Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 24 Mphalane 2018

Kabinete e kopane ka Laboraro, 24 Mphalane 2018 ho la Tuynhuys, Motse Kapa.

A. Dintlha tsa Hajwale

1. Polelo ya Pholisi ya Tekanyetso ya Nako e Bohareng (MTBPS)

1.1 Kabinete e amohela MTBPS ya pele ka Letona la Ditjhelete Tito Mboweni, e thehilweng hodima tumelo e matla ya hore Afrika Borwa e ka ntjhafatswa.

1.2 MTBPS ya 2018 e totobatsa dikgetho tsa thata tsa moruo le lekgetho tse tjametseng mmuso nakong ya dilemo tse tharo tse tlang. Kgolo ya moruo bakeng sa 2018 e fetoletswe tlase ho tloha ho 1.5% ho ya ho 0.7%, mme tikoloho ya lefatshe e dula e ntse e le thata bakeng sa meruo ya mebaraka e thuthuwang. MTBPS ya 2018 e qala tshebetso ya morero wa Mopresidente wa tsosoloso ya kgolo ya moruo le puseletso, tse tla tshehetswa ke botsitso ba tsa lekgetho le ditjhelete.

1.3 Mmuso o dula o itlametse botsitso ba tsa lekgetho, empa ho bile le phokotseho esale ho tloha ka puo ya Ditekanyetso ya 2018 ka Hlakola selemong sena. Mmuso o ikitlaelletsa ho tlisa botsitso le ho fokotsa mekoloto. Papisong le tikoloho e phephetsang ya moruo le tsa lekgetho, karolo e sisingwang ya lekeno e tswelapele ho beha sehlohlolong mananeo a tshebediso e hodimo ya tjhelete a tshehetsang ditshebeletso tsa thuto ya motheo, bophelo bo botle, boiketlo ba setjhaba, metsi, tlhwekiso le motlakase.

2. Kopano ya Mopresidente ya Bophelo bo Botle

2.1 Kabinete e amohela diphetho tsa Kopano ya Mopresidente ya Bophelo bo Botle tse reretsweng ho sebetsana le diphephetso tse fapaneng tseo sistimi ya setjhaba ya bophelo bo botle e tobaneng le tsona. Diphetho di tla matlafatsa ditukisetso tsa ho kenngwa tshebetsong ha Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle.

3. Phetolo ya lefatshe

3.1 Kabinete e amohela ho kenngwa tshebetsong ho tsitsitseng ha mananeo a phetolo le pusetso ya lefatshe a lokisang tlhokeho ya toka ya nako e fetileng le ho thusa ho hodisa moruo.

3.2 Mopresidente Cyril Ramaphosa o etelletse pele mokete wa pusetso ya lefatshe, moo dihektere tse 4 586 tsa lefatshe di fuweng setjhaba sa KwaMkhwanazi ho la Empangeni, KwaZulu-Natal.

3.3 Setjhaba sa KwaMkhwanazi se boetse se tla fumana dikapana tsa kamora phallo le tshehetso tse tla ba thusa ho fihlella tshebediso e hodimodimo ya leruo la lefatshe leo. Sena se tlosa ditjhaba ho tloha ho hoba dihwai tsa malapa a bona hore ebe dihwai tsa kgwebo le beng ba dikgwebo mekgahlelong e fapaneng ya matsete a lefatshe la bona.

3.4 Mmuso o ikemiseditse ho tshehetsa boteng ba dikgwebo tse thuthuhang tsa temo, ho akgang diprojeke tse 262 tse amanang le phetolo ya lefatshe ho fa batjha le basadi molemo diporofenseng tsohle.

4. Tshenyo ya disebediswa tsa setjhaba

4.1 Kabinete e hlahisitse ngongoreho mabapi le tshenyo ya disebediswa tsa dipalangwang. Sena se nyotobetsa boitlamo ba mmuso ba ho isa ditshebeletso ho ditjhaba tse neng di sotlehileng nakong ya kgale. Leha batho ba ka se kgotsofale ka tsela e kgolo, ha baa lokela ho senya thepa ya setjhaba. Tshenyo ena e hlokisa batho ba sotlehileng ditshebeletso tseo ba di hlokang e le kannete.

4.2 Kabinete e kopa ditho tsa setjhaba hore di be sedi mme di sebetse mmoho le ditheo tsa molao hore ba ikarabellang diketsong tsena ba tshwarwe. Kabinete e boetse e lemohile hore Sehlopha sa Toka, Thibelo ya Botlokotsebe le Tshireletso se tla sebetsana le taba ena ka nepo.

5. Tshebetso ya ho thonya Molaodi wa Botjhotjhisi ba Naha (NDPP)

5.1 Kabinete e amohetse tsela e ntjha ya ho thonya NDPP. Mopresidente Ramaphosa o thontse Sehlopha sa Keletso ho thonya batho ba tshwanelehang le ho tshwara dikopano tsa dipotso tsa mosebetsi le bona ho bona haeba ba tshwaneleha ho ka palama setulo sa Hlooho ya Bolaodi ba Botjhotjhisi ba Naha. Sehlopha seo se kopane lekgetlo la pele bekeng ena mme ho lebelletswe hore se tla fana ka lenane le lekgutshwane la mabitso a batho ba tshwanelehang ho Mopresidente pele ho la 7 Tshitwe 2018.

6. Kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo

6.1 Kabinete e sekasekile Kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo e mabapi le tshebediso, temo le ho ba le matekwane ke motho e moholo ha hae bakeng sa tshebediso ya hae le kamo ya sena. Ditho tsa setjhaba di koptjwa ho ithuta kahlolo ena kaha tshebediso ya matekwane sebakeng sa setjhaba e thibetswe. Mme ho feta moo, kahlolo ena ha e ya kenya thekiso ya matekwane molaong.

6.2 Kabinete e ananela hore kahlolo eo e itsheheditse ka melao e meng e kannang ya sebediswa mabapi le ho sebediswa, ho tshwara le ho lema matekwane. Kabinete e ntse e batla keletso tabeng ena.

7. Kopano ya Polokeho Dikolong

7.1 Kabinete e amohela Kopano ya Polokeho Dikolong e sa tswa tshwarwa tlasa boetapele ba Letona la Thuto ya Motheo Angie Motshekga. Kopano e kopantse baamehi ba thuto le ba ditaba tsa kantle hore ba fumane ditharollo ditabeng tsa tshireletso tseo dikolo di tobaneng le tsona, le ho fumana tsela ya ho ba le dikolo tse bolokehileng ho feta.

7.2 Sena se latela diketsahalo tsa dikgoka dikolong tse itseng, ho kenyelletswa le lefu le sehlooho la titjhere e dilemo di 24, Monghadi Gadimang Daniel Mokolobate, ya hlabilweng ka thipa ke moithuti Sekolong sa Sekhondari sa Ramotshere ho la Zeerust, Leboya Bophirima.

7.3 Baamehi bohle ba dumellane hore dikgoka ka kakaretso, le dikolong ka ho qolleha, ha di a amoheleha mme ho hlokeha tshebedisanommoho e eketsehileng ho netefatsa hore dikolo eba dibaka tse bolokehileng bakeng sa baithuti hammoho le matitjhere.

8. Dihlahlobo tsa Matriki

8.1 Kabinete e lakalletsa baithuti bohle, haholo baithuti ba Kereiti ya 12, mahlohonolo nakong ena. Ka lekgetlo la pele, selemong sena lefapha le boetse le tla tsamaisa tlhahlobo ka Puo ya Matsoho ya Aforika Borwa boemong ba Puo ya Lapeng bakeng sa baithuti ba 58 ba sa kgoneng ho utlwa dikolong tse 10. Ditlhahlobo tsena di tla nka dibeke tse hlano le halofo mme ho tla qetwa ho ngolwa ka la 28 Pudungwana.

8.2 Baithuti naheng ka bophara ba boetse ba tla tekena boitlamo ba boikgethelo ho itlamela ho netefatsa seriti sa ditlhahlobo ka ho se nke karolo diketsong dife kapa dife tse mpe. Batswadi le bahlokomedi ba kgothalletswa ho tshehetsa baithuti nakong ena e bohlokwahadi leetong la bona la thuto. Ho boetse ho bohlokwa ho kgothalletsa baithuti ho phethela dithuto tsa bona.

B. Diqeto tsa Kabinete

9. Kabinete e amohetse phatlalatso ya Dibaka tsa Mawatle tse Sireleditsweng (di-MPA) tse 20 jwalo ka karolo ya Operation Phakisa: Netweke ya Baemedi ba Moruo wa Mawatle wa di-MPA.

Molemo wa mokgahlelo ona o eketsehileng hara tse ding o tla dumella ntshetsopele e eketsehileng ya bohahlaudi ba tikoloho le phahamiso ya phihlello ya disebediswa tse laolwang ka tsela e tswellang bakeng sa dikgwebo tse nyane tsa ho tjheha dihlapi. Mekgahlelo e sisintsweng e ne e latela ditshekatsheko le baamehi bohle ba nkang letsoho. Di-MPA di tla phatlalatswa ho Kasete ya Mmuso.

10. Kabinete e amohetse Lenaneo la Bobedi la Tshebetso (NAP) la Aforika Borwa le Shebilweng Botjha le ho Matahanngwa ho Lwantsha Ketso ya Mahwatata, Tshenyeho ya Lefatshe le ho Lwantsha Dikamo tsa Komello (2018-2030). NAP e ikemiseditse ho kenya letsoho tshireletsong le tshebedisong ya nako e telele ya lefatshe la rona le dihlodilweng tse ding tsa naha.

Aforika Borwa e ananetse Molawana wa Matjhaba a Kopaneng wa ho Lwantsha Tlhaho ya Mahwatata ka 1997. Ho latela Seratswana sa 9 sa tumellano, baamehi ba hloka ho hlahisa, ho lokisa le ho kenya tshebetsong NAP jwalo ka karolo e bohareng ya moralo wa ho lwantsha tlhaho ya mahwatata le ho thibela dikamo tsa komello. Aforika Borwa e hlahisitse NAP ya yona ya pele ka 2004.

C. Dibili

11. Kabinete e amohetse phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Bana ho Kasete ya Mmuso bakeng sa maikutlo a setjhaba. Bili ena e labalabela ho matlafatsa kgokahano ya sistimi ya tlhokomelo ya bana le tshireletso ka tshebedisanommoho ya mafapha le makala.

Ditokiso tsena di arabela Kahlolo ya Lekgotla le Phahameng la Gauteng Leboya ya Pudungwana 2017, moo teng Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le laetsweng ho lokisa le ho tsebisa ditokiso tse hlokehang ho Molao wa Bana, 2005 (Molao 38 wa 2005) mabapi le tharollo ya semolao ya tsamaiso ya sistimi ya tlhokomelo ya bana ba sa nkwang semolao.

12. Kabinete e amohela tsebiso ya Bili ya Tokiso ya Ditshebeletso tsa Poso ho Palamente. Bili e kenya tshebetsong Molawana o sisintsweng wa Pholisi e Kopaneng ya Naha ya ICT o ammohetsweng ke Kabinete ka Lwetse 2016.

Diphetho tse rerilweng di tla etsa hore ho be le Ofisi ya Ditshebeletso tsa Poso ya Aforika Borwa e hlodisanang, e sebetsang hape e tshwarelletseng e fanang ka/e tsamaisang ditshebeletso tsohle le phihlello hammoho le phetoho ya lekala la diposo. Bili e boetse e fana hape le ka matla a ho fana ka diaterese tsa bodulo ho ditjhaba tsa mahaeng le tse dulang metseng ya marena.

Bili e se e fetile mokgahlelo wa tshekatsheko ke setjhaba.

D. Diketsahalo tse Tlang

13. Kopano ya Matsete ya Matjhaba ya Aforika Borwa

Mopresidente Ramaphosa ka Labohlano, 26 Mphalane 2018, o tla tsamaisa Kopano ya Matsete ya pele ya Aforika Borwa e tla tshwarelwa Sandton Convention Centre ho la Johannesburg. Ena ke karolo ya diteko tse kopaneng tsa ho hohela ditsetelo le ho hodisa moruo wa rona.

Ho feta moo, barumuwa ba bane ba tsa matsete ba kgethilweng ke Mopresidente ba tla fana ka tlaleho ho kopano mabapi le kgatelopele eo ba e entseng.

14. Kopano ya Sehlopha sa Dinaha tse Mashome a Mabedi (G20)

Mopresidente Ramaphosa o memilwe ke Tjhanselara ya Federale ya Jeremane, Ngaka Angela Merkel, ho nka karolo ho Kopano ya Matsete ya G20 – Kgwebo ya Jeremane le Tumellano le Dinaha tsa (CwA), le Kopano ya Kgwebo, tseo bobedi di tla tshwarelwa ho la Berlin, Jeremane ka la 30 Mphalane 2018.

Kopano ya Matsete ya G20 e tla kopanya kgwebo ya Jeremane le Dinaha tsa CwA hore ba utulle menyetla ya tsetelo tlasa moralo wa G20 wa Selekane le Aforika. Batsetedi ba Jeremane ba tla hlahisa diprojeke tsa bohlokwa tse di ntseng di tswelapele Dinaheng tsa CwA le ho batla menyetla e meng kontinenteng. Mopresidente o tla ya kopanong ka boemo ba Modulasetulo-mmoho wa Sehlopha sa Aforika sa Keletso sa G20.

Kopano ya G20 e mabapi le CwA e tla shebane le ditsela tseo ka tsona G20, dinaha tsa Aforika le ditsi tsa ntshetsopele di ka sebetsang mmoho ho phahamisa tsetelo ya poraefete le bonkakarolo ba moruo dinaheng tsa Aforika. Kopano e boetse e tla etsa hape le mosebetsi wa boitokiso lekaleng lena bakeng sa Kopano ya G20 e tla tshwarwa ho la Buenos Aires, Argentina.

15. Beke ya Tsepamiso ya Imbizo ya Naha

Ditho tsa Phethahatso di tla nka karolo lenaneong la GCIS la Beke ya borobong ya Tsepamiso ya Imbizo ya Naha ya tsamaiso ya bohlano ya demokrasi, e tla qala ka la 12 ho isa la 25 Pudungwana 2018. Sena se etsahala ka nako e tshwanang le Beke ya Tlaleho ya Lenaneo la Tshebetso la Kabinete.

Beke ya Tsepamiso ya Imbizo e tla fana ka monyetla wa hore ditho tsa Phethahatso ya Naha, hammoho le baetapele ba mmuso ba porofense le ba lehae ho tshware dikopano tsa setjhaba le di-Izimbizo naheng ka bophara, nakong ena, ho bontshahatsa ho kenngwa tshebetso ke mmuso ha Moralo wa Thero wa Nako e Bohareng wa 2014-2019 le ho arabela ditaba tse hlahiswang ke baahi, tse amang polokeho, kgolo le ntshetsopele ya ditjhaba.

Dibeke tsena tse pedi tsa dipontsho di etsahala hara diketekelo tsa dilemokgolo tsa bahale ba ntwa ya kgethollo e leng Mama Albertina Sisulu le Tata Nelson Mandela, bao bobedi ba neng ba dumela ka matla ho dipuisano le dikopano tsa kgafetsa le ditjhaba tseo ba di sebeletsang.

E. Melaetsa

Ditebohiso

16. Kabinete e lebohisa Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Aaron Motsoaledi, ya fumaneng dikgau tse pedi tsa bohlokwa tsa Kochon, moketeng wa dikgau o neng o tshwaretswe The Hague, ho la Netherlands. Kgau ya pele ya Letona e ka boemo ba hae bakeng sa mosebetsi le boetapele ba hae ba dipolotiki twantshong ya lefuba (TB) lefatsheng ka bophara.

Kgau ya bobedi, eo Letona le tla e arolelana le Mohlomphehi Monghadi Nick Hebert, Setho sa Palamente (MP) ho la United Kingdom, e tla ba boemong ba bona jwalo ka badulasetulo ba Kopano ya Lefatshe ya TB ya di-MP ho tswa lefatsheng lohle. Kgau ya Kochon e fanwa selemo le selemo ho batho le/kapa mekgatlo e kentse letsoho ka tsela e kgolo twantshong ya TB ekaba dinaheng tsa bo bona kapa lefatsheng ka bophara.

17. Kabinete a amohela Dikgau tsa Maeto a Lefatshe 2018 tse kgethileng Aforika Borwa jwalo ka Sebaka se Tswang pele sa Ketelo mona Aforika. Durban ho la KwaZulu-Natal e boetse e ananetswe jwalo ka Motseteropo o Tswang pele wa Ketelo Aforika mme wa hape le sehlooho sa bohlokwa sa Boemakepe bo Tswang pele ba Dikepe tsa Maeto ho la Aforika. Motse Kapa, ho la Kapa Bophirima yona e hapile kgau ya Sebaka se Tswang pele sa Mekete le Diketsahalo Aforika.

18. Kabinete e amohela ho bapalwa ha filimi ya ka naheng e bitswang Nommer 37 ya moetsi wa difilimi Joshua Bradley ho la Amerika ka la 2 Pudungwana 2018. Filimi ena e buwang ka botlokotsebe e thehetsweng sebakeng sa Cape Flats e tsheheditswe ka ditjhelete ke Lefapha la Kgwebo le Indasteri ka morero wa lona wa Kgokelo ya Baetsi ba Difilimi ba Thuthuhang ba Batsho ba Aforika Borwa. Sena se tla kenya letsoho ho hoheleng tsetelo e tswang kantle e otlolohileng ho indasteri ya difilimi ya Aforika Borwa.

Matshediso

19. Kabinete hammoho le Mopresidente Ramaphosa ba fetisitse tlhomoho le matshediso:

19.1 bakeng sa ho feta ha batho ba fetang 27, kotsing ya makoloi a mangata mmileng wa N1 Leboya ho la Limpopo. Basebedisi ba mebila ba kgothaletswa ho ba sedi mebileng ya rona le ho netefatsa hore ba latela melao ya tsela ka dinako tsohle.

19.2 bakeng sa ho feta ha molwanedi wa tokoloho, Mama Agnes Msimang. Mama Msimang ene e le molwanedi ya itlammeng wa ditaba tsa bong hape e le Motlatsi wa Mehleng wa Mopresidente wa Mokgatlo wa Basadi wa African National Congress (ANCWL). E ne e le e mong wa basadi ba bangata ba ileng ba etella pele ditjhaba Aforika Borwa ho pota kgahlano le puso ya kgethollo. O tla patwa ka Labohlano, 26 Mphalane2018. Tshebeletso ya lepato e tla qala ka 08:00 kerekeng ya Our Lady of Cedars Catholic Church e Woodmead, Johannesburg.

19.3 bakeng sa ho feta ha molwanedi wa tokoloho le moamohedi wa Kgau ya Naha ya Mendi bakeng sa Sebete ka Silifere, Monghadi Eric “Stalin” Mtshali.

19.4 bakeng sa ho feta ha mohale wa ANC Moss Chikane. Monghadi Chikane e bile MP ka 1994 kamora dikgetho tsa pele tsa naha tsa demokrasi. Ka 2005, o ile a thongwa jwalo ka Moambasadara wa Aforika Borwa ho la Jeremane.

19.5 bakeng sa batho ba Sweden hammoho le balelapa la Mofumahatsana Lisbet Palme‚ 87‚ ya seng a fetile. Mofumahatsana Palme e ne e le mohlolohadi wa Tonakgolo ya mehleng ya Sweden Olof Palme ya ileng a bolawa ka 1986 mme eo Mopresidente Ramaphosa a mo hlalositseng jwalo ka “Motswalle wa Aforika Borwa”.

20. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

21. Boto ya SENTECH SOC LIMITED:

a. Mofumahatsana Maureen Makole Manyama (molaodi eo eseng wa phethahatso); le

b. Mofumahatsana Precious Nompumelelo Sibiya (molaodi eo eseng wa phethahatso).

22. Ho thongwa-botjha ha Mofumahatsana Gugulethu Brightness Nokukhanya (Poppy) Khoza jwalo ka Molaodi: Difofane tsa Setjhaba wa Boto ya Aforika Borwa ya Setheo sa Difofane tsa Setjhaba.

23. Ngaka Molefi Motuku jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Mintek (mokgatlo wa Aforika Borwa wa dipatlisiso tsa naha tsa diminerale).

24. Monghadi Terries Salani Ndove jwalo ka Motlatsi wa Molaodikakaretso: Kabo-botjha le Ntshetsopele ya Mobu Lefapheng la Ntshetsopele ya Mahae le Phetolo ya Mobu.

Dipotso:
Mofumahatsana Phumla Williams – Mmuelli wa Kabinete ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 501 0139

 

Share this page

Similar categories to explore