Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 30 Mphalane 2019

Kabinete e kopane ka Laboraro, la 30 Mphalane 2019 Tuynhuys ho la Motse Kapa

A. Dintlha ka maemo a renang hajwale

1. Pitso ya Matsete ya Afrika Borwa (SAIC)

1.1. Kabinete e lebeletse ka tshepo SAIC ya Bobedi ya selemo sa 2019 e tla tshwarwa beke e tlang ho tloha ka la 5 ho isa ka la 7 Pudungwana 2019 Setsing sa Dikopano sa Sandton Gauteng tlasa mookotaba: “Re akofisa Kgolo ya Moruo ka ho Aha Dilekane”. 
1.2. SAIC ya selemo sa 2019 e tla ahella hodima SAIC ya pele e neng e tshwerwe ka Mphalane 2018, e neng e hohetse R300 bilione ya boitlamo ba matsete. Tsena di ne di kenyeleditse senatla sa matjhaba sa e-commerce Amazon e thehileng setsha sa dikhomphyutha tsa cloud Aforika Borwa; khamphani ya lefatshe ya morafo ya Vedanta Resources e tsetetseng morafong wa lehae; khamphani ya thekenoloji ya Rwanda, Mara Corporation, bakeng sa ho etsa di-smartphone tsa thekenoloji e hodimo le khamphani ya meriana ya Aspen Pharmacare e tsetetseng thepeng ya sterile anesthetics. 
1.3. Re ipapisa le maAforika Borwa kaofela mabapi le ho amohela baemedi ba fetang 1500 ba emetseng dikgwebo tsa lehae le tsa matjhaba e leng banna le basadi ba lebeletsweng ho kenela Pitso ya Matsete. 
1.4. Ka la 7 Pudungwana, pitso e tla tswela pele Khemphaseng ya Yunivesithi ya Johannesburg e Soweto, ho tsepamisitswe maikutlo hodima boetapele ba dikgwebo, ntjhafatso le kgodiso ya dikgwebo tse nyane le tse mahareng.

2. Foramo ya Matsete ya Afrika (AIF)

2.1. Sehlopha sa Banka ya Ntshetsopele ya Aforika se tla bitsa Foramo ya Matsete ya Aforika ho tloha ka la 11 ho isa ka la 13 Pudungwana 2019 Johannesburg. Ona ke o mong wa monyetla wa matsete wa Aforika Borwa ho kenella thepeng e tla kganna ntshetsopele ya meralo ya motheo ya Aforika.
2.2. Foramo e bokanya mmoho matlole a dipentjhene, matlole a moruo wa diresefe tsa naha, batsetedi ba poraefete, difeme tsa poraefete tsa thepa le dihlooho tsa mebuso. E tla tsepamisa maikutlo hodima ho ntshetsapele le ho phethahatsa ditumellano tsa ho bula menyetla ya botsetedi ba dibilione tsa didolara Aforika. 
2.3. Re phehelletse sepheo sa rona sa ho fana ka lenaneo la meralo ya motheo ya mmuso le ya poraefete, mmuso o beheletse ka thoko R100 billion ka dilemo tse 10 bakeng sa Letlole la Naha la Meralo ya Motheo, mme o lebeletse ho sebetsa le batsetedi ba poraefete le ditheo tsa ditjhelete tsa matjhaba ho matlafatsa boemo ba ditjhelete bakeng sa ntshetsopele ya meralo ya motheo ya naha ya bo rona.

3. Pehelo ya Leano la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng (MTBPS)

3.1. Kabinete e ananetse MTBPS ya selemo sa 2019 e tekilweng ke Letona la Ditjhelete Tito Mboweni kgahlanong le maemo a boima a moruo wa lehae le wa lefatshe. MTBPS ya 2019 e sisinya ditsela tse tla kgina ditjeo tsa mmuso le sekoloto se tobileng Tlhahiso ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP).
3.2. Kabinete e boetse e elelletswe sephetho sa Diphuputso tsa Kotara tsa Lebotho la Basebetsi bakeng sa kotara ya boraro ya selemo sa 2019 se ntshitsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa tse supang hore sekgahla sa semmuso sa tlhokeho ya mesebetsi se phahame ka 0,1 ya ntlha ya phesente ho ya ho 29,1% ha ho bapiswa le kotara ya bobedi ya 2019. 
3.3.    Kabinete e dumela hore haeba maAforika Borwa kaofela a ipapisa le mmuso mabapi le ho kenya tshebetsong maitlamo a tekilweng ho MTBPS ya 2019, re ka thusa ho hodisa Aforika Borwa mmoho, ho eketsa kgolo ya moruo wa rona le palo ya mesebetsi e batlehang haholo ka hara naha. 

4. Eskom

4.1. Kabinete e ananetse pampiri ya sehlooho se reng “Roadmap for Eskom in a Reformed Electricity Supply Industry”, e lokollotsweng ke Letona la Dikgwebo tsa Mmuso Pravin Gordhan ka Labobedi, la 29 Mphalane 2019. 
4.2. Sena se latela tsebiso e entsweng ke Moporesidente Ramaphosa ka Tlhakola 2019 ha a ne a teka Puo ka Boemo ba Naha ya hore bakeng sa ho ntlafatsa bokgabane ba tshebetso, Eskom e tla arolwa ho ba le makala a mararo e leng la phethiso, phehlo le phepelo. 
4.3. Kabinete e thathiselletsa ditshisinyo tsa motlolo wa kgwebo wa Eskom, e leng moralo wa moraorao wa ho beha Eskom motjheng wa kgolo. Mmapa ona o shebile phepelo ya ditjeo tse tlase tsa motlakase, kanetso ya eneji le mehlodi e fapaneng ya eneji ho ipapisitswe le Moralo wa Mehlodi o Kopanetsweng, o ileng wa kenngwa koranteng ya mmuso pejana kgweding ena le motswako ka botlalo wa eneji dilemong tse 10 tse tlang.
4.4. Re ipiletsa ho bankakarolo bohle lekaleng la eneji ho tshehetsa ka botlalo ho kenngwa tshebetsong ha moralo ona. 

5. Makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe wa Rakbi (RWC)
5.1. Kabinete thoholetsa ka motlotlo sehlopha sa naha sa rakbi, di-Springbok, ka ho fihla ho makgaolakgang a selemo sa 2019 a RWC. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela le ho batshehetsi ba rona ho phatlalla le lefatshe ho tshehetsa “Boks” le ho bontsha tshehetso ya bona ho batho ba habo bona ka ho nka karolo ho Green Fridays le ho fana ka melaetsa ya tshehetso mapatlelong a dikgokahanyo tsa setjhaba ka ho sebedisa hashtag #StrongerTogether, #Bokke, #Rugbyworldcup.
5.2. Moporesidente Ramaphosa o tla kenela papadi ya ho qetela Japan ho fana ka tshehetso e matla ho sehlopha sa rona sa naha.
5.3. Kabinete e boetse e ananela qeto ya Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa ya ho hasa ka kotloloho papadi ya ho qetela pakeng tsa Aforika Borwa le Engelane ka Moqebelo, wa la 2 Pudungwana, ho tloha ka hora ya 11:00 hoseng. 

6. Paballo ya Metsi
6.1. Kabinete e kgothaletsa batho kaofela ka hara Aforika Borwa ho tswela pele ho boloka le ho baballa metsi. Sena se latela ho theoha ha maemo a matamo a naha ho tlalehilweng ha moraorao. Aforika Borwa e hara dinaha tse 30 tse ommeng ka ho fetisisa lefatsheng. Pula e tlase ho feta tlwaelo le e nkang nako e telele ho na dikarolong tse ding tsa naha, ho kenyeletswa le dithemperetjha tsa moraorao tsa lebatama la motjheso, e mpefaditse maemo.
6.2. Leha Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le kentse tshebetsong meralo ya tshohanyetso, Kabinete e re kgothaletsa bohle ho sebetsa mmoho bakeng sa ho netefatsa tshebediso ya moshwella ya mohlodi ona o hlokolosi le o haellang. Mawa a ho baballa metsi a kenyeletsa ho lekola ho dutla ha dipeipi, ho sebedisa metsi a sebedisitsweng ho nosetsa diratswana pele ho hora ya bo 06:00 hoseng kapa kamora ho hora ya 18:00 mantsiboya kapa ho jala dimela tse sa tshabeng komello. Bohle re lokela ho bapala karolo ya rona mabapi le ho baballa metsi. 

7. Mawa a Dilekane le China 
7.1. Motlatsi wa Moporesidente David Mabuza o leetong la tshebetso Riphabliking ya Batho ya Tjhaena, moo e tla ba modulasetulo mmoho Tulong ya bo-7 ya Khomishene ya Naha tse pedi (BNC) ya Aforika Borwa le Tjhaena e tla tshwarwa ho fihlela ka la 3 Pudungwana 2019. BNC ya Aforika Borwa le Tjhaena e thehilwe ka 2002 ho sebetsa jwaloka lepatlelo la lewa bakeng sa ho sebetsana le dintlha tsa ditabatabelo tse tshwanang tse kang kgothaletso ya kgwebisano le diphapanyetsano tsa moruo.
7.2. Palo e ka etsang 26 ya dikhamphani tsa Aforika Borwa di tsetetse Tjhaena, ka ditjeo tsa thepa tsa R88 bilione pakeng tsa Pherekgong 2003 le Phato 2019. Ka ho le leng, palo e etsang 88 ya dikhamphani tsa maTjhaena di tsetetse ka hara Aforika Borwa, ka ditjeo tsa thepa tsa R116 bilione ka nako e tshwanang.
7.3. Kabinete e ananela ho saenwa ha tumellano ya lewa la tshebedisano pakeng tsa lekala la Bohahlaudi la Aforika Borwa le khamphani ya Tjhaena, Tencent, eo e leng beng ba lepatlelo la kgokahanyo la WeChat. Selekane sena sa dilemo tse pedi se neha Aforika Borwa phumantsho e otlolohileng ho dimilione tsa batho ba Tjhaena bao e ka bang bahahlaudi bakeng sa ka bobedi kgwebo le boikgathollo, bakeng sa ho rekisa naha ya rona e le sebaka sa boikgethelo. 
7.4. Aforika Borwa e rerile ho menahanya habedi bahahlaudi ba matjhaba ho tloha ho 10, 4 milione ho isa ho 21 milione ka selemo sa 2030.
7.5. Kabinete e boetse e ananela boikitlaetso ba Lefapha la Thuto ya Motheo ba ho matlafatsa batsamaisi ba dikolo, ka semphato le mmuso wa Tjhaena, moo dihlooho tsa dikolo tse 25 di neng di arolelana le ho buisana ka ditlwaelo tse hlwahlwa ka ho fetisisa mabapi le tikoloho ya sekolo le bomphato ba bona ba maTjhaena Shanghai, ho la Tjhaena.

8. Thibelo ya botlokotsebe

8.1. Kabinete e ananela mosebetsi wa Operation O Kae Molao, e eteletsweng pele ke Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS) mme e tswela pele ho etsa kgatelopele e babatsehang ntweng e kgahlanong le botlokotsebe Gauteng. 
8.2. Makgolokgolo a ba belaellwa ho phatlalla le porofense ena a tshwaretswe ditlolo tsa molao tse fapafapaneng mme tsena di kenyeleditse babelaellwa ba 717 ba ntseng ba batlwa, moo ba 90 ba bona e neng e le babalehi ba batlelwang dinyewe tse amanang le dikgoka tsa bong (GBV). 
8.3. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho tswella ka tshehetso ya ona le ho itahlela ka setotswana ntweng e kgahlanong le botlokotsebe ka ho tlaleha diketso tsa tlolo ya molao ho makala a qobello ya molao. Baahi hape ba ka sebedisa app e ntjha ya SAPS e lwantshang ditlolo tsa molao, MySAPS, ho fana ka menyenyetsi ntle le ho fana ka lebitso, ho batla seteishene sa sepolesa se haufi kapa ho romela ditemoso tsa tshohanyetso le melaetsa. Kabinete e itlametse ho netefatsa hore badudi ba phela ditikolohong tse bolokehileng le tse sireletsehileng.

9. GBV le Dipolao tsa Basadi
9.1. Kabinete e amohela dikahlolo tsa bophelo bohle tjhankaneng tsa moraorao tse 20 le dilemo tse 758 tsa ho hlola tjhankaneng tse fuweng mabeta wa basadi ba bangata, Bongani Lucky Masuku, hammoho le kahlolo ya ho hlola bophelo bohle tjhankaneng e fuweng mabeta Nicholas Ninow. Sena se romela molaetsa o matla ho ditlokotsebe hore tsamaiso ya rona ya toka e keke ya mamella ditlolo tsa molao tse kgahlanong le basadi le bana. 
9.2. Mmuso o dula o itlamme bakeng sa ho fana ka tlhokomelo bakeng sa diphofu tsa GBV hore di sebedise ditshebeletso tse fanwang ke Setsi sa Taolo sa GBV. Setsi se sebetsa bosiu le motsheare, selemo kaofela. Diphofu di ka letsetsa 0800 428 428 kapa di ka romela please call me ho *120*7867# kapa ho kena websaeteng ya www.gbv.org.za. Moporesidente Ramaphosa kajeno o tla beha Palamente le setjhaba sehlohlolong mabapi le maiteko a ho fedisa GBV le Dipolao tsa Basadi ha a tla be a arabela dipotso Sebokeng sa Naha.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Moralo wa Naha o Akaretsang wa Dithethefatsi (NDMP) 2019-2024

1.1.  Kabinete e tjhaelletse monwana NDMP 2019-2024 le moralo wa ho kenngwa tshebetsong ha yona, e leng o tekang mawa a ho lwantsha tshebediso e mpe ya dithethefatsi ka hara Aforika Borwa. NDMP 2019-2024 ena e latela tekolo ya NDMP 2013-2017. 
1.2. Moralo o sisinya merero e supileng ya lewa la ho lwantsha tshebediso e mpe ya dithethefatsi ka hara badudi ba bo rona. O boetse o sisinya ho sebetsana le phokotso ya ho tsomana le dithethefatsi, ho tiisa letsoho mabapi le dithethefatsi tse reretsweng kalafo, hammoho le taolo, boetapele le boikarabelo ba ho kenya tshebetsong NDMP. 

2. Leano la Naha la Tlhokemelo le Tshireletso ya Bana (NCCP)
2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana NCCP, e leng e fanang ka matla ho Molao wa Bana, 2005 (Molao wa bo-38 wa selemo sa 2005). Karolo 28 ya Molaotheo wa Rephabliki ya Aforika Borwa wa selemo sa 1996 e ananela tokelo ya bana bohle ya ho fumantshwa ditshebeletso tsa kahisano, tshireletso kgahlanong le dikgoka, tlhekefetso, ho se tsotellwe le ho sotlwa. 
2.2. NCCP e tjhaelletsweng monwana e matlafatsa tsamaiso ya kgokahano ya tlhokomelo le tshireletso ya bana, le ho netefatsa tshebediso ka botlalo ya mehlodi ya hajwale bakeng sa ditshebeletso tse ntlafaditsweng tse kgothaletsang ntshetsopele e kgabane ya bana. Leano lena le boetse le arabela kahlolo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la North Gauteng e laetseng Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba ho etsa diphethoho tse matlafatsang mokgwa wa tlhokomelo ya bana bao e seng ba letswele. 

3. Diphomete tse Ikgethang tsa Lesotho (LSP)

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana keketso ya nako ya di-LSP ka dilemo tse ding tse nne. Nako e teng ya hajwale e fela ka la 31 Tshitwe 2019. Keketso ena e tla thusa hore Lefapha la Merero ya Lehae (DHA) le phethele mosebetsi wa lona mabapi le ho thola ditsela tsa ho sebetsana le dintlha tsa bofalli, ka ho qolleha bakeng sa baahi ba lebatowa la Ntshetsopele ya Badudi ba Aforika e Borwa. 
3.2.    Nako e ekeletswa feela ba ntseng ba na le di-LSP. DHA e tla fana ka dintlha tse batsi mabapi le motjha o tla latelwa. 

C. . Diketsahalo tse Tlang

1. Ho bulwa ha Lekgotla le Phahameng la Dinyewe 

1.1. Moporesidente Ramaphosa o tla bula semmuso Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Mpumalanga Mbombela, ka Labohlano, la 8 Pudungwana 2019. Moporesidente o tla felehetswa ke Letona la Toka le Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa Ronald Lamola le Letona la Mesebetsi ya Setjhaba le Infrastraktjha Patricia de Lille ho tshwaya mokolokotwane wa bohlokwa lenaneong le reretsweng ho fana ka phihlello ya toka ho maAforika Borwa kaofela. Ona ke mokgahlelo wa ho qetela wa lenaneo lena le netefatsang hore porofense ka nngwe diporofenseng kaofela tse robong ka hara Aforika Borwa di ba le Lekgotla la Dinyewe le Phahameng. 
1.2. Batho ba Mpumalanga jwale ba tla ba le Lekgotla le Phahameng la Dinyewe leo e leng la bona mme ha ba sa tshwanetse ho palama ka ditjeo tse hodimo ho ya Pretoria ho ya batlana le dithuso tsa semolao. 

D. Melaetsa

1. Kabinete e fetisetsa dithoholetso tsa yona ho: 
1.1.  Olwami Shangase ya dilemo di 12 wa KwaZulu-Natal, eo buka ya hae e bitswang Rejected Treasure e reretsweng ho ruta mang le mang, haholoholo bana, ka matla a ho tshwarela le a lerato.
1.2.  Amahle Zenzile ya dilemo di 11 wa Motse Kapa, ya memetsweng ho ya emela Aforika Borwa Thonanamenteng ya Tjhese ya Batjha ba Aforika e tla tshwarelwa Namibia ka Tshitwe.
1.3. Mohlahisi le moqapi wa Aforika Borwa, Monghadi Lebohang Morake, ya entseng bonnete ba hore Drakensberg Boys Choir e fofisetsa folakga ya rona hodimo ha ba ne ba bina tlotlisong e ikgethang ya Lion King London.
1.4. Mopresidente Mokgweetsi Masisi le batho ba Botswana mabapi le dikgetho tse ding tsa kgotso tsa boporesidente, tse tswellang ho matlafatsa demokerasi ya Botswana. Aforika Borwa e tla romela kemedi e tla ba karolo ya Tlhomamiso ya Moporesidente wa Botswana hosane, la 1 Pudungwana 2019. Re lebeletse ho tswella ka dikamano tsa rona tsa kahisano, moruo, sepolotiki le tsa bodiplomate le Botswana.

E. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumellano e amehang.

1. Boto ya ZA Domain Name Authority:

1.1.    Mofumahadi Palesa Legoze (Modulasetulo)
1.2.    Mofumahadi Veronica Motloutsi 
1.3.    Mofumahadi Sizo Mzizi 
1.4.    Moporofesara Kasturi Moodaliyar 
1.5.    Mofumahadi Malekgoloane Malapane
1.6.    Moporofesara Daniel Mashao 
1.7.    Mofumahadi Anriette Esterhuysen 
1.8.    Monghadi Rendani Mbuvha, le 
1.9.    Monghadi Nicholas Msibi (o thontswe hape)

2. Mofumahadi Mmakgomo Anna Tshatsinde, Motlatsi wa Motsamaisi-Kakaretso (DDG): Lekala la Ditshebeletso tsa Bodisa, Lefapha la Meralo, Bodisa le Tlhahlobo (DPME). 

3. Monghadi Blake Keith Mosley-Lefatola, DDG: Ntshetsopele ya Lekala la Mmuso la Bodisa le Bokgoni, DPME.

4. Monghadi Luambo Thomas Sigama, DDG: Ditshebeletso tsa Bodudi, DHA.

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Sebueledi se Tshwereng Mokobobo sa Kabinete
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore