Mopresidente Cyril Ramaphosa: Mehato ya Afrika Borwa Kgahlano le Koduwa ya COVID-19

Maafrika Borwa a heso,

Haesale ke qetela ho bua le lona matsatsing a leshome le metso e mene a fetileng, re ne re shebane le ntwa tse pedi – ya pele e ne e le e kgahlano le kokwanahloko ya khorona, mme ya bobedi yona e ne e le e kgahlano le bohle ba neng ba fehla merusu le ho hlokisa setjhaba botsitso.  

Re kgonne ho sebedisa disebediswa tsohle tseo re nang le tsona ho kgutlisa botsitso le taolo KwaZulu-Natal le Gauteng ho netefatsa hore merusu ya dibekeng tse pedi tse fetileng, e a feta mme dintho di boela setlwaeding.

Ho tobana le mathata ana a mabedi, re ile ra tlameha ho nka mehato e mengata ka nako e le nngwe.

Wa pele, re ile ra tlameha ho lwantsha ho ata ha kokwanahloko ena ya khorona le ho fokotsa kgahlamelo ya mehato ya teng moruong.

Wa bobedi, re ile ra tlameha ho potlakisa lenaneo la ho enta setjhaba e le ho etsetsa hore palo e kgolo ya batho ba baholo e be e se e entile pele selemo sena se fela.

Wa boraro, re ile ra tlameha ho netefatsa hore re kgutlisa botsitso le kgotso naheng ka bophara le ho netefatsa hore ha ho diketso tsa merusu tse tswelang pele.

Wa bone, ho arabela ho koduwa le merusu ena, re tlameha ho tshehetsa le hona ho thusetsa malapa a itlhophereng ka maikemisetso a ho a imolla mathateng ao a leng ho ona ka ho fokotsa tlala.

Wa bohlano, re tlameha ho thusa borakgwebo ho aha dikgwebo tsa bona botjha. Mona re bua ka dikgwebo tse sentsweng ke merusu ena le tse anngweng ke koduwa ena mme ho teng mehato e seng e nkuwe ho lwantsha mathata ana.

Wa ho qetela, re tlameha ho potlakisa ho kenya tshebetsong Lenaneo la Kaho Botjha ya Moruo (ERRP) ho tsoseletsa moruo wa rona, le ho theha menyetla ya mesebetsi e kenyeletsang bohle.

Kokwanahloko ya khorona ke phephetso e kgolo maphelong a batho le tsoseletsong le kahong botjha ya moruo wa naha ena.

Seo re tlamehang ho se etsa, ke ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho thibela ho ata ha kokwanahloko ena.

Dipalopalo tsa morao tjena di bontsha hore jwale re fetile sehlohlolong sa leqhubu la boraro la ditshwaetso. Leha ho le jwalo, ho ntse ho na le dibaka tseo ho tsona ditshwaetso di so kang di fokotseha.

Dipehelo tseo e sa leng re di beha matsatsing a 28 a fetileng, mmoho le ho ikamahanya le dipehelo tsa bophelo bo botle, kaofela di bontshitse katleho ho fokotseng sekgahla sa tshwaetso.

Ha re akaretsa, re ka re palo ya batho ba neng ba tshwaetseha ka letsatsi bekeng ya ho feta e ne e le ba 12 000, e leng e theohileng ka persente tse 20 bekeng e ka pele ho eo.

Dibekeng tse pedi tse fetileng, palo ya tshwaetso tse ntjha Gauteng – moo leqhubu lena la boraro le neng le hlile le haketse teng – e bonahala e ntse e fokotseha butle butle.

Leha ho le jwalo, jwalo ka ha re ile ra bona le peleng, maemo a diprofensi ha a tshwane.

Leha tshwaetso tse ntjha di fokotseha Gauteng, empa Kapa Bophirima, Kapa Botjhabela le KwaZulu-Natal teng di ntse di eketseha.

Ho boetse hape ho na le ngongoreho ya ho eketseha ha tshwaetso tsena Kapa Leboya ka mora nako e telele ya maemo a tsitsitseng teng.

Dibakeng tsohle tseo re seng re buile ka tsona, ditshwaetso tsa teng di bakelwa ke mofuta on wa Delta oo re boletseng peleng hore o tshwaetsa ha bonolo ho feta mefuta yane ya pele.

Jwale re tlameha ho tiisa ho feta pele, re fokotsa ho tshwaetsana ha batho ka ho ikamahanya le dipehelo tseo re di behetsweng.

Re a tseba hore dikopano tsa ka hara meaho moo moya o sa keneng hantle teng, ke moo kokwanahloko ena e atang teng ka bongata.

Re tlameha ho tswela pele le ho apara dimonkwana ha re le setjhabeng, re qaqolohane le ba bang le hona ho netefatsa hore difenstere di a bulwa dibakeng tseo re leng ho tsona hore ho kene moya hantle.

Ho fokotseha ha tshwaetso tse ntjha ho bolela hore re ka nyehlisa dipehelo tsa rona mabapi le dikopano, metsamao mmoho le thekisong ya jwala.

Ho latela dikgothaletso tsa Komiti ya Dikeletso ya Matona mabapi le COVID-19, le maikutlo a Moifo wa Kgokahanyo wa Mopresidente, Kabinete mantsiboyeng ana e nkile qeto ya ho theolela maemo a ho kginwa ha ditshebeletso ho tloha ho a Bone a Lekotsweng Botjha ho ya ho a Boraro a Lekotsweng Botjha.

Sena se tla etsahala hona phirimaneng ena ha melawana ya teng e se e hatisitswe bukeng tsa mmuso.

Sena se bolela hore:

  • Dihora tsa ho kgaotsa ho tsamaya bosiu di ntse di qala ka hora ya leshome bosiu ho isa ho ya bone kameso.
  • Maeto mahareng a diprofensi a ka tswela pele jwale.
  • Dibaka tse fanang ka ditshebeletso tseo e seng tsa bohlokwa tse kang direstjuarente, ditamene, dibara le dibaka tsa boithapollo di ka bula jwale. Dibaka tsena di tla tlameha ho kwala ka hora ya borobong bosiu ho fa basebeletsi le bareki ba tsona monyetla wa ho fihla malapeng pele ho qala nako ya ho kgaotsa ho tsamaya bosiu.
  • Dikopano le tsona di tla dumellwa, empa e tla ba batho ba sa feteng ba 50 ha ba le ka moahong, e be ba sa feteng 100 ha ba le kantle.

Haeba moaho oo o le monyane hore batho ba qaqolohane ka nepo, palo ha e a tlameha ho feta halofo ya palo e tlatsang moaho oo.

Dikopano tseo re buang ka tsona di kenyeletsa tsa dikereke, dipolotiki le tsa boithabiso.

Tekanyetso ena ya palo ya batho e tla sebetsa le hona ho direstjuarente, dibaka tsa boikwetliso, tsa boithapollo, dibara, ditamene le tse ding tse jwalo.

  • Mafung teng palo e ntse e le e sa feteng batho ba 50 mme ba tlameha ho latela dipehelo tsa bophelo bo botle le hona ho qaqolohana ka nepo.

Ditebelo le meketjana ya ka mora mafu ha di a dumellwa.

  • Thekiso ya jwala bakeng sa ba tsamayang le bona e tla dumellwa ho tloha ka hora ya leshome hoseng ho isa ho ya botshelela ka phirimana ka Mantaha ho ya ho Labone.

Bakeng sa dibaka tse rekisang jwala ho nwellwa sebakeng seo sa thekisetso ho tla dumellwa ho bo rekisa ho ya ka dipehelo tsa laesense, empa di tla tlameha ho kwala ka hora ya borobedi bosiu.

  • Dikolo di tla bulwa ho tloha hosane ka Mantaha wa la 26 Phupu mme di tla tlameha ho latela dipehelo tsa bophelo bo botle tse behilweng ke Letona la Thuto ya Motheo.

Motho ohle o ntse a tlameha ho apara semonkwana se kwahelang nko le molomo ka dinako tsohle ha a le setjhabeng.

Beng le batshwari ba meaho ya setjhaba, ditsi tsa mabenkele, mabenkele, direstjuarente, ditekesi le dibese ba tlameha ho netefatsa hore bareki le bapalami ba bona ba apara dimonkwana ka dinako tsohle.

Ba tlameha ho netefatsa hore ba qaqolohana ka nepo ho ya ka molao.

Ho bohlokwa ho hopola hore ke tlolo ya molao ho ba le palo e fetang e dumeletsweng ya bareki kapa basebeletsi sebakeng sa hao.

Leha re ntse re nyehlisa dipehelo, empa re tlameha ho hopola hore sekgahla sa tshwaetso se ntse se phahame mme re tlameha ho ba hlokolosi.

Jwalo ka ha re ntse re bolela, mokgwa o sebetsang haholo le o phethahetseng kgahlano le COVID-19, ke lenaneo lena la ho enta.

Lenaneo la rona la ho enta le ile la potlaka haholo dibekeng tse mmalwa tsa ho feta.

Ha jwale re enta batho ba ka bang 240 000 ka letsatsi.

Nakong ya kgwedi ya ho feta, re ne re enta batho ba 100 000 ka letsatsi.

Ha jwale re se re sebedisitse diente tse fetang tse millione di 6.3 mme re se re entile persente tse fetang tse 10 tsa setjhaba.

Sena se etsahetse ka lebaka la tshebedisano mmoho ya mmuso le lekala le ikemetseng ho kenyeletsa le tshehetso ya mahlahana a rona.

Dibekeng tsena tse tlang, re tla leka ho eketsa sekgahla sa ho enta.

Re eketsa palo ya ditsi tsa ho entela le hona ho ntlafatsa tsela ya ho ingodisa.

Re tla atolla lenaneo lena la ho enta ka ho enta le ka mafelo a beke.

Jwale re se re tla dumella batho ba dilemo di 18 ho ya ho tse 34 ho entwa ho tloha ka la 1 Lwetse 2021.

Sena e tlo ba phaello ho sehlopha se entuwang ha jwale e leng batho ba dilemo di 35 le ho feta.

Jwale re se re dumella batho ho iphihlela feela ditsing tsa ho entela ntle le ho ipeheletsa sebaka hore ba tlo ingodisa le hona ho entwa.

Lenaneo lena la ho enta le potlakiswa ke taba ya keketseho ya ente eo re e fumanang.

Dikgweding tse pedi ho ya ho tse tharo tse tlang, re tlo fumana ente tse ding tse ka bang dimilione di 31 tsa ha Pfizer le tsa ha Johnson & Johnson.

Sena se bolela hore re tlo ba le ente e lekaneng ho fihlela mafelo a selemo.

Re se re hatetse pele phareleng ya leqeme la ente naheng ena le kontinenteng.

Ho latela dipuisano tsa rona le dikhamphane tse hlahisang meriana le dinaha tse seng di atlehile, naha ena le kontinente di kgonne ho fumana ente le hona ho hlahisa ente kontinenteng ena ya rona.

Aspen e mane Gqeberha, e tla hlahisetsa kontinente ena ya Afrika ente eo e leng ya yona ho tloha ka Mphalane.

Dibekeng tse mmalwa tse fetileng, Mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle o kgethile Afrika Borwa ho ba sitsi tsa tlhahiso ya ente.

Matsatsing a mmalwa a fetileng, Biovac Institute e mane Kapa, e kgethetswe hore e hlahise ente ya Pfizer-BioNTech COVID-19 e tla fepela dinaha tsa Afrika feela.

Jwalo ka ha ho bonahala re fumana ente e lekaneng ka nakwana feela, jwale re tlameha ho e isa dibakeng tsa teng ka nako ntle le tshitiso ya letho.

Ho bohlokwa ho beha leihlo mefuteng e metjha ya kokwanahloko ena le ho fumana ente e tla kgona ho di lwantsha ha di fihla.

Ke etsa kgoeletso ho Maafrika Borwa ohle a lokelang ho entwa ho ingodisa ka inthanethe, ka WhatsApp, ka SMS kapa ka mohala nomorong ya mahala ya 0800 029 999.

Maafrika Borwa a heso,

Dibekeng tse pedi tse fetileng, profensi ya KwaZulu-Natal le ya Gauteng di ile tsa aparelwa ke merusu e neng e hlophisitswe le ho etswa ka boomo ka maikemisetso a ho hlokisa naha ena botsitso.

Merusung eo, ke batho ba fetang 300 ba hlokahetseng, ha inkelwa thepa mabenkeleng, polokelong ya thepa le difektring mme dibopeho tsa bohlokwa tsa motheo tsa senngwa mme moruo wa naha wa phatsamiseha.

Le kajeno re ntse re hlahloba tshenyo e etsahetseng le ditjeho tsa teng.

Ke bua le ka batho ba lahlehetsweng ke maphelo a bona mmoho le malapa a bona.

Ke bua ka kgwebo eo monga yona ho mo nkileng dilemo ho e theha, empa jwale e timetse ka ho panya ha leihlo feela.

Ke bolela le ka bomme le bontate ba sa tsebeng hore bana ba bona ba tla ba neha eng hobane polokelo ya thepa eo ba neng ba sebetsa ho yona e tjhesitswe.

Re tlameha ho tshehetsa bohle ba anngweng ke merusu ena mme re netefatse hore sena ha se etsahale hape.

Ho kgutlisa botsitso naheng, haholoholo KwaZulu-Natal le Gauteng, re ekeditse palo ya mapolesa le masole a rona.

Masole le mapolesa ana a ekeditswe haholo dibakeng tse tummeng haholo ka merusu ena, ditsing tsa moruo, dibopehong tsa motheo tsa mmuso, ditsing tsa mabenkele, polokelong tsa thepa le difektring.

Bona basebeletsi bana ba tsa tshireletso ba boetse ba tlameha ho lebela le ho thothwa ha thepa.

Mehato ena e entse hore re kgone ho kgutlisa taolo dibakeng tse neng di amehile le ho netefatsa hore boema kepe ba rona bo boela bo sebetsa hantle, diterene tse thothang thepa di boela tshebetsong mme le mebila ya rona e meholo e a bulwa.

Diphuputso mabapi le merusu ena le bahlophisi ba yona di ntse di tswela pele, mme tsona di eteletswe pele ke lekala le ikgethang la bafuputsi mme re ikemiseditse ho ba tshwara le ho ba qosa nakong e sa fediseng pelo.

Ho se ho le teng ditlhophiso tse seng di entswe bakeng sa palo ena e hodimo ya babelaellwa bana ba tshwerweng merusung ena.

Sepolesa sa rona se tsoseleditse tshebedisanommoho ya sona le Diforamo tsa Baahi tse Sebedisanang le Sepolesa naheng ka bophara e le ho thibela hore merusu ena e se tswele pele.

Ke rata ho hlakisa taba ya hore molao le botsitso di tla tswela pele ho rena.

Re ntse re tlo tswela pele le ho tshwara batho, haholo bahlophisi ba ketso tsena tsa tshenyo tse qeteletseng di entse hore batho ba bang ba lahlehelwe ke maphelo a bona.

Leha merusu e se e kokobetse tjena, empa tshenyo ya teng e ntse e utlwahala malapeng, ho basebetsi le dikgwebong.

Re nkile mehato ya bohlokwa ho netefatsa hore re sireletsa dibaka tseo batho ba phelang ho tsona tse thefutsweng ke merusu ena le koduwa ena.

Hona phirimaneng ena, re tlo phatlalatsa mehato e mengata ya ho tshehetsa tsoseletso ya moruo le ho imolla mafutsana le ba sa kgoneng ho ithusa ka lebaka la dipehelo tsa twantsho ya COVID-19.

Ho tshehetsa bohle ba sa kgoneng ho itshapota, re kgutlisitse Letlole la Tshehetso la Kimollo la R350 ho fihlela mafelo a Tlhakubele 2022.

Re kgona ho etsa sena ka lebaka la keketseho ya pokello ya lekgetho la rona.

Re eketsa palo ya batho ba ka fumanang thuso ena ka ho dumella ba fumanang Pei ya Bana empa ba sa sebetse hore le bona ba kenye dikopo.

Dintlha le hore batho ba ka kenya dikopo jwang di tla phatlalatswa haufinyane.

Sena se tla eketsa dithusong tseo re seng re ena le tsona, e leng e nngwe ya dintho tsa bohlokwa haholo tseo re di fihleletseng e pele demokrasing ya rona.

Ka hodimo ho diphuthelwana tsa dijo tseo Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le fanang ka tsona, mmuso o tlo ntsha tjhelete e kalo ka diranta tse dimilione di 400 Letloleng la Kimollo ya Mathata le thehilweng ke Letlole la Kopanelo ho thusa dibaka tse amehileng.

Re boetse re nka mehato ya ho thusa tsoseletsong ya dikgwebo.

Sa bohlokwa ka ho fetisisa ke ho netefatsa hore dikgwebo tse sentsweng le tse nketsweng thepa di boela di sebetsa pele ho nako e sa fediseng pelo.

Naha ya rona ke e nngwe ya tse mmalwa lefatsheng ka bophara e nang le khamphane ya inshorense eo e leng ya mmuso, SASRIA, e sireletsang tshenyong e bakwang ke merusu setjhabeng, mehwanto, boipelaetso le ketso tsa tlhoko ya botsitso naheng.

Dikgwebo kaofela tse nang le inshorense di tla thuswa ke SASRIA.

SASRIA e ikemiseditse ho potlakisa ditseko tse molaong mme e tlo sebetsa le dikhamphane tse ikemetseng tsa inshorense ho netefatsa hore tlhahlobo tsa ditseko ha di diehiswe.

Mmuso o tlo netefatsa hore SASRIA e phethisa boitlamo ba yona ba ho fana ka tshehetso e hlokahalang.

Leha ho le jwalo, dikgwebo tse ding tse sentsweng merusung ena, ho ka etsahala e be ha di na inshorense.

Tsona di kenyeletsa dikgwebo tse nyane le tse mahareng, tse ngodisitsweng le tse sa ngodiswang.

Bongata ba dikgwebo tsena bo lahlehetswe ke tsohle mme di ke se kgone ho boela di phahama ka botsona.

Re ke ke ra di qhelela ka thoko nakong ena e boima.

Re boetse re shebane le taba ya ho tshehetsa le dikgwebo tsena tse se nang inshorense tse anngweng ke merusu ena.

Mmuso o tla theha letlole la ho tshehetsa dikgwebo tsena mme haufinyane o tla phatlalatsa mokgwa le tsela ya ho kenya dikopo tsa tshehetso ho lona.

Re tla boela hape re fana le ka tshehetso ya tjhelete e tla fumaneha ha nngwe feela ke dikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse kgolo tse anngweng ke koduwa ena.

Re boetse re sebetsa le dikgwebo tse kgolo hore le tsona di kenye letsoho tshehetsong ya dikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse kgolo, ho theha menyetla ya mesebetsi, ho fedisa tlala le ho lwantsha bofuma.

Dibekeng tse pedi tse fetileng, re ile ra phatlalatsa taba ya letlole la COVID-19 TERS le tla kenella le makaleng a anngweng ke ho Kginwa hona ha Ditshebeletso ho Lekotsweng Botjha Boemong ba Bone matsatsing a 28 a fetileng.

Nako ya ho kenya dikopo e se e butswe mme ba Letlole la Inshorense ya Batho ba Felletsweng ke Mosebetsi (UIF) ba tla potlakisa ho lefuwa ha ditjhele tsena ho basebetsi ba sa fumaneng meputso ya bona.

Ya bohlokwa haholo ke hore UIF e tla fana ka tshehetso le ho basebetsi ba lahlehetsweng ke mesebetsi ka lebaka la merusu ena e sa tswa etsahala.

Sena se tla netefatsa hore mesebetsi e a sireletseha le basebetsi ba tswela pele ho fumana meputso ya bona jwalo ka ha ho tla nka nako hore dikgwebo tse ding di tsohe hape.

Jwalo ka ha letlole la TERS le fane ka tshehetso makaleng a mangata a neng a sa kgone ho sebetsa, empa ho ntse ho na le tlhokeho ya hore ho tshehetswe dikgwebo hore di kgone ho ikaha botjha.

Re boetse re atolotse Lenaneo la Theolelo ya Lekgetho ho kenyeletsa le basebeletsi ba fumanang moputso o ka tlase ho R6 500 ka kgwedi le ho nyolla tekanyetso ya teng ho ba R750 ka kgwedi.

Sena se tla etsa hore bahiri ba se fokotse basebetsi ba bona, haholoholo makaleng a thekiso ya thepa le a kamohelo ya baeti, e leng ona a amehileng haholo.

Re tla boela re dumella dikgwebo hore di se lefe Lekgetho la Lekeno nakong ya dikgwedi tse tharo ho etsetsa hore di kgone ho ba le tjhelete. Dikgwebo tse nang le Lekgetho la Lekeno le sa feteng diranta tse dimilione di 100, di tla fumana theolelo ya 35% ya lekgetho lena mme sena se tla etsahala ntle le hore kgwebo eo e kenye kopo.

Lekala la jwala le lona le tla dumellwa ho se lefe lekgetho la tlhahiso dikgwedi tse tharo ka maikemisetso a ho le tshehetsa tsoseletsong ya lona.

Mehato ena kaofela e nkuwa ho thusa ka hohle hohle batho le dikgwebo empa ho ntse ho hlokometswe hore tjhelete ya mmuso e se thefulehe haholo.

Ha ho naha e ka lebellang hore moruo wa yona o hole kapa hore setjhaba se phele ka kgotso le kutlwano empa ho e na le batho ba ntseng ba kgeswa, ba futsanehile le hona ho qhelelwa ka thoko.

Ditlamorao tsa merusu e sa tswa etsahala moruong wa rona, di entse hore re potlakise Lenaneo la rona la Tsoseletso ya Moruo.

Haesale re sebetsa le mahlahana a rona ho ntshetsa pele mehato ya rona ya ho lwantsha bofuma, ho potlakisa diphetoho, kgudiso ya moruo o kenyeletsang bohle mmoho le ho theha menyetla ya mosebetsi.

Re tla boela re fana ka dintlha tse ding tabeng ena.

Maafrika Borwa a heso,

Merusu e sa tswa etsahala e hlile ha e jese batsetedi ba rona ditheohelang.

Re nka mehato e matla ho tsa tshireletso ho netefatsa hore ketsahalo tsa mofuta ona ha di etsahale hape.

Sena se kenyeletsa ho tlola matjato ho thibela diketso tsa ditshokelo ho tswa maqulwaneng a dinokwane, haholoholo KwaZulu-Natal jwalo ka ha dikgwebo di ikaha botjha.

Mang kapa mang ya sokelang ba bang, kapa ya bakang morusu, o tla fumana kotlo.

Leha re dumela hore re diehile ho thiba merusu ena, empa lekala la rona la tshireletso le bontshitse hore le na le bokgoni ba ho kgutlisa botsitso setjhabeng.

Sa bohlokwa le ho feta re le Maafrika Borwa ke hore re bontshitse matjhaba hore re mmuso wa demokrasi o sa utlwaneng le ketso tsa merusu le botlokotsebe, mme re lwantsha leha e le mang feela ya batlang ho hlokisa naha ya habo rona botsitso.

Matla a mangata a rona a ho Molaotheo wa rona, ona o sireletsa tokoloho le ditokelo tsa rona mmoho le setjhaba le demokrasi ya sona.

Molaotheo wa rona o dula o eme.

Jwalo ka ha re ikaha botjha diketsong tsena tsa merusu le ho koduwa ena, re tlameha ho etsa seo Molaotheo wa rona o re laelang ho se etsa.

Re tlameha ho tswela pele ho fodisa maqeba a nako e fetileng mme re thehe setjhaba sa rona motheong wa makgabane a demokrasi, toka le paballo ya ditokelo tsa botho.

Motheo wa demokrasi ya rona ke thato ya setjhaba.

Ho matlafatsa demokrasi ya rona, kaofela ha rona re tlameha ho ntlafatsa maemo a bophelo ba setjhaba sa rona le ho thusa motho e mong le e mong ho hlahisa bokgoni boo a nang le bona.

Ke boikarabelo ba rona bohle re le Maafrika Borwa ho sebetsa mmoho ho aha Afrika Borwa e nang le demokrasi mme re etse hore e kgone ho ba mmuso o e meng hara ditjhaba.

Ha re tshwaraneng ka matsoho mme re aheng Afrika Borwa eo re e lakatsang leha re shebane le diphephetso tjena.

E se e ka Modimo a ka baballa setjhaba sa rona.

Modimo a hlohonolofatse Afrika Borwa.

Nkosi Sikelel' iAfrika.

Morena boloka setjhaba sa heso.

Mudzimu fhatutshedza Afrika Tshipembe.

God seën Suid-Afrika.

Xikwembu katekisa Afrika-Dzonga.

Ha e lale.

Share this page

Similar categories to explore