Moporesidente Cyril Ramaphosa: Kgatelopele eo re e Entseng Mekutung ya Naha ya ho Thibela Sewa sa Kokwanahloko ya Corona, e leng COVID-19

Maafrika Borwa a heso,

E se e le nako e teletsana jwale re sa tshware kopano ya rona ya lelapa le setjhaba sa habo rona.

E se e le dikgwedi tse ngata jwale haesale ho ne ho ropohe kokwanahloko ya corona Afrika Borwa.

Sewa sena se bakile maima a maholo bathong bohle ba habo rona.

Kamora nako e telele hakaalo ya tlhokeho ya botsitso le ya dingongoreho, bohle re labalabela ho kgutlela bophelong ba rona bo tlwaelehileng.

Ke a tseba hore boholo ba rona re tshwerwe ke mokgathala o bakilweng ke kokwanahloko ya corona.

Bothata ke hore re se re qadile ho lebala hore kokwanahloko ena e ntse e phela kahara rona.

Jwaloka ha ke bua le lona phirimaneng ena, sewa sa COVID-19 se a mpefala lefatsheng ka bophara.

Lefatshe le sa tswa ngodisa lenane le hodimodimo la ditshwaetso tse ntjha tsa beke le beke haesale ho ne ho qale sewa sena, le lenane le hodimodimo la ba hlokahalang beke le beke.

Batho ba kahodimo ho 51 milione lefatsheng ka bophara ba se ba tshwaetsehile, mme ke bonnyane ba batho ba 1.2 milione ba seng ba hlokahetse.

Dinaha tse ngata di kgurumeditswe ke leqhubu la bobedi la ditshwaetso, le atisang ho mpefala le ho feta la pele.

Seo re se bonang se re tlisetsa nnete e boima: ya hore COVID-19 e sa le hole le ho fela.

E ntse e le ngata kahara rona. Ebile e tla phela kahara rona ka nako e teletsana e tlang.

Re le Afrika Borwa, re ile ra mamella seo re tshepang hore ke sefefo se sebe ka ho fetisisa.

Ha sewa sena se ne se le sehlohlolong, ka Phupu, re ne re ngodisa ditshwaetso tse ntjha tse ka bang 12 000 ka letsatsi.

Ka nako e kahodimo ho dikgwedi tse pedi jwale, lenane la ditshwaetso tse ntjha le dutse le ntse le tsitsitse le le katlase ho 2 000 ka letsatsi.

Lenane la ba hlokahalang le ne le ntse le fokotseha ka hanyane, jwaloka ha ho etsahetse le ka lenane la batho ba hlokang ho amohelwa sepetlele.

Lenane lohle la dikamohelo tse ntjha tsa sepetlele le fokotsehile dibekeng tse 14 tse latellanang.

Mona re thusitswe ke dikgato tse ntle tseo re ileng ra di nka ha sewa sena se sa qala, esita le letsoho la monna le entsweng ke Moafrika Borwa e mong le e mong twantshong ya kokwanahloko ena.

Re tshwanela le ho leboha basebetsi ba di hulang nthau, ba ileng ba sebetsa ka boitelo le ka sebete ditsing tsa habo rona tsa kokelo, ba ntse ba kena kahara setjhaba ho ya lekodisisa le ho etsa diteko, ba ileng ba boloka kgotso le botsitso, ba ileng ba boloka le ditshebeletso tsa mantlha di ntse di sebetsa.

Ho tswa kgatelopeleng eo re seng re e entse, ho tswa dithutong tseo re seng re ithutile tsona, jwale re a tseba hore katlasa mokgahlelo ona wa 1, re na le disebediswa tsohle tseo re di hlokang ho thibela ho ropoha botjha.

Ha feela re ntse re hlompha ditsamaiso tsohle tse hlokehang tsa bophelo bo botle le dithibelo tse ntseng di setse, re le batho ka bomong, re le dikgwebo, ha ho a tshwanela hore ho be teng tlhokeho ya hore re kgutlele ho kginweng ho thata ha ditshebeletso le metsamao.

Re tshwanela ho ba motlotlo ka karabelo ya rona re le setjhaba, e ileng ya ananelwa ka bobatsi yaba ya thoholetswa ke ba bangata lefatsheng ka bophara.

Maobane ke bile le kopano ka marangrang a ponaletso le baetapele ba bangatanyana ba dikgwebo tsa matjhaba, bao dikhamphane tsa bona di sebetsang dinaheng tse ngata ho pharalla le lefatshe. Bohle ba ile ba thoholetsa mokgwa oo Afrika Borwa e laotseng sewa sena ka ona.

Leha sena e le kgatelopele e amohelehang, re tlameha ho ananela hore sewa sena se thefutse bophelo bo botle le boiphediso ba batho ba habo rona.

Ho fihlela jwale, Afrika Borwa e se e ngodisitse ditshwaetso tsa kokwanahloko ya corona tse 742 394.

Lenaneng la batho bana, ba kahodimo ho 92% ba bona ba hlaphohetswe.

Empa ntho eo e leng yona e re rahileng mading a mpa haesale ho ne ho qale sewa sena, ke netefatso ya hore ke batho ba 20 011 ba hlokahetseng ka lebaka la COVID-19.

Leha re e na le sekgahla se tlase sa batho ba hlokahetseng papisong le dinaha tse ding tse ngata, ha re ka ke ra bala tahlehelo le matshwenyeho ao mafu ana a a bakileng.

Haesale ho tloha qalong ya koduwa ena, sepheo sa rona e ne e le ho pholosa maphelo le ho sireletsa mesebetsi.

Jwaloka ha re aha naha ya habo rona botenng ba sewa sena, ntho ena e tlameha ho dula e le ngongoreho ya rona e ka sehloohong.

Leha ditshwaetso di tsitsitse, batho ba bangata ba ntse ba tshwahetseha letsatsi le letsatsi mme re dula re le tlokotsing.

Re bona kamoo ditshwaetso di phahamang ka potlako le ka sekgahla ka teng dinaheng tse ngatanyana.

Re boela re bona le kamoo ditsamaiso tsa bophelo bo botle di ka imelwang ka teng ha di tobane le ditshwaetso tse eketsehang.

Ho phahama ha ditshwaetso ho tse ding tsa dinaha tsena, ho bakile hore ho kgutliswe dithibelo tse matla.

Re bone hape le dinaheng tse ding kamoo ho ropoha botjha ho ka sithabetsang ditshepo tsa tsosoloso e ntle ya moruo ka teng.

Re tlameha ho etsa makgobonthithi ohle ao re ka a kgonang, e le ho thibela ntho ena hore e se ke ya etsahala naheng ya habo rona.

Haeba re tlameha ho thibela ho ropoha botjha ha ditshwaetso naheng ya habo rona, ho na le dintho tse mmalwanyana tseo re tlamehang ho tsepamisa maikutlo ho tsona.

Ya pele ke ya maemo a Kapa Botjhabela, a bontshang matshwao a ho ropoha botjha.

Bekeng ena e fetileng, lenane la ditshwaetso tse ntjha provenseng eo le ne le le kahodimo ho la beke e kapele ho eo ka 50%.

Palo yohle ya ditshwaetso tse ntjha matsatsing a 14 a fetileng e ne e le kahodimo ho ya matsatsing a mang a 14 a kapele ho ao ka 145%.

Dikeketseho tsena di susumetswa ke sekgahla se hodimo sa ditshwaetso tse Nelson Mandela Metro le Seterekeng sa Sarah Baartman haholoholo.

Nakong ya kgwedi e fetileng, ho bile le keketseho e kgolo dikamohelong tsa dipetlele provenseng eo.

Bopaki bo supa hore ho ka nna ha etsahala hore dikeketseho tse Kapa Botjhabela di thokotswe ke ho ropoha ho bileng ditheong tsa thuto e phahameng tse kang diyunivesithi, dikolo le ho ya ha batho dikopanong tse kgolo.

Ha sena se amanngwa le ho se ikamahanye hantle le dintho tse kang ho qaqolohana ha batho, ho kenya dikwahelanko le molomo le dikgato tse ding tse mpe tsa bohlweki, ho bolela hore lepatlelo la ditshwaetso tse eketsehang le bataladitswe.

Ka batho ba bangata ba yang kwana le kwana dipakeng tsa Kapa Botjhabela le diprovense tse ding, haholoholo ya Kapa Bophirimela, ho se ho se hokae pele ho ropoha hona ho namela dikarolong tse ding tsa naha.

Kahoo re tshwanela ho nka dikgato tsa ho kgina keketseho ya ditshwaetso tsena.

Karabelong ya ditshwaetso tse ntseng di eketseha, re kenya tshebetsong morero wa tsosoloso o bopilweng hammoho le sehlopha sa phallelo se rometsweng Afrika Borwa ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle.

Bokenadipakeng bona bo akga dihlopha tsa nanabetso ya tlhokomelo ya motheo ya bophelo bo botle, e le ho matlafatsa bofofonedi ba bao ba ileng ba atamelana le batshwaetsuwa, le ho kgothatswa ha setjhaba ka letsatsi le letsatsi, ho netefatsa ho lokela tshebetso ha ditsi tsa kokelo, esita le ho ba malalaalaotswe ho arabeleng ditshwaetsong tse ka nnang tsa ropoha tsa batho ba sehlopha.

Matsatsing a tlang le dibekeng tse tlang re tla sebetsa ka katamelano le mmuso wa provense eo, bomasepala le ditheo tse ding tse Kapa Botjhabela e le ho netefatsa hore lephallo lena le a kginwa ebile le a laolwa.

Seo re se bonang Kapa Botjhabela se tshwanela ho re bula mahlo bohle, hore ha re ka ke ra qhanolla ebile ha re ka ke ra hulanya maoto.

Re boetse re di beile leihlo diketsahalo tse dibakeng tseo ho tsona ho nang le sekgahla se hodimo sa ditshwaetso tse ntjha.

Dibaka tseo ho tsona ho nang le sekgahla se hodimo ho feta sa ditshwaetso tse ntjha di akga Lejweleputswa le Mangaung Freistata, Frances Baard le Pixley ka Seme Kapa Leboya, le Garden Route le Cape Town metro Kapa Bophirimela.

Ho netefatsa hore re boloka dikgato tsohle tse hlokehang tsa thibelo di le malalaalaotswe, re eketsa Maemo a Koduwa ya Naha ka kgwedi enngwe hape ho fihlela ka la 15 Tshitwe 2020, jwaloka ha Molao wa Taolo ya Dikoduwa o hloka.

Ntho ya bobedi e ngongorehisang eo re tshwanelang ho e nkela hloohong ke ya sehla se tlang sa monyaka wa mafelo a selemo, moo boholo ba Maafrika Borwa bo etelang dibaka tse ding tsa naha ena, e leng moo batho ba atisang ho kgobokana ka bongata ba robe monakedi.

Diketsahalo tsena, haeba di sa etswe ka boitlhokomelo, di tlisa tlokotsi e kgolo hanghang taolong ya rona ya sewa sena.

Empa re ka le qoba leqhubu la bobedi haeba bohle re etsa letsoho la monna, haeba re hopola seo re tshwanelang ho se etsa hore rona le ba bang re dule re bolokehile.

Ho tloha ditoropong tse kgolo le di-metro ho ya ditorotswaneng le metsaneng, bohle re a tseba ka sewa sena.

Ho tloha morutwaneng wa Kereiti ya R ho ya mosebeletsing wa feme, ho tloha moithuting wa yunivesithi ho ya ho nkgono mane lapeng, bohle re a tseba hore na kokwanahloko ya corona e jaleha ka mokgwa ofe.

Kahoo, seo ke se kopang ho e mong le e mong wa lona phirimaneng ena ha se ntho e ntjha. Ke le kopa hore le etse seo le tsebang hore le tlameha ho se etsa.

Re a tseba hore kokwanahloko ena e fetela ho e mong haeba re atamelana haholo le batho ba bang.

Ha re hopoleng hore e fetela motho e mong ka marothodinyana a tswang ka nkong le ka molomong ha re bua, re hohlola, re thimola kapa re hemesela.

Ebile re tseba le seo re tshwanelang ho se etsa hore re itshireletse re be re sireletse le ba haufi le rona.

Sekwahelanko le molomo sa lesela se kgurumetsang nko le molomo, e ntse e le e nngwe ya dithebe tse ntle ka ho fetisisa.

Ke a tseba hore ka dinako tse ding ntho ena e ka nna ya eba bothata.

Dikwahelanko le molomo di ka tjhesa di be di bipetse.

Di thatafatsa hore o elellwe batho ba bang kapa hore o utlwe hantle seo ba se buang.

Empa dikwahelanko le molomo tsa lesela di theko e tlase, jwale di se di fumaneha hohle, ebile ho itshwenya ka ho se kgwesa ho molemo haholo ho feta ho tshwaetseha kapa ho tshwaetsa ba bang.

Ho kgwesa sekwahelanko le molomo ka dinako tsohle ha re tloha malapeng ho molemo ho feta leqhubu la bobedi.

Ho molemo le ho feta ho kgutlela mokginong wa metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, ebile ho molemo ho feta ho kwala moruo.

Ditshwaetso tse ngatanyana di amantswe le dikgobokano tsa ka matlung moo moya o sa fokaeleng hantle ho bile ho sa qaqolohanwe ho hang.

Jwaloka ha sehla sa monyaka wa mafelo a selemo se ntse se atamela, ho a utlwisiseha hore re tla batla hore re ilo ba mmoho le ba malapa le metswalle. Sena e bile selemo se sithabetsang maikutlo se bile se le mahlonoko. Re batla ho roba monakedi le ho kopana le batho ba bang.

Empa sena ha se bolele hore re tshwanela ho diha mmele.

Re tlameha ho hopola hore motho e mong le e mong eo re atamelanang le yena o eketsa dikgonahalo tsa tshwaetseho.

Re tshwanela ho qoba ho kgobokana ka bongata. Re ka mpa ra kopana ka dihlophana tse nyenyane.

Haeba re tlameha ho intsha, re tshwanela ho kgina katamelano le ba bang.

Ke ne ke ntse ke ngongoreha le ho feta ke bile ke tshoswa ke seo ke neng ke se bona marangranng a dikgokahano tsa setjhaba esita le thelevisheneng moo batho ba etsang meketjana e meholo, le dikopano le diketsahalo tsa setjhaba jwaloka ha eka kokwanahloko ena ha e yo ho hang.

E se e le nakwana ke ntse ke bona ditshwantsho tsa bokahare ba dibaka tse subuhlellaneng batho ba sa kgwesang dikwahelanko le molomo, ho bile ho sa bonahale le ho qaqolohana ha bona.

Tsena ke diketsahalo tsa boemo bo hodimo tse hasang kokwanahloko ena, tse tlamehang ho qojwa hobane bona ke boitshwaro bo kotsi.

Yona melawana eo e ileng ya sebediswa matsatsing a pele a ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, e tshwanela ho sebetsa le hona jwale.

Ere kaha jwale re kene lehlabuleng, ho bobebe haholo ho kopanela kantle kapa ka diphaposing tseo ho tsona ho butsweng difenstere.

Jwaloka ha re ile ra bolela pejana, re tshwanela ho sebedisa disebediswa tse fapaneng tse kahara lebokose la rona la disebediswa tsa kokwanahloko ya corona e le ho lwantsha kokwanahloko ena.

Re ka nna ra sebedisa le theknoloji ho lwantsha kokwanahloko ena.

Ke etsa kgoeletso ho e mong le e mong wa lona hore a ikamahanye le Maafrika Borwa a 700 000 a monyollotseng mobile app ya Covid Alert SA.

App ya Covid Alert SA e ka o tsebisa haeba o ile wa pepeseha kokwanahlokong ena, le haeba e ne e le ka tekesing, setsing sa letoto la mabenkele kapa kopanong ya setjhaba, ebile e etsa jwalo ntle le ho fana ka sebaka seo o leng ho sona kapa ka lesedi lefe kapa lefe le amanang le wena.

Dikhamphane tsa marangrang a dikgokahano a diselefounu di entse hore app ena e fumanehe mahala, kahoo o ke ke wa jea letho ka hore o itshireletse o be o sireletse le ba bang.

Ka ho monyolla app ena, o thusa ho pepesa kokwanahloko ena ebile o fokotsa letoto la ditshwaetsano.

Re batla ho etsa boipiletso mekgatlong yohle hore e kgothalletse basebetsi ba yona le baeti hore ba monyolle app ena ha ba kena dikantorong tsa yona, mabenkeleng, dikolong, diyunivesithing le dibakeng tse ding tse seng lepalapaleng.

Ho eketsa hodima diketso tsena tsohle, bohle re tshwanela ho nka boikarabelo ba ho thibela ho ropoha botjha ha kokwanahloko ena, ka hona re matlafatsa bokenadipakeng ba rona ba bophelo bo botle ba setjhaba.

Ho etsa diteko ho bohlokwa haeba re batla ho thibela ho ropoha botjha ha yona ka katleho.

Ntle le dikgaello tse mpe tsa bokgoni tseo re neng re e na le tsona dikgweding tse mmalwa tse fetileng, jwale re sebeletsa ho le eketsa haholwanyane lenane la diteko tse etsuwang letsatsi ka leng.

Dipetlele tsohle, tsa mmuso le tsa poraefete, di tshwanela ho etsa diteko bakuding ba robaditsweng dipetlele ho ya ka tataiso e hlophilweng botjha.

Re tla boela re eketsa tekodisiso le diteko setjhabeng, haholoholo dibakeng tseo kokwanahloko ena e jeleng setsi ho tsona.

Ente e sebetsang hantle ebile e bolokehile, ke tshireletso ya rona e kgolokgolo kgahlanong le COVID-19, mme jwale ho na le ente tse ngatanyana tsa boiketo tse ntseng di etsuwa lefatsheng ka bophara.

Phihlello e lekanang enteng e sebetsang hantle, e bohlokwa katlehong ya ho kgina sewa sena.

Pejana bekeng ena, lefatshe le bone phetoho e kgolo lepatlelong la saense mabapi le ho etsuwa ha ente.

Bona ke bopaki ba pele ba hore ente e sebetsang hantle kgahlanong le kokwanahloko ya corona e ka fumaneha.

Athe le deitha ya pele e tswang ho bafuputsi e sisinya hore e ka nna ya sebetsa hantle ka sekepele se kahodimo ho 90%.

Sena se fetola mohopolo wa rona wa kamoso wa sewa sa kokwanahloko ya corona.

Ketsahalo ena e tlisa tshepo e ntjha twantshong ya rona ya kokwanahloko ena.

Afrika Borwa e sebedisana le dikhamphane tse ngatanyana tse etsang meriana e le ho fumana ente e bolokehileng e sebetsang hantle bakeng sa batho ba habo rona, ebile e etsa letsoho la monna hore ente eo e fumanehe hohle khontinenteng ena.

Re sebetsa ka Ditsi tsa Afrika tsa Taolo le Thibelo ya Mafu ho fumana le ho kenya tjhelete bakeng sa khontinente ya Afrika.

Ho hakanngwa hore Afrika e tla hloka tjhelete e ka bang $12 bilione le dikepele tse 750 milione tsa ente e sebetsang hantle.

Pejana bekeng ena, boemong ba ka ke le Modulasetulo wa Kopano ya Dinaha tsa Afrika, ke theile Sehlopha sa Tshebetso sa Phumano ya Ente ya Afrika ya COVID-19.

Letona la habo rona la Bophelo bo Botle e tla ba karolo ya sehlopha sena sa tshebetso, hammoho le baahi ba bang ba khontinente ya habo rona ba tswileng matsoho.

Afrika Borwa le yona e thontswe e le modulasetulo wa tlatsetso wa kgato ya lefatshe lohle ya ACT-A e nolofatsang phihlello ho bokenadipakeng ba tshibollo, ho akga le ya diente, bakeng sa dinaha tsohle.

Dinaha di tla tshwanela ho aba ditjhelete ho etsetsa hore diente di fumanehe, e le ho thibela ho ata ho hong ha kokwanahloko ena ya corona.

Ho ananeleng bokgoni ba tlhahiso ya naha ya habo rona, e nngwe ya dikhamaphane tse itlhommeng pele lefatsheng tse etsang meriana, Johnson & Johnson, e se e entse tumellano le khamphane ya kwano lapeng, Aspen Pharmacare, hore e hlahise e be e phuthele ente eo e iketang ka yona.

Aspen e na le bokgoni ba ho hlahisa dikepele tse 300 milione tsa ente ena ya boiketo setsing sa yona se Nelson Mandela Bay. Sena ke sehlahiswa sa moriana wa bongaka se pholosang bophelo se tla hlokeha lefatsheng ka bophara, se tla hlahiswa ke basebetsi ba Afrika Borwa.

Sena se eketsa hodima kgatelopele e seng e entswe ke Biovac, e leng khamphane ya biopharmaceutical e selekaneng le mmuso wa Afrika Borwa.

Biovac e dipuisanong tse seng di hatetse pele le bahlahisi ba ente ba matjhabatjhaba ba tla ba thusa hore ba hlahise ente ya COVID-19 kwano lapeng, e le ho netefatsa hore ho ba le phepelo e lekaneng bakeng sa naha ya habo rona esita le khontinente.

Maafrika Borwa a heso,

Ho tloha qalong ya koduwa ena, haesale re ntse re batla ho pholosa maphelo le ho sireletsa mesebetsi.

Ke kahoo ka Mmesa re ileng ra lelekela pokello e kgolohadi ya kimollo ya moruo le ya kahisano, e le ho kgina ditlamorao tsa sewa sena dikhamphaneng, ho basebetsi, malapeng le setjhabeng.

Bokenadipakeng bona bo ne bo hlokeha hore bo boloke dikgwebo di ntse di sebetsa, bo sireletse mesebetsi bo be bo thibele dimilione tsa batho hore di se ke tsa bolawa ke tlala.

Mothating wa jwale, jwaloka ha moruo wa habo rona o ntse o bula hanyane hanyane le dithibelo tsa metsamao le diketsahalo tse ding di se di nyehlisitswe, re kgonne ho faposa tsepamiso ya rona ya maikutlo ho tloha dikgatong tsena tsa tshohanyetso ho ya morerong wa tjantjello ya rona ya tsosoloso ya moruo.

Ka mekgwa e fapaneng ya bokenadipakeng eo re e etsang ho sebetsana le sewa sa COVID-19, re a phetjha ho tloha kimollong ho ya tsosolosong.

Jwaloka ha moruo o qala ho iphumana, mananeo a mangata a pokellong ya kimollo a ntse a emiswa butle butle.

Re a leka, re ntse re ipapisitse le mehlodi ya rona e fokolang, ho netefatsa hore neeletsano ena e etsahala butle butle.

Re a ananela hore diindasteri tse ding di ntse di sa kgone ho sebetsa ka botlalo, le hore ho tla nka nako e teletsana hore mesebetsi e mengata e kgutlele setlwaeding.

Ke kahoo re ekeditseng Dithuso tsa Ditjhelete tse Kgethehileng tsa COVID-19 ka dikgwedi tse ding tse tharo, ho fihlela ka Pherekgong ya 2021.

Sena se tla fana ka lekeno le hlokehang haholo bathong ba ka bang 6 milione ba sa sebetseng ba bile ba sa fumane dithuso dife kapa dife tsa ditjhelete mmusong.

Kamora ho dula majwana le balekane ba rona kahisanong, Inshorense ya ho Fellwa ke Mesebetsi (UIF) e qetile e atollotse tlhophiso ya melemo ya COVID-19 UIF Ters ka kgwedi e nngwe hape, ho fihlela ka la 15 Mphalane 2020.

Dipuisano di tswelapele le balekane ba rona ba kahisanong mabapi le tshehetso ya dikgwebo tse tebetebeng ha ho ntse ho tswelwa pele, re ntse re hopola ka tlhokeho ya ho netefatsa hore UIF e ba le ditjhelete tse lekaneng tsa ho lebahanya thebe le ho phahama ho lebelletsweng ha ditseko tsa ho fellwa ke mesebetsi.

Tlhophiso ya UIF ya COVID-19 e se e lefile tjhelete e ka etsang R53 bilione ho basebetsi ba kahodimo ho 4.7 milione.

Mehato ena ya kimollo e ne e hlokeha haholo, ho sireletsa bao ba tlokotsing ka ho fetisisa dinakong tsa matshwenyeho a fetisisang, empa le yona e tla tlameha ho fihlella pheletsong.

Pokello ena ya kimollo e radile motheo wa tsosoloso e matla ya moruo, e ntse e kgina ditahlehelo tsa mesebetsi ebile e boloka dikgwebo tse ngata tseo e bang ka mohlomong di ne di tla qobelleha hore di kwale, di ntse di sebetsa.

Jwaloka ha re tshelela mokgahlelong o motjha karabelong ya rona, mokgwa o le mong feela wa ho tswelapele ke tsosoloso ya moruo e potlakileng ebile e le ya nako e telele.

Kahoo, re sebeletsa ho thusa dikarolo tsohle tsa moruo hore di kgutlele tshebetsong e phethahetseng ka potlako le ka polokeho, kahohle kamoo ho ka kgonehang ka teng.

Re hlomathisa melawana ya boemo ba 1 e le ho kgutlisa dihora tse tlwaelehileng tsa thekiso ya jwala mabenkeleng.

Re boela re bulela maeto a matjhaba ho ya dinaheng tsohle, empa ho ntse ho ipapisitswe le ditsamaiso tse hlokehang tsa bophelo bo botle, esita le ho tekwa ha lengolo le bontshang hore motho ha a na COVID-19.

Ka ho sebedisa diteko tsa ka potlako le tekodisiso e matla, re habile ho kgina ho ata ha ditshwaetso tse kenang kahare ho tswa dinaheng tse ding.

Re lebelletse hore mehato ena e tla thusa haholo dikgwebong tse makaleng a bohahlaudi le a kamohelo ya baeti.

Re tsepamisitse maikutlo re sa kgaotse ho kenngweng tshebetsong ha morero wa rona, ho hahamalleng dinthong tse mmalwanyana tse ka sehloohong tse nang le sefutho se matla, esita le ho netefatsa hore tsena re a di phethahatsa.

Lenaneo la rona la meralo ya motheo le tswela pele ho tiya, ka tshehetso e matla ya lekala la poraefete le ditheo tsa ntshetsopele.

Mananeo a mangata a tsheheditsweng ka Dilopotsiya tsa Mesebetsi tsa Moporesidente a se a qadile, athe le ho thaothela a mang ho se ho qadile.

Hara a mang, Lefapha la Thuto ya Motheo le se le butse ho thaotha ha lona bekeng ena bakeng sa bathusi ba matitjhere le ba dikolo, ho tsepamisitswe maikutlo batjheng ba sa sebetseng diprovenseng tsohle.

Bekeng e tlang, re tla be re tshwere Seboka sa rona sa boraro sa Botsetedi Afrika Borwa, e leng sesupo sa bohlokwa sa boleng bo tswelang pele ba naha ya habo rona e le sona sebaka se labalabelwang ke batsetedi ba kwano lapeng le ba bolata.

Re tla tswelapele ho tshehetsa kgatelopele e morerong wa kahobotjha le ntshetsopele, ho akga le ka ho kenngwa tshebetsong ha ditlhabollo tsa sebopeho sa ho faposa motjha wa moruo wa habo rona.

Ka diketso tsa rona jwale, re ka netefatsa hore re dutse re le motjheng wa tsosoloso.

Maafrika Borwa a heso,

Re lahlehetswe ke maphelo a mangata seweng sena.

Ba bangata ba rona re ile ra tlameha ho re tsela tshweu ho bao re ba ratang, metswalle kapa basebetsi mmoho.

Ha re hetla morao selemong sena sa mahlonoko le mahlomola, ho bohlokwa hore re le setjhaba re tlotle re be re hopole bohle ba ileng ba kgathallwa ke dipere tseleng ka lebaka la lefu lena.

Ho tla nepahala hore nakong ya Matsatsi a 16 a Boitseko bo kgahlanong le Ditlhekefetso tsa Basadi le Bana, e leng sewa sa bobedi seo re tobaneng le sona, re bontshe kgopolo ya rona ya bohle ba falletseng ka lebaka la sewa sa COVID-19 esita le ditlhekefetso tse amanang le bong.

Kabinete e qetile ka hore ho tloha ka la 25 ho isa ho la 29 Pudungwana, setjhaba se tshwanela ho kena matsatsing a mahlano a ho ilela mahlatsipa a COVID-19.

Re tla fofisetsa difolakga tsa naha tlase ho pharalla le naha ho tloha ka hora ya botshelela hoseng ho isa horeng ya botshelela mantsiboya, ho tloha ka Laboraro mohla la 25 ho isa ka Sontaha sa la 29 Pudungwana.

Re etsa kgoeletso ho Maafrika Borwa ohle hore a apare thapo e ntsho sephakeng kapa matshwao a mang a ho ila, e le ho bontsha tlhompho ho bao ba seng ba falletse.

Re etsa kgoeletso ho Maafrika Borwa ohle hore a bontshe kutlwelobohloko ya ona mme a etse hona ho hopola banna le basadi ba naha ya habo rona, e le ho ananela mahlonoko ao re abelanang ka ona re le setjhaba, ebile e le tiiso ya boikitlaetso ba rona ba ho hlola lefu lena le ruthuthang hakana.

Maafrika Borwa a heso,

Jwaloka ha ke bua le lona phirimaneng ena, naha e sa tswa amohela ditaba tse bohloko tsa ho hlokahala ha Mohlahlobi e Moholo wa Dibuka tsa Ditjhelete ya neng a theoha setulong, Monghadi Kimi Makwetu.

Nakong ya hae ha e ne e le Mohlahlobi e Moholo wa Dibuka tsa Ditjhelete, Monghadi Makwetu o sebeleditse naha ya habo ka boitelo, ka bokgabane le ka seriti.

Menahano le dithapelo tsa rona di ipapisitse le ba lelapa la hae nakong ena ya mahlonoko.

Re le setjhaba, ha re tsweleng pele ho etsa seo re tsebang hore se tlameha ho etsuwa hore re ipoloke re bolokehile hammoho le ba bang.

Ha re tsweleng pele ho bontsha hore re setjhaba se matla haholo ebile re sebete.

Ha re bontsheng hore re a tsotellana mahlonokong, ho kuleng le lefung.

Ke diketso tsa rona ka bomong nakong ya dibeke le dikgwedi tse mmalwa tse tlang, tse tla tataisa mahlohonolo a setjhaba sa habo rona.

Diketso tseo re tlang ho di latela di otlolohile, empa ha se lefeela la mafeelane.

Di ka pholosa ebile di pholosa maphelo.

Ha re tsweleng pele ho sebetsa mmoho re le lelapa le leholo la Afrika Borwa eo re tlo e tsosa, re e tsosolose re be re e ahe botjha.

A Modimo o hlohonolofatse naha ya habo rona e ntle ya Afrika Borwa, o be o sireletse le setjhaba sa yona.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore