Moporesidente Cyril Ramaphosa: Kgatelopele ya Afrika Borwa Mabapi le Boiteko ba Naha ba ho Kgina Sewa sa Kokwanahloko ya Corona (COVID-19)

MaAfrika Borwa a Heso,

Re matsatsing a 11 jwale a selemo se setjha.

Hape-hape, ke le lakaletsa tse molemo ka ho fetisisa bakeng sa selemo sa 2021.

Re kena selemong sena ka tshepo e matla – tshepo ya hore re tla busetsa setjhaba sa bo rona bophelong bo botle, ya hore selemo se setjha se tla tlisa kimollo le boiketlo, le hore maphelo le boiphediso di tla ahwa botjha.

Feela, haeba re batla ho fihlella ditabatabelo tsa rona tsa selemong sena, re lokela ho ipopa bakeng sa ho hlola sewa se nyarosang, se phehellang le ho teba sa kokwanahloko ya corona.

Sewa sena jwale se fihlelletse maemo a rinyang ka hara naha ya bo rona.

Palo ya ditshwaetso tse ntjha, dikamohelo tsa dipetlele le mafu jwale di phahame ho feta kamoo ho bileng kateng esale ho rekotwa tlaleho ya pele ka hara naha ya bo rona ka Hlakubele 2020.

Esale ho tloha ka Letsatsi la Pele la Selemo se Setjha, re se re rekotile ditshwaetso tse ntjha tsa kokwanahloko ya corona tse ka etsang 190 000.

Naha e se e rekotile mafu a fetang 4 600 a COVID-19 ho fihlela hajwale selemong sena.

Esale sewa sena se qala, Afrika Borwa e se e rekotile palo e eketsehang ya ditlaleho tsa COVID-19 tse fetang 1.2 milione.

Re se re rekotile mafu a fetang 33 000 mme batho ba fetang 148 000 ba amohetswe sepetlele.

Jwaloka karolo ya setjhaba, provense e nang le palohare e hodimo ka ho fetisisa ya ditlaleho matsatsing a supileng a fetileng ke KwaZulu-Natal, e latelwe ke Kapa Bophirima, Gauteng, Limpopo le Mpumalanga.

Ditshwaetso tse ntjha KwaZulu-Natal le Kapa Bophirima di hotse ka potlako le ho ba ka nqane ho sehlohlolo sa leqhubu la pele.

Ditshwaetso Gauteng di hola ka sekgahla mme di lebeletswe ho phahama ho feta ha badudi ba bangata ba Gauteng ba boela ka hara provense kamora matsatsi a phomolo a sehla sa monyaka.

Leha ho le jwalo, re kgothetse ke hore sekgahla sa ditshwaetso tse ntjha Kapa Botjhabela, leha di ntse di le hodimo, jwale se theohile ho feta kamoo se neng se le kateng mahareng a Tshitwe.

Dikarolong tse itseng tsa naha, dikamohelo dipetlele ho tsona jwale di phahame ho feta nakong ya leqhubu la pele.

Hajwale ho na le batho ba fetang 15 000 ba nang le COVID-19 dipetlele naheng ka bophara, e leng se tlisang tsitsipano e matla ditsheng tsa kalafo, basebeletsing le thepeng ya kalafo.

Ho ka etsang nngwe tharong ya bakudi bohle ba COVID-19 ba dipetlele ba kentswe metjining ya oksejene.

Kahoo,ho tsepamisitswe maikutlo haholo hodima ditsha tsa rona tsa kalafo mabapi le ho eketsa phepelo ya oksejene le ho thakgola dibethe tsa dipetlele tse lepalapaleng.

Dikgeo tsa mesebetsi tse neng di le teng di a tlatswa, mme boteng ba thepa ya boitshireletso bo behilwe leihlo ke Kantoro ya Boimatahanyo ba Maemo a Kalafo.

Diphuputso tse entsweng ke borasaense ba rona di bontshitse hore ho phahama ho matla ha ditshwaetso ho kgannwa ke mofuta o motjha wa kokwanahloko ya corona o tsejwang ka hore ke 501.v2.

Mofuta ona o qadile ho hlwauwa Afrika Borwa ka Pudungwana.

Re a tseba hore mofuta ona o motjha wa kokwanahloko o nama ka potlako ho feta mefuta e tlileng pejana.

Sena se hlalosa taba ya hore hobaneng batho ba bangata ho feta ba tshwaeditswe ka nako e kgutshwane.

Tlhahisoleseding e ntseng e hlahella e bolela hore mofuta ona o motjha ha o bake bokudi bo matla jwaloka ka ba mefuta ya sethatong.

Feela e beha kgatello e matla hodima tsamaiso ya kalafo kaha ditlaleho di phahama kapele haholo mme dipetlele di tlala ka potlako.

Feela ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re e tsebang ka mofuta ona o motjha ke hore re ka o thibela ho nama ka ho sebedisa mekgwa yona yane eo esale re e sebedisa bakeng sa ho itshireletsa le e meng.

Re lokela ho hopola hore kokwanahloko ena e tsamaya ka moya.

Kahoo re lokela ho phema dibaka tse kwalehileng, dibaka tse tletseng batho le ho phema ho ba haufi haholo le ba bang.

Kaha mofuta ona o motjha o ka tshwaetsa batho ha bobebe, ho bohlokwa hore re lekodisise dibaka tseo re yang ho tsona le palo ya batho bao re kopanang le bona.

Ha re a lokela ho nyahlatsa melawana leha e le efe ya kalafo eo esale re e latela.

Haeba ho na le ntho e nngwe, mofuta ona o motjha o bolela hore re lokela ho fadimeha ho feta, ho imatahanya le ho feta le ho tsitlallela ho feta mabapi le ho latela ditataiso tse batlehang tsa boitekanelo.

MaAfrika Borwa a Heso,

Le ha sewa sena se mpefetse ka hara naha ya bo rona, hona ha ho bolele hore re lahle tshepo.

Jwaloka ha re bontshitse dikgweding tse 10 tse fetileng, se re se etsang se na le tshusumetso motjheng le boholong ba bohloko bona.

Re bontshitse hore ha re sebetsa mmoho, re ka etsa phapang.

Ha re qala selemo sena se setjha, ha re tekeng motjha o hlakileng ho lebisa tabeng ya ho hlaphohelwa.

Ha re dumellaneng ka seo re lokelang ho se etsa – le seo re tla se etsa – ho hlola sewa sena selemong sa 2021.

Tabeng ya pele, re lokela ho etsa ka hohle kamoo re ka kgonang ho fokotsa sekgahla sa ho nama, mme, jwaloka ha re ile ra etsa pele, re fokotse mothamo wa tshwaetso.

Tabeng ya bobedi, re tla tla ka lenaneo le matla la kentelo hore re tle re fihlelle tshireletso ho parola le setjhaba mme kahoo re fokotse ho ata ha kokwanahloko ena.

Haeba re ka tsepamisa maikutlo dinthong tsena tse pedi tse ka sehloohong, haeba re sebetsa ka potlako le ka sepheo, re tla kgona ho thibela ditshwaetso tse ding tse ngata, re boloke maphelo a mangata, re ahe moruo botjha mme qetellong re hlole bohloko bona.

Mabapi le ntlha ya pele – ya ho fokotsa sekgahla sa ho nama – re na le disebediswa tsohle tseo re di hlokang.

Re tseba seo re lokelang ho se etsa re le batho, re le malapa, re le dikhamphani, re le badudi.

Ke kgothaditswe haholo ke kamoo batho ba arabetseng boipiletsong ba ho kenya dimaske ha ba le dibakeng tsa setjhaba, jwaloka ha re tseba hore ena ke e nngwe ya ditsela tse hlwahlwa ka ho fetisisa tsa ho thibela ho nama ha kokwanahloko ena.

Ke lakatsa ho leboha maAfrika Borwa ohle ao jwale a sa lebaleng ho kenya dimaske.

Hona jwale ho feta pele, motho ka mong o lokela ho nka qeto ya ho phema ho kopana le batho ba bang ho sa hlokehe.

Ke lakatsa ho nka motsotso ona ho hatella taba ya mapato, ao esale a hlwauwa e le dinako tse atisang kokwanahloko ka matla.

Ho etsa mesebetsi ya lepato e loketseng bakeng sa baratuwa ba ithobaletseng ho mading ho rona bohle.

Ho na le meetlo eo re e etsang ho ya ka ditlwaelo le ditso tsa rona tse fapaneng; e seng feela ka letsatsi la lepato empa le ka matsatsi a pele ho lepato.

Feela tsena ke dintho tseo re kekeng ra di etsa nakong ena.

Re tshwerwe ke sewa se bolayang mme mesebetsi ena kaofela eo e neng e etswa ka tlwaelo e eketsa kgonahalo ya ho ba kotsing – ho borona, ho ba hlokahalletsweng le ho ba malapa a rona ba leng hae.

Nako e tla ba teng ya ho ya hlwela ba hlokahalletsweng ho ya lebisa hlompho, le ho ya lla le baahisani, metswalle le ba leloko ka tshwanelo.

Feela ha e le hajwale, ho molemo haholo ho bolokeha le ho dula hae.

MaAfrika Borwa a Heso,

Ka la 28 Tshitwe 2020, re ile ra tsebisa hore Afrika Borwa e behwa tlasa Mohato wa Tlhokomediso wa Boraro bakeng sa ho kgina ho phahama ka potlako ha ditshwaetso.

Re ile ra boela ra tsebisa hore dibaka tse itseng tsa Kapa Botjhabela, Kapa Bophirima, KwaZulu-Natal, Gauteng, Limpopo le Leboya Bophirima di tsebahaditswe e le dibaka tse nang le ditshwaetso tse matla.

Jwale re bile le monyetla wa ho sheba botjha mehato e ileng ya nkuwa e le karolo ya mohato wa boraro wa tlhokomediso ho ya ka boemo ba hajwale ba sewa sena.

Re ile ra boela ra ba le ditherisano le baetapele ba bodumedi, mekgatlo ya badudi, borakgwebo, boramesebetsi le baemedi ba diprovense le ba mebuso ya lehae le ketapele ya botjhaba mabapi le kgahlamelo ya mehato ena.

Ho itshetlehilwe hodima dikgothaletso tsa Lekgotla la Naha la Taolo ya Kokwanahloko ya Corona (NCCC), Kabinete e entse qeto ya hore naha e dule e le mohatong wa boraro wa tlhokomediso.

Boholo ba mehato e ileng ya tsebiswa ka la 28 Tshitwe 2020 e tla dula e ntse e le jwalo.

  • Ka lebaka la ho nama ho ntseng ho ata, boholo ba dipokano tsa ka ntle le ka hare di keke tsa dumellwa. Sena se kenyeletsa dipokano tsa kahisano, tsa bodumedi, diketsahalo tsa sepolotiki, dikopano tsa makgotla a borena le dikopano mabaleng a dipapadi.

Jwaloka pele, sena ha se kenyelletse mapato le mekgelo e meng jwaloka ha ho hlakisitswe ho melawana, e kang ya direstjhurente, dimuseamo le dijimi.

  • Mapato a keke a kenelwa ke batho ba fetang 50, mme ho lokela ho ba le tshielano ya sebaka, ho hlwekisa matsoho ka sebolaya-dikokwanahloko le ho kenya dimaske.
  • Dihora tsa thibelo ya metsamao jwale di tla qala ka hora ya borobong bosiu le ho fella pejana, ka hora ya bohlano hoseng.
  • E dula e le setlamo hore motho ka mong a kenye maske ha a le bathong.
  • Thekiso ya tahi mabenkeleng le ho nwella tahi dibakeng tsa thekiso ho ntse ho sa dumellwa.

Ditshebeletso tsa kalafo dikarolong tse itseng tsa naha di tlalehile hore thibelo ya thekiso ya tahi e fokoditse haholo palo ya batho ba lemetseng dipetleleng tsa rona nakong ya keteko ya Selemo se Setjha.

Ho bohlokwa hore re tswelle ho sireletsa ditshebeletso tsa rona tsa kalafo nakong ena e hlokolosi.

  • Mabopo, matamo, matsha, dinoka, diphaka tsa setjhaba le matamo a ho sesa a setjhaba dibakeng tse nang le tshwaetso e matla di tla kwallwa setjhaba. Jwaloka pele, dirapa tsa dimela, diphaka tsa naha le diphaka tse ding moo ho nang le ditsela tsa taolo ya ho kena le ho ngotla palo ya ba kenang di tla dula di buletswe setjhaba.

E nngwe ya diqholotso tseo re nang le tsona ha sehla sa monyaka se hahabella qetellong ke tshubuhlellano e kgolo madibohong a rona a mangata a ka hara naha.

Sena se behile batho ba bangata poyaneng ya tshwaetso ha ba ntse ba emetse ho thuswa mme ho bile thata ho netefatsa hore ditlhokeho tsa boitekanelo bakeng sa ho kena ka hara Afrika Borwa di a fihlellwa, ka batho ba bangata ba fihlang ntle le bopaki ba diteko tsa COVID-19.

Bakeng sa ho fokotsa tshubuhlellano le kotsi e phahameng ya ditshwaetso, Kabinete e entse qeto ya hore madiboho a 20 a ka hara naha a ntseng a butswe hajwale a tla kwalwa ho fihlela ka la 15 Hlakola bakeng sa ho kena le ho tswa ho tlwaelehileng.

Ana a kenyeletsa madiboho a tsheletseng a subuhlellanang ka ho fetisisa, e leng Beitbridge, Lebombo, Maseru, Oshoek, Ficksburg le Kopfontein.

Leha ho le jwalo batho ba tla nne ba dumellwe ho kena kapa ho tswa ka naheng bakeng sa:

  • ho tsamaisa mafura a makoloi, dithoto le phahlo,
  • tshebeletso ya tshohanyetso bakeng sa maemo a tshosetsang bophelo,
  • ho kgutla ha baahi ba Afrika Borwa, badudi ba dinako tsohle kapa batho ba nang le di-visa tse molaong,
  • Badiplomate,
  • ho tsamaya ha baahi ba melata,
  • batsamai ba letsatsi ka leng ba dinaha tsa boahisane ba kenang sekolo Afrika Borwa.

Lenane le felletseng la ditumello le tla ba teng ka hara melawana.

Ho a hlokeha hore re etse hore Mohato wa Boraro wa Tlhokomediso o dule o ntse o le teng ho fihlela re feta sehlohlolong sa ditshwaetso tse ntjha le ho kgodiseha hore sekgahla sa ho nama se theohile ho lekaneng bakeng sa ho re dumella ho nyehlisa dithibelo tsa hajwale ka polokeho.

Ke lakatsa ho hlahisa kananelo ya ka ho ba bang ba badudi ba mekgatlo ya bodumedi ka ho qolleha bakeng sa tshehetso le kutlwisiso ya bona nakong ena ya sewa.

Mekgatlo ya bodumedi ha e ya fokotsa feela le ho ngotla mekgwa ya ho rapela le mesebetsi e meng, e boetse e fanne ka boeletsi, tshehetso, dikema tsa phepo le ditshebeletso tse ding tsa kahisano ho badudi.

Nakong ena moo batho ba hlokang ka bobedi matshediso a tshwarehang le a semoya, ka bomadimabe ke yona nako eo dithibelo tsa dipokano tsa bodumedi le tse ding di leng tshebetsong.

Diphuputso di hlwaile dikotsi tse itseng tse runyang ka lebaka la ditshebeletso tsa bodumedi le dipokano tse ding. Tsena di kenyeletsa dikotsi tse amanang le dibaka tse kwalehileng, dihlopha tse kgolo, le ho ba haufi haholo le ba bang, ho ba sebakeng se le seng nako e telele, le ho buela hodimo le ho bina.

Re tla tswella ka dipuisano tsa rona le baetapele ba bodumedi ka mokgwa o hlwahlwa ka ho fetisisa wa ho kgotsofatsa ka polokeho takatso ya batho ba bo rona ya ho rapela diphuthehong ha re ntse re sebetsa mmoho bakeng sa ho baballa bophelo.

Ha dikolo le ditsha tse ding tsa thuto di itokisetsa ho qala selemo se setjha sa dithuto, ho na le ngongoreho e utlwahalang ya haeba ho tla kgonahala ho qala ka hara ditshwaetso tsena tsa leqhubu la bobedi.

NCCC e sebetsana le taba ena, mme e tla fana ka tataiso tabeng ena matsatsing a tlang.

Ha setjhaba se boela mesebetsing kamora kgefutso ya sehla sa monyaka, ho bohlokwa hore dibaka kaofela tsa mosebetsi di netefatse hore di tswella ho ba le dipehelo tsa polokeho le hore tsena di ikobelwa ka matla.

Mosebetsi wa rona wa bobedi ha re ntse re kgatha tema ya ho fihlella ho hlaphohelwa ke ho fihlella tshireletso ho parola le setjhaba sa bo rona ka lenaneo le matla la kentelo.

Ho ntshetswapele ha diente tse itseng tse hlwahlwa ke kgatelopele ya bohlokwa le e tshepisang ka ho fetisisa esale sewa sena sa lefatshe se thakgowa.

Esale re bua hangata hore ente e hlwahlwa e tla fetola dintho.

Diente di neha batho ba lefatshe mokgwa wa ho laola sewa sa kokwanahloko ya corona.

Motho ya entilweng o na le monyetla o fokotsehileng haholo wa ho kula le ho bolawa ke COVID-19.

Ha palo ya batho ba entilweng e se e kgotsofatsa, re tla fihlella se bitswang ‘tshireletso ya bongata’ kapa ‘tshireletso ya setjhaba’.

Sena ke ha palo ya setjhaba e kgotsofatsang e sireletsehileng kokwanahlokong bakeng sa ho fana ka tshireletso e sa otlolohang ho ba hlokang tshireletso, ho beha ho ata ha kokwanahloko tlasa taolo.

Leha boemo boo e le bona bo batlehang ba tshireletso ya bongata bo sa tsebahale, borasaense ba rona ba akanya hore re ka nna ra fihlella tshireletso ya bongata hang ha 67% batho setjhabeng sa bo rona e entilwe.

Sena se ka fihla ho batho ba 40 milione ka hara Afrika Borwa.

Re tlile ka lewa le pharalletseng la kentelo bakeng sa ho fihlella dikarolo kaofela tsa naha.

Sena e tla ba mosebetsi o moholohadi le o rarahaneng ka ho fetisisa wa phano nalaneng ya naha ya bo rona.

Sena se tla pharalla haholo ho feta lenaneo la rona la kalafo ya HIV kapa ho feta le dikgetho tsa rona tsa naha, tsa provense le tsa lehae ho ya ka palo ya batho ba lokelang ho fihlellwa ka nako e kgutshwane.

Le tla hloka ho kenella ka mafolofolo ha dikarolo tsohle tsa mmuso, makala ohle a setjhaba le baahi le badudi bohle ba naha ya bo rona.

Lewa la rona le na le dikarolo tse mmalwa.

Karolo ya pele ya lewa la rona ke ho fumana marothodi a lekaneng a ente ho fihlella tshireletso ya bongata.

Re morerong wa ho reka diente ka metjha e meraro: ka thuso ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO) ya COVAX, ka ente ya boikitlaetso ba Kopano ya Afrika (AU) le ka ditherisano tse otlolohileng le baetsi ba diente.

Jwaloka ha ke ile ka tlaleha pele, Afrika Borwa ke karolo ya letsholo la COVAX ya lefatshe, moo dinaha di kopanyang mehlodi ya tsona bakeng sa ntshetsopele ya diente ka morero wa ho netefatsa hore dinaha kaofela di fumana phepelo e lekanang ya diente tse hlwahlwa.

Re tla fumana marothodi a ente a tswang letsholong la COVAX bakeng sa ho ka enta 10% ya setjhaba sa rona.

Jwaloka modulasetulo wa AU, re thehile Moifo wa Tshebetso wa Phumantsho ya Ente ya Afrika bakeng sa ho batlana le marothodi a ente bakeng sa kontinente. Marothodi ana a tla rekwa ka bongata mme dinaha tsa Afrika di tla kgona ho beheletsa marothodi a ente ho tswa sesiung sena.

Ho akanngwa hore Afrika ka kakaretso e tla hloka marothodi a 1.5 bilione bakeng sa ho enta 60% ya setjhaba sa yona.

Ka dipuisano tse matla le baetsi ba diente, Moifo wa Tshebetso o entse mosebetsi o kgabane bakeng sa ho fumana marothodi a ente bakeng sa dinaha tsa kontinente ena.

Mmuso wa Afrika Borwa o ne o boetse o buisana ka kotloloho le baetsi ba diente ba mmalwa bakeng sa dikgwedi tse fetang tshelela.

Ha re sheba tlhokeho e matla ya diente le matla a maholwanyane a theko a dinaha tse ruileng, re ntse re shebana le makgalo kaofela a ho fumana marothodi a ente a mangata ka potlako kamoo re ka kgonang.

Leha ho na le ditherisano tse tshepisang le baetsi ba bangata ba fapaneng tse ntseng di hloka ho phethelwa, ho fihlela mona re fumane marothodi a 20 milione a tla tliswa haholo halofong ya pele ya selemo.

Re tla boela re etsa ditsebiso tse ding ha re ntse re phethela ditherisano tsa rona le baetsi ba diente.

Karolo ya bobedi ya lewa la rona ke ho hlwaya dihlopha tse ka sehlohlolong tse lokelang ho entwa ha re fumana marothodi a ente ho ya le selemo sena.

Mokgahlelong wa 1, ka phepelo ya pele ya diente, re tla beha ka sehlohlolong basebeletsi ba ka pelepele ba kalafo ba ka etsang 1.2 milione.

Mokgahlelong wa 2, ha ho fihla diente tse ding, re tla beha ka sehlohlolong basebeletsi ba bohlokwa ba akgang matitjhere, sepolesa, basebeletsi ba masepala le basebeletsi ba bang ba ka pelepele. Re tla boela re behe ka sehlohlolong batho ba ditheong tse kang mahae a maqheku, dibaka tsa tshireletso le ditjhankane, batho ba ka hodimo ho dilemo tse 60 le ba baholo ba nang le mafu a mang. Palo yohle eo re rerileng ho e fihlella mokgahlelong ona e ka ba batho ba 16 milione.

Mokgahlelong wa 3, ka phepelo e eketsehileng ya baetsi, re tla be re enta setjhaba se salletseng sa batho ba baholo ba akanyetswang ho 22.5 mllione.

Mme ha se re qetile mona re tla be re fihlelletse maAfrika Borwa a ka etsang 40 milione, e leng se ka nkuwang se akanngwa ho ba tshireletso ka bongata.

Karolo ya boraro ya lewa la rona ke ho fepela diente ho phatlalla le naha le ho di tsamaisa ho ba hlwaetsweng ho di fumana.

Re thehile komiti ya naha ya kgokahano, e kopanyang mmoho mafapha a mmuso a ka sehloohong, lekala la poraefete le bankakarolo ba bang bakeng sa ho okamela ho kenngwa tshebetsong ha lewa la rona la naha.

Re tla enta batho ka ho sebedisa ditsela tse fapaneng tse jwaloka ho sebedisa dipetlele, ditleliniki, ditshebeletso tsa ho fihlella batho le ditleliniki tsa hloma-o-hlomolle, le ditulo tsa poraefete tse kang disejeri tsa dingaka, dikhemisi le ho enta batho ba le mesebetsing.

Re bile le dipuisano tse mmalwa le bankakarolo dibekeng tse fetileng ho netefatsa letsholo le hokahanetsweng le le kenyeletsang la kentelo.

Semphato se kenyeletsang se se se bopilwe pakeng tsa mmuso, disekema tsa bongaka le lekala la poraefete ho tshehetsa phumantsho, thuso ya ditjhelete le phepelo ya diente.

Re bona karolo ya bohlokwa bakeng sa mekgatlo ya basebetsi, baetapele ba botjhaba le mekgatlo ya bodumedi mabapi le tsamaiso ya tlhahisoleseding e nepahetseng ka diente le ho netefatsa bonkakarolo bo felletseng lenaneong la kentelo.

Re ananela dinyehelo tse entsweng ke setjhaba ka kakaretso, dirutehi le ba bang mabapi le ntshetsopele ya lewa la naha le hlwahlwa, le ha dinyehelo tse jwalo di nnile tsa tshwaya mmuso phoso.

Re bokeletsa mehlodi ka botlalo le bokgoni ba naha ya bo rona ho ba boiteko bo le bong bo lebisitsweng tabeng ya ho etsa hore diente di fumanehe.

Tshebedisano ena, eo e leng hara tse ding ya bohlokwa ka ho fetisisa nalaneng ya rona, e hlokolosi ha re ntse re sebeletsa ho ipopa mmoho bakeng sa ho hlola ntwa kgahlanong le COVID-19.

Ho ntse ho na le ba bang ka hara naha ya bo rona ba nang le kgwao ka diente tsena, mme ho na le tlhahisoleseding e ngata e fosahetseng le dikgopolo-taba tse lahlehisang tse ntseng di phatlalatswa ka diente tsa COVID-19.

Feela diente esale di sebediswa ho fedisa mafu a kang sekgolopane le pholio. Bana ba dula ba entelwa kgahlanong le mafu a mangata a kang manketeya, mmokonyane le rubela, le batsamai ba dula ba entwa kgahlanong le mafu a kang feberu e tshehla.

Ente ka nngwe e tla sebediswa lenaneong la rona e tla lokela ho tjhaellwa monwana ke Bolaodi ba Taolo ya Dihlahiswa tsa Kalafo ba Afrika Borwa, bo sebedisang maemo a matla a saense ho netefatsa polokeho le bokgabane ba moriana kapa pheko leha e le efe.

Lewa la Afrika Borwa la kentelo le motjheng ka botlalo.

Ho a utlwahala hore bohle re batla ho tseba hore na diente di fihla neng.

Ha re ntse re sebeletsa ho tiisetsa phepelo ya marothodi a batlehang hara maemo a tlhokeho e matla ya lefatshe, re tla etsa sohle seo re ka se kgonang ho netefatsa hore motjha ona o na le ponaletso le hore tlhahisoleseding e fumaneha kaofela.

Ke ipiletsa ho maAfrika Borwa kaofela ho ba karolo ya mosebetsi ona o moholohadi wa phano ya ente ya kokwanahloko ya corona.

Leha ho tla ba thata, ho tla rarahana le ho nyahamisa hangata, Ho bohlokwa hore re etseng sena mmoho, molemong wa naha ya bo rona le bakeng sa bophelo bo botle ba batho ba bo rona.

 

Ha re ntse re tsamaisana mmoho tsela ena ya ho hlola sewa sa kokwanahloko ya corona, ha re a lokela ho lebala tlhokeho ya ho sebetsa ka potlako le ka matla ho fedisa dikgoka tsa banna kgahlanong le basadi le bana.

Dikgoka tsa bong le dipolao tsa basadi (GBVF) ke sewa sa bobedi sa naha ya bo rona.

Meralo ya ho kenya tshebetsong maitshunyako a ho fetola setjhaba le boitshwaro e motjheng.

Ho tea ka mohlala, mmuso esale o sebedisana le dibopeho tse mmalwa tsa setjhaba ka kakaretso ho bula mahlo bakganni ba ditekesi le bathusi ba bona mabapi le temoso ya dikgoka tsa bong, ditlwaelo tsa bong, tshebediso e mpe ya matla a bonna le GBVF ka boiteko ba ho fetola boitshwaro.

Mohlaleng o mong, mekgatlo ya bodumedi e qadile letsholo la ho bula baetapele ba bodumedi mahlo ka tshebediso e mpe ya matla a bonna, dikgoka tsa bong (GBV) le kereke. Sena se kenyeletsa lenaneo leo ho lona baetapele ba rupellwang ho matahana le mahlatsipa a GBV ho tloha nakong eo ba tlalehang molato ho fihlela ba fetisetswa tshebeletsong e nngwe. Balwanedi ba tumelo ba boetse ba rupelletswe ho tshehetsa basadi nakong ya ditsamaiso tsa makgotla a dinyewe.

Maiteko a motjheng a ho tshehetsa matlafatso ya basadi ho tsa moruo haholoholo nakong ena ya COVID-19. Sena se kenyeletsa thupello ya bommakgwebo ho fihlella menyetla ya ditheko ya mmuso.

Ho fedisa tlhekefetso mosebetsing, Afrika Borwa e motjheng wa ho amohela Khonvenshene 190 ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Mesebetsi (ILO), e tekang maemo a lefatshe bakeng sa tshireletso ya basadi le dihlopha tse ding tse tsietsing dibakeng tsa tshebetso.

MaAfrika Borwa a Heso,

E se e ka ba halofo ya selemo esale ha ke ne ke bua le lona ka sefefo sa kokwanahloko ya corona se neng se rinya ho phatlalla le naha ya bo rona.

Ke ile ka re sefefo sa kokwanahloko ya corona se mabifi le ho senya ho feta seo re kileng ra se bona pele.

Hajwale re ka bohareng ba setsokotsane.

Ha re tsebe hore se tla ba teng nako e kae kapa se tla mpefala ho le hokae.

Feela re tseba seo re lokelang ho se etsa ho kampana le sefefo sena.

Re tseba seo re lokelang ho se etsa bakeng sa ho itshireletsa le ho sireletsa ba re potileng.

Re tseba seo re loketseng ho se etsa – re le setjhaba, re le kontinente hape re le badudi ba lefatshe – bakeng sa ho hlola sewa sena.

Re lokela ho ba le morero o tshwanang, ho utlwisisa hore seo e mong a se etsang se molemo bakeng sa rona, malapa a rona, metse ya rona le setjhaba sa rona.

Ha re sebetsa mmoho jwaloka ha re entse dikgweding tsena tse ngata tse fetileng, ha re tsitlallela maikemisetso a rona, re tla fihlella selemo se setjha seo bohle re lebeletseng tse ntle ho sona.

Re tla ba le kgotso, phomolo, kimoloho le bophelo bo botle boo bohle re bo labalabelang.

Re tla aha maphelo a rona botjha le setjhaba sa bo rona.

Modimo ha a tswelle ho hlohonolofatsa Afrika Borwa le ho sireletsa batho ba yona.

Ke ya leboha.

 

Share this page

Similar categories to explore