Pehelo ka Kopano ya Kabinete ka Kgokahano ya Vidiyo ya Laboraro, la 2 Tshitwe 2020

A.    Maemo a Renang Hajwale

1.    Keketseho ya Ditshwaetso tsa Lefu la Kokwanahloko ya Corona (COVID-19)

1.1.    Kabinete e hlahisitse ngongoreho e kgolo ka ho phahama ha palo e ntjha ya ditshwaetso tsa COVID-19 ho la Kapa Botjhabela le dikarolong tsa Kapa Bophirima. Ho phahama ha ditshwaetso ho amahanngwa le, hara mabaka a mang, ho se ikobele melawana ya thibelo ya COVID-19 le melawana ya Tlhokomediso ya Mohato wa Pele.
1.2.    Kabinete e tjhaelletse monwana ditsela tsa boitshunyako bakeng sa Masepala o Moholo wa Nelson Mandela Bay (NMB) ho sebetsana le ditshwaetso tse ntseng di phahama tsa COVID-19. Kabinete e boetse e tjhaelletse monwana hore mabollo a ka nna a tswella feela ho ikobetswe melawana e matla dibakeng tse ka thoko ho Masepala o Moholo wa NMB. Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Zweli Mkhize, o tla etela dibaka tsa Kapa Bophirima bakeng sa ho lekola se lokelang ho etswa bakeng sa boitshunyako dibakeng tse akgang Garden Route. 
1.3.    Kabinete e boeleditse bohlokwa ba ho ikobela maitshunyako ao e seng a meriana a akgang ho hlapa matsoho ka metsi le sesepa kapa tshebediso ya sebolayadikokwanahloko sa motswako wa alkhohole, ho dula re sielana sebaka le ho kenya dimaske ha re le bathong. Bohle re lokela ho tshehetsa kgoeletso ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO) ya ho thibela ditshwaetso tse ntjha tsa COVID-19.
1.4.    Ha re atamela sehla sa monyaka, re lokela ho hopola hore sewa sena se ntse se le matla le ho ba kotsi. Kahoo, re lokela ho phema maeto a sa hlokahaleng, haholoholo ka dipalangwang tsa setjhaba, le ho fokotsa ho etela dibaka tsa setjhaba tse kang direstjhurente, ditamene kapa dibara. E mong le e mong wa rona o lokela ho nka mehato ya ho phema ho jala kokwanahloko ho ba malapa a rona, ka ho qolleha maqheku a rona.
1.5.    Re lokela ho dula re sielane sebaka kamehla le ha re kopane re le malapa bakeng sa ho keteka matsatsi a phomolo. Ka boitshwaro ba rona bo nang le boikarabelo, bohle re ka nyehela mabapi le ho lwantsha le ho fokotsa ho ata ha COVID-19. Kabinete e boetse e tjhaelletse monwana Maemo a Naha a Koduwa ho fihlela ka la 15 Pherekgong 2021.

2.    Indasteri ya Dipalangwang tsa Dithoto

2.1.    Kabinete e tshwela ka mathe ka matla ditlolo tsa molao tse amang indasteri ya dipalangwang tsa dithoto le ho thoholetsa karabelo ya ka potlako ya sepolesa mabapi le ho tshwarwa ha babelaellwa Gauteng. Kabinete e fetiseditse matshediso ho malapa le bomphato ba bakganni ba lahlehetsweng ke maphelo mme e lakaletsa ba lemetseng ho fola kapele.
2.2.    Leha re utlwisisa ho nyahamiswa ke ditlolo tsa melao ya bofalli ke tse ding tsa dikhamphani, dikgoka ha se tharollo. Kabinete e ipiletsa ho bohle ba amehang ho kenya ditletlebo tse mabapi le dipalangwang tsa dithoto ho makala a amehang ho e na le ho lwana.
2.3.    Letona la tsa Kgiro le Basebetsi Thulas Nxesi le eteletse pele moifo wa Matona o sebetsanang le taba ena mme o lebeletswe ho fana ka tshisinyo e popota ho Kabinete bakeng sa ho sebetsana le dikgang tse amang indasteri ena. 

3.    Ntshetsopele ya Infrastraktjha

3.1.    Kabinete e amohetse phano ya Sekema sa Phepelo ya Metsi ka Bongata sa uMshwathi ho la KwaZulu-Natal, se tla fetola haholo maphelo a mahae a fetang 3 000 dibakeng tsa Albert Falls, Mpolweni, Trustfeed le Nadi.
3.2.    Sekema sena ke letsibolo la diporojeke tse ding tse fapafapaneng tsa phepelo ya metsi ka bongata tsa lebatowa se tla akaretsa ho phatlalla le ditereke tsa bomasepala ba tshelela – Zululand, King Cetshwayo, iLembe, uThukela, uMgungundlovu le Harry Gwala. Kabinete e kgothaletsa bakgolamolemo ho baballa le ho sebedisa metsi ka hloko molemong wa mahae kaofela. 

4.    Matsatsi a Phomolo a Bolokehileng

4.1.    Ha maAfrika Borwa a nka nako ya ho thabela matsatsi a phomolo le malapa le metswalle, Kabinete e re kgothaletsa bohle ho etsa seo ka boikarabelo. Hodima ho ikobela melawana yohle ya ho thibela ho ata ha COVID-19, re boetse re lokela ho ikobela melao ya tsela ho netefatsa hore re fihla moo re yang re bolokehile. 
4.2.    Boipaballo Mebileng ke boikarabelo ba maAfrika Borwa kaofela mme boramakoloi bohle ba kgothaletswa ho kganna ka lebelo le behilweng, o se ke wa kganna o nwele, mme o seke wa kganna bohlaswa le ka ho se tsotelle. 
4.3.    Batswadi le bahlokomedi ba kgothaletswa ho se siye bana ba le bang sehleng sena sa matsatsi a phomolo. Ka ho sebetsa mmoho bakeng sa ho itlhokomela, re ka netefatsa sehla sa monyaka se bolokehileng le se tletseng thabo.

B.    Diqeto tsa Kabinete

1.    Tlaleho ya kgatelopele ya Moifo wa Tshebetso o Kopanetsweng wa Matona (IMTT) mabapi le Provense ya Leboya Bophirima
1.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana kgothaletso ya IMTT bakeng sa ho hulwa ha maitshunyako a otlolohileng tlasa karolo ya 100(1)(b) ya Leboya Bophirima mafelong a selemo sa ditjhelete sa 2020/21.
1.2.    Kabinete e kgotsofetse ke kgatelopele e entsweng mabapi le maitshunyako a mmuso wa naha ho la Leboya Bophirima, leha mosebetsi o lokelang ho etswa o sa le mongata bakeng sa ho busetsa taolo e hlwahlwa provenseng eo ka botlalo. 
1.3.    Kgatelopele e entswe mabapi le ho busetsa kgotso ka hara badudi le basebetsi, taolo ya ditjhelete, bolaodi ba ditlamorao le phano ya ditshebeletso. Ho boetse ho bile le diphethoho sephethong sa tlhahlobo ya ditjhelete, le pheletso ya dilemo tse tsheletseng tsa ho putlama le ho ema tsi ha dipatlisiso tsa ditlhahlobo tsa ditjhelete. Tlaleho e felletseng e tla tekelwa Palamente.

2.    Tsa Moraorao Mabapi le Moralo wa Pholoso ya Kgwebo (BR Plan) wa Khamphani ya Tshebeletso ya Difofane ya Afrika Borwa (SAA)

2.1.    Kabinete e ile ya tsebiswa ka kgatelopele e mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Pholoso ya Kgwebo wa SAA le kamoo kabo ya R10.5 bilione e tla sebediswang ka nepo ho netefatsa katleho ya ho kenya tshebetsong Moralo wa Pholoso ya Kgwebo. 
2.2.    Kabinete e ananetse kgatelopele ena le ho kopa Lefapha la Dikgwebo tsa Mmuso (DPE) ho akofisa ho kenngwa tshebetsong ha maikitlaetso a ka sehloohong bakeng sa ho netefatsa ho ropoha ha tshebeletso ya naha ya difofane e bopilweng botjha, e kgabane le ho ba ya thekenoloji e hodimo. 
2.3.    DPE e ile ya laelwa ho phethela thonyo ya boto ya nakwana ya SAA le ho qetella thonyo ya Molekane wa Lewa la Tekatekano bakeng sa SAA e bopilweng botjha. Mango e ile ya thoholetswa mabapi le karolo ya lewa eo e e bapetseng jwaloka lekala la semphato la SAA, ho netefatsa boteng bo tswellang ba tshebeletso ena mmarakeng. 

3.    Moralo wa Boitokisetso (ho ba Malala-a-laotswe) Bakeng sa Sehla sa Lehlabula sa 2020-21

3.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa Boitokisetso ba Sehla sa Lehlabula sa 2020-2021 o tekilweng ke Letona la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba, Ngaka Nkosazana Dlamini Zuma. Moralo ona o latela bolepi bo bontshitseng hore ho na le menyetla e eketsehileng ya pula e ngata e sa tlwaelehang ho boholo ba dibaka ka hara naha. Sena se bolela hore dibaka tse fumanang pula ya lehlabula diprovenseng kaofela tse robedi- ntle le dibaka tse fumanang pula ya mariha tse kang Kapa Bophirima – di bonahala di tla ba le merwallo le difefo.
3.2.    Mabapi le ho kenya moralo ona tshebetsong, ho se ho hlohlomisitswe ditsela tsa pebofatso bakeng sa ho fokotsa dikotsi tse mpe tsa sehla sa lehlabula. Moralo ona o kenyeletsa sehla sa monyaka ho tloha ka Pudungwana 2020 ho isa ka Hlakola 2021, kaha nako ena e ka ba le mathata a eketsehileng a dikotsi tse tsamaelanang le boemo ba lehodimo. Kabinete e boetse e lemohile hore dikarolo tse ding tsa diprovense tsa Kapa di ntse di le ka hara komello.
3.3.    Kabinete e ipiletsa ho setjhaba ho itokisetsa dikotsi tsa sehla sa lehlabula le ho netefatsa dikarabelo tse hlwahlwa tse tla baballa maphelo, tsa sireletsa thepa le infrastraktjha. 

4.    Moralo wa Ntshetsopele ya Leano la Naha

4.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa Ntshetsopele ya Leano la Naha o tla tataisa mafapha ohle a mmuso mabapi le ho rala maano a ona a mmuso ka ho latelana. Moralo ona o reretswe ho teka boemo bo tshwanang ba metjha ya ho bopa maano ho parola le dikarolo tsohle tsa mmuso.
4.2.    Tokomane ena e hlakisa mehato e fapafapaneng e lokelang ho latelwa bakeng sa ho bopa maano a mmuso, e kenyeletsa bolelele ba nako ya ho etsa maano, maemo a lebeletsweng; dintlha tse lokelang ho nkelwa hloohong ha ho boptjwa maano le ditlhophiso tsa ditheo tse tla thehwang bakeng sa metjha e hlwahlwa ya ho etsa maano le ho a kenya tshebetsong. 
4.3.    Moralo wa hajwale ha o netefatse tshwano le tsamaelano mabapi le ho etsa maano mmusong. Tokomane e tla fumaneha ka websaete ya Lefapha la Merero, Bodisa le Tlhahlobo (DPME) (www.dpme.gov.za). 

5.    Leano la Dinyehelo tsa Mobu

5.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana hore leano lena le kenngwe tshebetsong, hore le akofise nyehelo ya mobu e leng e nngwe ya ditsela tsa ho arabela ho motsamao o monyebe wa tlhabollo ya mobu.
5.2.    Ho kenngwa tshebetsong ha leano ho tla hlahisa menyetla e kgabane bakeng sa baahi ba ditorotswaneng le dibakeng tsa mahae hore ba nke karolo moruong. Le tla ka ditsiane le ho tataisa dinyehelo tsa mobu tsa batho ba nang le mobu wa dihektare tse ngata. Ditsiane di tsamaelana le maikarabelo a matlafatso a laetsweng mabapi le beng ba mobu wa dihektare tse ngata ba tla nyehela ka mobu.
5.3.    Mobu o nyehetsweng le ditsela tsa leano la ditsiane tse matahantsweng le tumellano e fihlelletsweng ke balekane ba kahisano ho di-Operation Phakisa tsa selemo sa 2016 tsa Temothuo, Tlhabollo ya Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae. Leano le ile la bulelwa bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba ka Hlakola 2020.

6.    Leano la Naha la Kgetho ya Bakgolamolao le Kabo ya Mobu la Selemo sa 2020

6.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana leano lena, le fanang ka motjha o hlokang leeme, o tshepahalang le ho ba le ponaletso bakeng sa kgetho ya bakgolamolemo le kabo ya mobu ka hara Afrika Borwa. Leano le kenyeletsa ditshwaelo tse ileng tsa amohelwa pejana selemong sena nakong ya phatlalatso ya lona le ho rerelwa ho sebetsana, hara tse ding, le ho se lekalekane ha bong le thuo ya mobu. 
6.2.    Le beha ka sehlohlolong kabo ya thuo ya mobu ho basadi, mme ka seo ho kgothaletswa ntshetsopele ya basadi tabeng ena. Le boetse le reretswe ho sebetsana le ditlhokeho tse fapaneng tsa mobu jwaloka ha di hlahisitswe ke badudi bakeng sa tlhahiso ya temo, bodulo ba batho, makgulo bakeng sa bohle, ntshetsopele ya bodulo le diindasteri. 
6.3.    Leano le sisinya ho boptjwa ha lekala le ikemetseng bakeng sa ho tsamaisa kabo ya mobu le ho fana ka mokgwa wa ho etsa dikopo ka inthanete ho netefatsa ponaletso e felletseng mabapi le kabo ya mobu. 

7.    Leano la Moralo o Kenyeletsang Tsohle wa Madiboho (OSBP) 

7.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana moralo wa Leano la OSBP bakeng sa ditherisano le setjhaba. Ho boptjwa ha OSBP ho reretswe ho nolofatsa motsamao wa batho le dithoto pakeng tsa madiboho a Afrika Borwa le dinaha tsa boahisani. Ditshisinyo leanong lena di reretswe ho sebetsana le tshubuhlellano e bakang ditiehiso, ka qolleho ya bahahlaudi le bahwebi. 
7.2.    Leano lena le fana ka matla ho Moralo o Kenyeletsang Tsohle wa Madiboho o ileng wa amohelwa ke Kabinete ka selemo sa 2018. Boemong ba kontinente, leano le nyehela ho Boikitlaetso ba Matlafatso ya Infrastraktjha ba Moporesidente, bo ntlafatsang momahano hara dinaha tsa Afrika bakeng sa ho sebetsana le kgaello ya infrastraktjha le ho matlafatsa kgwebisano e kopanetsweng ya Afrika. Moralo wa leano lena o tla kenngwa koranteng ya mmuso bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba kotareng ya pele ya selemo sa 2021.

8.    Kamohelo ya Khonvenshene ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Basebetsi Mabapi le Khonvenshene ya Phediso ya Dikgoka le Tlhekefetso Mosebetsing ya Selemo sa 2019 (No. 190)

8.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Khonvenshene ya tsa Mosebetsing ya selemo sa 2019 (No. 190) Palamenteng bakeng sa kamohelo. Khonvenshene ena e sebetsana le dikgoka le tlhekefetso, ka ho qolleha mosebetsing. E fana ka moralo o hlakileng wa tshebetso le monyetla wa ho bopa bokamoso ba mosebetsing bo itshetlehileng hodima seriti le hlompho, bo hlokang dikgoka le tlhekefetso.
8.2.    Kamohelo ya khonvenshene ena e matahantswe le Molaotheo wa Riphabliki ya Afrika Borwa wa selemo sa 1996. Hang ha e se e amohetswe, dipehelo tsa khonvenshene di tla fetolwa ho ba tsa ka hara naha le ho matahanngwa le Molao wa Dikamano tsa Basebetsi, 1995 (Molao wa bo-66 wa selemo sa 1995).
8.3.    Lefapha la Kgiro le Basebetsi le se le tlile ka Khoutu ya Ditlwaelo tse Ntle mabapi le Thibelo le Phediso ya Dikgoka le Tlhekefetso Mosebetsing.

9.    Lewa le Shebilweng Botjha la Antarctic le Southern Ocean

9.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana lewa le shebilweng botjha bakeng sa ho kenngwa tshebetsong, le kenyeletsang ditshwaelo tse fumanweng nakong ya phatlalatso ya lona pejana monongwaha. Lewa lena le fana ka kgokahano le ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Ditumellano tsa Antarctic, 1996 (Molao wa bo-60 wa selemo sa 1996), o amanang le diphuputso, paballo, tshebediso ya moshwelella ya mehlodi le bolaodi ba tikoloho bakeng sa ho tshehetsa lenaneo la Afrika. 
9.2.    Sena se nyehela ho Merero ya Ntshetsopele ya Moshwelella, ka ho ananela hore Antarctic le Southern Ocean ke dikarolo tse hlokolosi tsa tsamaiso ya tlelaemete ya lefatshe. Lewa lena le nyehela ho tshebetso ya tsa tlelaemete le seriti sa bodulo ba tsa tlhaho ka ho kgothaletsa ho thehwa ha dibaka tse sireleditsweng le ho laolwa bakeng sa morero oo. Le ile la phatlalatswa ka Hlakubele 2020 bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba.

10.    Tokomane ya Ditokelo tsa Botho, Tokoloho le Poelano: Thonyo ya Ditsha tsa Lefa la Nelson Mandela 

10.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Tokomane ya Ditokelo tsa Botho, Tokoloho le Poelano: Thonyo ya Ditsha tsa Lefa la Nelson Mandela ho Setsi sa Mafa a Lefatshe sa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng wa Thuto, Saense le Botjhaba hore e sekasekwe le ho ngolwa e le Setsha sa Mafa a Lefatshe. Sena ke karolo e pharalletseng ya Porojeke ya Motjha wa Boitwanelo le Tokoloho. 
10.2.    Thonyo e supa ditsha tse 10 ka bo mong diprovenseng tse nne le ho bomasepala ba supileng. Tsena di emela nalane ya rona ya tokoloho le diokelo tsa botho, mme di fana ka bopaki ba mekgahlelo e fapaneng ya ntwa ya tokoloho. 
10.3.    Thonyo ena e matahantswe le Morero wa Ntshetsopele ya Naha, o toboketsang paballo le pusetso ya dibaka tse sireleditsweng. E boetse e ananela bokgoni ba moruo wa boiqapelo ba ho nyehela mabapi le ho hlahisa mesebetsi le dikuno tsa diyantle.

C.     Dibili 

1.    Bili ya Paballo le Ntshetsopele ya Mobu wa Temo ya Selemo sa 2020

1.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Bili ena Palamenteng. Bili e fedisa Molao wa Mobu wa Temo, 1970 (Molao wa bo-70 wa selemo sa 1970) ho fana ka matla ho ditlhokeho tsa molaotheo, le ho fana ka katamelo e hlokang leeme le e lekalekanang tshebedisong ya mobu wa temo.
1.2.    Bili ena e sireletsa mobu wa temo bakeng sa tlhahiso ya dijo ka ho thehwa ha Dibaka tsa Temo tse Sireleditsweng moo mobu o nang le bokgoni bo matla ba tlhahiso o tla behellwang ka thoko bakeng sa temo mme o nang le bokgoni bo tlase o tla sebedisetswang merero eo e seng ya temo. 
1.3.    Ho kenngwa tshebetsong ha Bili ena ho sebetsana le tshoso ya kanetso ya dijo bakeng sa naha le malapa.

D.         Diketsahalo tse Tlang

1.         Seboka sa Kopano ya Afrika (AU) 

1.1.    AU e tla tshwara Seboka se sa Tlwaelehang sa Sebaka se Lokolohileng sa Kgwebisano ya Kontinente ya Afrika (AfCFTA) ka la 5 le 6 Tshitwe 2020, mabapi le ho lokisetsa ho qala ha AfCFTA ka la 1 Pherekgong 2021. 
1.2.    AfCFTA e fupere melemo e mengata bakeng sa Afrika Borwa mme e sebetsa e le sethusi mabapi le kgolo ya moruo le matsete. Sebaka se bulehileng sa kgwebisano se bulela diyantle tsa rona tsa thepa le ditshebeletso mmarakeng wa batho ba fetang 1.2 bilione. Jwaloka Modulasetulo wa AU, Afrika Borwa esale e itlhomme pele mabapi le ho ntshetsapele ho kenngwa tshebetsong ha AfCFTA.
1.3.    Tumellano ena e ntshetsapele kopanelo ya moruo le ntshetsopele, matlafatso ya basadi ka hara kontinente, le ho matlafatsa mekutu e lebisitseng ho maemo a kgotso le botsitso ka hara Afrika.

2.         Letsatsi la Poelano

2.1.    Afrika Borwa e tla hopola Letsatsi la Poelano ka la 16 Tshitwe 2020 tlasa mookotaba: “Re ipopa kgahlanong le Semorabe, Dikgoka tsa Bong le ho Hloka Mamellano”. Ha re sebediseng letsatsi lena bakeng sa ho itlama botjha mabapi le ho fihlella kaho ya setjhaba le momahano ya kahisano.
2.2.    Tsepamiso ya maikutlo hodima semorabe monongwaha ho supa bohlokwa ba hore e mong le e mong a nke boikarabelo ba ho lwantsha semorabe, kgethollo ya merabe, lehloyo la melata le ditsela tse ding tsa ho hloka mamellano ka hara naha. 

3.         Letsatsi la Matjhaba la ho Ema Kgahlanong le Bobodu

3.1.    Afrika Borwa e tla ipapisa le lefatshe kaofela mabapi le ho hopola Letsatsi la Matjhaba Kgahlanong le Bobodu ka Laboraro, la 9 Tshitwe 2020. Letsatsi lena le reretswe ho lemosa badudi ka ditlamorao tse mpe tsa bobodu le ho bo fedisa.
3.2.    Bobodu ha bo amohelehe, le ha e ka ba bo etsahala makaleng a mmuso kapa a poraefete. Bobodu bo tla ka dibopeho tse fapafapaneng le diketso tse kang ho ‘reka’ lengolo la ho kganna, ho ntsha tjotjo bakeng sa ho baleha kotlo ya semolao, mmommori le boitshwaro bo kgahlanong le tlhodisano, kaofela ke bobodu. 
3.3.    Katleho ya ntwa ya rona kgahlanong le bobodu e itshetlehile hodima ho itahlela ka setotswana ha baahi le ditheo tsohle. Ka Pudungwana 2020, Kabinete e tjhaelletse monwana hore Lewa la Naha Kgahlanong le Bobodu le kenngwe tshebetsong le ho ipiletsa ho bohle ho ipopa bakeng sa ho lwantsha bobodu. Haeba o bona ho hong, bua ho hong, tlaleha bobodu ka ho letsetsa Mohala wa Naha wa Thuso Kgahlanong le Bobodu ho 0800 701 701. 

E.     Melaetsa

1.    Dithoholetso

Kabinete e fetiseditse dithoholetso le ditakaletso tse molemo ho: 
1.1.    Mofumahadi Tsakani Maluleke, ya thontsweng jwaloka Mohlahlobi-Kakaretso wa Ditjhelete wa Afrika Borwa ho tloha ka la 1 Tshitwe 2020. Kabinete e mo lakaletsa tse molemo maikarabelong a hae a ho netefatsa hore ho ba le boikarabelo tshebedisong ya mehlodi ya puso. 

2.    Matshediso

Kabinete e fetiseditse matshediso ho:
2.1.    lelapa, metswalle le bomphato ba sebapadi sa mehleng sa mola o kamorao sa Bafana Bafana le Mamelodi Sundowns Anele Ngcongca. 
2.2.    Setjhaba sa Borena ba Bafokeng ka ho hlokahala ha Mohumagadi (Mma Morena), Ngaka Semane Bonolo Molotlegi.
2.3.    setjhaba sa AbaThembu ka ho hlokahala ha Mma Morena wa setjhaba sa Borena ba AmaXhosa Nozamile Sigcawu, mme wa mofu Morena Mpendulo Zwelonke Sigcawu.
2.4.    lelapa la Motlotlehi Morena Goodwill Zwelithini ka ho hlokahala ha mora wa hae Kgosana Lethukuthula Zulu.

F. Dithonyo

Dithonyo tsohle di emetse ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang ya tlhahlobisiso.
1.    Mofumahadi Mukondeleli Johanna Mulaudzi jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Bolaodi ba Madiboho ba Afrika Borwa. 
2.    Mofumahadi Ayanda Noah jwaloka Modulasetulo wa Boto ya Khamphani ya Letlole le Bohareng la Eneji.
3.    Monghadi Loyiso Tyabashe jwaloka CEO ya Koporasi ya Eneji ya Nyutleleya ya Afrika Borwa.
4.    Ditho tsa Lekgotla la Bolaodi ba Indasteri ya Dikhamphani tsa Poraefete tsa Bolebedi:
a.    Ngaka Audrey Leah Mofomme (Modulasetulo)
b.    Monghadi Matome Solomon Ralebipi (Motlatsi wa Modulasetulo);
c.    Monghadi Humphrey Nhlanhla Ngubane;
d.    Ngaka Sithembile Nombali Mbete; le
e.    Mofumahadi Thandeka Ntshangase.
5.    Katoloso ya konteraka ya Monghadi Mbulelo Tshangana jwaloka Motsamaisi-Kakaretso (DG) wa Lefapha la Bodulo ba Batho.
6.    Mofumahadi Nomfundo Clementine Tshabalala jwaloka DG ya Lefapha la Tikoloho, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi. 
7.    Ngaka Annette Theresa Griessel jwaloka Motlatsi wa Motsamaisi-Kakaretso (DDG): Kgokahano ya Meralo ya Naha ho DPME.
8.    Ngaka Nontsikelelo Valencia Tshayingca-Mashiya jwaloka DDG: Ditshebeletso tsa Kgwebo ho DPME.
9.    Mofumahadi Dorcas Tshepiso Moahloli jwaloka DDG: Bookamedi ba Thepa le Ditshebeletso tsa Maikarabelo ho Lefapha la Matlotlo a Naha. 

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Sebueledi sa Kabinete 
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore