediso ya mawa a ditsiane le mekgwa e meng e mengatanyana eo mmuso o nang le yona.

Ho hotetsa tlhase ya tlhahiso ho ya pele, re tla hahamalla pele ka lenaneo la tshebediso ya dihlahiswa tsa kwano lapeng, leo ka lona dihlahiswa tse kang masela, diaparo, fenetjhara, thepa ya diterene le dimitara tsa metsi di reretsweng ho rekwa kwano lapeng.

Re se re sebedisitse tjhelete e kahodimo ho R57 bilione thepeng e hlahisitsweng kwano lapeng tse ka beng di rekilwe dinaheng tse ding. Seo ke tlhahiso ya mesebetsi ka ditlalapeng le diyantle.

Mabatowa a ikgethang a moruo a dula e le disebediswa tsa bohlokwa tseo re tla di sebedisa ho hohela matsete a mawa a dinaheng tsa kantle le a kwano lapeng ka kotloloho, le ho aha bokgoni ba diindaseteri tse hlwailweng esita le ho thea ditsha tse ntjha tsa diindaseteri ho phatlalla le naha ya rona.

Motjha wa kaho ya diindaseteri o lokela ho matlafatswa ka diphetoho.

Ka mekgwa e kang ya lenaneo la tshekamelo ya ho reka thepa ya kwano lapeng le la boraindaseteri ba batsho, re ntshetsapele moloko o motjha wa bahlahisi ba banna le basadi ba batho ba batsho ba kgonang ho aha dikgwebo tsa boemo le bokgoni ba bohlokwa.

Re tla ntlafatsa bokgoni ba rona ba ho tshehetsa diporofeshenale tsa batho ba batsho, ho sebetsana ka matla le dikhamphani tse hanang diphetoho, re sebedise leano la qothisano ya lehlokwa ho bulela batho ba batsho ba qalang ho kena mebarakeng, esita le ho tsetela ntshetsopeleng ya dikgwebo tsa makeisheneng le tsa dibaka tsa mahaeng.

Phetoho e potlakileng ya moruo e hloka hore re ntlafatse ka botebo maemo a basadi ba batho ba batsho le setjhaba sa rantsho moruong, ho netefatswe hore ke beng ba thepa, batsamaisi, bahlahisi mme qetellong, ba bang ba bona ba ka qetella e le batsetedi.
 
Phephetso ya rona e bohloko ebile e tetebetsa ka ho fetisisa ke leqeme la mesebetsi batjheng.

Kahoo ke taba e potlakileng ya hore re hohele batjha ka bongata ba bona, hore ba kene diketsahalong tsa moruo wa tlhahiso naheng ya rona.

Batjha ba maAforika Borwa ba tla bewa setsiketsing sa lethathama la lenane la moruo wa rona.

E se ntse e le bona ba bopang karolo e kgolo ya basebetsi diporojekeng tsa rona tsa meralo ya motheo, ebile ke bona ba mantlha ba folang melemo mananeong a kang a ho kenngwa ha difuthumetsi tsa metsi tse sebetsang ka matla a letsatsi esita le a ho lwantsha metsi a dutlang. Re boetse re nka dikgato ho kenyeletsweng ha batjha ba rona twantshong ya diphephetso tsena .

Re tswela pele ho hohela  batjha ka bongata ba bona, hore ba kene diketsahalong tsa moruo wa tlhahiso ka mananeo a kang Ditsiane tsa Lekgetho la Kgiro.

Ha re sebetsa ka selekane le baemedi ba dikgwebo, ba mekgatlo ya basebetsi le ba setjhaba, re hlahisa menyetla bakeng sa batjha hore ba rue tsebo mapatlelong a mesebetsi ka boithuto ba mesebetsi, dithupello mesebetsing, botataisuwa le bohwebi.

Kgweding e tlang, re tla thakgola kgato ya Tshebeletso ya Kgiro ya Batjha, e tla kenya batjha ba sa sebetseng boithutong ba mesebetsi bo lefang dikhamphaneng ho phatlalla le moruo.

Re le mmoho le balekane ba rona kgwebong, re dumellane ka ho hlahisa menyetla e jwalo ya boithuto ba mesebetsi e milione dilemong tse tharo tse tlang.

Haeba re batla ho arabela ka bokgabane ditlhokong tsa batjha, ho bohlokwa hore batjha ba hlahise maikutlo a bona ba be ba kgone ho buisana le mmuso boemong bo hodimodimo.

Ho fihlella sena, ke tla thea Setlamo sa Tshebetso sa Batjha se emetseng batjha bohle ba maAforika Borwa ho netefatsa hore maano le mananeo a rona a ntshetsapele ditabatabelo tsa bona.

Botsetedi ba meralo ya motheo bo bohlokwa matsapeng a rona a ho hodisa moruo, ho hlahisa mesebetsi, ho matlafatsa dikgwebo tse nyenyane le ho fana ka ditshebeletso bathong ba habo rona.
 
Re tsetetse haholo mebileng e metjha, diteisheneng tsa motlakase, dikolong le meralong e meng ya motheo.
 
Erekaha diporojeke tse ding tsa rona di nka nako ho thakgoha le ho matlafatsa matsapa a rona, ke tla kgobokanya sehlopha se tla akofisa ho kenngwa tshebetsong ha diporojeke tse ntjha, haholoholo diprojeke tsa metsi, dibaka tsa kalafo le tokiso ya mebila. Sehlopha sena se tla thewa mme ke sona se tla etsa boholo ba mosebetsi.

Re ithutile dithuto tse ding tsa bohlokwa ka malebela a rona kahong ya meralo yohle e metjha ya motheo, e tla re supisa tsela ya ho ya pele.

Re tla tsepamisa maikutlo dintlafatsong tsa mekgwa ya rona ya ditekanyetso tsa ditjhelete le bodisa, re ntlafatse momahanyo ya diporojeke re be re ahe tshiya e batsi ya meralo ya motheo mmoho le bahwebi le mekgatlo ya basebetsi.

Merafo ke sebaka se seng se nang le bokgoni bo toma bo sa utollwang bakeng sa kgolo le tlhahiso ya mesebetsi.

Re lokela ho bona merafo e le diindaseteri tse nang le bokamoso botjhatsi ho e na le ho ba diindaseteri tse nang le bokamoso bo lerootho.

Ka tsoseletso ya ditheko tsa dihlahiswa, re ikemiseditse ho sebetsa le dikhamphane tsa merafo, mekgatlo ya basebetsi le setjhaba ho hodisa lekala lena, ho hohela botsetedi bo botjha, ho hlahisa mesebetsi le ho bea indaseteri ena motjheng o motjha wa diphetoho le boitjaro ba nako e telele.

Monogwaha, re tla matlafatsa dipuisano le bohle ba amehang mabapi le Tokomane ya Maano a Merafo ho netefatsa hore e fela e le sesebediswa se setle sa ho fetola ka botsitso sebopeho sa merafo Aforika Borwa.

Ka ho sebetsa mmoho, ka selekane sa sebele, se bopelletsweng ka tshepano le tjhebelopele e tshwanang, ke kgodisehile hore re tla kgona ho rarolla qaka ya hajwale re be re dumellane ka tokomane eo ya maano, e tla akofisa diphetoho e be e hodise lekala lena la bohlokwa moruong wa rona.

Ho sebetsana le Bili ya Sehlomathiso ya Ntshetsopele ya Mehlodi ya Dirafshwa le Peterole ke matlo a palamente ka bobedi ho hatetse pele, ka sesupo sa Palamente sa hore Bili e tla phethelwa hantle nakong ya sehla sa pele sa selemo sa 2018.

Bili ena, hang ha e se e entswe molao, e tla matlafatsa tiiso e teng ya taolo, e tla fana ka tshireletso ya kgiro e be e ntshetsepele ditabatabelo tsa moruo wa kahisano wa maAforika Borwa ohle.

Re tshwenyehile haholo ka ho ja setsi ha sekgahla sa ho shwa merafong, haholoholo ngwahola.

Re ipiletsa ho dikhamphane tsa merafo hore di sebetse mmoho le bohle ba amehang ho netefatsa hore dikotsi tsa merafo di fokotseha haholo.

Ho shwa ha motho a le mong feela morafong, ho tshwana le ha ho shwele ba bangata.

MaAforika Borwa a heso,

Qetellong, kgolo ya moruo wa rona e tla jarwa ke dikgwebo tse nyenyane, jwalokaha ho etsahala dinaheng tse ngata.

Ke boikarabelo ba rona bohle ho hodisa lekala lena la bohlokwa la moruo.

Re tla sebetsa le balekane ba rona ba kahisanong ho aha mokgwatsamaiso wa tshehetso ya dikgwebo tse nyenyane o thusang, o kgothatsang o bile o hodisa bahwebi.

Mmuso o tla phetha tshepiso ya ona ya ho behella ka thoko bonyane 30% ya phumantsho ya ditshebeletso tsa setjhaba bakeng sa dikgwebo tse nyenyane, tse mahareng le tse kgolo, dikoporasi, esita le dikgwebo tsa makeisheneng le tsa mahaeng.

Re tla boela re tswelapele ho tsetela ntshetsopeleng ya dikgwebo tse nyenyane.

Re kgothaletsa dikgwebo tse kgolo ho etsa jwalo. Ho batla tsela ya ho ntshetsapele dikgwebo tse nyenyane.

Ho thewa ha letlole la dikgwebo tse nyenyane ka Kgato ya Bahlanka ba Baholo ba Phethahatso (di-CEO) – leo hajwale le emeng ho R1,5 bilione – ke mohlala o babatsehang wa seabo seo lekala la poraefete le ka bang le sona.

Mmuso o phethela leano la letlole la dikgwebo tse nyenyane le ntjhafatso le reretsweng dikgwebo tse qalang.

Re tla fokotsa ditshita tsa taolo bakeng sa dikgwebo tse nyenyane. Ke tla netefatsa hore ditshita tsa taolo di a fokotseha.

Re boetse re sebetsana le ho atolla menyetla ya moruo bakeng sa batho ba holofetseng.

Ho tse ding, Lekgotla la tsa Ditjhelete la Dikgwebo tse Nyenyane le thakgotse sekema sa ho hodisa le ho fana ka tjhelete ho bahwebi ba holofetseng se bitswang Sekema sa ho Thusa ka Tjhelete sa Amavulandlela.

Temo e fana ka o mong wa menyetla e meholohadi wa ho hodisa moruo wa rona le ho thea mesebetsi ka bokgabane.
Merero ya temo ke yona e bohlokwa ka ho fetisisa, hobane ke moo batho ba habo rona ba tla fumana menyetla e metle ya ho kena dikgwebong tsa bohwai. Ke moo tsepamiso ya rona ya maikutlo ya ho hlahisa mesebetsi e leng hona teng. Khomishene ya Merero ya Naha e re tsebisitse hore, ha re tla lekaleng la Temothuo, re ka kgona ho hlahisa mesebetsi e ka bang milione.

Temothuo e kentse letsoho ka ho fetisisa, ka sekgahla se bonahalang, kgolong e ntlafetseng ya moruo wa rona sehleng sa bobedi le sa boraro tsa 2017.

Monongwaha, re tla nka qeto ya kgato e matla ya ho fihlella bokgoni ba moruo o matla wa temothuo.
Re tla akofisa lenaneo la rona la kabobotjha ya mobu, e seng feela ho lokisa ho hlokelwa toka ho hoholo nakong e fetileng, empa hape le ho tlisa bahlahisi ba bangata ka hara lekala la temothuo le hore mobu o mongatanyana o ba teng bakeng sa ho lengwa.

Re tla latela mokgwa o phethahetseng o etsang hore ho be le tshebediso e ntle ya mekgwa yohle eo re nang le yona.

Re tataiswa ke ditharollo tsa Seboka sa Naha sa bo-54 sa mokga o busang, mokgwa ona o tla kenyeletsa kamoho ya mobu ntle le ditlhapiso.

Re tsitlalletse hore kamoho ntle le ditlhapiso e lokela ho kenngwa tshebetsong ka tsela e eketsang tlhahiso temothuong, e ntlafatse tshireletso ya dijo e be e netefatse hore mobu o busetswa ho bao o nkilweng ho bona tlasa bokoloniale le kgethollo.

Mmuso o tla kena motjheng wa dipuisano ho laola methati ya ho kenya tshebetsong tharollo ena.
Re etsa kgoeletso e ikgethileng ditheong tsa ditjhelete tsa naha ya rona hore di be balekane ba rona mabapi le ho kgwahlapisa mehlodi ya ho akofisa lenaneo la kabobotjha ya mobu kaha botsetedi bo eketsehileng bo tla hlokeha lekaleng lena, ho etsetsa hore re tle re nke temothuo e le tjhabo ya letsatsi moruong wa naha ya rona.

Bohahlaudi ke karolo e nngwe e fang naha ya rona menyetla e hlollang, ka kotloloho, ya ho ipabola.

Bohahlaudi hajwale bo jere mesebetsi e otlolohileng e 700 000 mme bo sebetsa betere ho feta boholo ba makala a mang a kgolo.

Ha ho lebaka la hore bo se ke ba iphetapheta ka boholo.

Re na le naha e ntle ka ho fetisisa lefatsheng ebile re batho ba nang le kamohelo ya baeti e mofuthu ka ho fetisisa. MaAforika Borwa a lokela ho bula dipelo tsa ona, matlo le mekgoro; a bulele bahahlaudi ba rona.

Monongwaha, re tla ntlafatsa tshehetso ya dibaka tse ka etelwang mebarakeng e ka sehloohong ya bohahlaudi re be re nke dikgato tse ding ho fokotsa ditshita tsa taolo re be re ntshetsepele dikgwebo tse thuthuang tsa bohahlaudi.
    
Re etsa kgoeletso ho maAforika Borwa hore a bulele lefatshe matlo le dipelo tsa ona.

Tswelopele ya rona re le setjhaba e itshetlehile bokgoning ba rona ba ho nka monyetla wa diphetoho tse potlakileng tsa thekenoloji.

Sena se bolela hore re hloka ho hodisa bokgoni ba rona ka potlako mapatlelong a saense, thekenoloji le boiqapelo.

Haufinyane re tla thea Khomishene ya Diphetoho tsa Diindaseteri tsa Dijithale, e tla kenyeletsa lekala la poraefete le setjhaba, ho netefatsa hore naha ya rona e ba boemong ba ho nka menyetla le ho laola diphephetso tsa dikgatelopele tse potlakileng thekenolojing ya lesedi le dikgokahanyo.

Tjantjello e lebisang diphetohong tsa diindaseteri tsa dijithale e tla susumetswa ke boteng ba marangrang a sebetsang hantle.

Re tla phethela dipuisano tsa rona le indaseteri ya dikgokahanyo tsa mehala le ba bang ba amehang ho netefatsa hore kabelano ya lepatlelo lena e fokotsa ditshita tsa ho kena, e kgothalletsa qothisano ya lehlokwa ebile e fokotsa ditjeo ho basebedisi.

Aforika Borwa e kgema le tumellano ya Tikoloho ya Kgwebisano e Lokolohileng ya Dinaha tse Tharo, e kopanyang Ntshetsopele ya Setjhaba sa Aforika e ka Borwa, Mmaraka o Tshwanang bakeng sa Setjhaba sa Botjhabela le sa Aforika e ka Borwa le sa Aforika e ka Botjhabela.

Sebaka sa kgwebisano e lokolohileng se tla kopanya mebaraka ya dinaha tse 26 tse nang le setjhaba se ka ballwang ho 625 milione.

Se tla bula menyetla ya phihlello mebarakeng bakeng ya dihlahiswa tsa diyantle tsa Aforika Borwa, se be se kenye letsoho tlhahisong ya mesebetsi le kgolong ya lekala la diindaseteri la Aforika Borwa.

Ditherisano tse lebisitseng Tumellanong ya Kgwebisano e Lokolohileng ya Kontinente di hatela pele ka lebelo le matla, mme ho lebelletswe hore tumellano ya moralo e tla phethelwa haufinyane.
Monongwaha Aforika Borwa e tla nka bodulasetulo ba sehlopha sa dinaha tsa Brazil, Russia, India, China le Aforika Borwa (BRICS), mme e tla bea ka sehloohong kgothaletso ya kgwebisano e ekeleditsweng boleng le botsetedi bo ka hara BRICS makaleng a tlhahiso.

MaAforika Borwa a Heso,
Ka la 1 Motsheanong monogwaha, re tla tsebahatsa ntlha ya moputso wa pele o tlase wa naha Aforika Borwa.

Katleho ena e etsang nalane – ke e nngwe ya ditseko tsa Tokomane ya Maano a Tokoloho – e lebelletswe ho nyolla meputso ya maAforika Borwa a sebetsang a kahodimo ho dimilione tse tsheletseng e be e ntlafatse maemo a ho phela a malapa naha ka bophara.

Ho tsebahatswa ha moputso o tlase wa naha ho etsahetse ka lebaka la boikitlaetso ba balekane bohle kahisanong, ho fokotsa ho se lekane ha meputso ha ka ho le leng ho baballetswe kgolo ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi.

Taba ena e eme e le o mong mohlala wa se ka etsahalang ha maAforika Borwa a dula majwana ho rarolla diphapang, mathata le diqaka, esita le ho tobana le diphephetso.

Ho netefatsa momahano le botsitso mabapi le ho kenngweng tshebetsong ha leano la moruo – le ho netefatsa hore re hlometse betere bakeng sa ho arabela maemong a dulang a fetoha a moruo – Ke tlilo thonya Lekgotla la Moporesidente la Boeletsi ba  Moruo.

Le tla botjwa boipabolo le bokgoni bosebetsing, kgwebong, mekgatlong ya setjhaba le ho barutehi.

Naha e dula e ntse e mamaretswe ke komello e sisimosang ka ho fetisisa dilemong tse lekgolo, e thefutseng moruo wa rona ha bohloko, eo hape e ammeng hampe ditshebeletso tsa kahisano le dihlahiswa tsa temothuo.

Maemo a komello Kapa Bophirimela, Kapa Botjhabela le Kapa Leboya a phahamiseditswe ho a naha a koduwa. Sena se nea mmuso wa naha matla a bolaodi ba ho laola le ho hlophisa karabelo ya rona ya naha, ka tshehetso e tswang diporofenseng tsohle.

Sena se tla netefatsa hore re boela re ntlafatsa dikgato tse kopanetsweng tsa ho tshehetsa diporofense tse thefulehileng ka ho fetisisa.

Re shebile ho thakgola mekgwa e hlokehang e sa makatsang e amohelehileng molaong.

Ke thoholetsa batho ba Motse Kapa esita le Kapa Bophirima yohle ka ho ikokobeletsa dikgato tsa ho boloka metsi ka bokgabane.

Re etsa kgoeletso ho e mong le e mong naheng ena, ho sebedisa metsi ka hloko kaha bonneteng re le naha e haellwang ke metsi e itshetlehileng mohloding ona wa bohlokwa ho fihlella ditabatabelo tsa rona tsa ntshetsopele.

Ditho tse Hlomphehang,

Ka la16 Tshitwe ngwahola, Moporesidente wa mehleng Jacob Zuma o tsebisitse hore mmuso o tla fana ka thuto e phahameng le thupello ya mahala e tsheheditsweng ka botlalo bakeng sa maAforika Borwa a bafutsana le sehlopha sa ba sebetsang, nakong ya dilemo tse hlano.

Ho qala monongwaha, thuto le thupello tsa mahala di tla fuwa baithuti ba selemo sa pele ba tswang malapeng ao lekeno la wona la selemo le fihlang ho R350 000 ha le kopantswe.

Letona la Thuto le Thupello e Phahameng le tla etella pele ho kenngwa tshebetsong ha leano lena, ha Letona la tsa Ditjhelete le tla hlakisa dintlha tsohle tsa ho tshehetsa sekema sena ka ditjhelete nakong ya Puo ya Ditekanyetso tsa Ditjhelete bekeng e tlang.

Ho tlatseletsa tabeng ya kgodiso ya toka kahisanong, botsetedi ba mofuta ona thutong e phahameng bo lebeletswe ho kenya letsoho kgolong e toma ya moruo esita le ho thusa ho fokotsa bofuma, ho fokotsa ho se lekane, ho ntlafatsa meputso le ho nyolla bokgoni ba tlhodisano ya moruo wa rona.

Mmuso o tla tswelapele ho tsetela katolosong phihlello thutong ya motheo ya boleng le ho ntlafatsa diphetho tsa dikolo tsa rona tsa setjhaba.

Lenaneo la Dibasari la Funza Lushaka le rera ho fana ka dibasari tse 39 500 bakeng sa Thuto ya Mantlha ya Matitjhere dilemong tse tharo tse tlang.

Lekgetlo la pele nalaneng, ho tloha qalong ya monogwaha, dikolo tsohle tsa setjhaba di se di qadile ho ruta leleme la seAforika.
Ntho e nngwe ya bohlokwa ke ho kenngwa tshebetsong ha tlhahlobo ya pele ya Lengolo le Phahameng la Naha la Puo ya Matsoho ya Aforika Borwa, le tla fuwa baithuti ba ditholo mafelong a 2018.

Kgato ya Phano e Akofisitsweng ya Meralo ya Motheo ya Dikolo le tswelapele ho fana ka disebediswa tsa sejwalejwale dikolong tsa mahaeng le tsa dibakeng tse hlokang menyetla tsa ditoropong naha ka bophara, ka dikolo tse ka bang 187 tse seng di phethetswe ho fihlela kajeno.

Lenaneo lena le tla phethela diporojeke tsohle tse saletseng morao mafelong a selemo se tlang sa ditjhelete.

Dithuso tsa ditjhelete tsa mmuso ke tshehetso ya bohlokwa ho dimilione tsa batho ba habo rona ba phelang bofumeng.

Re tla nka dikgato tse potlakileng tsa ho ikamahanya le ditaelo tsohle tsa Lekgotla la Dinyewe la Molaotheo.

Ke batla hore nna ka bonna ke suthise dingongoreho dife kapa dife tsa ho sitiseha ha phano e ntle ya tshebeletso ena e bohlokwa, mme ke tla nka dikgato ho netefatsa hore ha ho motho mmusong mona ya tla nyatsa ho kenngwa tshebetsong ha matsatsi a ho qetela a tekilweng ke lekgotla la dinyewe.

Re tla phethela mosebetsi wa mmotlolo wa moshwelella o eteletsweng pele ke lekala la mmuso, o tla etsa hore moifo wa bafani ba ditshebeletso ba lekala la mmuso le la poraefete ba fe ba folang melemo kgetho, phihlello le nolofaletsa tse phethahetseng.

Monongwaha, re tla nka dikgato tse ding tsa bohlokwa tsa ho fedisa HIV hara rona.

Ka ho matlafatsa letsholo la rona la ho etsa diteko le kalafo, re tla kenyeletsa batho ba bang ba dimilione tse pedi kalafong ya di-ARV ka Tshitwe 2020.

Re tla boela re tlameha ho tobana mafu a amanang le mekgwa ya ho phela a kang kgatello e hodimo ya madi, lefu la tswekere, mefetshe le mafu a pelo.

Dikgweding tse tharo tse tlang, re tla kgakola letsholo le leholo la mofetshe le tshwanang le letsholo la HIV la tlhabollo ya maikutlo le ho etsa diteko leo re seng re le thakgotse.

Sena se tla boela se kenyeletsa lekala la poraefete, jwalokaha re tlameha ho kgwahlapisa mehlodi yohle ya ho lwantsha lefu lena.

Jwale nako e fihlile ya hore qetellong ho kenngwe tshebetsong thuso e akaretsang batho bohle ya bophelo bo botle ka Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI).

Bili ya NHI jwale e se e loketse ho sebetswa ka mothati wa mmuso mme e tla tekelwa Palamente dibekeng tse mmalwa tse tlang.

Diporojeke tse itseng tsa NHI tse reretsweng batho ba tlokotsing ka ho fetisisa setjhabeng di tla qala ka Mmesa monogwaha.

Bakeng sa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba maAforika Borwa ohle, re tshwanela ho matlafatsa matsapa a rona ya ho lwantsha ditlolo tsa molao re be re ahe metse e bolokehileng.
Kgabareng ya selemo sena, Lewa la Bopolesa ba setjhaba le tla kenngwa tshebetsong, ka sepheo sa ho fumana ho tsheptjwa ke setjhaba le ho matlafatsa seabo sa bona se phethahetseng twantshong ya ditlolo tsa molao.

Ho hlahiswa ha Lewa la Batjha la Thibelo ya Ditlolo tsa Molao ho tla matlafatsa ho be ho tshehetse batjha hore ba ikatele ba be ba itahlele ka setotswana dikgatong tsa ho lwantsha ditlolo tsa molao.
Tjhadimo e ka sehloohong ya monogwaha e tla ba kabo ya mehlodi ho ya boemong ba diteishene tsa sepolesa.

Sena se tla kenyeletsa basebeletsi le mehlodi e meng, ho kgutlisa bokgoni le malebela boemong boo ditlolo tsa molao di lwantshwang hantle ka ho fetisisa.

Ho ananeleng seabo sa bohlokwa seo mekgatlo eo e seng ya mmuso (di-NGO) le mekgatlo e tsepameng setjhabeng (di-CBO) e nang le sona sa ho lwantsha bofuma, ho se lekane le mathata a amanang le kahisano, re tla epa seboka sa lekala la kahisano kgabareng ya selemo sena.

Ho tse ding, seboka sena se tla haba ho ntlafatsa bohokela dipakeng tsa puso le setjhaba esita le ho rarolla diphephetso tseo di-NGO le di-CBO di tobaneng le tsona.

MaAforika Borwa a Heso,

Ho aha kgolo, ntshetsopele le diphetoho ho itshetlehile ho tieng le bokgoning ba puso.

Ho bohlokwa hore sebopeho le boholo ba puso hlophiseditswe ho sebetsana le ditlhoko tsa batho le ho netefatsa kabo e ntle ka ho fetisisa ya mehlodi ya mmuso.

Kahoo re tla kgakola mosebetsi wa ho sheba botjha sebopeho, palo le boholo ba mafapha a mmuso wa naha.

Boholo ba dikgwebo tseo e leng tsa mmuso (di-SOE) di tobane le diphephetso tse mpefetseng haholo tsa ditjhelete, tshebetso le taolo, tse thefutseng tshebetso ya moruo tsa ba tsa bea kgatello ditjheleteng tsa mmuso.

Re tla kena dipakeng ka matla ho tsitsisa le ho tsosolosa dikgwebo tseo e leng tsa mmuso.

Kgato ya moraorao eo re e nkileng Eskom ya ho matlafatsa tsamaiso, ho tsetolla bobodu le ho tsosolosa boemo ba yona ba tsa ditjhelete ke qalo feela ya metjha eo re tla e latela.

Mmuso o tla nka dikgato tse ding ho netefatsa hore dikhamphane tsohle tseo e leng tsa mmuso di phetha thomo ya tsona ya moruo le ntshetsopele.

Re tla tshwanela ho tobana le nnete ya hore diphephetso tse teng ho tse ding tsa di-SOE tsa rona ke tsa sebopeho – hore ha di na motjha o lekaneng wa pokello ya tjhelete ho lefella ditjeo tsa tsona tsa tshebetso.

 Di-SOE tsena di k eke tsa ikinola mathateng a tsona a ditjhelete ka ho kadima, mme kahoo re tla hlophisa motjha wa ditherisano le bohle ba amehang ho sheba botjha mokgwa wa ho fa diSOE tjhelete esita le dikgato tse ding.

Re fetola tsela eo diboto di thonngwang ka yona, ho etsetsa hore e be batho ba nang le boitsebelo, malebela le botshepehi feela ba sebetsang maemong ana a bohlokwa.

Re tla tlosa ditho tsa boto seabong sefe kapa sefe sa theko ya thepa mme re tla sebetsa le Mohlahlobi e Moholo wa Dibuka tsa Ditjhelete ho matlafatsa metjha ya ba ka ntle ya bohlahlobi ba dibuka.

Ha re rarolla diphephetso tsa dikhamphane tse qollehileng, mosebetsi o tla tswela pele kahong e batsi ya lekala la di-SOE ho fihlella tlhophiso e betere, tekolo le boitjaro ba nako e telele.

Sena ke selemo seo ka sona re tla etsolla bonyofonyofo ditheong tsa mmuso.

Ditheo tsa toka ya ditlolo tsa molao haesale di di nka dikgato tse tla re thusa ho sebetsana le bonyofonyofo ka bokgabane.

Khomishene ya Diphuputso tsa Kgapo ya Puso e eteletsweng pele ke Motlatsi wa Moahlodi e Moholo, Moahlodi Raymond Zondo, e lebeletswe ho qala mosebetsi wa yona haufinyane.

Khomishene e bohlokwa ho netefatseng hore boholo le sebopeho sa kgapo ya puso di a tekwa, hore ho kgutliswe tshepo ditheong tsa mmuso le hore bohle ba ikarabellang ka difanya dife kapa dife ba tshwanela ho hlwauwa.

Khomishene ha e a tshwanela ho nka mosebetsi wa kamehla wa makala a naha a qobello ya molao mabapi le ho fuputsa le ho tjhutjhisa diketso tsohle leha e le dife tsa bonyofonyofo.

[Amasela aba imali kaRhulumente mawabanjwe].

[Mashodu a utswang tjhelete ya mmuso a tshwanelwa ho qoswa le ho kwallwa.]

Re tlameha ho lwantsha bonyofonyofo, boqhekanyetsi le mmommori lekaleng la poraefete ka sepheo le matla a tshwanang.

Re tlameha ho hopola hore ka nako tsohle ha motho a nka tjootjo, ho na le e mong ya ikemiseditseng ho e lefa.

Re tla etsa bonnete ba hore re sebetsa le bona ka bobedi ba bona, ka mokgwa o kgabane.

Re ipiletsa ditheong tsa seporofeshenale le makgotla a taolo ho nka dikgato kgahlanong le ditho tse tla fumanwa di sebeditse hampe le ka ho hloka botshepehi.

Sena se hloka hore re matlafatse ditheo tsa qobello ya molao le hore re di tshireletse kgahlanong le ho itshunyatshunya kapa ho fapohiswa hofe kapa hofe ho tswang kantle.

Re tla sebetsana le dintlha tsa boetapele ba Bolaodi ba Botjhutjhisi ba Naha (NPA) ka potlako ho netefatsa hore setheo sena sa bohlokwa se a tsitsiswa mme se kgona ho phetha thomo ya sona ntle le tshabo efe kapa efe, lerato le leeme.

Re tla boela re nka dikgato ho tsitsisa le ho matlafatsa ditheo tsa bohlokwa tse kang Tshebeletso ya Pokello ya Lekgetho ya Aforika Borwa (SARS).

Re tlameha ho utlwisisa hore boitshwaro bo botle lekgethong bo itshetlehile tumellanong e pepeneneng dipakeng tsa balefi ba lekgetho le mmuso, hore ditshenyehelo tsa puso ha di senye tjhelete ebile ha di na bonyofonyofo.

Ka kopo ya Letona la tsa Ditjhelete, haufinyane ke tla thonya Khomishene ya Diphuputso ya Tsamaiso ya Lekgetho le Taolo ya SARS, ho netefatsa hore re kgutlisa seriti sa tshebeletso ena re bile re matlafatsa bokgoni ba yona ba ho fihlella merero ya yona ya pokello ya lekgetho.

Puso ya rona e hirile basebeletsi ba setjhaba ba milione.

Boholo ba basebeletsi ba rona ba mmuso ba sebeletsa batho ba habo rona ka botshepehi le boitelo.

Re a ba thoholetsa ka mosebetsi o kgabane oo ba o etsang.

Leha ho le jwalo, re tseba diphephetso tseo batho ba habo rona ba tobanang le tsona ha ba buisana le puso.

 Ka makgetlo a mangata, ba atisa ho fumana tshebeletso e mpe kapa ba se ke ba e fumana ho hang.

Re batla hore basebeletsi ba rona ba setjhaba ba tsitlallele mokgwatsamaisong wa Batho Pele, ya ho bea batho kapele.

[Hi ri lava va hi tirhelaka hinkwerhu, hi lava ku ri loko va hi tirhela va tiva ku ri vanhu va lava ku ri va va tirhela kahle. Va endla swilo swa khwatsi. Swi vonaka ku ri vona vanhu lava va tirhelaka gavhumende ya hina va tirha mitirho ya kahle. Swi voniwa hi vanhu hinkwavo].

[Re le mmuso re re, basebeletsi ba mmuso ba tshwanela ho fana ka ditshebeletso ba tseba hore batho ba batla ho sebeletswa ka bokgabane. Ba tlameha ho fana ka tshebeletso ya boleng. E mong le e mong o tlameha ho bona hore basebeletsi ba setjhaba ba fana ka tshebeletso e ntle. E mong le e mong o tlameha ho paka ka boitelo ba basebeletsi ba setjhaba.]

Re ikemiseditse hore e mong le e mong ya tshebeletsong ya setjhaba o lokela ho phetha boikarabelo ba hae ka makgethe, boitelo le botshepehi.

Re batla ho kenya boitshwaro bo botjha, ho etsa dintho ka tshwanelo, ho di etsa ka ho phethahala ebile e le ka nako.

Re etsa kgoeletso ho basebeletsi bohle ba setjhaba ho ba manqosa a phetoho.

Nakong ya dikgwedi tse mmalwa tse tlang, ke tla etela lefapha ka leng la naha ho buisana le boetapele bo ka sehloohong ba mafapha a rona a mmuso, ho netefatsa hore mosebetsi wa mmuso o hokahane ka makgethe.

Ke tla boela ke etsa nako ya ho kopana le baetapele ba mebuso ya diporofense le ya dibaka ho netefatsa hore puso, ka bophara ba yona, e arabela ditlhokong tsa batho ba habo rona.  

MaAforika Borwa a Heso,

Ke dumela hore naha ya rona e fihlile nakong ya phetoho.

Leha phetoho e ka tlisa ho se tsitse, esita le letswalo, empa e ka boela ya fana ka menyetla e meholo bakeng sa ntjhafatso le tsosoloso, molemong wa kgatelopele.

Re le mmoho re tla etsa nalane naheng ya rona.

Re e entse pele mme re tla se etsa hape – re kopantswe ke lerato le tshwanang la naha ya rona, re tsitsitse maikemisetsong a rona a ho hlola diphephetso tse ka pela rona, re kgodisehile hore ka ho sebetsa mmoho re tla aha setjhaba se hlokang leeme ebile e le se nang le toka, se hlomphehang seo Nelson Mandela a neng a nyehele bophelo ba hae ka lebaka la sona.

Ha ke diela dikgala, ntumelleng ho kgutlisa mantswe a mofu, kokonono e kgolo Bra Hugh Masekela.

Pineng ya hae, ‘Thuma Mina’, o ne a lohotha letsatsi la ntjhafalo, la qalo e ntjha.

O binne a re:

“I wanna be there when the people start to turn it around
When they triumph over poverty
I wanna be there when the people win the battle against AIDS
I wanna lend a hand
I wanna be there for the alcoholic
I wanna be there for the drug addict
I wanna be there for the victims of violence and abuse
I wanna lend a hand
Send me.”

Re mothating wa nalane ya setjhaba sa habo rona moo batho, ka boikitlaetso ba bona, ba qadileng ho fetola boemo ba naha ya rona.

Re araburetsa tlholo hodima bofuma, re a e bona pheletso ya ntwa kgahlanong le AIDS.

[Vhathu vha hashu vha ri vha khou ṱoḓa shango heḽino ḽi tshi vha shango ḽiswa, ḽi tshi vha shango ḽavhuḓi. Ḽi tshi vha shango ḽine ḽa ḓo ḓisela vhathu vhoṱhe vha hashu zwavhuḓi].

[Batho ba rona ba re ba batla hore naha ena e be naha e ntjha, naha e ntle e tlisang botle ho batho bohle ba habo rona.]

Jwale ke nako ya ho kenya letsoho.

Jwale ke nako ya hore e mong le e mong wa rona a re “roma nna”.

[Sifikile isikhathi sokuthi sisebenze soke sibeke izwe lakithi phambili]

[Jwale ke nako ya hore re sebetseng mmoho hore re bee naha ya rona pele.]

Jwale ke nako ya hore bohle re sebetseng mmoho, tlotlong ya Nelson Mandela, ho aha Aforika Borwa e ntjha, e betere bakeng sa bohle.
Jwale ke nako.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore