Pehelo ya Moporesidente Cyril Ramaphosa ka Maiteko a Naha a ho fokotsa sewa sa Kokwanahloko ya Corona (COVID-19)

MaAfrika Borwa a Heso,

E se e le nakwana re ile ra tshwara kopano ya lelapa.

Ha ke ne ke qetela ho bua le lona, e leng hantle dikgwedi tse pedi tse fetileng, Afrika Borwa e ne e hlaphohelwa ditshwaetsong tsa leqhubu la bobedi le bolayang la kokwanahloko ya corona.

Ka nako eo, palo ya ditshwaetso tsa letsatsi ka leng e ile ya tsitsa ka maemo a tlase, mme ra beha naha Boemong ba Pele ba Tlhokomediso ya Kokwanahloko.

Leha re ne re ntse re tswella ho lemosa batho, maemo a tlase a tshwaetso a ile a etsa hore re nyehlise dithibelo mabapi le boholo ba dipokano.

Feela jwale, kamora dikgwedi tse mmalwa tsa ditshwaetso tse tlase, palo ya ditshwaetso e qalelletse ho phahama haholo dikarolong tse ding tsa naha.

Re bone keketseho e ntseng e tswella dibekeng tse nne tse fetileng.

Matsatsing a supileng a fetileng, re bone palohare ya ditshwaetso tsa letsatsi ka leng tse 3 745.

Ena ke keketseho ya 31% hodima ya beke e fetileng, le keketseho ya 66% hodima ya beke e ka pele ho eo.

Tekano ya diteko tsa COVID-19 e bontsha tshwaetso e menahaneng ho feta habedi kgweding e fetileng ho tloha ho se ka bang 4% ho ya ho se ka fetang 11% leha re se re ekeditse diteko ho phatlalla le naha.

Re eleditswe hore ho hlaella ha sekgahla sa ditshwaetso tse fetang 5% ke taba e hlobaetsang.

Diprovense tsa Foreistata, Kapa Leboya, Leboya Bophirima le Gauteng di se di fihlile bohareng ba ditshwaetso tsa leqhubu la boraro.

E ka nna ya ba feela taba ya nako pele naha ka bophara e kena leqhubung la boraro.

Ho ya ka ditsebi tsa rona tsa kalafo, ho ropoha ha moraorao ha ditshwaetso tse ntjha ke ka lebaka la ho eketseha ha dipokano tsa setjhaba moo batho ba sa ikobeleng melawana ya bohlokwa ya bophelo bo botle.

Melawana ena e kenyeletsa ho kenya dimaske, ho sielana sebaka, ho netefatsa hore moya o kena ho lekaneng le ho ngotla palo ya batho ba kenelang dipokano.

Dibaka tse ding tsa ditshwaetso tse eketsehang ke mapato le meketjana ya kamora lepato e bitswang ‘after tears’, hammoho le dikampo le dipapadi dikolong.

Kaha sekgahla sa tshwaetso se bile tlase bakeng sa nakwana, le hobane re kgathetse ke sewa sena, re ile ra batla re itebala.

Re ne re sa fadimehele taba ya ho kenya dimaske ka dinako tsohle, re ne re sa qobe dibaka tse tletseng batho, le hore re ne re kopana le batho ba bang haholo.

Ka mabaka ao, ditshwaetso di a phahama hape.

Ho phahama ha ditlaleho tsa letsatsi ka leng ho latela mokgwa o tshwanang wa ho phahama ha ho ne ho qala maqhubu a mabedi a fetileng.

Re bone kadinahengtse ding sehloho sa ho dumella hore kokwanahloko e ate haeba e sa elwe hloko.

Kahoo Komiti ya Boeletsi ya Matona ya COVID-19 e kgothaleditse hore hanghang naha e kenye tshebetsong dithibelo tse ding bakeng sa ho ngotla keketseho ya ditshwaetso.

E tshetlehile dikgothaletso tsena hodima ditlaleho tse ntjha tse ntseng di phahama matsatsing a 14 a fetileng, ho phahama ha dipalo tsa bakudi dipetleleng tse ngata tsa diprovense kaofela le keketseho ya diteko tsa COVID-19 tse fumanwang ba entseng diteko tsena ba na le yona.

Dithibelo tse ding di a hlokeha ho netefatsa hore ditsha tsa kalafo ha di imelwe le hore maphelo a neng a ka pholoswa ha a lahlehe.

Ho diehisa ho ata ha kokwanahloko ho bohlokwa ka ho ikgetha hona jwale ho etsa hore ho entwe batho ba bangata kamoo ho ka kgonehang pele leqhubu la boraro le fihla sehlohlolong.

Dikgothaletso tsena di tshohluwe kopanong ya Lekgotla la Naha la Taolo ya Kokwanahloko ya Corona mme, pejana kajeno, le Ditonakgolo, boramotse le baetapele ba botjhaba Lekgotleng la Moporesidente la Kgokahano.

Ho itshetlehilwe hodima dintlha tsena, Kabinete kahoo e entse qeto ya hore naha e tla behwa tlasa Boemo ba Bobedi ba Tlhokomediso ho tloha hosane.

Sena se bolela hore:

  • Dihora tsa thibelo ya metsamao di tla qala ka hora ya leshome le motso o le mong bosiu le ho fela ka hora ya bone hoseng.
  • Dibaka tse seng hlokolosi tse kang direstjhurente, dibara le ditsi tsa boikwetliso di tla lokela ho kwala ka hora ya leshome bosiu. Sena ke ho dumella basebeletsi ba tsona le mabota ho leba malapeng pele thibelo ya metsamao e qala.
  • Dipokano tsohle di lekanyetswa ho batho ba 100 ka hara meaho le ba 250 ka ntle ho meaho.

Moo sebaka se leng senyane haholo hore se ka nka dipalo tsena tsa batho ka qaqolohano e nepahetseng, ebe ke moo ho sa tlo sebedisetswa moaho ho feta 50% ya  boholo ba  ona.

Sena se kenyeletsa ditshebeletso tsa bodumedi, dikopano tsa sepolotiki le dipokano tsa setjhaba, hammoho le dipokano direstjhurente, dibareng, ditameneng le dibakeng tse tshwanang le tsona.

Ho na le mehato e mmalwa ya bohlokwa e dulang e sa fetoha.

E dula e le setlamo hore motho e mong le e mong a kenye maske o kwahelang nko le molomo ka dinako tsohle ha a le dibakeng tsa setjhaba.

Ke tlolo ya molao ho se etse jwalo.

Beng le balaodi ba meaho ya setjhaba, ditsi tse fapaneng, mabenkele, direstjhurente, ditekesi le dibese ba na le boikarabelo ba ho netefatsa hore batho ba ka hara ditsha tsa bona kapa dipalangwang tsa bona ba kenya dimaske, le hore mehato e nepahetseng ya ho sielana sebaka e ba teng.

Haeba o ka iphumana o na le COVID-19, o lokela ho ikwalla o le mong lapeng bakeng sa matsatsi a 10 ho tloha ha matshwao a ne a iponahatsa.

Haeba o ile wa kopana le motho ya nang le COVID-19, le wena o lokela ho ikwalla bakeng sa matsatsi a leshome kamora ho kopana le motho eo, leha o sa bontshe matshwao.

Ho hlwaya le ho ba hole le batho ba nang le tshwaetso ke tsela ya rona e hlwahlwa ka ho fetisisa ya ho thibela kokwanahloko ho ata le ho feta, mme kahoo ho bohlokwa haholo hore bohle re ikobele melawana ya ho itsheka thajana le ho ikwalla.

Mapato a tla dula a lekantswe ka batho ba sa feteng 100, mme, jwaloka pele, ditebelo, dipokano tsa kamora lepato, le dipokano tsa ‘after-tears’ ha di a dumellwa.

Leha naha e lebile leqhubung la boraro la ditshwaetso, ha re so tsebe kamoo leqhubu lena le tla ba bohale kateng le hore le tla ba teng nako e kae.

Ho ya ka borasaense ba eletsang mmuso, bohale ba leqhubu lena la boraro bo tla laolwa haholo ke palo ya batho bao e mong le e mong wa rona a kopanang le bona.

Sena se bolela hore e mong le e mong wa rona o lokela ho nahana ka batho bao a kopanang le bona letsatsi ka leng mme re etse kahohle kamoo re ka kgonang ho fokotsa ho kopana le batho bao.

Ka nako e nngwe ha ho kgonehe hore o qobe ho kopana le batho ba bang, jwaloka mosebetsing kapa ha o le mabenkeleng kapa o le ka hara dipalangwang tsa bohle.

Mabakeng a jwalo, ho bohlokwa hore re imatahanye ka matla le melawana yohle ya bophelo bo botle ka ho kenya dimaske, ho qaqolohana le ba bang le ho netefatsa hore ho kena moya o lekaneng.

Feela kahohle kamoo ho ka kgonehang, re lokela ho fokotsa ho kopana le batho nakong ena.

Seo se ka bolela ho tjhetjhisa merero ya ho kopana le batho, ho qoba dibaka tsa sejthaba le ho se nke maeto ntle le haeba e le taba e o tlamang.

Dipokano ke tsona sesosa se seholo ka ho fetisisa sa ditshwaetso, e ka ba manyalo, mapato, meketjana ya boithabiso, ditshebeletso tsa bodumedi, dikopano tsa sepolotiki kapa meketjana feela ya lelapa le metswalle.

Re lokela ho hopola hore kokwanahloko ena ha e tsamaye ho tloha sebakeng se seng ho ya ho se seng ka bo yona; e tshepile motsamao wa batho.

Ho fokotsa ho nka maeto, ho tla fokotsa ho nama ha kokwanahloko ena.

Ho bohlokwa ho qoba dibaka tse kwalehileng, kaha kokwanahloko ya corona e tsamaya ka moya ha motho a bua, a kgohlela kapa a ithimola.

Haeba o lokela ho kopana le motho e mong, ho kenyeletsa le setho sa lelapa la heno, ho bolokehile ho etsetsa seo ka ntle sebakeng se nang le moya o lekaneng.

Batho ba kotsing e itseng, ho kenyeletsa maqheku le batho ba nang le mafu a mang, ba lokela ho ela hloko le ho fokotsa ho kopana le batho kahohle kamoo ho ka kgonehang.

Ha e mong le e mong wa rona a ka etsa boiteko bona hona jwale, re tla thusa ho fokotsa ho ata ha ditshwaetso.

Re tla fokotsa kgatello dipetleleng tsa rona, mme, ka ho etsa jwalo, re tla pholosa maphelo a mangata.

Ha re ntse re tswella ho tsepamisa maikutlo hodima ho fokotsa ditshwaetso tsa kokwanahloko ka boitshwaro ba rona, re thakgotse lenaneo le leholo ka ho fetisisa la kentelo nalaneng ya naha ya bo rona.

Dibekeng tse pedi tse fetileng, re qadile mokgahlelo wa bobedi wa lenaneo la kentelo, le reretsweng masalla a basebeletsi ba rona ba kalafo ba neng ba e so ho entwe nakong ya mokgahlelo wa pele le bohle ka hara naha ba dilemo tse 60 le tse ka hodimo.

Sena se latela mokgahlelo wa pele wa lenaneo, moo basebeletsi ba kalafo ba ka etsang 480 000 ba entuweng.

Se ka fetang 67% ya basebeletsi ba mmuso ba kalafo ba se ba entuwe.

Basebeletsi bana ba kalafo ba thotse ente ya Johnson & Johnson, e motho a entwang feela ente e le nngwe.

Kaha bopaki bo supa hore batho ba hodileng ba kotsing e kgolo ya ho kula ho matla ha COVID-19 le ho hlokahala, Re behile maqheku ka sehlohlolong bakeng sa mokgahlelo ona wa bobedi.

Dibekeng tse pedi tse fetileng, batho ba fetang 480 000 ba thotse ente ya pele ya Pfizer jwaloka karolo ya letsholo la kentelo ya setjhaba.

Hobane ente ya Pfizer e batla diente tse pedi ho fana ka pheko e felletseng, batho bana ba tla lokela ho thola ente ya bobedi matsatsi a 42 kamora ho entwa lekgetlo la pele.

Ka kakaretso, batho ba fetang 960 000 ka hara Afrika Borwa ba se ba thotse ente e le nngwe.

Nakong ya matsatsi a mmalwa a tlang, re tla be re se re entile maAfrika Borwa a fetang milione o le mong a kotsing ka ho fetisisa.

Ho ne ho thabisa maikutlo ho bona ditshwantsho tsa baahi ba bo rona ba hodileng ha ba ne ba entwa, le ho bala dipale tse ngata tsa mosa le bonngwe ho tswa ho ba neng ba le ditsheng tsa kentelo.

Maiphihlelo a hlwahlwa a phano ho fihlela hakana a bontsha boitelo le boprofeshenale ba basebeletsi ba rona ba tlhokomelo ya kalafo, le boitokisetso bo matla bo entsweng ho netefatsa ho re phano ke e atlehileng.

Lenaneo la ho Ingodisetsa ho Entwa ka Mokgwa wa Elektroniki (EVDS) le bohlokwa taolong ya lenaneo la ho laola boingodiso le kabo ya diente.

Mokgwa ona o hokela batho ba ingodisitseng le setsha sa kentelo se haufi le bona.

Mokgwa ona o thusa moifo wa naha ho beha leihlo tshebediso ya diente le ho lebisa diente moo di batlehang teng.

Boingodiso le kentelo ya batho ba dilemo tse 60 le ba tse ka hodima bo tsamaya hantle.

Jwale re na le batho ba fetang dimilione tse tharo ba ingodisitseng ho EVDS.

Kaha ke lekgetlo la pele mokgwa ona o sebediswa, ho a utlwahala hore ho bile le mathata a itseng qalong, a ileng a sitisa batho le ka nako e nngwe ho baka ditiehiso.

Ka lehlohonolo, mabaka ana ho ile ha sebetsanwa le ona ka potlako mme mokgwa ona o dula o shebisiswa le ho matlafatswa ha phano e ntse e le motjheng.

Ho na le diqholotso tse ding tseo re ntseng re sebetsana le tsona.

Ho bile le palo e kgolo ya maqheku a bileng le mathata a ho ingodisa ho EVDS.

Sena ke ka lebaka la ho hloka disebediswa tse batlehang bakeng sa ho ingodisa ka inthanete, tse kang khompyuta,  disebediswa tsa inthanete kapa dismart phone, hammoho le mathata a ho latela ditaelo ka Senyesemane.

Re qadile ho rarolla mathata ana, mme boikitlaetso bo boholo ba ho thusa maqheku ho ingodisa bo motjheng.

Ho na le ditsela tse nne tseo o ka ingodisang ka tsona ho thola ente ya COVID-19:

  • Ka ho sebedisa boingodiso ka inthanete websaeteng ya https://sacoronavirus.co.za/
  • Ka ho tobetsa *134*832# le ho ingodisa ka ho latela ditaelo
  • Ka ho romela lentswe “REGISTER” ka WhatsApp ho 0600 123 456
  • Ka ho letsetsa nomoro ya mahala ya mohala wa naha wa thuso ho 0800 029 999, moo ho tla ba le motho ya tla o thusa ho ingodisa le ho araba dipotso leha e dife ka phano ya ente.

E mong le e mong wa rona a ka thusa batswadi ba rona, bonkgono le bontatemoholo, kapa maqheku a motseng wa bo rona ho ingodisa ho mokgwa ona mme ba sireletsehe.

Diente kaofela tse tjhaelletsweng monwana bakeng sa ho sebediswa Afrika Borwa di bolokehile le ho ba hlwahlwa.

Di kentswe ditekong tse kgolo ka hloko le ho ba tlasa motjha o matla wa ho tjhaellwa monwana ke Bahlanka ba Bolaodi ba Dihlahiswa tsa Bophelo bo Botle ba Afrika Borwa le balaodi ba bangata ba bophelo lefatsheng ka bophara.

Sa bohlokwa ka ho fetisisa, kaofela di fana ka tshireletso kgahlanong le ho kula ho matla kapa ho hlokahala ka lebaka la COVID-19.

Re ntse re tswella ka dipuisano le bahlahisi ba bang ba diente hore re kgone ho kenyeletsa diente tse fapaneng lenaneong la rona.

Ba bang ba bahlahisi bana ba motjheng wa ho batla ho tjhaellwa monwana ho hlokehang ha bolaodi ba rona ba dihlahiswa tsa bophelo bo botle.

Letsholo la kentelo ya batho ka bongata ke boiteko bo kopanetsweng le balekane ba rona bohle.

Hajwale ho na le ditsha tse fetang 400 tsa kentelo tse sebetsang ho phatlalla le naha ka bobedi makaleng a mmuso le a poraefete.

Jwaloka ha re tlalehile pele, re fumane diente tse lekaneng bakeng sa ho fihlella batho ba baholo kaofela ka hara naha, e leng batho ba ka etsang 40 milione.

Sena se kenyeletsa diente tse 31 milione tsa Johnson & Johnson, e leng ente e le nngwe, mme e tla hlahiswa mona Afrika Borwa.

Sena se boetse se kenyeletsa diente tse 20 milione tsa Pfizer, tse batlang diente tse pedi ho fana ka tshireletso e felletseng.

Phepelo e neng e rerilwe ya diente tsa Johnson & Johnson leha ho le jwalo e ile ya diehiswa ka mabaka a bolaodi a amanang le kgaello ya ho se ipapise le maemo a nepahetseng polanteng ya tlhahiso e Amerika.

Re emetse hore mabaka ana a rarollwe pele moqeqeko wa pele wa diente tsa Johnson & Johnson di ka lokollwa setsheng se Gqeberha ho la Kapa Botjhabela.

Ha sena e le qholotso e ammeng phepelo ya diente bakeng sa dinaha tse ngata mme e seng naha ya bo rona feela, re dula re iteanya le balaodi ba amehang ho netefatsa hore diente tsa rona di ka lokollwa kapele kamoo ho ka kgonehang.

Diente tse ka etsang 1.3 milione tsa Pfizer di se di fepetswe mme ho se ho sebedisitswe tse ka fihlang ho 500 000.

Diente tse 636 000 tse latelang di tla fihla bosiung bona moo ho tla ba le phepelo ya beke ka nngwe ya mothamo o tshwanang ho fihlela mafelong a Phuptjane, ha re tla be re thola diente tse milione tse pedi le halofo.

Ho tshepela ha rona ho ente ya Pfizer bakeng sa hona jwale ho amme lebelo la ho kgona ho bula ditsha tsa kentelo.

Ka lebaka la maemo a ente ya Pfizer a qosang hore e bolokwe dihatsetsing tse batang ka ho fetisisa, kenyeletso ya ditsha tse nyane le tse dibakeng tsa metse ya mahae e batla e le tlase.

Ha ente ya Johnson & Johnson e se e buletswe, ho tla ba bobebe ho e sebedisa. Ke ente e hlajwang ha nngwe mme e ka bolokwa sehatsetsing se tlwaelehileng.

Ha phano ya rona ya diente e tla matlafatswa dibekeng tse tlang, ke kgothaletsa e mong le e mong ho ba le mamello le ho emela nako ya hae.

Ho bohlokwa hore re dumelle basebeletsi ba kalafo le ba dilemo tse 60 le tse ka hodimo ho hore ba entwe pele, kaha e le bona ba kotsing ka ho fetisisa ya ho kula haholo kapa ho kena sepetlele.

Bakeng sa nakwana e seng kae, ke feela dihlopha tsena tse pedi tse tshwanelehang ho thola diente ho fihlela ho tsebiswa ka dihlopha tse latelang tse tla behwa ka sehlohlolong.

Ke lakatsa ho leboha balekane ba rona bohle ba kahisano, ho kenyeletsa lekala la poraefete, mekgatlo ya basebetsi, mekgatlo ya badudi, dihlopha tsa bodumedi le baetapele ba botjhaba, bakeng sa ho tla ka ditsela tse ntjhafetseng tsa ho tshehetsa boiteko bona.

Re le kontinente ya Afrika re tswella ho tla ka mekutu ya ho atolosa bokgoni ba rona ba ho iketsetsa diente ka morero wa ho itjara tabeng ya tlhahiso ya diente.

Re boetse re karolo ya mekutu ya lefatshe ya ho netefatsa hore dinaha tsohle di fumantshwa diente tse lekaneng jwaloka ha taba ena e le e potlakileng.

Re tswella ho kgothaletsa dinaha kaofela ho tshehetsa ho nyahlatsa tumellano ya TRIPS ho Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebisano (WTO) ya hore diente tsa COVID-19 le dipheko di ka hlahiswa ka sekgahla se phahameng, ka ditjeo tse tlase le ka lebelo le leholo.

Jwalo feela kaha karabelo ya rona ho sewa sena e ne e itshetlehile hodima tshebedisano mmoho ya rona bohle, phano ya ente le yona e batla mekutu ya setjhaba kaofela hore e atlehe.

Hona jwale tjena, taba ya rona e ka sehlohlolong ke ho matlafatsa letsholo la rona la kentelo hore le fihlelle batho ba bangata kahohle kamoo ho ka kgonehang, kapele kamoo ho ka kgonehang, karolong e nngwe le e nngwe ya naha ya bo rona.

Leha ho le jwalo, re lokela ho diehisa keketseho ya ditshwaetso ka nako e telele kamoo re ka kgonang ho etsa hore baahi ba rona ba bangata ba tsietsing ba sireletsehe.

Beke ka nngwe eo ka yona re diehisang sehlohlolo sa leqhubu la boraro e etsa hore re ente dikete tse ding tsa batho, le ho kgona ho pholosa maphelo a bona.

Ke ka lebaka leo ho leng hlokolosi ho rona ho nka bohato hona jwale, le ho sebetsa mmoho, ho fokotsa ho nama ha kokwanahloko ka ho kenya dimaske, ho qoba dipokano le dibaka tse kwalehileng, ho sielana sebaka le ba bang le ho hlapa matsoho kapa ho sebedisa sebolaya-dikokwanahloko kgafetsa.

Ka ho akofisa lenaneo la kentelo, re tla ba haufi le ho hlola sewa sena.

Ena ha se nako ya ho nyahama. Ha re a lokela ho itebala.

Ho matsohong a e mong le e mong wa rona ho itshireletsa, ho sireletsa malapa le metse ya rona ho fihlela bohle re entwa.

Ke le kopa hore le tiye matla, le be sebete, mme le matlafatse boikitlaetso ba lona jwaloka maAfrika Borwa mme le eme mmoho le ho thibela leqhubu lena la boraro.

Re ka kgona mme re tla atleha, jwaloka ha re ile ra atleha pele. Modimo a hlohonolofatse Afrika Borwa le ho sireletsa batho ba yona.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore