Polelo ya Presidente Cyril Ramaphosa mabapi le Kgatelopele Maitekong a Naha a ho Laola Sewa sa COVID-19

Maafrika Borwa a heso,

Phirimaneng ena, ke lakatsa ho bua le lona ka ntlha tse nne tsa bohlokwa ntweng ya rona kgahlano le sewa sa COVID-19, le kamoo re ka baballang setjhaba sa rona re tsoseletse le moruo wa rona kateng.

Ntlha ya pele e mabapi le ho ntlafatswa ha letsholo la rona la naha la ho enta batho; ya bobedi e amana le mehato eo re tla e nka molemong wa hore batho ba kgutlele mosebetsing; ya boraro ke e amang ditifikeiti tse pakahatsang hore motho o entile; mme ya bone e mabapi le dipuisano tsa rona le naha ya United Kingdom ka puseletso ya ho etelana, bohahlaudi le kgwebisano.

Matsatsing a mmalwa a fetileng, Sehlopha sa Afrika Borwa sa Ponelopele ka COVID-19 se netefaditse hore Afrika Borwa e tswile leqhubung la boraro la COVID-19.

Leqhubu lena le ne le na le mofuta wa vaerase wa Delta, mme le le kotsi haholo ho feta maqhubu a mang a mabedi a fetileng.

Leqhubu la boraro le nkile matsatsi a 130, mme le bile lelelele ka dibeke tse pedi ho feta maqhubu a mang a pele.  

Ha re le sehlohlolong sa leqhubu la boraro, ka letsatsi ho ne ho rekotwa batho ba 20 000 ba tshwaeditsweng.

Matsatsing a supileng a fetileng, palo e tlwaelehileng ya batho ba tshwaeditsweng e ne e le 1 800 ka letsatsi.

Palo ya batho ba robatswang sepetlele ka lebaka la COVID-19 le ya ba hlokahalang diprovenseng kaofela e ntse e tswella le ho theoha.

Ke ditaba tseo bohle re di thabelang tsena.

Ke matsatsi a 574 re phela mahlomoleng a sewa sena, mme bohle re sitisehile.

Re sotlehile haholo, mme se bileng boima haholo ke ho siuwa ke beng ka rona, basebetsimmoho le metswalle ka lebaka la sewa sena. Re ba llela kaofela.

Ha ho makatse hore re batla hore dintho di boele setlwaeding re etse tseo re neng re sa kgone ho di etsa dilemong tsena tse pedi tse fetileng.

Re batla ho ya meketeng ya setso, ya matsatsi a tswalo, manyalong le ho ithabisa le metswalle ya rona le ba malapa re sa tshabe letho.

Re labalabela ho ya dikerekeng le dibakeng tse ding tsa bodumedi ho ya ka tumelo tsa rona, ntle le dithibelo, le ho boela re kgona ho hakana le ho dumedisana ka ho tshwarana ka matsoho ntle le ho kgathatseha ka ho tshwaetseha.

Ba bang ba rona bao e leng barati ba dipapadi re fela pelo hore re kgutlela neng mabaleng a FNB, Moses Mabhida, Royal Bafokeng, Newlands le Loftus ho ya tshehetsa dihlopha tsa naha ya rona tsa rona.

Re batla ho kopana le batho ba bang ka bolokolohi hape dibakeng tsa ho jela, dithaveneng le dibakeng tsa dipapadi tsa kalaneng, mme re batla le ho eta ka bolokolohi ha re batla, re ikele moo re batlang ho ya teng.

Bolokolohi bona boo re bo labalabelang bohle re ka bo fumana. 

Re ka bo fumana ha bohle re enta re bile re tswella le ho hlompha melao e behilweng ya motheo ya bophelo bo botle.

E a eketseha palo ya batho ba entang esale re thakgola letsholo la naha la ho enta.

Ho fihlela jwale ke diente tse fetang dimiliyone tse 17 tse seng di sebedisitswe.

Batho ba fetang dimiliyone tse 8.6 ba se ba entile ka botlalo, e leng motho a le mong e moholo ho ba bahlano.

Sa bohlokwa ke hore Maafrika Borwa a ballwang ho 60% a dilemo tse fetang tse 60, le a ballwang ho 50% a batho ba dilemong tse pakeng tsa 50 le 59 a se a fumane bonnyane ente e le nngwe.

Dipalo tsena di re neha tshepo.

Re ipehetse hore pele selemo se fela ho be ho entile batho ba baholo ba ballwang ho 70% ba naha ena.

Ebang re fihlella palo ena, Lefapha la Bophelo bo Botle le lekanya hore re ka pholosa batho ba ka bang 20 000.

Batho bao ba 20 000 ke bomme, bontate, bara le baradi bao lefu la bona le ka thibelwang ebang bongata ba rona re hlaba ente.

Ho fihlella palo ena re lokela ho sebedisa diente tse ding tse dimiliyone di 16 selemong sena, e leng diente tse ka bang 250 000 tsa pele letsatsi ka leng hara beke, ho fihlela mahare a kgwedi ya Tshitwe.

Re a tseba hore ha dilemo di se di ile, motho o ba kotsing ya hore ha a na le COVID-19 a kule haholo kapa a qetelle a robatswa sepetlele.

Re a tseba le hore batho ba seng ba hodile ba kotsing e kgolo ya ho hlokahala ka lebaka la COVID-19 ho feta ba batjha. 

Ho baballa batho le ho thibela dipetlele le basebetsi ba tsona hore di se imelwe ke mosebetsi, re qadile ka ho enta ba dilemo tse 50 ho ya hodimo le ba dilemo tse 60 ho ya hodimo.

Sena ha se bolele hore batho ba ka tlasa dilemo tse 50 ha ba kotsing.

Dikgweding tse sa tswa feta re bone batjha ba robatswa dipetlele ba bile ba hlokahala ka lebaka la COVID-19.

Ke ka lebaka lena ho tloha ka la 20 Phato re ileng ra re Maafrika Borwa ohle a dilemong tse 18 ho ya hodimo a ente.

Leha ho na le kgatelopele e bonahalang, mme le diente di lekane bakeng sa batho ba tla enta, letsholo la rona la ho enta le ntse le tsamaya butle.

Ka hona re nkile qeto ya ho potlakisa letsholo la rona la ho enta ka ho thakgola ‘Vooma Vaccination Weekends’ ho tloha hosane.

Letsholo la Vooma Vaccination Weekends e tla ba la naha ka bophara mme ka lona ho kgothaletswa batho ho enta.

Re a tseba hore ho boima bathong ba bangata ho finyella dibakeng tsa ho enta hara beke, haholoholo ba sebetsang, ba tsamayang ka dipalangwang dibaka tse telele, kapa ba hlokometseng ba malapa.

Ba sa kgoneng ho enta hara beke ba ka sebedisa monyetla ona.

Hosane ka la 1 Mphalane le ka Moqebelo wa la 2 Mphalane, re tla bula dibaka tsa ho enta naheng ka bophara molemong wa ho fihlella batho ba fetang halofo ya miliyone.

Lefapha la Bophelo bo Botle le hlwaile ditereke tsa bohlokwa provenseng ka nngwe ho ya ka palo ya batho ba so ente, le kamoo ho enta ho tsamayang kateng seterekeng ka seng.

E tla be e le Vooma Vaccination Weekends ya pele lethathameng la matsholo a mang a ho fihlella batho.

Baetapele ba fapaneng ba dipolotiki, mekgatlo ya baahi, baetapele ba tsa bodumedi, baetapele ba setso, lekala la basebetsi le dikgwebo ba tla kgothaletsa baahi ho enta ba tle ba dule ba bolokehile.

Motlatsa-Presidente le nna, le Matona, Batlatsa-Matona, Ditonakgolo, Ditho tsa Makgotla a Phethahatso, Bomajoro le Makhanselara, bohle re tla tswa ka makgalo re bonahale metseng ka Labohlano le Moqebelo re kgothaletse baahi ho enta.

Batho bohle ba dulang Afrika Borwa, e leng baahi ba naha ena le ba tswang dinaheng tse ding ba enta mahala.

O ka leba sepetleleng sa mmuso kapa sa poraefete se nang le ditshebeletso tsa ho enta, leha o se na medical aid.

O ka ikenela sebakeng se haufi le wena sa ho enta o tshwere tokomane ya boitsebiso kapa bopaki bo bong ba boitsebiso o ngodiswe.

Matsholo a Vooma Vaccination Weekends a boetse ke monyetla wa ho lemoha seabo se matla sa basebetsi ba bophelo bo botle ba itetseng, le batsamaisi ba tshebeletso tsa bophelo bo botle – ho tloha ho basebetsi ba bophelo bo botle ba metseng ba etelang batho ba ba kgothaletsa ho ya enta, le basebetsi ba rona dibakeng tsa ho enta le dipalangwang tsa ho finyella bathong le dibakeng tsa bophelo bophelo bo botle naheng ka bophara.

Re boetse re tlotla baithaopi ba bangatangata ba thusitseng, mmoho le baetapele ba lehae ka maiteko a bona.

Re lokela le ho thoholetsa maiteko a etswang ke beng ba dikgwebo a ho kgothaletsa basebetsi ba bona ho enta.

Re ipiletsa ho beng ba dikgwebo bohle ho bebofatsa ho enta ha basebetsi ba bona le ho kgothaletsa basebetsi ba bona ho enta.

Seabo sa bohle setjhabeng boitekong ba naha se tla ba bohlokwa ha ho se ho atametse dikgetho tsa mebuso ya lehae ka Pudungwana.

Matsholo a ho ngoka divoutu a ka ba le kotsi ya ho eketsa palo ya ba tshwaetswang.

Bohle re na le boikarabelo ba ho netefatsa hore melao e a hlomphuwa mme ditaelo tsa bophelo bo botle di a latelwa nakong ya matsholo a ho ngoka divoutu, ho tloha ho baetapele ba mekga ya dipolotiki le ba hlophisang ho ya ho batshehetsi le basebetsi ba dikgetho.

Khomeshene e Ikemetseng ya Dikgetho e nka mehato ya ho netefatsa hore mokgethi e mong le e mong o sebedisa tokelo ya hae ya ho vouta ka bolokolohi a se kotsing ya ho tshwaetswa.

Maafrika Borwa a heso

Ka la 12 Loetse ha ke ne ke tsebisa hore naha e tla ya Boemong ba Bobedi bo nang le Diphetoho, ke itse re tla lekola maemo kamora dibeke tse pedi.

Maemo a jwale a bonahalang kgatelopeleng ya sewa sena a bontsha hore dithibelo tse teng di ka nyehliswa, ho ya ka dikgothaletso tsa Komiti ya Boeletsi ya Matona ya COVID-19.

Kamora dikopano le Lekgotla la Naha la Taolo ya Coronavirus le Komiti ya Bohokahanyi ya Presidente, kabinete e nkile qeto ya ho tlosa Afrika Borwa Boemong ba Bobedi bo nang le Diphetoho ho ya Boemong ba Pele bo nang le Diphetoho ho tloha ka kgitla.  

Mehato e tla sebetsa e le karolo ya Boemo ba Pele ke ena:

  • Nako ya ho kgaotsa ho tsamaya bosiu jwale e se e tla qala ka kgitla ho ya horeng ya bone ka meso.

Dibaka tseo e seng tsa bohlokwa tse kang tsa ho jela, dibara le dibaka tsa boikwetliso di lokela ho kwala ka hora ya leshome le motso bosiu ho fa basebetsi le bareki nako ya ho oroha pele ho kwallwa metsamao.

  • Palo e kgolo ya batho ba dumelletsweng ho ba kahara moaho e tla eketswa e be 750 ha e ne e le 250, mme palo e kgolo ya batho ba dumelletsweng ho bokana kantle e tla ba 2 000 ha e ne e le 500 pele.

Ha sebaka se le senyenyane haholo bakeng sa ho nka batho ba palo tsena ba arohane, ho ka kena ba sa feteng halofo ya palo e ka nkwang ke sebaka sena.

Sena se kenyeletsa dikopano tsa badumedi, diketsahalo tsa dipolotiki le tsa setjhaba, le dibaka tsa ho jela, dibara, dithavene le dibaka tse ding tse tshwanang le tsena.

  • Palo e kgolo ya batho ba dumelletsweng phupung e tla eketswa ho tloha ho 50 e be100. Jwaloka pele, ditebelo le dikopano tsa kamora lepato ha di a dumellwa.
  • Thekiso ya jwala boo ho tsamauwang le bona le bo nwellwang moo bo rekwang e tla dumellwa, ho ya ka dipehelo tse tlwaelehileng tsa dilaesense. Leha ho le jwalo jwala bo ke ke ba rekiswa kamora hora ya leshome le motso bosiu.
  • Batho ba tlameha ho rwala dimonkwana ha ba le dibakeng tsa setjhaba, mme ha motho a sa e kenya hoo e ntse e le tlolo ya molao.

Boitekong ba rona ba ho bulela tshebetso makaleng a moruo a amehileng haholo, re ikemiseditse ho nyehlisa dithibelo tse ding, haholoholo makaleng a diketsahalo tsa dipapadi le tsa boithabiso.

Jwalokaha ke ile ka bolela pejana, bohle re nyoretswe ho kgutlisetswa bolokolohi ba rona, mme ha re tswela pele ka tshebedisano jwalokaha re ntse re etsa, diketsahalo tse ngata di tla bulelwa.

Haufinyana Lefapha la Bophelo bo Botle le tla ntsha ditifikeiti tsa ba entileng, mme bona e tla ba bopaki bo bolokehileng le bo tshepehang ba hore motho o entile.

Setifikeiti se tla thusa ha motho a eta, ho fihlella dibaka tse itseng le dikopano, mmoho le mefuta e meng ya diketsahalo e batlang bopaki ba ho enta. 

Qeto ena re e nkile re ikamahantse le ditataiso tsa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle mme e boetse e itshetlehile ka tshebetso tsa matjhaba tse phethahetseng.

Tlhophisobotjha le taolo ya bopaki ba ho enta di tla lebisa ho fokotsweng ha dithibelo tsa ho etelana ha dinaha.

Ho enta ha ho thuse feela ka ho sireletsa wena le beng ka wena.

Ho boetse ho thusa ho thibela ho hlaha ha mefuta e metjha le e kotsi ho feta pele ya vaerase, hobane vaerase ena e kgona ho ata le ho fetofetoha bathong ba sa entang.

Leha ho le jwalo re lokela ho hopola hore leha re entile, re ntse re lokela ho tswela pele ho hlompha mehato ya polokeho ya motheo molemong wa ho kgina ho tshwaetsana ha batho ka vaerase ena.

Re a tseba hore dikgobokano tsa kahara meaho e sa keneng moya hantle ke sesosa se seholo sa ho qhoma ha lefu lena, mmoho di jala lefu lena ka matla.

Re lokela ho tswela pele ka ho rwala dimonkwana ha re le setjhabeng, re arohaneng mme re netefatse hore difenstere di a bulwa ka dinako tsohle le hore moya o motjha o a phalla. 

Ebang re tswella le ho hlompha melao ena le ho theola sekgahla sa tshwaetso, mme ho enta batho ba bangata haholo, re tla hlola sewa sena mme se qetelle se fokotseha.

Boitekong ba ho thibela palo e eketsehang ya tshwaetso, dinaha tse ding lefatsheng di thibela batho ba tswang naheng tse ding ho eta.

Naha ya United Kingdom ha e amohele baeti ba tswang Afrika Borwa.

Sena se re behile ka mosing hobane United Kingdom e na le bahahlaudi ba bangata ba tswang karolong e leboya ya lefatshe mme e bile e hwebisana haholo le Afrika Borwa.

Nakong eo ditsebi tsa United Kingdom di ntseng di kgathatsehile ka boteng ba mofuta wa vaerase wa Beta Afrika Borwa, nnete ke hore mofuta wa vaerase wa Delta ke ona o atileng naheng ena.

Pejana kajeno ke buisane le Tonakgolo ya Brithane Boris Johnson ka taba ena. Ke mmolelletse ka maikutlo a Afrika Borwa ka taba ena mme a utlwisisa.

Re dumellane bobedi ka hore diqeto tse kang tsena di lokela ho nkuwa kamora ho etsa dipatlisiso mme re na le tshepo ya hore ho tla latela sephetho se tla kgotsofatsa bohle ha taba ena e lekolwa botjha matsatsing a tlang.

Maafrika Borwa a heso,

Sa bohlokwahlokwa ho rona jwale ke ho etsa bonnete ba hore ho tsoseletswa moruo kapele, ho tle ho thehwe mesebetsi ho thuswe le dikgwebo ho atleha hape.

Sena se ka phethahatswa ha Maafrika Borwa a mangata a enta kapele.

Ha Maafrika Borwa a mangata a se a entile, naha ena e tla ba e bolokehileng bakeng sa ho boela e etelwa ke bahahlaudi hlabula.

Re ka boela ra ba le diketsahalo tsa dipapadi le mekete ya mmino, re tlose dithibelo dibakeng tsa ho jela le dibareng, re kgothaletse le batho ho kgutlela mosebetsing, mabenkeleng le dibakeng tsa setjhaba ba bolokehile.

Ha re ka fihlella lenane leo re le batlang la batho ba entileng pele ho kodumela selemo sena, re ka qoba dithibelo tse ding mme ra ntlafatsa tsoseletso ya moruo wa rona.

Ke ipiletsa ho lona bohle ho inkela monyetla wa letsholo la Vooma Vaccination Weekends.

A re tsweng ka makgalo re yo hlaba ente.

A re nkeng metswalle ya rona le ba malapa a rona ba so ente ba ente.

A re sebetseng mmoho ho fihlella 70% ya ba tla beng ba entile ka Tshitwe.

A re potlakeng. Re sebediseng letsholo lena la Vooma..

Modimo O hlohonolofatse Afrika Borwa O sireletse le baahi ba naha ena.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore