Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 11 Hlakubele 2020

Pehelo ya Kopano ya Kabinete e neng e tshwaretswe Palamenteng, Tuynhuis Motse Kapa, ka Laboraro mohla la 11 Tlhakubele 2020

A. Dintlha ka Maemo a Renang Hajwale

1. Kokwanahloko ya Corona (COVID-19)

1.1. Kabinete e boela e netefaletsa bohle ba Aforika Borwa hore ho nkuwa kgato enngwe le enngwe ya tshireletso, e le ho sireletsa naha kgahlanong le lephallo la COVID-19. Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Zweli Mkhize, o tlalehetse Kabinete hore ho na le batho ba 13 ba nang le COVID-19 Aforika Borwa. Hoseng hona, Letona la Bophelo bo Botle le netefaditse hore ditshwaetso tse ding hape tse nne tse ntjha di se di hlwailwe, mme lenane la ba nang le COVID-19 le nyolohetse ho 17. O tla fana ka dintlha tse tebileng ha tsatsi le ntse le phahama.

1.2. Kabinete e thasisetsa kgoeletsong ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle le ya Letona la Bophelo bo Botle Ngaka Mkhize, hore batho bohle ba Aforika Borwa ba dule ba ntse ba nka dikgato tsa thibelo, ho kgina ho tshwaetseho le ho jaleha ha kokwanahloko ena. Dikgato tsa thibelo di akga ho hatlela kgafetsa ka sesepa le metsi kapa ho sebedisa sebolayadikokwanahloko sa matsoho se nang le alkhohole, di boela di akga ho qoba ho itshwara ka matsoho a sa hlatsuwang mahlong, nkong le molomong, e be le ho ikwahela molomo ka pampitshana bonojana ha o kgohlela kapa o thimola, o nto lahla pampitshana bonojana eo. Matshwao a tlwaelehileng a kokwanahloko ena a akga mofikela, ho kgohlela le ho thatafallwa ke ho hema. Ha ho bonahala matshwao a tshwanang le a boletsweng kahodimo, batho ba eletswa hore ba dule malapeng mme ba batle thuso ya bongaka.

1.3. Re ipiletsa ho bohle hore ba hlomphe boikunuto ba bakudi ba COVID-19 le ba malapa a bona. Re boela re etsa tlhokomediso e matla kgahlanong le ho haswa ha lesedi la bohata le amanang le kokwanahloko ena, e le ho thibela ho jaleha ha tshabo, sepha le kgethollo setjhabeng sa habo rona. Batho ba nang le kgwao ba ka letsetsa mohaleng wa mahala wa Setheo sa Naha sa Mafu a Tshwaetsang ho 0800 029 999 mabapi le lesedi le tsepameng ka COVID-19.

1.4. Kabinete e ikamahanya le Moporesidente Ramaphosa ho lakaletseng sehlopha se latang ba dinaheng tsa bolata esita le moifo wa Difofane tsa Aforika Borwa (SAA) mahlohonolo, ba tsamaile ka Labobedi ho ya Toropong ya Wuhan, Profenseng ya Hubei e China, ho ya lata maAforika Borwa a 122. Sehlopha sa dingaka tsa Lefapheng la Bophelo bo Botle le Tshebeletsong ya Bophelo bo Botle ya Sesole sa Aforika Borwa, ke karolo ya sehlopha se latang ba dinaheng tsa bolata. Kabinete e bontshitse kananelo ya yona ho SAA ka thuso ya bona e matla mosebetsing ona wa ho

1.5. Sehlopha se latang ba dinaheng tsa bolata hammoho le maAforika Borwa a kgutlisetswang lapeng, ba lebelletswe ho fihla kwano naheng ka Labohlano lena, mohla la 13 Tlhakubele 2020. Ha ba fihla, ba tla bewa sebakeng se qollehileng ho tloha ka matsatsi a 14 ho isa ho a fellang ho a 21. Nakong ena, motsamao wa batho le wa thepa ho keneng le ho tswa ditikolohong tsena tse qollehileng o tla notlwa.

1.6. Re etsa tlhokomediso e matla bathong hore ba se ke ba leka ho hang ho ama kapa ho etela ditikoloho tsena tse qollehileng. Hang ha nako ya ho bolokwa sebakeng se qollehileng e fela mme diteko di paka hore ha ho tshwaetso e teng ya COVID-19 baneng babo rona, ba tla lokollwa hore ba kgutlele mahabo bona.

1.7. Kabinete e thoholetsa mosebetsi o motle o entsweng ke Komiti e Kopaneng ya Matona (IMC) e filweng mosebetsi wa ho sebetsana le COVID-19, e etelletsweng pele ke Letona la Bophelo bo Botle ebile e sebedisana le NICD, ho tsoma le ho tima mollo wa kokwanahloko ena, ha ka ho le leng ho ntse ho thuswa bao ba anngweng ke yona ebile re tswelapele ho hlaba setjhaba malotsana.

1.8. Kabinete e thoholetsa taba ya hore boholo ba diprofense bo tloelletse dipuisano tse amanang le ntlha ena ya COVID-19 matsohong a Letona la Bophelo bo Botle ka lebaka la bohlokolotsi ba yona ba naha le ba matjhaba. Re kopa diprofense tse ding tsohle hore di latele mohlala oo, ho netefatsa hore ho ba le molaetsa o ntswe leng ho be ho qojwe pherekano efe kapa efe e ka etsahalang ntle le maikemisetso, esita le melaetsa e sa hlophiswang hantle.

1.9. Haufinyane Moporesidente Ramaphosa o tla hlaba mekga ya dipolotiki e emetsweng Palamenteng esita le baetapele ba dikereke malotsana ka COVID-19. Kopano e kgethehileng ya Kabinete mabapi le COVID-19 e epelwa ho ba ka Sontaha sa la 15 Tlhakubele 2020, Tshwane.

2. Moruo

2.1. Kabinete e ile ya lekola taba ya ho ntshuwa ha tlaleho ya Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa mabapi le Boleng ba Dihlahiswa Tsohle Moruong wa Naha (GDP), bo senotseng hore moruo wa rona o ritseditse phokotsehong ya kgolo nakong ya dihla tse pedi tse latellanang. Manane a bontshitse phokotseho ya GDP ka 1.4% Sehleng sa bone sa 2019. Sena se latela phokotseho ya 0.8% Sehleng sa boraro sa sona selemo seo.

2.2. Ntle le ho amohela ditlamorao tse bosula tsa ho timatima ha motlakase, Kabinete e dula e ntse e lomahantse meno ka hore e tla lokisa dintho tsa bohlokwa, e hahamalle pele ka dikarolo tsa bohlokwa tsa kgolo e be e etelle pele ditharollo tse kopanetsweng le balekane bohle kahisanong, ho etsetsa hore re bee naha motjheng wa kgolo ya moruo re le mmoho.

2.3. Re matlafatsa botsetedi ba rona mme ho fihlela jwale diprojeke tsa matsete a boleng ba R9 bilione di se di phethetswe, mme diprojeke tse 27 tsa boleng bo kahodimonyana ho R250 bilione di mekgahlelong ya ho kenngwa tshebetsong, le tse ding tse ngata tse tla kena motjheng monongwaha.

3. Ditheko tsa deitha ya Vodacom

3.1. Kabinete e amohela tsebiso ya Khomishene ya Ditlhodisano ka katleho ya tumellano e fihlelletsweng le Vodacom, mabapi le ho fokotswa ha ditheko tsa deitha ya yona. Sena se latela Dipatlisiso tsa Ditlhodisano tsa Mebaraka ka ditshebeletso tsa deitha tse neng di kopilwe ke Letona la mehleng eo la Ntshetsopele ya Moruo Ebrahim Patel ka 2017, mme tsona tsa fumana hore ditheko tsa deitha di kahodimo ho tsa dinaha tse ngata ebile di sekisetsa bareki ba futsanehileng.

3.2. Tumellano le Vodacom e qala ho sebetsa ka la 1 Mmesa 2020 mme e tla thusa hore ditheko tsa deitha di fokotsehe dikepeleng tsohle tsa kgwedi le kgwedi, moo ditheko tsa ngatana ya 1GB di tla theoha ho tloha ho R149 ho ya ho R99 (phokotseho ya 34%), le ditheolelo tse ding tse tlang selemong se tlang. Vodacom e tla be e fe bareki deitha ya mahala tshebedisong ya di-websaete tse itseng tseo setjhaba se nang le thahasello ya tsona (jwaloka GCIS, BizPortal e ntjha le Wikipedia) esita le phihlello di-websaeteng tsa diyunivesithi. Ditheolelo tse ding hape di tla fuwa bareki dibakeng tse kahodimo ho 2 000 tse futsanehileng, mme basebedisi ba tla ba le “pakana ya mantlha” ya melaetsa e mmedi ya di-SMS tsa mahala letsatsi le letsatsi.

4. PepsiCo e reka Pioneer Foods

4.1. Kabinete e boela e amohela katleho ya selekane sa matlafatso ya basebetsi hammoho le PepsiCo e le karolo ya khamphane ena, hore e reke khamphane ya dijo ya Aforika Borwa, Pioneer Foods. PepsiCo e ikitlaelleditse tlhahisong ya mesebetsi, botseteding esita le matlafatsong le phumantshong ya tsa lapeng. E ile ya boela ya dumela hore ntlokgolo ya yona ya Sub-Sahara e tla tsepamiswa Aforika Borwa.

4.2. Basebetsi ba 10 000 ba Pioneer Foods le bona ba tshireletsehile hore ba se ke ba heletswa mosebetsing ka lebaka la ho kopana ha dikhamphane tsena, mme PepsiCo e dumetse hore ka nako ya dilemo tse hlano e tla boloka lenane le tlase la basebetsi le le boemong bo tshwanang hantle le ba jwale. Basebetsi ba khamphane ena ba tla boela ba fuwa diabo tsa PepsiCo tsa boleng ba R1.6 bilione, tse tla sebediswa ho fumana sekepele sa 13% khamphaneng ya Pioneer Foods Nakong ya dilemo tse hlano.

5. Twantsho ya tlhekefetso ya basadi le bana

5.1. Kabinete e amohela kahlolo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Gauteng, ya ho hana kopo ya ho etswa ha maipiletso nyeweng e kgahlanong le sebeti se ahlotsweng Nicholas Ninow. Ngwahola, Ninow o ile a ahlolelwa ho hlola bophelo bohle ba hae tjhankaneng kamora ho beta ngwanana ya dilemo di supileng lebenkeleng la dijo la Dros le Silverton, Pretoria ka 2018.

5.2. Sephetho sa kahlolo, le kahlolo ka boyona esita le kgano ya kopo ya boipiletso, di romela molaetsa o matla ho bahlekefetsi le bao e tla ba bahlekefetsi ba basadi le bana hore, ditheo tsa toka tsa Aforika Borwa di tla ba etsa hore ba jare boikarabelo ka diketso tsa bona tse soto.

5.3. Re le mmoho, re tlameha ho fedisa ditlhekefetso tse thunthetsang ditokelo tsa botho tsa bohlokwa tsa basadi le bana. Ka diketso tsa rona ka kopanelo, re tlameha ho netefatsa hore ha ho mosadi kapa ngwana ya hlekefetswang ka motabo, ya tetekwang, ya betwang kapa ya hlaselwang a le kae kapa kae naheng ya rona.

6. Polokeho ya mebileng

6.1. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona malapeng a 25 a bapalami ba shwelletseng kotsing ya bese haufi le Centane Kapa Botjhabela pejana kgweding ena. Kabinete e boela e lakaletsa bapalami ba 68 ba lemetseng hore ba fole kapele.

6.2. Dipatlisiso tse etswang ke Koporasi ya Bolaodi ba Sephethephethe Mebileng hammoho le Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa, di tshwanela ho thusa ka ho fana ka dikarabo maemong a amanang le koduwa ena. Bafani ba dipalangwang ba na le boikarabelo ba ho etsa makgobonthithi ohle e le ho netefatsa hore bapalami ba bona ba bolokehile.

6.3. Kabinete e ananetse taba ya ho kenngwa Palamenteng ha Sehlomathiso sa Bili ya 2019 ya Sephethephethe sa Mebileng ya Naha. Hang ha e se e entswe molao, Bili ena e tla thusa phokotsong ya ho shwa larita mebileng ya rona.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Morero wa Lewa la Naha (NSP) la Ditlhekefetso tse Amanang le Bong le Phenetho ya Basadi (GBVF)

1.1. Ka Tshitwe 2019, Kabinete e ananetse GBVF-NSP. E tswetse pele ka ho laela Matona a etelletsweng pele ke Letona la Boporesidenteng la Basadi, Batjha le Batho ba Holofetseng, Mofumahadi Maite Nkoana-Mashabane, hore ba tswelepele ho etsa mosebetsi ditlhophisong tse sisintsweng tsa ditheo tsa GBVF ho lekola taba ya ho kenngwa tshebetsong ha GBVF-NSP.

1.2. Kananelong ya lepotlapotla la ho ntshetsapele le ho lekola mosebetsi wa ho kgina GBVF, Kabinete e ananetse ho thewa ha Lekgotla la Naha ho GBVF (NCGBVF). Setheo sena se tla ngoka batho boemong ba naha, ba diprofense le ba dibaka, ho etella pele le ho tshehetsa diphetoho tsa bokenadipakeng ba GBVF. Se tla boela se ikarabela ka ho kenngwa tshebetsong ha GBVF-NSP.

1.3. Lekgotla la Naha ho GBVF le tla ikarabella ho Moporesidente ka Letona Nkoana-Mashabane. Kabinete e boetse e ananetse popo ya IMC e nang le Letona la Sepolesa Bheki Cele; Letona la Toka le Ditshebeletso tsa Tshokollo Ronald Lamola; Letona la Tshebeletso le Tsamaiso ya Setjhaba Senzo Mchunu; Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba Lindiwe Zulu hammoho le Letona Nkoana-Mashabane e le mohlophisi.

1.4. Kabinete e thasiseditse taba ya lepotlapotla la ho batla mekgwa e tsepameng ya ho kgina ditlhekefetso tse hlohleletswang kgahlanong le batho ba tlokotsing setjhabeng sa habo rona. IMC e laetswe hore e phahamele mapoqo ka tlhomamiso ya semmuso ya Lekgotla la Naha la GBVF. Ba boetse ba laetswe le hore ba tswelepele ka ho phopholetsa kgonahalo ya ho etsa tlhophiso ya hajwale ya ditheo, hore e be molao.

1.5. Khomishene ya Tekano ya Bong – jwaloka setheo se tsheheditseng puso se filweng matlataelo a molaotheo ho kgothaletsa tlhompho ya tekano ya bong le tshireletso, ntshetsopele le phihlello ya tekano ya bong –e tla boela e lebellwa hore e tswelepele ka hore kgafetsa e nne e hlahlobe e be e dise kgatelopele e etswang ho kenngweng tshebetsong ha GBVF-NSP.

2. Lenaneo la Bohwebi ba Makeisheneng le Mahaeng (TREP)

2.1. Kabinete e ananetse ho kenngwa tshebetsong ha TREP ka thuso ya Letlole la Bohwebi ba Makeisheneng. Sena se tsamaisana le bokenadipakeng ba moruo ba ho nyalanya le ho hodisa meruo ya makeisheneng le ya mahaeng.

2.2. Letlole lena le tla fana ka tshehetso le be le netefatse hore ho ba le ditsi tsa moruo tse tla itjara ka nako e telele, tse itshetlehileng ka Mmotlolo wa Ntshetsopele ya Ditereke o dibakeng tseo.

3. Moralo o Lekotsweng Botjha wa Leano la Tshekatsheko ya Naha (NEPF) wa 2019-2024

3.1. Kabinete e ananetse NEPF e Lekotsweng Botjha ya 2019-2024 esita le Morero wa Tshekatsheko ya Naha wa 2020-2025, o ntlafatsang mokgwa wa tshekatsheko kahara mmuso. Di tla ntlafatsa bokgoni ba mmuso ba ho kenya tshebetsong Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF) o seng o ananetswe wa 2020-2024.

3.2. Ditokomane tsena ka bobedi di ka fumanwa ka websaete ya Lefapha la Merero, Bodisa le Tekolo (www.dpme.gov.za).

4. Lewa la Mawatle a Antartica le a Dinaha tse ka Borwa

4.1. Kabinete e ananetse hore ho phatlalatswe Lewa la Mawatle a Antartica le a Dinaha tse ka Borwa bakeng sa hore setjhaba se tshwaele. Aforika Borwa ke lediboho la bohlokwa le yang Antartica bakeng sa mananeo a mang a 10 a Antartica a matjhaba. Mananeo ana kaofela a na le seabo moruong wa Aforika Borwa.

4.2. Lewa lena le sisinya ditshiya tse hlano tse latelang: (a) dipuisano le ditshebedisanommoho tsa matjhaba; (b) diphuputso; (c) paballo le tshebediso ya nako e telele; (d) kaho le thupelo ya bokgoni esita le (e) tlhokomediso bathong. Lewa lena le boela le arabela mokgwatsamaisong wa Selekane sa Antartica.

C. Dibili

1. Sehlomathiso sa Bili ya Sephethephethe Mebileng ya Naha ya 2019

1.1. Kabinete e ananetse ho kenngwa Palamenteng ha Sehlomathiso sa Bili ya 2019 ya Sephethephethe sa Mebileng ya Naha. Bili ena, ho tse ding, e sisinya taba ya hore ho be teng melawana e laolang diindasteri tsa dikolo tsa ho kganna, esita le maemo a tshwanelehileng ao bakganni ba bomaithutwana ba tlamehang ho a rutwa.

1.2. E boela e sebetsana le boqhekanyetsi le bonyofonyofo kahara tikoloho ya sephethephethe sa mebileng, ebile e eketsa dikotlo ho bao ba hlolehang ho ikamahanya le melao ya tsela; e hanana le ntho ya hore bakganni ba nwe jwala ebile e etsa tshisinyo ya hore ho etswe molao wa naha wa dinomoro polata.

1.3. Bili e boela e etsa tshisinyo ya hore ho lekolwe botjha matla a Letona la Dipalangwang le ao a Ditho tsa Komiti ya Phethahatso tse ikarabellang ho tsa dipalangwang diprofenseng.

2. Sehlomathiso sa Bili ya 2019 ya Ditlhapiso bakeng sa Mahloko le Ditemalo tse bakwang ke Tikoloho ya Mosebetsing

2.1. Kabinete e ananetse ho kenngwa Palamenteng ha Sehlomathiso sa Bili ya 2019 ya Ditlhapiso bakeng sa Mahloko le Ditemalo tse bakwang ke Tikoloho ya Mosebetsing.

2.2. Bili e sebetsana le dihlomathiso tse sisintsweng Molaong wa Ditlhapiso bakeng sa Mahloko le Ditemalo tse Bakwang ke Tikoloho ya Mosebetsing (COIDA), wa 1993 (Molao wa 130 wa 1993). Bili ena e atollela kakaretseho ya ditemalo le mahloko tse bakwang ke tikoloho ya mosebetsing hore di kenyeletse basebetsi ba tlokotsing ba neng ba beeletswe kathoko nakong e fetileng, esita le ntlafatso ya melemo ya ditlhapiso basebetsing bohle ka kakaretso.

2.3. Bili ena jwale, ho tse ding, e kenyeletsa basebetsi ba malapeng katlasa mokgahlelo wa bahiruwa molemong wa melemo e fumanwang ho ya ka COIDA ya 1993. E boela e etsa tshisinyo ya moralo wa ho hlabolla le ho boelanya basebetsi ba lemetseng kapa ba kulang, dibakeng tseo ba sebetsang ho tsona.

3. Bili ya Meedi ya Bomasepala ya 2020: Mmusong wa Dibaka

3.1. Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Bili ya Meedi ya Bomasepala ya 2020 bakeng sa hore setjhaba se tshwaele: Mmusong wa Dibaka. Hang ha e se e fetisitswe hore e be molao, e tla hlakola Molao wa hajwale wa Meedi ya Bomasepala, wa 1998 (Molao wa 27 wa 1998): Mmusong wa Dibaka.

3.2. Bili ena, ho tse ding, e fana ka metheo le ditshebetso tsa Boto ya Meedi ya Bomasepala, methati le mekgwa ya ho seha le ho seha botjha meedi ya bomasepala le meedi ya di-ward, esita le ho thewa ha Lekgotla la Maipiletso.

D. Diketsahalo tse Tlang

1. Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho

1.1. Moporesidente Ramaphosa o tla fana ka puo ya bohlokwa moketjaneng o tla tshwarwa ka Moqebelo, mohla la 21 Tlhakubele 2020 Lebaleng la Dipapadi la Colesberg Kapa Leboya, katlasa mookotaba o reng: “Selemo sa kopano, tsosoloso ya moruo wa kahisano le kaho ya setjhaba.”

1.2. Letsatsi la Ditokelo tsa Botho kwano Aforika Borwa le na le mohlodi wa lona diketsahalong tsa nalane ya Sharpeville (Gauteng) le Langa (Kapa Bophirimela) mohla la 21 Tlhakubele 1960, moo batho ba bangatanyana ba ileng ba bolawa ka ho thunngwa empa ba lwanela ditokelo tsa bona tsa botho.

1.3. Kabinete e kopa maAforika Borwa ho keteka Letsatsi la Ditokelo tsa Botho esita le ho tlotla bao ba ileng ba tela maphelo a bona hore rona re fumane tokoloho eo re ntseng re e nyakallela le kajeno.

1.4. Mohlala o mong o jwalo ke wa moitedi wa moetapele, Ngaka Alfred Bathini Xuma, e mong wa dingaka tsa pele tsa sekgowa tsa maAforika kwano Aforika Borwa, ebile e le Moporesidente wa mehleng wa African National Congress. Moporesidente Ramaphosa o ketekile bophelo ba Ngaka Xuma ka ho phatlalatsa Phupu ya hae e le ya Semmuso e Kgethehileng: Mokgahlelo wa 1 wa ho patwa botjha ha hae o tloha setsheng sa bafu sa Brixton Johannesburg ho ya moo a tswaletsweng teng motsaneng wa KwaManzana o Engcobo, Kapa Botjhabela, Sontaheng sena se fetileng.

2. Leeto la Moporesidente Ramaphosa la ho ya Rephaboliking ya Congo

2.1. Moporesidente Ramaphosa o ya Kopanong ya Tlhomamiso ya Sehlopha sa Bohokahanyi ka Libya e tshwaretsweng Oyo, Rephaboliking ya Congo ka la 11 le la 12 Tlhakubele 2020. O felehetswa ke Letona la Dikamano le Tshebedisanommoho ya Matjhaba, Ngaka Naledi Pandor, Letona la Lebotho la Tshireletso le Mekaubere ya Sesole, Mofumahadi Nosiviwe Mapisa-Nqakula le Letona la Tshireletso ya Naha, Mofumahadi Ayanda Dlodlo.

2.2. Mobabatsehi Denis Sassou N’Guesso, Moporesidente wa Rephaboliki ya Congo, o memetse Moporesidente Ramaphosa kopanong ena jwaloka ha e le Modulasetulo wa Kopano ya Dinaha tsa Aforika (AU).

2.3. Kopano e Tlwaelehileng ya bo33 ya Seboka sa AU e qetile ka ho thea Sehlopha sa Bohokahanyi, bodulasetulong ba Rephaboliki ya Congo mme sona se kenyeletse ditho tsa Komiti ya Boemo bo Hodimo ya AU mabapi le Libya hore e fane ka baetapele ba sepolotiki e be e kgothaletse tlhophiso ya matsapa a naha, ha ho ntse ho tsongwa tharollo ya Koduwa ya Libya.

3. Melaetsa ya Matshediso

1. Kabinete e romela matshediso ho ba lelapa, metswalle le basebetsimmoho ba mofuputsi e moholo wa Lekgotla le Ikemetseng le Fuputsang Mapolesa (IPID), Monghadi Mandla Mahlangu (47), ya ileng a bolawa bekeng ena. Kabinete e boela e romela matshediso ho ba lelapa, metswalle le basebetsimmoho ba bahlanka ba babedi ba di-Hawks e leng Lefokisi Denele Grobelaar Koonin (44) le Sajene Wynand Herbst (42), ba ileng ba bolawa ho thunyaneng ho neng ho le Leboya Bophirimela.

2. Kabinete e di tshwela ka mathe dipolao tsena tsa bahlanka bana ba neng ba itetse, ba neng ba na le boikarabelo ba ho sireletsa maAforika Borwa ohle. Re le setjhaba, re tshwanela hore bohle re eme ka maoto mme re di tshwele ka mathe dipolao tsa mapolesa a habo rona a banna le a basadi.

4. Melaetsa ya Dithoholetso

Kabinete e fetisa dithoholetso tsa yona le ditakaletso tsa mahlohonolo ho:

1.1. Mokgethwa wa Moporesidente, Mobabatsehi Monghadi Fauré Essozimna Gnassingbé, ka ho kgethwa botjha e le Moporesidente wa Rephaboliki ya Togo, nakong ya Dikgetho tsa Moporesidente tse neng di tshwerwe ka la 22 Hlakola 2020. Kabinete e ikamahanya le Moporesidente Ramaphosa ka ho boela e thoholetsa batho ba Togo ka ho tshwara dikgetho tse kgutsitseng.

5. Dithonyo

Dithonyo tsohle di emetse ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang ya tlhatlhobisiso.

1. Ditho tsa Boto ya Lekgotla la Polokeho ya Mawatleng a Aforika Borwa:
a. Mofumahadi Nthato Minyuku (Modulasetulo).
b. Mofumahadi Lindelwa Nonjabulo Dlamini;
c. Monghadi Lucas Haluodi;
d. Mofumahadi Eva Dorothy Khosa; le
e. Monghadi Captain Bheka Clive Zulu.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore